Le se ke la Arola Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho Jokong
“Ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe. Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—MATHEU 19:6.
1, 2. Ke hobane’ng ha ho le tumellanong le Mangolo ebile e le ho utloahalang hore banyalani ba tla ba le mathata ka linako tse ling?
AK’U inahane u le haufi le ho nka leeto le lelelele ka koloi. Na u tla kopana le mathata tseleng? E ka ba booatla ho nahana hore u ke ke ua kopana le ’ona! Ka mohlala, boemo bo bobe ba leholimo bo ka ’na ba etsa hore u khanne butle le hore u be hlokolosi. Neng-neng, koloi e ka ’na ea e-ba le bothata boo u sa khoneng ho bo lokisa, ’me seo se ka etsa hore u eme ka thōko ho tsela u batle thuso. Na maemo aa a lokela ho etsa hore u nahane hore u entse phoso ka ho nka leeto lee ’me joale u lokela ho lahla koloi ea hao kherehloa hona moo? Che. Ha u nka leeto le lelelele, u lebella mathata ’me ka bohlale u batla litsela tsa ho sebetsana le ’ona.
2 Le lenyalo le joalo. Joang kapa joang mathata a tla ba teng, ’me e ka ba booatla hore batho ba babeli ba nahanang ho nyalana ba nke hore bophelo e tla ba bothebelele feela. Ho 1 Bakorinthe 7:28, Bibele e bolela ka ho hlaka hore banna le basali ba ne ba tla ba le “matšoenyeho nameng ea bona.” Ke hobane’ng ha ho le joalo? Karabo e bonolo feela ke hore, banna le basali ha baa phethahala, ebile re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1; Baroma 3:23) Kahoo, esita le banyalani ba utloanang, ba tšabang Molimo, ba tla ba le mathata ka linako tse ling.
3. (a) Batho ba bangata ba lefatše ba talima lenyalo joang? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba loanela ho sireletsa manyalo a bona?
3 Mehleng ena, ha banyalani ba bang ba thulana le mathata, ntho ea pele eo ba e nahanang ke ho qhala lenyalo. Linaheng tse ngata, lipalo tsa batho ba hlalanang li eketseha kamehla. Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ba sebetsa mathata ho e-na le ho a balehela. Hobane’ng? Hobane ba talima lenyalo e le mpho e halalelang e tsoang ho Jehova. Jesu o itse malebana le batho ba nyalaneng: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Matheu 19:6) Ke ’nete hore ha ho bonolo kamehla ho phela tumellanong le molao ona. Ka mohlala, beng ka motho le batho ba bang—ho akarelletsa le baeletsi ba bang ba manyalo—ba sa lumeleng melao-motheo ea Bibele hangata ba khothalletsa banyalani hore ba arohane kapa ba hlalane ka mabaka a sa lumellaneng le Mangolo.a Empa Bakreste baa tseba hore ho molemo haholo ho lokisa lenyalo le ho le sireletsa ho e-na le ho potlakela ho le qhala. Ka sebele, ke habohlokoa hore ho tloha sethathong feela, re ikemisetse ho etsa lintho ka tsela ea Jehova—eseng ho latela keletso ea batho.—Liproverbia 14:12.
Ho Hlōla Mathata
4, 5. (a) Ke mathata afe ao re lokelang ho tobana le ’ona lenyalong? (b) Ke hobane’ng ha melao-motheo e ka Lentsoeng la Molimo e hlile e sebetsa, esita leha ho hlaha mathata lenyalong?
4 ’Nete ke hore, lenyalo le leng le le leng le lokela ho hlokomeloa ka tsela e khethehileng nako le nako. Hangata, sena se akarelletsa ho lokisa liphapang tse sa reng letho. Leha ho le joalo, manyalong a mang, ho ka ’na ha e-ba le mathata a tebileng haholo a sokelang motheo oa lenyalo. Ka linako tse ling, ho ka ’na ha hlokahala hore re kōpe thuso ho moholo oa Mokreste ea nyetseng ea nang le phihlelo. Leha ho le joalo, maemo ana ha a bolele hore lenyalo la lōna le hlōlehile. A mpa a totobatsa feela bohlokoa ba hore le lokela ho khomarela melao-motheo ea Bibele ka hloko ha le batla ho rarolla mathata.
5 Joaloka ’Mōpi oa moloko oa batho le Moqapi oa tokisetso ea lenyalo, Jehova o tseba hamolemo ho feta motho leha e le ofe seo re se hlokang e le hore re be le kamano e atlehileng ea lenyalo. Potso ke hore, Na re tla mamela keletso e ka Lentsoeng la hae le ho e sebelisa? Ka sebele re tla rua molemo haeba re etsa joalo. Jehova o ile a re ho batho ba hae ba boholo-holo: “Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.” (Esaia 48:18) Ho khomarela melao-motheo e boletsoeng ka Bibeleng ho ka atlehisa lenyalo. A re qaleng ka ho hlahloba keletso eo Bibele e e fang banna.
“Le Tsoele Pele le Rata Basali ba Lōna”
6. Banna ba fuoa keletso efe ea Mangolo?
6 Lengolo la moapostola Pauluse le eang ho Baefese le tšoaretse banna likeletso tse hlakileng. Pauluse o ile a ngola a re: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona. Ka tsela ena banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata, kaha ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa, joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho. Leha ho le joalo, hape, e mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata.”—Baefese 5:25, 28, 29, 33.
7. (a) Ke eng eo e lokelang ho ba karolo ea bohlokoa ea motheo oa lenyalo la Bokreste? (b) Banna ba tsoela pele ba rata basali ba bona joang?
7 Pauluse ha a tšohle bothata bo bong le bo bong bo ka ’nang ba hlaha pakeng tsa monna le mosali. Empa o bua ka ntho e ka rarollang mathata a lenyalo ka hore a qolle seo e lokelang ho ba karolo ea bohlokoa ea motheo oa lenyalo le leng le le leng la Bokreste—e leng lerato. Ha e le hantle, litemaneng tse ka holimo ho buuoe ka lerato ka makhetlo a tšeletseng. Hape hlokomela hore Pauluse o re ho banna: “Le tsoele pele le rata basali ba lōna.” Ha ho pelaelo hore Pauluse o ne a hlokomela hore ho bonolo haholo hore batho ba qale ho ratana ho e-na le ho lula ba ntse ba ratana. Sena se etsahala haholo ‘matsatsing ana a ho qetela,’ moo batho ba bangata e leng “baithati” ba bileng “ba sa bulehelang tumellano leha e le efe.” (2 Timothea 3:1-3) Litšobotsi tsena tse sa rateheng li senya manyalo a mangata kajeno, empa monna ea nang le lerato a ke ke a lumella hore mekhoa ea lefatše lena ea boithati e susumetse kelello ea hae le liketso tsa hae.—Baroma 12:2.
U ka Hlokomela Mosali oa Hao Joang?
8, 9. Monna oa Mokreste o hlokomela mosali oa hae ka litsela life?
8 Haeba u monna oa Mokreste, u ka hanela joang mekhoa ea boithati ’me u bontše mosali oa hao lerato la sebele? Mantsoeng a qotsitsoeng pejana ao a ileng a a bolella Baefese, Pauluse o ile a bua ka lintho tse peli tseo u lokelang ho li etsa—ho lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa mosali oa hao, kapa u mo hlokomele, ’me u mo baballe feela joalokaha u baballa ’mele oa hao. U ka hlokomela mosali oa hao joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho mo hlokomela ka lintho tse bonahalang—e leng ho hlokomela mosali oa hao nameng. Pauluse o ile a ngolla Timothea a re: “Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.”—1 Timothea 5:8.
9 Leha ho le joalo, sena ha se bolele feela ho lokisetsa hore ho be le lijo, liaparo le sebaka sa bolulo. Hobane’ng? Hobane monna a ka ipabola tabeng ea ho hlokomela mosali oa hae ka lintho tse bonahalang empa leha ho le joalo a sitoa ho khotsofatsa litlhoko tsa hae tsa maikutlo le tsa moea. Ho mo hlokomela maikutlong le moeeng ke habohlokoa. Ke ’nete hore, banna ba bangata ba Bakreste ba phathahane haholo ka litaba tsa phutheho. Empa ho ba le mesebetsi ea bohlokoa ka phuthehong ha ho bolele hore monna o lokela ho hlokomoloha ho phetha boikarabelo ba hae boo a bo filoeng ke Molimo ba ho ba hlooho ea lelapa. (1 Timothea 3:5, 12) Lilemong tse ’maloa tse fetileng makasine ena e ile ea bua ka taba ena ea re: ‘Tumellanong le se hlokoang ke Bibele, ho ka thoe “bolisa bo qala lapeng.” Haeba moholo a hlokomoloha lelapa la hae, a ka beha ho khethoa ha hae kotsing.’b Ho hlakile hore, ke habohlokoa hore u hlokomele mosali oa hao—’meleng, maikutlong ’me habohlokoa ka ho fetisisa u mo hlokomele moeeng.
Ho Bolela’ng ho Baballa Mosali oa Hao?
10. Monna a ka baballa mosali oa hae joang?
10 Haeba u baballa mosali oa hao, u mo hlokomela hantle hobane ua mo rata. U ka etsa sena ka litsela tse ’maloa. Ea pele, qeta nako e lekaneng u e-na le mosali oa hao. Haeba u hlokomoloha mosali oa hao tabeng ena, lerato la hae le ka ’na la tapa. Hape nahana ka sena, mohlomong mosali oa hao ha a ikutloe joaloka uena mabapi le nako le tlhokomelo tseo u nahanang hore oa li hloka. Hase feela taba ea ho bolela hore u baballa molekane oa hao. Mosali oa hao o lokela ho ikutloa hore ua mo baballa. Pauluse o ile a ngola: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.” (1 Bakorinthe 10:24) Joaloka monna ea lerato, u batla ho tiisa hore u utloisisa litlhoko tsa sebele tsa mosali oa hao.—Bafilipi 2:4.
11. Tsela eo monna a tšoarang mosali oa hae ka eona e ama joang kamano ea hae le Molimo le phutheho?
11 Tsela e ’ngoe eo u ka bontšang hore u baballa mosali oa hao ka eona ke ka ho mo tšoara ka mosa, ha u bua le ha u etsa lintho. (Liproverbia 12:18) Pauluse o ile a ngolla Bakolose a re: “Lōna banna, le ’ne le rate basali ba lōna ’me le se ke la ba halefela ka matla.” (Bakolose 3:19) Ho ea ka buka e ’ngoe, karolo ena ea ho qetela ea mantsoe a Pauluse e ka fetoleloa ka lipolelo tse kang “u se ke ua mo tšoara joaloka mosebeletsi oa lapeng” kapa “u se ke ua mo etsa lekhoba.” Monna oa mohatelli—ebang ke boinotšing kapa phatlalatsa—ka sebele ha a bontše hore o baballa mosali oa hae. Haeba a tšoara mosali oa hae hampe, seo se ka ama kamano ea hae le Molimo. Moapostola Petrose o ile a ngolla banna a re: “Le tsoele pele ho lula le [basali ba lōna] ka mokhoa o tšoanang ho ea ka tsebo, le ba abela tlhompho joaloka sejana se fokolang haholo, se setšehali, kaha le boetse le majalefa le bona a mohau o sa tšoanelang oa bophelo, e le hore lithapelo tsa lōna li se ke tsa sitisoa.”c—1 Petrose 3:7.
12. Monna oa Mokreste a ka ithuta eng ka tsela eo Jesu a neng a tšoara phutheho ea Bokreste ka eona?
12 Le ka mohla u se ke ua nka lerato la mosali oa hao hasesaane. Mo kholise hore u ntse u mo rata. Jesu o ile a behela banna ba Bakreste mohlala ka tsela eo a neng a tšoara phutheho ea Bokreste ka eona. O ne a le bonolo, a le mosa ebile a tšoarela—esita leha ka makhetlo a mangata balateli ba hae ba ne ba bonahatsa mekhoa e sa rateheng. Ke ka lebaka leo Jesu a neng a ka bolella batho ba bang a re: “Tloong ho ’na, . . . kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.” (Matheu 11:28, 29) Monna oa Mokreste o etsisa Jesu haeba a tšoara mosali oa hae ka tsela eo Jesu a neng a tšoara phutheho ka eona. Monna ea baballang mosali oa hae e le kannete, a bontša seo ka mantsoe le ka liketso, ka sebele o tla khatholla mosali oa hae.
Basali ba Phelang ka Melao-motheo ea Bibele
13. Ke melao-motheo efe e ka Bibeleng e ka thusang basali?
13 Bibele e boetse e na le melao-motheo e ka thusang basali. Baefese 5:22-24, 33 e re: “Basali ba ke ba ipehe tlas’a banna ba bona joalokaha ba ipeha tlas’a Morena, hobane monna ke hlooho ea mosali oa hae joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea phutheho, kaha e le mopholosi oa ’mele ona. Ha e le hantle, joalokaha phutheho e ipehile tlas’a Kreste, kahoo basali le bona ba ke ba ipehe tlas’a banna ba bona nthong e ’ngoe le e ’ngoe. . . . Mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.”
14. Ke hobane’ng ha molao-motheo oa Mangolo oa ho ipeha tlaase o sa nyenyefatse basali?
14 Hlokomela kamoo Pauluse a hatisitseng taba ea ho ipeha tlaase le taba ea ho ba le tlhompho kateng. Mosali o hopotsoa ho ipeha tlas’a monna oa hae. Sena se tumellanong le tokisetso ea Molimo. Sebōpuoa se seng le se seng se phelang leholimong le lefatšeng se ka tlas’a taolo ea motho e mong. Esita le Jesu o ipehile ka tlas’a Jehova Molimo. (1 Bakorinthe 11:3) Ho hlakile hore, monna ea sebelisang bohlooho ba hae ka tšoanelo o tla nolofalletsa mosali oa hae hore a lule a ipehile tlas’a hae.
15. Ke keletso efe ea Bibele e fuoang basali?
15 Pauluse o ile a boela a bolela hore mosali “o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.” Mosali oa Mokreste o lokela ho bontša “moea o thōtseng le o bonolo,” ha aa lokela ho phephetsa bolaoli ba monna oa hae ka manganga kapa ho iketsetsa borata. (1 Petrose 3:4) Mosali ea ratang Molimo o sebetsa ka thata molemong oa ba lelapa la hae ebile o hlompha hlooho ea hae. (Tite 2:4, 5) O tla leka ho bua hantle ka monna oa hae ’me kahoo a ke ke a etsa letho le tla etsa hore batho ba bang ba hlompholle monna oa hae. Hape o tla sebetsa ka thata ho atlehisa liqeto tsa monna oa hae.—Liproverbia 14:1.
16. Basali ba Bakreste ba ka ithuta eng mohlaleng oa Sara le oa Rebeka?
16 Ho ba le moea o thōtseng le o bonolo ha ho bolele hore mosali oa Mokreste a ke ke a ntša maikutlo a hae kapa hore maikutlo a hae hase a bohlokoa. Basali ba boholo-holo ba neng ba tšaba Molimo, ba kang Sara le Rebeka, ba ile ba ntša maikutlo a bona ka lintho tse neng li ba ama, ’me tlaleho ea Bibele e bontša hore Jehova o ile a lumellana le seo ba ileng ba se etsa. (Genese 21:8-12; 27:46–28:4) Basali ba Bakreste le bona ba ka ntša maikutlo a bona. Leha ho le joalo, ba lokela ho etsa seo ka mokhoa o bontšang ho nahanela, eseng ka mokhoa o theolang motho e mong seriti. Haeba ba etsa joalo, banna ba bona ba ka thabela ho mamela maikutlo a bona.
Seo Boitlamo bo se Phethang
17, 18. Ke ka litsela life tse ling banna le basali ba ka hanelang boiteko ba Satane ba ho senya lenyalo?
17 Lenyalo ke boitlamo ba bophelo bohle. Ka hona, monna le mosali ba lokela ho ba le takatso ea sebele ea ho atlehisa lenyalo. ,Ho se buisane ka bolokolohi ho ka eketsa mathata le ho a mpefatsa. Hangata, balekane ba lenyalo ba khaotsa ho buisana ha mathata a hlaha, ’me seo se baka tlhonamo. Balekane ba bang ba bile ba batla mokhoa oa ho felisa kamano ea bona, mohlomong ka ho qala ho rata motho eo e seng molekane oa bona. Jesu o ile a lemosa a re: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.”—Matheu 5:28.
18 Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste bohle, ho akarelletsa le ba leng lenyalong a re: “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile, hape le se ke la lumella Diabolose sebaka.” (Baefese 4:26, 27) Sera sa rōna se seholo, e leng Satane, se leka ho sebelisa liphapang tse ka ’nang tsa hlaha pakeng tsa Bakreste. Le se ke la mo lumella hore a atlehe! Ha mathata a hlaha, etsang lipatlisiso ka Bibeleng le sebelisa likhatiso tse thehiloeng Bibeleng ho bona tsela eo Jehova a talimang litaba ka eona. Buisanang ka liphapang tsa lōna ka botšepehi le khobile matšoafo. Etsang hore seo le se buang le seo le se etsang se lumellane le melao ea Jehova. (Jakobo 1:22-25) Le lokela ho ikemisetsa ho tsoela pele le tsamaea le Molimo le le hammoho, ’me le se ke la lumella motho leha e le ofe kapa ntho leha e le efe hore e arole seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong!—Mikea 6:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona lebokose le reng “Tlhalo le Karohano” Tsoheng! ea February 8, 2002, leqepheng la 28, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
c E le hore monna a tšoanelehele litokelo ka phuthehong ea Bokreste, ha aa lokela ho ba motho “ea otlang” kapa ea khahlapetsang ka mantsoe. Kahoo, Molula-Qhooa oa September 1, 1990, o re leqepheng la 25: “Monna . . . ha a tšoanelehe haeba a itšoara ka tsela ea bomolimo ha a le kae-kae empa e le mohatelli lapeng.”—1 Timothea 3:2-5, 12.
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha manyalo a Bakreste le ’ona a e-ba le mathata?
• Monna a ka hlokomela mosali oa hae joang le ho bontša hore oa mo baballa?
• Mosali a ka etsa’ng ho bontša hore o hlompha monna oa hae ka botebo?
• Monna le mosali ba ka matlafatsa boitlamo ba bona joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Monna o lokela ho hlokomela mosali oa hae hantle, eseng feela ka lintho tse bonahalang empa le ka lintho tsa moea
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Monna ea baballang mosali oa hae oa mo khatholla
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Basali ba Bakreste ba ntša maikutlo a bona ka tlhompho