Buka ea Bibele ea 41—Mareka
Mongoli: Mareka
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Roma
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 60–65 C.E.
Nako e Akarelitsoeng: 29–33 C.E.
1. Ke eng se tsejoang ka Mareka le lelapa labo?
HA JESU a ne a tšoaroa Gethsemane ’me baapostola ba baleha, o ile a lateloa ke “mohlankana e mong ea itseng a apere seaparo se setle sa line holim’a ’mele o feela.” Ha letšoele le leka ho mo tšoara le eena, “a siea seaparo sa hae sa line ’me a baleha a le feela.” Ka kakaretso ho lumeloa hore mohlankana enoa ke Mareka. Ho Liketso o hlalosoa e le “Johanne ea reiloeng Mareka” ’me e ka ’na eaba o ne a e-tsoa lelapeng le lutseng hamonate Jerusalema, hobane ba ne ba e-na le ntlo ea bona le bahlanka. ’Mè oa hae, Maria, le eena e ne e le Mokreste, ’me phutheho ea pele e ne e sebelisa lelapa la hae e le sebaka sa liboka. Ka lekhetlo leo a neng a lokolloa ke lengeloi chankaneng, Petrose o ile a ea ntlong ena ’me a fumana baena ba bokane moo.—Mar. 14:51, 52, NW; Lik. 12:12, 13.
2, 3. (a) Ke eng seo ntle ho pelaelo se ileng sa susumelletsa Mareka ho kenela tšebeletso ea boromuoa? (b) O ile a ba le botsoalle bofe le baromuoa ba bang, haholo-holo Petrose le Pauluse?
2 Moromuoa Barnabase, Molevi oa Cypera, e ne e le motsoal’a Mareka. (Lik. 4:36; Ba-Kol. 4:10) Ha Barnabase a tla le Pauluse Jerusalema mabapi le phallelo ea tlala, Mareka o bile a tseba Pauluse. Ho tloaelana hona ka phuthehong le ho tloaelana le basebeletsi ba etang ba chesehang ha ho pelaelo ho ile ha kenya ka ho Mareka takatso ea ho kenela tšebeletso ea boromuoa. Kahoo re mo fumana e le motsoalle le mosebeletsi oa Pauluse le Barnabase leetong la bona la pele la boromuoa. Leha ho le joalo, ka lebaka le leng, Mareka a ba siea Perge, Pamfylia, ’me a khutlela Jerusalema. (Lik. 11:29, 30; 12:25; 13:5, 13) Ka lebaka la sena, Pauluse o ile a hana ho tsamaea le Mareka leetong la bobeli la boromuoa, ’me hona ho ile ha fella ka karohano pakeng tsa Pauluse le Barnabase. Pauluse o ile a nka Silase, ha Barnabase a nka motsoal’ae Mareka ’me ba tšelela Cypera le eena.—Lik. 15:36-41.
3 Mareka o ile a ipaka tšebeletsong ’me ea e-ba thuso ea bohlokoa e seng ho Barnabase feela empa hamorao le ho baapostola Petrose le Pauluse. Mareka o ne a e-na le Pauluse (hoo e ka bang ka 60-61 C.E.) ha a ne a koaletsoe chankaneng ka lekhetlo la pele Roma. (Filemone 1, 24) Joale re fumana Mareka a e-na le Petrose Babylona pakeng tsa lilemo tsa 62 le 64 C.E. (1 Pet. 5:13) Pauluse e boetse ke motšoaruoa Roma hoo e ka bang ka selemo sa 65 C.E., ’me lengolong o kōpa Timothea ho tla le Mareka, a re, “hobane o molemo ho ’na tšebetsong.” (2 Tim. 1:8; 4:11) Lena ke la ho qetela Mareka a boleloa tlalehong ea Bibele.
4-6. (a) Mareka o ile a khona ho fumanela Kosepele ea hae lintlha tse qaqileng ka botebo hakana joang? (b) Ke eng e bontšang botsoalle ba hae bo haufi le Petrose? (c) Fana ka mehlala ea litšobotsi tsa Petrose Kosepeleng ena.
4 Pokello ea Kosepele ena e khutšoanyane ho li feta e nkoa e le ea Mareka. E ne e le mosebetsi-’moho le baapostola ba Jesu le ea ileng a bea bophelo ba hae tšebeletsong ea litaba tse molemo. Empa Mareka e ne e se e mong oa baapostola ba 12, ’me e ne e se motsoalle ea haufi oa Jesu. O ile a fumana litaba tse qaqileng ka botebo hakana hokae tse ileng tsa etsa hore tlaleho ea hae ka tšebeletso ea Jesu e be e phelang ho tloha qalong ho ea qetellong? Ho latela neano ea pele ea Papias, Origen, le Tertullian, mohloli ona e ne e le Petrose, eo Mareka a neng a tloaelane le eena haufi-ufi.a Na Petrose ha a ka a mo bitsa “mora oa ka”? (1 Pet. 5:13) Petrose e ne e le paki e boneng tsohle tseo Mareka a li tlalehileng, kahoo e ka ’na eaba o ithutile ho Petrose lintlha tse ngata tse hlalosang tse haellang Likosepeleng tse ling. Ka mohlala, Mareka o bua ka ba neng ‘ba sebeletsa’ Zebedea, molepera ea rapelang Jesu “a khumama ka mangole,” monna ea kenoeng ke modemona ’me a “itšeha ka majoe,” le ho fana ha Jesu ka boprofeta ba hae ka ‘ho tla ha Mor’a motho ka matla a maholo le khanya’ ha a ne a lutse Thabeng ea Mehloare “mabapa le tempele.”—Mar. 1:20, 40; 5:5, BPN; 13:3, 26.
5 Petrose ka boeena e ne e le monna oa maikutlo a tebileng ’me kahoo o ne a ka ananela le ho hlalosetsa Mareka boikutlo le maikutlo tsa Jesu. Ke ka lebaka leo Mareka khafetsa a tlalehang kamoo Jesu a neng a ikutloa ka teng le kamoo a neng a itšoara ka teng; ka mohlala, hore o ile “A ba ea ka mahlo a halefile, a utloisitsoe bohlōkō,” hoo a ileng “a feheloa,” le hore o ile “a sisimoha moeeng oa hae.” (3:5, BPN; 7:34; 8:12) Ke Mareka ea re bolellang ka maikutlo a Jesu ka ’musi e monyenyane oa morui, a re o ile “a mo rata.” (10:21) ’Me re fumana mofuthu o mo kaakang tlalehong ea hore Jesu ha a ka a emisa ngoana e monyenyane har’a barutuoa ba hae feela empa o bile ‘a mo sika,’ le hore ka lekhetlo le leng ‘o ile a ba sika’!—9:36; 10:13-16.
6 Tse ling tsa litšobotsi tsa Petrose li ka bonoa mokhoeng oa Mareka, e leng o susumetsoang ke maikutlo, o phelang, o matla, o sehlahlo le o hlalosang. Ho bonahala a sitoa ho pheta liketsahalo ka potlako ka ho lekaneng. Ka mohlala, lentsoe “ka pele” le hlaha khafetsa, ho fetisa pale ka mokhoa o hlasimollang.
7. Ke eng e khethollang Kosepele ea Mareka ho ea Mattheu?
7 Le hoja Mareka a ne a ka fumana Kosepele ea Mattheu ’me tlaleho ea hae e na le karolo ea 7 lekholong feela ea se sieo Likosepeleng tse ling, e ne e tla ba phoso ho lumela hore Mareka o mpile a khutsufatsa Kosepele ea Mattheu ’me a eketsa lintlha tse seng kae tse khethehileng. Ha Mattheu a bontšitse Jesu e le Messia ea tšepisitsoeng le Morena, joale Mareka o hlahloba bophelo ba hae ’me o bo hlaha ka lehlakoreng le leng. O bontša Jesu e le Mora oa Molimo ea etsang mehlolo, Mopholosi ea hlōlang. Mareka o hatisa liketso tsa Kreste ho e-na le lithuto tsa hae le mokhoa oa hae oa ho ruta. Ho tlalehiloe feela karolo e fokolang ea lipapiso le e le ’ngoe ea lipuo tsa Jesu tse telele, ’me Thuto ea Thabeng e siiloe. Ke ka lebaka lena Kosepele ea Mareka e leng khutšoanyane, le hoja e ntse e e-na le liketso tse ngata joaloka tse ling. Bonyane ho buuoe ka mehlolo e 19 ka ho toba.
8. Ke litšobotsi life tse bontšang hore Kosepele ea Mareka ka ho totobetseng e ne e ngoletsoe Baroma?
8 Le hoja Mattheu Kosepele ea hae a e ngoletse Bajode, Mareka ho totobetse hore o e ngoletse Baroma ka ho khetheha. Re tseba see joang? Molao oa Moshe o boletsoe feela ha ho tlalehoa moqoqo o buang ka oona, le leloko la Jesu le siiloe. Kosepele ea Kreste e emeloa e le ea bohlokoa bo akaretsang. O hlalosa litloaelo tsa Sejode le lithuto tseo babali bao e seng Bajode e ka ’nang eaba ha baa tloaelana le tsona. (2:18; 7:3, 4; 14:12; 15:42) Lipolelo tsa Searame lia fetoleloa. (3:17; 5:41; 7:11, 34; 14:36; 15:22, 34) O khetholla mabitso a sebaka sa Palestina le bophelo ba limela ka ho li hlalosa. (1:5, 13; 11:13; 13:3) Matla a chelete ea tšepe ea Sejode a boleloa ka chelete ea Roma. (12:42, NW, botlaaseng ba leqephe) O sebelisa mantsoe a Selatine ho feta bangoli ba bang ba Likosepele, mehlala e le speculator (molebeli oa sehlopha sa balebeli ba masole), praetorium (ntlo ea borena ea ’musi), le centurio (molaoli oa sesole).—6:27; 15:16, 39.
9. Buka ea Mareka e ngoletsoe hokae hona neng, ’me ke eng e tiisang bonnete ba eona?
9 Kaha ho totobetse hore Mareka o ne a hlile a ngolla Baroma ka ho khetheha, e ka ’na eaba o ngoletse Roma. Neano ea pele le litaba tse ka hare tsa buka ena li lumella qeto ea hore e bokelletsoe Roma ebang ke nakong ea ho kenngoa chankaneng ha moapostola Pauluse ka lekhetlo la pele kapa la bobeli, ’me ka baka leo ke lilemong tsa 60-65 C.E. Lilemong tseo Mareka o ne a bile Roma bonyane hanngoe, ’me e ka ’na ea e-ba habeli. Litsebi tsohle tse ka sehloohong lekholong la bobeli le la boraro la lilemo li tiisa hore Mareka e ne e le Mongoli. Kosepele ena e ne e se ntse e tsamaisoa har’a Bakreste bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo. Ho hlaha ha eona libukeng tsohle tsa pele tsa Mangolo a Bokreste a Segerike ho tiisa bonnete ba Kosepele ea Mareka.
10. Liqetello tse telele le tse khutšoanyane tsa Mareka li lokela ho nkuoa joang, hona hobane’ng?
10 Leha ho le joalo, liqetello tse telele le tse khutšoanyane tseo ka linako tse ling li eketsoang ka mor’a khaolo ea 16, temana 8, ha lia lokela ho nkuoa e le ’nete. Ha li eo meqolong e mengata ea boholo-holo, e kang ea Sinaitic le Vatican No. 1209. Liithuti tsa lekholong la bone la lilemo Eusebius le Jerome lia lumellana hore tlaleho ea ’nete e qetella ka mantsoe ana “ba ne ba tšohile.” Mohlomong qetello e ’ngoe e ekelitsoe ka pono ea ho latsa ho fella ha Kosepele ena ho etsahalang ka tšohanyetso.
11. (a) Ke eng e pakang hore Kosepele ea Mareka e nepahetse, ’me ho hatisoa matla afe? (b) Ke hobane’ng ha tsee e le “litaba tse molemo,” hona Kosepele ea Mareka e akarelitse linako life?
11 Hore tlaleho ea Mareka e nepahetse ho ka bonoa ho lumellaneng ho felletseng ha Kosepele ea hae e seng feela le Likosepele tse ling empa le Mangolo ’ohle a Halalelang ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo. Ho feta moo, Jesu o bontšoa khafetsa e le ea nang le matla e seng feela ka lentsoe la hae le builoeng empa le holim’a lintho tse matla tsa tlhaho, holim’a Satane le bademona, holim’a ho kula le mafu, e, le holim’a lefu ka bolona. Kahoo Mareka o qala tlhaloso ea hae ka kenyelletso e khahlang: “Qaleho ea litaba tse molemo ka Jesu Kreste.” (NW) Ho tla ha hae le tšebeletso ea hae li ne li bolela “litaba tse molemo,” ’me ka hona ho ithuta Kosepele ea Mareka ho tlameha ho ba molemo ho babali bohle. Liketsahalo tse hlalositsoeng ke Mareka li akaretsa nako ea ho tloha selemo ka 29 C.E. ho ea ho selemo ka 33 C.E.
LITABA TSE KA HARE TSA MAREKA
12. Ke eng se bokellaneng litemaneng tsa pele tse 13 tsa Mareka?
12 Kolobetso le teko tsa Jesu (1:1-13). Mareka o qala litaba tse molemo ka ho tsebahatsa Johanne Mokolobetsi. Ke lenģosa le boletsoeng esale pele, le rometsoeng ho tla phatlalatsa: “Hlekang ’mila oa Morena, le lokise litsela tsa hae.” Ka Ea neng a tla tla haufinyane, mokolobetsi o re, ‘O matla ho mpheta.’ E, o tla kolobetsa, eseng ka metsi, empa ka moea o halalelang. Joale Jesu o tsoa Nazaretha ea Galilea, ’me Johanne oa mo kolobetsa. Moea o theohela holim’a Jesu joaloka leeba, ’me ho utluoa lentsoe le tsoang maholimong: “Ke uena Mora oa ka, ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” (1:3, 7, 11) Jesu o lekoa ke Satane lefeelleng, ’me mangeloi aa mo sebeletsa. Liketsahalo tsena tsohle tse hlollang li bokelletsoe litemaneng tse 13 tse qalang tsa Mareka.
13. Ke ka litsela life Jesu a bontšang esale pele matla a hae e le “Mohalaleli oa Molimo”?
13 Jesu o qala tšebeletso Galilea (1:14–6:6). Ka mor’a hore Johanne a tšoaroe, Jesu o tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa Molimo Galilea. O na le molaetsa o tsietsang hakaakang! “’Muso oa Molimo o atametse; bakang, ’me le lumele Evangeli [“litaba tse molemo,” NW].” (1:15) O bitsa Simone le Andrease le Jakobo le Johanne matlooeng a bona a ho tšoasa litlhapi hore e be barutuoa ba hae. Ka Sabbatha o qala ho ruta synagogeng Kapernauma. Batho ba maketse, hobane o ruta “joale ka motho ea nang le borena, e seng joale ka bangoli.” O bontša matla a hae e le “Mohalaleli oa Molimo” ka ho ntša moea o litšila ho motho ea neng a e-na le oona le ka ho folisa mohoehali oa Simone, ea neng a kula a tšoeroe ke feberu. Litaba tsena tsa nama joaloka mollo o hlaha, ’me ka nako ea bosiu ke ha “motse kaofela” o bokane ka ntle ho ntlo ea Simone. Jesu o phekola ba bangata ba kulang le ho leleka bademona ba bangata.—1:22, 24, 33.
14. Jesu o fana ka bopaki ba hore o na le matla a ho tšoarela libe joang?
14 Jesu o phatlalatsa thōmo ea hae: “Hore ke tle ke bolele.” (1:38, NW) O bolela Galilea eohle. Hohle moo a eang, o leleka bademona ’me o folisa ba kulang, ho akarelletsa molepera le ea omeletseng litho ea reng ho eena: “U tšoaretsoe libe tsa hao.” Ba bang ba bangoli ba re lipelong tsa bona, ‘Hona ke ho nyefola, ke mang ea ka tšoarelang motho libe, ha e se Molimo o ’notši?’ Ha a lemoha mehopolo ea bona, Jesu o paka hore “Mor’a motho o na le matla . . . a ho tšoarela batho libe” ka ho bolella ea omeletseng litho hore a eme le hore a ee hae. Batho ba rorisa Molimo. Ha ’mokelli oa lekhetho Levi (Mattheu) e e-ba molateli oa hae, Jesu o bolella bangoli: “Ha kea tla ho bitsa ba lokileng, empa e le baetsalibe.” O ipontša e le “morena le oa sabbatha.”—2:5, 7, 10, 17, 28.
15. Jesu o phatlalatsa eng ka ba hanang mehlolo ea hae, ’me o re’ng ka litlamo tsa lelapa?
15 Joale Jesu o bōpa sehlopha sa baapostola ba 12. Beng ka eena ba bontša khanyetso e itseng, ’me joale bangoli ba bang ba tsoang Jerusalema ba mo qosa ka hore o leleka bademona ka ’musi oa bademona. Jesu oa ba botsa, “Satane a ka leleka Satane joang?” ’me oa ba lemosa: “Ea nyefolang Moea o Halalelang, a ke ke a tšoareloa le ka mohla o le mong, empa o tla ba le molato oa sebe se sa feleng.” Nakong ea puisano ena, ’mè oa hae le banab’abo baa kena ba ntse ba mo batla, ’me Jesu o susumelletseha ho phatlalatsa: “Ea etsang thato ea Molimo, ke eena e leng ngoan’eso le khaitseli ea ka le ’mè.”—3:23, 29, 35.
16. Ka lipapiso, Jesu o ruta eng ka “’muso oa Molimo”?
16 Jesu o qala ho ruta “sephiri sa ’muso oa Molimo” ka lipapiso. O bua ka monna ea jalang peō e oelang mefuteng e sa tšoaneng ea mebu (ho bontša mefuta e sa tšoaneng ea bautloi ba lentsoe) le ka lebone le khanyang kandelareng ea lona. Papisong e ’ngoe, Jesu o bolela hore ’Muso oa Molimo o joaloka motho ea jalang peō fatše: “Lefatše le imelisetsa lijo ka ho etsa ha lona; pele ke lekhaba; hamorao ke qoapi, hamorao ke lihlaku tse butsoitseng qoaping.” (4:11, 28) O boetse o fana ka papiso ea tlhaku ea mosetareda, eo, le hoja e le nyenyane ho feta lipeō tsohle, e hōlang haholo ka makala a maholo bakeng sa moriti.
17. Mehlolo ea Jesu e bontša ho pharalla ha matla a hae joang?
17 Ha ba tšela Leoatle la Galilea, Jesu ka mohlolo o khutsisa sefefo, ’me leoatle le befileng le khutsa ka taelo ea hae: “Khutsa, u re tu!” (4:39) Naheng ea Bagerasene, Jesu o leleka “legione” la bademona ho monna e mong ’me o ba lumella ho kena mohlapeng oa likolobe tse ka bang 2 000, tseo le tsona li mathelang selomong ’me li qoela leoatleng. (5:8-13) Ka mor’a sena, Jesu o tšelela ka mose oane. Ho folisoa mosali e mong ea nang le phallo ea mali, ea neng a sa phekolehe ka lilemo tse 12, ka ho thetsa feela seaparo sa Jesu se ka holimo, ha a le tseleng ea ho ea tsosetsa morali ea lilemo li 12 oa Jairuse bophelong. Ka sebele, Mor’a motho o na le matla holim’a bophelo le lefu! Leha ho le joalo, batho ba hahabo Jesu ba hanyetsa matla a hae. O makalla ho haelloa ke tumelo ha bona empa o tsoela pele ho “chalaka le metsana e kathōko, a ntse a ruta.”—6:6.
18. (a) Tšebeletso ea Jesu e atolosoa joang? (b) Ke eng e susumelletsang Jesu ho ruta le ho etsa mehlolo?
18 Tšebeletso ea Galilea ea atolosoa (6:7–9:50). Ba 12 ba rongoa ka bobeli ka bobeli ka litaelo le matla a ho bolela le ho ruta, ho folisa batho le ho leleka bademona. Lebitso la Jesu le fetoha le tsebahalang haholo, ba bang ba nahana hore ke Johanne Mokolobetsi ea tsositsoeng bafung. Monyetla ona o tšoenya Heroda, eo nakong ea moketjana oa hae oa letsatsi la tsoalo Johanne a ileng a khaoloa hlooho. Baapostola ba khutla leetong la bona la boboleli ’me ba tlalehela Jesu tšebetso ea bona. Bongata bo boholo ba batho bo latela Jesu ho pota Galilea, “’me a ba utloela bohloko, hobane ba ne ba le joale ka linku tse se nang molisa.” Kahoo o qala ho ba ruta lintho tse ngata. (6:34) Ka lerato o boetse o fana le ka lijo tsa nama, a fepa banna ba 5 000 ka lilofo tse hlano tsa bohobe le litlhapi tse peli. Hang ka mor’a moo, ha barutuoa ba le sekepaneng sa bona ba loana le sefefo ha ba le tseleng e eang Bethsaida, o tla ho bona a tsamaea holim’a leoatle ’me o khutsisa moea. Hase feela le barutuoa ba hae ba ileng ba “hlolloa”!—6:51.
19, 20. (a) Jesu o fana ka khalemelo ho bangoli le Bafarisi joang? (b) Ke maemo afe a lebisang ho hore Petrose le eena a khalemeloe?
19 Seterekeng sa Genezarethe, Jesu o bua le bangoli le Bafarisi ba tsoang Jerusalema ka ho ja ka matsoho a sa hatlelang, ’me o ba khalemella ho ‘tlohela molao oa Molimo, ’me ba boloka mekhoa ea batho.’ O re hase se kenang se tsoa ka ntle se silafatsang motho, empa ke se tsoang ka hare, pelong, e leng, “mehopolo e mebe.” (7:8, 21) Ha a ea ka leboea libakeng tsa Tyre le Sidone, o etsetsa Molichaba mohlolo, a leleka modemona ho morali oa mosali oa Syro-Fenice.
20 Morao Galilea, Jesu o boetse o utloela letšoele le mo latetseng bohloko ’me o fepa banna ba 4 000 ka lilofo tse supileng le litlhapi tse fokolang. O lemosa barutuoa ba hae ka tomoso ea Bafarisi le tomoso ea Heroda, empa ka nako eo ba hlōlela ho utloisisa. Joale, mohlolo o mong—ho phekoloa ha monna ea foufetseng oa Bethsaida. Puisanong tseleng e eang metseng e Cesarea Filippi, Petrose ka ho kholiseha o tsebahatsa Jesu e le “Kreste” empa joale o hanyetsa ka matla ha Jesu a bua ka ho utloa bohloko ho atamelang le lefu tsa Mor’a motho. Jesu o mo khalemella sena: “Tloha ho ’na, Satane, hobane ha u utloe tsa Molimo, u utloa tsa batho feela.” (8:29, 33) Jesu o khothalletsa barutuoa ba hae hore ba mo latele ba sa phetse ka lebaka la litaba tse molemo; haeba ba mo hlabeloa ke lihlong, o tla ba hlabeloa ke lihlong ha a fihla khanyeng ea Ntate oa hae.
21. (a) Ke bo-mang ba bonang “’muso oa Molimo o e-tla ka matla,” hona joang? (b) Jesu o hatisa ho bea ’Muso pele joang?
21 Matsatsi a tšeletseng hamorao, ha a le holimo thabeng e phahameng, Petrose, Jakobo, le Johanne ba fuoa monyetla oa ho bona “’muso oa Molimo o e-tla ka matla” ha ba bona Jesu a fetoha ka khanya. (9:1) Jesu o boetse o bontša matla a hae ka ho leleka moea o semumu ho moshemane e mong, ’me ka lekhetlo la bobeli o bua ka ho tla ha mahlomola a hae le lefu. O eletsa barutuoa ba hae hore ba se ke ba lumella letho ho ba thibela ho kena bophelong. Na letsoho la hao lea u kholokhothehisa? Le pome! Leoto la hao? Le pome! Leihlo la hao? Le honye! Ho molemo haholo ho kena ’Musong oa Molimo u holofetse ho e-na le ho liheloa Gehenna o feletse.
22. Ke keletso efe e totobatsang tšebeletso ea Jesu Perea?
22 Tšebeletso Perea (10:1-52). Jesu o tla meeling ea Judea le ka “mose ho Jordane” (ho kenella Perea). Joale Bafarisi ba mo botsa ka tlhalo, ’me o sebelisa monyetla ona ho bolela melao-motheo ea bomolimo ka lenyalo. Mohlankana ea ruileng o mo botsa ka ho ja bophelo bo sa feleng lefa empa oa soaba ha a utloa hore ho ba le letlotlo leholimong, o tlameha ho rekisa maruo a hae ’me e be molateli oa Jesu. Jesu o bolella barutuoa ba hae: “Ho ka ba bonolo ha kamele e feta ka lesoba la lemao, ho e-na le hore morui a kene ’musong oa Molimo.” O khothatsa ba lahlileng tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, a ba tšepisa ho “neoa halekholo, joale . . . lihloriso; ’me mehleng e tla tla, [b]a neoe bophelo bo sa feleng.”—10:1, 25, 30.
23. Ho hlaha moqoqo ofe le mohlolo ofe tseleng e eang Jerusalema?
23 Jesu le bana ba 12 joale ba kena tseleng e eang Jerusalema. Jesu o ba bolella lekhetlo la boraro ka ho utloa bohloko ho ka pel’a hae le ka tsoho ea hae. O ba botsa hore na ba ka noela senoelong se le seng le seo a se noang, ’me oa ba bolella: “Ea ratang ho ba oa pele har’a lōna e tla ba mofo oa bohle.” Ha ba e-tsoa Jeriko, mokōpi ea foufetseng o hoeletsa a le pel’a tsela: “Oho, mor’a Davida, Jesu, nkutloele bohloko!” Jesu o etsa hore monna ea foufetseng a bone—pholiso ea hae ea ho qetela ea mohlolo joalokaha e tlalehiloe ke Mareka.—10:44, 47, 48.
24, 25. (a) Ke ka liketso life Jesu a pakang matla a hae? (b) O arabela bahanyetsi ba hae ka likhang life? (c) Jesu o lemosa letšoele leo ka eng, ’me o babatsa eng ho barutuoa ba hae?
24 Jesu ka hare le ho pota Jerusalema (11:1–15:47). Tlaleho e tsamaea ka potlako! Jesu o kena motseng a palame petsana, ’me batho ba mo bolela e le Morena. Letsatsi le hlahlamang o hloekisa tempele. Baprista ba baholo le bangoli baa mo tšaba ’me ba batla ho ’molaea. Baa botsa: “Ntho tseo u li etsa ka matla afe na?” (11:28) Ka bohlale Jesu o khutlisetsa potso ho bona ’me o pheta papiso ea balemi ba ileng ba bolaea mojalefa oa tšimo ea morara. Ba bona moo taba e leng teng ’me baa mo tlohela.
25 Ba boetse ba romela Bafarisi ba bang ho ea mo tšoara ka taba ea lekhetho. Ha a kōpa denare, oa botsa: “Setšoantšo sena ke sa mang, le lengolo lena ke la mang?” Ba arabela: “Ke la Cesare.” Joale Jesu o re: “Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare, ’me le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” Hase feela ba mo makallang! (12:16, 17) Joale Basadduci, ba sa lumeleng tsoho, ba leka ho mo tšoara ka potso ena: ‘Haeba mosali a bile le banna ba supileng ka ho latellana, e tla ba mosali oa mang tsohong?’ Jesu a potlakela ho arabela hore ba tsohang bafung ba tla ba “joale ka mangeloi maholimong,” hobane ba ke ke ba nyala. (12:19-23, 25) E mong oa bangoli oa botsa: “Molao oa pele ho melao eohle ke ofe na?” Jesu oa arabela: “Molao oa pele ho melao eohle ke o reng: Utloa, Iseraele; Morena, Molimo oa rōna, ke Morena a ’notši, ’me u rate Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea [“sephefumolohi,” NW] oa hao oohle, le ka khopolo ea hao eohle, le ka matla a hao ’ohle; ke oona molao oa pele. ’Me oa bobeli o tšoanang le oona ke o reng: Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (12:28-31) Ka mor’a moo, ha ho ea bileng le sebete sa ho mo botsa. Matla a Jesu e le tichere e phethahetseng aa phahamisoa. Bongata bo boholo bo mamela ka thabo, ’me Jesu o ba lemosa ka bangoli ba ikhohomosang. Joale o babatsa ho barutuoa ba hae mohlolohali ea futsanehileng ea kentseng ho hongata ka letloleng la tempele ho feta ba bang bohle, hobane licheletana tsa hae tse peli e ne e le “hohle hoo a neng a phela ka hona.”—12:44.
26. Ke puo efe feela e telele e tlalehiloeng ke Mareka, ’me e fella ka keletso efe?
26 A lutse Thabeng ea Mehloare a shebile tempele, Jesu o bolella ba bane ba barutuoa ba hae ka moo ba leng bang ka “pontšo” ea qetello ea lintho tsena. (Ena ke eona puo feela e telele e tlalehiloeng ke Mareka, ’me e tšoana le ea Mattheu khaolo 24 le 25.) E qetella ka keletso ea Jesu: “Empa ha e le bakeng sa letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a leholimong, leha e le Mora, ha e se Ntate feela. Seo ke le bolellang sona, ke se bolella bohle: Lebelang!”—13:4, 32, 37.
27. Hlalosa liketsahalo tse lebisitseng ho ekoeng ha Jesu Gethsemane.
27 Haufi le moo Bethania mosali e mong o tlotsa Jesu ka oli e theko e boima e nkhang hamonate. Ba bang ba belaela ka hore hona ke tšenyo, empa Jesu o re ke ketso e molemo, e lokisetsang lepato la hae. Ka nako e beiloeng, Jesu le ba 12 ba bokana motseng bakeng sa Paseka. O tsebahatsa moeki oa hae le ho thea sejo sa mantsiboea sa sehopotso le barutuoa ba hae ba tšepahalang, ’me baa tloha ho ea Thabeng ea Mehloare. Ha ba le tseleng Jesu o ba bolella hore ba tla khoptjoa kaofela. Petrose o re, “Ha e le ’na, che!” Empa Jesu o re ho eena: “Uena, kajeno, ka bona bosiu bona, mokōkō ha o e-so ho lle habeli, u tla be u se u ntatotse hararo.” Ha ba fihla sebakeng se bitsoang Gethsemane, Jesu o ea ho ea rapela, a kōpa barutuoa ba hae ho lebela. Thapelo ea hae e fihla tlhōrōng ka mantsoe ana: “Abba, Ntate! tsohle u ka li etsa; tlosa senoelo sena pel’a ka; empa, ho se ke ha etsoa seo ’na ke se ratang, ho etsoe seo uena u se ratang.” Jesu o khutlela ho barutuoa ba hae ka makhetlo a mararo, ’me o ba fumana ba robetse ka makhetlo ao a mararo, esita “le ka nako e kang ee”! (14:29, 30, 36, 41, NW) Empa hora e ne e fihlile! Bonang!—moeki!
28. Ke maemo afe a ho tšoaroa le ho hlaha ha Jesu ka pel’a moprista e moholo?
28 Judase o atamela haufi ’me o aka Jesu. Ena ke pontšo ho banna ba hlometseng ba baprista ba baholo hore ba mo tšoare. Ba mo tlisa lekhotleng la moprista e moholo, moo ba bangata ba beang bopaki ba bohata khahlanong le eena, empa bopaki ba bona ha bo lumellane. Jesu ka boeena oa khutsa. Qetellong, moprista e moholo oa mo botsa: “Na ke uena Kreste, Mora oa Molimo o bokoang na?” Jesu oa arabela, “Ke eena.” Moprista e moholo oa hoeletsa, ‘Nyefolo!’ ’me kaofela ba mo nyatsa e le ea tšoaneloang ke lefu. (14:61-64) Lebaleng la lekhotla ka tlaase, Petrose o latola Jesu ka makhetlo a mararo. Mokōkō o lla lekhetlo la bobeli, ’me Petrose, a hopola mantsoe a Jesu, a tepella ’me a lla.
29. Mareka o tlaleha eng ka teko ea ho qetela le ho bolaoa ha Jesu, ’Muso o bontšoa joang hore o tsekong?
29 Kapele-pele ka meso Sanhedrin ea lula ’me e romela Jesu a tlamiloe ho Pilato. Ka potlako o hlokomela hore Jesu hase sekebekoa ’me o leka ho mo lokolla. Leha ho le joalo, ka ho tsitlalla ha mahoo-hoo a hlohlelletsoang ke baprista ba baholo, qetellong o nehelana ka Jesu hore a khokhotheloe. Jesu o tlisoa Golgotha (le bolelang, “Sebaka sa Lehata”) ’me oa khokhotheloa, qoso e ngotsoe holim’a hae: “Morena oa ba-Jode.” Ba fetang ka tsela ba mo nyelisa: “O pholositse ba bang, eena o sitoa ho ipholosa.” Motšehare o moholo (hora ea botšelela) lefifi le aparela naha eohle ho fihlela ka hora ea boraro. Joale Jesu o hoeletsa ka lentsoe le phahameng, “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng na?” eaba oa shoa. Ha a bona lintho tsena, molaoli oa sesole a re: “Motho enoa e ne e le Mora oa Molimo ruri.” Josefa oa Arimathea, e mong oa Sanhedrin empa a lumela ’Musong oa Molimo, o kōpa setopo sa Jesu ho Pilato ’me o se bea lebitleng le fatiloeng lefikeng.—15:22, 26, 31, 34, 39.
30. Ka letsatsi la pele la beke, ho etsahala eng lebitleng?
30 Liketsahalo tsa ka mor’a lefu la Jesu (16:1-8). Hoseng haholo ha letsatsi la pele la beke, basali ba bararo ba ea lebitleng. Ho makaleng ha bona ba fumana lejoe le leholo le monyakong le tlositsoe. “Mohlankana” ea lutseng ka hare o ba bolella hore Jesu o tsositsoe. (16:5) Ha a sa le eo moo empa o ba etella pele ho ea Galilea. Ba baleha lebitleng, ba thothomela ’me ba tšohile.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
31. (a) Mareka o paka joang hore Jesu ke Messia? (b) Ke eng e pakang matla a Jesu e le Mora oa Molimo, hona o ile a hatisa eng?
31 Ka mokhoa ona o hlakileng o ngotsoeng ka Jesu Kreste, babali bohle ba Mareka, ho tloha mehleng ea Bakreste ba pele ho fihlela joale, ba ’nile ba khona ho khetholla ho phethahala ha boprofeta bo bongata ba Mangolo a Seheberu mabapi le Messia. Ho tloha mantsoeng a ho qala a qotsitsoeng, “Bona, ke roma lenģosa la ka pel’a sefahleho sa hao,” ho isa mantsoeng a bohloko a Jesu thupeng, “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?” tlaleho e felletseng ea tšebeletso ea hae e chesehang, joalokaha e tlalehiloe ke Mareka, e tumellanong le seo Mangolo a Seheberu a se boletseng esale pele. (Mar. 1:2; 15:34; Mal. 3:1; Pes. 22:1) Ho feta moo, mehlolo le mesebetsi e hlollang ea hae, thuto ea hae e phelisang, ho nyatsa lintho ha hae ho se nang phoso, ho itšetleha ha hae ka ho felletseng ka Lentsoe le moea oa Jehova, le ho lisa ha hae linku ka bonolo—lintho tsena kaofela li mo tšoaea e le Ea tlileng ka matla e le Mora oa Molimo. O rutile “joaloka ea nang le matla,” matla a amohetsoeng ho Jehova, ’me a hatisa “ho bolela litaba tse molemo tsa Molimo,” e leng hore, “’muso oa Molimo o atametse,” e le mosebetsi oa hae o ka sehloohong mona lefatšeng. Thuto ea hae e ipakile e le e molemo ka ho ke keng ha lekanngoa ho bohle ba e etseng hloko.—Mar. 1:22, 14, 15, NW.
32. Mareka o sebelisa polelo “’muso oa Molimo” ka makhetlo a makae, hona e meng ea melao-motheo e tataisang eo a e beileng bakeng sa ho fumana bophelo ka ’Muso ke efe?
32 Jesu o itse ho barutuoa ba hae: “Lōna le neiloe ho tseba sephiri sa ’muso oa Molimo.” Mareka o sebelisa polelo ena “’muso oa Molimo” ka makhetlo a 14 ’me o bea melao-motheo e mengata e tataisang bakeng sa ba tla fumana bophelo ka ’Muso. Jesu o boletse: “Ea timelloang ke bophelo ba hae, ka baka la ka le la Evangeli, o tla bo boloka.” Tšitiso e ’ngoe le e ’ngoe ea ho fumana bophelo e tlameha ho tlosoa: “Ho ka bang molemo ho uena ke ha u kena ’musong oa Molimo u le moihloe, e seng ho lahleloa mollong oa lihele u e-na le mahlo a mabeli.” Jesu o tsoela pele ho phatlalatsa: “E mong le e mong ea sa amoheleng ’muso oa Molimo joale ka ngoana, a ke ke a kena teng,” hape, “Ho ea ba thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena ’musong oa Molimo!” O boletse hore ea lemohang hore ho boloka litaelo tse khōlō tse peli ho bohlokoa ho feta linyehelo tsohle tse chesitsoeng le mahlabelo ha a “hole le ’muso oa Molimo.” Lithuto tsena le tse ling tsa ’Muso tsa Kosepele ea Mareka li na le keletso e ngata e ntle eo re ka e sebelisang bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi.—4:11; 8:35; 9:43-48; 10:13-15, 23-25; 12:28-34.
33. (a) Re ka rua molemo joang Kosepeleng ea Mareka? (b) Mareka o lokela ho re khothalletsa tsela efe, hona hobane’ng?
33 Litaba tse molemo “ho latela Mareka” mohlomong li ka baloa kaofela ka hora kapa tse peli, li fa ’mali tlhahlobo e hlollang, e potlakileng le e matla ea tšebeletso ea Jesu. ’Malo o joalo o tobileng oa tlaleho ena e bululetsoeng, hammoho le ho ithuta eona haufi-ufi le ho nahanisisa ka eona, ka mehla ho tla ipaka ho le molemo. Kosepele ea Mareka e molemo ho Bakreste ba hlorisoang kajeno ka tsela e tšoanang le ea lekholong la pele la lilemo, hobane Bakreste hona joale ba tobane le “mehla e thata ho sebetsana le eona” ’me ba hloka tataiso e joalo e bululetsoeng joalokaha e fumanoa tlalehong ena mabapi le Mohlala oa rōna, Jesu Kreste. E bale, hlasimolloa ke letoto la liketsahalo tse susumetsang tsa eona, ’me u fumane khothatso ea ho latela mehato ea Lenģosa le Leholo le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu, ea nang le thabo e tšoanang e ke keng ea hlōloa eo a e bontšitseng. (2 Tim. 3:1; Ba-Heb. 12:2) E, ’mone e le motho oa ketso, tlala cheseho ea hae, ’me u etsise botšepehi ba hae bo sa sekisetseng le sebete har’a teko le khanyetso. Fumana matšeliso karolong ena e nonneng ea Mangolo a bululetsoeng. A e ke e u tsoele molemo ha u ntse u phehella bophelo bo sa feleng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 337.