-
Mamello—E Bohlokoa Bakeng sa BakresteMolula-Qhooa—1993 | September 15
-
-
Mamello—E Bohlokoa Bakeng sa Bakreste
“Ekeletsang tumelong ea lōna . . . mamello.”—2 PETROSE 1:5, 6, NW.
1, 2. Ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re tlameha ho mamella ho fihlela qetellong?
MOLEBELI ea tsamaeang le mosali oa hae ba ne ba etetse Mokreste-’moho ea leng lilemong tsa bo-90. O ne a qetile lilemo tse mashome a le tšebeletsong ea nako e tletseng. Ha ba ntse ba buisana, moena ea hōlileng o ile a hopola tse ling tsa litokelo tseo a ileng a li thabela ha lilemo li ntse li feta. “Empa,” o ile a utloa bohloko ’me meokho ea qala ho keleketla marameng, “hona joale ha ke sa khona ho etsa letho.” Molebeli ea tsamaeang o ile a phetla Bibele ea hae ’me a bala Mattheu 24:13, moo ho qotsitsoeng Jesu Kreste a re: “Ea tiisetsang [“mamellang,” NW] ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.” Joale molebeli o ile a sheba moena enoa ea ratehang ’me a re: “Kabelo ea ho qetela eo kaofela re nang le eona, ho sa tsotellehe hore na re ka khona ho etsa haholo kapa hanyenyane, ke ho mamella ho fihlela qetellong.”
2 E, kaofela joalokaha re le Bakreste re tlameha ho mamella ho fihlela bofelong ba tsamaiso ena ea lintho kapa ho fihlela qetellong ea bophelo ba rōna. Ha ho tsela e ’ngoe eo re ka fumanang kamohelo ea Jehova bakeng sa polokeho. Re peisong ea bophelo, ’me re tlameha ho “matha ka mamello” ho fihlela re tsoile khoeleng. (Ba-Heberu 12:1, NW) Moapostola Petrose o ile a hatella bohlokoa ba tšoaneleho ena ha a khothaletsa Bakreste-’moho: “Ekeletsang tumelong ea lōna . . . mamello.” (2 Petrose 1:5, 6, NW) Empa ha e le hantle mamello ke eng?
Mamello—Seo e se Bolelang
3, 4. Ho mamella ho bolela eng?
3 Ho mamella ho bolela’ng? Leetsi la Segerike bakeng sa “mamella” (hy·po·meʹno) ha e le hantle le bolela ho “lula kapa ho ba tlas’a.” Le hlaha ka makhetlo a 17 ka Bibeleng. Ho latela bahlophisi ba buka e hlalosang mantsoe W. Bauer, F. W. Gingrich, le F. Danker, le bolela ho “lula ho e-na le ho baleha . . . , ho se inehele, ho phehella.” Lereho la Segerike bakeng sa “mamello” (hy·po·mo·neʹ) le hlaha ka makhetlo a fetang 30. Mabapi le lona, A New Testament Wordbook, ka William Barclay, e re: “Ke moea oa ho tiisetsa lintho, eseng ka ho inehela, empa ka tšepo e tukang . . . Ke tšoaneleho e etsang hore motho a eme a shebisitse sefahleho ka moeeng. Ke tšobotsi e ka fetolang teko e thata ka ho fetisisa khanya hobane ka nģane ho bohloko e bona pakane.”
4 Ka hona, mamello e etsa hore re se inehele le ho se felloe ke tšepo ha re tobane le litšitiso kapa mathata. (Ba-Roma 5:3-5) E sheba ka nģane ho bohloko ba hona joale ’me e talima pakaneng—moputsong, kapa mphong, ea bophelo bo sa feleng, ebang ke leholimong kapa lefatšeng.—Jakobo 1:12.
Mamello—Hobane’ng?
5. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste bohle “ho hlokahala hore ba be le mamello”? (b) Liteko tsa rōna li ka aroloa ka lihlopha life tse peli?
5 Joalokaha re le Bakreste, kaofela ha rōna re “hloka ho ba le mamello.” (Ba-Heberu 10:36, NW) Hobane’ng? Lebaka la sehlooho ke hore re “teana le liteko tse sa tšoaneng.” Taba e ngotsoeng ea Segerike mona ho Jakobo 1:2 e bua ka ho tobana le boemo bo sa lebelloang kapa bo sa rateheng, joalokaha motho a tobana le lesholu. (Bapisa le Luka 10:30.) Re tobana le liteko tse ka aroloang lihlopha tse peli: tse tloaelehileng ho batho ka lebaka la sebe se futsitsoeng, le tse bakoang ke boinehelo ba rōna ba bomolimo. (1 Ba-Korinthe 10:13; 2 Timothea 3:12, NW) Tse ling tsa liteko tsee ke life?
6. Paki e ’ngoe e ile ea mamella joang ha e tobane le ho kula ho bohloko?
6 Ho kula ho tebileng. Joaloka Timothea, Bakreste ba bang ba tlameha ho mamella “maemo a ho kula khafetsa.” (1 Timothea 5:23, NW) Haholo-holo haeba re tobane le lefu le sa foleng, mohlomong e le le bohloko haholo, ho hlokahala hore re mamelle, re se inehele, ka thuso ea Molimo ’me re se felloe ke tšepo ea rōna ea Bokreste. Nahana ka mohlala oa Paki e ’ngoe e lilemong tsa eona tse qalang 50 e ileng ea hoehla ntoeng e thata, e telele khahlanong le hlahala e hōlang ka potlako e bolaeang. O ile a buuoa habeli ’me a lula a tiile qetong ea hae ea ho se amohele tšelo ea mali. (Liketso 15:28, 29) Empa hlahala e ile ea boela ea ba teng ka mpeng ’me ea tsoela pele ho hōla pel’a lesapo la mokokotlo. Ha e ntse e hōla joalo, o ne a utloa bohloko boo ho seng moriana o neng o ka bo kokobetsa. Leha ho le joalo, o ile a talima ka nģane ho bohloko moputsong oa bophelo lefatšeng le lecha. O ile a tsoela pele ho kopanela tšepo ea hae e tukang le lingaka, baoki, le baeti. O ile a mamella ho fihlela qetellong—qetellong ea bophelo ba hae. E ka ’na eaba ha u na tšokelo e joalo ea bophelo kapa ha u na bohloko bo joaloka bo neng bo utluoa ke moena enoa ea ratehang, empa bophelo ba hao bo ka ’na ba baka teko e khōlō ea mamello.
7. Bakeng sa baena ba bang ba rōna le bo-khaitseli ba moea mamello e ama bohloko ba mofuta ofe?
7 Bohloko ba maikutlo. Nako le nako, ba bang ho batho ba Jehova ba tobana le “bohloko ba pelo” bo fellang ka ‘moea o khathetseng.’ (Liproverbia 15:13) Ho tepella maikutlo ho sekhahla ho tloaelehile mehleng ena ea “linako tse bohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1, NW) Science News ea December 5, 1992, e ile ea tlaleha: “Manane a ho tepella maikutlo ho sekhahla, hangata e le ho qetang matla a eketseha molokong o mong le o mong o hlahlamang o tsoetsoeng ho tloha ka 1915.” Lisosa tsa ho tepella maikutlo ho joalo li fapane, ho tloha mathateng a ’mele ho ea liphihlelong tse utloisang bohloko tse sa thabiseng. Bakeng sa Bakreste ba bang, mamello e bolela ntoa ea letsatsi le letsatsi ea ho se inehele tlas’a bohloko ba maikutlo. Leha ho le joalo, ha ba tele. Ba lula ba tšepahala ho Jehova ho sa tsotellehe likhapha.—Bapisa le Pesaleme ea 126:5, 6.
8. Re ka tobana le teko efe ea lichelete?
8 Liteko tse fapaneng tseo re tobanang le tsona li ka kopanyelletsa bothata bo tebileng ba moruo. Ha ka tšohanyetso moena oa New Jersey, U.S.A., a iphumana a hloka mosebetsi, ka ho utloahalang o ile a ameha ka ho fepa lelapa la hae le hore a se amohuoe ntlo ea hae. Leha ho le joalo, haa ka a lebala tšepo ea ’Muso. Ha a ntse a batla mosebetsi o mong, o ile a sebelisa monyetla oo ho sebeletsa e le pula-maliboho e thusang. Qetellong, o ile a fumana mosebetsi.—Mattheu 6:25-34.
9. (a) Ho lahleheloa ke moratuoa lefung ho ka hloka mamello joang? (b) Ke mangolo afe a bontšang hore ha se phoso ho ntša meokho ka lebaka la ho utloa bohloko?
9 Haeba u lahlehetsoe ke moratuoa lefung, u hloka mamello e tla tšoarella nako e telele ka mor’a hore batho ba neng ba u tšelisa ba khutlele malapeng a bona. U ka ba ua fumana hore ho thata ka ho khethehileng ho uena hoo e ka bang selemo le selemo nakong eo moratuoa oa hao a shoeleng ka eona. Ho mamella tahlehelo e joalo ha ho bolele hore ho fosahetse ho ntša meokho e bontšang ho utloa bohloko. Ke boikutlo ba tlhaho ho lla ka lebaka la lefu la motho eo re mo ratang, ’me ho hang sena ha se bontše ho haelloa ke tumelo tšepong ea tsoho. (Genese 23:2; bapisa le Ba-Heberu 11:19.) Jesu o ile “a lla” ka mor’a lefu la Lazaro, le hoja ka kholiseho a ile a bolella Maretha hore: “Khaitseli ea hao o tla tsoha.” ’Me Lazaro o ile a fela a tsoha!—Johanne 11:23, 32-35, 41-44.
10. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore batho ba Jehova ba be le mamello ka ho khethehileng?
10 Ho phaella tabeng ea ho mamella liteko tse tloaelehileng ho batho bohle, batho ba Jehova ba hloka mamello ka ho khethehileng. Jesu o ile a lemosa: “Le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka baka la lebitso la ka.” (Mattheu 24:9) O boetse a re: “Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna.” (Johanne 15:20) Ke hobane’ng ha ho ba le lehloeo le mahloriso? Hobane ho sa tsotellehe hore na re phela hokae lefatšeng lena re le bahlanka ba Molimo, Satane o leka ho senya botšepehi ba rōna ho Jehova. (1 Petrose 5:8; bapisa le Tšenolo 12:17.) E le hore a finyelle sena hangata Satane o bakile mahloriso a bohloko, a beha mamello ea rōna tekong e khōlō.
11, 12. (a) Lipaki tsa Jehova le bana ba tsona li ile tsa tobana le teko efe ea mamello ka bo-1930 le lilemong tse qalang tsa 1940? (b) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li hana ho lumelisa letšoao la naha?
11 Ka mohlala, ka bo-1930 le lilemong tse qalang tsa 1940, Lipaki tsa Jehova le bana ba tsona Amerika Leboea le Canada li ile tsa hlorisoa ka lebaka la ho hana ho lumelisa letšoao la naha ka mabaka a letsoalo. Lipaki li hlompha letšoao la naha leha e le efe eo li phelang ho eona, empa li lumellana le molao motheo o boletsoeng Molaong oa Molimo ho Exoda 20:4, 5: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng, leha e le setšoantšo se le seng sa tse holimo maholimong, leha e le sa tse tlase lefatšeng, leha e le sa tse metsing ka tlase ho lefatše. U se ke ua li khumamela, u se ke ua li sebeletsa; hobane ’na Jehova, Molimo oa hao, ke Molimo o boulelang.” Ha bana ba bang ba Lipaki ba ne ba lelekoa likolong hobane ba ne ba lakatsa ho lebisa borapeli ba bona ho Jehova Molimo feela, Lipaki li ile tsa theha Likolo tsa ’Muso bakeng sa ho ba ruta. Liithuti tsena li ile tsa khutlela likolong tsa sechaba ha Lekhotla le ka Holimo-limo la United States le amohela boemo ba tsona ba bolumeli, joalokaha lichaba tse fumaneng boitsebiso bo nepahetseng li etsa kajeno. Leha ho le joalo, mamello e sebete ea bacha bana ke mohlala o phahameng ka ho fetisisa bakeng sa bacha ba Bakreste bao hona joale ba ka tobanang le ho songoa ka lebaka la ho leka ho phela ka melao-motheo ea Bibele.—1 Johanne 5:21.
12 Liteko tse fapa-fapaneng tseo re tobanang le tsona—tse tloaelehileng ho batho le tseo re tobanang le tsona ka lebaka la tumelo ea rōna ea Bokreste—li bontša lebaka leo ka lona re hlokang mamello. Empa re ka mamella joang?
Mamella ho Fihlela Qetellong—Joang?
13. Jehova o fana ka mamello joang?
13 Batho ba Molimo ba na le menyetla e fetang ea batho ba sa rapeleng Jehova. Ha re batla thuso, re ka ipiletsa ho “Molimo o fanang ka mamello.” (Ba-Roma 15:5, NW) Leha ho le joalo, Jehova o fana ka mamello joang? Tsela e ’ngoe eo a etsang sena ka eona ke ka mehlala ea mamello e fanoeng ka Lentsoeng la hae, Bibele. (Ba-Roma 15:4) Ha re ntse re nahana ka eona, hase feela hore re khothalletsoa ho mamella empa hape re ithuta ho eketsehileng ka mokhoa oo re ka mamellang ka ’ona. Nahana ka mehlala e ’meli e ikhethang—mamello e sebete ea Jobo le mamello e se nang sekoli ea Jesu Kreste.—Ba-Heberu 12:1-3; Jakobo 5:11.
14, 15. (a) Jobo o ile a mamella liteko life? (b) Jobo o ile a khona joang ho mamella liteko tseo a neng a tobane le tsona?
14 Ke maemo afe a ileng a beha mamello ea Jobo tekong? O ile a ba le mathata a moruo ha a lahleheloa ke boholo ba thepa ea hae. (Jobo 1:14-17; bapisa le Jobo 1:3.) Jobo o ile a utloa bohloko ba ho lahleheloa ha bana ba hae ba leshome kaofela ba bolaoa ke sefefo. (Jobo 1:18-21) O ile a kula haholo, le ka mokhoa o bohloko haholo. (Jobo 2:7, 8; 7:4, 5) Mosali oa hae o ile a mo hatella hore a furalle Molimo. (Jobo 2:9) Metsoalle e haufi e ne e bua lintho tse utloisang bohloko, tse sa bontšeng mosa, le tse se nang ’nete. (Bapisa le Jobo 16:1-3 le Jobo 42:7.) Leha ho le joalo, ho sena sohle, Jobo haa ka a inehela, a boloka botšepehi. (Jobo 27:5, NW) Lintho tseo a ileng a li mamella li tšoana le liteko tseo batho ba Jehova ba tobanang le tsona kajeno.
15 Jobo o ile a khona joang ho mamella liteko tseo tsohle? Tšepo ke ntho e ’ngoe e ileng ea matlafatsa Jobo ka ho khetheha. O ile a re: “Tšepo e teng bakeng sa sefate; leha se ka rengoa, se ka boela sa mela, ha se lese ho hlomela.” (Jobo 14:7) Jobo o ne a na le tšepo efe? Joalokaha ho bontšitsoe litemaneng tse ’maloa tse latelang, o itse: “Hoja motho ea shoang a ka boela a phela, . . . u no u tla bitsa, ke ne ke tla araba, ’me u no u tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao!” (Jobo 14:14, 15) E, Jobo o ile a talima ka nģane ho bohloko boo a neng a bo utloa nakong eo. O ne a tseba hore liteko tsa hae li ke ke tsa ba teng ka ho sa feleng. Bonyane o ne a tla mamella ho fihlela lefung. Tebello ea hae e nang le tšepo e ne e le hore Jehova, eo ka lerato a lakatsang ho tsosa bafu, o tla mo khutlisetsa bophelong.—Liketso 24:15.
16. (a) Ho tsoa mohlaleng oa Jobo re ithuta eng ka mamello? (b) Tšepo ea ’Muso e lokela ho ba ea sebele joang ho rōna, hona hobane’ng?
16 Re ithuta eng ka mamello ea Jobo? Hore re mamelle ho fihlela qetellong, re tlameha ho se felloe ke tšepo ea rōna. Hape hopola hore ho kholiseha ka tšepo ea ’Muso ho bolela hore ho utloa bohloko leha e le hofe hoo re tobanang le hona “ke ha nakoana.” (2 Ba-Korinthe 4:16-18, NW) Tšepo ea rōna ea bohlokoa e thehiloe ka tieo tšepisong ea Jehova ea nako e tlang e haufi ha a “tla hlakola meokho eohle mahlong a [rōna]; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.” (Tšenolo 21:3, 4) Tšepo eo, kaha “ha e ise ho soetseheng,” e tlameha ho lebela monahano oa rōna. (Ba-Roma 5:4, 5, NW; 1 Ba-Thessalonika 5:8) E tlameha ho ba ntho ea sebele ho rōna—ea sebele hoo ka mahlo a tumelo, re ka iponang re le lefatšeng le lecha—re se re sa loantšane le ho kula le ho tepella maikutlo empa re tsoha letsatsi le leng le le leng re phela hantle ’me re hlaphohetsoe likelellong; re se re sa tšoenngoe ke likhatello tse tebileng tsa moruo empa re phela ka tšireletseho; re se re sa llele lefu la baratuoa empa re e-ba le thabo ea ho ba bona ha ba tsosoa. (Ba-Heberu 11:1) Ha re se na tšepo e joalo re ka sithabetsoa haholo ke liteko tse re hlahelang kajeno hoo re ka inehelang. Ha re e-na le tšepo, ke tšusumetso e matla haholo hakaakang bakeng sa ho lula re loana, ho lula re mamelletse ho fihlela qetellong!
17. (a) Jesu o ile a mamella liteko life? (b) Ho utloa bohloko ho hoholo hoo Jesu a ileng a ho mamella mohlomong ho ne ho bakoa ke eng? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
17 Bibele e re khothalletsa ho “talima ka hloko” Jesu le ‘ho nahana ka eena ka ho tebileng.’ O ile a tobana le liteko life? Tse ling tsa tsona li ile tsa bakoa ke sebe le ho se phethahale ha ba bang. Jesu ha a ka a mamella feela “puo e hanyetsang ea baetsalibe” empa o ile a mamella le mathata a neng a hlaha har’a barutuoa ba hae, ho kopanyelletsa le likhang tsa bona mabapi le hore na e moholo e ne e le mang. Le ho feta moo, o ile a tobana le teko ea tumelo eo ho seng e ka lekanngoang le eona. O ile “a mamella thupa ea tlhokofatso.” (Ba-Heberu 12:1-3, NW; Luka 9:46; 22:24) Ho thata esita le ho nahana ka ho utloa bohloko kelellong le ’meleng ho amehang bohlokong ba ho fanyehoa le tlotlollo e bakoang ke ho ahloleloa ho ba monyefoli.a
18. Ho ea ka moapostola Pauluse, Jesu o ile a matlafatsoa ke lintho life tse peli?
18 Jesu o ile a nolofaletsoa ke eng hore a mamelle ho fihlela qetellong? Moapostola Pauluse o bolela lintho tse peli tse ileng tsa matlafatsa Jesu: ‘thapeli le kōpo e matla’ hammoho le “thabo eo a neng a e beetsoe.” Jesu, Mora ea phethahetseng oa Molimo, o ne a se lihlong ho kōpa thuso. O ile a rapela ka “mohoo o moholo le ka meokho.” (Ba-Heberu 5:7, NW; 12:2) Haholo-holo ha teko ea hae e khōlō e atamela o ile a bona ho hlokahala ho rapella matla khafetsa le ka phehello. (Luka 22:39-44) E le ha Jehova a arabela thapeling ea Jesu, haa ka a tlosa teko, empa o ile a matlafatsa Jesu hore a e mamelle. Jesu o boetse a mamella hobane a ne a talimile ka nģane ho thupa ea tlhokofatso moputsong oa hae—thabo eo a neng a tla ba le eona ea ho tlatsetsa ho halaletsa lebitso la Jehova le ho rekolla lelapa la motho lefung.—Mattheu 6:9; 20:28.
19, 20. Mohlala oa Jesu o re thusa joang hore re be le pono ea sebele ka se amehang tabeng ea mamello?
19 Ho tsoa mohlaleng oa Jesu, re ithuta lintho tse ngata tse re thusang ho ba le pono ea sebele ea lintho tse kopanyelletsoang ke mamello. Tsela ea mamello ha e bonolo. Haeba re fumana ho le thata ho mamella teko e itseng, hoa tšelisa ho tseba hore boemo e bile bo tšoanang esita le ho Jesu. E le hore re mamelle ho fihlela qetellong, khafetsa re tlameha ho rapella ho fuoa matla. Ka linako tse ling ha re le tlas’a teko re ka ikutloa re sa tšoanelehe ho rapela. Empa Jehova o re mema hore re mo tšollele lipelo tsa rōna ‘hobane oa re tsotella.’ (1 Petrose 5:7, NW) ’Me ka lebaka la seo Jehova a se tšepisitseng Lentsoeng la hae, o itlamme ho fana ka “matla a fetang a tloaelehileng” ho ba ipiletsang ho eena ka tumelo.—2 Ba-Korinthe 4:7-9.
20 Ka linako tse ling re tlameha ho mamella ka meokho. Ho Jesu bohloko ba thupa ea tlhokofatso ka bobona e ne e se lebaka la ho thaba. Ho e-na le hoo, thabo e ne e bakoa ke se neng se behiloe ka pele ho eena. Boemong ba rōna hase ho talima lintho ka tsela ea sebele ho lebella hore ka linako tsohle re tla ikutloa re hlasimolohile ’me re le morolo ha re le tlas’a teko. (Bapisa le Ba-Heberu 12:11.) Leha ho le joalo, ka ho talima pele moputsong, re ka khona ho ‘lekanya hore ke thabo’ esita leha re tobana le maemo a lekang ka ho fetisisa. (Jakobo 1:2-4; Liketso 5:41) Taba ea bohlokoa ke hore re lule re tiile—esita le haeba ke ka meokho. Etsoe Jesu ha a ka a re, ‘Ea ntšang meokho e fokolang ka ho fetisisa o tla bolokeha’ empa o itse, “Ea tiisetsang [“mamellang” NW] ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.”—Mattheu 24:13.
21. (a) Ho 2 Petrose 1:5, 6, re khothalletsoa ho ekelletsa eng mamellong ea rōna? (b) Ho tla tšohloa lipotso life sehloohong se latelang?
21 Ka hona mamello ke ea bohlokoa bakeng sa ho bolokeha. Leha ho le joalo, ho 2 Petrose 1:5, 6 re khothalletsoa ho ekeletsa boinehelo ba bomolimo mamellong ea rōna. Boinehelo ba bomolimo ke eng? Bo amana joang le mamello, hona re ka bo fumana joang? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho utloa bohloko ho matla hoo Jesu a ileng a ho mamella mohlomong ho ka bonoa tabeng ea hore litho tsa hae tse phethahetseng li ile tsa shoa ka mor’a lihora tse ’maloa feela a le thupeng, athe lisenyi tse fanyehiloeng pel’a hae li ile tsa tlameha ho rojoa meomo ho etsa hore li shoe kapele. (Johanne 19:31-33) Li ne li sa utloa bohloko ba kelello le ba ’mele boo Jesu a ileng a bo utloa ketsahalong e bohloko ea bosiu bohle a sa robala pele a fanyehoa, eo mohlomong e ileng ea etsa hore a hlōlehe le ho itjarela thupa ea hae ea tlhokofatso.—Mareka 15:15, 21.
-
-
Ekeletsang Mamellong ea Lōna Boinehelo ba BomolimoMolula-Qhooa—1993 | September 15
-
-
Ekeletsang Mamellong ea Lōna Boinehelo ba Bomolimo
“Ekeletsang tumelong ea lōna . . . mamello, mamellong ea lōna boinehelo ba bomolimo.”—2 PETROSE 1:5, 6, NW.
1, 2. (a) Ho qala ka bo-1930, ke eng se ileng sa etsahalla Lipaki tsa Jehova linaheng tse laoloang ke Bonazi, hona hobane’ng? (b) Batho ba Jehova ba ile ba tsoella joang tlas’a tšoaro ee e mpe?
E BILE nako e lerootho historing ea lekholong la bo20 la lilemo. Ho qala ka bo-1930, Lipaki tsa Jehova tse likete linaheng tse tlas’a taolo ea Bonazi li ile tsa tšoaroa ka mokhoa o hlokang toka ’me tsa koalloa likampong tsa mahloriso. Hobane’ng? Hobane ka sebete li ile tsa lula li sa nke lehlakore ’me tsa hana ho thoholetsa Hitler. Li ile tsa tšoaroa joang? “Ha ho sehlopha se seng sa batšoaruoa . . . se neng se pepesetsehile tšoarong e sehlōhō ea masole a SS ho tšoana le ka tsela eo Liithuti tsa Bibele [Lipaki tsa Jehova] li neng li pepesetsehile ka eona. E ne e le tšoaro e sehlōhō e tšoauoang ka letoto le sa feleng la ho hlokofatsoa ’meleng le kelellong, hoo ho seng puo lefatšeng e ka ho hlalosang.”—Karl Wittig, eo e kileng ea e-ba ofisiri ea ’muso Jeremane.
2 Lipaki li ile tsa tsoella joang? Bukeng ea hae The Nazi State and the New Religions: Five Case Studies in Non-Conformity, Dr. Christine E. King o itse: “Ke feela khahlanong le Lipaki [ho fapana le lihlopha tse ling tsa bolumeli] moo ’muso o sa kang oa atleha.” E, Lipaki tsa Jehova ka kakaretso li ile tsa hana ho inehela, esita le hoja ho tse makholo tsa tsona sena se ile sa bolela ho mamella ho isa lefung.
3. Ke eng se nolofalelitseng Lipaki tsa Jehova ho mamella liteko tse tebileng?
3 Lipaki tsa Jehova li nolofalelitsoe ke eng ho mamella liteko tse joalo, eseng feela Jeremane ea Bonazi empa lefatšeng lohle? Ntate oa tsona oa leholimo o li thusitse hore li mamelle ka lebaka la boinehelo ba tsona ba bomolimo. Moapostola Petrose oa hlalosa: “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.” (2 Petrose 2:9, NW) Pejana hona lengolong leo, Petrose o ile a eletsa Bakreste: “Ekeletsang tumelong ea lōna . . . mamello, mamellong ea lōna boinehelo ba bomolimo.” (2 Petrose 1:5, 6, NW) Kahoo mamello e amana haufi le boinehelo ba bomolimo. Ha e le hantle, e le hore re mamelle ho fihlela qetellong, re tlameha ho ‘phehella boinehelo ba bomolimo’ ’me re bo bonahatse. (1 Timothea 6:11, NW) Empa ha e le hantle boinehelo ba bomolimo ke eng?
Seo Boinehelo ba Bomolimo bo Leng Sona
4, 5. Boinehelo ba bomolimo ke eng?
4 Lereho la Segerike bakeng sa “boinehelo ba bomolimo” (eu·seʹbei·a) le ka fetoleloa ka ho toba e le “ho fana ka tlhompho e loketseng.”a (2 Petrose 1:6, Kingdom Interlinear) Le bolela boikutlo bo mofuthu bo tsoang pelong ka Molimo. Ho latela W. E. Vine, sephafi eu·se·besʹ, seo ka ho toba se bolelang “ntho e hlomphuoang ka ho loketseng,” se bolela “matla a susumetsoang ke tšabo e halalelang ea Molimo, ’me a bontšoa ka mosebetsi oa boinehelo.”—2 Petrose 2:9, Int.
5 Ka hona polelo “boinehelo ba bomolimo” e bolela tlhompho kapa boinehelo ho Jehova bo re susumeletsang ho etsa se mo thabisang. Re etsa sena esita leha re tobane le liteko tse boima hobane re rata Molimo ho tsoa pelong. Ke katamelo e tšepahalang, ea botho ho Jehova e bontšoang ka tsela eo re phelang ka eona. Bakreste ba ’nete ba khothaletsoa ho rapella hore ba phele “bophelo bo khutsitseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo.” (1 Timothea 2:1, 2, NW) Ho latela bahlophisi ba libuka tse hlalosang mantsoe J. P. Louw le E. A. Nida, “ka lipuo tse ’maloa [eu·seʹbei·a] ho 1 Tm 2.2 e ka fetoleloa ka ho loketseng e le ‘ho phela joalokaha Molimo a batla ha re phela’ kapa ‘ho phela joalokaha Molimo a re boleletse hore re lokela ho phela.’”
6. Kamano ke efe pakeng tsa mamello le boinehelo ba bomolimo?
6 Joale re ka utloisisa hamolemo kamano pakeng tsa mamello le boinehelo ba bomolimo. Ka lebaka la hore re phela kamoo Molimo a batlang ka teng—ka boinehelo ba bomolimo—re hlouoa ke lefatše, leo ka ho fapa-fapana le re lekang tumelo. (2 Timothea 3:12, NW) Empa ha ho tsela eo re ka susumelletsoang ho mamella liteko tse joalo ha e ne e se ka ho atamela Ntate oa rōna oa leholimo ka tsela ea botho. Ho feta moo, Jehova o arabela boinehelong bo joalo bo tsoang pelong. Ak’u nahane hore na ho etsa hore a ikutloe joang ha a sheba tlaase a le maholimong le ho bona batho bao, ka lebaka la boinehelo ba bona ho eena, ba lekang ka matla ho mo thabisa ho sa tsotellehe khanyetso ea mefuta eohle. Ha ho makatse ha a ikemiselitse ho “lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong”!
7. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlaolela boinehelo ba bomolimo?
7 Leha ho le joalo, ha rea tsoaloa re e-na le boinehelo ba bomolimo, ’me ha ho iketsahalle hore re bo fumane ka tlhaho feela ho batsoali ba rōna. (Genese 8:21) Ho e-na le hoo, bo tlameha ho hlaoleloa. (1 Timothea 4:7, 10) Re tlameha ho sebetsa e le hore re ekeletse boinehelo ba bomolimo mamellong ea rōna le tumelong ea rōna. Petrose o bolela hore sena, se hloka “boiteko bo tiileng.” (2 Petrose 1:5, NW) Joale, re ka fumana boinehelo ba bomolimo joang?
Re Fumana Boinehelo ba Bomolimo Joang?
8. Ho latela mantsoe a moapostola Petrose, senotlolo sa ho fumana boinehelo ba bomolimo ke sefe?
8 Moapostola Petrose o hlalositse senotlolo sa ho fumana boinehelo ba bomolimo. O itse: “E se eka mosa o sa tšoanelang le khotso li ka ekeletsoa ho lōna ka tsebo e nepahetseng ea Molimo le ea Jesu Morena oa rōna, kaha matla a hae a bomolimo a re file ka bolokolohi ba lintho tsohle tse amang bophelo le boinehelo ba bomolimo, ka tsebo e nepahetseng ea ea re bitsitseng ka khanya le bokhabane.” (2 Petrose 1:2, 3, NW) Kahoo e le ho ekeletsa boinehelo ba bomolimo tumelong le mamellong ea rōna, re tlameha ho hōla tsebong e nepahetseng, ke hore, e felletseng, kapa e phethahetseng, ea Jehova Molimo le Jesu Kreste.
9. Ho ka etsoa papiso efe ho bontša hore ho ba le tsebo e nepahetseng ka Molimo le Kreste ho kopanyeletsa ho fetang feela ho tseba hore na ke bo-mang?
9 Ho ba le tsebo e nepahetseng ka Molimo le Kreste ho bolela eng? Ka ho hlakileng ho ama ho fetang feela ho tseba hore na ke bo-mang. Ha re etsa papiso: U ka ’na ua tseba hore na moahisane oa hao ke mang ’me mohlomong u mo lumelisa u ’mitsa ka lebitso. Empa na u ka mo alima chelete e ngata? U ka etsa seo haeba feela u tseba hantle hore na ke motho oa mofuta ofe. (Bapisa le Liproverbia 11:15.) Ka ho tšoanang, ho tseba Jehova le Jesu ka ho nepahetseng, kapa ka botlalo, ho bolela ho fetang feela ho lumela hore ba teng le ho tseba mabitso a bona. E le hore re ka ikemisetsa ho mamella liteko ka lebaka la bona esita le ho isa lefung, re tlameha ho ba tseba ka mokhoa o haufi-ufi. (Johanne 17:3) See se akarelletsa eng?
10. Ho ba le tsebo e nepahetseng ka Jehova le Jesu ho kopanyeletsa lintho life tse peli, hona hobane’ng?
10 Ho ba le tsebo e nepahetseng, kapa e feletseng ka Jehova le Jesu ho akareletsa lintho tse peli: (1) ho ba tseba joaloka batho—litšoaneleho tsa bona, maikutlo, le litsela—le (2) ho etsisa mohlala oa bona. Boinehelo ba bomolimo bo kopanyeletsa katamelo e tsoang pelong, ea botho ho Jehova ’me bo bonahatsoa ka tsela eo re phelang ka eona. Ka lebaka leo, hore re be le eona re tlameha ho tseba Jehova ka mokhoa oa botho ’me re tloaelane ka ho feletseng le thato ea hae le litsela tsa hae ho isa kamoo motho a ka khonang ka teng. Hore re tsebe Jehova ka ’nete, eena eo re bōpiloeng ka setšoantšo sa hae, re tlameha ho sebelisa tsebo e joalo ’me re hahamalle ho tšoana le eena. (Genese 1:26-28; Ba-Kolosse 3:10) ’Me kaha Jesu o ne a etsisa Jehova ka ho phethahetseng ka seo a neng a se bua le ho se etsa, ho tseba Jesu ka ho nepahetseng ke thuso ea bohlokoa ha re hōlisa boinehelo ba bomolimo.—Ba-Heberu 1:3.
11. (a) Ke joang re ka fumanang tsebo e nepahetseng ka Molimo le Kreste? (b) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho thuisa ka seo re se balang?
11 Leha ho le joalo, re ka fumana tsebo e joalo e nepahetseng ka Molimo le Kreste joang? Ka ho ithuta ka khothalo Bibele le likhatiso tse thehiloeng Bibeleng.b Leha ho le joalo, haeba thuto ea rōna ea Bibele e tla fella ka hore re be le boinehelo ba bomolimo, ho bohlokoa hore re iphe nako ea ho thuisa, ke hore, ho nahana, kapa ho tebisa maikutlo, ka seo re se balang. (Bapisa le Joshua 1:8.) Ke hobane’ng ha see se le bohlokoa? Hopola hore boinehelo ba bomolimo ke boikutlo bo mofuthu, bo tsoang pelong ka Molimo. Ka Mangolong, khafetsa ho thuisa ho amahanngoa le pelo ea tšoantšetso—motho ea ka hare-hare. (Pesaleme ea 19:14; 49:3; Liproverbia 15:28) Ha re nahana ka kananelo ka seo re se balang, se theohela mothong ea ka hare-hare, ka hona se tsosa boikutlo ba rōna, se ama maikutlo a rōna, ’me se susumetsa monahano oa rōna. Ke feela ka mor’a moo ho ithuta ho ka matlafatsang katamelo ea rōna ea botho ho Jehova ’me ha re susumeletsa ho phela ka tsela e thabisang Molimo esita le ha re tobane le maemo a phephetsang kapa liteko tse boima.
Ho Bonahatsa Boinehelo ba Bomolimo Lapeng
12. (a) Ho ea ka mantsoe a Pauluse, Mokreste a ka bontša boinehelo ba bomolimo joang lapeng? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba hlokomela batsoali ba hōlileng?
12 Boinehelo ba bomolimo bo tlameha ho bonahatsoa pele ka lapeng. Moapostola Pauluse o re: “Haeba mohlolohali leha e le ofe a na le bana kapa litloholo, bana a ba ke ba qale pele ba sebelise boinehelo ba bomolimo malapeng a bona le ho ’na ba lefa puseletso e loketseng batsoali ba bona le bo-ntat’a bona moholo le bo-nkhono‚ hobane hona hoa amoheleha mahlong a Molimo.” (1 Timothea 5:4, NW) Ho hlokomela batsoali ba seng ba hōlile, joalokaha Pauluse a boletse, ke pontšo ea boinehelo ba bomolimo. Bakreste ba ’nete ha ba fane ka tlhokomelo e joalo hobane feela ba tlamehile empa ke ka lebaka la lerato ho batsoali ba bona. Ho feta moo, ba hlokomela bohlokoa boo Jehova a bo behileng tabeng ea hore motho a hlokomele lelapa la hae. Ba hlokomela hantle hore ho furalla batsoali nakong ea ha ba hloka thuso ho ka tšoana le ho ‘latola tumelo ea Bokreste.’—1 Timothea 5:8, NW.
13. Ke hobane’ng ha ho bontša boinehelo ba bomolimo lapeng e ka ba phephetso ea sebele, empa ke khotsofalo efe e hlahisoang ke ho hlokomela batsoali ba motho?
13 Rea lumela hore hase ka mehla ho leng bonolo ho bonahatsa boinehelo ba bomolimo lapeng. Ho ka etsahala hore litho tsa lelapa li lula libakeng tse hōle. Bana ba seng ba hōlile e ka ’na eaba ba hlokomela malapa a bona ’me ba sebetsa ka thata ho boloka ho tsitsa moruong. Mofuta kapa boholo ba tlhokomelo e hlokoang ke motsoali bo ka ama bophelo bo botle ba ’mele, ba kelello, le ba maikutlo ba ba ba hlokomelang. Leha ho le joalo, ho ka fumanoa khotsofalo ea sebele ka ho tseba hore ho hlokomela batsoali ba motho ha ho felle ka “puseletso e loketseng” feela empa ho boetse ho thabisa Eo “lelapa lohle leholimong le lefatšeng le nang le lebitso la lona ka eena.”—Ba-Efese 3:14, 15, NW.
14, 15. Pheta mohlala oa tlhokomelo ea bomolimo e fanoeng ke bana ba motsoali e mong.
14 Nahana ka mohlala o amang e le kannete. Ellis le banab’abo ba bahlano ba ile ba tobana le phephetso ea sebele ea ho hlokomela ntate oa bona lapeng. Ellis oa hlalosa: “Ka 1986 ntate o ile a ba le stroke, se ileng sa mo siea a shoele lehlakore.” Bana ba tšeletseng ba arolelana ho hlokomela litlhoko tsa ntate oa bona, ho tloha ka ho mo hlatsoa le ho tiisa hore oa fetoloa likobong e le hore a se ke a tsoa liso. “Rea ’malla, re bua le eena, re ’mapalla ’mino. Ha rea kholiseha hore na ebe o hlokomela se etsahalang ho mo potoloha, empa re mo nka joalokaha eka o hlokomela ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”
15 Ke hobane’ng ha bana baa ba hlokomela ntate oa bona joalokaha ba etsa? Ellis o tsoela pele: “Ka mor’a lefu la ’mè ka 1964, Ntate o ile a re hōlisa a le mong. Ka nako eo, e monyenyane ho rōna o ne a le lilemo li 5 ’me e moholo a le tse 14. O ne a ikemiselitse ho re thusa ka nako eo; hona joale re ikemiselitse ho mo thusa.” Ka ho hlakileng, ha ho bonolo ho fana ka tlhokomelo e joalo, ’me ka linako tse ling bana baa nyahama. Ellis o re: “Empa rea hlokomela hore boemo ba ntate ke bothata ba nakoana. Re lebeletse nakong eo ka eona ntate oa rōna a tla khutlisetsoa bophelong bo botle ’me re tla kopanngoa hape le ’mè oa rōna.” (Esaia 33:24; Johanne 5:28, 29) Ka sebele tlhokomelo ea boitelo bo bokaalo ho motsoali e tlameha e futhumatsa pelo ea Ea laelang bana hore ba hlomphe batsoali ba bona!c—Ba-Efese 6:1, 2.
Boinehelo ba Bomolimo le Tšebeletso
16. Lebaka la sehlooho bakeng sa seo re se etsang tšebeletsong e lokela ho ba lefe?
16 Ha re amohela memo ea Jesu ea ho ‘mo latela ka linako tsohle,’ re behoa tlas’a thomo ea Molimo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa barutuoa. (Mattheu 16:24; 24:14; 28:19, 20) Ka ho hlakileng, ho nka karolo tšebeletsong ke tlamo ea Bokreste ‘mehleng ena ea qetello.’ (2 Timothea 3:1) Leha ho le joalo, sepheo sa rōna sa ho bolela le ho ruta se tlameha ho feta feela ho ikutloa re tlamehile. Lebaka la sehlooho e tlameha ho ba lerato le tebileng ho Jehova bakeng sa seo re se etsang le boholo ba seo re se etsang tšebeletsong. Jesu o itse: “Molomo o buisoa ke seo pelo e tletseng sona.” (Mattheu 12:34) E, ha lipelo tsa rōna li khaphatseha ke lerato bakeng sa Jehova, re ikutloa re tlamehile ho paka ka eena ho ba bang. Ha sepheo sa rōna e le lerato bakeng sa Molimo, tšebeletso ea rōna e fetoha pontšo e nang le morero ea boinehelo ba rōna ba bomolimo.
17. Ke joang re ka hlaolelang ho ba le sepheo se nepahetseng bakeng sa tšebeletso?
17 Ke joang re ka hlaolelang ho ba le sepheo se setle bakeng sa tšebeletso? Nahanisisa ka kananelo ka mabaka a mararo ao Jehova a re fileng ’ona bakeng sa ho mo rata. (1) Re rata Jehova ka lebaka la seo a seng a re etselitse sona. Ha ho lerato le fetang leo a le bontšitseng ka ho re fa thekollo. (Mattheu 20:28; Johanne 15:13) (2) Re rata Jehova ka lebaka la seo a re etsetsang sona hona joale. Re bua le Jehova ka bolokolohi, ea arabelang lithapelo tsa rōna. (Pesaleme ea 65:2; Ba-Heberu 4:14-16) Ha re beha lithahasello tsa ’Muso pele, re thabela lintho tse hlokahalang bophelong. (Mattheu 6:25-33) Re amohela lijo tse phallang hantle tsa moea tse re thusang ho sebetsana le mathata ao re tobanang le ’ona. (Mattheu 24:45) ’Me re hlohonolofatsoa ka ho ba karolo ea boena ba Bokreste ba lefatše ka bophara bo re khethollang ruri lefatšeng. (1 Petrose 2:17) (3) Re boetse re rata Jehova ka lebaka la seo a tla re etsetsa sona. Ka lebaka la lerato la hae, re “tšoere bophelo ba sebele ka tieo”—bophelo bo sa feleng nakong e tlang. (1 Timothea 6:12, 19, NW) Ha re nahana ka lerato la Jehova ho rōna, ka sebele lipelo tsa rōna li tla re susumelletsa ho ba le karolo ho bolelleng ba bang ka eena le ka merero ea hae ea bohlokoa! Ho ke ke ha hlokahala hore ba bang ba re bolelle seo re lokelang ho se etsa kapa hore na re etse hakae tšebeletsong. Lipelo tsa rōna li tla re susumeletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang.
18, 19. Khaitseli o ile a hlōla tšitiso efe e le hore a ka kopanela tšebeletsong?
18 Esita leha re tobane le maemo a phephetsang, pelo e susumetsoang ke boinehelo ba bomolimo e tla susumeletsoa ho bua. (Bapisa le Jeremia 20:9.) Sena se bontšoa ke taba ea Stella, e leng mosali oa Mokreste ea lihlong haholo. Ha a ne a qala ho ithuta Bibele, o ile a nahana, ‘Nke ke ka ea ka ntlo le ntlo!’ Oa hlalosa: “Ka linako tsohle ke ne ke lula ke thotse. Ke ne ke sitoa ho atamela ba bang ho qalisa puisano.” Ha a ntse a tsoela pele ho ithuta, lerato la hae ho Jehova le ile la hōla, ’me o ile a ba le takatso e matla ea ho buisana le ba bang ka eena. “Ke sa hopola ha ke ne ke bolella motho ea neng a nthuta Bibele hore, ‘Ke lakatsa haholo ho bua, empa kea hlōleha, ’me sena sea ntšoenya.’ Ha ke sa tla lebala seo a ileng a mpolella sona: ‘Stella, thabela hore ebe u batla ho bua.’”
19 Ka mor’a nako e khutšoaane, Stella o ile a iphumana a pakela moahisane oa hae. Joale o ile a nka seo a neng a nahana hore ke mohato o moholo ka ho fetisisa—a kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo ka lekhetlo la pele. (Liketso 20:20, 21, NW) O sa hopola: “Ke ne ke ngotse nehelano ea ka. Empa ke ne ke tšohile hoo le hoja ke ne ke e tšoere, ke neng ke tšaba le ho e sheba!” Hona joale, lilemo tse fetang 35 hamorao, Stella o ntse a le lihlong haholo ka tlhaho. Leha ho le joalo, o rata tšebeletso ea tšimo ’me o tsoela pele ho ba le karolo e nang le morero ho eona.
20. Ke mohlala ofe o bontšang hore esita le tlhoriso kapa ho kenngoa teronkong li ke ke tsa koala melomo ea Lipaki tse inehetseng tsa Jehova?
20 Esita le mahloriso kapa ho kenngoa teronkong li ke ke tsa koala melomo ea Lipaki tse inehetseng tsa Jehova. Nahana ka mohlala oa Ernst le Hildegard Seliger ba Jeremane. Ka lebaka la tumelo ea bona, ka bobeli ba ile ba qeta lilemo tse fetang 40 likampong tsa mahloriso tsa Bonazi le literonkong tsa Bokomonisi. Esita leha ba le teronkong, ba ile ba phehella ho pakela batšoaruoa ba bang. Hildegard o sa hopola: “Liofisiri tsa teronko li ne li nkuka ke le kotsi, hobane, joalokaha mosali e mong oa molebeli a ile a bolela, ke ne ke bua ka Bibele letsatsi lohle. Kahoo ke ile ka isoa seleng e ka tlaase.” Ka mor’a hore qetellong ba lokolloe, Moena le Khaitseli Seliger ba ile ba nehela nako eohle ea bona tšebeletsong ea Bokreste. Ka bobeli ba ile ba sebeletsa ka botšepehi ho fihlela lefung la bona, Moena Seliger ka 1985 ’me mosali oa hae ka 1992.
21. Re tlameha ho etsa eng ho ekeletsa boinehelo ba bomolimo mamellong ea rōna?
21 Ka ho ithuta Lentsoe la Molimo ka khothalo le ho ipha nako ea ho thuisa ka kananelo ka seo re ithutang sona, re tla hōla tsebong e nepahetseng ea Jehova Molimo le Jesu Kreste. Sena se tla fella ka hore re be le tšoaneleho eo—boinehelo ba bomolimo ka tekanyo e tletseng haholoanyane. Ka ntle le boinehelo ba bomolimo ha ho kamoo re ka khonang ho mamella liteko tse sa tšoaneng tse re tlelang joalokaha re le Bakreste. Kahoo a re lateleng keletso ea moapostola Petrose, re tsoele pele ‘ho ekeletsa tumelong ea rōna mamello le mamellong ea rōna boinehelo ba bomolimo.’—2 Petrose 1:5, 6, NW.
-