Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Seo Letsatsi la Jehova le Tla se Senola
    Molula-Qhooa—2010 | July 15
    • 2 Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Letsatsi la Jehova le tla tla joaloka lesholu, leo ka lona maholimo a tla feta ka lerata le sheshang le hlabang, empa thepa ea motheo e le e chesang ka matla haholo e tla qhibiliha, ’me lefatše le mesebetsi e ho lona li tla pepesoa.” (2 Pet. 3:10) “Maholimo” le “lefatše” tseo ho buuoang ka tsona moo ke eng? “Thepa ea motheo” e tla qhibiliha ke eng? Hona Petrose o ne a bolela’ng ha a ne a re “lefatše le mesebetsi e ho lona” li tla “pepesoa”? Ho tseba likarabo tsa lipotso tsena ho tla re thusa hore re itokisetse liketsahalo tse tšosang tse tla etsahala haufinyane.

      Maholimo le Lefatše Tse Tla Feta

      3. “Maholimo” ao ho buuoang ka ’ona ho 2 Petrose 3:10 ke eng, hona a tla feta joang?

      3 Ha lentsoe “maholimo” le sebelisoa ka tšoantšetso ka Bibeleng, hangata le bolela babusi ba phahametseng bafo ba bona. (Esa. 14:13, 14; Tšen. 21:1, 2) “Maholimo a tla feta” a tšoantšetsa puso ea batho e busang batho ba sa tšabeng Molimo. Ho feta ha ’ona “ka lerata le sheshang”—kapa ka “lerata le tšabehang,” ho ea ka phetolelo e ’ngoe—ho ka ’na ha bolela pheliso e potlakileng ea maholimo ana.

      4. “Lefatše” ke eng, hona le tla timetsoa joang?

      4 “Lefatše” le tšoantšetsa batho ba arohaneng le Molimo. Lefatše la mofuta oo le ne le le teng mehleng ea Noe ’me ka taelo ea Molimo, le ile la felisoa ke Moroallo. “Ka lentsoe le tšoanang maholimo le lefatše tse teng hona joale li boloketsoe mollo ’me li ntse li bolokiloe ho fihlela letsatsing la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.” (2 Pet. 3:7) Le hoja Moroallo o ile oa timetsa batho bohle ba neng ba sa tšabe Molimo ka nako e le ’ngoe, timetso e tlang e tla etsahala ka mekhahlelo “matšoenyehong a maholo.” (Tšen. 7:14) Mokhahlelong oa pele oa matšoenyeho ao, Molimo o tla susumelletsa babusi ba lipolotiki ba lefatše lena hore ba timetse “Babylona e Moholo,” kahoo a bontša hore o nyelisa seotsoa seo sa bolumeli. (Tšen. 17:5, 16; 18:8) Ka mor’a moo, ntoeng ea Armagedone, e leng mokhahlelo oa ho qetela oa matšoenyeho a maholo, Jehova ka boeena o tla felisa karolo e setseng ea lefatše la Satane.—Tšen. 16:14, 16; 19:19-21.

      “Thepa ea Motheo . . . e Tla Qhibiliha”

      5. Thepa ea motheo ea tšoantšetso e akarelletsa’ng?

      5 “Thepa ea motheo” e tla “qhibiliha” ke eng? Dikishinari ea Bibele e hlalosa “thepa ea motheo” e le “lintho tsa mantlha,” kapa “lintho tsa motheo.” E bolela hore lentsoe lena, “le ne le sebelisetsoa litlhaku tsa alfabeta, e li bitsa metheo ea puo.” Kahoo, “thepa ea motheo” eo Petrose a buang ka eona e bolela lintho tsa sehlooho tse etsang hore lefatše lena le be le litšobotsi, maikutlo, litsela le lipakane tse bontšang ho se tšabe Molimo. “Thepa ea motheo” e akarelletsa “moea oa lefatše,” o “sebetsang ho bara ba ho se mamele.” (1 Bakor. 2:12; bala Baefese 2:1-3.) Moea oo o tletse hohle lefatšeng la Satane. O susumelletsa batho hore ba nahane, ba rere, ba bue ba be ba itšoare ka litsela tse bontšang hore ba nahana joaloka Satane, “’musi oa matla a moea” ea ikhohomosang le ea tellang.

      6. Moea oa lefatše o iponahatsa joang?

      6 Kahoo, ebang baa tseba kapa ha ba tsebe, batho ba kenoeng ke moea oa lefatše ba lumella likelello le lipelo tsa bona hore li susumetsoe ke Satane, hoo ba bonahatsang monahano oa hae le maikutlo a hae. Ka lebaka leo, ba iketsetsa borata, ba sa natse thato ea Molimo. Ba etsa lintho ka boikhohomoso kapa ka boithati, ba bontša moea oa borabele, ’me ba inehella “takatso ea nama le takatso ea mahlo.”—Bala 1 Johanne 2:15-17.a

      7. Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘sireletsa lipelo tsa rōna’?

      7 Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re ‘sireletse lipelo tsa rōna’ ka ho sebelisa bohlale bo tsoang ho Molimo ha re khetha metsoalle, seo re se balang, boikhathollo le Liwebsaete tseo re ka ’nang ra batla boitsebiso ho tsona Inthaneteng! (Liprov. 4:23) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.” (Bakol. 2:8) Taelo eo e ntse e e-ba e potlakileng haholo ha letsatsi la Jehova le ntse le atamela, hobane ‘mocheso’ oa lona oo ho seng mohla o kileng oa e-ba teng o tla qhibilihisa ‘thepa eohle ea motheo’ ea tsamaiso ea Satane, o pepese hore ho hang e ke ke ea mamella mocheso oa bohale ba Molimo. Sena se re hopotsa mantsoe a Malakia 4:1, a reng: “Letsatsi lea tla le chesang joaloka sebōpi, ’me bohle ba iketelletsang pele le bohle ba etsang bokhopo ba tla ba joaloka litlhaka. Ka sebele letsatsi le tlang le tla ba timetsa.”

      “Lefatše le Mesebetsi e ho Lona li Tla Pepesoa”

      8. Lefatše le mesebetsi e ho lona li “pepesoa” joang?

      8 Petrose o ne a bolela’ng ha a ne a ngola a re “lefatše le mesebetsi e ho lona li tla pepesoa”? Lentsoe “pepesoa” le ka boela la fetoleloa e le “senoloa” kapa “apoloa.” Petrose o ne a bolela hore matšoenyehong a maholo, Jehova o tla apola lefatše la Satane, a pepese hore le khahlanong le Eena le ’Muso oa Hae ’me kahoo le lokela ho timetsoa. Ha Esaia 26:21 e bua ka tsela ea boprofeta mabapi le nako eo, e re: “Jehova o tloha sebakeng sa hae hore a batle boikarabello bakeng sa phoso eo moahi oa naha a e entseng khahlanong le eena, ’me ka sebele naha e tla pepesa tšollo ea eona ea mali ’me ha e sa tla hlola e koahela batho ba eona ba bolailoeng.”

      9. (a) Re lokela ho hana eng, hona hobane’ng? (b) Re lokela ho loanela ho ba le eng, hona hobane’ng?

      9 Letsatsing la Jehova, batho ba susumelitsoeng ke mekhoa ea lefatše le moea oa lona o khopo ba tla bontša hore na ka sebele ke batho ba mofuta ofe, ba be ba bolaeane. Ha e le hantle, ho ka etsahala hore ebe mefuta e fapa-fapaneng ea boithabiso bo mabifi bo ratoang kajeno, e lokisetsa likelello tsa batho ba bangata nako eo ka eona letsoho la motho e mong le e mong “le tla phahama khahlanong le letsoho la motsoalle oa hae.” (Zak. 14:13) Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re hane eng kapa eng, ebang ke lifilimi, libuka, lipapali tsa video le lintho tse ling tse ka ’nang tsa etsa hore re be le mekhoa eo Molimo a e nyonyang, e kang boikhohomoso le ho rata pefo! (2 Sam. 22:28; Pes. 11:5) Ho e-na le hoo, a re loaneleng ho ba le tholoana ea moea o halalelang oa Molimo, etsoe litšobotsi tse joalo li ke ke tsa chesoa ke mocheso oa tšoantšetso oa letsatsi la Jehova.—Bagal. 5:22, 23.

  • Seo Letsatsi la Jehova le Tla se Senola
    Molula-Qhooa—2010 | July 15
    • Itokisetse Letsatsi le Leholo la Jehova

      12. Ke hobane’ng ha lefatše le tla makala ha letsatsi la Jehova le fihla?

      12 Pauluse le Petrose ba ile ba profeta hore letsatsi la Jehova le ne le tla tla “joaloka lesholu”—le patile mohoasa ebile le sa lebelloa. (Bala 1 Bathesalonika 5:1, 2.) Esita le Bakreste ba ’nete ba lebeletseng letsatsi leo, ba tla makala ke tsela eo le tla fihla ka tšohanyetso ka eona. (Mat. 24:44) Leha ho le joalo, lefatše lona ha le na ho makala feela. Pauluse o ile a ngola a re: “Neng kapa neng ha [batho ba arohaneng le Jehova] ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko ba mahlomola ho mosali oa moimana; ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.”—1 Bathes. 5:3.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela