Ba Ahileng Hammoho ‘Naheng’ e Tsosolositsoeng
“Empa lōna, le tla bitsoa baprista ba Jehova, le bahlanka ba Molimo oa rōna.”—ESAIA 61:6.
1, 2. (a) Boemo ba basokolohi e ne e le bofe Iseraeleng? (b) Litho tsa “bongata bo boholo” li bontšitse moea ofe mehleng ea kajeno?
MEHLENG ea boholo-holo, ha Iseraele e ne e sa ntse e tšepahala e ne e sebeletsa e le paki ea khanya ea Jehova. (Esaia 41:8, 9; 43:10) Melata e mengata e ile ea arabela ’me ea tla rapela Jehova e kopane le batho ba Hae ba khethiloeng. Ha e le hantle, e ile ea bolella Iseraele seo Ruthe a ileng a se bolella Naomi: “Chaba sa hao ke chaba sa ka, ’me Molimo oa hao ke Molimo oa ka.” (Ruthe 1:16) Ba ile ba ikokobeletsa litekanyetso tsa selekane sa Molao, banna ba bolotsoa. (Exoda 12:43-48) Basali ba bang ba ile ba nyaloa ke Baiseraele. Rahaba oa Jeriko le Ruthe oa Moabe e ile ea e-ba baholo-holo ba Jesu Kreste. (Mattheu 1:5) Basokolohi ba joalo e ne e le karolo ea phutheho ea Iseraele.—Deuteronoma 23:7, 8.
2 Ka tsela e tšoanang le ea basokolohi Iseraeleng, “bongata bo boholo” kajeno bo itse ho masala a batlotsuoa: “Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le lōna.” (Tšenolo 7:9; Zakaria 8:23) Ba hlokomela hore Bakreste bana ba tlotsitsoeng ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale” oa Jehova, ’me ba sebetsa haufi-ufi le bona hoo batlotsuoa le “linku tse ling” e leng ‘mohlape o le mong, molisa a le mong.’ (Mattheu 24:45-47; Johanne 10:16) Ho tla etsahala eng ka bongata bo boholo ha baena bohle ba tlotsitsoeng ba amohela moputso oa bona oa leholimo? Ha ho hlokahale hore bo tšabe. Ho pholletsa le ‘mehla ena ea qetello,’ Jehova o entse tokisetso bakeng sa nako eo.—2 Timothea 3:1.
“Naha” ea Moea
3. “Maholimo a macha” a profetiloeng ke Petrose ke eng, ’me a ile a thehoa neng?
3 Tokisetso ea puso ea leholimo eo Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000 e tla ba karolo ea eona e ile ea profetoa ke moapostola Petrose. O itse: “Re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (2 Petrose 3:13) “Maholimo a macha” ana a ile a thehoa ka 1914, ha Kreste a ne a lula teroneng e le Morena ’Musong oa leholimo. Empa ho thoe’ng ka “lefatše le lecha”?
4. (a) Ke ketsahalo efe e sa lebelloang e ileng ea etsahala ka 1919? (b) ‘Sechaba se tsoetsoeng hang’ e ne e le sefe, ’me ‘naha e tsoetsoeng ka tsatsi le le leng’ ke eng?
4 Ka 1919, Jehova o ile a ntša masala a tlotsitsoeng botlamuoeng ba Babylona e Moholo. (Tšenolo 18:4) Ho baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana, ketsahalo ena e hapang tlhokomelo e ne e sa lebelloa ho hang. Mabapi le eona, Bibele e re: “Ke mang ea utloileng taba e joalo? Ke mang ea boneng e tšoanang le eona? Na naha e ka tsoaloa ka [tsatsi] le le leng, kapa sechaba se ka tsoaloa hang na?” (Esaia 66:7, 8) Ha phutheho ea batlotsuoa e hlaha ka tšohanyetso ka pel’a lichaba e le batho ba lokolohileng, ruri e ne e le sechaba se ‘tsoetsoeng hang.’ Leha ho le joalo, “naha” eo e ne e le eng? Ho isa bohōleng bo itseng, e ne e le naha ea moea e lekanang le naha ea Iseraele ea boholo-holo. E ne e le sebaka sa mosebetsi se filoeng “sechaba” se tsoetsoeng bocha, sebaka seo ho sona boprofeta ba Paradeise ba buka ea Esaia bo phethahalang mehleng ea kajeno le ka kutloisiso ea moea. (Esaia 32:16-20; 35:1-7; bapisa le Ba-Heberu 12:12-14.) Hohle moo e ka ’nang eaba Mokreste o hona teng, o ‘naheng’ eo.
5. Ke setsi sefe se bileng teng ka 1919? Hlalosa.
5 Sena se ne se amana joang le “lefatše le lecha” le profetiloeng ke Petrose? Ha e le hantle “sechaba” seo se secha, se tsoetsoeng ka 1919 ka har’a “naha” e tsosolositsoeng, se ne se lokela ho fetoha mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatše ka bophara o entsoeng ka barorisi ba Jehova ba batlotsuoa le bao eseng batlotsuoa. Mokhatlo ona o hlophisitsoeng o tla pholoha Armageddone o kene lefatšeng le lecha la Molimo. Ka tsela ena sechaba seo se ne se ka talingoa e le setsi sa mokhatlo oa batho ba lokileng, lefatše le lecha, o tla ba teng ka mor’a ho timetsoa ha lefatše la Satane.a Bohareng ba bo-1930, batlotsuoa, e le sehlopha, ba ne ba bokeletsoe naheng e tsosolositsoeng. Ho tloha ka nako eo, khatiso e ’nile ea behoa ho bokelleng bongata bo boholo ba linku tse ling, boo kajeno palo ea bona e ka bang limilione tse hlano. (Tšenolo 14:15, 16) Na “naha” ee e na le baahi ba bangata haholo? Che, meeli ea eona e ka atolosoa kahohle kamoo ho hlokahalang. (Esaia 26:15) Ruri, hoa thabisa ho bona baahi ba eona ba ata ha masala a batlotsuoa a ntse a tlatsa “naha” ena ka “litholoana”—lijo tsa moea tse phelisang hantle, tse matlafatsang. (Esaia 27:6, NW) Empa boemo ba linku tsena tse ling ke bofe ‘naheng’ ee e tsosolositsoeng ea batho ba Molimo?
Melata e Mafolo-folo ka Har’a “Naha”
6. Melata e bile mafolo-folo joang ka har’a “naha” ea batho ba Molimo?
6 Feela joalokaha basokolohi naheng ea Iseraele ba ile ba ikokobeletsa Molao oa Moshe, bongata bo boholo kajeno bo ka har’a “naha” e tsosolositsoeng bo utloa litaelo tsa Jehova. Bo rutiloe ke baena ba bona ba tlotsitsoeng, bo furalla mefuta eohle ea borapeli ba bohata ’me bo boloka khalalelo ea mali. (Liketso 15:19, 20; Ba-Galata 5:19, 20; Ba-Kolosse 3:5) Bo rata Jehova ka lipelo, likelello, lisoule le matla a bona ’ohle le moahelani oa bona joalokaha bo ithata. (Mattheu 22:37, NW; Jakobo 2:8) Iseraeleng oa boholo-holo basokolohi ba ile ba thusa kahong ea tempele ea Salomone le ho tšehetsa ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete. (1 Likronike 22:2; 2 Likronike 15:8-14; 30:25) Kajeno, bongata bo boholo le bona bo kopanela mererong ea kaho. Ka mohlala, bo thusa kahong ea liphutheho le lipotoloho, ho se ho sa thoe letho ka ho kopanela mesebetsing ea kaho, e kang ea Liholo tsa ’Muso, Liholo tsa Likopano, le mehaho ea makala.
7. Ho ile ha etsahala eng Jerusalema ka mor’a nako ea botlamuoa ha ho ne ho se na Balevi ba lekaneng bakeng sa ho etsa litšebeletso tsa tempele?
7 Ka 537 B.C.E., ha Baiseraele ba khutla botlamuoeng Babylona, ba ile ba qalisa ho hlophisa tšebeletso setšeng sa tempele. Leha ho le joalo, Balevi ba ileng ba khutla ba ne ba se bangata hakaalo. Ka hona, Banethinime—bajaki ba bolotseng bao pele e neng e le bathusi ba Balevi—ba ile ba fuoa litokelo tse eketsehileng tšebeletsong ea tempele. Leha ho le joalo, ba ne ba sa lekane le baprista ba tlotsitsoeng ba leloko la Aarone.b—Esdrase 7:24; 8:15-20; Nehemia 3:22-26.
8, 9. Linku tse ling li bile le karolo e eketsehileng joang mosebetsing oa ho etsa tšebeletso e halalelang mehleng ea qetello?
8 Bakreste ba tlotsitsoeng kajeno ba latetse mohlala ona. Ha ‘nako ea bofelo’ e se e keneletse hare, masala a batlotsuoa a se a fokola haholo ‘naheng’ ea batho ba Molimo. (Daniele 12:9; Tšenolo 12:17) Ka lebaka lena, hona joale bongata bo boholo bo etsa boholo ba mosebetsi oa ho nehela “tšebeletso e halalelang.” (Tšenolo 7:15, NW) Ka lebaka la ho latela tataiso ea baena ba bona ba batlotsuoa, bo ‘hlahisa ho Molimo sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.’ Ha bo ‘lebale ho etsa batho hantle, le ho fana,’ hobane boa tseba hore “Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”—Ba-Heberu 13:15, 16.
9 Ho feta moo, ka lebaka la ho eketseha ha bongata bo boholo ka makholo a likete selemo ka seng, ho na le tlhoko ea bolebeli e hōlang e sa khaotse. Ka nako e ’ngoe Bakreste ba batlotsuoa ka ho khetheha ba ile ba sebetsana le eona. Hona joale, bolebeli ba liphutheho tse ngata, esita le lipotoloho, litereke, le makala, ho ile ha hlokahala hore bo behoe tlhokomelong ea linku tse ling. Ka 1992, ba seng bakae ho bana ba ile ba fuoa tokelo ea ho ba teng libokeng tsa likomiti tsa Sehlopha se Busang ’me ba sebeletsa e le bathusi ba sa nkeng karolo ho etseng liqeto tsa ho qetela. Ho ntse ho le joalo, linku tse ling li lula li tšepahetse ho Bakreste ba habo tsona ba tlotsitsoeng ’me li ikutloa li na le tokelo ea ho ba tšehetsa e le mohlanka oa Jehova ea khabane ea bohlale.—Mattheu 25:34-40.
“Joaloka Khosana”
10, 11. Ba latela mohlala oa Bafilista ba bang, batho bao pele e neng e le lira tsa Molimo ba fetotse lipelo tsa bona joang? Ka phello efe?
10 Tsela eo ka eona mohlanka ea khabane ea bohlale a sebelisitseng linku tse ling maemong a boikarabelo e ile ea profetoa ho Zakaria 9:6, 7. Moo rea bala: “Ke tla felisa boikhohomoso ba mo-Filesta. Ke tla tlosa mali a hae molomong oa hae, le manyala a hae mahareng a meno a hae; le eena o tla salla Molimo oa rōna, ’me o tla ba joalo ka khosana har’a Juda, Ekrone a be joalo ka mo-Jebuse.”c Bafilista e ne e le lira tsa batho ba Jehova tse ikanneng, joalokaha ho le joalo ka lefatše la Satane kajeno. (1 Johanne 5:19) Feela joalokaha Bafilista ba ile ba qetella ba timelitsoe ka ho feletseng joaloka sechaba, ka hona lefatše lena, ka likarolo tsa lona tsa bolumeli, lipolotiki, le khoebo, le tla tloha le latsoa khalefo ea Jehova e timetsang.—Tšenolo 18:21; 19:19-21.
11 Leha ho le joalo, ho latela mantsoe a Zakaria, lipelo tsa Bafilista ba bang li ne li fetohile, ’me sena se ne se tšoantšetsa hore batho ba bang ba lefatše kajeno ba ne ba ke ke ba lula e le lira tsa Jehova. Ba ne ba tla tlohela borapeli ba litšoantšo ba bolumeli le litšebeletso tsa bona tse manyala le mahlabelo a nyonyehang ’me ba hloeke mahlong a Jehova. Mehleng ea rōna “Ba-Filesta” ba joalo ba fetohileng ba fumanoa har’a bongata bo boholo.
12. Mehleng ea kajeno, “Ekrone” e fetohile e “joalo ka mo-Jebuse” joang?
12 Ho latela boprofeta, motse o moholo oa Bafilista oa Ekrone o ne o tla ba “joalo ka mo-Jebuse.” Bajebuse le bona e kile ea e-ba lira tsa Iseraele. Jerusalema e ne e le matsohong a bona ho fihlela Davida a e hapa. Leha ho le joalo, ho hlakile hore ba bang ho ba ileng ba pholoha lintoa tse loanoang le Iseraele e ile ea e-ba basokolohi. Ba ile ba sebeletsa naheng ea Iseraele e le makhoba ’me ba ne ba bile ba na le tokelo ea ho sebetsa kahong ea tempele. (2 Samuele 5:4-9; 2 Likronike 8:1-18) Kajeno, “ba Ekrone” ba retelehelang borapeling ba Jehova le bona ba na le tokelo ea tšebeletso ka har’a “naha” tlas’a bolebeli ba mohlanka ea khabane ea bohlale.
13. Likhosana e ne e le eng lefatšeng la boholo-holo?
13 Zakaria o re Mofilista o ne a tla ba joaloka khosana Juda. Lentsoe la Seheberu ʼal·luphʹ, ha le fetoleloa e le “khosana,” le bolela “moeta-pele oa ba sekete” (kapa, “chiliarch”). E ne e le boemo bo phahameng ka ho fetisisa. Sechaba sa pele sa Edomo ho ne ho totobetse hore se ne se na le likhosana tse 13. (Genese 36:15-19) Lentsoe “khosana” hase hangata le sebelisoang ha ho buuoa ka Iseraele, empa polelo ‘hlooho (kapa, morena) oa sekete’ e hlaha hangata. Ha Moshe a ne a bitsa baemeli ba sechaba sa Iseraele, o ile a bitsa “lihlooho tsa likete tsa Iseraele.”d Ho ne ho e-na le ba 12, ho hlakile hore ba ne ba le ka tlas’a Moshe feela. (Numere 1:4-16) Ka ho tšoanang, tlhophisong ea lebotho, marena a likete a ne a hlahlama molaoli oa mabotho kapa morena.—2 Samuele 18:1, 2; 2 Likronike 25:5.
14. Kajeno “mo-Filesta” o fetohile ea tšoanang le khosana joang?
14 Zakaria ha aa ka a profeta hore Mofilista ea bakileng e ne e tla hle e be khosana Iseraeleng. Seo e ne e ke ke ea e-ba se loketseng, kaha e ne e se Moiseraele oa tsoalo. Empa o ne a tla tšoana le khosana, a be sebakeng sa bolaoli se tšoanang le sa khosana. ’Me ho ipakile ho le joalo. Ha palo ea masala a Bakreste ba tlotsitsoeng e fokotseha ’me bongata ba ba ntseng ba phela bo fokolisoa ke botsofali, linku tse ling tse koetlisitsoeng hantle li koala sekheo, ka puo ea tšoantšetso. Ha li batle ho amoha baena ba tsona ba tlotsitsoeng boemo ba bona. Empa mohlanka ea khabane ea bohlale o li fa matla a bolaoli ha ho hlokahala ka har’a “naha” e le hore mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o ka ’na oa hatela pele ka tsela e hlophisitsoeng. Tšebetso e joalo e etsahalang mohato ka mohato e bonahala boprofeteng bo bong hape.
Baprista le Balemi
15. (a) Phethahatsong ea Esaia 61:5, 6, “baprista ba Jehova” ke bo-mang, ’me ba sebeletsa boemong boo neng ka kutloisiso e feletseng? (b) “Balichaba” ba etsang mosebetsi oa temo oa Iseraele ke bo-mang, ’me—ka kutloisiso ea moea—mosebetsi oo o akarelletsa eng?
15 Esaia 61:5, 6 e baleha tjena: “Balichaba ba tla ba teng, ba alose mehlape ea lōna; bana ba basele ba tla le lemela, ba le hlomele merara. Empa lōna, le tla bitsoa baprista ba Jehova, le bahlanka ba Molimo oa rōna. Le tla ja menono ea lichaba, le ithorise khanyeng ea tsona.” Kajeno, “baprista ba Jehova” ke Bakreste ba tlotsitsoeng. Ka kutloisiso e feletseng, ba tla sebeletsa e le “baprista ba Jehova . . . , bahlanka ba Molimo oa rōna,” ’Musong oa leholimo. (Tšenolo 4:9-11) “Balichaba” bana ba ikarabellang bakeng sa mosebetsi oa temo ke bo-mang? Ke linku tse ling, tse lulang ka har’a “naha” ea Iseraele oa Molimo. Ke bolisa, bolemi le bohlokomeli bofe ba merara bo behiloeng tlhokomelong ea bona? Ka kutloisiso ea bohlokoa ea moea, mesebetsi ena e amana le ho thusa batho, ho ba hlokomela le ho ba kotula.—Esaia 5:7; Mattheu 9:37, 38; 1 Ba-Korinthe 3:9; 1 Petrose 5:2.
16. Ke bo-mang bao qetellong ba tla etsa mosebetsi ’ohle ka har’a “naha” ea batho ba Molimo?
16 Hona joale, palo e nyenyane ea Iseraele oa moea e setse lefatšeng e kopanela boliseng ba moea, boleming, le tlhokomelong ea merara. Ha phutheho eohle e tlotsitsoeng e qetella e kopane le Kreste, mosebetsi ona oohle o tla sala le linku tse ling. Esita le bolebeli ba batho ba “naha” ka nako eo bo tla ba matsohong a linku tse ling tse tšoanelehang, tseo bukeng ea Ezekiele li bitsoang sehlopha sa marena.—Ezekiele likhaolong tsa 45 le 46.e
“Naha” E-ea Mamella
17. Jehova o ’nile a etsa litokisetso life ho pholletsa le mehla ee ea qetello?
17 E, ha ho hlokahale hore bongata bo boholo bo tšabe! Jehova o bo etselitse litokisetso tse ngata. Khatelo-pele ea bohlokoahali lefatšeng mehleng ena ea qetello e bile ho bokelloa le ho tšoauoa ha ba tlotsitsoeng. (Tšenolo 7:3) Leha ho le joalo, e le hore a ka finyella sena, Jehova o ba kopantse le linku tse ling naheng ea moea e tsosolositsoeng. Moo ba ’nile ba feptjoa moeeng le ho koetlisoa bophelong ba Bokreste. Ho feta moo, ba rupetsoe hamolemo tšebeletsong e halalelang, ho akarelletsa le bolebeling. Ba leboha Jehova le baena ba bona ba tlotsitsoeng ka ho teba bakeng sa sena.
18. Linku tse ling li tla lula li tšepahala nakong ea liketsahalo life ka har’a “naha” ea Iseraele oa moea?
18 Ha Gogo oa Magogo a hlasela batho ba Molimo la ho qetela, linku tse ling li tla ema li tiile le masala a batlotsuoa ‘lefatšeng le ahlameng.’ Linku tse ling li tla be li ntse li le ‘naheng’ eo ha li pholoha timetso ea lichaba le ho kena lefatšeng le lecha la Molimo. (Ezekiele 38:11; 39:12, 13; Daniele 12:1; Tšenolo 7:9, 14) Ha li ntse li tšepahala, le ka mohla li ke ke tsa tlameha ho tloha sebakeng seo se thabisang.—Esaia 11:9.
19, 20. (a) Lefatšeng le lecha, ke bolebeli bofe bo hlollang boo baahi ba “naha” ba tla bo thabela? (b) Re lebeletse eng ka cheseho e khōlō?
19 Iseraele oa boholo-holo e ne e busoa ke marena a batho ’me e ne e e-na le baprista ba Balevi. Lefatšeng le lecha, Bakreste e tla ba balebeli ka tekanyo e khōloanyane. Tlas’a Jehova Molimo, e tla ba bafo ba Moprista ea Phahameng le Morena, Jesu Kreste, le baprista le marena a 144 000 ba sebetsang hammoho le eena—ba ne ba tseba ba bang ba bona joaloka baena ba bona le bo-khaitseli ba Bakreste lefatšeng. (Tšenolo 21:1) Baahi ba tšepahalang ba naha ea moea ba tla phela lefatšeng le khutliselitsoeng paradeiseng ea sebele, ba thabela litlhohonolofatso tsa pholiso tse theoleloang fatše ka Jerusalema e Mocha.—Esaia 32:1; Tšenolo 21:2; 22:1, 2.
20 Ha koloi ea Jehova ea leholimo e hlollang e ntse e tsamaea e sa khaotse bakeng sa ho phetha merero ea hae, kaofela ha rōna ka cheseho e matla re lebeletse ho phethahatsa karolo eo re e abetsoeng. (Ezekiele 1:1-28) Ha merero eo e qetella e finyeletsoe, nahana hore na ho halaletsoa ho hlōlang ha Jehova ho tla ketekoa ka thabo e kaakang! Pina e matla ea thoriso e tlalehiloeng ho Tšenolo 5:13 ka nako eo e tla binoa ke pōpo eohle: “Ho ea lutseng teroneng le ho Konyana, e be teboho, le hlompho, le khanya, le matla, mehleng le mehla!” Ebang sebaka sa rōna se tla ba leholimong kapa lefatšeng, na ha re laba-labele ho ba moo, re kenyeletse mantsoe a rōna pineng eo e hlollang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona “New Heavens and a New Earth,” e hatisitsoeng ka 1953 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., maqepheng a 322-3.
b Bakeng sa puisano e feletseng, bona sehlooho “Tokisetso ea Jehova, ‘Limpho’” tokollong ea April 15, 1992, ea Molula-Qhooa.
c Bona Paradise Restored to Mankind—By Theocracy!, e hatisitsoeng ka 1972 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., maqepheng a 264-9.
d Seheberu: raʼ·shehʹ ʼal·phehʹ Yis·ra·ʼelʹ, e fetoletsoe e le khi·liʹar·khoi Is·ra·elʹ “li-chiliarch tsa Iseraele” ho Septuagint.
e Bona “The Nations Shall Know That I Am Jehovah”—How?, e hatisitsoeng ka 1971 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., maqepheng a 401-7.
U ka Araba Joang?
◻ Ke “naha” efe e ileng ea tsosolosoa ka 1919, ’me e ile ea tlatsoa joang ka baahi?
◻ Linku tse ling li filoe boikarabelo bo eketsehileng joang ka har’a “naha” e tsosolositsoeng ea batho ba Molimo?
◻ Ke ka tsela efe litho tsa bongata bo boholo li leng “joalo ka mo-Jebuse”? “joalo ka khosana har’a Juda”?
◻ Linku tse ling tse tšepahalang li tla lula ka har’a “naha” ka nako e kae?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Bafilista ba kajeno ba tla ba “joalo ka khosana har’a Juda”
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Batlotsuoa le linku tse ling ba sebeletsa hammoho naheng ea moea