Khaolo 4
Bokoenehi bo Boholo boa Hlaha
“MORENA o mong, tumelo e ’ngoe.” (Ba-Ef. 4:5) Ha moapostola Pauluse a ngola mantsoe ao tlas’a pululelo (hoo e ka bang ka 60-61 C.E.), ho ne ho e-na le tumelo e le ’ngoe feela ea Bokreste. Leha ho le joalo, kajeno re bona ho ata ha malumeli, lihlotšoana tsa bokhelohi, le lihlotšoana tsa bolumeli tse ipolelang hore ke tsa Bokreste, le hoja li ruta lithuto tse hanyetsanang ’me li khomaretse litekanyetso tse fapaneng tsa boitšoaro. See se fapane hakaakang le phutheho e le ’ngoe ea Bokreste e kopaneng e ileng ea qaleha ka Pentekonta ea 33 C.E.! Likarohano tsee li hlahile joang? Ho fumana karabelo, re tlameha ho khutlela lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng.
Ho tloha qalong, Mohanyetsi, Satane, o ile a leka ho khutsisa bopaki ba Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste ka ho li tlisetsa mahloriso a hlahang ka ntle ho phutheho. (1 Pet. 5:8) Qalong a ne a hlaha ho Bajode ’me hamorao a ile a hlaha ’Musong oa Balichaba oa Roma. Bakreste ba pele ba ile ba mamella khanyetso ea mefuta eohle ka katleho. (Bapisa le Tšenolo 1:9; 2:3, 19.) Empa Mohanyetsi ha aa ka a tela. Haeba a ne a ke ke a khona ho li khutsisa ka khatello e hlahang ho ba ka ntle, ke hobane’ng ha a ne a sa ba silafatse ka ba bang ba ka hare ho phutheho? Ha phutheho ea Bokreste e sa tsoa qaleha, ho ba teng ha eona ho ile ha sokeloa ke sera se ka har’a eona—bokoenehi.a
Leha ho le joalo, bokoenehi ha boa ka ba kenella ka phuthehong ho sa ka ha tsebisoa ka bona. Joaloka Hlooho ea phutheho, Kreste o ile a tiisa hore balateli ba hae ba lemosoa esale pele.—Ba-Kol. 1:18.
“Ho Tla ba le Baruti ba Bohata Har’a Lōna”
Jesu o ile a lemosa: “Phemang baprofeta ba bohata, ba tlang ho lōna ba apere kobo ea nku.” (Matt. 7:15) Jesu o ne a tseba hore Satane o ne a tla leka ho arola le ho silafatsa balateli ba Hae. Kahoo ho tloha qalong ea tšebeletso ea hae, o ile a ba lemosa ka baruti ba bohata.
Baruti baa ba bohata ba ne ba tla hlaha hokae? Ha moapostola Pauluse a bua le balebeli ba Efese hoo e ka bang ka 56 C.E., o ile a re ba ne ba “tla tsoa har’a lōna.” E, hona ka hare ho phutheho ho ne ho tla hlaha “batho ba tla bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.” (Lik. 20:29, 30) Bakoenehi ba joalo ba baikhabi ba ne ba ke ke ba khotsofalla ho iketsetsa barutuoa bao e leng ba bona; ba ne ba tla loanela ho ‘ikhulela bao e seng e ntse e le barutuoa,’ ke hore, barutuoa ba Kreste.
Moapostola Petrose (hoo e ka bang ka 64 C.E.) le eena o ile a bolela esale pele ka tšenyeho e neng e tla hlaha ka har’a phutheho a ba a hlalosa tsela eo bakoenehi ba joalo ba neng ba tla sebetsa ka eona: “Ho tla ba le baruti ba bohata har’a lōna, ba tla tlisa ka sekhukhu lithuto tse khelohileng . . . Ka baka la meharo ea bona ba tla le hanyapetsa ka lipolelo tseo ba iqapetseng tsona.” (2 Pet. 2:1, 3, BPN) Le hoja ba ne ba tla hlaha hona ka har’a phutheho, baruti ba bohata ba ne ba tla kenya lipono tsa bona tse silafatsang ka sephiri kapa ka bolotsana joaloka lihloela kapa limpimpi kampong ea sera.
Litemoso tsena tsa Jesu le baapostola ba hae ha e-ea ka ea e-ba tsa lefeela. Khanyetso e hlahang ka har’a phutheho e ile ea qaleha ka tsela e fokolang, empa e ile ea hlahella hona qalong ea phutheho ea Bokreste.
“Se se se Ntse se Sebetsa”
Nako e ka tlaase ho lilemo tse 20 ka morao ho lefu la Jesu, moapostola Pauluse o ile a bontša hore boiteko ba Satane ba ho hlahisa likarohano le ho khelosa batho tumelong ea ’nete ‘bo ne bo se bo ntse bo sebetsa.’ (2 Ba-Thess. 2:7, NW) Lengolong leo se ileng sa le romella liphutheho hoo e ka bang ka 49 C.E., sehlopha se busang se ile sa re: “Re utloile hobane ba bang ba tsoileng ho rōna ba le tšositse ka lipolelo tsa bona, ba sisinya meea [“liphefumolohi,” NW] ea lōna, ba re, le bolle, ’me le boloke molao, athe ha rea ka ra ba laela.” (Lik. 15:24) Kahoo ba bang hona ka har’a phutheho ba ne ba bolela pono ea bona ea bohanyetsi phatlalatsa—ka ho totobetseng ntlheng ena ba ne ba bolela pono ea bona tabeng ea hore na ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba Balichaba ba bolle ’me ba boloke Molao oa Moshe kapa che.—Lik. 15:1, 5.
Ha lilemo li ntse li feta lekholong la pele la lilemo, monahano o bakang likarohano o ile oa nama joaloka seso se kekang. (Bapisa le 2 Timothea 2:17.) Hoo e ka bang ka 51 C.E., ka phoso ba bang Thessalonika ba ne ba se ba ntse ba bolela esale pele hore “ho ba teng” ha Morena Jesu ho atametse. (2 Ba-Thess. 2:1, 2, NW) Hoo e ka bang ka 55 C.E., ba bang ba ne ba se ba lahlile thuto ea Bokreste e hlakileng mabapi le tsoho ea bafu. (1 Ba-Kor. 15:12) Hoo e ka bang ka 65 C.E., ba bang Korinthe ba ne ba re tsoho ea bafu e se e etsahetse, ba re ke tsoho ea tšoantšetso eo Bakreste ba phelang ba e latsoang.—2 Tim. 2:16-18.
Ha ho litlaleho tse bululetsoeng mabapi le se ileng sa etsahala ka har’a phutheho ea Bokreste ka lilemo tse 30 tse latelang. Empa ha moapostola Johanne a ngola mangolo a hae (hoo e ka bang ka 98 C.E.), ho ne ho se ho e-na le “bo-antikreste ba bangata”—batho ba neng ba latola hore “Jesu ke Kreste” le hore Jesu ke Mora oa Molimo ea tlileng “nameng.”—1 Joh. 2:18, 22; 4:2, 3.
Ka lilemo tse fetang 60, baapostola ba ne ba ‘sebelelitse e le thibelo,’ ba loanela ho thibela monahano oa bokoenehi ho kena ka phuthehong. (2 Ba-Thess. 2:7, NW; bapisa le 2 Johanne 9, 10.) Empa ha phutheho ea Bokreste e le mothating oa ho kena lekholong la bobeli la lilemo, moapostola oa ho qetela ea neng a ntse a phela, Johanne, o ile a shoa, hoo e ka bang ka 100 C.E. Joale bokoenehi bo neng bo se bo qalile butle ho kenella ka phuthehong bo ne bo se bo loketse ho hlahella ho se letho le bo thibang, ka liphello tse senyang tlhophiso le lithuto.
Baruti le Batho Feela ba Tloaelehileng
Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Lōna bohle le bana ba motho. Moeta-pele oa lōna o mong, e leng Kreste.” (Matt. 23:8, 10, NW) Kahoo ho ne ho se sehlopha sa baruti ka hare ho liphutheho tsa Bokreste tsa lekholong la pele la lilemo. Joaloka baena ba Kreste ba tlotsitsoeng ka moea, Bakreste bao ba pele kaofela ba ne ba e-na le tebello ea ho ba baprista ba leholimo hammoho le Kreste. (1 Pet. 1:3, 4; 2:5, 9) Tabeng ea tlhophiso, phutheho ka ’ngoe e ne e tsamaisoa ke sehlopha sa balebeli, kapa baholo ba moea.b Baholo bohle ba ne ba e-na le matla a bolaoli a lekanang, ’me ho ne ho se lea mong oa bona ea neng a fuoe matla a ho ‘iketsa morena’ oa mohlape o behiloeng tlhokomelong ea bona. (Lik. 20:17; Ba-Fil. 1:1; 1 Pet. 5:2, 3, NW) Leha ho le joalo, ha bokoenehi bo ntse bo senoleha, lintho li ile tsa qala ho fetoha—ka potlako.
O mong oa mehato ea pele ea bokhelohi e ile ea ba ho arola mantsoe “molebeli” (e·piʹsko·pos, ka Segerike) le “monna ea hōlileng,” kapa “moholo” (pre·sbyʹte·ros, ka Segerike), hore a se hlole a sebelisoa ho bolela boemo bo le bong ba boikarabelo. Hoo e ka bang lilemo tse leshome feela ka mor’a lefu la moapostola Johanne, “mobishopo” oa Antioke, Ignatius, lengolong la hae le eang ho Basmyrna, o ile a ngola: “Le bone hore kaofela le latela mobishopo [molebeli], joalokaha Jesu Kreste a latela Ntate, le presbiteri [sehlopha sa banna ba hōlileng] joalokaha eka ke Baapostola.” Ka hona Ignatius o ne a khothalletsa hore phutheho ka ’ngoe e tsamaisoe ke mobishopo a le mong,c kapa molebeli, ea neng a talingoa a arohile ho bapresbiteri, kapa banna ba hōlileng, a bile a e-na le matla a bolaoli a fetang a bona.
Leha ho le joalo, karohano ee e hlahile joang? Bukeng ea hae The History of the Christian Religion and Church, During the Three First Centuries, Augustus Neander o hlalosa se ileng sa etsahala: “Lekholong la bobeli la lilemo . . . , e tlameha e be ho ile ha thehoa boemo bo sa fetoheng ba mookameli oa bapresbiteri, eo, kaha ka ho khetheha o ne a hlokometse ntho e ’ngoe le e ’ngoe, a ileng a fuoa lebitso la [e·piʹsko·pos], ’me ka tsela eo o ile a khetholleha ho bapresbiteri ba bang kaofela.”
Ka hona ho ile ha raloa motheo bakeng sa hore sehlopha sa baruti se ’ne se hlahe butle-butle. Hoo e ka bang lilemo tse lekholo hamorao, Cyprian, “mobishopo” oa Carthage, Afrika Leboea, o ile a fetoha ’muelli ea matla oa matla a bolaoli a babishopo—joaloka sehlopha se arohileng ho bapresbiteri (bao hamorao ba ileng ba tsejoa e le bapristad), batiakone, le batho feela ba tloaelehileng. Empa o ne a sa buelle hore mobishopo a le mong a phahamele ba bang.e
Ha babishopo le bapresbiteri ba ntse ba nyolohela maemong a phahameng haholoanyane a boruti, ba ile ba siea balumeli ba bang kaofela ba le boemong bo tlaase ka phuthehong. Sena se ile sa fella ka karohano pakeng tsa baruti (ba etelletseng pele) le batho feela ba tloaelehileng (sehlopha sa balumeli ba se nang litokelo tse khethehileng). Cyclopedia ea McClintock le Strong ea hlalosa: “Ho tloha nakong ea Cyprian [ea shoeleng hoo e ka bang ka 258 C.E.], eo e leng eena ntat’a tsamaiso ea maemo a fapaneng ka kerekeng, karohano ea baruti le batho feela ba tloaelehileng e ile ea ba e hlahelletseng, ’me kapele-pele e ile ea amoheloa lefatšeng ka kakaretso. Ha e le hantle, ho tloha lekholong la boraro la lilemo ho ea pele, lentsoe clerus . . . le ne le se le batla le sebelisoa ka ho khethehileng bakeng sa ho khetholla tšebeletso ho batho feela ba tloaelehileng. Ha tlhahlamano ea maemo ka kerekeng ea Roma e ntse e hōla, baruti ha ea ka ea hlola e sa ba sehlopha se khethehileng feela . . . empa hape ba ile ba qala ho talingoa e le bona feela ba etsang boprista.”
Ka hona, hoo e ka bang nakong ea lilemo tse 150 ka mor’a lefu la moapostola oa ho qetela, liphetoho tse peli tse khōlō tsa tlhophiso li ile tsa kenella ka phuthehong: ea pele, karohano pakeng tsa mobishopo le bapresbiteri, mobishopo e le eena ea boemong bo ka holimo tlhahlamanong ea maemo ka kerekeng; ea bobeli, karohano pakeng tsa baruti le batho feela ba tloaelehileng. Ho e-na le hore balumeli bohle ba tsoetsoeng ka moea ba etse “boprista ba borena,” joale e ne e se e le baruti ba neng ba “talingoa e le bona feela ba etsang boprista.”f—1 Pet. 2:9, NW.
Liphetoho tse joalo li ile tsa tšoaea ho kheloha mokhoa oa Mangolo oo liphutheho li neng li busoa ka oona mehleng ea baapostola. Leha ho le joalo, liphello tsa bokoenehi ha ea ka ea e-ba liphetoho tsa tlhophiso feela.
Lithuto tsa Bohetene Lia Kenella
Lithuto tsa Kreste tse hloekileng ke taba e tlalehiloeng—li bolokiloe ka Mangolong a Halalelang. Ka mohlala, Jesu o ile a ruta ka ho hlaka hore Jehova ke “Molimo o ’notši oa ’nete” le hore sephefumolohi sa motho sea shoa. (Joh. 17:3; Matt. 10:28, NW) Leha ho le joalo, ha baapostola ba e-shoa ’me tsamaiso ea tlhophiso e qala ho fokola, lithuto tse hlakileng joalo li ile tsa silafala ha lithuto tsa bohetene li ntse li kenella Bokresteng. Ntho e joalo e ne e ka etsahala joang?
Lebaka la sehlooho la seo e ne e le tšusumetso e ipatileng ea filosofi ea Bagerike. The New Encyclopædia Britannica ea hlalosa: “Ho tloha bohareng ba lekholo la bo2 la lilemo AD Bakreste ba neng ba fumane koetliso e itseng filosofing ea Bagerike ba ile ba qala ho utloa tlhokahalo ea hore ba hlalose tumelo ea bona ka mantsoe a eona a khethehileng, ho khotsofatsa likelello tsa bona esita le ho sokolla bahetene ba rutehileng.” Hang ha batho bao menahano ea bona e sekametseng filosofing ba fetoha Bakreste, ha hoa ka ha nka nako e telele hore filosofi ea Bagerike le “Bokreste” li matahane hoo li neng li ke ke tsa hlola li aroloa.
Ka baka la kopano ena, lithuto tsa bohetene tse kang Boraro-bo-bong le ho se shoe ha sephefumolohi li ile tsa kenella ka hare ho Bokreste bo silafetseng. Leha ho le joalo, lithuto tsena li tloha morao haholo pele ho mehla ea bo-rafilosofi ba Bagerike. Ha e le hantle Bagerike ba li fumane mekhoeng ea lichaba tsa boholo-holo, kaha ho na le bopaki ba lithuto tse joalo malumeling a boholo-holo a Baegepeta le Bababylona.
Ha lithuto tsa bohetene li ntse li tsoela pele ho kenella Bokresteng, lithuto tse ling tsa Mangolo le tsona li ile tsa sothoa kapa tsa lahloa.
Tšepo ea ’Muso ea Nyamela
Barutuoa ba Jesu ba ne ba elelloa ka ho felletseng hore ba ne ba lokela ho lula ba falimehetse “ho ba teng” ha Jesu ho tšepisitsoeng le ho tla ha ’Muso oa hae. Ka mor’a nako, ho ile ha utloisisoa hore ’Muso ona o tla busa lefatše ka lilemo tse sekete ’me o le fetole paradeise. (Matt. 24:3, NW; 2 Tim. 4:18; Tšen. 20:4, 6) Bangoli ba Bibele ba Bakreste ba ile ba khothalletsa lipaki tsa lekholong la pele la lilemo hore li ipoloke li falimehile moeeng ’me li lule li ikarotse lefatšeng. (Jak. 1:27; 4:4; 5:7, 8, NW; 1 Pet. 4:7) Empa hang ha baapostola ba e-shoa, tebello ea Bokreste ea ho ba teng ha Kreste le ho tla ha ’Muso oa hae e ile ea nyamela. Hobane’ng?
Lebaka le leng e ne e le tšilafatso ea moea e neng e bakoa ke thuto ea Bagerike ea ho se shoe ha sephefumolohi. Ha Bakreste ba ntse ba e amohela, butle-butle tšepo ea puso ea lilemo tse sekete e ile ea lahloa. Hobane’ng? The New International Dictionary of New Testament Theology ea hlalosa: “Thuto ea ho se shoe ha sephefumolohi e ile ea nkela eschatology [thuto ea “Lintho tsa Nakong ea Bofelo”] ea TN [Testamente e Ncha] sebaka hammoho le tšepo ea eona ea tsoho ea bafu le pōpo e ncha (Tšen. 21 le khaolo e latelang), hoo sephefumolohi se ahloloang ka morao ho lefu se bileng se finyellang paradeiseng eo joale ho seng ho nahanoa hore e lefatšeng le leng.” Ka mantsoe a mang, Bakreste ba bakoenehi ba ne ba nahana hore lefung sephefumolohi se tsoa ’meleng le hore se tsoela pele ho phela, ka hona e tlameha e be mahlohonolo a Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete a amana le sebaka sa moea. Ka hona ba ile ba tlosa Paradeise lefatšeng eaba ba e isa leholimong, leo ba neng ba lumela hore sephefumolohi se pholositsoeng se finyella ho lona ha se e-shoa. Ka hona, ho ne ho sa hlokahale hore ba falimehele ho ba teng ha Kreste le ho tla ha ’Muso oa hae, kaha kaofela ba ne ba tšepile ho kopanngoa le Kreste leholimong ha ba e-shoa.g
Leha ho le joalo, ho na le lebaka le leng le hlileng la etsa hore ho bonahale ho se lebaka la ho falimehela ho tla ha ’Muso oa Kreste. The New Encyclopædia Britannica ea hlalosa: “Ho lieha [ho neng ho bonahala eka ho teng] ha Ho ba Teng ha Kreste ho ile ha fella ka ho fokola ha tebello ea hore o tla tla kapele e neng e le teng ka kerekeng ea pele. Tšebetsong ena e ‘khahlanong le thuto ea eschatology’ [ho fokolisa thuto ea “Lintho tsa Nakong ea Bofelo”], kereke e kenelletseng haholo litabeng tsa sechaba e ile ea tsoela pele ho nkela ’Muso o lebelletsoeng oa Molimo sebaka. Ho thehoa ha Kereke e K’hatholike joaloka mokhatlo o nang le tlhophiso ea maemo a fapaneng a boruti ho amana ka ho toba le ho fokola ha tebello eo ea hore [Kreste] o ne a tla tla kapele.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Kahoo mahlohonolo a lilemo tse sekete ha aa ka a tlosoa lefatšeng a isoa leholimong feela empa ’Muso o ile oa tlosoa leholimong oa tlisoa lefatšeng. ‘Ho fallisoa hona ha ’Muso’ ho ile ha phethoa ke Augustine oa Hippo (354-430 C.E.). Bukeng ea hae e tsebahalang The City of God, o ile a re: “Esita le hona joale Kereke ke ’muso oa Kreste, le ’muso oa leholimo.”
Khabareng, hoo e ka bang ka 313 C.E., nakong ea puso ea Moemphera Constantine oa Roma, Bokreste bo ile ba amoheloa ka molao, e leng Bokreste boo nakong ena karolo e khōlō ea bona e neng e se e fetohile ea bokoenehi ka monahano. Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba ikemiselitse ho kenngoa tšebeletsong ea ’Muso, ’me qalong ’Muso o ne o laola litaba tsa bolumeli. (Ka mor’a nakoana, bolumeli bo ne bo tla qala ho laola litaba tsa ’Muso.) Ka hona ho ile ha qaleha Bokreste-’mōtoana,h boo ka mor’a nako karolo ea bona (bolumeli ba K’hatholike) e ileng ea fetoha bolumeli ba ’Muso oa Roma. Joale, “’muso” o ne o se o se ka har’a lefatše feela empa e ne e se e le karolo ea lefatše. Seo se ne se fapane hakaakang le ’Muso oo Kreste a neng a ruta ka oona!—Joh. 18:36, NW.
Phetoho e Khōlō ea Bolumeli—Na e ne e le ho Khutlela Borapeling ba ’Nete?
Joaloka mofoka o tlokomang ka har’a koro e bipelitsoeng, Kereke ea Roma e ile ea laola litaba tsa lefatše ka makholo-kholo a lilemo, tlas’a ’musi oa eona oa mopapa. (Matt. 13:24-30, 37-43) Ha e ntse e tsoela pele ho fetoha karolo ea lefatše, kereke e ile ea ’na ea tsoela pele ho suthela hōle le Bokreste ba lekholong la pele la lilemo. Ho theosa le makholo a lilemo lihlotšoana tsa “bokhelohi” li ile tsa ntša mohoo oa hore ho etsoe liphetoho ka kerekeng, empa kereke e ile ea ’na ea tsoela pele ho sebelisa matla hampe le ho ipokellela leruo. Ka hona, lekholong la bo16 la lilemo, Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ea Boprostanta, eo e neng e le phetohelo ea bolumeli, e ile ea hlahella ka sekhahla se seholo.
Baeta-pele ba Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ba kang Martin Luther (1483-1546), Ulrich Zwingli (1484-1531), le John Calvin (1509-64) ba ile ba hlasela kereke litabeng tse fapa-fapaneng: Luther o ile a e hlasela tabeng ea ho rekisa mangolo a fanang ka tšoarelo ea libe, Zwingli a e hlasela tabeng ea boitlami ba baruti le borapeli ba Maria, ’me Calvin a e hlasela ka tlhokahalo ea hore kereke e khutlele melao-motheong ea Bokreste ea qalong. Boiteko bo joalo bo ile ba finyella eng?
’Nete ke hore Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e ile ea finyella lintho tse ling tse molemo, tseo har’a tsona e hlokomelehang ka ho fetisisa e ileng ea ba ho fetoleloa ha Bibele lipuong tsa batho feela ba tloaelehileng. Boikutlo ba bolokolohi bo neng bo le teng Phetohong e Khōlō ea Bolumeli bo ile ba lebisa patlisisong e hlokang leeme haholoanyane ea Bibele le kutloisisong e eketsehileng ea lipuo tsa Bibele. Leha ho le joalo, Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ha ea ka ea e-ba ho khutlela borapeling le thutong ea ’nete.i Hobane’ng?
Liphello tsa bokoenehi li ne li kenelletse tlaase-tlaase, metheong oa Bokreste-’mōtoana. Ka hona, le hoja lihlopha tse fapa-fapaneng tsa Boprostanta li ile tsa itokolla bolaoling ba mopapa oa Roma, li ile tsa ntšetsa pele tse ling tsa liphoso tsa motheo tsa Kereke ea Roma e K’hatholike, e leng litšobotsi tse bakiloeng ke ho lahla Bokreste ba ’nete. Ka mohlala, le hoja ho busoa ha likereke tsa Boprostanta ho ne ho batla ho fapane, karohano ea motheo ka kerekeng ea sehlopha sa baruti ba busang le batho feela ba tloaelehileng ba busoang e ile ea ntšetsoa pele. Ho ile ha boela ha ntšetsoa pele lithuto tseo e seng tsa Mangolo tse kang Boraro-bo-bong, ho se shoe ha sephefumolohi, le tlhokofatso e sa feleng ka mor’a lefu. ’Me joaloka Kereke ea Roma, likereke tsa Boprostanta li ile tsa tsoela pele ho ba karolo ea lefatše, tsa kenella ka ho teba litsamaisong tsa lipolotiki le lihlopheng tsa ba ’maloa ba khethiloeng ba busang.
Khabareng, ho thoe’ng ka tebello ea Bokreste—ho falimehela ho ba teng ha Jesu le ho tla ha ’Muso oa hae? Ka lilemo tse makholo-kholo ka mor’a Phetoho e Khōlō ea Bolumeli, likereke—tsa K’hatholike hammoho le tsa Boprostanta—li ’nile tsa tšehetsa puso ea lefatše ka ho teba ’me tsa qhelela litebello tsa ho tla ha ’Muso oa Kreste ka thōko.
Ho Tsosa Batho Hore ba Falimehe
Leha ho le joalo, lekholong la bo19 la lilemo, boikutlo bo atileng ba bolumeli bo ile ba tsosa batho hore ba bontše ho falimeha ha Bokreste. Ka baka la patlisiso ea Bibele e ileng ea etsoa ke baruti le litsebi tse ling tsa Bibele, lithuto tse kang ho se shoe ha sephefumolohi, tlhokofatso e sa feleng ka mor’a lefu, hore liketsahalo tse hlahelang batho li reriloe esale pele, le Boraro-bo-bong li ile tsa hlahlobjoa bocha. Ho phaella moo, liithuti tse ling tsa Bibele li ne li ntse li hlahloba ka hloko boprofeta ba Bibele bo mabapi le mehla ea bofelo. Ka baka leo, lihlopha tse fapa-fapaneng tsa batho li ile tsa qala ho nahana ka ho teba ka ho khutla ha Morena ho tšepisitsoeng.—Matt. 24:3.
United States, William Miller o ile a bolela esale pele hore Kreste o ne a tla khutla ka mokhoa o bonahalang ka 1843 kapa ka 1844. Setsebi sa thuto ea bolumeli sa Lejeremane J. A. Bengel se ile sa beha selemo sa 1836; Engelane balateli ba Irving ba ile ba talima selemong sa 1835 pele, hamorao ba talima lilemong tsa 1838, 1864, le 1866. Ho ne ho e-na le sehlopha sa Bamennone Russia seo pele se neng se talimile selemong sa 1889, eaba hamorao se talima selemong sa 1891.
Boiteko bo joalo ba ho lebela bo ile ba sebeletsa ho tsosa ba bangata hore ba falimehele ho khutla ha Morena. Leha ho le joalo, boiteko bona ba ho boloka ho falimeha ha Bokreste bo ile ba fella ka ho nyahama. Hobane’ng? Ka kakaretso, lebaka ke hore lihlopha tsena li ne li itšetlehile haholo ka batho ’me li sa itšetleha ka Mangolo ka ho lekaneng. Ka mor’a mashome a seng makae a lilemo, boholo ba lihlopha tsena li ile tsa nyamela.
Khabareng, nakong eona ena liphetoho tse ling li ile tsa ba le phello e khōlō tšepong le litebellong tsa batho.
Mehla ea “Tsebo” le Tsoelo-pele ea Mesebetsi e Meholo
Ka 1848, Karl Marx le Friedrich Engels ba ile ba hatisa The Communist Manifesto. Ho e-na le ho tšehetsa bolumeli, boo Marx a neng a bo bitsa “matekoane ho batho,” ba ne ba tšehetsa thuto ea hore Molimo ha o eo. Le hoja ba ne ba bonahala eka ba khahlanong le bolumeli bohle, ha e le hantle ba ile ba theha bolumeli, kapa borapeli, ba ’Muso le baeta-pele ba oona.
Hoo e ka bang lilemo tse leshome hamorao, ka 1859, Origin of Species ea Charles Darwin e ile ea hatisoa; e ile ea susumetsa monahano oa batho ba nakong eo ka ho teba mabapi le saense le bolumeli. Lithuto tsa ho iphetola ha lintho li ile tsa lebisa ho phephetsoeng ha bonnete ba tlaleho ea Bibele ea pōpo le tlaleho ea hore sebe se kene ka ho se utloe ha batho ba babeli ba pele. (Gen., likhao. 1-3) Ka baka leo, tumelo ea ba bangata Bibeleng e ile ea fokolisoa.
Khabareng, phetoho e khōlō ea mesebetsi e meholo e ne e se e qalehile ’me e ntse e ipha matla. Ho e-na le ho hatella temo ho ne ho se ho hatelloa mesebetsi e meholo le ho etsa lintho ka mechine. Ho qaptjoa ha terene ea mashala (mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo) e ile ea e-ba selelekela sa katoloso ea liporo ho pholletsa le naha. Karolong e qetellang ea lekholo la bo19 la lilemo ho ile ha qaptjoa fono-fono (1876), kramafomo (1877), khanya ea motlakase (1878-79), hammoho le ho sebelisoa ha Linotype ho hlahisa mela ea mongolo bakeng sa khatiso (1884).
Moloko oa batho o ile oa kena nakong ea tsoelo-pele e khōlō ka ho fetisisa historing ea mekhoa e potlakileng ea ho tsamaea le mekhoa ea puisano. Le hoja melemo ena e ne e tla sebelisoa ho ntšetsa pele lipakane tsa khoebo le tsa lipolotiki, e ne e boetse e tla sebelisoa lefapheng la bolumeli. Ka hona ho ile ha betloa tsela bakeng sa bohato ba pele bo bonyenyane boo sehlotšoana sa liithuti tsa Bibele se ileng sa bo nka bo neng bo tla ba le liphello tse amang lefatše lohle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, lereho “bokoenehi” (a·po·sta·siʹa, ka Segerike) le na le moelelo oa “ho furalla, ho lahla kapa ho fetohela.” (Lik. 21:21, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Moo moelelo oa lona oa sehlooho ke ho kheloha bolumeling; ho ikhula kapa ho lahla borapeli ba ’nete.
b Ka Mangolong mantsoe “molebeli” le “monna ea hōlileng,” kapa “moholo,” a bolela boemo bo le bong. (Lik. 20:17, 28, NW; Tite 1:5, 7) Poleloana “monna ea hōlileng” e bontša litšoaneleho tsa khōlo ea moea tsa motho ea khetheloang boemo boo, ’me lentsoe “molebeli” le bontša boikarabelo bo tsamaeang le ho khethoa hoo—ho lebela lithahasello tsa batho ba behiloeng tlhokomelong ea motho.
c Lentsoe la Senyesemane “bishop” (mobishopo) le nkiloe lentsoeng la Segerike e·piʹsko·pos (“molebeli”) ka mokhoa o latelang: Senyesemaneng sa Mehleng e Bohareng e ne e le bisshop, e tsoang ho bisceop ea Senyesemane sa Khale, e tsoang ho biscopus ea Selatine se Tloaelehileng, e fapaneng hanyenyane le episcopus ea Selatine sa Morao, e tsoang ho e·piʹsko·pos ea Segerike.
d Lentsoe la Senyesemane “priest” (moprista) le nkiloe ho pre·sbyʹte·ros (“monna ea hōlileng,” kapa “moholo”) ka mokhoa o latelang: le tsoa ho pre(e)st ea Senyesemane sa Mehleng e Bohareng, e tsoang ho prēost ea Senyesemane sa Khale, e tsoang ho prester ea Selatine se Tloaelehileng, e nkiloeng ho presbyter ea Selatine sa Morao, e tsoang ho pre·sbyʹte·ros ea Segerike.
e Ka mor’a nako ho ile ha hlaha monahano oa hore mobishopo oa Roma, ea neng a ipolela e le mohlahlami oa Petrose, ke mobishopo ea phahameng ka ho fetisisa le mopapa.—Bona Moloko oa Batho o Batla Molimo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., 1990, maqephe 270-2.
f Ho thahasellisang, Dr. Neander oa hlokomela: “Ho ile ha etsoa qeto e fosahetseng, ea hore joalokaha ho ne ho e-na le boprista bo bonahalang bo neng bo amahanngoa le sehlopha se itseng sa batho ka Testamenteng ea Khale, e tlameha e be ho boetse ho na le sehlopha se joalo ka [Testamenteng] e Ncha . . . Papiso ena ea bohata ea boprista ba Bokreste le ba Bojode e ile ea boela ea phahamisetsa puso ea kereke e matsohong a babishopo ka holim’a boemo ba bapresbiteri.”—The History of the Christian Religion and Church, e fetoletsoeng ke Henry John Rose, Khatiso ea Bobeli, New York, 1848, leq. 111.
g Ka phoso pono ena e etsa qeto ea hore lefung Bakreste bohle ba ea leholimong. Leha ho le joalo, Bibele e ruta hore ke batho ba 144 000 feela ba bitselitsoeng ho ea busa le Kreste leholimong. (Tšen. 7:4-8; 20:4-6) Batho ba bang ba se nang palo ba ka ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise tlas’a ’Muso oa Kreste.—Matt. 6:10; Tšen. 7:9, 15.
h Lentsoe “Bokreste-’mōtoana,” kamoo le sebelisitsoeng ka teng bukeng ena, le bolela Bokreste ka lebitso, ho fapana le Bokreste ba ’nete ba Bibele.
i Bakeng sa tlhaloso e batsi haholoanyane ea Phetoho e Khōlō ea Bolumeli le seo e ileng ea se finyella, bona khaolo 13, “Phetoho e Khōlō ea Bolumeli—Ho Batla ho Ile ha Leba ka Lehlakoreng le Lecha,” ho buka Moloko oa Batho o Batla Molimo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 33]
Ha phutheho ea Bokreste e sa tsoa qaleha, e ile ea sokeloa ke bokoenehi
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 34]
Khanyetso e hlahang ka har’a phutheho e ile ea qaleha ka mokhoa o fokolang
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 37]
Bakoenehi ha baa ka ba tlosa mahlohonolo a lilemo tse sekete lefatšeng ho a isa leholimong feela empa ba ile ba tlosa ’Muso leholimong ba o tlisa lefatšeng
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 36]
Plato le “Bokreste”
Rafilosofi oa Mogerike Plato (ea hlahileng hoo e ka bang ka 428 B.C.E.) o ne a ke ke a tseba hore qetellong lithuto tsa hae li ne li tla kenella Bokresteng ba bokoenehi. Seo Plato a tlatselitseng ka sona haholo-holo “Bokresteng” se ne se amana le lithuto tsa hae tsa Boraro-bo-bong le ho se shoe ha sephefumolohi.
Likhopolo tsa Plato mabapi le Molimo le tlhaho li ile tsa susumetsa thuto ea Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana. “Nouveau Dictionnaire Universel” ea hlalosa: “Boraro-bo-bong ba Plato, boo e neng e mpa e le ho hlophisoa bocha ha melimo e tsamaeang ka lihlopha tsa melimo e meraro e tlohang lichabeng tsa pele, bo bonahala e le boraro-bo-bong bo utloahalang bo rutoang filosofing ba likarolo tse tharo tse ileng tsa hlahisa melimo kapa batho ba bararo bao e leng melimo bao likereke tsa Bokreste li rutang ka bona. . . . Khopolo ea rafilosofi enoa oa Mogerike ka boraro-bo-bong ba melimo . . . e ka fumanoa malumeling ’ohle a boholo-holo [a bohetene].”—Moqolo 2, leqephe 1467.
Mabapi le thuto ea ho se shoe ha sephefumolohi, “New Catholic Encyclopedia” e re: “Khopolo ea Bokreste ea sephefumolohi sa moea se bōpiloeng ke Molimo se kenngoang ’meleng nakong ea kemolo ho etsa hore motho e be boleng bo felletseng bo phelang e hlahisitsoe ke phetoho e nkileng nako e telele filosofing ea Bokreste. Ebile feela nakong ea Origen [ea shoeleng hoo e ka bang ka 254 C.E.] oa Bochabela le Mohalaleli Augustine [ea shoeleng hoo e ka bang ka 430 C.E.] oa Bophirimela ha ho tiisoa hore sephefumolohi ke boleng ba moea ’me ho thehoa khopolo ea filosofi mabapi le sebōpeho sa sona. . . . Thuto [ea Augustine] . . . e ne e thehiloe (ho akarelletsa mefokolo e itseng) sekolong sa filosofi sa Neoplatonism.”—Moqolo XIII, maqephe 452, 454.
[Setšoantšo se leqepheng la 35]
“Mobishopo” oa Carthage, Cyprian, o ne a talima babishopo e le sehlopha se arohileng ho bapresbiteri, batiakone, le batho feela ba tloaelehileng
[Setšoantšo se leqepheng la 38]
“Esita le hona joale Kereke ke ’muso oa Kreste, le ’muso oa leholimo” (Augustine oa Hippo)
[Litšoantšo tse leqepheng la 39]
Babuelli ba phetoho e khōlō ea bolumeli ba ileng ba hlasela kereke litabeng tse sa tšoaneng
Martin Luther
John Calvin
Ulrich Zwingli
[Litšoantšo tse leqepheng la 40]
Ha e le hantle “Communist Manifesto” ea Karl Marx e ile ea theha borapeli ba ’Muso. “Origin of Species” ea Charles Darwin e ile ea susumetsa monahano oa batho ka ho teba mabapi le saense le bolumeli
[Litšoantšo tse leqepheng la 41]
Terene ea mashala
[Setšoantšo se leqepheng la 41]
Khanya ea motlakase
[Setšoantšo se leqepheng la 41]
Fono-fono ea pele
[Setšoantšo se leqepheng la 41]
Linotype ea pele
[Setšoantšo se leqepheng la 41]
Kramafomo