-
Molaetsa oa Bibele ha oa FetohaMolula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 4
-
-
Thuto ea Boraro-bo-bong: Lilemo tse ka bang 300 ka mor’a hore Bibele e ngoloe, mongoli e mong ea lumelang Thutong ea Boraro-bo-bong o ile a ikenyetsa mantsoe a reng “leholimong, Ntate, Lentsoe le Moea o Halalelang: kaofela ke ntho e le ’ngoe.” O ile a kenya mantsoe ao lengolong la 1 Johanne 5:7. Mantsoe ao a ne a le sieo Bibeleng ea pele. Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re: “Ho tloha ka selemo sa 501 ho ea pele, mantsoe ao a ile a fumanoa libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Selatine sa Khale le Bibeleng ea Selatine ea Vulgate.”
-
-
Molaetsa oa Bibele ha oa FetohaMolula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 4
-
-
Libuka tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho li thusa litsebi tsa Bibele mehleng ena ho bona liphoso tseo bakopitsi ba ileng ba li etsa. Ho etsa mohlala, haesale baeta-pele ba bolumeli ba ruta batho hore liphetolelo tsa Bibele ea Selatine li na le molaetsa o nepahetseng. Leha ho le joalo, ba ile ba ikenyetsa mantsoe a mang lengolong la 1 Johanne 5:7 joalokaha a boletsoe pejana sehloohong sena. Phoso ena e ile ea boela ea kena Phetolelong ea Senyesemane ea King James. Empa libuka tse ling tse ngotsoeng ka letsoho tse ileng tsa fumanoa li ile tsa bontša’ng? Bruce o ile a re: “Polelo eo [e ho 1 Johanne 5:7] ha e hlahe libukeng tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho (Sesyria, Secopt, Searmenia, Seethiopia, Searabia, Seslavone), haese feela libukeng tsa Selatine.” Ka lebaka lena, phetolelo e ntlafalitsoeng ea King James le Libibele tse ling li tlositse polelo eo e fosahetseng.
-