Khaolo ea Leshome le Metso e Robong
Jehova o Nyelisa Boikhohomoso ba Tyre
1, 2. (a) Tyre ea boholo-holo e ne e le motse oa mofuta ofe? (b) Esaia o ile a profeta eng ka Tyre?
E NE e le “ntle ka ho phethahetseng” ’me e atetsoe ke “leruo la mefuta eohle.” (Ezekiele 27:4, 12, An American Translation) Likepe tsa eona tse ngata li ne li sesa ho tšela leoatle ho ea libakeng tse hōle haholo. E ile ea e-ba e “khanyang haholo har’a leoatle le bulehileng,” ’me ‘ka lintho tsa eona tsa bohlokoa’ e ile ea ‘ruisa marena a lefatše.’ (Ezekiele 27:25, 33) Lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. boo e ne e le bona boemo ba Tyre—eo e neng e le motse oa Foenisia o mathōkong a Mediterranean ka bochabela.
2 Leha ho le joalo, timetso ea Tyre e ne e se e atametse. Lilemo tse ka bang 100 pele Ezekiele a e hlalosa, moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele ka ho oa ha qhobosheane ena ea Foenisia le mesarelo ea ba itšetlehileng ka eona. Esaia o ile a boela a profeta hore ka mor’a nako e itseng Molimo o ne a tla boela a lebise tlhokomelo ea hae motseng oo, a boele a o fe nala. Mantsoe ao a moprofeta a ile a phethahala joang? Hona re ka ithuta eng ho sohle se ileng sa etsahalla Tyre? Ho ba le kutloisiso e hlakileng ea se ileng sa e etsahalla le ea hore na ke hobane’ng ha lintho tse joalo li ile tsa etsahala ho tla matlafatsa tumelo ea rōna ho Jehova le litšepisong tsa hae.
“Bokollang, Lōna Likepe Tsa Tarshishe!”
3, 4. (a) Tarshishe e ne e le hokae, ’me kamano e ne e le efe pakeng tsa Tyre le Tarshishe? (b) Ke hobane’ng ha basesisi ba hoebisanang le Tarshishe ba tla ba le lebaka la ho ‘bokolla’?
3 Tlas’a sehlooho se reng, “Phatlalatso ea Tyre,” Esaia oa phatlalatsa: “Bokollang, lōna likepe tsa Tarshishe! etsoe e tlatlapuoe hore e se ke ea e-ba kou, hore e se ke ea e-ba sebaka seo ho kenoang ho sona.” (Esaia 23:1a) Ho lumeloa hore Tarshishe e ne e le karolo ea Spain, e hōle le Tyre ka bochabela ho Mediterranean.a Leha ho le joalo, Bafoenisia e ne e le litsebi tsa ho sesisa likepe, ’me likepe tsa bona li ne li le khōlō li bile li loketse leoatle. Bo-rahistori ba bang ba lumela hore Bafoenisia ke bona ba pele ba ileng ba hlokomela kamano e teng pakeng tsa khoeli le bophahamo ba maqhubu a leoatle ba ba ba sebelisa tsebo ea linaleli ho ba thusa ho sesisa likepe. Kahoo sebaka se selelele se pakeng tsa Tyre le Tarshishe ha ea ka ea e-ba tšitiso ho bona.
4 Mehleng ea Esaia, Tarshishe e hōle ke ’maraka oa Tyre, mohlomong ke eona mohloli o ka sehloohong oa leruo la eona karolong eo ea histori ea eona. Spain e na le merafo e nang le khapukhapu ea silevera, tšepe, thini, le lirafshoa tse ling. (Bapisa le Jeremia 10:9; Ezekiele 27:12.) “Likepe tsa Tarshishe,” tseo mohlomong e leng likepe tse tsoang Tyre tse hoebisanang le Tarshishe, li tla ba le lebaka le letle la ho ‘bokolla,’ ho lla ka lebaka la ho ripitloa ha kou ea tsona.
5. Basesisi ba likepe ba tsoang Tarshishe ba tla utloa litaba tsa ho oa ha Tyre hokae?
5 Basesisi ba likepe ba leoatleng ba tla tseba ka ho oa ha Tyre joang? Esaia oa araba: “Ba e senoletsoe naheng ea Kitime.” (Esaia 23:1b) Mohlomong ‘naha ea Kitime’ e bolela sehlekehleke sa Cyprase, se ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 100 ka bophirimela ho lebōpo la leoatle la Foenisia. Sena ke sebaka sa ho qetela seo likepe tse lebang bochabela tse tlohang Tarshishe li emang ho sona pele li fihla Tyre. Kahoo, basesisi ba likepe ba tla fumana litaba tsa ho lihuoa ha kou ea bona eo ba e ratang ha ba etsa khefu Cyprase. Ke ho ba sithabetsang hakaakang! Ba saretsoe, ba tla ‘bokolla’ ba tsielehile.
6. Hlalosa kamano e teng pakeng tsa Tyre le Sidone.
6 Batho ba lebōpong la leoatle la Foenisia le bona ba tla tsieleha. Moprofeta o re: “Khutsang, lōna baahi ba sebaka se lebōpong la leoatle. Bahoebi ba Sidone, ba tšelang leoatle—ba le tlatsitse. Peō ea Shihore e metsing a mangata, kotulo ea Nile, letlotlo la eona; e bile phaello ea lichaba.” (Esaia 23:2, 3) “Baahi ba sebaka se lebōpong la leoatle”—baahisani ba Tyre—ba tla khutsa ba makalitsoe ke tlokotsi ea ho oa ha Tyre. “Bahoebi ba Sidone” ba ‘tlatsitseng’ baahi baa, ba ba ruisitseng, ke bo-mang? Qalong Tyre e ne e le kolone ea motse oa Sidone o koung ea leoatle, lik’hilomithara tse 35 feela ka leboea. Cheleteng ea eona ea tšepe, Sidone e itlhalosa e le ’m’a Tyre. Le hoja Tyre e se e feta Sidone ka leruo, e ntse e le “morali oa Sidone,” ’me baahi ba eona ba ntse ba ipitsa Basidone. (Esaia 23:12) Kahoo, e ka ’na eaba poleloana “bahoebi ba Sidone” e bolela baahi ba Tyre ba leng khoebong.
7. Bahoebi ba Sidone ba tlatsa leruo joang?
7 Bahoebi ba ruileng ba Sidone ba keneletseng morerong oa khoebo, ba haola le Leoatle la Mediterranean. Ba isa peō, kapa lijo-thollo, tsa Shihore libakeng tse ngata, eo e leng lekala la Nōka ea Nile le ka bochabela bo thōko-thōko sebakeng sa Egepeta se molomong oa nōka. (Bapisa le Jeremia 2:18.) “Kotulo ea Nile” e boetse e akarelletsa lihlahisoa tse ling tsa Egepeta. Ho hoeba le ho fapanyetsana lihlahisoa tse joalo ho fa bahoebi bana ba hoebang leoatleng phaello e ngata hammoho le lichaba tseo ba hoebisanang le tsona. Bahoebi ba Sidone ba tlatsa Tyre ka chelete e ngata e kenang. Ka sebele, ba tla sareloa ha e ripitloa!
8. Timetso ea Tyre e tla ba le phello efe ho Sidone?
8 Ka mor’a moo, Esaia o lebisa mantsoe a latelang ho Sidone: “Hlajoa ke lihlong, Uena Sidone; hobane leoatle, Uena qhobosheane ea leoatle, le itse: ‘Ha kea ba le bohloko ba pelehi, ’me ha kea beleha, leha e le ho hlokomela bahlankana, ho hōlisa baroetsana.’” (Esaia 23:4) Ka mor’a ho timetsoa ha Tyre, sebaka se lebōpong la leoatle seo pele motse o neng o le ho sona se tla bonahala e le sebataolo ebile e le lesupi. Leoatle le tla bonahala le hoeletsa ka tsieleho, joaloka ’mè ea hlokahaletsoeng ke bana ’me a tsielehile hoo joale a seng a bile a latola hore o kile a ba le bona. Sidone e tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la se etsahaletseng morali oa eona.
9. Mesarelo eo batho ba tlang ho ba le eona ka mor’a ho oa ha Tyre e tla tšoana le pherekano e ileng ea e-ba teng ka mor’a liketsahalo life tse ling?
9 E, litaba tsa ho timetsoa ha Tyre li tla baka mesarelo hohle. Esaia o re: “Feela joaloka tlaleho e mabapi le Egepeta, ka ho tšoanang batho ba tla ba le bohloko bo boholo ka lebaka la tlaleho ea Tyre.” (Esaia 23:5) Bohloko bo tlang ho utluoa ke ba siameng bo tla tšoana le bo bakiloeng ke tlaleho e mabapi le Egepeta. Moprofeta o bolela tlaleho efe? Mohlomong ea ho phethahala ha “phatlalatso [ea hae ea pejana] khahlanong le Egepeta.”b (Esaia 19:1-25) Kapa mohlomong moprofeta o bolela tlaleho ea ho timetsoa ha lebotho la Faro mehleng ea Moshe, ho ileng ha baka pherekano hohle. (Exoda 15:4, 5, 14-16; Joshua 2:9-11) Leha ho le joalo, ba utloang tlaleho ea ho timetsoa ha Tyre ba tla utloa bohloko bo boholo. Ba khothalletsoa hore ba balehele Tarshishe e hōle bakeng sa tširelo ’me ba laeloa hore ba bonahatse mesarelo ea bona ka mehoo e lerata: “Tšelelang Tarshishe; bokollang, lōna baahi ba sebaka se lebōpong la leoatle.”—Esaia 23:6.
O Thabile “ho Tloha Linakong Tsa Oona Tsa Pele”
10-12. Hlalosa borui ba Tyre, linako tsa eona tsa khale le tšusumetso ea eona.
10 Tyre ke motse oa khale, joalokaha Esaia a re hopotsa ha a botsa: “Na ona ke motse oa lōna o neng o thabile ho tloha linakong tsa khale, ho tloha linakong tsa oona tsa pele?” (Esaia 23:7a) Histori ea katleho ea Tyre e tloha morao koana bonyane mehleng ea Joshua. (Joshua 19:29) Ha lilemo li ntse li feta, Tyre e ile ea tuma ka ho hlahisa lintho tsa tšepe, tsa khalase le dae e pherese. Liaparo tsa Tyre tse pherese li bitsa theko e boima ka ho fetisisa, ’me batho ba hlomphehang sechabeng ba rata masela a Tyre a theko e boima haholo. (Bapisa le Ezekiele 27:7, 24.) Hape Tyre ke setsi sa khoebo sa lihlopha tsa bahahlauli ba haolang le naha ebile ke setsi se seholo sa thomello le kamohelo ea thepa e eang libakeng tse ling le e tsoang ho tsona.
11 Ho feta moo, motse oo o na le sesole se matla. L. Sprague de Camp oa ngola: “Le hoja ka ho khetheha Bafoenisia e ne e se batho ba ntoa—e ne e le bo-rakhoebo, eseng masole—ba ile ba sireletsa metse ea bona ka sebete le ka manganga a tšosang. Litšobotsi tsena, hammoho le matla a bona a ho sesisa, li ile tsa nolofalletsa batho ba Tyre hore ba eme ba tiile khahlanong le lebotho la Assyria, leo e neng e le lona le matla ka ho fetisisa mehleng ea lona.”
12 Ka sebele, Tyre e iketsetsa botumo lefatšeng la Mediterranean. “Maoto a oona a ne a o isa hōle hore o lule teng e le mojaki.” (Esaia 23:7b) Bafoenisia ba ea libakeng tse hōle, ba hloma litsi tsa khoebo le likou tseo ba khefutsang ho tsona, tseo ka linako tse ling li hōlang ho ba likolone. Ka mohlala, Carthage e ka leboea ho lebōpo la leoatle la Afrika, ke kolone ea Tyre. Ha nako e ntse e ea, e tla feta Tyre ’me e hlōlisane le Roma ka ho susumetsa lefatše la Mediterranean.
Boikhohomoso ba Eona bo Tla Nyelisoa
13. Ke hobane’ng ha ho hlaha potso ea hore na ke mang ea ka itetang sefuba ho phatlalatsa kahlolo khahlanong le Tyre?
13 Ka lebaka la linako tsa khale tsa Tyre le borui ba eona, potso e latelang ke e loketseng: “Ke mang ea entseng qeto ee khahlanong le Tyre, e fanang ka meqhaka, eo bahoebi ba eona e neng e le likhosana, eo bo-rakhoebo ba eona e neng e le ba hlomphehang ba lefatše?” (Esaia 23:8) Ke mang ea ka itetang sefuba ho bua hampe ka motse o khethileng batho ba matla oa ba beha maemong a phahameng a ho laela likoloneng tsa oona le libakeng tse ling—kahoo ea e-ba o “fanang ka meqhaka”? Ke mang ea ka itetang sefuba ho bua hampe ka motse-moholo oo bahoebi ba oona e leng likhosana le oo bo-rakhoebo ba oona e leng batho ba hlomphehang? Maurice Chehab, eo e kileng ea e-ba motsamaisi oa lintho tsa khale Musiamong oa Sechaba oa Beirut, Lebanone, o ile a re: “Ho tloha lekholong la borobong la lilemo ho isa ho la botšelela la lilemo B.C., Tyre e ile ea lula e itlhomme pele ka ho tsebahala London ho fihlela mathoasong a lekholo la bomashome a mabeli la lilemo.” Kahoo ke mang ea ka itetang sefuba ho bua hampe ka motse oo?
14. Ke mang ea phatlalatsang kahlolo khahlanong le Tyre, hona hobane’ng?
14 Karabo e bululetsoeng e tla baka pherekano Tyre. Esaia o re: “Jehova oa mabotho o entse qeto ena, bakeng sa ho silafatsa khanya ea botle bohle, ho eisa bohle ba hlomphehang ba lefatše.” (Esaia 23:9) Ke hobane’ng ha Jehova a phatlalatsa kahlolo khahlanong le motse oo oa khale, o ruileng? Na ke hobane baahi ba oona e le barapeli ba molimo oa bohata Baale? Na ke ka lebaka la kamano ea Tyre le Jezebele—morali oa Morena Ethebaale oa Sidone, ho kopanyelletsa le Tyre—ea ileng a nyaloa ke Morena Akabe oa Iseraele ’me a bolaea baprofeta ba Jehova? (1 Marena 16:29, 31; 18:4, 13, 19) Karabo ea lipotso tseo ka bobeli ke che. Tyre e nyatsuoa ka lebaka la boikhohomoso ba eona bo feteletseng—e ithuisitse ka ho hatella batho ba bang, ho akarelletsa le Baiseraele. Lekholong la borobong la lilemo B.C.E., a sebelisa moprofeta Joele, Jehova o ile a re ho Tyre le metse e meng: “Bara ba Juda le bara ba Jerusalema le ba rekiselitse bara ba Bagerike, ka morero oa ho ba suthisetsa hōle le naha ea habo bona.” (Joele 3:6) Na Molimo a ka hlokomoloha taba ea hore Tyre e tšoare batho ba hae ba selekane joaloka thepa feela tjee e rekisoang?
15. Tyre e tla itšoara joang ha Jerusalema e oela ho Nebukadnezare?
15 Ho feta ha lilemo tse lekholo ha ho na ho fetola Tyre. Ha lebotho la Morena Nebukadnezare oa Babylona le timetsa Jerusalema ka 607 B.C.E., Tyre e tla thaba: “Eke! [Jerusalema] e robehile, mamati a lichaba! Ka sebele tšekamelo e tla ba ho ’na. Ke tla tlatsoa—e ripitliloe.” (Ezekiele 26:2) Tyre e tla thaba, e lebeletse hore e tla rua molemo timetsong ea Jerusalema. Ha e se e sa hlōlisane le motse-moholo oa Juda, e tla lebella hore khoebo ea eona e eketsehe. Jehova o tla nyelisa ba ipolelang hore ke “ba hlomphehang,” bao ka boikhohomoso ba emang le lira tsa batho ba hae.
16, 17. Ho tla etsahala’ng ka baahi ba Tyre ha motse o oa? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
16 Esaia o tsoela pela ka kahlolo ea Jehova khahlanong le Tyre: “Tšela naheng ea heno joaloka Nōkeng ea Nile, Uena morali oa Tarshishe. Ha ho sa na sebaka seo likepe li etsoang ho sona. O otlolletse letsoho holim’a leoatle; o entse hore mebuso e tsukutlehe. Jehova o fane ka taelo khahlanong le Foenisia, ho felisa liqhobosheane tsa eona. O re: ‘U se ke ua hlola u thaba le ka mohla, Uena ea hateletsoeng, morali oa Sidone oa moroetsana. Ema, u tšelele Kitime. Le hona teng u ke ke ua phomola.’”—Esaia 23:10-12.
17 Ke hobane’ng ha Tyre e bitsoa “morali oa Tarshishe”? Mohlomong ke hobane ka mor’a hore Tyre e hlōloe, Tarshishe e tla ba oona motse o matla ho eo e ’meli.c Baahi ba Tyre e senyehileng ba tla hasana joaloka nōka nakong ea sekhohola, e jang litlhokoa eo metsi a eona a phallelang lithoteng tse haufi. Molaetsa oa Esaia o eang ho “morali oa Tarshishe” o hatisa ho teba ha se tla etsahalla Tyre. Jehova ka boeena o otlolla letsoho ’me o fana ka taelo. Ha ho ea ka fetolang se tlang ho latela.
18. Ke hobane’ng ha Tyre e bitsoa “morali oa Sidone oa moroetsana,” hona boemo ba eona bo tla fetoha joang?
18 Esaia o boetse o bua ka Tyre e le “morali oa Sidone oa moroetsana,” ho bontša hore ha e e-s’o ka e tšoaroa le ho tlatlapuoa ke bahlōli ba linaha tse ling ’me e sa ntsane e thabela boemo ba ho se hatelloe. (Bapisa le 2 Marena 19:21; Esaia 47:1; Jeremia 46:11.) Leha ho le joalo, hona joale e lokela ho felisoa, ’me joaloka baphaphathehi, ba bang ba baahi ba eona ba tla tšelela koloneng ea Foenisia, Kitime. Leha ho le joalo, kaha ba feletsoe ke matla a bona a moruo, ha ba na ho phomola moo.
Bakalde ba Tla e Tlatlapa
19, 20. Ke mang eo ho profetiloeng hore o tla hlōla Tyre, hona boprofeta boo bo phethahala joang?
19 Ke ’muso ofe oa bopolotiki o tla phethahatsa kahlolo ea Jehova khahlanong le Tyre? Esaia oa phatlalatsa: “Bonang! Naha ea Bakalde. Sena ke sechaba—Assyria e ne e se sona—ba e thehetse baahi ba lehoatata. Ba emisitse litora tsa bona tsa ho thibella; ba nketse litora tsa eona tsa bolulo maruo hoo ho setseng ho se na letho; e mong o e behile e le lithako tse helehang. Bokollang, lōna likepe tsa Tarshishe, kaha qhobosheane ea lōna e tlatlapuoe.” (Esaia 23:13, 14) Ke Bakalde—eseng Baassyria—ba tlang ho hlōla Tyre. Ba tla emisa litora tsa bona tsa ho thibella, ba heletse matlo a Tyre, ’me ba etse qhobosheane eo ea likepe tsa Tarshishe qubu e helehang ea lithako.
20 Tumellanong le boprofeta, nakoana ka mor’a hore Jerusalema e oe, Tyre e fetohela Babylona, ’me Nebukadnezare o thibella motse oo. Kaha Tyre e lumela hore ha e kenehe, ea itoanela. Ha motse o ntse o thibeletsoe, masole a Babylona a ‘etsoa lefatla’ hloohong ke ho sehloa ke lihelemete ’me a ‘phumoha’ mahetla ke ho jara thepa e sebelisetsoang ho haha litora tsa ho thibella. (Ezekiele 29:18) Ho thibella hoo ho tlisetsa Nebukadnezare litšenyehelo tse boima. Motse oa Tyre o karolong e khōlō ea naha oa timetsoa, leha ho le joalo o sitoa ho o tlatlapa. Bongata ba matlotlo a Tyre bo isitsoe sehlekehlekeng se senyenyane se ka bang bohōle ba k’hilomithara ho tloha lebōpong la leoatle. Ka lebaka la ho hloka likepe tse tsamaeang ka sehlopha, morena oa Bakalde o sitoa ho hapa sehlekehleke seo. Ka mor’a lilemo tse 13, Tyre ea inehela, empa e tla tsoela pele ho ba teng ’me e bone phethahatso ea boprofeta bo eketsehileng.
“E Tla Khutlela Moputsong oa Eona”
21. Tyre e “lebaloa” ka tsela efe, hona ka nako e kae?
21 Esaia o tsoela pele ho profeta: “Letsatsing leo Tyre e tla lebaloa ka lilemo tse mashome a supileng, ho tšoana le matsatsi a morena a le mong.” (Esaia 23:15a) Ka mor’a hore Bababylona ba timetse motse o karolong e khōlō ea naha, motse oa Tyre o sehlekehlekeng o tla “lebaloa.” Tumellanong le boprofeta, nakong ea “morena a le mong”—’Muso oa Babylona—motse oa Tyre o sehlekehlekeng ha o na ho ba le tšusumetso ea bohlokoa licheleteng. Jehova, a sebelisa Jeremia, o akarelletsa Tyre har’a lichaba tse tla khetheloa ho noa veine ea bohale ba Hae. O re: “Lichaba tsena li tla lokela ho sebeletsa morena oa Babylona ka lilemo tse mashome a supileng.” (Jeremia 25:8-17, 22, 27) Ke ’nete hore Babylona ha e laole motse oa Tyre o sehlekehlekeng ka lilemo tse 70 tse feletseng, kaha ’Muso oa Babylona o oa ka 539 B.C.E. Ka ho hlakileng, lilemo tse 70 li emela nako ea tlhōrō ea puso ea Babylona—ha lesika la borena la Babylona le ithorisa ka hore le phahamiselitse terone ea lona esita le ka holim’a “linaleli tsa Molimo.” (Esaia 14:13) Lichaba tse sa tšoaneng li ba tlas’a puso eo ka linako tse sa tšoaneng. Empa qetellong ea lilemo tseo tse 70, puso eo e tla soahlamana. Ho tla etsahala’ng ka Tyre?
22, 23. Ho tla etsahala’ng ka Tyre ha e tsoa tlas’a puso ea Babylona?
22 Esaia o tsoela pele: “Bofelong ba lilemo tse mashome a supileng Tyre e tla hlaheloa ke se pineng ea letekatse: ‘Nka harepa, u potolohe motse, Uena letekatse le lebetsoeng. Etsa se molemo ka ho fetisisa ka ho letsa liletsa tse likhoele; atisa lipina tsa hao, e le hore u ka hopoloa.’ Bofelong ba lilemo tse mashome a supileng Jehova o tla lebisa tlhokomelo ea hae Tyre, ’me e tla khutlela moputsong oa eona ’me e etse botekatse le mebuso eohle ea lefatše e holim’a lefatše.”—Esaia 23:15b-17.
23 Ka mor’a ho oa ha Babylona ka 539 B.C.E., Foenisia e ba karolo ea ’Muso oa Medo-Persia. ’Musisi oa Persia, Cyruse e Moholo, ke ’musi ea nang le mamello. Tlas’a puso ena e ncha, Tyre e tla tsosolosa mosebetsi oa eona oa pele ’me e leke ka matla ho tsosolosa botumo ba eona ba ho ba setsi sa lefatše sa khoebo—feela joalokaha letekatse le lebetsoeng le lahlehetsoeng ke batho bao le neng le ba sebeletsa le leka ho hohela ba bang ba bacha ka ho pota-pota motse, le letsa harepa ea lona le ho bina lipina tsa lona. Na Tyre e tla atleha? E, Jehova o tla e atlehisa. Ha nako e ntse e ea, motse o sehlekehlekeng o tla atleha hoo ho elella qetellong ea lekholo la botšelela la lilemo B.C.E., moprofeta Zakaria a tlang ho re: “Tyre e ile ea ikhahela ’mōtōmōtō, le ho bokella silevera joaloka lerōle le khauta joaloka seretse sa literateng.”—Zakaria 9:3.
‘Phaello ea Eona e Tla Fetoha Ntho e Halalelang’
24, 25. (a) Phaello ea Tyre e fetoha ntho e halalelang ho Jehova joang? (b) Le hoja Tyre e thusa batho ba Molimo, Jehova o bululela boprofeta bofe mabapi le eona?
24 Mantsoe a latelang a boprofeta ke a hlollang hakaakang! “Phaello ea eona le moputso oa eona o tla fetoha ntho e halalelang ho Jehova. O ke ke oa bolokoa, kapa oa behoa, kahobane moputso oa eona e tla ba oa ba lulang ka pel’a Jehova, e le hore ba je ba khore ’me ba apare seaparo se setle.” (Esaia 23:18) Ke joang phaello ea lintho tse bonahalang ea Tyre e tlang ho ba ntho e halalelang? Jehova o tsamaisa lintho hore e sebelisoe ka tsela e lumellanang le thato ea hae—e le hore batho ba hae ba je hore ba khotsofale le hore ba be le liaparo. Sena se etsahala ka mor’a hore Baiseraele ba khutle botlamuoeng Babylona. Batho ba Tyre ba ba thusa ka ho ba fa lifate tsa kedare bakeng sa ho tsosolosa tempele. Ba boetse ba tsosolosa khoebo le motse oa Jerusalema.—Esdrase 3:7; Nehemia 13:16.
25 Ho sa tsotellehe sena, Jehova o bululela phatlalatso e tsoelang pele khahlanong le Tyre. Zakaria o profeta mabapi le motse ona o sehlekehlekeng oo joale o seng o ruile: “Bonang! Jehova o tla e leleka, ’me ka sebele o tla lihela lebotho la eona la sesole leoatleng; ’me e tla timetsoa mollong.” (Zakaria 9:4) Sena se phethahala ka July 332 B.C.E. ha Alexandere e Moholo a ripitla mofumahali eo ea ikhohomosang oa leoatle.
Qoba Lerato la Lintho Tse Bonahalang le Boikhohomoso
26. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a nyatsa Tyre?
26 Jehova o ile a nyatsa Tyre ka lebaka la boikhohomoso ba eona, e leng tšobotsi eo a e nyonyang. “Mahlo a iphahamisang,” ke eona ntho ea pele e thathamisitsoeng har’a lintho tse supileng tseo Jehova a li hloileng. (Liproverbia 6:16-19) Pauluse o ile a amahanya boikhohomoso le Satane Diabolose, ’me tlhaloso ea Ezekiele ea Tyre e ikhohomosang e na le litšobotsi tse hlalosang Satane ka boeena. (Ezekiele 28:13-15; 1 Timothea 3:6) Ke hobane’ng ha Tyre e ile ea ikhohomosa? Ezekiele, ha a bua le Tyre, o re: “Pelo ea hao e [ile ea] qala ho ikhohomosa ka lebaka la leruo la hao.” (Ezekiele 28:5) Motse oo o ne o inehetse khoebong le ho bokelleng chelete. Katleho ea Tyre ho sena e ile ea etsa hore e ikhohomose ka tsela e ke keng ea mamelloa. A sebelisa Ezekiele, Jehova o ile a re ho “moeta-pele oa Tyre”: “Pelo ea hao e ikhohomositse, ’me u ntse u re, ‘’Na ke molimo. Ke lutse setulong sa molimo.’”—Ezekiele 28:2.
27, 28. Batho ba ka oela lerabeng lefe, hona Jesu o ile a tšoantša see joang?
27 Lichaba li ka itumella ho ba le boikhohomoso le maikutlo a fosahetseng ka leruo—’me ho ka ba joalo le ka batho ka bomong. Jesu o ile a fana ka papiso e bontšang kamoo leraba lena e ka bang le poteletseng kateng. O ile a bua ka monna oa morui eo masimo a hae a neng a beha haholo. A thabile, monna enoa o ile a rera ho haha meliko e meholoanyane bakeng sa lijalo tsa hae ’me ka thabo o ne a lebeletse ho phela nako e telele ka boiketlo. Empa ha hoa ka ha e-ba joalo. Molimo o ile a re ho eena: “Uena ea se nang kahlolo e molemo, bosiung bona ba batla moea oa hao ho uena. Joale, ke mang ea tla ba le lintho tseo u li bokeletseng?” E, monna eo o ile a shoa, ’me leruo la hae la se ke la mo thusa ka letho.—Luka 12:16-20.
28 Jesu o ile a phetha papiso eo ka ho re: “Kahoo ho joalo le ka motho ea ipolokelang letlotlo empa a sa ruela ho Molimo.” (Luka 12:21) Ho rua ka bohona ho ne ho se phoso, ’me ho ba le chai e ngata e ne e se sebe. Phoso ea monna enoa e bile ho etsa hore lintho tsena e be tsona tse ka sehloohong bophelong ba hae. O ne a behile tšepo eohle ea hae maruong a hae. Ha a nahana ka bokamoso, ha aa ka a natsa Jehova Molimo.
29, 30. Jakobo o fana ka keletso efe khahlanong le ho itšepa?
29 Jakobo o ile a hatisa ntlha e tšoanang ka matla. O ile a re: “Joale, mamelang lōna ba reng: ‘Kajeno kapa hosasane re tla ea motseng ona ’me re tla qeta selemo moo, ’me re tla kena khoebong le ho etsa phaello,’ athe ha le tsebe hore na bophelo ba lōna bo tla ba joang hosasane. Etsoe le moholi o bonahalang ka nakoana o ntan’o nyamela. Ho e-na le hoo, le tšoanela ho re: ‘Haeba Jehova a rata, re tla phela ’me re etse sena kapa sane.’” (Jakobo 4:13-15) Joale, Jakobo o ile a bontša kamano e teng pakeng tsa leruo le boikhohomoso ha a tsoela pele, a re: “Empa joale le ba motlotlo ka boithoriso ba lōna ba ho ikhopola ho tlōla. Ho ba motlotlo hohle ho joalo ho khopo.”—Jakobo 4:16.
30 Le mona, ho ba le khoebo hase sebe. Hoo e leng sebe ke ho ikhohomosa, ho ikakasa le ho itšepa ho ka tlisoang ke ho fumana leruo. Ka bohlale, maele a boholo-holo a ile a re: “U se ke ua mpha bofutsana kapa maruo.” Bofutsana bo ka etsa hore bophelo bo be bosula. Empa na maruo a ka etsa hore motho a ‘latole [Molimo] ’me a re: “Jehova ke mang?”’—Liproverbia 30:8, 9.
31. Ke lipotso life tseo Mokreste a lokelang ho ipotsa tsona?
31 Re phela lefatšeng leo ho lona ba bangata ba oetseng lerabeng la meharo le boithati. Ka lebaka la tšusumetso e atileng ea khoebo, ho behoa khatiso e matla leruong. Kahoo, ho hotle hore Mokreste a itlhahlobe hore a tiise hore ha a oele lerabeng le tšoanang le le ileng la tšoasa motse oa khoebo oa Tyre. Na o qeta nako e ngata le matla a lelekisa lintho tse bonahalang, hoo ha e le hantle e bang lekhoba la maruo? (Matheu 6:24) Na o honohela ba bang bao mohlomong ba nang le thepa e ngatanyana kapa e molemonyana ho feta ea hae? (Bagalata 5:26) Haeba mohlomong a ruile, na ka boikhohomoso o nahana hore o lokela ho fuoa tlhokomelo kapa litokelo tse eketsehileng ho feta ba bang? (Bapisa le Jakobo 2:1-9.) Haeba ha aa rua, na o ‘ikemiselitse ho rua’ ho sa tsotellehe se amehang? (1 Timothea 6:9) Na o tšoarehile mesebetsing ea khoebo hoo a sieang nako e fokolang feela bophelong ba hae bakeng sa ho sebeletsa Molimo? (2 Timothea 2:4) Na o tšoareha ho lelekiseng leruo hoo a hlokomolohang melao-motheo ea Bokreste litšebelisanong tsa hae tsa khoebo?—1 Timothea 6:10.
32. Johanne o ile a fana ka temoso efe, hona re ka e sebelisa joang?
32 Ho sa tsotellehe hore na boemo ba rōna ba moruo ke bofe, kamehla ’Muso o lokela ho lula o le sebakeng sa pele bophelong ba rōna. Ke habohlokoa hore le ka mohla re se ke ra lebala mantsoe a moapostola Johanne: “Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena.” (1 Johanne 2:15) Ke ’nete hore re tlameha ho sebelisa litokisetso tsa lefatše tsa moruo e le hore re phele. (2 Bathesalonika 3:10) Kahoo, re ‘sebelisa lefatše’—empa ha re le sebelise “ka botlalo.” (1 Bakorinthe 7:31) Haeba re e-na le lerato le feteletseng la lintho tse bonahalang—lintho tse lefatšeng—ha re sa rata Jehova. Ho lelekisa “takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso” ho hanana le ho etsa thato ea Molimo.d ’Me ke ho etsa thato ea Molimo ho lebisang bophelong bo sa feleng.—1 Johanne 2:16, 17.
33. Bakreste ba ka qoba leraba leo Tyre e ileng ea tšoasoa ke lona joang?
33 Tyre e ile ea tšoasoa ke leraba la ho beha pakane ea ho hahamalla lintho tse bonahalang ka pele ho ntho leha e le efe e ’ngoe. E ne e atlehile linthong tse bonahalang, ’me e ile ea ikhohomosa haholo, eaba ea otloa ka lebaka la boikhohomoso ba eona. Mohlala oa eona ke temoso ho lichaba le ho batho ka bomong kajeno. Ho molemo hakaakang ho latela keletso ea moapostola Pauluse! O phehella Bakreste hore “ba se ke ba iphahamisa, le hore ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.”—1 Timothea 6:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litsebi tse ling li amahanya Tarshishe le Sardinia, e leng sehlekehleke se ka bophirimela ho Mediterranean. Sardinia le eona e ne e le hōle le Tyre.
b Bona Khaolo ea 15, leqepheng la 200-207, bukeng ena.
c Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba poleloana “morali oa Tarshishe” e bolela baahi ba Tarshishe. Buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “Matsoalloa a Tarshishe joale a se a e-na le bolokolohi ba ho tsamaea le ho hoeba ka bolokolohi joaloka metsi a Nile a phallelang nģa tsohle.” Leha ho le joalo, ntlha-khōlō ke liphetoho tse khōlō tse bakoang ke ho oa ha Tyre.
d “Pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso” ke phetolelo ea lentsoe la Segerike a·la·zo·niʹa, le hlalosoang e le “khopolo e sa natseng borapeli le eo e seng ea sebele ea ho tšepa botsitso ba lintho tsa lefatše.”—The New Thayer’s Greek-English Lexicon.
[’Mapa leqepheng la 256]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
EUROPE
SPAIN (E ka ’na eaba TARSHISHE e ne e le mona)
LEOATLE LA MEDITERRANEAN
SARDINIA
CYPRASE
ASIA
SIDONE
TYRE
AFRIKA
EGEPETA
[Setšoantšo se leqepheng la 250]
Tyre e ne e tla ba tlas’a Babylona, eseng Assyria
[Setšoantšo se leqepheng la 256]
Chelete ea tšepe e nang le setšoantšo sa Melkart, molimo oa Tyre ea ka sehloohong
[Setšoantšo se leqepheng la 256]
Setšoantšo sa sekepe sa Foenisia