Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Nyelisa Boikhohomoso ba Tyre
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 32. Johanne o ile a fana ka temoso efe, hona re ka e sebelisa joang?

      32 Ho sa tsotellehe hore na boemo ba rōna ba moruo ke bofe, kamehla ’Muso o lokela ho lula o le sebakeng sa pele bophelong ba rōna. Ke habohlokoa hore le ka mohla re se ke ra lebala mantsoe a moapostola Johanne: “Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena.” (1 Johanne 2:15) Ke ’nete hore re tlameha ho sebelisa litokisetso tsa lefatše tsa moruo e le hore re phele. (2 Bathesalonika 3:10) Kahoo, re ‘sebelisa lefatše’—empa ha re le sebelise “ka botlalo.” (1 Bakorinthe 7:31) Haeba re e-na le lerato le feteletseng la lintho tse bonahalang—lintho tse lefatšeng—ha re sa rata Jehova. Ho lelekisa “takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso” ho hanana le ho etsa thato ea Molimo.d ’Me ke ho etsa thato ea Molimo ho lebisang bophelong bo sa feleng.—1 Johanne 2:16, 17.

  • Jehova o Nyelisa Boikhohomoso ba Tyre
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • d “Pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso” ke phetolelo ea lentsoe la Segerike a·la·zo·niʹa, le hlalosoang e le “khopolo e sa natseng borapeli le eo e seng ea sebele ea ho tšepa botsitso ba lintho tsa lefatše.”—The New Thayer’s Greek-English Lexicon.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela