KHAOLO EA 7
Na Joaloka Molimo U Nka Bophelo e le ba Bohlokoa?
“Mohloli oa bophelo o ho uena.”—PESALEME EA 36:9.
1, 2. Ke mpho efe e tsoang ho Molimo eo e leng ea bohlokoa haholo kajeno, hona ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa?
NTATE oa rōna oa leholimo o re file letlotlo la bohlokoa haholo, e leng mpho ea bophelo ba ho ba batho ba bohlale ba khonang ho bonahatsa litšobotsi tsa hae. (Genese 1:27) Ka lebaka la mpho eo ea bohlokoa, re khona ho utloisisa hore na melao-motheo ea Bibele e re tsoela molemo joang. Ha re e sebelisa, re ka ba batho ba butsoitseng moeeng ba ratang Jehova le bao “matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”—Baheberu 5:14.
2 Bokhoni ba ho utloisisa molemo oa melao-motheo ea Bibele ke ba bohlokoa haholo kajeno, hobane maemo a lefatše a rarahane hoo ho ke keng ha e-ba le melao e lekaneng ho akaretsa boemo bo bong le bo bong bo ka hlahang bophelong. Ntlha ena e bonahala ka ho hlaka ho tsa bongaka, haholo-holo mabapi le lihlahisoa tse akarelletsang tšebeliso ea mali hammoho le mekhoa ea ho alafa e akarelletsang tšebeliso ea mali. Taba ena ke ea bohlokoa ho bohle ba batlang ho mamela Jehova. Leha ho le joalo, haeba re utloisisa melao-motheo ea Bibele e sebetsang tabeng ena, re ka tseba ho etsa liqeto tse bohlale tse tla khotsofatsa matsoalo a rōna le tse tla etsa hore re ipoloke leratong la Molimo. (Liproverbia 2:6-11) Ak’u nahane ka e meng ea melao-motheo ena.
BOPHELO LE MALI LIA HALALELA
3, 4. Mangolo a buile ka khalalelo ea mali neng ka lekhetlo la pele, hona taba ee e thehiloe melao-motheong efe?
3 Nakoana ka mor’a hore Kaine a bolaee Abele, Jehova o ile a senola ka lekhetlo la pele kamano ea bohlokoa e teng pakeng tsa bophelo le mali le hore bophelo le mali lia halalela. Molimo o ile a re ho Kaine: “Mamela! Mali a moen’ao a hoeletsa ho ’na a le mobung.” (Genese 4:10) Mahlong a Jehova, mali a Abele a ne a emela bophelo ba hae, bo neng bo khutsufalitsoe ka sehlōhō. Kahoo, ho ka thoe ho ne ho hlokahala hore Molimo a pheteletse mali a Abele.—Baheberu 12:24.
4 Ka mor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, Molimo o ile a lumella batho ho ja nama ea liphoofolo, eseng mali. Molimo o ile a re: “Ke feela nama e nang le moea oa eona—mali a eona—eo le ke keng la e ja. Ntle ho moo, ke tla batla mali a meea ea lōna.” (Genese 9:4, 5) Taelo ena e sebetsa ho bana bohle ba Noe ho tla fihlela mehleng ea rōna. E tiisa hape mantsoe a pejana ao Molimo a ileng a a bua ho Kaine ha a ne a re moea, kapa bophelo, ba libōpuoa tsohle bo emeloa ke mali. Taelo eo e boetse e tiisa hore Jehova, Mohloli oa bophelo, o tla ahlola batho bohle ba hlomphollang bophelo le mali.—Pesaleme ea 36:9.
5, 6. Molao oa Moshe o ile oa bontša joang hore mali aa halalela ebile ke a bohlokoa? (Bona le lebokose le leqepheng la 78.)
5 Linnete tsena tse peli tsa bohlokoa li ne li bonahala Molaong oa Moshe. Levitike 17:10, 11 e re: “Motho leha e le ofe . . . ea jang mali a mofuta leha e le ofe, ka sebele ke tla tjamela moea o jang mali, ’me ruri ke tla mo felisa har’a batho ba habo. Etsoe moea oa nama o maling, ’me ke a behile aletareng hore le koahele libe tsa meea ea lōna, hobane mali a koahela libe ka lebaka la moea o ho ’ona.”a—Bona lebokose le nang le sehlooho se reng “Matla a Koahelang Libe a Mali,” leqepheng la 76.
6 Haeba mali a phoofolo e hlabiloeng a ne a sa sebelisoe aletareng, a ne a lokela ho tšolleloa fatše. Kahoo, ka tsela ea tšoantšetso, ho ne ho khutlisetsoa bophelo ho Ea Faneng ka bona. (Deuteronoma 12:16; Ezekiele 18:4) Leha ho le joalo, hlokomela hore ho ne ho sa hlokahale hore Baiseraele ba sebelise mekhoa e feteletseng haholo ea ho leka ho tlosa mali a mang le a mang nameng eo ba neng ba batla ho e ja. Hafeela phoofolo eo e ne e bolailoe hantle ea ba ea fophisoa mali hantle, Moiseraele o ne a ka e ja ka letsoalo le hloekileng, kaha ho ne ho tla be ho bontšitsoe tlhompho e tšoanelang bakeng sa Monehi-Bophelo.
7. Davida o ile a bontša joang hore o hlompha khalalelo ea mali?
7 Davida, ‘monna ea neng a ratoa ke pelo ea Molimo,’ o ile a utloisisa melao-motheo ea molao oa Molimo tabeng ea mali. (Liketso 13:22) Ka lekhetlo le leng ha a ne a nyoriloe haholo, banna ba bararo ba hae ba ile ba kena ka mahahapa liahelong tsa sera, ba kha metsi selibeng, eaba ba mo tlisetsa ’ona. Davida o ile a etsa joang? O ile a botsa: “Na ke tla noa mali a banna ba tsamaeang ka ho beha meea ea bona kotsing?” Ha e le hantle, ho Davida, metsi ao a ne a tšoana le mali a banna bao. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na o ne a nyoriloe hakae, o ile a a “qhalla fatše bakeng sa Jehova.”—2 Samuele 23:15-17.
8, 9. Na maikutlo a Molimo ka bophelo le mali a ile a fetoha ha ho thehoa phutheho ea Bokreste? Hlalosa.
8 Lilemo tse ka bang 2 400 ka mor’a taelo e ileng ea fuoa Noe le lilemo tse ka bang 1 500 ka mor’a hore ho etsoe selekane sa Molao, Jehova o ile a bululela sehlopha se busang sa phutheho ea pele ea Bokreste hore se ngole se re: “Moea o halalelang le rōna re bone ho le molemo hore re se ke ra le ekeletsa moroalo o eketsehileng, haese lintho tsena tse hlokahalang, hore le ’ne le ile lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le mali le lintho tse fenethiloeng le bohlola.”—Liketso 15:28, 29.
9 Ho hlakile hore sehlopha se busang sa pele se ile sa lemoha hore mali aa halalela le hore ho a sebelisa hampe ke phoso e tšoanang le ho kopanela borapeling ba litšoantšo kapa bohloleng. Bakreste ba ’nete kajeno baa lumela hore ho joalo. Ho feta moo, kaha ba nahana ka melao-motheo ea Bibele, ba khahlisa Jehova ha ba etsa liqeto tabeng ea tšebeliso ea mali.
TŠEBELISO EA MALI HO TSA BONGAKA
10, 11. (a) Lipaki Tsa Jehova li nka ho tšeloa mali a feletseng le ho tšeloa metsoako e meholo ea mali joang? (b) Ke lintlheng life tse amang mali tseo ho tsona Bakreste ba ka ’nang ba fapana ka maikutlo?
10 Lipaki Tsa Jehova lia hlokomela hore ‘ho ila mali’ ho bolela ho se lumele ho tšeloa mali, ho se fane ka mali, kapa hore mali a tsona a bolokoe e le hore li tle li a tšeloe hamorao. Ka lebaka la ho hlompha molao oa Molimo, li boetse li hana metsoako e meholo e mene ea mali: lisele tse khubelu, lisele tse tšoeu, li-platelet le plasma.
11 Kajeno, ka lebaka la mehato e eketsehileng ea ho sebetsa mali, hangata metsoako ena e aroloa hore e be likaroloana tse nyenyane tse sebelisoang ka litsela tse fapa-fapaneng. Na Mokreste a ka amohela likaroloana tseo? Na o nka hore likaroloana tseo ke “mali”? E mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto tabeng ena. Hoa tšoana le ka mekhoa ea ho alafa e kang oa ho hloekisa mali ka mochine o ntšang mali methapong le ho a khutlisetsa, oa ho hlapolla mali le oa ho nka lisele tse khubelu maling a leqeba e le hore li khutlisetsoe ho mokuli, hafeela mali ao a ne a sa ka a bolokoa esale pele.—Bona Sehlomathiso, leqepheng la 215-18.
12. Litaba tse amang letsoalo re lokela ho li nka joang le ho li sebetsa joang?
12 Na litaba tseo motho a iketsetsang qeto ho tsona hase tsa bohlokoa haholo ho Jehova? Che, hobane o thahasella haholo menahano ea rōna le mabaka a rōna. (Liproverbia 17:3; 21:2; 24:12) Kahoo, ka mor’a ho etsa lipatlisiso ka thapelo mabapi le sehlahisoa sa bongaka kapa mokhoa oa ho alafa, re lokela ho mamela matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ke Bibele. (Baroma 14:2, 22, 23) Ha e le hantle, ha ho motho ea lokelang ho re etsetsa qeto, ebile ha rea lokela ho botsa, “U ne u tla etsa’ng haeba u ne u le boemong ba ka?” Litabeng tsena, Mokreste ka mong o lokela ho “jara mojaro oa hae.”b—Bagalata 6:5; Baroma 14:12; bona lebokose le nang le sehlooho se reng “Na ke Nka Hore Mali aa Halalela?” leqepheng la 81.
MELAO EA JEHOVA E BONTŠA HORE KE NTATE EA LERATO
13. Melao ea Jehova le melao-motheo ea hae e senola eng ka eena? Etsa mohlala.
13 Melao le melao-motheo e ka Bibeleng e senola hore Jehova ke Monehi-molao ea bohlale le Ntate ea lerato ea tsotellang ka botebo boiketlo ba bana ba hae. (Pesaleme ea 19:7-11) Le hoja taelo ea ho ‘ila mali’ e ne e sa fanoa e le molao oa tsa bophelo bo botle, e re sireletsa mathateng a amanang le ho tšeloa mali. (Liketso 15:20) Ha e le hantle, basebetsi ba bangata ba tsa kalafo ba nka hore ho buoa ntle ho mali ke mokhoa o molemo ka ho fetisisa oa ho phekola mehleng ena. Ho Bakreste ba ’nete, mekhoa ena e tiisa hore Jehova o bohlale bo ke keng ba lekanngoa le hore ke ntate ea lerato.—Esaia 55:9; Johanne 14:21, 23.
14, 15. (a) Ke melao efe e ileng ea bontša hore Molimo o rata batho ba hae? (b) U ka sebelisa melao-motheo e tšehetsang litaelo tsee tsa tšireletso joang?
14 Kameho ea Molimo ka boiketlo ba batho ba hae Iseraele ea boholo-holo, e ne e bonahala melaong ea hae e mengata. Ka mohlala, o ile a laela hore matlo a Baiseraele a be le lehora ho pota-pota marulelo a ntlo e le hore ho thibeloe likotsi, hobane mesebetsi e mengata e ne e etsetsoa ka holim’a ntlo. (Deuteronoma 22:8; 1 Samuele 9:25, 26; Nehemia 8:16; Liketso 10:9) Molimo o ile a boela a laela hore lipoho tse kotsi li lule li behiloe leihlo. (Exoda 21:28, 29) Ho hlokomoloha melao ena ho ne ho bontša ho se natse boiketlo ba batho ba bang ’me ho ne ho ka fella ka ho ba molato oa mali.
15 U ka sebelisa melao-motheo eo melao ee e thehiloeng ho eona joang? Nahana ka maemo a koloi ea hao, mokhoa oo u khannang ka oona, liphoofolo tsa hao, lehae la hao, sebaka seo u sebeletsang ho sona le boikhathollo boo u bo khethang. Linaheng tse ling, sesosa se seholo sa ho shoa ha bacha ke likotsi, hangata e le kahobane ba ipeha kotsing ho sa hlokahale. Leha ho le joalo, bacha ba batlang ho lula leratong la Molimo ba nka bophelo e le ba bohlokoa ’me ha ba ithabise ka lintho tse kotsi. Ha ba ithetse ka ho nahana hore mocha a ke ke a lemala. Ho e-na le hoo, ba thabela bocha ba bona ka ho qoba litlokotsi tse sa hlokahaleng.—Moeklesia 11:9, 10.
16. Ke molao-motheo ofe oa Bibele o sebetsang tabeng ea ho ntšoa ha limpa? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
16 Esita le bophelo ba ngoana ea e-s’o tsoaloe ke ba bohlokoa ho Molimo. Iseraele ea boholo-holo, haeba motho a ne a ka lematsa mosali oa moimana eaba mosali eo oa shoa kapa lesea la hae lea shoa, Molimo o ne a nka hore motho ea molato ke ’molai, ’me motho eo o ne a tlameha ho lefa “moea bakeng sa moea.”c (Exoda 21:22, 23) Joale, nahana hore na Jehova o ikutloa joang ha a bona masea a se nang palo, a e-s’o tsoaloe, a bolaoa ka boomo selemo le selemo ka ho ntšoa ha limpa, a mangata a ’ona a bolaoa ka lebaka la boikhabi le boitšoaro bo bobe.
17. U ka tšelisa joang motho ea ileng a ntša mpa pele a ithuta melao ea Molimo?
17 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka mosali ea ileng a ntša mpa pele a tseba ’nete ea Bibele? Na seo se bolela hore Molimo a ke ke a mo hauhela? Che ha ho joalo! Ha e le hantle, motho ea bakileng e le kannete a ka tšepa hore Jehova o tla mo tšoarela ka mali a Jesu a tšolotsoeng. (Pesaleme ea 103:8-14; Baefese 1:7) Ka sebele, Kreste ka boeena o ile a re: “Ke tlil’o bitsetsa baetsalibe pakong, eseng batho ba lokileng.”—Luka 5:32.
QOBA MONAHANO O KOTSI!
18. Bibele e hlalosa sesosa se seholo sa tšollo ea mali joang?
18 Jehova ha a batle feela hore re se ke ra ntša ba bang kotsi empa o batla hore re ntše lehloeo lipelong tsa rōna hobane ke lona sesosa se seholo sa tšollo ea mali. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “E mong le e mong ea hloileng mor’abo ke ’molai.” (1 Johanne 3:15) Hase feela hore motho eo ha a rate mor’abo empa o lakatsa eka a ka be a shoele. A ka ’na a bontša bora ba hae ka liketselletso tse kotsi kapa liqoso tsa bohata tseo haeba e ne e le ’nete, li neng li tla hloka hore mor’abo a ahloloe ke Jehova. (Levitike 19:16; Deuteronoma 19:18-21; Matheu 5:22) Joale, ke habohlokoa hakaakang hore re sebeletse ho ntša lonya leo e ka ’nang ea ba le ahile lipelong tsa rōna!—Jakobo 1:14, 15; 4:1-3.
19. Motho ea laoloang ke melao-motheo ea Bibele o nka litemana tse kang Pesaleme ea 11:5 le Bafilipi 4:8, 9 joang?
19 Ba nkang bophelo e le ba bohlokoa joaloka Jehova le ba batlang ho ipoloka leratong la hae ba boetse ba qoba pefo ea mefuta eohle. Pesaleme ea 11:5 e re: “Ka sebele moea oa [Jehova] o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” Temana ena hase polelo feela e hlalosang botho ba Molimo; ke molao-motheo o re tataisang bophelong. E susumelletsa ba ratang Molimo hore ba qobe mofuta leha e le ofe oa boithabiso o ka ’nang oa etsa hore ba rate pefo. Ka tsela e tšoanang, polelo e reng Jehova ke “Molimo oa khotso” e tlama bahlanka ba hae hore ba tlatse likelello le lipelo tsa bona ka lintho tse ratehang, tse khabane le tse lokeloang ke thoriso, e leng lintho tse etsang hore ho be le khotso.—Bafilipi 4:8, 9.
QOBA MEKHATLO E MOLATO OA MALI
20-22. Bakreste ba itšoara joang litabeng tsa lefatše, hona e le ka lebaka lefe?
20 Mahlong a Molimo, tsamaiso eohle ea lefatše ea Satane e na le molato oa mali. Litsamaiso tsa eona tsa lipolotiki, tse tšoantšelitsoeng ka Mangolong e le libata tse befileng, li bolaile boieane ba batho, ho akarelletsa le bahlanka ba bangata ba Jehova. (Daniele 8:3, 4, 20-22; Tšenolo 13:1, 2, 7, 8) Saense hammoho le mekhatlo ea khoebo li sebelisane le mebuso ena e kang libata ho etsa tse ling tsa libetsa tse tšosang ka ho fetisisa, ’me li entse liphaello tse khōlō ka libetsa tsena. Ke ’nete hakaakang hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo”!—1 Johanne 5:19.
21 Kaha balateli ba Jesu ‘hase karolo ea lefatše’ ebile ho hang ha ba jele paate lipolotiking le lintoeng tsa lona, ba qoba molato oa mali o etsoang ke motho ka mong kapa o kopanetsoeng.d (Johanne 15:19; 17:16) Kahoo, ba etsisa Kreste ka hore ba se ke ba iphetetsa ka mabifi ha ba bang ba ba hlorisa. Ho e-na le hoo, ba rata lira tsa bona, ebile baa li rapella.—Matheu 5:44; Baroma 12:17-21.
22 Ho feta tsohle, Bakreste ba ’nete ba qoba ho ameha linthong tsa “Babylona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o nang le molato o moholo ka ho fetisisa oa mali. Lentsoe la Molimo le re: “Ho eena ho ile ha fumanoa mali a baprofeta le a bahalaleli le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” Kahoo, rea lemosoa: “Tsoang ho eena, sechaba sa ka.”—Tšenolo 17:6; 18:2, 4, 24.
23. Ho tsoa Babylona e Moholo ho bolela’ng?
23 Ho tsoa Babylona e Moholo ha ho akarelletse feela hore lebitso la motho le hlakoloe libukeng tsa eona. Ho boetse ho akarelletsa ho hloea mekhoa e mebe eo bolumeli ba bohata bo e amohelang kapa eo bo e buellang phatlalatsa—e kang boitšoaro bo bobe, ho kena-kenana le lipolotiki le meharo ea ho lelekisa leruo. (Pesaleme ea 97:10; Tšenolo 18:7, 9, 11-17) Mekhoa ee e baka tšollo ea mali hangata hakaakang!
24, 25. Ke motheong ofe Molimo a ka bontšang mohau ho motho ea bakileng ea molato oa mali, ’me see se ile sa tšoantšetsoa joang mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele?
24 E mong le e mong oa rōna o na le tsela eo ka eona a neng a tšehetsa tsamaiso ea Satane pele a amohela borapeli ba ’nete, ’me kahoo o ile a ba le molato o itseng oa mali. Leha ho le joalo, kaha re ile ra fetola litsela tsa rōna, ra lumela sehlabelong sa thekollo sa Kreste, ’me ra nehela bophelo ba rōna ho Molimo, re ile ra fumana mohau oa Molimo ra ba ra sireletsoa moeeng. (Liketso 3:19) Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, tšireletso eo e ile ea tšoantšetsoa ka metse ea setšabelo.—Numere 35:11-15; Deuteronoma 21:1-9.
25 Tokisetso eo e ne e sebetsa joang? Haeba Moiseraele a ne a ka bolaea motho e mong ka tsietsi, o ne a lokela ho balehela ho o mong oa metse ea setšabelo. Ka mor’a hore baahloli ba tšoanelehang ba lihe kahlolo, motho ea neng a bolaile motho ka tsietsi o ne a lokela ho lula motseng oa setšabelo ho fihlela moprista ea phahameng a e-shoa. Ka mor’a moo o ne a tla lokoloha hore a lule sebakeng se seng. Ke mohlala o motle hakaakang o bontšang mohau oa Molimo le hore na o nka bophelo ba batho e le ba bohlokoa hakae! Kajeno, metse eo ea boholo-holo ea setšabelo e tšoana le tokisetso ea Molimo e thehiloeng sehlabelong sa thekollo sa Kreste, e re sireletsang lefung haeba ka phoso re tlōtse molao oa Molimo o mabapi le khalalelo ea bophelo le mali. Na u nka tokisetso eo e le ea bohlokoa? U ka bontša joang hore u e nka e le ea bohlokoa? Tsela e ’ngoe eo u ka bontšang sena ka eona ke ka ho mema ba bang hore ba tle le uena ka motseng oa setšabelo o tšoantšetsoang ke oa boholo-holo, haholo-holo ha re nahana ka “matšoenyeho a maholo” a atamelang ka potlako.—Matheu 24:21; 2 Bakorinthe 6:1, 2.
NKA BOPHELO E LE BA BOHLOKOA KA HO BOLELA MOLAETSA OA ’MUSO
26-28. Boemo ba rōna kajeno bo tšoana joang le ba moprofeta Ezekiele, ’me re ka ipoloka leratong la Molimo joang?
26 Boemo ba batho ba Molimo mehleng ea rōna bo re hopotsa ba moprofeta oa boholo-holo Ezekiele, eo Jehova a ileng a mo rōma hore a sebetse e le molebeli oa ntlo ea Iseraele. Molimo o ile a re: “U tla utloa lentsoe [la ka] ’me u ba fe temoso e tsoang ho ’na.” Haeba Ezekiele a ne a ka hlokomoloha mosebetsi ona oa hae, o ne a tla nkoa a ikarabella ka mali a ba neng ba tla bolaoa ha Jerusalema e ahloloa. (Ezekiele 33:7-9) Empa Ezekiele o ne a mamela ’me ha aa ka a ba le molato oa mali.
27 Kajeno, re shebane le bofelo ba lefatše lohle la Satane. Kahoo, Lipaki Tsa Jehova li nka hore ke tlamo ebile ke tlotla ho phatlalatsa “letsatsi la phetetso” la Molimo hammoho le molaetsa oa ’Muso. (Esaia 61:2; Matheu 24:14) Na u kopanela ka botlalo mosebetsing oo oa bohlokoa? Moapostola Pauluse o ile a nka ka botebo mosebetsi oa hae oa ho bolela. Ka lebaka leo, o ne a ka re: “Ke hloekile maling a batho bohle, kaha ha kea tlohela ho le bolella morero oohle oa Molimo.” (Liketso 20:26, 27) Ke mohlala o motle hakaakang oo re ka o etsisang!
28 Ha e le hantle, e le hore re ipoloke leratong le mofuthu la ntate oa rōna Jehova, ha hoa lekana hore feela re nke mali ka tsela eo Jehova a a nkang ka eona. Re boetse re lokela ho lula re hloekile, kapa re halalela, mahlong a hae, joalokaha re tla bona khaolong e latelang.
a Tabeng ea polelo ea Molimo e reng, “moea oa nama o maling,” koranta e bitsoang Scientific American e re: “Le hoja ho ka boleloa hore mali a sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso mona, polelo eo ke ’nete: mofuta o mong le o mong oa sele ea mali oa hlokahala hore bophelo bo be teng.”
b Bona Tsoha! ea August 2006, leqepheng la 3-12, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
c Bangoli ba libuka tse hlalosang mantsoe a Bibele ba bolela hore ‘kamoo ho bonahalang kateng, tsela eo temana ena ea Seheberu e ngotsoeng ka eona e etsa hore ho be thata ho bolela hore mantsoe ana a bolela kotsi e entsoeng ho mosali feela.’ Hape, hlokomela hore Bibele ha e bue letho ka hore kahlolo ea Jehova e ne e angoa ke hore na lesea le ka popelong le ne le e-na le nako e kae.
e Bakeng sa taba e qaqileng, bona Sehlomathiso, leqepheng la 215-16.