Na U Sitetsoe Moea o Halalelang?
“Ho na le sebe se tlisang lefu.”—1 JOHANNE 5:16.
1, 2. Re tseba joang hore ho ka etsahala hore motho a siteloe moea o halalelang oa Molimo?
“KE ’NILE ka tšoenngoa ke maikutlo a hore ke sitetsoe moea o halalelang.” Ke mantsoe a ileng a ngoloa ke mosali e mong oa Jeremane le hoja a ne a ntse a sebeletsa Molimo. Na ruri Mokreste a ka siteloa moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang?
2 E, ho ka etsahala hore motho a siteloe moea o halalelang oa Jehova. Jesu Kreste o ile a re: “Batho ba tla tšoareloa sebe sa mofuta o mong le o mong le nyefolo, empa nyefolo khahlanong le moea e ke ke ea tšoareloa.” (Matheu 12:31) Re lemosoa ka mantsoe a reng: “Haeba re tloaela ho etsa sebe ka boomo ka mor’a hore re amohele tsebo e nepahetseng ea ’nete, ha ho sa na sehlabelo leha e le sefe se setseng bakeng sa libe, empa ho na le tebello e itseng e tšabehang ea kahlolo.” (Baheberu 10:26, 27) Hape moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Ho na le sebe se tlisang lefu.” (1 Johanne 5:16) Empa na ke motho ea entseng sebe se tebileng ea etsang qeto ea hore na o entse “sebe se tlisang lefu” kapa che?
Ho Tšoareloa ea Bakileng
3. Haeba sebe seo re se entseng se re soabisitse haholo, ho ka etsahala hore boemo ba rōna ke bofe?
3 Jehova ke eena Moahloli ea ka sehloohong oa bafosi. Ka sebele, kaofela ha rōna re tlameha ho ikarabella ho eena, ebile o etsa se nepahetseng ka linako tsohle. (Genese 18:25; Baroma 14:12) Jehova ke eena ea etsang qeto ea hore na re entse sebe se ke keng sa tšoareloa kapa che, ’me a ka re amoha moea oa hae. (Pesaleme ea 51:11) Leha ho le joalo, haeba sebe seo re se entseng se re soabisitse haholo, ho ka etsahala hore re bakile e le kannete. Leha ho le joalo, pako ea sebele ke eng?
4. (a) Ho baka ho bolela’ng? (b) Ke hobane’ng ha Pesaleme ea 103:10-14 e le e tšelisang haholo?
4 Ho baka ho bolela ho fetola boikutlo ba rōna ka phoso eo re e entseng kapa eo re neng re rerile ho e etsa. Ho bolela hore re soabile kapa rea ikoahlaea ’me re furalla tsela ea boetsalibe. Haeba re entse sebe se tebileng empa re nkile mehato e loketseng ea ho bontša hore ruri re bakile, re ka tšelisoa ke mantsoe a mopesaleme a reng: “[Jehova] ha aa re etsa ho ea ka libe tsa rōna; leha e le hore o re tliselitse se re tšoanelang ho ea ka liphoso tsa rōna. Etsoe joalokaha maholimo a phahame ho feta lefatše, mosa oa hae o lerato o phahame ho ba mo tšabang. Joalokaha bochaba-tsatsi bo le hōle le bophirima-tsatsi, ka ho tšoanang o suthiselitse litlōlo tsa rōna hōle le rōna. Joalokaha ntate a bontša mohau ho bara ba hae, Jehova o bontšitse mohau ho ba mo tšabang. Etsoe o tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.”—Pesaleme ea 103:10-14.
5, 6. Bolela moko-taba oa 1 Johanne 3:19-22, ’me u hlalose hore na mantsoe ao a moapostola a bolela’ng.
5 Mantsoe a mang a tšelisang ke a moapostola Johanne a reng: “Re tla tseba ka sena hore re simoloha ’neteng, ’me re tla kholisa lipelo tsa rōna ka pel’a hae mabapi le eng kapa eng eo lipelo tsa rōna li ka re tsoang ho eona, hobane Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle. Baratuoa, haeba lipelo tsa rōna li sa re tsoe, re bua ka bolokolohi ho Molimo; eng kapa eng eo re e kōpang re e amohela ho eena, hobane re boloka litaelo tsa hae ’me re etsa lintho tse khahlisang mahlong a hae.”—1 Johanne 3:19-22.
6 ‘Rea tseba hore re simoloha ’neteng’ hobane re ratana ka lerato la bara ba motho ’me ha rea tloaela ho etsa sebe. (Pesaleme ea 119:11) Haeba ka lebaka le itseng lipelo tsa rōna li re tsoa, re lokela ho hopola hore “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle.” Jehova o re bontša mohau hobane o bona “lerato [la rōna] la bara ba motho le se nang boikaketsi,” ’me oa bona hore re loantša sebe le hore re leka ho etsa thato ea hae. (1 Petrose 1:22) Lipelo tsa rōna ‘li ke ke tsa re tsoa’ haeba re tšepile Jehova, re ratana ka lerato la bara ba motho re bile re se molato oa ho tloaela ho etsa sebe ka boomo. Ha re rapela re tla “bua ka bolokolohi [le] Molimo,” ’me o tla re araba hobane re boloka litaelo tsa hae.
Ba Ile ba Siteloa Moea
7. Tšoarelo ea sebe e itšetlehile ka eng?
7 Ke libe tse joang tse sa tšoareloeng? E le hore re arabe potso ena, a re ke re tšohleng mehlala e itseng ea Bibele. Ho etsa joalo ho tla re tšelisa haeba re bakile esita leha phoso e tebileng eo re e entseng e ntse e re sithabelitse haholo. Re tla bona hore tšoarelo ea sebe ha ea itšetleha hakaalo ka hore na motho o entse sebe sa mofuta ofe; empa sepheo sa motho, boemo ba pelo ea hae le hore na o ne a ikemiselitse hakae ho se etsa, ke tsona tse laolang hore na sebe sa hae se tla tšoareloa kapa che.
8. Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba siteloa moea o halalelang joang?
8 Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba lekholong la pele la lilemo bao ka lonya ba neng ba hanyetsa Jesu Kreste, ba ne ba siteloa moea o halalelang. Ba ile ba bona kamoo moea oa Molimo o neng o sebetsa kateng ho Jesu ha a ntse a etsa mehlolo e neng e tlotlisa Jehova. Empa, lira tsena tsa Kreste li ile tsa bolela hore matla ana ke a Satane Diabolose. Ho latela Jesu, ba ileng ba nyefola moea o halalelang oa Molimo ka tsela eo ba ile ba etsa sebe se neng se ke ke sa tšoareloa “tsamaisong ena ea lintho kapa e tlang ho tla.”—Matheu 12:22-32.
9. Ho nyefola ke ho etsa’ng, hona Jesu o ile a re’ng ka hona?
9 Ho nyefola motho ke ho mo senya lebitso, ho mo bua hampe kapa ho mo hlapaola. Kaha Mohloli oa moea o halalelang ke Molimo, ho bua moea oa hae hampe ho tšoana le ho bua Jehova hampe. Motho ea buang lipuo tse joalo a sa bake a ke ke a tšoareloa. Ketsahalo e lebisitseng mantsoeng ao a Jesu a mabapi le sebe sa mofuta oo e bontša hore Jesu o ne a bua ka bao ka boomo ba sitisang tšebetso ea moea o halalelang oa Molimo. Kaha Bafarisi ba ile ba bona kamoo moea oa Jehova o neng o sebetsa kateng ho Jesu, empa ba re matla ao a tsoa ho Diabolose, ba ile ba etsa sebe sa ho nyefola moea. Ke kahoo Jesu a ileng a re: “Mang kapa mang ea nyefolang moea o halalelang a ke ke a tšoareloa, ka ho sa feleng, empa o molato oa sebe se sa feleng.”—Mareka 3:20-29.
10. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bitsa Judase “mora oa timetso”?
10 Ak’u nahane hape ka Judase Iskariota. O ne a le bolotsana, a utsoa chelete lebokoseng la chelete le neng le behiloe tlhokomelong ea hae. (Johanne 12:5, 6) Hamorao Judase o ile a ea ho baeta-pele ba Bajuda eaba o lokisetsa hore a fuoe likotoana tse 30 tsa silevera hore a eke Jesu. Ke ’nete hore ka mor’a ho eka Jesu, Judase o ile a itšoabela, empa ha aa ka a bakela sebe sa hae sa ka boomo. Ka lebaka leo, Judase ha a tšoaneloe ke tsoho. Kahoo Jesu o ile a mo bitsa “mora oa timetso.”—Johanne 17:12; Matheu 26:14-16.
Ha Baa ka ba Siteloa Moea
11-13. Morena Davida o ile a etsa sebe sefe mabapi le Bathe-sheba, hona ke hobane’ng ha tsela eo Molimo a ileng a sebetsana le bona ka eona e le e tšelisang?
11 Ka linako tse ling, Bakreste ba boletseng libe tsa bona tse tebileng ’me baholo ba phutheho ba ba thusitse moeeng, ba ka ’na ba sithabetsoa ke ho ameha ka hore ba ile ba tlōla molao oa Molimo nakong e fetileng. (Jakobo 5:14) Haeba ka bomong re tšoenyehile ka tsela ena, ha ho potang hore re tla rua molemo ka ho tšohla seo Mangolo a se buang ka bao libe tsa bona li ileng tsa tšoareloa.
12 Morena Davida o ile a etsa sebe se tebileng le Bathe-sheba, mosali oa Uria. Ka mor’a hore Davida a le marulelong a ntlo e haufi a bone mosali enoa e motle a hlapa, o ile a re a tlisoe ntlong ea hae ea borena eaba o kopanela liphate le eena. Hamorao ha a tsebisoa hore o imme, o ile a loha leano la hore monna oa hae Uria, a robale le eena e le ho pata bofebe boo. Ha leqheka leo le hlōleha, morena a lokisetsa hore Uria a bolaoe ntoeng. Ka mor’a moo, Bathe-sheba e ile ea e-ba mosali oa Davida ’me a mo tsoalla mora eo hamorao a ileng a shoa.—2 Samuele 11:1-27.
13 Jehova o ile a sebetsa taba ena ea Davida le Bathe-sheba. Kamoo ho bonahalang kateng, Molimo o ile a tšoarela Davida kaha o ne a bakile le ka lebaka la selekane sa ’Muso se neng se hlabiloe le eena. (2 Samuele 7:11-16; 12:7-14) Ho hlakile hore Bathe-sheba o ne a bakile, kaha o ile a fuoa tokelo ea ho ba ’m’a Morena Solomone le moholo-holo oa Jesu Kreste. (Matheu 1:1, 6, 16) Haeba re entse sebe, re lokela ho hopola hore Jehova o ela hloko pako ea rōna.
14. Taba ea Morena Manase e bontša hore Molimo o tšoarela hakae?
14 Taba ea Morena Manase oa Juda le eona e bontša hore na Jehova o tšoarela hakae. O ile a etsa se sebe mahlong a Jehova. Manase o ile a emisetsa Baale lialetare, a rapela “makhotla ’ohle a maholimo,” a ba a hahela melimo ea bohata lialetare mabaleng a mabeli a tempele. A fetisa bara ba hae mollong, a khothalletsa batho hore ba sebelisane le meea, a ba a etsa hore baahi ba Juda le Jerusalema “ba etse se sebe ho feta lichaba tseo Jehova a neng a li felisitse ka pel’a bara ba Iseraele.” Batho ba ne ba sa mamele litemoso tse tlang ho bona ka baprofeta ba Molimo. Qetellong, morena oa Assyria o ile a isa Manase kholehong. Ha a le kholehong, Manase o ile a baka ’me ka boikokobetso a ’na a rapela Molimo, ea ileng a mo tšoarela a ba a mo khutlisetsa boreneng Jerusalema, moo a ileng a ntšetsa pele borapeli ba ’nete.—2 Likronike 33:2-17.
15. Ho ile ha etsahala eng bophelong ba moapostola Petrose e bontšang hore Jehova o tšoarela “ka tsela e khōlō”?
15 Lilemo tse makholo hamorao, moapostola Petrose o ile a etsa sebe se tebileng ka ho latola Jesu. (Mareka 14:30, 66-72) Leha ho le joalo, Jehova o ile a tšoarela Petrose “ka tsela e khōlō.” (Esaia 55:7) Hobane’ng? Hobane Petrose o ne a bakile e le kannete. (Luka 22:62) Matsatsi a 50 hamorao ho ile ha totobala hore Molimo o mo tšoaretse ha ka letsatsi la Pentekonta, Petrose a fuoa tokelo e khethehileng ea ho pakela Jesu ka sebete. (Liketso 2:14-36) Na ho na le lebaka leha e le lefe la ho lumela hore Molimo a ke ke a tšoarela Bakreste ba bakileng e le kannete kajeno? Mopesaleme o ile a bina pina ena: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema? Etsoe ho na le tšoarelo ea ’nete ho uena.”—Pesaleme ea 130:3, 4.
Ho se Tšoenyehe Haholo ka Hore U Sitetsoe Moea o Halalelang
16. Molimo o tšoarela tlas’a maemo afe?
16 Mehlala e boletsoeng ka holimo e ka re thusa hore re se ke ra tšoenyeha haholo ka hore re sitetsoe moea o halalelang. E bontša hore Jehova o tšoarela baetsalibe ba bakileng. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho rapela Molimo ka tieo. Haeba re entse sebe, re ka rapella tšoarelo motheong oa sehlabelo sa Jesu sa thekollo, mohau oa Jehova, ho se phethahale hoo re ho futsitseng le tlaleho ea rōna ea ho sebeletsa Molimo ka botšepehi. Ka ho tseba hore Jehova o na le mosa o sa tšoanelang, re ka kōpa tšoarelo re kholisehile hore o tla re tšoarela.—Baefese 1:7.
17. Re lokela ho etsa’ng haeba re entse sebe ’me re hloka ho thusoa moeeng?
17 Re ka etsa’ng haeba re entse sebe ’me re sa khone ho rapela hobane se re fokolisitse moeeng? Tabeng ena, morutuoa Jakobo o ile a ngola tjena: “[Motho ea joalo] a ke a bitsetse banna ba baholo ba phutheho ho eena, ’me ba mo rapelle, ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova. Thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa. Hape, haeba a entse libe, o tla tšoareloa.”—Jakobo 5:14, 15.
18. Le haeba motho a ka lelekoa ka phuthehong, ke hobane’ng ha seo se sa bolele hore o entse sebe se sa tšoareloeng?
18 Esita le haeba ka nako eo mofosi a e-s’o bake ’me a lelekoa ka phuthehong, seo ha se bolele hore o entse sebe se sa tšoareloeng. Pauluse o ile a ngola tjena mabapi le mofosi e mong eo e neng e le motlotsuoa phuthehong ea Korinthe: “Khalemelo ena e matla e fanoeng ke bongata e lekane bakeng sa motho ea joalo, e le hore, joale ho fapana le hoo, le ka mo tšoarela ka mosa le ho mo tšelisa, e le hore ka tsela e itseng motho ea joalo a se ke a sithabetsoa ke ho hlomoha ka ho fetisisa.” (2 Bakorinthe 2:6-8; 1 Bakorinthe 5:1-5) Leha ho le joalo, e le hore bafosi ba tsosolosoe moeeng, ba lokela ho amohela thuso ea moea e thehiloeng Bibeleng e fanoang ke baholo ba Bakreste ’me ba bontše bopaki ba hore ba bakile e le kannete. Ba tlameha ho ‘hlahisa litholoana tse tšoanelang pako.’—Luka 3:8.
19. Ke eng e ka re thusang hore re lule re ‘phela hantle tumelong’?
19 Ke eng e ka re bakelang boikutlo ba hore re sitetsoe moea o halalelang? Ke ho khathatseha ho feta tekano kapa ho se phele hantle. Maemong a joalo, motho a ka thusoa ke thapelo le ho phomola haholoanyane. Ka ho khetheha, ha rea lokela ho lumella Satane hore a re nyahamise hoo re ka khaotsang ho sebeletsa Molimo. Kaha Jehova ha a khahlisoe ke lefu la motho ea khopo, ka sebele ha a thabele ho lahleheloa ke mohlanka leha e le ofe oa hae. Kahoo, haeba re tšoha hore re sitetsoe moea o halalelang, re lokela ho lula re iphepa ka Lentsoe la Molimo, hammoho le likarolo tsa lona tse tšelisang tse joaloka Lipesaleme. Re lokela ho tsoela pele re e-ba teng libokeng tsa phutheho ’me re bolele ka ’Muso. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re lule re ‘phela hantle tumelong’ re bile re sa tšohe hore e ka ’na eaba re entse sebe se sa tšoareloeng.—Tite 2:2.
20. Ke mabaka afe a ka ’nang a thusa motho ho bona hore ha aa siteloa moea o halalelang?
20 Batho leha e le bafe ba tšohang hore ba sitetsoe moea o halalelang ba ka ’na ba ipotsa: ‘Na ke nyefotse moea o halalelang? Kaha ke baketse sebe sa ka, na joale ke fetotse tsela eo ke talimang pako eo ka eona? Na ke na le tumelo ea hore Molimo oa tšoarela? Na ke mokoenehi ea hanang ho amohela leseli la moea?’ Ha ho potang hore batho bao ba tla elelloa hore ha baa siteloa moea o halalelang oa Molimo, ebile hase bakoenehi. Ba bakile ebile ba na le tumelo e sa sisinyeheng ea hore Jehova oa tšoarela. Ka lebaka leo, ha baa siteloa moea o halalelang oa Jehova.
21. Ho tla tšohloa lipotso life sehloohong se latelang?
21 Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore ha rea siteloa moea o halalelang! Leha ho le joalo, ho na le lipotso tse ling tse amanang le taba ena tse tla tšohloa sehloohong se latelang. Ka mohlala, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ka sebele ke tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo? Na tsela eo ke phelang ka eona e bonahatsa tholoana ea oona?’
U ka Araba Joang?
• Ke hobane’ng ha re ka re ho ka etsahala hore motho a siteloe moea o halalelang?
• Ho baka ho bolela’ng?
• Ke bo-mang ba ileng ba siteloa moea o halalelang ha Jesu a le lefatšeng?
• Motho a ka thusoa ke eng hore a se ke a tšoenyeha ka hore o entse sebe se sa tšoareloeng?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ba ileng ba re Jesu o ne a etsa mehlolo ka matla a Satane ba ile ba siteloa moea o halalelang oa Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Le hoja Petrose a ile a latola Jesu, ha aa ka a etsa sebe se sa tšoareloeng