Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Gaiase o Ile a Thusa Bakreste ’Moho le Eena
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | May
    • Baeti bana ba ne ba bolela litaba tse molemo, mohlomong ba bang ba ne ba fetisa melaetsa ea Johanne, e le baromuoa kapa e le balebeli ba tsamaeang. Johanne o ile a re: “Etsoe ba ile ba tsoa ka lebaka la lebitso la hae.” (3 Jo 7) O ne a sa tsoa bua ka Molimo (bona temana ea 6), kahoo ha a ne a re “ka lebaka la lebitso la hae” o ne a bua ka Jehova. Baeti bana ba ne ba lokela ho amoheloa hantle hobane e ne e le Bakreste, joalokaha Johanne a itse: “Re tlamehile ho bontša batho ba joalo kamohelo ea baeti, e le hore re ka ba basebetsi-’moho ’neteng.”—3 Jo 8.

  • Gaiase o Ile a Thusa Bakreste ’Moho le Eena
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | May
    • Thuto ea pele, Bakreste ba ileng ba ithaopela mosebetsi oa ho etela liphutheho le oa ho isa mangolo liphuthehong ba re thusitse haholo kaha kajeno re tseba Lentsoe la Molimo. Ke ’nete hore mehleng ena Bakreste ha ba sa tsamaea maeto a matelele hore ba bolele litaba tse molemo. Leha ho le joalo re ka etsisa Gaiase ka hore re thuse barab’abo rona ba lulang ba tsamaea joaloka molebeli oa potoloho le mohats’a hae. Re ka boela ra thusa bara le barali babo rona ba fallelang libakeng tseo ho nang le tlhokahalo, ka hore re ‘latele mokhoa oa ho amohela baeti.’—Bar 12:13; 1Ti 5:9, 10.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela