Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Gaiase o Ile a Thusa Bakreste ’Moho le Eena
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | May
    • THUSO E TLILENG KA NAKO E LOKETSENG

      Johanne o ne a sa ngolle Gaiase feela hore a mo lebohe empa o ne a boetse a batla ho mo thusa ka bothata boo a neng a tobane le bona. Diotrefe eo ho builoeng ka eena pejana o ne a sa rate ho amohela Bakreste ba neng ba etela moo a phelang teng. O ne a sa felle moo empa o ne a boela a leka ho thibela ba bang ho ba amohela.—3 Jo 9, 10.

      Bakreste ba ne ba ke ke ba rata ho lula le Diotrefe le ha ba ne ba ka fumana monyetla. O ne a rata ho hlahella ka phuthehong, a sa ananele litaba tse tsoang ho Johanne a bile a bua hampe ka eena le Bakreste ba bang, hape o ne a sa ikokobeletse Johanne empa ha ho moo Johanne a mo hlalosang e le motho ea rutang mashano. Diotrefe o ne a sa tšepahale hobane o ne a rata ho hlahella a bile a etsa lintho tseo Bakreste ba sa lokelang ho li etsang. Mohlala oa hae o bontša seo batho ba ikhohomosang ba ka se etsang ka phuthehong. Johanne o ile a re ho Gaiase: “E-ba moetsisi oa se molemo, eseng oa se sebe,” mantsoe ana aa sebetsa le ho rona kajeno.—3 Jo 11.

  • Gaiase o Ile a Thusa Bakreste ’Moho le Eena
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | May
    • Ea bobeli, ho ka etsahala hore ka phuthehong ho be le Bakreste ba sa hlompheng batho ba etellang pele. Ho ne ho e-na le Bakreste ba sa hlompheng moapostola Johanne le moapostola Pauluse mehleng ea baapostola. (2Ko 10:7-12; 12:11-13) Ha ho e-ba le boemo bo joalo ka phuthehong re lokela ho etsa joang? Pauluse o ile a eletsa Timothea a re: “Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle, le tšoanelehele ho ruta, le lule le ithibile bobeng, le rupele ka bonolo ba ratang ho hanyetsa.” Haeba re lula re khobile matšoafo le ha re hanyetsoa, batho ba bang ba ka ’na ba qetella ba batla ho ithuta ka Jehova ’me “a ka ba fa pako e isang tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—2Ti 2:24, 25.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela