“Le Loane Ntoa e Thata Bakeng sa Tumelo”!
“Le loane ntoa e thata bakeng sa tumelo eo hang le ka ho ke keng ha phetoa ho ileng ha nehelanoa ka eona ho bahalaleli.”—JUDE 3.
1. Ke ka kutloisiso efe Bakreste ba ’nete kajeno ba leng ntoeng?
KAMEHLA masole a ntoeng a ’nile a e-ba le bophelo bo thata. Nahana u jere thepa e feletseng ea ntoa ’me u tsamaea lik’hilomithara tse ngata-ngata tlas’a maemo ’ohle a leholimo, u fumana koetliso e boima ea ho sebelisa libetsa, kapa u tlameha ho itšireletsa maemong ’ohle a sokelang bophelo ba hao ka mabifi kapa a ka u lematsang. Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ha ba kenelle lintoeng tsa lichaba. (Esaia 2:2-4; Johanne 17:14) Ho ntse ho le joalo, le ka mohla ha rea lokela ho lebala hore kaofela re ntoeng ka kutloisiso ea moea. Satane o hloile Jesu Kreste le balateli ba hae ba lefatšeng ka ho feletseng. (Tšenolo 12:17) Ha e le hantle, bohle ba etsang qeto ea ho sebeletsa Jehova Molimo ba ikenya lethathamong la masole a loanang ntoa ea moea.—2 Bakorinthe 10:4.
2. Jude o hlalosa ntoa ea Bokreste joang, ’me ke joang lengolo la hae le ka re thusang ho e mamella?
2 Ka ho nepahetseng, Jude, ngoan’abo Jesu ka ’mè oa bona oa ngola: “Baratuoa, le hoja ke ne ke etsa boiteko bo bong le bo bong ba ho le ngolla ka poloko eo re nang le eona bohle, ke ile ka fumana ho hlokahala ho le ngolla ho le eletsa hore le loane ntoa e thata bakeng sa tumelo eo hang le ka ho ke keng ha phetoa ho ileng ha nehelanoa ka eona ho bahalaleli.” (Jude 3) Ha Jude a phehella Bakreste hore ba “loane ntoa e thata,” o sebelisa polelo e amanang le lentsoe “tlhokofatso.” E, ntoa ena e ka ba e thata, esita le e hlokofatsang! Na ka linako tse ling u iphumana u thatafalloa ke ho mamella ntoeng ee? Lengolo la Jude le lekhutšoanyane, empa le le matla, le ka re thusa. Le re phehella ho hanela boitšoaro bo bobe, ho hlompha bao Molimo a ba fileng matla a ho laela, le ho ipoloka leratong la Molimo. A re boneng hore na re ka sebelisa keletso ena joang.
Hanela Boitšoaro bo Bobe
3. Ke boemo bofe bo kotsi bo neng bo tobane le phutheho ea Bokreste mehleng ea Jude?
3 Jude o ne a bona hore e ne e se Bakreste-’moho le eena bohle ba neng ba hlōla ntoa e khahlanong le Satane. Mohlape o ne o tobane le boemo bo kotsi. Jude o ngola hore batho ba senyehileng ba ne ba “kene ka sekhukhu.” Batho bana ba ne ba khothalletsa boitšoaro bo bobe ka tsela e poteletseng. ’Me ba ne ba emela liketso tsa bona ka bohlale, ‘ba fetola mosa o sa tšoanelang oa Molimo oa rōna boikemelo bakeng sa boitšoaro bo hlephileng.’ (Jude 4) Mohlomong, joaloka Magnostic a boholo-holo, ba ne ba ipehela lebaka la hore ha motho a etsa libe haholoanyane, o ne a tla fumana mosa oa Molimo o sa tšoanelang haholoanyane—kahoo, ha e le hantle ho ne ho le molemo ho etsa libe tse eketsehileng! Kapa mohlomong ba ne ba nahana hore ha ho mohla Molimo ea mosa a neng a tla ba otla. Ho sa tsotellehe seo ba neng ba se nahana, ba ne ba fositse.—1 Bakorinthe 3:19.
4. Jude o qotsa mehlala efe e meraro ea Mangolo moo Jehova a ileng a liha kahlolo nakong e fetileng?
4 Jude o shanofatsa mabaka a bona a khopo ka ho qotsa mehlala e meraro ea likahlolo tsa Jehova tsa nakong e fetileng: Baiseraele ba neng ba ‘sa bontše tumelo’; ho ‘mangeloi a ileng a furalla sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng’ e le hore a ka etsa sebe le basali; ho baahi ba Sodoma le Gomorra, ba ileng ba etsa ‘bohlola ka mokhoa o feteletseng ’me ba sala nama morao bakeng sa tšebeliso eo e seng ea tlhaho.’ (Jude 5-7; Genese 6:2-4; 19:4-25; Numere 14:35) Boemong bo bong le bo bong Jehova o ile a lihela kahlolo e matla ho baetsalibe.
5. Jude o qotsa moprofeta ofe oa boholo-holo, ’me boprofeta boo bo ne bo hlalosa ho tiea ha phethahatso ea bona joang?
5 Hamorao, Jude o bua ka kahlolo ea phello e tebileng le ho feta. O qotsa boprofeta ba Henoke—litemana tse sa fumanoeng sebakeng leha e le sefe se seng ka Mangolong a bululetsoeng.a (Jude 14, 15) Henoke o ile a bolela esale pele ka nako eo Jehova a neng a tla ahlola bohle ba khopo le liketso tsa bona tse khopo. Ka ho thahasellisang, Henoke o ile a bua ka tsela e bontšang ntho e seng e phethahetse hobane kahlolo ea Molimo e ne e tiile joalokaha eka e se e etsahetse. E ka ’na eaba batho ba ne ba ile ba soma Henoke ’me hamorao Noe, empa basomi ba joalo kaofela ba ile ba khangoa ke metsi Moroallong oa lefatše lohle.
6. (a) Bakreste ba mehleng ea Jude ba ne ba hloka ho hopotsoa eng? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho nka likhopotso tsa Jude ka botebo?
6 Ke hobane’ng ha Jude a ile a ngola likahlolo tsee tsa bomolimo? Hobane o ne a tseba hore ba bang ba neng ba kopanela le phutheho ea Bokreste mehleng ea hae ba ne ba etsa libe tse litšila le tse nyatsehang joaloka tse neng li entsoe ke ba ileng ba etsa hore ho be le likahlolo tseo tse fetileng. Kahoo, Jude o ngola hore liphutheho li hloka ho hopotsoa ka linnete tse itseng tsa motheo tsa moea. (Jude 5) Ho hlakile hore ba ne ba lebetse hore Jehova Molimo o ne a bona seo ba neng ba se etsa. E, oa bona ha bahlanka ba hae ba tlōla melao ea hae ka boomo, ba itšilafatsa le ho silafatsa ba bang. (Liproverbia 15:3) Liketso tse joalo li mo utloisa bohloko bo tebileng. (Genese 6:6; Pesaleme ea 78:40) Hoa tšosa ho nahana hore rōna batho feela tjee, re ka ama maikutlo a ’Musi Morena oa bokahohle. O re sheba letsatsi le leng le le leng, ’me ha re etsa sohle se matleng a rōna hore re latele mohlala oa Mora oa hae Jesu Kreste, ke moo boitšoaro ba rōna bo mo thabisang pelo. Kahoo, e se eka le ka mohla re ka se khopisoe ke likhopotso tse kang tseo Jude a fanang ka tsona, empa re li nke ka botebo.—Liproverbia 27:11; 1 Petrose 2:21.
7. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ba amehang phosong e tebileng ba batle thuso hang-hang? (b) Kaofela ha rōna re ka qoba boitšoaro bo bobe joang?
7 Hase feela hore Jehova oa bona, empa o nka khato. Kaha ke Molimo oa toka, o otla baetsalibe—ebang ke ka potlako kapa ka mor’a nako. (1 Timothea 5:24) Ba behang lebaka la hore likahlolo tsa hae ke lintho tsa nakong e fetileng le hore ha a tsotelle bokhopo boo ba bo etsang, ba mpa ba ithetsa. Ke habohlokoa hakaakang hore leha e le bafe ba amehang boitšoarong bo bobe kajeno ba batle thuso hang-hang ho baholo ba Bakreste! (Jakobo 5:14, 15) Tšokelo eo boitšoaro bo bobe bo e hlahisang ntoeng ea rōna ea moea e ka ’na ea etsa hore re hlaphoheloe. Ho na le ba lemalang selemo se seng le se seng—batho ba lelekoang ka har’a rōna ’me boholo ba bona e le ka lebaka la ho etsa boitšoaro bo bobe ba sa bake. Re lokela ho ikemisetsa ka matla ho hanela liteko leha e le life tse qalang ho re lebisa tseleng eo.—Bapisa le Matheu 26:41.
Hlompha Bao Molimo a ba Fileng Matla a ho Laela
8. “Ba khanyang” ba boletsoeng ho Jude 8 e ne e le bo-mang?
8 Bothata bo bong boo Jude a buang ka bona ke ba ho se hlomphe bao Molimo a ba fileng matla a ho laela. Ka mohlala, temaneng ea 8 o qosa bona batho bana ba khopo ka hore ba “bua ka ho nyefola ka ba khanyang.” Baa “ba khanyang” e ne e le bo-mang? E ne e le batho ba sa phethahalang, empa ba ne ba e-na le boikarabelo boo moea o halalelang oa Jehova o ba fileng bona. Ka mohlala, liphutheho li ne li e-na le baholo ba neng ba fuoe boikarabelo ba ho lisa mohlape oa Molimo. (1 Petrose 5:2) Ho ne ho boetse ho e-na le balebeli ba tsamaeang, ba kang moapostola Pauluse. ’Me sehlopha sa baholo Jerusalema se ile sa sebetsa e le sehlopha se busang, se neng se etsa liqeto tse neng li ama phutheho eohle ea Bokreste. (Liketso 15:6) Jude o ne a anngoe ka ho teba ke hore ba bang liphuthehong ba ne ba bua batho bao hampe kapa ba ba nyefola.
9. Jude o qotsa mehlala efe mabapi le ho se hlomphe ba nang le matla a ho laela?
9 Ha a nyatsa puo eo e se nang tlhompho, Jude o qotsa mehlala e meng e meraro e le khopotso temaneng ea 11: Kaine, Balame le Kore. Kaine o ile a iphapanyetsa keletso e lerato ea Jehova, a phehella ka boomo tsela ea hae ea lehloeo le bolaeang. (Genese 4:4-8) Balame o ile a fumana litemoso ka makhetlo, tseo ntle ho tikatiko li neng li e-tsoa mohloling o phahametseng tlhaho—esita le esele ea hae e tšehali e ile ea bua le eena! Empa, ka boikhantšo Balame o ile a tsoela pele ho rerela batho ba Molimo bobe. (Numere 22:28, 32-34; Deuteronoma 23:5) Kore o ne a e-na le boemo ba boikarabelo, empa o ne a sa khotsofala. O ile a fehla borabele khahlanong le monna ea neng a ikokobelitse ka ho fetisisa lefatšeng, Moshe.—Numere 12:3; 16:1-3, 32.
10. Ke joang ba bang kajeno ba ka oelang lerabeng la ho “bua ka ho nyefola ka ba khanyang,” ’me ke hobane’ng ha puo e joalo e lokela ho qojoa?
10 Mehlala ena e re ruta ka ho hlaka hakaakang hore re mamele keletso le ho hlompha bao Jehova a ba sebelisang boemong ba boikarabelo! (Baheberu 13:17) Ho bonolo haholo ho fumana phoso ho baholo ba khethiloeng hobane ha baa phethahala, joalokaha kaofela ha rōna re sa phethahala. Empa haeba re nahana nako e telele ka liphoso tsa bona ’me re khella fatše tlhompho e ba loketseng, na re tla be re sa ‘bue ka ho nyefola ka ba khanyang’? Temaneng ea 10, Jude o bua ka ba ‘buang ka ho nyefola ka lintho tsohle tseo ka sebele ba sa li tsebeng.’ Ka linako tse ling, ba bang ba tla nyatsa qeto e entsoeng ke sehlopha sa baholo kapa komiti ea boahloli. Empa, ha ba tsebe boitsebiso bohle boo baholo ba bileng le bona e le hore ba fihlele qeto eo. Kahoo, ke hobane’ng ha ba bua ka ho nyefola ka lintho tseo ka sebele ba sa li tsebeng? (Liproverbia 18:13) Ba phehellang puo e nang le boikutlo bo fosahetseng joalo ba ka baka likhaohano ka phuthehong ’me mohlomong ba ka ba ba tšoantšoa le “mafika [a kotsi] a patiloeng ka tlas’a metsi,” lipokanong tsa balumeli-’moho le bona. (Jude 12, 16, 19) Le ka mohla ha rea lokela ho batla ho hlahisetsa ba bang kotsi ea moea. Ho e-na le hoo, e se eka e mong le e mong oa rōna a ka ikemisetsa ho ananela batho ba ikarabellang bakeng sa mosebetsi oa bona o matla le boinehelo ba bona ho mohlape oa Molimo.—1 Timothea 5:17.
11. Ke hobane’ng ha Mikaele a ile a ithiba hore a se ke a tlisa kahlolo ka mantsoe a nyefolang kahlanong le Satane?
11 Jude o qotsa mohlala oa e mong ea ileng a hlompha matla a ho laela a behiloeng ka tšoanelo. Oa ngola: “Ha Mikaele lengeloi le ka sehloohong a ne a e-na le phapang le Diabolose ’me a pheha khang ka setopo sa Moshe, ha aa ka a iteta sefuba ho tlisa kahlolo khahlanong le eena ka mantsoe a nyefolang, empa a re: ‘E se eka Jehova a ka u khalemela ka matla.’” (Jude 9) Tlaleho ena e hlollang, e tlalehiloeng ke Jude feela ka Mangolong a bululetsoeng, e ruta lintho tse peli tse ikhethang. Ka lehlakoreng le leng, e re ruta hore kahlolo re e siele Jehova. Ho hlakile hore Satane o ne a batla ho sebelisa hampe setopo sa monna ea neng a tšepahala, Moshe, bakeng sa ho hōlisa borapeli ba litšoantšo. E ne e le bokhopo bo bokaakang! Leha ho le joalo, ka boikokobetso Mikaele o ile a qoba ho liha kahlolo, kaha e ne e le Jehova feela ea neng a e-na le matla a ho etsa joalo. Joale rōna re lokela ho qoba hakaakang ho ahlola batho ba tšepahalang, ba lekang ho sebeletsa Jehova.
12. Ba nang le maemo a boikarabelo ka phuthehong ea Bokreste ba ka ithuta eng mohlaleng oa Mikaele?
12 Ka lehlakoreng le leng, ba nang le tekanyo e itseng ea matla a ho laela ka phuthehong le bona ba ka ithuta ho hong ho Mikaele. Ha e le hantle, le hoja Mikaele e ne e le “lengeloi le ka sehloohong,” hlooho ea mangeloi ’ohle, ha aa ka a sebelisa matla a boemo ba hae hampe, esita le tlas’a phephetso. Baholo ba tšepahalang ba latela mohlala oo haufi-ufi, ba hlokomela hore ho sebelisa matla a bona a ho laela hampe ke ho se hlomphe bobusi ba Jehova. Lengolo la Jude le boletse ho hongata ka batho ba neng ba e-na le boemo bo hlomphehang ka liphuthehong empa ba ileng ba sebelisa matla a bona hampe. Ka mohlala, temaneng ea 12 ho ea ho ea 14, Jude o ngola a nyatsa ka thata “balisa ba iphepang ntle ho tšabo.” (Bapisa le Ezekiele 34:7-10.) Ka mantsoe a mang, thahasello ea bona e ka sehloohong e ne e le ho ithuisa molemo, eseng mohlape oa Jehova. Kajeno baholo ba ka ithuta ho hongata mehlaleng eo e fosahetseng. Ka sebele, mona mantsoe a Jude a hlalosa ka ho hlaka hore na ke eng eo re sa batleng ho ba eona. Re ke ke ra ba masole a Kreste haeba re inehela boithating; haeba re phathahane haholo lithahasellong tsa botho. Ho e-na le hoo, kaofela ha rōna a re pheleng ka mantsoe a Jesu: “Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.”—Liketso 20:35.
“Le Ipoloke Leratong la Molimo”
13. Ke hobane’ng ha kaofela re lokela ho rata ho lula leratong la Molimo?
13 Ho ella qetellong ea lengolo la hae, Jude o fana ka keletso ena e amang maikutlo: “Le ipoloke leratong la Molimo.” (Jude 21) Ha ho na letho le tla re thusa ho loana ntoa ea Bokreste ho feta ntho ena e le ’ngoe, ho lula re le ba fumanang lerato la Jehova Molimo. Etsoe lerato ke tšobotsi e ka sehloohong ea Jehova. (1 Johanne 4:8) Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Roma: “Ke kholisehile hore leha e le lefu kapa bophelo kapa mangeloi kapa mebuso kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla kapa matla kapa bophahamo kapa botebo kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe ha li na ho khona ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 8:38, 39) Leha ho le joalo, re ka lula joang leratong leo? Hlokomela mehato e meraro eo re ka e nkang ho latela Jude.
14, 15. (a) Ho bolela eng ho ikaha ‘tumelong ea rōna e halalelang ka ho fetisisa’? (b) Re ka hlahloba boemo ba lihlomo tsa rōna tsa moea joang?
14 Pele, Jude o re bolella hore re tsoele pele ho ikaha “tumelong [ea rōna] e halalelang ka ho fetisisa.” (Jude 20) Joalokaha re bone sehloohong se ka pele ho sena, mohato ona ke o sa khaotseng. Re tšoana le mehaho e hlokang tšireletso e eketsehileng bakeng sa ho ema khahlanong le tšenyo e mpe e ka bakoang ke maemo a leholimo. (Bapisa le Matheu 7:24, 25.) Kahoo, e se eka le ka mohla re ke ke ra ba ba itšepang ho tlōla. Ho e-na le hoo, re lokela ho hlokomela hore na re ka ikaha kae motheong oa tumelo ea rōna, re be masole a Kreste a matlahali, a tšepahalang haholoanyane. Ka mohlala, re ka ’na ra nahana ka likarolo tsa lihlomo tsa ntoa ea moea tse hlalositsoeng ho Baefese 6:11-18.
15 Boemo ba lihlomo tsa rōna tsa ntoa ke bofe? Na “thebe [ea rōna] e khōlō ea tumelo” e matla joalokaha e tšoanela ho ba matla? Ha re sheba lilemong tsa morao tjena, na re bona matšoao a ho khoehlisa, joaloka ho fokotseha ha makhetlo ao ka ’ona re bang teng libokeng, ho felloa ke cheseho bakeng sa tšebeletso, kapa ho nyamela ha cheseho ea thuto ea botho? Matšoao a joalo a kotsi! Re lokela ho nka khato hona joale bakeng sa ho ikaha le ho imatlafatsa ’neteng.—1 Timothea 4:15; 2 Timothea 4:2; Baheberu 10:24, 25.
16. Ho rapela ka moea o halalelang ho bolela eng, hona ke ntho efe eo re lokelang ho e kōpa kamehla ho Jehova?
16 Tsela ea bobeli ea ho ipoloka leratong la Molimo ke ea ho tsoela pele “ho rapela ka moea o halalelang.” (Jude 20) Hona ho bolela ho rapela tlas’a tšusumetso ea moea oa Jehova le tumellanong le Lentsoe la hae le bululetsoeng ka moea. Thapelo ke mokhoa oa bohlokoa haholo oa ho atamela haufi le Jehova le ho bontša boinehelo ba rōna ho eena. Le ka mohla, ha rea lokela ho hlokomoloha tokelo ena e babatsehang! ’Me ha re rapela, re ka kōpa—ha e le hantle, re lokela ho tsoela pele re kōpa—moea o halalelang. (Luka 11:13) Ke tšusumetso e matla ka ho fetisisa eo re nang le eona. Ka thuso eo, re ka ipoloka leratong la Molimo ka linako tsohle ’me ra mamella joaloka masole a Kreste.
17. (a) Ke hobane’ng ha mohlala oa Jude tabeng ea mohau o hlile o ikhetha? (b) Ke joang e mong le e mong oa rōna a ka tsoelang pele ho bontša mohau?
17 Ntlha ea boraro, Jude o re phehella hore re tsoele pele ho bontša mohau. (Jude 22) Mohlala oa hae tabeng ena o ikhethile. Hopola hore o ne a tšoenyehile ka nepo ka bobolu, boitšoaro bo bobe le bokoenehi tse neng li nyonyobela phuthehong ea Bokreste. Leha ho le joalo, ha aa ka a inehela tšabong, a nahana hore mehla e ne e batla e le kotsi haholo hore a ka bontša tšobotsi e “bonolo” joaloka mohau. Che, o ile a phehella barab’abo hore ba tsoele pele ho bontša mohau neng le neng ha ho khoneha, ba behelana mabaka ka mosa le ba nang le lipelaelo, ’me ba bile ba “hloibila mollong” ba khelohelang haufi le sebe se tebileng. (Jude 23; Bagalata 6:1) Ke khothatso e ntle hakaakang bakeng sa baholo mehleng ee e tletseng mathata! Le bona ba leka ho bontša mohau hohle moo ho nang le lebaka la ho o bontša, le hoja ba ntse ba tiea moo ho hlokahalang. Ka ho tšoanang, kaofela ha rōna re batla ho bontšana mohau. Ka mohlala, ho e-na le ho koetla likhopiso tse fokolang, re ka ba ba tšoarelang ka bolokolohi.—Bakolose 3:13.
18. Re ka kholiseha joang hore re tla hlōla ntoeng ea rōna ea moea?
18 Ntoa eo re e loanang e boima. Joalokaha Jude a bolela, ke “ntoa e thata.” (Jude 3) Lira tsa rōna li matla. Hase Satane feela, empa lefatše la hae le khopo le ho se phethahale ha rōna kaofela lia re loantša. Leha ho le joalo, re ka kholiseha ka ho feletseng hore re tla hlōla! Hobane’ng? Hobane re ka lehlakoreng la Jehova. Jude o phethela lengolo la hae ka khopotso ea hore ka ho nepahetseng, Jehova o tšoaneloa ke “khanya, boholo bo hlomphehang, bonatla le matla a ho laela bakeng sa nako eohle e fetileng e hlokang qalo le hona joale le ho kenella nakong eohle e hlokang qetello.” (Jude 25) Na eo hase khopolo e hlollang e susumetsang tlhompho? Na joale ho ka ba le pelaelo ea hore eena Molimo enoa o ‘khona ho le lebela hore le se ke la khoptjoa’? (Jude 24) Le hanyenyane! E se eka e mong le e mong oa rōna a ka ikemisetsa ho tsoela pele ho hanela boitšoaro bo bobe, ho hlompha bao Molimo a ba fileng matla a ho laela, le ho ipoloka leratong la Molimo. Ka tsela eo, kaofela re tla thabela tlhōlo e khanyang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bafuputsi ba bang ba bolela hore Jude o qotsa mangolong a neano ao e seng karolo ea Bibele a hlahang ho Book of Enoch. Leha ho le joalo, R. C. H. Lenski o re: “Rea botsa: ‘Mohloli oa sehlomathiso see, Book of Enoch, ke ofe?’ Buka ena e mpa e le keketso, ’me ha ho na motho ea nang le bonnete ba hore na likarolo tsa eona tse fapaneng li ngotsoe neng . . . ; ha ho na ea ka tiisang hore mohlomong lipolelo tse ling tsa eona li ne li sa nkoa ho Jude ka boeena.”
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Lengolo la Jude le re ruta ho hanela boitšoaro bo bobe joang?
◻ Ke hobane’ng ha e hlile e le habohlokoa ho hlompha bao Molimo a ba fileng matla a ho laela?
◻ Ke eng e hlileng e leng kotsi ka ho sebelisa matla a ho laela a phutheho hampe?
◻ Re ka etsa joang hore re lule leratong la Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ho fapana le masole a Roma, Bakreste ba loana ntoa ea moea
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Balisa ba Bakreste ba sebeletsa ka lebaka la lerato, eseng boithati