Khaolo ea 3
“Ke Ikokobelitse Pelong”
1-3. Jesu o kene Jerusalema ka tsela efe, hona ke hobane’ng ha e ka ’na eaba bashebelli ba bang letšoeleng ba ile ba makala?
HO UTLOAHALA molumo oa batho ba nyakaletseng Jerusalema. Ho tla motho ea hlomphehang! Ka ntle ho motse, batho ba eme ka thōko ho tsela. Ba moeeng oa ho amohela motho enoa, kaha ba bang ba re ke mojalefa oa Morena Davida ’me ke eena ’Musi ea lokelang ho busa Iseraele. Ba bangata ba tla ba nkile mahlaku a lifate tsa palema ao ba a tsokang ho mo lumelisa ka ’ona; ba bang bona ba ala liaparo le makala tseleng ho batalatsa tsela moo a tlil’o feta teng. (Matheu 21:7, 8; Johanne 12:12, 13) Mohlomong ba bangata baa ipotsa hore na o tlil’o kena ka tsela ea mofuta ofe.
2 E ka ’na eaba ba bang ba lebeletse hore a kene ka tsela ea mponeng. Ba tlameha ba tseba batho ba tummeng bao ha ba kena batho ba ileng ba ema matlotlosia. Ka mohlala, mora oa Davida ea bitsoang Absalome o ile a ipeha morena; eaba o re banna ba 50 ba mathe ka pel’a koloi ea hae. (2 Samuele 15:1, 10) ’Musi oa Moroma ea bitsoang Juliase Cesare o ile a etsa ntho e e-s’o bonoe; ka lekhetlo le leng o ile a etella pele mokoloko oa tlhōlo ho ea mohahong oa Roma oa ketsa-molao a tsamaea ka litlou tse 40 tse jereng mabone! Empa joale batho ba Jerusalema ba emetse motho ea hlomphehang le ho feta. Ebang letšoele le utloisisa seo ka botlalo kapa che, enoa ke Mesia, e leng motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. E ka ’na eaba ba bang ba ile ba makala ha Morena enoa oa nakong e tlang a hlahella.
3 Ha ba bone koloi, ha ho limathi, ha ho lipere—ebile ha ho litlou. Ho e-na le hoo, Jesu o kaletse pelesa feela tjee, esele.a Mopalami ha aa apara letho le mahalihali ’me esele le eona ha ea khabisoa ka letho. Ho e-na le ho e qhaneha ka sale e theko e boima, balateli ba Jesu ba haufi le eena ba alile liaparo tse seng kae holim’a esele. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khetha ho kena Jerusalema ka boikokobetso joalo, empa batho bao e bileng e seng ba bohlokoa hakaalo bona ba ile ba tsitlallela ho etsa mponeng?
4. Bibele e ile ea re’ng esale pele ha e bua ka tsela eo Morena oa Bomesia a neng a tla kena Jerusalema ka eona?
4 Jesu o phethahatsa boprofeta bo reng: “Thaba haholo . . . Hooa ka tlhōlo, Uena morali oa Jerusalema. Bona! Morena oa hao o tla ho uena. O lokile, e, o pholositsoe; o ikokobelitse, ’me o palame esele.” (Zakaria 9:9) Boprofeta bona bo ne bo bontša hore ka le leng Motlotsuoa oa Molimo, e leng Mesia, o ne a tla itlhahisa ho batho ba Jerusalema e le Morena ea khethiloeng ke Molimo. Ho feta moo, tsela eo a neng a tla itlhahisa ka eona, ho akarelletsa le phoofolo eo a neng a tla e kalla, e ne e tla senola tšobotsi e ’ngoe e ntle eo a nang le eona—e leng boikokobetso.
5. Ke hobane’ng ha boikokobetso ba Jesu bo susumelletsa motho ho nahana ka ho teba, hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re ithute ho etsisa Jesu ntlheng ee?
5 Boikokobetso ba Jesu ke e ’ngoe ea litšobotsi tse ipiletsang ka ho fetisisa tseo a nang le tsona, ’me bo susumelletsa motho ho nahana ka ho teba. Joalokaha re tšohlile taba khaolong e fetileng, Jesu ke eena feela “tsela le ’nete le bophelo.” (Johanne 14:6) Ho hlakile hore ha ho le ea mong ho batho ba libilione ba kileng ba phela eo e leng oa bohlokoa joaloka Mora oa Molimo. Empa ha ho mohla Jesu a kileng a bonahatsa leha e se e le tlhase feela ea boikhohomoso, boikakaso, kapa hona ho inkela holimo hoo batho ba bangata ba sa phethahalang ba nang le hona. E le hore re be balateli ba Kreste, re lokela ho loantša boikutlo bona ba boikhohomoso. (Jakobo 4:6) U hopole hore Jehova o hloile boikakaso. Kahoo, ke habohlokoa hore re ithute ho etsisa boikokobetso ba Jesu.
Tlaleho e Telele ea ho Bontša Boikokobetso
6. Boikokobetso ke eng, hona Jehova o ne a tseba joang hore Mesia o ne a tla ikokobetsa?
6 Boikokobetso ke ho ikokobetsa kelellong, ho se be le boikakaso kapa boikhohomoso. Ke tšobotsi e qalang pelong ’me e bonahatsoa ke seo motho a se buang, tsela eo a itšoarang ka eona le eo a sebelisanang le ba bang ka eona. Jehova o ne a tseba joang hore Mesia o ne a tla ikokobetsa? O ne a tseba hore Mora oa hae o etsisa mohlala oa hae oa boikokobetso ka ho phethahetseng. (Johanne 10:15) Hape o ne a bone Mora a ikokobetsa. Joang?
7-9. (a) Mikaele o ile a bontša boikokobetso joang ha ho ne ho e-na le qhoebeshano pakeng tsa hae le Satane? (b) Bakreste ba ka etsisa Mikaele joang tabeng ea ho bontša boikokobetso?
7 Buka ea Juda e fana ka mohlala o hlollang: “Ha Mikaele lengeloi le ka sehloohong a ne a e-na le phapang le Diabolose ’me a pheha khang ka setopo sa Moshe, ha aa ka a iteta sefuba ho tlisa kahlolo khahlanong le eena ka mantsoe a nyefolang, empa a re: ‘E se eka Jehova a ka u khalemela ka matla.’” (Juda 9) Mikaele ke lebitso la Jesu—pele a tla lefatšeng le ka morao—boemong ba hae e le lengeloi le ka sehloohong, kapa molaoli oa lebotho la Jehova la mangeloi a leholimo.b (1 Bathesalonika 4:16) Hlokomela seo Mikaele a ileng a se etsa ha ho ne ho e-na le qhoebeshano pakeng tsa hae le Satane.
8 Tlaleho ea Juda ha e re bolelle hore na Satane o ne a batla ho etsa’ng ka setopo sa Moshe, empa re ka kholiseha hore Diabolose o ne a e-na le morero o litšila ka sona. Mohlomong o ne a batla ho khothalletsa batho hore ba sebelise setopo sa monna eo ea tšepahalang borapeling ba bohata. Le hoja Mikaele a ile a qhala morero oo o bolotsana oa Satane, o ile a boela a bontša ho ithiba ka tsela e hlollang. Ka sebele Satane o ne a tšoanela ho khalemeloa ka matla, empa Mikaele, eo nakong ea ha a ne a phehisana khang le Satane a neng a e-s’o fuoe matla a “ho ahlola hohle,” o ile a bona ho hlokahala hore e be Jehova Molimo feela ea ka fanang ka kahlolo. (Johanne 5:22) E le lengeloi le ka sehloohong, Mikaele o ne a e-na le matla a maholo a bolaoli. Leha ho le joalo, o ile a ikokobetsa, a siea taba matsohong a Jehova ho e-na le ho leka ho inkela matla a eketsehileng a bolaoli. Ntle le ho ikokobetsa, o ile a boela a bontša ho inyenyefatsa, kapa ho elelloa moo a lokelang ho fella teng.
9 Ho na le lebaka le ileng la etsa hore Juda a bululeloe hore a ngole ketsahalo ena. Ka masoabi, Bakreste ba bang mehleng ea Juda ba ne ba sa ikokobetsa. Ka boikakaso ba ne “ba nyefola lintho tsohle tseo ka sebele ba sa li tsebeng.” (Juda 10) Kaha re batho ba sa phethahalang ho bonolo hakaakang hore re laoloe ke boikhohomoso! Re etsa joang ha re sa utloisise taba e itseng e etsahalang ka phuthehong ea Bokreste—mohlomong e amanang le qeto e entsoeng ke sehlopha sa baholo? Haeba re bua hampe ka taba eo, re tšoaea-tšoaea liphoso le hoja re sa tsebe lintlha tsohle tse entseng hore ho fihleloe qeto eo, na re tla be re sa bontše ho hloka boikokobetso? Ho e-na le hoo, a re lekeng ho etsisa Mikaele, kapa Jesu, re qobe ho ahlola litaba tseo Molimo a sa re fang matla a ho li ahlola.
10, 11. (a) Ke’ng se ikhethang ka taba ea hore ebe ka boithatelo Mora oa Molimo o ile a amohela kabelo ea ho tla lefatšeng? (b) Re ka etsisa boikokobetso ba Jesu joang?
10 Mora oa Molimo o ile a boela a bontša boikokobetso ha a amohela kabelo ea hore a tle lefatšeng. Nahana ka seo a neng a lokela ho se siea morao. E ne e le lengeloi le ka sehloohong. E ne e boetse e le “Lentsoe”—’Muelli oa Jehova. (Johanne 1:1-3) O ne a lula leholimong, “sebakeng sa [Jehova] sa bolulo se phahameng sa khalalelo le botle.” (Esaia 63:15) Leha ho le joalo, Mora “o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba ’me a tšoana le batho.” (Bafilipi 2:7) Nahana ka seo kabelo ea hae ea lefatšeng e neng e se akarelletsa! Bophelo ba hae bo ile ba fetisetsoa pōpelong ea moroetsana oa Mojuda, moo a ileng a qeta likhoeli tse robong pele a hlaha e le lesea. O ile a tsoalloa lelapeng la ’metli ea futsanehileng e le lesea le sa khoneng ho iketsetsa letho, ’me a hōla ea e-ba ngoana, ea ntan’o ba moshanyana le mocha. Le hoja a ne a phethahetse, o ile a ikokobelletsa batsoali ba sa phethahalang ba batho lilemong tsohle tsa hae tsa bocha. (Luka 2:40, 51, 52) Ke boikokobetso bo tsotehang hakaakang!
11 Na re ka etsisa boikokobetso ba Jesu ka hore ka boithatelo re amohele ho etsa likabelo tsa tšebeletso tseo ka linako tse ling ho bonahalang eka ke tsa maemo a tlaase? Ka mohlala, kabelo ea rōna ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo e ka ’na ea bonahala e le ea boemo bo tlaase ha batho ba sa thahaselle, ba soma kapa ba bontša bora. (Matheu 28:19, 20) Empa haeba re mamella mosebetsing ona, re ka ’na ra thusa ho pholosa batho. Leha ho le joalo, re tla ithuta ho hongata ka boikokobetso, ’me re tla latela mohlala oa Monghali oa rōna, Jesu Kreste.
Boikokobetso ba Jesu e le Motho
12-14. (a) Jesu o ile a bontša boikokobetso joang ha batho ba mo rorisa? (b) Jesu o ile a tšoara ba bang ka boikokobetso ka litsela life? (c) Ke’ng e bontšang hore boikokobetso ba Jesu e ne e se feela taba ea ho phetha molao kapa hona ho ba le mekhoa e metle?
12 Jesu o ile a tsebahala ka ho ikokobetsa ho tloha ha a qala tšebeletso ea hae lefatšeng ho isa qetellong. O bontšitse sena ka tsela eo a neng a isa thoriso le khanya ho Ntate oa hae ka eona. Ka linako tse ling batho ba ne ba rorisa Jesu ka bohlale ba seo a se buang, matla ao a etsang mehlolo ka ’ona, esita le kamoo e leng motho ea molemo kateng. Nako le nako, Jesu o ne a sa amohele tlotliso e joalo, ho e-na le hoo o ne a e lebisa ho Jehova.—Mareka 10:17, 18; Johanne 7:15, 16.
13 Jesu o ile a bontša boikokobetso ka tsela eo a neng a tšoara batho ka eona. Ha e le hantle, o ile a hlakisa hore ha aa tla lefatšeng ho tla sebeletsoa, empa o tletse ho tla sebeletsa ba bang. (Matheu 20:28) O ile a bontša boikokobetso ka tsela e bonolo le e nahanelang eo a neng a sebelisana le batho ka eona. Ha a ne a soetsoa ke barutuoa ba hae, o ne a sa ba jajabetse ka bohale; o ne a leka ho ba finyella lipelo. (Matheu 26:39-41) Ha matšoele a mo sitisa ho ikhutsa, ho phomola le ho ba boinotšing, o ne a sa a leleke; o ne a itella ’ona a a ruta “lintho tse ngata.” (Mareka 6:30-34) Ha mosali e mong eo e neng e se Moiseraele a ne a mo kōpa a mo pheheletse hore a folise morali oa hae, qalong o ile a bontša hore ha a thabele ho etsa seo. Empa ha aa ka a mo latolela ka ho mo khobola; ’me o ile a amohela kōpo ea hae ha a bona tumelo e ikhethang ea mosali eo, joalokaha re tla tšohla taba ena Khaolong ea 14.—Matheu 15:22-28.
14 Jesu o bontšitse ka litsela tse ngata hore o phelela mantsoe a hae, ha a ne a re: “Ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong.” (Matheu 11:29) Boikokobetso ba hae e ne e se moritaoke feela, e se ho phetha molao kapa hona ho bontša mekhoa e metle. Bo ne bo tsoa botebong ba pelo. Ha ho makatse hore ebe Jesu o ile a hatella taba ea boikokobetso ka matla hakana ha a ne a ruta balateli ba hae!
O Ruta Balateli ba Hae Hore ba Ikokobetse
15, 16. Jesu o ile a re boikutlo ba babusi ba lefatše bo fapana joang le boo balateli ba hae ba lokelang ho bo hlaolela?
15 Baapostola ba Jesu ba ne ba le monyebe ho hlaolela boikokobetso. Jesu o ile a tlameha ho ba ruta ho hlaolela boikokobetso ka makhetlo-khetlo. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng Jakobo le Johanne ba ile ba roma ’mè oa bona ho ea kōpa Jesu hore a ba tšepise maemo a phahameng ’Musong oa Molimo. Ka boinyenyefatso, Jesu o ile a re: “Ha e le ho lula ka letsohong la ka le letona le ka ho le letšehali hase ’na ea ka fanang ka hona, empa ke ha ba ho lokiselitsoeng ke Ntate.” Baapostola ba bang ba leshome ba ile ba “halefela” Jakobo le Johanne. (Matheu 20:20-24) Jesu o ile a rarolla bothata boo joang?
16 O ile a ba khalemela kaofela ka tsela e mosa, a re: “Lea tseba hore babusi ba lichaba ba rena ka thata holim’a tsona le banna ba baholo ba sebelisa bolaoli holim’a tsona. Ha hoa lokela ho ba ka tsela ena har’a lōna; empa mang kapa mang ea batlang ho ba moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna, ’me mang kapa mang ea batlang ho ba oa pele har’a lōna e tla ba lekhoba la lōna.” (Matheu 20:25-27) Ho ka etsahala hore ebe baapostola ba ne ba tseba kamoo “babusi ba lichaba” ba ikhohomosang kateng, ba ratang ho hlahella ebileng e leng baithati kateng. Jesu o ile a bontša hore balateli ba hae ha baa lokela ho tšoana le bahatelli bao ba nyoretsoeng matla a ho busa. Ba ne ba lokela ho ikokobetsa. Na baapostola ba ile ba utloisisa ntlha eo a neng a ba ruta eona?
17-19. (a) Jesu o ile a ruta baapostola ba hae thuto e sa lebaleheng joang ka boikokobetso bosiung ba ho qetela pele ho lefu la hae? (b) Jesu o ile a ruta thuto efe e matla ka ho fetisisa ea boikokobetso ha e sa le motho?
17 Ha hoa ka ha e-ba bonolo hore ba e utloisise. Leo e ne e se lekhetlo la pele Jesu a ba ruta seo ebile ha ea ka ea e-ba la ho qetela. Pejana ho moo, ha ba ne ba phehisane khang ka hore na ke mang e moholo har’a bona, o ile a emisa ngoana e monyenyane har’a bona a ba bolella hore ba lokela ho ba joaloka bana, kaha hangata bana ha ba na boikhohomoso, takatso ea ho hlahella ebile ha baa ameha ka maemo joaloka batho ba baholo. (Matheu 18:1-4) Empa bosiung ba ho qetela pele ho lefu la hae, o ile a bona hore baapostola ba hae ba ntse ba e-na le bothata ba boikhohomoso. Eaba o ba ruta thuto e sa lebaleheng. O ile a itlama ka thaole a etsa mosebetsi oa boemo bo tlaase ka ho fetisisa, a etsa seo basebeletsi ba neng ba atisa ho se etsetsa baeti mehleng eo. Jesu o ile a hlatsoa baapostola bohle ba hae maoto—ho akarelletsa le Judase, ea neng a le mothating oa ho mo eka!—Johanne 13:1-11.
18 Jesu o ile a toboketsa taba ha a re ho bona: “Ke le behetse mohlala.” (Johanne 13:15) Na ba ile ba qetella ba utloisisitse thuto ee? Bosiung bona boo, ba ile ba boela ba phehisana khang ka hore na ke mang e moholo har’a bona! (Luka 22:24-27) Leha ho le joalo, Jesu o ile a tsoela pele a sa ba felle pelo ’me a ba ruta ka boikokobetso. A ntan’o tsoela pele ho fana ka thuto e matla ho feta tse ling tsohle: “O ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.” (Bafilipi 2:8) Jesu o ile a ithaopela ho shoa lefu le tlotlollang, a ahlotsoe ka phoso e le senokoane le monyefoli. Ka tsela eo, Mora oa Molimo e bile ea ikhethang, kaha har’a libōpuoa tsohle tsa Jehova o ile a bontša hore o ikokobelitse ka tsela e phethahetseng le ka ho feletseng.
19 Mohlomong thuto ena ea ho qetela ea boikokobetso eo Jesu a e rutileng e le motho, ke eona e ileng ea hatisa taba ena ka ho teba lipelong tsa baapostola ba hae ba tšepahalang. Bibele e re bolella hore banna bana ba ile ba qeta lilemo, esita le lilemo tse mashome hamorao ba sebetsa ka boikokobetso. Ho thoe’ng ka rōna?
Na U Tla Latela Mohlala oo Jesu a o Behileng?
20. Re ka tseba joang hore na re ikokobelitse pelong kapa che?
20 Pauluse o eletsa e mong le e mong oa rōna ka ho re: “Bolokang boikutlo bona ba kelello ho lōna bo neng bo le teng le ho Kreste Jesu.” (Bafilipi 2:5) Ho tšoana le Jesu, re lokela ho ikokobetsa. Re ka tseba joang hore na re ikokobelitse pelong? Pauluse o re hopotsa hore ha rea lokela ho ‘etsa letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong re nka hore ba bang ba re phahametse.’ (Bafilipi 2:3) Ka hona taba ke hore na re talima ba bang joang ha re ipapisa le bona. Re lokela ho ba nka ba re phahametse, e le ba bohlokoa ho re feta. Na u tla sebelisa keletso eo?
21, 22. (a) Ke hobane’ng ha balebeli ba Bakreste ba lokela ho ikokobetsa? (b) Re ka bontša joang hore re itlamme ka boikokobetso?
21 Lilemo tse ngata ka mor’a lefu la Jesu, moapostola Petrose o ne a ntse a hopola bohlokoa ba boikokobetso. Petrose o ile a ruta balebeli ba Bakreste hore ba etse mosebetsi oa bona ka boikokobetso, le ka mohla ba se ke ba rena ka thata holim’a linku tsa Jehova. (1 Petrose 5:2, 3) Ho ba le boikarabelo ha ho fe motho lebaka la hore a ikhohomose. Ho fapana le hoo, ho ba le boikarabelo ho hloka hore motho a bontše boikokobetso bo se nang boikaketsi le ho feta. (Luka 12:48) Ke ’nete hore hase balebeli feela bao ho hlokahalang hore ba be le tšobotsi ena empa Mokreste e mong le e mong oa e hloka.
22 Ka sebele Petrose ha aa ka a lebala se etsahetseng bosiung boo Jesu a neng a ba hlatsoa maoto ka bona—le hoja eena Petrose a ne a le khahlanong le seo! (Johanne 13:6-10) Petrose o ile a ngolla Bakreste, a re: “Kaofela ha lōna itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong.” (1 Petrose 5:5) Lentsoe “itlameng” le fana ka maikutlo a seo mosebeletsi a se etsang ha a itlama ka foreskoto ho etsa mosebetsi oa boemo bo tlaase. Lentsoe leo le ka ’na la boela la re hopotsa ha Jesu a ne a itlama ka thaole a khumama fatše a etsa mosebetsi oa boemo bo tlaase oa ho hlatsoa maoto. Haeba re latela Jesu, ke kabelo efe eo Molimo a re fang eona e ka re theolang seriti? Boikokobetso ba rōna bo tsoang botebong ba pelo bo lokela ho totobala ho bohle, joalokaha eka re itlamme ka bona.
23, 24. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho loantša boikutlo leha e le bofe ba ho ikakasa? (b) Khaolo e latelang e tla re thusa ho lokisa monahano ofe o fosahetseng tabeng ea boikokobetso?
23 Boikakaso bo tšoana le chefo. Bo ka ba le liphello tse kotsi. Ke tšobotsi e ka etsang hore batho ba nang le bokhoni ka ho fetisisa e be ba se nang thuso ho Molimo. Ka lehlakoreng le leng, boikokobetso bo ka etsa hore esita le motho ea se nang bokhoni hakaalo e be ea molemo haholo mahlong a Jehova. Haeba re lula re hlaolela tšobotsi ena ea bohlokoa ka hore re leke ho tsamaea ka boikokobetso mohlaleng oa Kreste, re tla fumana moputso o babatsehang haholo. Petrose o ile a re ha a ngola: “Ka hona, le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo, e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng.” (1 Petrose 5:6) Jehova o ile a fela a phahamisa Jesu kaha o ne a ikokobelitse ka hohle-hohle. Ka ho tšoanang, Molimo oa rōna o tla thabela ho u putsa ha u ikokobelitse.
24 Ka masoabi, ba bang ba nahana hore boikokobetso ke letšoao la bofokoli. Mohlala oa Jesu o re thusa ho bona hore monahano oo o fosahetse, kaha motho ea neng a ikokobelitse ka ho fetisisa o ne a boetse a le sebete ka ho fetisisa. Re tla tšohla taba ena khaolong e latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka e ’ngoe ha e bua ka ketsahalo ena, e re liesele ke “liphoofolo tse tlaase,” ’me e phaella ka ho re: “Ke liphoofolo tse lenama, tse manganga, tse sebelisoang ke mafutsana tse bileng li sa boheheng hakaalo.”
b Ho fumana bopaki bo eketsehileng ba hore Mikaele ke Jesu, bona leqephe la 218-19 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
U ka Latela Jesu Joang?
● Mohlala oa Jesu o ka u tataisa joang ha u utloa u batla ho ithorisa ka lintho tseo u li finyeletseng?—Matheu 12:15-19; Mareka 7:35-37.
● U ka etsisa mohlala oa Jesu joang ha u etsetsa bara le barali beno ba moea mosebetsi oa boemo bo tlaase?—Johanne 21:1-13.
● U ka rua molemo joang mohlaleng oa Jesu haeba u lekeha hore u batle botumo le katleho tsamaisong ee ea lintho?—Johanne 6:14, 15.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
“Bona! Morena oa hao o tla ho uena”