-
Enoke o Ile a Tsamaea le Molimo Lefatšeng la Batho ba sa Tšabeng MolimoMolula-Qhooa—2001 | September 15
-
-
Boprofeta Khahlanong le ba sa Tšabeng Molimo
Ho boloka litekanyetso tse phahameng ho thata haholo ha re pota-potiloe ke batho ba sa tšabeng Molimo. Empa Enoke eena o ne a boetse a fana ka molaetsa o sa qekeng oa kahlolo e khahlanong le ba khopo. Enoke o ne a tataisoa ke moea oa Molimo ha a profeta a re: “Bonang! Jehova o ile a tla ka limiriade tsa hae tse halalelang, ho phethisa kahlolo khahlanong le bohle, le ho paka hore bohle ba se nang bomolimo ba molato malebana le liketso tsohle tsa bona tse se nang bomolimo tseo ba ileng ba li etsa ka tsela e se nang bomolimo, le malebana le lintho tsohle tse tšosang tseo baetsalibe ba se nang bomolimo ba ileng ba li bua khahlanong le eena.”—Juda 14, 15.
Molaetsa oo o ne o tla ba le phello efe ho ba manganga ba sa lumeleng? Hoa utloahala ho nahana hore mantsoe a hlabang joalo a ile a etsa hore Enoke a se ke a rateha, mohlomong a mo bakela ho tšehoa, ho songoa le ho sokeloa. E tlameha ebe ba bang ba ne ba batla ho mo bolaea. Leha ho le joalo, Enoke ha aa ka a tšoha. O ne a tseba se etsahaletseng Abele ea lokileng, ’me joaloka eena, Enoke o ne a ikemiselitse ho sebeletsa Molimo, ho sa tsotellehe se etsahalang.
-
-
Enoke o Ile a Tsamaea le Molimo Lefatšeng la Batho ba sa Tšabeng MolimoMolula-Qhooa—2001 | September 15
-
-
[Lebokose le leqepheng la 30]
Na Bibele e Qotsa Bukeng ea Enoke?
Buka ea Enoke ke buka ea mangolo a neano ao e seng karolo ea Bibele le ao ho sa tsejoeng bangoli ba ’ona. Ka bohata ho boleloa hore ke ea Enoke. Ho ka etsahala hore ebe e entsoe nakong ea lekholo la bobeli la lilemo le lekholo la pele la lilemo B.C.E., ke pokello ea litšōmo tsa Bajuda tse fetelelitsoeng le tse sa pakoeng ke histori, ka ho hlakileng ke litlhaloso tse khabisitsoeng tsa tlaleho e khutšoanyane ea Enoke e ho Genese. Ntlha ena ka boeona e lekane hore barati ba Lentsoe le bululetsoeng la Molimo ba e qhelele ka thōko.
Ka Bibeleng, ke buka ea Juda feela e nang le mantsoe ana a boprofeta a Enoke: “Bonang! Jehova o ile a tla ka limiriade tsa hae tse halalelang, ho phethisa kahlolo khahlanong le bohle, le ho paka hore bohle ba se nang bomolimo ba molato malebana le liketso tsohle tsa bona tse se nang bomolimo tseo ba ileng ba li etsa ka tsela e se nang bomolimo, le malebana le lintho tsohle tse tšosang tseo baetsalibe ba se nang bomolimo ba ileng ba li bua khahlanong le eena.” (Juda 14, 15) Litsebi tse ngata li beha lebaka la hore boprofeta boo ba Enoke khahlanong le batho ba mehleng ea hae ba sa tšabeng Molimo bo qotsitsoe ka ho toba Bukeng ea Enoke. Na ho ka etsahala hore ebe Juda o ile a nka litaba bukeng e sa tšepahaleng ea mangolo a neano ao e seng karolo ea Bibele?
Hore na Juda o tsebile boprofeta ba Enoke joang, ha hoa senoloa ka Mangolong. Mohlomong o qotsitse mohloling o tloaelehileng, neanong e tšepahalang eo meloko ea khale e neng e e phetela meloko e mecha. Ho hlakile hore Pauluse o entse se tšoanang ha a bolela ka mabitso Janese le Jambrese, maselamose a lekhotla la Faro a neng a hanyetsa Moshe ao ho seng kae kapa kae moo a boletsoeng ka mabitso teng. Haeba mongoli oa Buka ea Enoke o fumane boitsebiso mohloling oa khale oa boitsebiso oa mofuta ona, na re na lebaka la ho latola hore Juda le eena o bo nkile mohloling o joalo?a—Exoda 7:11, 22; 2 Timothea 3:8.
Hore na Juda o fumane boitsebiso hokae ka molaetsa oa Enoke o eang ho batho ba sa tšabeng Molimo, hase taba ea bohlokoa. Ho tšepahala ha eona ho pakoa ke ’nete ea hore Juda o ngotse a bululeloa ke Molimo. (2 Timothea 3:16) Moea o halalelang oa Molimo o ile oa mo lisa hore a se ke a bolela letho la bohata.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Morutuoa Setefane le eena o ile a fana ka boitsebiso boo ho seng moo bo fumanoang teng Mangolong a Seheberu. Bo ne bo amana le thuto ea Moshe ea Egepeta, hore o ne a le lilemo li 40 ha a baleha Egepeta, hore o ile a lula Midiane ka lilemo tse 40 le hore lengeloi le ile la fetisa Molao oa Moshe.—Liketso 7:22, 23, 30, 38.
-