Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ‘O Ile a Khahlisa Molimo’
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 1
    • ENOKE ‘O ILE A PROFETA KA BONA’

      Ho ka etsahala hore ka linako tse ling Enoke o ne a jeoa ke bolutu kaha o ne a le mong har’a batho ba khopo. Empa na Molimo oa hae Jehova o ne a mo khathalla? Haholo. Nako ea hore Jehova a buisane le mohlanka enoa oa hae ea tšepahalang e ile ea fihla e sa hane. Molimo o ile a fa Enoke mosebetsi oa hore a fetisetse molaetsa oa hae ho batho ba mehleng eo. Kahoo o ile a etsa hore Enoke e be moprofeta oa hae, ’me ke eena oa pele eo boprofeta ba hae bo senotsoeng ka Bibeleng. Re tseba sena hobane Juda, e leng mor’abo Jesu, o ile a susumetsoa ke moea o halalelang hore a ngole mantsoe a boprofeta ba Enoke lilemong tse makholo hamorao.a

      Boprofeta ba Enoke bo ne bo re’ng? Bo ne bo re: “Bonang! Jehova o ile a tla ka limiriade tsa hae tse halalelang, ho phethisa kahlolo khahlanong le bohle, le ho paka hore bohle ba se nang bomolimo ba molato malebana le liketso tsohle tsa bona tse se nang bomolimo tseo ba ileng ba li etsa ka tsela e se nang bomolimo, le malebana le lintho tsohle tse tšosang tseo baetsalibe ba se nang bomolimo ba ileng ba li bua khahlanong le eena.” (Juda 14, 15) U tla hlokomela hore mona, Enoke o bua ka lintho tseo a neng a profeta ka tsona joalokaha eka li se li etsahetse. Ena ke tsela eo boprofeta bo bongata bo ileng ba latela ka mor’a moo bo ileng ba ngoloa ka eona. Ho tloha ka nako eo, boprofeta bo ile ba bua ka lintho tseo Molimo a tla li phethahatsa joalokaha eka li se li ntse li phethahetse!—Esaia 46:10.

      Enoke o fa batho ba sa hlompheng Molimo molaetsa oa temoso

      Enoke o ile a bolela molaetsa oa Molimo ka sebete ho batho ba mehleng ea hae ba khopo

      U nahana hore Enoke o ne a ikutloa joang ha a ne a lokela ho bolela molaetsa oa kahlolo ho batho ba mehleng ea hae? Hlokomela kamoo molaetsa oo a neng a o bolela o neng o le matla kateng. O ile a sebelisa polelo e reng, “ba se nang bomolimo,” ka makhetlo a mane ha a ne a khalema batho ba etsang bokhopo. Boprofeta bona bo ne bo lemosa batho bohle hore tsela eo ba itšoereng ka eona e ne e mpefetse haholo ho tloha ka mor’a borabele ba Edene. Batho ba mehleng eo ba ne ba le haufi le ho timetsoa ha Molimo a tlisa “limiriade tsa hae tse halalelang,” e leng mangeloi a matla a neng a tla felisa lefatše. Enoke o ile a iteta sefuba, eaba o bolella batho bohle molaetsa o tsoang ho Jehova, ’me Jehova o ile a fela a mo tšehetsa! Ho ka etsahala hore Lameke o ile a khahloa haholo ke sebete sa ntat’ae moholo.

      Tumelo ea Enoke e ka re thusa ho itlhahloba hore na re talima lefatše leo re phelang ho lona ka tsela eo Jehova a le talimang ka eona. Molaetsa oa kahlolo oo Enoke a neng a o bolela o ntse o sebetsa le mehleng ena, ha oa siuoa ke nako. Jehova o ile a fela a phethahatsa mantsoe ao a neng a a buile ka moprofeta oa hae Enoke, eaba o tlisa Moroallo lefatšeng. Empa seo e ne e se letho ha se bapisoa le seo Molimo a tla se etsa lefatšeng haufinyane ho batho ba sa mo mameleng. (Matheu 24:38, 39; 2 Petrose 2:4-6) Feela joaloka mehleng eo, le kajeno Jehova le mangeloi a hae ba se ba ntse ba itokiselitse ho ahlola lefatše lena la batho ba sa mameleng. E mong le e mong o lokela ho nka ka ho teba keletso ea Enoke ’me a bolelle ba bang molaetsa oo. Ho ka etsahala hore beng ka rona ba re fetohele. Ka linako tse ling re ka ikutloa eka re lahliloe kherehloa. Jehova ha aa ka a lahla Enoke, ’me le uena a ke ke a u lahla haeba u lula u tšepahala!

  • ‘O Ile a Khahlisa Molimo’
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 1
    • a Litsebi tse ling tsa Bibele li bolela hore Juda o ile a qotsa buka e iqapetsoeng e neng e bitsoa Buka ea Enoke empa buka eo e ngotsoe lintho tse inahaneloang ’me mohloli oa eona ha o tsejoe. E bua ka boprofeta ba Enoke boo e ka ’nang eaba bo nkiloe libukeng tsa boholo-holo tse sa tsebahaleng. E ka ’na eaba Juda o sebelisitse e ’ngoe ea libuka tsena kapa mohlomong o ithutile boprofeta bona ho Jesu kaha o ne a phetse leholimong ’me o ne a tseba Enoke hantle.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela