Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Mangolo a Johanne le la Juda
MANGOLO a moapostola Johanne a mararo ao ho ka etsahalang hore ebe a ngotsoe ka 98 C.E. a ngolloa Efese, ke a mang a mangolo a ho qetela ka Mangolong a bululetsoeng. Mangolo a pele a mabeli a khothalletsa Bakreste hore ba tsoele pele ba tsamaea leseling le hore ba loantše bokoenehi. Lengolong la boraro, Johanne ha a bue feela ka hore Bakreste ba tsamaee ’neteng empa o boetse o ba khothalletsa hore ba sebelisane ’moho.
Lengolong la hae leo a le ngoletseng Palestina hoo e ka bang ka 65 C.E., Juda eo e leng mor’abo Jesu ka ’m’abona o lemosa Bakreste-’moho le eena ka batho ba khopo ba neng ba nyonyobetse ka phuthehong ’me o fana ka keletso ea hore na tšusumetso e mpe e ka qojoa joang. Ho ela hloko molaetsa o mangolong a mararo a Johanne le o epistoleng ea Juda ho ka re thusa hore re lule re le matla tumelong ho sa tsotellehe litšitiso.—Baheb. 4:12.
TSOELANG PELE LE TSAMAEA LESELING, LERATONG LE KA TUMELO
Lengolo la pele la Johanne le ngoletsoeng batho bohle ba bonngoeng le Kreste le fana ka keletso e bohlale eo sepheo sa eona e leng ho thusa Bakreste hore ba loantše bokoenehi le hore ba emele ’nete le ho loka ka tieo. O hatisa bohlokoa ba ho tsoela pele ba tsamaea leseling, leratong le ka tumelo.
Johanne oa ngola o re: “Haeba re tsamaea leseling joalokaha [Molimo] a le leseling, re fela re abelana.” Kaha Molimo ke eena Mohloli oa lerato, Johanne o re: “A re tsoeleng pele ho ratana.” Kaha “lerato la Molimo” le re susumelletsa hore “re boloke litaelo tsa hae,” re hlōla lefatše ka “tumelo ea rōna” ho Jehova Molimo, Lentsoeng la hae le ho Mora oa hae.—1 Joh. 1:7; 4:7; 5:3, 4.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
2:2; 4:10—Jesu ke “sehlabelo sa poelano” joang? Ho etsa poelano ho bolela “ho bōpa khotso,” kapa “ho kokobetsa.” Jesu o fane ka bophelo ba hae e le sehlabelo sa poelano ka hore ka ho etsa joalo, o ile a bōpa khotso kapa a phethahatsa se hlokoang ke toka e phethahetseng. Ka lebaka la sehlabelo seo, Molimo o ne a ka hauhela a ba a tšoarela libe tsa batho ba bontšang tumelo ho Jesu.—Joh. 3:16; Bar. 6:23.
2:7, 8—Ke taelo efe eo Johanne a reng ke “ea khale” le eo a bileng a reng “e ncha”? Johanne o bua ka taelo e mabapi le lerato la bara ba motho le bontšang boitelo. (Joh. 13:34) O bua ka eona e le “ea khale” hobane Jesu o ile a fana ka eona lilemo tse fetang 60 pele Johanne a ngola lengolo la hae la pele le bululetsoeng. Kahoo, balumeli ba ’nile ba e-ba le eona “ho tloha tšimolohong” ea bophelo ba bona e le Bakreste. Taelo ena e boetse “e ncha” kaha ha e bolele feela hore motho a ‘rate oa habo joalokaha a ithata’ empa e hloka hore motho a be le lerato le bontšang boitelo.—Lev. 19:18; Joh. 15:12, 13.
3:2—Ke eng e “e-s’o bonahatsoe” ho Bakreste ba tlotsitsoeng, hona ba tla bona mang “feela joalokaha a le joalo”? Se e-s’o bonahatsoe ho bona ke hore na ba tla ba joang ha ba tsosetsoa leholimong ka ’mele ea moea. (Bafil. 3:20, 21) Leha ho le joalo, seo ba se tsebang ke hore “neng kapa neng ha [Molimo] a bonahatsoa [ba] tla ba joaloka eena, hobane [ba] tla mo bona feela joalokaha a le joalo,” ke hore, e le “Moea.”—2 Bakor. 3:17, 18.
5:5-8—Metsi, mali le moea li ile tsa paka joang hore “Jesu ke Mora oa Molimo”? Metsi a ile a paka hobane ha Jesu a ne a kolobetsoa metsing, Jehova ka seqo o ile a bolela hore O ananela Jesu e le Mora oa Hae. (Mat. 3:17) Mali a Jesu kapa bophelo ba hae bo fanoeng e le “thekollo e lekanang bakeng sa bohle,” le ’ona a bontšitse hore Jesu ke Mora oa Molimo. (1 Tim. 2:5, 6) Moea o halalelang oona o ile oa paka hore Jesu ke Mora oa Molimo ha o ne o theohela holim’a hae ha a ne a kolobetsoa, ’me o mo thusa hore ‘a pholletse le naha a etse se molemo ’me a folise bohle ba neng ba hateletsoe ke Diabolose.’—Joh. 1:29-34; Lik. 10:38.
Seo re Ithutang Sona:
2:9-11; 3:15. Haeba Mokreste a lumella ntho efe kapa efe kapa motho ofe kapa ofe ho senya lerato la hae la bara ba motho, o tsamaea lefifing la moea, ha a tsebe moo a eang.
TSOELANG PELE LE “TSAMAEA ’NETENG”
Johanne o qala lengolo la hae la bobeli ka ho re: “Monna e moholo, ho mofumahali ea khethiloeng le ho bana ba hae.” O bolela hore o thabile ha a fumana “ba bang ba bana ba [hae] ba tsamaea ’neteng.”—2 Joh. 1, 4.
Ka mor’a hore a fane ka khothatso ea hore ba loanele ho ba le lerato, Johanne oa ngola o re: “Sena ke seo lerato le se bolelang, hore re tsoele pele ho tsamaea ho ea ka litaelo tsa hae.” Johanne o boetse o lemosa ka “mothetsi le mohanyetsi oa Kreste.”—2 Joh. 5-7.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1, 13—“Mofumahali ea khethiloeng” ke mang? Mohlomong Johanne o ne a bua ka mosali a le mong ea bitsoang Kyria, e leng lentsoe la Segerike le bolelang “mofumahali.” Kapa e ka ’na eaba o sebelisa mokhabo-puo e le ha a bua ka phutheho e itseng e le hore a ferekanye bahlorisi. Haeba a ne a bua ka phutheho, bana ba hae e ne e tla be e le litho tsa phutheho eo ’me ‘bana ba morali’abo’ e ne e tla be e le litho tsa phutheho e ’ngoe.
7—Ke ‘ho tla’ hofe ha Jesu hoo Johanne a buang ka hona moo, ’me bathetsi ‘ha ba ho bolele’ joang? ‘Ho tla’ hona hase ho tla ha Jesu ha ka moso ho sa bonahaleng. Ho e-na le hoo, ke ho tla ha hae ka nama le ho tlotsoa ha hae e le Kreste. (1 Joh. 4:2) Bathetsi ha ba bolele ho tla ha hae ka nama. Mohlomong baa latola hore Jesu o kile a phela kapa baa hana hore o ile a tlotsoa ka moea o halalelang.
Seo re Ithutang Sona:
2, 4. Ho tseba ha rōna ‘’nete’—e leng lithuto tsohle tsa Bokreste tse fumanoang ka Bibeleng—le ho e khomarela, ke habohlokoa e le hore re tle re pholohe.—3 Joh. 3, 4.
8-11. Haeba re sa batle ho lahleheloa ke “mosa o sa tšoanelang, mohau le khotso e tsoang ho Molimo Ntate le ho Jesu Kreste,” hammoho le ho thabela setsoalle se lerato le balumeli-’moho le rōna, re lokela ho ‘itlhokomela’ moeeng ’me re se ke ra ikamahanya le ba ‘sa luleng thutong ea Kreste.’—2 Joh. 3.
E-BANG “BASEBETSI-’MOHO ’NETENG”
Lengolo la boraro la Johanne le ngoletsoe motsoalle oa hae Gaiase. O ile a ngola a re: “Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.”—3 Joh. 4.
Johanne o babatsa Gaiase ka ho “etsa mosebetsi o tšepahalang” oa ho thusa barab’abo rōna ba etileng. O re: “Re tlamehile ho bontša batho ba joalo kamohelo ea baeti, e le hore re ka ba basebetsi-’moho ’neteng.”—3 Joh. 5-8.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
11—Ke hobane’ng ha ba bang ba etsa boitšoaro bo bobe? Kaha ha ba matla ’neteng, ba bang ha ba bone Molimo ka mahlo a bona a kutloisiso. Kaha ba ke ke ba mo bona ka mahlo a bona a sebele, ba itšoara joalokaha eka ha a ba bone.—Ezek. 9:9.
14—Ke bo-mang bao ho thoeng ke “metsoalle”? Lentsoe “metsoalle” le sebelisitsoeng mona ha le bolele feela batho ba ntšanang se inong. Johanne o le sebelisa ho bolela balumeli-’moho le rōna ka kakaretso.
Seo re Ithutang Sona:
4. Batho ba hōlileng moeeng ka phuthehong ba thaba haholo ha ba bona bana ka phuthehong “ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” Batsoali le bona ba thaba hakaakang ha ba atleha ho thusa bana ba bona hore e be bahlanka ba Jehova!
5-8. Har’a batho ba sebetsang ka thata molemong oa bara babo bona hobane ba ba rata ba bile ba rata Jehova, ke balebeli ba tsamaeang, baromuoa, ba sebetsang mahaeng a Bethele kapa liofising tsa makala le ba tšebeletsong ea bopula-maliboho. Re lokela ho etsisa tumelo ea bona re be re ba tšehetse ka lerato.
9-12. Re lokela ho etsisa mohlala oa Demetriase ea tšepahalang eseng oa Diotrefese ea beberang, eo e neng e le moetselletsi.
“LE IPOLOKE LERATONG LA MOLIMO”
Juda o hlalosa batho ba khukhunelang phutheho e le ‘bakorotli, ba belaelang ka tse ba hlahelang bophelong, ba tsoelang pele ho ea ka litakatso tsa bona.’ Ba “bua lintho tsa boikhohomoso, ha ba ntse ba khahloa ke batho ba phahameng.”—Juda 4, 16.
Bakreste ba ka hanela tšusumetso e mpe joang? Juda oa ngola o re: “Baratuoa, le hopole lipolelo tse builoeng pele ke baapostola ba Morena oa rōna Jesu Kreste.” O phaella ka ho re: “Le ipoloke leratong la Molimo.”—Juda 17-21.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
3, 4—Ke hobane’ng ha Juda a ile a khothalletsa Bakreste hore ba “loane ntoa e thata bakeng sa tumelo”? Ke hobane ‘batho ba se nang bomolimo ba ne ba kene ka sekhukhu ka phuthehong.’ Batho bana ba ne ‘ba fetola mosa o sa tšoanelang oa Molimo boikemelo bakeng sa boitšoaro bo hlephileng.’
20, 21—Re ka ‘ipoloka leratong la Molimo’ joang? Re ka etsa sena ka litsela tse tharo: (1) ka hore re ikahe “tumelong ea [rōna] e halalelang ka ho fetisisa” ka ho khothalla ho ithuta Lentsoe la Molimo le ka hore re etse mosebetsi oa boboleli ka cheseho; (2) ka ho rapela “ka moea o halalelang,” kapa tumellanong le tšusumetso ea oona; le (3) ka ho bontša tumelo ho se etsang hore ho fumana bophelo bo sa feleng ho khonehe—e leng sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo.—Joh. 3:16, 36.
Seo re Ithutang Sona:
5-7. Na ba khopo ba ka pholoha kahlolo ea Jehova? Ho latela mehlala e meraro e lemosang eo Juda a e thathamisitseng, seo se ke ke sa etsahala.
8-10. Re lokela ho latela mohlala oa Mikaele, lengeloi le ka sehloohong ’me re hlomphe bolaoli bo behiloeng ke Molimo.
12. Lerato la boikaketsi la bakoenehi le kotsi tumelong ea rōna joalokaha mafika a patiloeng ka tlas’a metsi a le kotsi likepeng kapa ho batho ba sesang. Mesuoe ea bohata e ka ’na ea bonahala e fana, empa e tšoana le maru a se nang pula kaha ha ho na letho leo e nang le lona moeeng. Batho ba joalo ha ba behe litholoana joaloka lifate tse shoeleng, mafelong a hoetla. Ba tla timela joaloka lifate tse ntšitsoeng ka metso. Re tla be re le bohlale haeba re qoba bakoenehi.
22, 23. Bakreste ba ’nete ba hloile se sebe. Batho ba hōlileng moeeng ka phuthehong, haholo-holo balebeli ba khethiloeng, ba fana ka thuso ea moea ho “ba bang ba nang le lipelaelo,” e le hore ba ba pholose mollong oa timetso ea ka ho sa feleng.
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Metsi, moea le mali li ile tsa fana ka bopaki ba hore “Jesu ke Mora oa Molimo”