Letsatsi la Morena le Tla Bolela Eng ho Uena?
“Hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao.”—PESALEME EA 110:2.
1-3. (a) Ke hobane’ng ha qaleho ea letsatsi la Morena e bile nako ea ntoa, ’me lintho tse ling tseo Jesu a atlehileng ho tsona e bile life? (b) Ke joang Jesu a tla “phetha tlhōlo ea hae”?
MORAO koana ka 1914, Jesu o ile a hlomamisoa e le Morena oa ’Muso oa Molimo, ’me letsatsi la Morena la qaleha. Hang-hang, Morena enoa e mocha a thulana le khanyetso e mabifi ea Satane Diabolose le mahlahana a hae mona lefatšeng. (Pesaleme ea 2:1-6) Kahoo lilemo tsena tse qalang tsa letsatsi la Morena e bile nako ea ntoa eo ho eona Jesu a ileng a tsoela pele ‘ho hloma ’muso oa hae har’a lira tsa hae.’—Pesaleme ea 110:2.
2 Ho hlōla ha Morena enoa e mocha e bile ho thabisang. Ka mor’a 1914, Satane o ile a leka ho ‘ja’ ’Muso ona o neng o sa tsoa tsoaloa, empa, ho fapana le hoo, ka mokhoa o hlabisang lihlong o ile a lelekoa leholimong. (Tšenolo 12:1-12) Joale o ile a ‘loantša’ masala a batlotsuoa, empa a sitoa ho a thibela hore a ‘eme ka maoto’ ka 1919 kapa hore a amohele “bukana” letsohong la Jesu Kreste. (Tšenolo 10:8-11; 11:11, 12; 12:17) Ka ho tšoanang o ile a sitoa ho thibela ho bokelloa ha ba ho qetela ba sehlopha sa ba 144 000 le ho bokelloa ha bongata bo boholo ba batho (bo tsoang lichabeng tsohle), bo ‘sebeletsang [Jehova] motšehare le bosiu tempeleng ea hae.’—Tšenolo 7:1-3, 9-15.
3 Ruri ho tloha ka 1914 Jesu o ‘’nile a tsoela pele ho hlōla.’ Leha ho le joalo, ho sa ntsane ho e-na le ho hongata ho lokelang ho etsoa. Jesu o sa ntsane a lokela “ho phetha tlhōlo ea hae.” O sa ntsane a lokela ho nka bohato ba ho tlosa mesaletsa eohle ea tsamaiso ea lintho ea lefatše la Satane. (Tšenolo 6:1, 2, NW; 19:11-21) Bohato boo ba bohlokoahali bo tla bolela eng ho rōna re le batho ka bomong?
Ho Hlobolisa Babylona e Moholo Pontšeng
4. Bolumeli ba bohata bo hlalosoa joang ho Tšenolo?
4 Ho timetsoa ha lefatše la Satane ho qala ka ho felisoa ha bolumeli ba bohata. Tšenolo e hlalosa ’muso oohle oa lefatše oa bolumeli ba bohata—ho kopanyeletsa Bokreste-’mōtoana—e le seotsoa, Babylona e Moholo, se nang le likamano le marena a lefatše le se tahisang batho ka bootsoa ba sona. Sona ka bosona se tahuoe—ka bofetoheli—ke ho noa mali, e leng mali a bahlanka ba Molimo. (Tšenolo 17:1-6) Tšenolo e boetse e hlalosa ho fela ha seotsoa sena sa khale se nyelisehang, ’me re ka utloisisa hamolemo hore na hona ho tla bolela eng ha re nahana ka se ileng sa etsahala ka seotsoa se seng sa bolumeli se neng se le teng morao koana lekholong la bosupa la lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna.
5, 6. Ke hobane’ng ha Jerusalema e sa tšepahaleng e bitsoa seotsoa, ’me see se ile sa e tlisetsa kahlōlo efe ho tsoa letsohong la Jehova?
5 Seotsoa seo e ne e le motse oa Jerusalema. O ne o tšoanela ho ba setsi sa borapeli ba Jehova lefatšeng, empa Molimo oa re ka oona: “U molato ka mali ao u a tšolotseng.” (Ezekiele 22:4) Hape o ne o tšoanela ho hloeka moeeng, empa o ne o ikentse seotsoa ka ho itsoakanya le lichaba. Jehova o ile a re ho oona: “Ke u ‘halefetse hakaakang, . . . kaha u entse lintho tsena kaofela, mosebetsi oa mosali, seotsoa se hatellang!”—Ezekiele 16:30, NW; 23:1-21; Jakobo 4:4.
6 Joale, nahana ka kahlōlo ea Jehova holim’a seotsoa sena: “Bona, ke tla phutha barati [lichaba] bohle ba hao, bao u ba thabetseng, le bohle bao u ba ratang . . . , ba tla u hlobolisa liaparo, ba nke mekhabo ea hao, ba u tlohele hona moo, u le feela, u hlobotse. Ba tla chesa matlo a hao ka mollo.” (Ezekiele 16:37, 39, 41; 23:25-30) Histori e tlaleha se ileng sa etsahala. Bababylona ba ile ba kena ka 607 B.C.E. ’me ba hlobolisa Jerusalema hore e sale e se na letho. Batho ba eona le leruo la eona ba ile ba isoa Babylona. Motse oo o ile oa timetsoa, tempele ea chesoa, ’me naha ea sala e le lesupi.—2 Likronike 36:17-21.
7. Bofelo ba Babylona e Moholo e tla ba bofe?
7 Ho tla etsahala ntho e tšoanang ka Babylona e Moholo. Tšenolo ea lemosa: “Li [“marena” a kajeno, kapa babusi ba kajeno bao Babylona e Moholo e entseng bootsoa ba moea le bona] tla hloea seotsoa, li se felise, li se hlobolise, li je nama tsa sona, ’me li se chese mollong.” (Tšenolo 17:2, 16) Ho tsoa mohlaleng oa Jerusalema ea boholo-holo, rea tseba hore na sena se tla bolela eng. Bolumeli ba bohata bo tla timetsoa ke mebuso ea lichaba eo pele e neng e bo ‘rata.’ Leruo la bona le tla nkoa, ’me bo tla chesoa, bo timetsoe ka ho feletseng. A phello e loketseng bakeng sa mokhatlo oo o hlophisitsoeng o nyelisehang!
Maholimo aa Fifala
8. Mahlomola a maholo e tla ba nako ea mofuta ofe bakeng sa batho?
8 Ha Babylona e Moholo e timetsoa, re tla be re kene ‘mahlomoleng a maholo’ a profetiloeng ke Jesu. (Mattheu 24:21; Tšenolo 7:14) Ha e bua ka nako eo, Tšenolo e re: “Tšisinyeho e kholo ea lefatše ea e-ba teng; letsatsi la e-ba letšo joale ka mokotla oa bolitse, ’me khoeli ea e-ba joale ka mali. Linaleli tsa leholimo tsa oela lefatšeng.” (Tšenolo 6:12, 13) Tšisinyeho ena e khōlō ea lefatše ke eona “tšisinyeho e kholo e tla ba teng naheng ea Iseraele” eo Ezekiele a e profetileng. (Ezekiele 38:18, 19; Joele 3:14-16) Ke timetso ea ho qetela ea tsamaiso ena ea lintho e khopo. Na ho na le ntho e tla etsahala ka letsatsi, khoeli, le linaleli tsa sebele ka nako eo?
9, 10. Ezekiele o ile a profeta eng mabapi le Egepeta, ’me see se phethahalitsoe joang?
9 Ha a lemosa ka ho oa ha moahisani oa Iseraele e moholo ea ka boroa, Egepeta, Ezekiele o itse: “Mohla ke u [Faro] timang, ke tla koahela maholimo, ke fifatse linaleli tsa ’ona; letsatsi ke tla le koahela ka leru, ’me khoeli ha e sa tla hlahisa ngoeli ea eona. Maseli ’ohle a bonesang maholimong ke tla a fifatsa ka baka la hao, ke bee lefifi naheng ea hao: ho bolela Morena Jehova.”—Ezekiele 32:7, 8.
10 Ha Faro le makhotla a hae ba e-oa, maholimo a sebele ha aa ka a fifala. Empa bokamoso ba Egepeta bo ile ba e-ba lefifi haholo. Ho joalokaha seithuti sa Bibele C. F. Keil se re: “Lefifi le ileng la latela [ho oa ha Faro] ka tšoantšetso le emela maemo a ho hloka tšepo ka ho feletseng.” E feletsoe ke matla ka ho sa feleng hore e ka hlola e e-ba ’muso oa lefatše o itjereng, Egepeta e ile ea busoa ke ’muso o mong oa lefatše ka mor’a o mong! Kajeno, boholo ba naha eo ea bo-Faro ba boholo-holo e busoa ke sechaba sa Maarabia.
11. (a) Ke eng e tšoantšetsoang ke se ileng sa etsahala ka Egepeta? (b) Ke joang bokamoso bo tla ba lefifi ka ho feletseng bakeng sa lefatše la Satane mahlomoleng a maholo?
11 Empa Keil o ile a bona moelelo o eketsehileng boprofeteng ba Ezekiele. Oa ngola: “Ho phetholoa ha ’muso ona oa lefatše [Egepeta] ke pontšo le selelekela sa ho phetholoa ha ’muso o mong le o mong oa lefatše o se nang bomolimo letsatsing la kahlōlo ea ho qetela.” Ha e le hantle, sena ke ’nete. Joalokaha Tšenolo e bontša, nakong ea mahlomola a maholo litebello tsa batho ba se nang bomolimo li tla ba lefifi joaloka litebello tseo Egepeta e neng e e-na le tsona. Ho tla tšoana le hoja letsatsi le sa hlahise khanya motšehare ’me bosiu sepaka-paka se se na khanya leha e le efe e mofuthu ea khoeli, ’me se se na linaleli leha e le life tse tletseng botsoalle, tse khanyang. Ba hanang ho hlompha Morena ea beiloeng ke Jehova ba tla shoa ka mokhoa oo ba ke keng ba fumana le lepato le hlomphehang feela ha Mopalami oa pere e tšoeu a phetha tlhōlo ea hae. (Tšenolo 19:11, 17-21; Ezekiele 39:4, 17-19) Ha ho makatse hore e be batho ba se nang bomolimo ba tla bokolla “ba re ho lithaba le ho mafika: Re oeleng holimo, le re pate pel’a sefahleho sa ea lutseng teroneng le pel’a bohale ba Konyana. Hobane letsatsi le leholo la khalefo ea eona le chabile, ’me ho ka ema mang?”—Tšenolo 6:16, 17; Mattheu 24:30.
Ntoa e Tsoelang Pele!
12. Satane o bontšitse lehloeo la hae ho Jesu Kreste joang letsatsing la Morena?
12 Empa, ho thoe’ng ka Bakreste mehleng ee? Koana, ba anngoe haholo ke ntoa e sa khaotseng e pakeng tsa Satane le Mopalami oa pere e tšoeu. Kaha Satane o sitiloe ho hlasela Jesu ka ho toba, o tšolletse khalefo ea hae kaofela holim’a masala a batlotsuoa ’me—morao tjena—ho bongata bo boholo ba linku tse ling bo a potileng. Joalokaha Jesu a lemositse, bana ba ‘hloiloe ke lichaba ka baka la lebitso la hae.’ (Mattheu 24:9) Satane o sebelisitse sebetsa se seng le se seng seo a ka khonang ho se sebelisa, ho akareletsa merusu, ho koalloa chankaneng, ho hlokofatsoa ’meleng, le ho bolaoa, ho ba loantša.—2 Timothea 3:12.
13. Satane o sebelisitse maraba joang ntoeng ea hae khahlanong le batho ba Molimo?
13 Satane o boetse o sebelisa maraba a bohlale. (Ba-Efese 6:11, TLP) A sebelisa “thetso ea maruo,” o thetsitse ba bang hore ba khoehlise kapa ba be ba khaotse ho etsa tšebeletso ea bona e halalelang. (Mattheu 13:22, TLP; 1 Timothea 6:9, 10) O koieelitse ba bang hore ba oele litšileng le boitšoarong bo bobe. (1 Ba-Korinthe 5:1, 2) Ba bangata ba tlas’a khatello e khōlō ka baka la “lipelaelo tsa bophelo,” ’me Satane o nka monyetla ka sena ho leka ho etsa hore ‘ba imeloe.’ (Luka 21:34) Maemong a mang, o sebelisitse likhohlano tsa botho kapa litšekamelo tsa borabele ho etsa hore batho ba se ke ba ela hloko “litaba tse fetisang ka molemo.”—Ba-Filippi 1:10; 1 Ba-Korinthe 1:11, 12; Jakobo 4:1-3.
14, 15. Ke joang re ka hlōlang ntoeng ea rōna le Satane?
14 Kahoo ho ’nile ha hlokahala hore Bakreste ba hlaolele mamello letsatsing la Morena. Ba bang ba hlōlehile, ’me ho hlōleha leha e le hofe ho bile tlhōlo e nyenyane ho Satane. (1 Petrose 5:8) Empa ba bangata ba utloile tšepiso ea Jesu: “Empa ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.” (Mattheu 24:13) Ka thuso e tsoang ho Jehova, ba hlōtse ’me ba thabisitse pelo ea hae.—Liproverbia 27:11; 1 Johanne 2:13, 14.
15 Ka sebele ha ho lea mong oa rōna ea batlang ho khotsofatsa Satane ka hore a bone re emisa! Kahoo, a re lateleng keletso ea Pauluse ’me re itlhomelle ka ’nete, ho loka, le tumelo—re bolele litaba tse molemo ka cheseho ’me re ithute e le hore re ka boloka tumelo ea rōna e le matla. Hape, a re rapeleng re sa khaotse ’me re lule re falimehile. Ka tsela eo, re tla be re le “ba sa tlong ho nyatsuoa letsatsing la Morena oa rōna Jesu Kreste.” (1 Ba-Korinthe 1:8; Ba-Efese 6:10-18; 1 Ba-Thessalonika 5:17; 1 Petrose 4:7) Ka lehlakoreng le leng, letsatsi la Morena e tla ba mohloli oa mahlohonolo a enneng ho rōna.
Litokelo tsa Tšebeletso tse Babatsehang
16. Ke hobane’ng ha Johanne a ile a bolelloa hore a se ke a ngola seo lialuma tse supileng li neng li se buile, ’me hoo ho ne ho bolela eng ho Bakreste ba tlotsitsoeng ka 1919?
16 Ho Tšenolo 10:3, 4, Johanne o bolela hore o ile a utloa “lialuma tse supileng” li utloahatsa mantsoe a tsona. O ne a batla ho ngola seo a se utloileng, empa oa tlaleha: “Eaba ke utloa lentsoe le tsoang leholimong, le re ho ’na: Koahela tse boletsoeng ke lialuma tse supileng, ’me u se ke ua li ngola.” Ka ho hlakileng, e ne e e-s’o be nako ea hore boitsebiso bo joalo bo lokolloe. Ho fapana le hoo, Johanne o ile a bolelloa hore a nke bukana ’me a e je. Ho bonahala hore lialuma tse supileng li emela ponahatso e feletseng ea merero ea Jehova. (Pesaleme ea 29:3; Johanne 12:28, 29; Tšenolo 4:5) Morao koana ka 1919, ha ka tšoantšetso Bakreste ba tlotsitsoeng ba e-ja bukana, e ne e e-s’o be nako ea hore ba be le kutloisiso e feletseng ea merero ea Jehova. (Bapisa Daniele 12:8, 9.) Empa ka sebete ba ile ba tsoela pele ka kutloisiso e fokolang eo ba neng ba e-na le eona ’me ba ipaka ba tšoanela ho chabisetsoa leseli le eketsehileng.
17. Tse ling tsa lintho tse ncha tseo Jehova a ileng a li lemosa batho ba hae lilemong tsa ka morao ho 1919 ke life?
17 Joale, ho theosa le lilemo, ba ile ba neoa kutloisiso e ntseng e hlaka butle-butle ea thato ea Jehova. Ka mohlala, ba ile ba hlokomela hore linku tse papisong ea Jesu li ne li se li ntse li aroloa ho lipōli esita le pele ho Harmagedone. (Mattheu 25:31-46) Ba ile ba bona hore ho tsoaloa ha ’Muso ka 1914 ho ne ho phethahatsa Tšenolo khaolo ea 12. Ba ile ba ba le kananelo e tebileng haholoanyane ea bohlokoa ba lebitso la Jehova, ’me ba ithuta hore na bongata bo boholo ba batho bo ho Tšenolo khaolo ea 7 e ne e hlile e le bo-mang. Lintho tsee tse ntseng li senoloa butle-butle li ile tsa nea batho ba Molimo tšepo e kaakang!—Liproverbia 4:18; 2 Petrose 1:19.
18. Batho ba Jehova ba kopanetse litokelong life tse khethehileng tsa tšebeletso letsatsing la Morena, ’me hoo ho haha phalimeho efe lipelong tsa rōna?
18 Ka nako e tšoanang, Jehova o ile a nea bahlanka ba hae ba lefatšeng litokelo tse ling tse khethehileng tsa tšebeletso. Ponong e ’ngoe e phahameng, Johanne o ile a bona mangeloi a bolella batho evangeli ea ka mehla, a bolela ka ho oa ha Babylona e Moholo, ’me a lemosa batho hore ba se ke ba amohela letšoao la sebata. (Tšenolo 14:6-10) Le hoja ntle ho pelaelo mangeloi a ne a hlokomela litokelo tsena tsa tšebeletso tse tsoang ho Molimo, ke batho, Lipaki tsa Jehova tse lefatšeng, ba neng ba hlile ba bolella batho melaetsa ena. Johanne o ile a boela a bona Jesu a kotula “koro ea lefatše.” (Tšenolo 14:14-16) Empa Jesu o ’nile a kotula koro ena ka boboleli ba ’Muso le ka mosebetsi oa ho etsa barutuoa o etsoang ke bafo ba hae ba lefatšeng. (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Ke tokelo e kaakang ho kopanela le mangeloi le Jesu Kreste ka boeena litokelong tsa tšebeletso tsa bohlokoa hakaalo! Ka ho etsa joalo, re ikutloa hore kannete re kopane le mokhatlo o hlophisitsoeng o moholo oa Jehova, oa leholimo oa libōpuoa tsa moea tse tšepahalang.
Tšireletso ea Molimo
19. (a) Tlhōrō ea bora ba Satane khahlanong le batho ba Molimo e tla ba efe? (b) Ke mang ea tla hlōla ntoeng ea ho qetela, ea makhaola-khang?
19 Ha bofelo ba lefatše lena bo atamela, Satane o tla tlisetsa Bakreste khatello e eketsehileng. Tlhōrō ea bora ba hae e hlalosoa ho Ezekiele likhaolo tsa 38 le 39, moo ka boprofeta a bitsoang Gogo oa Magogo. Ho latela boprofeta bona bo bululetsoeng, Satane o tla tsoa letšolo ho hlasela le ho leka ho timetsa batho ba Molimo a ba timeletsa ruri. Na o tla atleha? Tšenolo ea arabela: “Linaka tse leshome [“marena” a mehleng ea kajeno, kapa babusi ba mehleng ea kajeno] . . . ba tla loantša Konyana, empa Konyana e tla ba hlōla, kahobane ke Morena oa marena, le ’Musi oa babusi, ’me ba nang le eena ke ba bitsitsoeng, le bakhethoa, le balumeli.” (Tšenolo 17:12, 14) Joang kapa joang Bakreste ba tšepahalang ba tla hlōla haeba ba ka lula ba tšepahala ho Morena oa bona e moholo, ea hlōlang. Makhotla a Gogo a tla timetsoa ka ho feletseng.—Ezekiele 39:3, 4, 17-19; Tšenolo 19:17-21.
20. Letsatsi la Morena le tla tlisetsa Bakreste ba tšepahalang mahlohonolo afe nakong ea mahlomola a maholo?
20 Ka hona letsatsi la Morena le bolela poloko ho batho ba Molimo. Batlotsuoa leha e le bafe ba tla be ba ntse ba phela e le batho nakong ea mahlomola a maholo ba tla tiisetsoa boemo ba bona ba leholimo, ’me ba tla ikemisetsa ba sa sisinyehe ho qeta tsela ea bona ea lefatšeng ka botšepehi. (Tšenolo 7:1-3; 2 Timothea 4:6-8) Bongata bo boholo ba batho le bona bo tla pholoha, ’me Jesu o “tla ba isa lilibeng tsa metsi a bophelo; ’me Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” (Tšenolo 7:14, 17) Ke moputso o motle hakaakang oa mamello e tšepahalang!
21. Ho tla etsahala joang lefatšeng letsatsing la Morena ka mor’a mahlomola a maholo?
21 Joale letsatsi la Morena le kena bohatong bo babatsehang: Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste Jesu. (Tšenolo 20:6, 11-15) Nōka ea metsi a bophelo, e profetiloeng ho Tšenolo le ho Ezekiele, e tla phallela ho batho e e-tsoa teroneng ea Jehova, ’me ba noang ho eona butle-butle ba tla khutlisetsoa phethehong ea botho. (Ezekiele 47:1-12; Tšenolo 22:1, 2) Hades e tla horuloa, ’me ba limillione tse likete ba shoeleng le bona ba tla ba le monyetla oa ho noa nōkeng ena.—Johanne 5:28, 29.
22. Batho ba letetsoe ke liketsahalo life tse susumetsang qetellong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste?
22 Qetellong ea lilemo tse sekete, batho ba tla be ba khutliselitsoe phethehong. E tla be e le nako e loketseng hakaakang ea hore Satane a hlahe ka lekhetlo la ho qetela holim’a lefatše! Hang hape o tla leka ho thetsa batho, ’me ba bang ba tla mo latela, esita le ka nako eo. Ka tšoantšetso bana ba bitsoa “Gogo oa Magogo” kaha ba tla bonahatsa moea o mobe o tšoanang le o bontšitsoeng ke ‘bongata ba Gogo’ bo boprofeteng ba Ezekiele. Empa moea oa bona oa borabele o tla hlakoloa ka ho sa feleng ha bona, ’moho le Satane ka boeena le bademona ba hae, ba akheloa ka letšeng la mollo la tšoantšetso. (Tšenolo 20:7-10; Ezekiele 39:11) Joale, kannete bokamoso bo tletseng mahlohonolo bo letetse ba lulang ba tšepahala ho feta teko eo ea ho qetela, ’me joale moloko oa batho o phethahetseng o tla fetoha ntho e le ’ngoe le mokhatlo o hlophisitsoeng o lokileng oa bokahohleng oa Jehova. Jehova ka boeena e tla ba “tsohle ho bohle!”—1 Ba-Korinthe 15:24, 28; Tšenolo 20:5.
23. Ha re talima nako eo re phelang ho eona, ke keletso efe ea Pauluse e loketseng ka ho fetisisa eo e mong le e mong oa rōna a lokelang ho e utloa?
23 Joale, haeba re ka mamella, re letetsoe ke mahlohonolo a makaakang ao re sitoang ho a lekanya! Hopola, letsatsi la Morena le se le ntse le kenetse hare. Lintho tse babatsehang li se li qalile ho etsahala. Ka hona, mantsoe a Pauluse ke a loketseng: “Re se ke ra khathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ea teng, ha re sa tepelle.” (Ba-Galata 6:9) Ka sebele a “re se ke ra khathala ke ho etsa hantle” letsatsing lena la Morena. Haeba re mamella, letsatsi lena le tla tlisa melemo e sa feleng ho e mong le e mong oa rōna.
Na U Ka Hlalosa?
◻ Bohato ba pele ba ho timetsoa ha lefatše la Satane ke bofe?
◻ Jesu o tla “phetha tlhōlo ea hae” holim’a lira tsa hae joang?
◻ Ke joang Satane a loantšitseng Lipaki tsa Jehova letsatsing la Morena?
◻ Ke mahlohonolo afe a tsotehang ao batho ba Jehova ba a thabetseng ho tloha ka 1919?
◻ Ha re talima hore na re se re le hokae kemisong ea nako, uena ka bouena u ikemiselitse ho etsa joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Qetello ea Jerusalema ea boholo-holo e bontša seo haufinyane se tla etsahala ka Babylona e Moholo