Khaolo 36
Motse o Moholo oa Ripitloa
Pono 12—Tšenolo 18:1–19:10
Moko-taba: Ho oa le ho timetsoa ha Babylona e Moholo; ho phatlalatsoa lenyalo la Konyana
Nako ea phethahatso: Ho tloha ka 1919 ho fihlela ka mor’a matšoenyeho a maholo
1. Ke eng e tla tšoaea ho qaleha ha matšoenyeho a maholo?
HO OA ha Babylona e Moholo e tla ba ha tšohanyetso, ho sisimosang ’me e tla sala e ripitliloe! E tla ba e ’ngoe ea likoluoa tse khōlō ka ho fetisisa historing eohle, e tšoaeang ho qaleha ha “matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.”—Matheu 24:21.
2. Le hoja mebuso ea lipolotiki e ’nile ea hlaha ea ba ea oa, ke ’muso oa mofuta ofe oo esale o le teng?
2 Ke khale bolumeli ba bohata bo le teng. Esale bo le teng ho tloha mehleng ea Nimrode ea neng a nyoretsoe mali, ea neng a hanyetsa Jehova ea bileng a hlophisa hore batho ba hahe Tora ea Babele. Ha Jehova a ferekanya lipuo tsa bafetoheli bao ’me a ba hasanya le lefatše, ba ile ba tsamaea le bolumeli ba bohata ba Babylona. (Genese 10:8-10; 11:4-9) Ho tloha ka nako eo, mebuso ea lipolotiki e ’nile ea hlaha ea ba ea oa, empa bolumeli ba Babylona esale bo le teng. Bo nkile libōpeho tse ngata le litšobotsi tse ngata, ba fetoha ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, Babylona e Moholo e profetiloeng. Karolo ea eona e hlaheletseng haholo ke Bokreste-’mōtoana, e hlahileng ha ho kopanngoa lithuto tsa pele tsa Babylona le thuto ea “Bokreste” ba bokoenehi. Ka lebaka la histori e telele ea Babylona e Moholo, batho ba bangata ba ho fumana ho le thata ho lumela hore e tla ke e timetsoe.
3. Tšenolo e tiisa joang hore bolumeli ba bohata bo tla felisoa?
3 Kahoo ho loketse hore ebe Tšenolo e tiisa hore bolumeli ba bohata bo tla felisoa ha e re hlalosetsa ka litsela tse peli tse qaqileng ka ho oa ha bona le liketsahalo tse tla latela tse tla fella ka hore bo felisoe ka ho feletseng. Re se re bone hore ke sona “seotsoa se seholo” seo qetellong se ripitloang ke bo-ralipolotiki ba neng ba ratana le sona pele. (Tšenolo 17:1, 15, 16) Joale, ponong e ’ngoe hape, re tla bo talima e le motse, oo bolumeling o neng o tšoantšetsoa ke Babylona ea boholo-holo.
Babylona e Moholo e Hlaba Hlohlolingoane
4. (a) Ke pono efe eo Johanne a e bonang ka mor’a moo? (b) Re ka tseba lengeloi leo joang, ’me ke hobane’ng ha ho loketse hore le phatlalatse ho oa ha Babylona e Moholo?
4 Johanne o ntšetsa tlaleho eo pele, o re: “Ka mor’a lintho tsena ka bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le e-na le matla a maholo; ’me lefatše la bonesoa ke khanya ea lona. La hoeletsa ka lentsoe le matla, la re: ‘O oele! Babylona e Moholo o oele.’” (Tšenolo 18:1, 2a) Ke lekhetlo la bobeli Johanne a utloa phatlalatso eo ea lengeloi. (Bona Tšenolo 14:8.) Leha ho le joalo, lekhetlong lena khanya ea lengeloi le hlahang leholimong e hatisa seo e se bolelang, kaha khanya ea lona e bonesa lefatše lohle! Ekaba ke mang? Makholo a lilemo pejana, ha moprofeta Ezekiele a tlaleha pono ea leholimo, o ile a re “lefatše la khanya ka lebaka la khanya ea [Jehova].” (Ezekiele 43:2) Lengeloi feela le ka khanyang ka khanya e tšoanang le ea Jehova e ka ba Morena Jesu, eo e leng “ponahatso ea khanya ea [Molimo] le setšoantšo se nepahetseng hantle sa boleng ba hae.” (Baheberu 1:3) Ka 1914, Jesu e ile ea e-ba Morena oa leholimo, ’me ho tloha ka nako eo o ’nile a bonahatsa bolaoli lefatšeng e le Morena le Moahloli hammoho le Jehova. Joale, ke ho loketseng hore ebe o phatlalatsa ho oa ha Babylona e Moholo.
5. (a) Lengeloi le sebelisa mang ho phatlalatsa ho oa ha Babylona e Moholo? (b) Ha kahlolo e qala ka ba ipolelang hore ke ba “ntlo ea Molimo,” ho ile ha etsahala joang ka Bokreste-’mōtoana?
5 Lengeloi lee le nang le matla a maholo le sebelisa bo-mang ho phatlalatsa litaba tseo tse makatsang molokong oa batho? Bona batho ba lokolotsoeng ka lebaka la ho oa hoo, masala a tlotsitsoeng lefatšeng, e leng sehlopha sa Johanne. Ho tloha ka 1914 ho fihlela ka 1918, bana ba ile ba sotloa haholo ke Babylona e Moholo, empa ka 1918 Morena Jehova le “lenģosa la selekane” sa Abrahama, Jesu Kreste, ba ile ba qala ka ho ahlola “ntlo ea Molimo,” e leng ba ipolelang hore ke Bakreste. Kahoo Bokreste-’mōtoana bo koenehileng bo ile ba qosoa. (Malakia 3:1; 1 Petrose 4:17) Molato oa bona o tšabehang oa mali oo bo itjarisitseng oona nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ho kopanela ha bona ho hloriseng lipaki tse tšepahalang tsa Jehova, le litumelo tsa bona tsa Bobabylona ha lia ka tsa bo thusa nakong ea kahlolo; ebile ha ho karolo leha e le efe ea Babylona e Moholo e neng e tšoanela ho amoheloa ke Molimo.—Bapisa le Esaia 13:1-9.
6. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Babylona e Moholo e ne e se e oele ka 1919?
6 Kahoo, hoo e ka bang ka 1919 Babylona e Moholo e ne e se e oele, e leng ho ileng ha bulela batho ba Molimo tsela ea hore ba lokolloe ba be ba khutlisetsoe naheng ea habo bona ea nala ea moea, joalokaha eka ke ka letsatsi le le leng. (Esaia 66:8) Ka selemo seo, Jehova Molimo le Jesu Kreste, e leng Dariuse e Moholo le Cyruse e Moholo, ba ne ba tsamaisitse litaba ho etsa hore bolumeli ba bohata bo se ke ba hlola bo tšoara batho ba Jehova. Bo ne bo ke ke ba hlola bo ba thibela ho sebeletsa Jehova le ho tsebisa bohle ba neng ba ka utloa hore Babylona e Moholo e kang seotsoa e ahloletsoe timetso le hore haufinyane ho tla tlosoa qoso eohle bobusing ba Jehova!—Esaia 45:1-4; Daniele 5:30, 31.
7. (a) Le hoja Babylona e Moholo e sa ka ea timetsoa ka 1919, Jehova o ne a e talima joang? (b) Ha Babylona e Moholo e oa ka 1919, ho ile ha etsahala’ng ka batho ba Jehova?
7 Ke ’nete hore Babylona e Moholo ha ea ka ea timetsoa ka 1919—joalokaha motse oa boholo-holo oa Babylona o sa ka oa timetsoa ka 539 B.C.E. ha o ne o oela tlas’a mabotho a Cyruse Mopersia. Empa ho ea ka pono ea Jehova, mokhatlo oo o ne o se o oele. O ne o ahlotsoe ka molao, o emetse timetso; kahoo, bolumeli ba bohata bo ne bo ke ke ba hlola bo tšoara batho ba Jehova botlamuoeng. (Bapisa le Luka 9:59, 60.) Bana ba ile ba lokolloa e le hore ba sebeletse e le lekhoba le tšepahalang le le masene la Monghali oa lona mabapi le ho fana ka lijo tsa moea nakong e tšoanetseng. Ba ne ba ahlotsoe ka hore ‘Ba entse hantle’ ’me ba ile ba rongoa hore ba boele ba tšoarehe ka mosebetsi oa Jehova.—Matheu 24:45-47; 25:21, 23; Liketso 1:8.
8. Ke ketsahalo efe eo molebeli ea boleloang ho Esaia 21:8, 9 a e phatlalatsang, ’me ke bo-mang kajeno ba tšoantšetsoang ke molebeli eo?
8 Lilemong tse likete tse fetileng Jehova o ile a sebelisa baprofeta ba bang ho profeta ketsahalo ena e tšosang. Esaia o ile a bua ka molebeli ea ileng a “hoeletsa joaloka tau: ‘Jehova, ke eme holim’a tora ea ho lebela kamehla motšehare, ’me ke eme sebakeng sa ka sa ho lebela ka masiu ’ohle.’” Joale ke ketsahalo efe eo molebeli eo a e lemohang eo a bileng a e phatlalatsang ka sebete se kang sa tau? Ena: “E oele! Babylona e oele, ’me litšoantšo tsohle tse betliloeng tsa melimo ea eona [Jehova] o li robile a li lahlela fatše!” (Esaia 21:8, 9) Molebeli enoa o tšoantšetsa hantle sehlopha sa Johanne se falimehileng kajeno, joalokaha se sebelisa makasine ea Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling tsa puso ea Molimo ho phatlalatsa hohle litaba tsena tsa hore Babylona e oele.
Ho Felloa ke Matla ha Babylona e Moholo
9, 10. (a) Tšusumetso ea bolumeli ba Babylona e feletsoe ke matla joang ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše? (b) Lengeloi le matla le hlalosa boemo ba ho oa ba Babylona e Moholo joang?
9 Ha Babylona ea boholo-holo e oa ka 539 B.C.E. e ile ea qala ho felloa ke matla ka nako e telele ho fihlela qetellong e fetoha lesupi. Ka ho tšoanang, ho tloha ka ntoa ea pele ea lefatše, tšusumetso ea bolumeli ba Babylona e feletsoe ke matla haholo lefatšeng lohle. Japane, ho rapela moemphera oa Shinto ho ile ha thibeloa ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše. Chaena, puso ea Makomonisi e laola liketsahalo le mesebetsi eohle e amanang le bolumeli. Europe e ka leboea ea Boprostanta, batho ba bangata ha ba sa na taba le bolumeli. Haufinyane Kereke ea Roma e K’hatholike e fokolisitsoe ke likarohano le ho se utloane ka maikutlo mabatooeng a eona lefatšeng lohle.—Bapisa le Mareka 3:24-26.
10 Ha ho pelaelo hore liketsahalo tsena kaofela ke karolo ea ‘ho psha ha nōka ea Eufrate’ hoo e leng selelekela sa tlhaselo e tlang ea sesole khahlanong le Babylona e Moholo. ‘Ho psha’ hona ho boetse ho bonahala mantsoeng ao mopapa a ileng a a bua ka October 1986 ha a phatlalatsa hore kereke e tlameha “ho kōpa liphallelo hape”—ka lebaka la likhaello tse khōlō tsa lichelete. (Tšenolo 16:12) Haholo-holo ho tloha ka 1919 Babylona e Moholo e ile ea pepesoa hore bohle ba bone hore ke lefeella la moea, feela joalokaha lengeloi le matla le phatlalatsa mona: “O fetohile sebaka sa bolulo sa bademona le sebaka sa ho ipata sa pululo e ’ngoe le e ’ngoe e sa hloekang le sebaka sa ho ipata sa nonyana e ’ngoe le e ’ngoe e sa hloekang le e hloiloeng!” (Tšenolo 18:2b) Haufinyane e tla ba lefeella la sebele, e be lesupi joaloka lithako tsa Babylona tse Iraq kajeno.—Bona le Jeremia 50:25-28.
11. Ke ka kutloisiso efe Babylona e Moholo e fetohileng “sebaka sa bolulo sa bademona” le ‘sebaka sa ho ipata sa lipululo tse sa hloekang le linonyana tse sa hloekang’?
11 Mona lentsoe “bademona” e ka ’na eaba le tšoana le poleloana e reng “bademona ba nang le sebōpeho sa pōli” (se‘i·rimʹ) e fumanoang mantsoeng a Esaia ha a hlalosa ho oa ha Babylona: “Ka sebele baahi ba libaka tse se nang metsi ba tla robala teng, ’me matlo a bona a tla tlala bo-makhohlo. Limpshe li tla lula teng, ’me bademona ba nang le sebōpeho sa pōli ba tla tlōla-tlōla teng.” (Esaia 13:21) E ka ’na eaba ha le bolele bademona ba sebele empa ho e-na le hoo le bolela liphoofolo tse matsebetsebe tse lulang lehoatateng tseo ponahalo ea tsona e ka etsang hore bashebelli ba nahane ka bademona. Masuping a Babylona e Moholo, ho ba teng ha tšoantšetso ha liphoofolo tse joalo, hammoho le moea o emeng nģa e le ’ngoe, o chefo (‘pululo e sa hloekang’) le linonyana tse sa hloekang, li bontša boemo ba eona ba ho shoa moeeng. Ha e fe moloko oa batho tšepo leha e le efe ea bophelo.—Bapisa le Baefese 2:1, 2.
12. Boemo ba Babylona e Moholo bo nyalana le boprofeta ba Jeremia khaolo ea 50 joang?
12 Boemo ba eona bo boetse bo nyalana le boprofeta ba Jeremia bo reng: “‘Ho na le sabole khahlanong le Bakalde,’ ho bolela Jehova, ‘le khahlanong le baahi ba Babylona le khahlanong le likhosana tsa eona le khahlanong le ba bohlale ba eona. . . . Ho na le thipitlo metsing a eona, ’me a tla psha. Etsoe ke naha ea litšoantšo tse betliloeng, ’me ba ntse ba etsa ka bohlanya ka lebaka la lipono tsa bona tse tšosang. Ka hona baahi ba libaka tse se nang metsi ba tla lula le liphoofolo tse llang, ’me limpshe li tla lula ho eona; ha ho sa tla hlola ho luloa ho eona, kapa e be le baahi ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.’” Ho rapela litšoantšo le ho bina lithapelo tse pheta-phetoang li ke ke tsa pholosa Babylona e Moholo kahlolong e tšoanang le ha Molimo a felisa Sodoma le Gomora.—Jeremia 50:35-40.
Veine e Tsosang Takatso
13. (a) Lengeloi le matla le hlokomelisa ka ho pharalla ha bootsoa ba Babylona e Moholo joang? (b) Ke boitšoaro bofe bo bobe bo neng bo atile Babylona ea boholo-holo bo boetseng bo fumanoang ho Babylona e Moholo?
13 Ka mor’a moo, lengeloi le matla le hlokomelisa ka ho pharalla ha bootsoa ba Babylona e Moholo, le re: “Etsoe lichaba kaofela li fetohile liphofu ka lebaka la veine ea bohale ba bohlolaa ba hae, ’me marena a lefatše a ile a etsa bohlola le eena, ’me bahoebi ba tsamaeang ba lefatše ea e-ba ba ruileng ka lebaka la matla a menono ea hae ea ho se hlajoe ke lihlong.” (Tšenolo 18:3) E rutile lichaba tsohle litsela tsa eona tse sa hloekang tsa bolumeli. Ho latela rahistori oa Mogerike Herodotus, Babylona ea boholo-holo mosetsana e mong le e mong o ne a laeloa hore a silafatse boroetsana ba hae ka ho iketsa letekatse borapeling tempeleng. Le kajeno ho ntse ho bontšoa boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate litšoantšong tse betliloeng tse sentsoeng ke ntoa tsa Angkor Wat, Kampuchea le litempeleng tsa Khajuraho, India, tse bontšang molimo oa Bohindu Vishnu a pota-potiloe ke litšoantšo tse manyala tse tsosang litakatso tsa ho kopanela liphate. United States, ho pepesoa ha boitšoaro bo bobe ho ileng ha sisinya baevangeli ba thelevishene ka 1987, esita le ka 1988, hammoho le ho senoleha ha mokhoa o jeleng setsi oa bosodoma o etsoang ke baruti ba bolumeli, ho bontša hore le Bokreste-’mōtoana bo lumella mekhoa e tšosang ka tsela e feteletseng ea bohlola ba sebele. Empa, lichaba tsohle li oetsoe ke mofuta o tebileng le ho feta oa bohlola.
14-16. (a) Ke kamano efe ea lipolotiki le bolumeli e litšila moeeng e ileng ea e-ba teng Italy ea Bofascista? (b) Ha Italy e futuhela Abyssinia, babishopo ba Kereke ea Roma e K’hatholike ba ile ba bua lipolelo life?
14 Re se re hlahlobile kamano e litšila ea lipolotiki le bolumeli e ileng ea hloesetsa Hitler pusong Jeremane ea Bonazi. Lichaba tse ling le tsona li ile tsa utloa bohloko ka lebaka la ho itšunya-tšunya ha bolumeli litabeng tsa lefatše. Ka mohlala: Italy ea Bofascista, ka la 11 February, 1929, Mussolini le Mok’hadinale Gasparri ba ile ba saena Selekane sa Lateran, se fetolang Motse oa Vatican naha e ipusang. Mopapa Pius XI o ile a bolela hore “o khutliselitse Italy ho Molimo, le Molimo ho Italy.” Na hoo e ne e le ’nete? Nahana ka se ileng sa etsahala lilemo tse tšeletseng hamorao. Ka la 3 October, 1935, Italy e ile ea futuhela Abyssinia, e bolela hore “e ne e le naha ea boqaba e ntseng e sebelisa bokhoba.” Ha e le hantle, eo e neng e le leqaba ke mang? Na Kereke e K’hatholike e ile ea nyatsa bokhopo ba Mussolini? Ha mopapa a bua lipolelo tse sa hlakang, babishopo ba hae ba ile ba bua puo-phara ba hlohonolofatsa mabotho a hlometseng a “lefatše la bo-ntat’a bona” la Italy. Bukeng ea The Vatican in the Age of the Dictators, Anthony Rhodes o tlaleha sena:
15 “Lengolong la hae la Bolisa la la 19 October [1935], Mobishopo oa Udine [Italy] o ile a ngola hore, ‘Hase nako e loketseng ebile ha hoa tšoanela hore re bolele hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe tabeng ena. Mosebetsi oa rōna re le Mataliana, ’me ho feta moo re le Bakreste e ntse e le ho tlatsetsa katlehong ea mabotho a rōna.’ Mobishopo oa Padua o ile a ngola tjena ka la 21 October, ‘Lihoreng tse thata tseo re fetang har’a tsona, re le kōpa hore le be le tumelo ho litsebi tsa rōna tsa puso ea naha le mabotho a hlometseng.’ Ka la 24 October, Mobishopo oa Cremona o ile a halaletsa lifolakha tse ’maloa tsa sesole eaba o re: ‘Molimo a ke a hlohonolofatse masole ana mobung oa Afrika moo a tlang ho hapela Mataliana a bohlale linaha tse ncha tse nonneng, kahoo a li isetse setso sa Roma le sa Bokreste. E se eka Italy e ka boela ea ema e le morupeli oa Bokreste lefatšeng lohle.’”
16 Abyssinia e ile ea nkoa ka likhoka, ’me baruti ba Roma e K’hatholike ba ile ba hlohonolofatsa seo. Na ho na le ofe kapa ofe har’a bona eo ka tsela leha e le efe a ka buang joaloka moapostola Pauluse a re o “hloekile maling a batho bohle”?—Liketso 20:26.
17. Spain e ile ea utloa bohloko joang ka lebaka la ho hlōleha ha baruti ba eona ho “tea lisabole tsa bona hore e be mehoma”?
17 Ho phaella ho Jeremane, Italy le Abyssinia, sechaba se seng se ileng sa kopanela bohloleng ba Babylona e Moholo ke Spain. Ka tsela e itseng, Ntoa ea Lehae ea 1936-39 e ileng ea e-ba teng naheng eo e ile ea qhomisoa ke ha ’muso oa sechaba ka sechaba o nka bohato ba ho fokotsa matla a maholo a Kereke ea Roma e K’hatholike. Ha ntoa e qaleha, moeta-pele oa mabotho a bofetoheli eo e neng e le Mok’hatholike e bile e le setho sa mokha oa Bofascista, Franco, o ile a itlhalosa e le “Molaoli ea ka Sehloohong oa Lebotho la Ntoa e Halalelang ea Bokreste,” e leng tlotla eo a ileng a e tlohela hamorao. Maspanishe a likete tse makholo a ile a shoa ntoeng eo. Ntle ho mona, ho latela likhakanyo tse tlaase-tlaase, Batšehetsi ba Franco ba Tletseng Moea oa Bochaba ba ne ba se ba bolaile litho tse 40 000 tsa mokha oa Popular Front, ha ba mokha oo bona ba ne ba se ba bolaile basebeletsi ba kereke ba 8 000—bao e neng e le baitlami ba banna le ba basali, baprista, le ba koetlisetsoang boitlami. Ao ke masisa-pelo le masetla-libete a ntoa ea lehae, a bontšang bohlale ba ho mamela mantsoe a Jesu a reng: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:52) Ke ntho e manyala hakaakang hore Bokreste-’mōtoana bo itšunya-tšunye tšollong e khōlō hakaalo ea mali! Ka sebele baruti ba bona ba hlōlehile ka ho feletseng ho “tea lisabole tsa bona hore e be mehoma”!—Esaia 2:4.
Bahoebi ba Tsamaeang
18. “Bahoebi ba tsamaeang ba lefatše” ke bo-mang?
18 “Bahoebi ba tsamaeang ba lefatše” ke bo-mang? Ha ho pelaelo hore kajeno re ne re tla ba bitsa bo-rakhoebo, baruihali ba khoebo, batsamaisi ba bohlale ba khoebo e khōlō. Hona ha ho bolele hore ho fosahetse ho kenella khoebong e lumeletsoeng ke molao. Bibele e fa batho ba khoebo keletso e bohlale, e lemosa ka ho hloka botšepehi, meharo, le lintho tse tšoanang le tseo. (Liproverbia 11:1; Zakaria 7:9, 10; Jakobo 5:1-5) Leruo le leholo ke “boinehelo bona ba bomolimo hammoho le ho khotsofala.” (1 Timothea 6:6, 17-19) Leha ho le joalo, lefatše la Satane ha le latele melao-motheo e lokileng. Bobolu bo jele setsi. Bo fumanoa bolumeling, lipolotiking—le khoebong e khōlō. Nako le nako litaba li pepesa mahlabisa-lihlong, a kang bomenemene ba lichelete bo etsoang ke liofisiri tse phahameng ’musong le ho rekisa libetsa kantle ho molao.
19. Ke ’nete efe mabapi le moruo oa lefatše e re thusang ho bontša lebaka leo ka lona Tšenolo e behang bahoebi ba lefatše ka mosing?
19 Khoebo ea libetsa ea machaba e nyolohetse ka holimo ho R2 000 000 000 000 selemo le selemo, ha batho ba makholo a limilione ba se na lintho tse hlokahalang bophelong. Hoo ke ho hobe haholo. Empa ho bonahala lihlomo e le eona tšiea ea motheo eo moruo oa lefatše o itšetlehileng ka eona. Ka la 11 April, 1987, sehlooho se seng ho Spectator ea London se ile sa tlaleha tjena: “Ha re qolla feela lifeme tse keneletseng ka ho toba, ho ameha mesebetsi e ka bang 400 000 United States le e 750 000 Europe. Empa ho thahasellisang ke hore ha karolo eo mosebetsi oa ho haha libetsa o e phethang ntlheng ea kahisano le moruo e ntse e hōla, taba-taba ea hore na bahlahisi ba hlile ba sireletsehile e tsoile likelellong.” Ho etsoa liphaello tse khōlō ha ho rekisetsanoa libomo le libetsa tse ling lefatšeng lohle, esita le ha li rekisetsoa bao e ka ’nang ea e-ba lira. Ka letsatsi le leng libomo tseo li ka ’na tsa boea sekoele nakong ea koluoa e befileng tsa tla ripitla batho ba li rekisitseng. Ke ho ikhanyetsa ho hokaakang! Ho phaella ho sena, mosebetsi oa ho etsa libetsa o pota-potiloe ke bolotsana. Ho latela Spectator, United States feela, “selemo se seng le se seng Ntlo-khōlō ea Lefapha la Tšireletso e lahleheloa ke libetsa le thepa e jang [liranta tse limilione tse 1 800] ka mokhoa o ke keng oa hlalosoa.” Ha ho makatse hore ebe Tšenolo e beha bahoebi ba lefatše ka mosing!
20. Ke mohlala ofe o bontšang ho itšunya-tšunya ha bolumeli mekhoeng e fosahetseng ea khoebo?
20 Joalokaha lengeloi le khanyang le profetile, bolumeli bo ’nile ba kenella ka ho teba mekhoeng e joalo e bolileng ea khoebo. Ka mohlala, Vatican e ile ea itšunya-tšunya ho oeng ha Banco Ambrosiano ea Italy ka 1982. Taba eo e ’nile ea tsoela pele ho pholletsa le lilemo tsa bo-1980, ’me potso e neng e ntse e e-s’o arajoe e ne e le ho re: Chelete e ile hokae? Ka February 1987 bo-’maseterata ba Milan ba ile ba ntša litaelo tsa hore ho tšoaroe baruti ba bararo ba Vatican, ho akarelletsa moarekabishopo oa Amerika, ba qosoang ka hore ba ne ba nkha lefotha khoebong e ileng ea lihuoa ke bomenemene, empa Vatican e ile ea hana ha e kōptjoa hore e nehelane ka bona. Ka July 1987, ho sa tsotellehe lerata la ho ipelaetsa, Lekhotla le phahameng la Maipiletso la Italy le ile la qhelela litaelo tseo ka thōko ka lebaka la selekane sa khale se pakeng tsa Vatican le ’muso oa Italy.
21. Re tseba joang hore Jesu o ne a se na maqhama le mekhoa e belaetsang ea khoebo mehleng ea hae, empa re bona eng kajeno bolumeling ba Babylona?
21 Na Jesu o kile a ba le maqhama le mekhoa e belaetsang ea khoebo mehleng ea hae? Che. O ne a se na le setša, hobane ho ne ho se “moo a ka behang hlooho ea hae teng.” Jesu o ile a eletsa ’musi e mong e mocha oa morui ka ho re: “Rekisa lintho tsohle tseo u nang le tsona ’me u abele mafutsana, ’me u tla ba le letlotlo maholimong; u tle ’me u be molateli oa ka.” Eo e ne e le keletso e ntle, hobane hoo ho ne ho ka fella ka hore a tlose matšoenyeho ’ohle a bakoang ke litaba tsa khoebo. (Luka 9:58; 18:22) Ho fapana le hoo, hangata bolumeli ba Babylona bo na le maqhama a sa rateheng le khoebo e khōlō. Ka mohlala, ka 1987 Albany Times Union e ile ea tlaleha hore motsamaisi oa lichelete tsa lebatooa la moarekabishopo oa K’hatholike Miami, Florida, U.S.A., o ile a lumela hore kereke e na le liabo lik’hamphaning tse etsang libetsa tsa nyutlelie, libaesekopo tsa batho ba baholo le lisakerete.
“Tsoang ho Eena, Sechaba sa Ka”
22. (a) Lentsoe le tsoang leholimong le re’ng? (b) Ke eng e ileng ea tlisetsa batho ba Molimo thabo ka 537 B.C.E. le ka 1919 C.E.?
22 Mantsoe a Johanne a latelang a bontša phethahatso e tsoelang pele ea mohlala oo oa boprofeta: “Ka utloa lentsoe le leng le tsoang leholimong le re: ‘Tsoang ho eena, sechaba sa ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae.’” (Tšenolo 18:4) Boprofeta bo buang ka ho oa ha Babylona ea boholo-holo bo ka Mangolong a Seheberu le bona bo akarelletsa taelo ea Jehova ho batho ba hae e reng: “Balehang Babylona.” (Jeremia 50:8, 13) Ka ho tšoanang, ka lebaka la timetso e tlang ea Babylona e Moholo, hona joale batho ba Molimo ba phehelloa hore ba balehe. Ka 537 B.C.E. monyetla oa ho baleha Babylona o ile oa thabisa Baiseraele ba tšepahalang haholo. Ka tsela e tšoanang, ho lokolloa ha batho ba Molimo botlamuoeng ba Babylona ka 1919 ho ile ha ba tlisetsa thabo. (Tšenolo 11:11, 12) Ho tloha ka nako eo ba bang ba limilione ba mametse taelo e reng ba balehe.
23. Lentsoe le tsoang leholimong le hatisa taba ea hore ho potlakile hore batho ba balehe Babylona e Moholo joang?
23 Na ho hlile ho potlakile hore batho ba balehe Babylona e Moholo, e se hlole e e-ba litho tsa malumeli a lefatše ba be ba ikarole ka ho feletseng? E, ho potlakile hobane ho hlokahala hore ba talime kholumolumo ena ea khale e tšabehang ea bolumeli, e leng Babylona e Moholo, ka tsela eo Molimo a e talimang ka eona. Ha aa ka a hlatha koana le koana ha a e bitsa seotsoa se seholo. Joale lentsoe le tsoang leholimong le tsebisa Johanne lintho tse eketsehileng ka letekatse lena: “Etsoe libe tsa hae li khobokellane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse liketso tsa hae tsa ho hloka toka. Mo feng esita le joalokaha a fane, ’me le mo etse joalo habeli, e, palo e mennoeng habeli ea lintho tseo a ileng a li etsa; senoelong seo ho sona a ileng a tšela motsoako le mo tšelle motsoako oo habeli. Ho isa tekanyong eo a ileng a itlotlisa ka eona le ho phela ka menono ea ho se hlajoe ke lihlong, ho isa tekanyong eo le mo fe tlhokofatso le ho siama. Etsoe ka pelong ea hae o ntse a re, ‘Ke lutse ke le mofumahali, ’me ha ke mohlolohali, ’me le ka mohla nke ke ka bona ho siama.’ Ke ka lebaka leo likotlo tsa hae li tlang ho tla ka letsatsi le le leng, lefu le ho siama le tlala, ’me o tla chesoa ka ho feletseng ka mollo, hobane Jehova Molimo, ea mo ahlotseng, o matla.”—Tšenolo 18:5-8.
24. (a) Batho ba Molimo ba tlameha ho baleha Babylona e Moholo e le hore ba qobe eng? (b) Ba sa baleheng Babylona e Moholo ba kopanela le eona libeng life?
24 Ao ke mantsoe a matla hakaakang! Kahoo ho hlokahala hore batho ba nke bohato. Jeremia o ile a phehella Baiseraele hore ba nke bohato mehleng ea hae, a re: “Balehang Babylona, . . . etsoe ke nako ea phetetso ea Jehova. Ho na le tšoaro eo a e buseletsang ho eona. Tsoang ho eena, Lōna sechaba sa ka, ’me e mong le e mong a balehise moea oa hae bohaleng bo tukang ba Jehova.” (Jeremia 51:6, 45) Ka tsela e tšoanang, lentsoe le tsoang leholimong le lemosa batho ba Molimo kajeno hore ba balehe Babylona e Moholo e le hore ba se ke ba amohela karolo ea likotlo tsa eona. Hona joale ho phatlalatsoa likahlolo tsa Jehova tse kang likotlo holim’a lefatše lena, le akarelletsang Babylona e Moholo. (Tšenolo 8:1–9:21; 16:1-21) Ho hlokahala hore batho ba Molimo ba ikarole bolumeling ba bohata haeba bona ka bobona ba sa batle ho utloisoa bohloko ke likotlo tsena ba be ba qetelle ba shoele le bona. Ntle le moo, haeba ba ne ba ka lula ka hare ho mokhatlo oo hoo ho ne ho tla etsa hore ba kopanele libeng tsa oona. Ba ne ba tla ba molato oa bofebe ba moea le oa ho tšolla mali “a bohle ba bolailoeng lefatšeng” joaloka bona.—Tšenolo 18:24; bapisa le Baefese 5:11; 1 Timothea 5:22.
25. Batho ba Molimo ba ile ba tsoa Babylona ea boholo-holo ka litsela life?
25 Leha ho le joalo, batho ba Molimo ba tsoa Babylona e Moholo joang? Tabeng ea Babylona ea boholo-holo, Bajuda ba ile ba lokela hore ba hle ba nke leeto ho tloha motseng oa Babylona ho khutlela Naheng e Tšepisitsoeng. Empa ho ne ho ameha ho hongata ho feta moo. Esaia o ile a bolella Baiseraele mantsoe ana ka tsela ea boprofeta: “Tlohang, tlohang, tsoang mona, le se ke la ama letho le sa hloekang; tsoang har’a eona, le ipoloke le hloekile, lōna ba jarang lijana tsa Jehova.” (Esaia 52:11) E, ba ne ba lokela ho lahla mekhoa eohle e sa hloekang ea bolumeli ba Babylona e neng e ka silafatsa borapeli ba bona ho Jehova.
26. Bakreste ba Korinthe ba ile ba mamela mantsoe a reng, ‘Tsoang har’a bona ’me le khaotse ho ama ntho e sa hloekang’ ka tsela efe?
26 Moapostola Pauluse o ile a qotsa mantsoe a Esaia lengolong la hae le eang ho Bakorinthe, a re: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang. Etsoe ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe? Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi? . . . ‘Ka hona tsoang har’a bona, ’me le ikarole,’ ho bolela Jehova, ‘le khaotse ho ama ntho e sa hloekang.’” Bakreste ba Korinthe ha baa ka ba lokela ho tloha Korinthe e le hore ba mamele taelo eo. Leha ho le joalo, ba ile ba tlameha hore ka tsela ea sebele ba hle ba qobe litempele tse sa hloekang tsa bolumeli ba bohata, haesita le hore ka tsela ea moea ba ikarole liketsong tse sa hloekang tsa barapeli bao ba litšoantšo. Ka 1919 batho ba Molimo ba ile ba qala ho baleha Babylona e Moholo ka tsela ena, ba itlhoekisa masalla leha e le afe a lithuto tse sa hloekang le mekhoa e sa hloekang. Kahoo, ba ne ba khona ho mo sebeletsa e le batho ba hae ba hloekisitsoeng.—2 Bakorinthe 6:14-17; 1 Johanne 3:3.
27. Ke ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa ho ahloloa ha Babylona ea boholo-holo le ha Babylona e Moholo?
27 Ho oa ha Babylona ea boholo-holo le hore e qetelle e entsoe lesupi e ne e le kotlo eo e e fuoang ka lebaka la libe tsa eona. “Etsoe kahlolo ea eona e fihlile maholimong.” (Jeremia 51:9) Ka ho tšoanang, libe tsa Babylona e Moholo “li khobokellane ho ea fihla leholimong,” hoo Jehova ka boeena a li etseng hloko. E molato oa ho hloka toka, borapeli ba litšoantšo, boitšoaro bo bobe, khatello, bosholu ba boqhobane le polao. Ka lehlakoreng le leng, ho oa ha Babylona ea boholo-holo e ne e le phetetso ka lebaka la seo e se entseng tempeleng ea Jehova le ho barapeli ba hae ba ’nete. (Jeremia 50:8, 14; 51:11, 35, 36) Ka ho tšoanang, ho oa ha Babylona e Moholo le ho timetsoa ha eona qetellong ke lipontšo tsa phetetso ka lebaka la seo e se entseng ho barapeli ba ’nete ka makholo a lilemo. Ka sebele, timetso ea eona ea ho qetela ke ho qaleha ha “letsatsi la phetetso la Molimo oa rōna.”—Esaia 34:8-10; 61:2; Jeremia 50:28.
28. Ke molao-motheo ofe oa toka oo Jehova a o sebelisang ho Babylona e Moholo, hona hobane’ng?
28 Tlas’a Molao oa Moshe, haeba Moiseraele a ne a utsoetsa oa habo, o ne a lokela ho lefa bonyane habeli e le matšeliso. (Exoda 22:1, 4, 7, 9) Timetsong e tlang ea Babylona e Moholo, Jehova o tla sebelisa molao-motheo o tšoanang oa toka. E lokela ho amohela habeli se lekanang le seo e se entseng. Ha ho na mohau o tla bontšoa hobane Babylona e Moholo ha ea bontša mohau ho bao e ba hlaselang. E ile ea hanyapetsa lichaba tsa lefatše e le hore e lule e thabela ‘menono ea ho se hlajoe ke lihlong.’ Joale e tla utloa bohloko le ho hlomoha. Babylona ea boholo-holo e ne e ikutloa hore e boemong bo sireletsehileng ka ho feletseng, e ithorisa ka ho re: “Nke ke ka lula ke le mohlolohali, ’me nke ke ka tseba ho lahleheloa ke bana.” (Esaia 47:8, 9, 11) Babylona e Moholo le eona e ikutloa e sireletsehile. Empa timetso ea eona, e laetsoeng ke Jehova ea “matla,” e tla etsahala ka potlako, joalokaha eka ke “ka letsatsi le le leng”!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a NW, botlaaseng ba leqephe.
[Lebokose le leqepheng la 263]
“Marena . . . a Ile a Etsa Bohlola le Eena”
Mathoasong a bo-1800 bahoebi ba Europe ba ne ba mokola matekoane a mangata ba a kenya Chaena. Ka March 1839 ba boholong Chaena ba ile ba leka ho emisa khoebo ena e sa lumelloang ka molao ka ho amoha bahoebi ba Brithani mabokose a 20 000 a sethethefatsi sena. Hona ho ile ha baka khohlano pakeng tsa Brithani le Chaena. Ha likamano pakeng tsa linaha tsena tse peli li ntse li mpefala, baromuoa ba bang ba Maprostanta ba ile ba hlohlelletsa Brithani hore e kene ntoeng, ba bua lipolelo tse kang tse latelang:
“Mathata aa a nyakallisa pelo ea ka hakaakang hobane ke nahana hore e ka ’na eaba ’muso oa Manyesemane o halefile, ’me Molimo, ka matla a Hae a ka ’na a liha mekoallo e thibelang molaetsa o molemo oa Kreste hore o kene Chaena.”—Henrietta Shuck, moromuoa oa Southern Baptist.
Qetellong, ntoa e ile ea qhoma—ntoa eo kajeno e tsebahalang e le Ntoa ea Matekoane. Baromuoa ba ile ba khothatsa Brithani ka lipelo tsohle tsa bona ka ho bua mantsoe a kang ana:
“Ke tlameha ho hetla morao boemong boo litaba li leng ho bona hona joale, e se hakaalo taba ea matekoane kapa ea Manyesemane, empa e le Tataiso e khōlō ea Molimo ho etsa hore bokhopo ba motho bo phethahatse merero ea Hae ea ho bontša Chaena mohau ka ho phunyelletsa lerako la eona la ho itšehla thajana.”—Peter Parker, moromuoa oa Congregational.
Moromuoa e mong oa Congregational, e leng Samuel W. Williams, o ile a phaella ka ho re: “Letsoho la Molimo le bonahetse ka mokhoa o tsotehang ho sohle se etsahetseng, ’me ha re na khoao tabeng ea hore Ea ileng a re O tlisitse sabole lefatšeng o tlile hona mona le hore o tletse ho tla timetsa lira tsa Hae ka potlako le ho theha ’muso oa Hae. O tla phethola a be a phethole ho fihlela A behile Khosana ea Khotso.”
Mabapi le polao e sehlōhō ea batho ba Chaena, moromuoa J. Lewis Shuck o ile a ngola tjena: “Ke nka lipono tse joalo . . . e le likofuto tse tobileng tsa Morena ho hleka matlakala a thibelang tsoelo-pele ea ’Nete ea Molimo.”
Moromuoa oa Congregational Elijah C. Bridgman o ile a eketsa ka ho re: “Hangata Molimo o ’nile a sebelisa letsoho le matla la puso ea sechaba ho betlela ’muso oa Hae tsela . . . Mocha o sebelisoang linakong tsena tse boima ke batho; matla a tsamaisang ke a Molimo. ’Musisi ea phahameng oa lichaba tsohle o sebelisitse Engelane ho shapa Chaena le ho e kokobetsa.”—Mantsoe a qotsitsoeng ho “Ends and Means,” ea 1974, e leng moqoqo o ngotsoeng ke Stuart Creighton Miller o phatlalalitsoeng ho The Missionary Enterprise in China and America (Phuputso ea Harvard e hlophisitsoeng ke John K. Fairbank).
[Lebokose le leqepheng la 264]
‘Bahoebi ba Tsamaeang e Ile ea E-ba ba Ruileng’
“Pakeng tsa 1929 le ho qhoma ha Ntoa ea II ea Lefatše, [Bernadino] Nogara [motsamaisi oa lichelete tsa Vatican] o ile a abela Vatican chelete ea ho qala khoebo le baemeli ba Vatican hore ba sebetse mafapheng a sa tšoaneng a moruo oa Italy—haholo-holo a motlakase, lithelefono, likalimo le libanka, liporo tse nyenyane, le a ho hlahisa lintho tse sebelisoang temong, samente le litšoele tsa masela. Boholo ba mesebetsi eo e ile ea tlisa phaello.
“Nogara o ile a ja lik’hamphani tse ngata tse akarelletsang La Società Italiana della Viscosa, La Supertessile, La Società Meridionale Industrie Tessili le La Cisaraion. O ile a li kopanya hore e be k’hamphani e le ’ngoe, eo a ileng a e bitsa CISA-Viscosa eaba o e beha tlas’a taolo ea Mohlomphehi Francesco Maria Oddasso, e leng e mong oa batho ba se nang boemo bo khethehileng ba neng ba tšeptjoa ka ho fetisisa Vatican, ka mor’a moo Nogara a etsa maqiti a hore k’hamphani ena e ncha e nkoe ke k’hamphani e khōlō ka ho fetisisa e etsang masela Italy, e bitsoang SNIA-Viscosa. Qetellong liabo tsa Vatican ho SNIA-Viscosa li ile tsa eketseha haholo, ’me ka mor’a nako Vatican e ile ea nka marapo—ho pakoang ke ’nete ea hore Mohlomphehi Oddasso o ile a qetella e le eena motlatsi oa mopresidente.
“Ka tsela eo Nogara o ile a atleha ho kena khoebong ea ho etsa masela. O ile a kenella le khoebong ea mesebetsi e meng e meholo ka litsela tse ling, kaha Nogara o ne a e-na le maqheka a mangata a ho etsa lintho. Monna enoa ea itetseng . . . mohlomong ke eena ea ileng a etsa lintho tse ngata ho phelisa moruo oa Mataliana ho feta mohoebi leha e le ofe e mong historing ea Italy . . . Benito Mussolini ha aa ka a khona ho finyella ’muso o moholo oo a neng a tšepile hore o tla ba le oona, empa o ile a nolofalletsa Vatican le Bernadino Nogara hore ba hahe ’muso oa mofuta o mong.”—The Vatican Empire, ea Nino Lo Bello, leqepheng la 71-3.
Ona ke mohlala o le mong feela oa tšebelisano e haufi pakeng tsa bahoebi ba lefatše le Babylona e Moholo. Hase feela bahoebi bana ba tla siama ha mphato oa bona oa khoebo a se a le sieo!
[Setšoantšo se leqepheng la 259]
Ha batho ba hasana lefatšeng lohle, ba ile ba tsamaea le bolumeli ba Babylona
[Setšoantšo se leqepheng la 261]
Joaloka molebeli, sehlopha sa Johanne se phatlalatsa hore Babylona e oele
[Setšoantšo se leqepheng la 266]
Masupi a Babylona ea boholo-holo e ne e le pontšo ea ho senngoa ha Babylona e Moholo nakong e tlang