Babylona e Moholo—O Oele ’me o Ahlotsoe
“O OELE, o oele, Babylona, motse o moholo, hobane o noesitse lichaba tsohle veine ea bohale ba bootsoa ba oona.” “O oele, o oele, Babylona e moholo! o fetohile moaho oa bademona, letsaba la meea eohle e litšila, le letsaba la linonyana tsohle tse sa hloekang, tse iloang!”—Tšenolo 14:8; 18:2.
Ke boprofeta bo makatsang hakaakang! ‘Babylona e moholo o oele!’ Ka makholo a lilemo polelo ena ea tšoantšetso e ’nile ea qaka liithuti tsa Bibele. Ke hobane’ng ha e lokela ho u thahasellisa? Hobane, ho latela boprofeta ba Bibele, qetello ea Babylona e Moholo haufinyane e tla ama batho bohle. Joalokaha re sa tsoa bona litokollong tsa April 1 le April 15 tsa makasine ona, seotsoa sena se nang le tšusumetso se khetholloa ka ho hlakileng e le ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata oa Satane.a
Empa o oele ka tsela efe? Hona neng?
Babylona o Oele Empa ha aa Timetsoa
Ho fumana ka botlalo se boleloang ke ho oa ha Babylona e Moholo, re lokela ho utloisisa se ileng sa etsahala ha Babylona ea boholo-holo e ne e oa ka 539 B.C.E. Ka nako eo batho ba Molimo, Iseraele, ba ne ba bile botlamuoeng ka lilemo tse ka bang 70. Joale ba ne ba lebelletse topollo tumellanong le mantsoe a baprofeta ba bona. (Jeremia 25:11, 12; 29:10) Ba tlameha ba ile ba thaba hakaakang ha Cyruse Mopersia a baka ho oa ha Babylona ’me a bile a lokolla Bajode ho khutlela morao motseng oa bona o halalelang, Jerusalema!—Esaia 45:1-4.
Leha ho le joalo, le hoja matla a Babylona holim’a Bajode a ne a robiloe, hoo ha hoa ka ha bolela bofelo ba Babylona ea boholo-holo. Setsebi sa histori Joan Oates o ngola tjena bukeng ea hae Babylon: “Cyruse o ile a kena Babylona ka tlhōlo, a thibela ho inkela thepa ka mahahapa ’me a khetha ’musi oa Persia, a se ke a tšoenya mekhatlo ea bolumeli le tsamaiso ea sechaba. . . . Ka sebele ha ho talingoa bophelo ba sekhukhung ba baahi ba Babylona ho bonahala bo ile ba fetoha hanyenyane tlas’a puso ea Persia. Mefuta ea bolumeli e ile ea bolokoa ’me mesebetsi ea khoebo ea atleha.” Ka hona, ho sa tsotellehe ho oa ha eona, Babylona e ile ea itsoella joaloka pele, empa ka phetoho e le ’ngoe e khōlō—batho ba Molimo, Iseraele, ba ne ba se ba se botlamuoeng. Ba ile ba khutlela Jerusalema ho ea tsosolosa borapeli ba ’nete moo.
Hoo e ka bang ka 331 B.C.E. ha ’musi kakaretso oa Greece Alexander e Moholo a kena Babylona, o ile a amoheloa ka mofuthu ke baahi. O ile a etsa qeto ea hore o batla ho e fetola motse oa hae o moholo o ka bochabela, empa o ile a shoa pele a ka phethahatsa takatso ea hae. Sena se bontša hore Babylona e ne e ntse e itsoella pele ka katleho mehleng eo ea morao-rao.
Ka hona, ho oa ha Babylona ka 539 B.C.E. ha hoa ka ha bolela hore e ne e khaolitse ho ba teng. E ile ea tsoela pele ho sebetsa ka makholo a lilemo. See se bontšitsoe joang phethahatsong ea kajeno ea boprofeta bo amanang le Babylona e Moholo?
Babylona e Moholo o oa Oa
Ho oa ha eona ho tšoana le ho oa ha Babylona e Moholo oa tšoantšetso, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Karolong ea pele ea lekholo la rōna la bo20 la lilemo pele ho 1919, Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa ka teng ka nako eo, li ile tsa lokela ho lokolloa mofuteng o mong oa botlamuoa ba moea likhopolong le mekhoeng ea bolumeli ba bohata. Le hoja li ne li hanne lithuto tse joalo tsa bohata joaloka Boraro-bo-bong le ho se shoe ha moea, li ne li ntse li silafalitsoe ke mekhoa ea Babylona. Ba bangata ba ile ba hōlisa boikutlo ba hore ba lokile ka baka la boemo ba bona bo phahameng. Ba bang ba ne ba phahamisa libōpuoa, ba inehela bolumeling ba mehlolo bo lebisang tlhokomelo ho Charles T. Russell, mookameli oa pele oa Watch Tower Bible and Tract Society. Ntle ho motheo leha e le ofe oa Bibele, ba ne ba boloka matsatsi a tsoalo le Keresemese. Sefapano se ne se ntse se luma ka mehopolong ea bona. Ba bang ba ne ba bile ba apara mese e mameno a malelele e nang le sefapano le moqhaka, ha ba bang ba ne ba batla tlhompho e kang e fuoang Bokreste-’mōtoana. Joale, ka 1917, ka pele ka mor’a lefu la Russell, ho ile ha qala ho etsahala phetoho ea bohlokoa.
Selemong seo Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa hatisa buka e hlalosang Tšenolo tlas’a sehlooho The Finished Mystery. Buka ena e ile ea pepesa baruti ba Bokreste-’mōtoana, ho akarelletsa le ho itšunya-tšunya ha bona Ntoeng e Khōlō e neng e ntse e kupa ka nako eo Europe. Ba bang ba baruti ba Protestanta, lequloana la baemeli ba Babylona e Moholo Canada, ba ile ba nka eona taba ena ba e isa ho balekane ba bona ba lipolotiki ’musong oa Canada ’me ba nyelisa Liithuti tsa Bibele ka hore li khukhunela ’muso. Ka la 12 Tlhakola, 1918, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa thibeloa Canada.
Baruti United States ba ile ba potlakela ho latela mohlala oa bo-mphato ba bona ba Canada. Matsatsi a se makae, likhatiso tsa Bibele tsa Watch Tower li ile tsa nkuoa ka likhoka Los Angeles, California, U.S.A. ’Me ka Motšeanong 1918, ho ile ha ntšoa taelo ea hore J. F. Rutherford a tšoaroe, mookameli e mocha oa Mokhatlo oa Watch Tower, le metsoalle e meng e supileng ea Watch Tower. Ka Phuptjane, ka ho potlaka ho makatsang, banna bana ba Bakreste ba ile ba huleloa ka pel’a lekhotla ’me ba ahloloa. Ba supileng ba ile ba ahloleloa lilemo tse 20 chankaneng e khōlō, ’me a le mong lilemo tse l0. Baruti ba ile ba itšoara joang? Martin Marty o bolela tjena bukeng ea hae Modern American Religion: The Irony of It All: “Baruti ba ile ba hlanamela Marussell [ao hamorao a ileng a tsejoa e le Lipaki tsa Jehova] le ho thabisoa ke ho utloa hore baeta-pele ba Lipaki tsa Jehova ba neng ba nkoa ba le molato ba ne ba tla ahloleloa lilemo tse mashome a mabeli.” Baemeli ba Babylona e Moholo ba ne ba oele ke litšeho. Ba ne ba lebala hore motšeha lefuma oa ipiletsa.
Ka hona, ka 1918, botlamuoa ba tšoantšetso ho Babylona e ile ea boetse ea e-ba ho hlahleloa chankaneng ka sebele ha batho ba bang ba Jehova. Leqhubu la ho hlorisoa ha Liithuti tsa Bibele le ile la phunyelletsa le United States, Canada, le linaha tse ling. Baruti ba tletseng moea oa bochaba ba ile ba hlophisa lihlopha tsa mahoo-hoo ho li lelekela ka ntle ho metse. Liithuti tsa Bibele li ile tsa tlotsoa ka sekontiri ’me tsa hlongoa masiba le ho otloa ka melangoana. Tlaleho e hlabisang lihlong ea ho hloka toka e ile ea etsoa khahlanong le sehlotšoana sena se fokolang sa Bakreste ba tšepahalang.b
Joale, ka 1919, ho ile ha etsahala phetoho e neng e sa lebelloa ea liketsahalo. Ntoa e Khōlō e ne e emisitse ka Pulungoana 1918. Likahlolo tse khahlanong le basebeletsi ba Mokhatlo oa Watch Tower li ile tsa hlahisoa e le ho sebelisoa hampe ha toka. Ho soabeng ha lira tsa bona tsa bolumeli, Rutherford le metsoalle ea hae ba ile ba lokolloa chankaneng. Ho joalokaha Marty a bolela: “Litho tsa likereke tsa molao ha lia ka tsa thabisoa ke hoo.” Qetellong, bohle ba neng ba qositsoe ba ile ba lokolloa liqosong ka ho felletseng. Moahloli ea leeme oa K’hatholike, Martin T. Manton, eo hamorao a ileng a etsoa “mohlomphehi oa mokhatlo oa St. Gregory e Moholo” ke Mopapa Pius XI, o ne a ile a hana ha Lipaki tse robeli li itefella ’me ka hona a etsa hore ka ho hloka toka li koalloe chankaneng ka likhoeli tse robong. Bolotsana ba hae bo ile ba hlahella hamorao, ka 1939, ha a ne a isoa chankaneng ka ho amohela litjotjo!
Ho lokolloeng ha bona chankaneng ka 1919, Rutherford le metsoalle ea hae ba ile ba khutlela ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower e Brooklyn. Joale ba ile ba qala ho hlophisa phutuho e khōlō ka ho fetisisa ea boboleli ba ’Muso eo lefatše le neng le s’o ka le e tseba. Liithuti tsa Bibele li ne li khaotse mahlaahlela a ho tšaba batho ’me joale li bona ka ho hlaka moo li emeng kamanong le bolumeli bohle ba bohata. Babylona e Moholo e ne e le sera sa tsona se sa khathaleng ’me e ne e lokela ho pepesoa e oele. Borapeli ba ’nete bo ne bo lokela ho tsosolosoa har’a lichaba.
Bakreste bao ba sebete ba ile ba matlafatsa tšebeletso ea bona ea ntlo le ntlo. Ba ne ba bile ba tsamaea phatlalatsa, ba pepesa bolumeli ba bohata ka mamatjana a neng a re: “Bolumeli Ke Leraba le Khoebo” le, “Sebeletsa Molimo le Kreste Morena.” Bolumeli ba bohata bo ntse bo tsoela pele bo atleha le ho sebetsa, joalokaha ho ile ha etsa Babylona ea boholo-holo, empa kamanong le Lipaki tsa Jehova, Babylona e Moholo o oele ka 1919. Li ne li lokolohile lithibelong tsa Babylona!
Tšusumetso e Fokotsehang ea Babylona
Hona joale, lilemo tse 70 hamorao, re ka bona hore likarolong tse ngata tsa lefatše, tšusumetso ea Babylona e Moholo e fokotsehile. Ke ’nete, bolumeli bo bonahala bo ntse bo atleha United States, moo karolo e khōlō ea batho ba nkehang maikutlo e qhekelloang ke baevangeli ba thelevishene le batho ba bolumeli ba ithutileng ka kelello le boitšoaro ba batho. Ho ntse ho le joalo, esita le batho bana ba itlhahisang ba sekametseng linthong tse bonahalang haufinyane ba sa tsoa koaholloa le ho nyelisoa. Bolumeli bo bonahala bo atleha Rephabliking ea Korea, moo likereke tsa Bokreste-’mōtoana li kenelletseng ka ho teba lipolotiking. Ka ho totobetseng, Babylona e Moholo, le hoja e “oele,” e ntse e sebetsa.
Leha ho le joalo, qetellong ea lintoa tsa lefatše, bolumeli ba molao bo lahlehetsoe ke matla a bona linaheng tse kang Jeremane, Denmark, Sweden, le Brithani. Esita le linaha tsa K’hatholike tse kang Italy, Spain, le Fora li hlokometse ho oa mekhoeng ea neano ea K’hatholike ea maipolelo le lenane la ba eang ’Miseng. Lenane la ba ithutelang boprista le theohile ha bohlasoa. ’Me ’nete ea hore mopapa ea teng hona joale o ikutloa ho hlokahala hore a tsamaee le lefatše ho feta mopapa leha e le ofe ea kileng a ba teng historing, ke letšoao la hore kereke e maqakabetsing.
Ho feta moo, ho tloha ka 1917 boholo ba linaha tsa bokomonisi bo file bolumeli boikarabelo bo fokolang ’me bo felisitse tšusumetso ea bona ea pele lipolotiking. Lefatšeng lohle, bolumeli ba neano e ntse e le sesosa sa lehloeo le lengata hakana le tšollo ea mali hoo batho ba bangata ba nahanang ba ikhutseng bolumeling bohle, ho sa tsotellehe hore na ke ba Bophirimela kapa ba Bochabela. E, metsi a tšoantšetso ao Babylona e Moholo e lutseng holim’a ’ona, batho ba tlas’a taolo ea eona, aa fela. Babylona e Moholo ea ahloloa, ’me kahlolo ea eona e haufi.—Tšenolo 16:12; 17:1, 15.
Babylona—Lebaka Leo e Ahloloang ka Lona
Jehova o na le motheo ofe oa ho ahlola ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata? Ka sebele, ba bang ba ka ’na ba nahana hore, o lokela ho talima ka qenehelo likolo tsohle, lipetlele, le mesebetsi e entsoeng ka lerato eo malumeli ka ho fapana a e entseng. Empa seo sohle se bapa joang le qoso eo Jehova a e fang malumeli a lefatše? E re ka bokhutšoanyane re hlahlobe qoso eo le tlaleho ea bolumeli.c
“Eaba lengeloi le leng la a supileng a tšoereng linkho tse supileng, le tla ho ’na, la re: Tlo, ke u bontše kahlolo ea seotsoa se seholo, se lutseng holim’a metsi a mangata; seo marena a lefatše a febileng le sona, le ba ahileng lefatšeng ba tahiloeng ke veine ea bootsoa ba sona.” (Tšenolo 17:1, 2) Joalokaha ka ho hlaka re bontšitse litokollong tsa rōna tsa April 1, le April 15, 1989, ho ikopanya ha bolumeli le babusi ba lichaba, “marena a lefatše,” ho entseng hore batho ba bangata ho theosa le histori ba ntšoe kotsi, ho ka ’na ha bapisoa le seotsoa se ipatlang, sa sehlola. Empa qoso e tsoela pele.
“’Me ka bona mosali eo a tahiloe ke mali a bahalaleli le ke mali a lipaki tsa Jesu.” “’Me ke ho oona ho fumanoeng mali a baprofeta, le a bahalaleli, le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 17:6; 18:24) Babylona e Moholo o tlameha ho qosoa ka ho ba molato oa mali ka lebaka la ho bolaela Bakreste ba ’nete tumelo ea bona ka makholo a lilemo, ho akarelletsa le ba neng ba le sebete ho fetolella Bibele ka puong ea batho ba tlaasana, le ba bang ba bangata ba ileng ba ba le sebete sa ho ba le Bibele ha esita le ho e bala. Babylona e Moholo o boetse o ikarabella molatong oa mali oa Bakreste ba ’nete ba ’nileng ba bolaeloa tumelo ea bona haufinyane tjena lichankaneng le likampong tsa mahloriso, ho sa tsotellehe hore na e ne e le tlas’a Bonazi, Bofasi, kapa puso leha e le efe ea bohatelli. Hlokomela hore qoso e bua ka “bohle ba bolailoeng lefatšeng,” e neng e tla kopanyelletsa ba makholo a limillione lefatšeng lohle ba shoeleng lintoeng le lintoeng tsa bolumeli tse loannoeng ho phunyelletsa le histori ke batho ba ipolelang hore ke ba bolumeli.—Bapisa le Mattheu 23:34-36; 2 Timothea 3:5.
Ho ahlola ha Molimo Babylona e Moholo ho hlahisa tšobotsi e ’ngoe hape ea molato oa hae. Kahlolo e-ea bolela: “Lichaba kaofela li khelositsoe ke bolao ba hao.” (Tšenolo 18:23) Ho thahasellisang, “bolao” bo fetolela lentsoe la Segerike phar·ma·kiʹa, leo “pele-pele le neng le bontša tšebeliso ea meriana, lithethefatsi, ho betsa; ebe ho latela ho jesa chefu; e nt’o ba, boloi.”d Ka kutloisiso ea moea, bolumeli ba bohata bo jesitse lichaba chefu, bo li khelosetsa ho lumeleng ho melimo ea bohata le lithutong tsa bohata tse li furallisitseng Jehova le tseko ea borena ba bokahohleng. Ka thuto ea bona e fosahetseng ea ho se shoe ha moea, bolumeli ba bohata bo boetse bo ralile motheo oa mofuta o mong le o mong oa tšebelisano le meea le boloi, ho susumetsa ho tšaba bafu le borapeli ba baholo-holo ba shoeleng. Ho ahlola ha Molimo Babylona e Moholo ho lokafalitsoe ka ho felletseng. Ho joalokaha Johanne a ile a ngola: “Libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae.”—Tšenolo 18:5.
Re Tlameha ho Etsa Eng?
Ha ho talingoa boemo bo oeleng ba Babylona e Moholo le boemo ba hae bo ahlotsoeng, ke eng seo barati ba tšepahalang ba ’nete ba tlamehang ho se etsa hona joale? Boprofeta ba Esaia bo amanang le Babylona ea boholo-holo bo sebetsa ka matla a maholoanyane malebana le bolumeli ba bohata kajeno: “Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama litšila, tsoang har’a bona! Itlhatsoeng, lōna ba jarang lipitsa tsa Jehova!” (Esaia 52:11) Pitso ena e potlakileng e tšoana le e ho Tšenolo 18:4: “Eaba ke utloa lentsoe le leng le tsoang leholimong, le re: Tlohang ho eena [Babylona e Moholo], lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.”
E, ke nako ea ho khaola maqhama oohle le bolumeli ba bohata. Empa haeba re tsoa Babylona e Moholo, re tlameha ho leba hokae? Ho leba borapeling ba ’nete ba Jehova le ho kopaneng le lipaki tsa hae. Hona joale, ba limillione ba tsoang lichabeng tsohle tsa lefatše ba phallela “thabeng ea Jehova” ea tšoantšetso. Le uena u memeloa ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova le ho kopanela borapeling bona ba ’nete.—Esaia 2:2-4; 43:10-12.
Joale potso e-ea sala, Haeba Babylona e Moholo a oele ’me a ahlotsoe, ke eng e tla latela kemisong ea Molimo ea lintho? Ke eng se tla etsahalla ’muso oa lefatše oa Satane oa bolumeli ba bohata? Tokollo ea rōna e hlahlamang, May 15, e tla hlahloba potso eo tumellanong le boprofeta ba Bibele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Babylona e Moholo e ke ke ea tšoantšetsa lipolotiki le khoebo e khōlō, joalokaha li bontšoa li hlomohetse ho oa ha hae. (Tšenolo 18:9-11) Kofuto e ’ngoe e setseng e khōlō ea tsamaiso ea lefatše ea Satane ke bolumeli. Likamano tsa bona le tšebelisano le meea li sebeletsa ho tiisa ho khetholloa ha bolumeli.—Tšenolo 18:23.
b Bakeng sa lintlha tse qaqileng ka mahloriso ana, bona 1975 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 94-119.
c Bakeng sa tlhahlobisiso e qaqileng ea thuto ena, bona khatiso Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! maqephe 235-71, e hatisitsoeng ka 1988 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
d Expository Dictionary of New Testament Words ea W. E. Vine. Moqolo IV, maqephe 51-2.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Le hoja Babylona e ile ea oa ka 539 B.C.E., e ile ea tsoela pele e sebetsa e le motse ka makholo a lilemo