Khaolo ea Borobeli
Bolumeli ba Bohata—Timetso ea Bona e Tšosang e Bonoa Esale Pele
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ho ba bang ho bonahala eka ho ke ke ha etsahala hore haufinyane ho be le phetoho e khōlō boemong ba bolumeli ba lefatše? (b) Re tseba joang hore mantsoe a Esaia khaolo ea 47 a sebetsa nakong e tlang? (c) Ke hobane’ng ha ho loketse ho bitsa malumeli ’ohle a bohata “Babylona e Moholo”?
“BOLUMELI bo Boea Sekoele.” Oo ke molaetsa o ileng oa phatlalatsoa ke sehlooho se ho The New York Times Magazine. Sehlooho seo se ile sa bontša hore ho bonahala bolumeli bo ntse bo khomaretse ka matla lipelong le likelellong tsa batho ba limilione. Ka hona ho ka ’na ha e-ba thata ho lumela hore haufinyane ho tla etsahala phetoho e khōlō malumeling a lefatše. Empa ho bontšitsoe phetoho e joalo khaolong ea 47 ea Esaia.
2 Mantsoe a Esaia a ile a phethahala lilemong tse 2 500 tse fetileng. Leha ho le joalo, mantsoe a tlalehiloeng ho Esaia 47:8 a qotsitsoe bukeng ea Tšenolo ’me a sebetsa nakong e tlang. Moo Bibele e bolela esale pele ka bofelo ba mokhatlo o kang seotsoa o bitsoang “Babylona e Moholo”—’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 16:19) Ke ho loketseng ho bitsa malumeli a lefatše a bohata “Babylona,” kahobane ke Babylona ea boholo-holo moo bolumeli ba bohata bo qalileng teng. Ho tloha moo bo ile ba namela likhutlong tse ’nè tsa lefatše. (Genese 11:1-9) Lithuto tsa motheo tsa bolumeli tse simolohileng Babylona, tse kang ho se shoe ha moea, mollo oa lihele le ho rapela melimo ea boraro-bo-bong, li lumeloa ke hoo e batlang e le malumeli ’ohle, ho akarelletsa a Bokreste-’mōtoana.a Na boprofeta ba Esaia bo fana ka leseli le itseng mabapi le bokamoso ba bolumeli?
Babylona e Theoleloa Fatše Lerōleng
3. Hlalosa boholo ba ’Muso oa Lefatše oa Babylona.
3 Mamela phatlalatso ena e susumetsang maikutlo ea Molimo: “Theoha ’me u lule lerōleng, Uena morali oa Babylona oa moroetsana. Lula fatše moo ho se nang terone, Uena morali oa Bakalde. Etsoe batho ha ba sa tla hlola ba re ha ua tiea ’me ua tetema.” (Esaia 47:1) Babylona e ’nile ea rena e le ’muso o busang oa lefatše ka lilemo tse ngata. E ’nile ea e-ba “mokhabiso oa mebuso”—setsi se atlehang sa bolumeli, khoebo le sesole. (Esaia 13:19) Ha Babylona e le tlhōrōng ea eona puso ea eona e ile ea namela nģ’a boroa ho ea fihla moeling oa Egepeta. ’Me ha e hlōla Jerusalema ka 607 B.C.E., ha bonahala eka Molimo o sitoa ho emisa ho hlōla ha eona! Kahoo, ea ipona e le ‘morali oa moroetsana,’ eo ho seng mohla a tlang ho hlaseloa ke basele.b
4. Babylona e tla hlaheloa ke eng?
4 Leha ho le joalo, “moroetsana” enoa ea ikhohomosang o lokela ho ketoloa boreneng ba hae e le ’muso oa lefatše oo ho seng o qothisanang lehlokoa le oona ’me a ‘lulisoe lerōleng’ ka tlotloloho. (Esaia 26:5) Ha a sa tla hlola a nkoa e le ea ‘sa tieang le ea tetemang,’ joaloka mofumahali ea tetesoang. Kahoo Jehova oa laela: “Nka leloala la letsoho ’me u sile hore phofo e be teng. Koaholla lesira. Hlobola seaparo sa hao se qhalaneng. Apola leoto. U tšele linōka.” (Esaia 47:2) Ka mor’a ho fetola sechaba sohle sa Juda makhoba, joale Babylona ka boeona e tla tšoaroa joaloka lekhoba! Bamede le Bapersia, ba e theolang boemong ba eona ba puso, ba tla e qobella hore e ba etsetse mosebetsi o tlotlollang.
5. (a) Babylona e tla hlobolisoa ‘lesira la eona le seaparo sa eona se qhalaneng’ joang? (b) E ka ’na eaba taelo ea hore e “tšele linōka” e bontša eng?
5 Kahoo Babylona e tla hlobolisoa ‘lesira le seaparo sa eona se qhalaneng,’ e lahleheloe le ke mosaletsa o mong le o mong oa boholo ba eona le seriti sa eona sa nakong e fetileng. Balebeli ba eona ba tla e laela, “U tšele linōka.” Mohlomong Bababylona ba bang ba tla laeloa hore ba etse mosebetsi oa bokhoba sebakeng se bulehileng. Kapa boprofeta bona bo ka ’na ba bolela hore ba bang ba tla hle ba tšelisoe linōka ba hulanngoa ha ba isoa botlamuoeng. Leha ho le joalo, Babylona ha e sa tla hlola e tsamaea ka ho ikonka e le mofumahali ea tšelisoang nōka ka setulo kapa ka kariki. Ho e-na le hoo, e tla tšoana le lekhoba le tlamehang ho lahla boitlhompho ba lona, e phahamise mose ’me e siee maoto lepalapaleng e le hore e tšele nōka ka maoto. Ke ho tlotlollang hakaakang!
6. (a) Ke ka kutloisiso efe bofeela ba Babylona bo tlang ho apoloa? (b) Molimo ‘ha a kopane le motho leha e le ofe ka mosa’ joang? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
6 Jehova o tsoela pele ka phephetso ea hae: “U tšoanela ho apola bofeela ba hao. Hape, nyeliso ea hao e tšoanela ho bonoa. Ke tla nka phetetso, ’me nke ke ka kopana le motho leha e le ofe ka mosa.” (Esaia 47:3)c E, Babylona e tla hlajoa ke lihlong le ho tlotloloha. Liketso tse khopo le tse sehlōhō tseo e li hlohlelletsang khahlanong le batho ba Molimo li tla pepesoa. Ha ho motho ea ka emang pele phetetso ea Molimo!
7. (a) Batlamuoa ba Bajuda ba tla itšoara joang ha ba utloa litaba tsa ho oa ha Babylona? (b) Jehova o tla rekolla batho ba hae joang?
7 Ka mor’a ho kenngoa botlamuoeng Babylona e matla ka lilemo tse 70, batho ba Molimo ba tla nyakallela ho oa ha eona. Ba tla hooa: “Ho na le Ea re rekollang. Lebitso la hae ke Jehova oa mabotho, Mohalaleli oa Iseraele.” (Esaia 47:4) Tlas’a Molao oa Moshe, haeba Moiseraele a ne a ithekisa bokhobeng e le hore a itefelle melato, morekolli (ea amanang le eena ka tsoalo) o ne a ka mo reka, kapa a mo rekolla bokhobeng. (Levitike 25:47-54) Kaha Bajuda ba tla be ba rekisitsoe bokhobeng Babylona, ho tla hlokahala hore ba rekolloe, kapa ba lokolloe. Ka tloaelo, tlhōlo ha e bolele ho hokaalo ho makhoba haese feela ho fetoha ha benghali. Empa Jehova o tla susumelletsa Morena Cyruse ea hlōlang hore a lokolle Bajuda bokhobeng. Cyruse o tla fuoa Egepeta, Ethiopia le Seba e le “thekollo” bakeng sa Bajuda. (Esaia 43:3) Ka ho loketseng, Molopolli oa Iseraele o bitsoa “Jehova oa mabotho.” Lebotho la sesole la Babylona le bonahalang le le matla ke le fokolang ha le bapisoa le mabotho a sa bonahaleng a Jehova, a mangeloi.
Moputso oa ho ba Sehlōhō
8. Babylona e tla ‘tla lefifing’ ka kutloisiso efe?
8 Jehova o khutlela phatlalatsong ea hae ea boprofeta ea kahlolo khahlanong le Babylona: “Lula fatše ka khutso ’me u tle lefifing, Uena morali oa Bakalde; etsoe batho ha ba sa tla hlola ba u bitsa Mong’a Mebuso.” (Esaia 47:5) Ho tla ba le lefifi le ho tepella feela Babylona. Ha e sa tla hlola e hatella mebuso e meng joaloka mofumahali ea sehlōhō.—Esaia 14:4.
9. Ke hobane’ng ha Jehova a halefela Bajuda?
9 Ke hobane’ng ha Babylona e lumelloa ho utloisa batho ba Molimo bohloko ho tloha qalong? Jehova oa hlalosa: “Ke ile ka halefela batho ba ka. Ke silafalitse lefa la ka, eaba ke nehelana ka bona letsohong la hao.” (Esaia 47:6a) Jehova o na le lebaka le utloahalang la ho halefela Bajuda. O ile a ba lemosa esale pele hore ho se mamele Molao oa hae ho ne ho tla fella ka hore ba lelekoe naheng. (Deuteronoma 28:64) Ha ba oela borapeling ba litšoantšo le boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali, ka lerato Jehova o ile a romela baprofeta ba hae ho ba thusa ho khutlela borapeling bo hloekileng. Empa “ba ne ba fetola manģosa a Molimo oa ’nete litšeho ba sa khaotse ’me ba nyelisa mantsoe a hae le ho soma baprofeta ba hae, ho fihlela khalefo ea Jehova e tlela batho ba hae, ho fihlela ho se na pholiso.” (2 Likronike 36:16) Ka hona, Molimo o lumella hore lefa la hae, e leng Juda, le silafatsoe ha Babylona e hlasela naha ’me e silafatsa tempele ea Hae e halalelang.—Pesaleme ea 79:1; Ezekiele 24:21.
10, 11. Ke hobane’ng ha Jehova a halefela Babylona, le hoja e le thato ea hae hore e hlōle batho ba hae?
10 Na see ha se bontše hore Babylona e mpa feela e phetha thato ea Molimo ha e etsa Bajuda makhoba? Che, kaha Molimo o re: “Ha ua ka ua ba hauhela. U entse hore joko ea hao e be boima haholo holim’a monna-moholo. U ’nile ua re: ‘Ke tla ba Mofumahali ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ka ho sa feleng.’ Ha ua ka ua tebisetsa lintho tsena pelong; ha ua ka ua hopola qetello ea taba.” (Esaia 47:6b, 7) Molimo ha aa ka a laela Babylona ho ba sehlōhō ka tsela e feteletseng, hore e se ke ea bontša mohau “esita le ho banna-baholo.” (Lillo Tsa Jeremia 4:16; 5:12) Hape ha aa ka a e susumelletsa ho inyakalatsa ka mokhoa o sehlōhō ka ho soma batlamuoa ba eona ba Bajuda.—Pesaleme ea 137:3.
11 Babylona e hlōleha ho utloisisa hore ho laola ha eona Bajuda ke ha nakoana feela. E hlokomolohile temoso ea Esaia ea hore, ka nako ea teng, Jehova o tla lokolla batho ba hae. E itšoara joalokaha eka e na le tokelo ea ho busa Bajuda ka ho sa feleng le ho tsoela pele e le mofumahali oa ka ho sa feleng lichabeng tse tlas’a taolo ea eona. E sitoa ho ela hloko molaetsa oa hore ho tla ba le “qetello” ea puso ea eona ea bohatelli!
Ho oa ha Babylona ho Boletsoe Esale Pele
12. Ke hobane’ng ha Babylona e bitsoa “mosali ea ineheletseng monyaka”?
12 Jehova oa phatlalatsa: “Joale utloa sena, uena mosali ea ineheletseng monyaka, ea lutseng a sireletsehile, ea reng ka pelong: ‘Ke ’na, ha ho na e mong. Nke ke ka lula ke le mohlolohali, ’me nke ke ka tseba ho lahleheloa ke bana.’” (Esaia 47:8) Botumo ba Babylona ba ho phelela menyaka bo tsebahala hohle. Rahistori oa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., Herodotus, o bua ka “moetlo o soabisang ka ho fetisisa” oa Bababylona, oa hore ho hlokahala hore basali bohle ba iketse matekatse e le hore ba tlotlise molimotsana oa bona oa lerato. Rahistori e mong oa boholo-holo, Curtius, ka ho tšoanang o ile a re: “Ha ho litšila tse ka fetang litloaelo tsa motse oo; ha ho bobolu ba tsamaiso bo ka susumelletsang le ho hlohlelletsa boitšoaro bo hlephileng ka ho feteletseng ho feta boo.”
13. Tšekamelo ea Babylona ea ho phelela menyaka e tla potlakisa ho oa ha eona joang?
13 Tšekamelo ea Babylona ea ho phelela menyaka e tla potlakisa ho oa ha eona. Bosiung bo etellang pele ho oa ha eona, morena oa eona le matona a hae ba tla be ba keteka, ba noa ba bile ba tahoa. Kahoo, ha ba na ho ela hloko mabotho a Medo-Persia a hlaselang motse. (Daniele 5:1-4) ‘E lutse e sireletsehile,’ Babylona e tla nahana hore marako a eona a bonahalang e le a ke keng a keneha le foro ea eona li tla e sireletsa tlhaselong. E ipolella hore “ha ho na e mong” ea ka nkang sebaka sa eona sa bophahamo. Ha e nahane hore e ka fetoha “mohlolohali,” ea lahleheloa ke ’musi oa eona oa moemphera hammoho le “bana” ba eona, kapa baahi ba eona. Leha ho le joalo, ha ho lerako le ka e sireletsang letsohong la Jehova Molimo la phetetso! Hamorao Jehova o tla re: “Esita le haeba Babylona e ka nyolohela maholimong ’me le haeba e ka etsa hore bophahamo ba matla a eona e be bo sa atameleheng, batlatlapi ba tla tla ho eona ba tsoa ho ’na.”—Jeremia 51:53.
14. Babylona e tla tleloa ke “ho lahleheloa ke bana le bohlolohali” ka litsela life?
14 Ho tla etsahala’ng ka Babylona? Jehova o tsoela pele: “Empa u tla tleloa ke lintho tsena tse peli ka tšohanyetso, ka letsatsi le le leng: ho lahleheloa ke bana le bohlolohali. Li tla u tlela ka tekanyo e feletseng, bakeng sa boloi ba hao bo bongata, bakeng sa matla a feletseng a mantsoe a hao a boloi—ka mokhoa o fetisisang.” (Esaia 47:9) E, bophahamo ba Babylona e le ’muso oa lefatše bo tla fela ka tšohanyetso. Linaheng tsa boholo-holo tsa Bochabela, ho ba mohlolohali le ho lahleheloa ke bana e ne e le ntho e bohloko ka ho fetisisa e neng e ka hlahela mosali. Ha re tsebe hore na Babylona e lahleheloa ke “bana” ba bakae bosiung boo e oang ka bona.d Leha ho le joalo, qetellong motse oo o tla lahloa ka ho feletseng. (Jeremia 51:29) E tla ba mohlolohali kaha marena a eona a tla theoloa boreneng.
15. Ho phaella ho beng sehlōhō ha Babylona ho Bajuda, Jehova o boetse o e halefela ka lebaka lefe?
15 Leha ho le joalo, Jehova ha aa halefisoa feela ke hore Babylona e tšoere Bajuda hampe. ‘Boloi ba eona bo bongata’ le bona boa mo halefisa. Molao oa Molimo ho Iseraele o nyatsa tšebelisano le meea; leha ho le joalo, Babylona e phehella boloi ka matla. (Deuteronoma 18:10-12; Ezekiele 21:21) Buka e bitsoang Social Life Among the Assyrians and Babylonians e bolela hore bophelo ba Bababylona “bo ne bo pheloa ka tšabo e sa khaotseng ea bademona ba bangata bao ba neng ba lumela hore ba ba pota-potile.”
Ho Tšepa Bobe
16, 17. (a) Babylona e ‘tšepa bobe ba eona’ joang? (b) Ke hobane’ng ha qetello ea Babylona e ke ke ea qojoa?
16 Na linohe tsa Babylona li tla e sireletsa? Jehova oa araba: “U ’nile ua tšepa bobe ba hao. U itse: ‘Ha ho na ea mponang.’ Bohlale ba hao le tsebo ea hao—ke sona se u khelositseng; ’me u ntse u re ka pelong: ‘Ke ’na, ha ho na e mong.’” (Esaia 47:10) Babylona e nka hore ka ho sebelisa bohlale ba eona ba lefatše le ba bolumeli, matla a eona a sesole le bomenemene ba eona bo sehlōhō, e ka sireletsa boemo ba eona e le ’muso oa lefatše. E nahana hore ha ho motho ea ka e ‘bonang,’ ke hore, ea ka e nkang e ikarabella bakeng sa liketso tsa eona tse khopo. Hape ha e lemohe ea hlōlisanang le eona ea atamelang. E ipolella e re, “Ke ’na, ha ho na e mong.”
17 Leha ho le joalo, a sebelisa e mong oa baprofeta ba hae, Jehova oa lemosa: “Na motho leha e le ofe a ka patoa libakeng tse patehileng ’me ke se ke ka mo bona?” (Jeremia 23:24; Baheberu 4:13) Ka hona Jehova oa phatlalatsa: “U tla tleloa ke tlokotsi; u ke ke ua tseba ho upella khahlanong le eona. Tsietsi e tla u oela holimo; u ke ke ua khona ho e qoba. Ka tšohanyetso u tla tleloa ke tšenyeho eo u sa e tsebeng.” (Esaia 47:11) Melimo ea Babylona le “ho upella” ha boselamose ho etsoang ke linohe tse sebelisanang le meea ha ho na ho e qobisa tlokotsi e tlang—eo ho seng letho le tšoanang le eona le kileng la e hlahela!
Baeletsi ba Babylona Baa Hlōleha
18, 19. Ho itšetleha ha Babylona ka baeletsi ba eona ho tla ipaka e le tlokotsi joang?
18 Ka ho phoqa ho hlabang, Jehova oa laela: “Joale, ema mantsoeng a hao a boloi le boloing ba hao bo bongata, boo u sehlileng ho bona ho tloha bocheng ba hao; e le hore mohlomong u ka khona ho rua molemo, e le hore mohlomong u ka etsa hore batho ba tlale tšabo e nang le tlhompho.” (Esaia 47:12) Babylona e phephetsoa hore e ‘eme,’ kapa hore e tsoele pele e sa fetohe, ho itšetleheng ha eona ka boselamose. Etsoe, e le sechaba e ’nile ea sehlela ho ntšetsa pele botsebi ba eona ba boloi ho tloha “bocheng.”
19 Empa Jehova oa e soma, o re: “U khathalitsoe ke baeletsi ba hao ba bangata. Joale, ba ke ba eme ’me ba u pholose, barapeli ba maholimo, ba talimang linaleli, ba fanang ka tsebo ka likhoeli tse thoasitseng mabapi le lintho tse tla u tlela.” (Esaia 47:13)e Babylona e tla tobana le ho hlōleha ho feletseng ha baeletsi ba eona. Ke ’nete hore lilemo tse makholo tsa ho talima linaleli li tla tlatsetsa ntšetso-peleng ea bonohe ba linaleli Babylona. Empa bosiung boo e oang ka bona, ho hlōleha ho utloisang bohloko ha linohe tsa eona tsa linaleli ho tla pepesa hore bonohe ha bo na thuso.—Daniele 5:7, 8.
20. Baeletsi ba Babylona ba tla oeloa ke koluoa efe?
20 Jehova o phethela karolo ena ea boprofeta ka ho re: “Bonang! Ba joaloka litlhaka. Ka sebele mollo o tla ba chesa. Ba ke ke ba lopolla meea ea bona matleng a lelakabe. Ho ke ke ha e-ba le mashala a patsi a hlenneng bakeng sa hore batho ba iphuthumatse, ho ke ke ha e-ba le khanya ea mollo eo ba tla lula ka pel’a eona. Ka sebele ba tla ba joalo ho uena, bao u sehlileng le bona joaloka baupelli ba hao ho tloha bocheng ba hao. Ba tla hlahlathela, e mong le e mong a ee sebakeng sa habo. Ho ke ke ha e-ba le ea tla u pholosa.” (Esaia 47:14, 15) E, baeletsi bana ba bohata ba haufi le ho tleloa ke linako tse kang mollo. Ha e na ho ba mollo o futhumetseng hamonate oo batho ba ka o orang, empa e tla ba mollo o senyang, o timetsang o tla pepesa baeletsi ba bohata e le litlhaka tse se nang thuso. Kahoo, hase ho makatsang hore ebe baeletsi ba Babylona ba tla baleha ka tšabo! Ha tšehetso ea ho qetela ea Babylona e se e nyametse, ha ho ea tla e pholosa. E tla oeloa ke eona koluoa eo e tla beng e e tliselitse Jerusalema.—Jeremia 11:12.
21. Mantsoe a Esaia a boprofeta a phethahala neng hona joang?
21 Ka selemo sa 539 B.C.E., mantsoe ana a bululetsoeng a qala ho phethahala. Mabotho a Bamede le Bapersia tlas’a bolaoli ba Cyruse a hapa motse, a bolaea morena oa oona ea litulong, Belshatsare. (Daniele 5:1-4, 30) Ka bosiu bo le bong Babylona e theoloa boemong ba eona ba ho ba ’muso oa lefatše. Kahoo lilemo tse makholo tsa bophahamo ba Basema lia fela, ’me joale lefatše la qala ho busoa ke Maaryan. Babylona eona e qala lilemo tse makholo tsa ho felloa ke matla. Lekholong la bone la lilemo C.E., e ne e se e fetohile “liqubu tsa majoe” feela. (Jeremia 51:37) Kahoo boprofeta ba Esaia bo phethahala ka ho feletseng.
Babylona ea Kajeno
22. Ho oa ha Babylona ho re ruta eng ka boikakaso?
22 Boprofeta ba Esaia bo fana ka lintlha tse ngata tseo ho ka nahanisisoang ka tsona. Har’a tse ling, bo totobatsa likotsi tsa boikakaso le boikhohomoso. Ho oa ha Babylona e ikakasang ho bontša ka ho hlaka maele a Bibele a reng: “Boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.” (Liproverbia 16:18) Ka linako tse ling boikakaso bo laola botho ba rōna bo sa phethahalang, empa ho “ikhohomosa ka boikakaso” ho ka lebisa “nyelisong le lerabeng la Diabolose.” (1 Timothea 3:6, 7) Kahoo, ho hotle hore re ele hloko keletso ea Jakobo: “Ikokobetseng mahlong a Jehova, ’me o tla le phahamisa.”—Jakobo 4:10.
23. Boprofeta ba Esaia bo re thusa ho ba le tšepo efe?
23 Mantsoe ana a boprofeta a boetse a re thusa ho tšepa Jehova, ea matla ho feta bahanyetsi bohle ba hae. (Pesaleme ea 24:8; 34:7; 50:15; 91:14, 15) Ena ke khopotso e tšelisang mehleng ena e thata. Ho tšepa Jehova ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho lula re se na molato mahlong a hae, re tseba hore “bokamoso ba motho [ea se nang molato] bo tla ba le khotso.” (Pesaleme ea 37:37, 38) Ke bohlale hore kamehla re tšepe Jehova ’me re se ke ra itšetleha ka matla a rōna ha re tobane le “liketso tse bolotsana” tsa Satane.—Baefese 6:10-13, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
24, 25. (a) Ke hobane’ng ha bonohe ba linaleli bo sa utloahale, empa ke hobane’ng ha ba bangata ba retelehela ho bona? (b) Mabaka a mang ao ka ’ona Bakreste ba qobang tumela-khoela ke afe?
24 Ho hlokomelehang ke hore re lemosoa ka tšebelisano le meea, haholo-holo bonohe ba linaleli. (Bagalata 5:20, 21) Ha Babylona e oa, bonohe ba linaleli ha boa ka ba khaotsa ho laola batho. Ka ho thahasellisang, buka e bitsoang Great Cities of the Ancient World e bolela hore lihlopha tsa linaleli tseo Bababylona ba neng ba entse ’mapa oa tsona li “tlohile” libakeng tsa tsona tsa boholo-holo, e leng “ho etsang hore khopolo eohle [ea bonohe ba linaleli] e be e se nang kelello.” Leha ho le joalo, bonohe ba linaleli bo ntse bo ata ho ea pele, ’me likoranta tse ngata li na le likarolo tse hlahisetsang babali ba tsona litšoantšo tsa linaleli tse sebelisoang ho noha liketsahalo bophelong ba batho.
25 Ke eng se etsang hore batho—bao ba bangata ba bona e leng ba rutehileng—ba botse linaleli kapa ba kenelle litloaelong tse ling tse sa utloahaleng, tsa tumela-khoela? The World Book Encyclopedia e re: “Mohlomong litumela-khoela e tla ’ne e be karolo ea bophelo hafeela batho ba ntse ba tšabana ’me ba sa kholiseha ka bokamoso.” Ho tšaba le ho se kholisehe ho ka ’na ha khannela batho ho lumeleng litumela-khoela. Leha ho le joalo, Bakreste ba qoba tumela-khoela. Ha ba tšabe motho—Jehova ke setšehetso sa bona. (Pesaleme ea 6:4-10) ’Me ba kholisehile ka bokamoso; ba tseba merero ea Jehova e senotsoeng ’me ha ba na pelaelo ka hore “morero oa Jehova o tla ema ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 33:11) Ho phela bophelo ba rōna tumellanong le morero oa Jehova ho tiisa hore re tla ba le bokamoso bo thabileng le bo tšoarellang.
26. “Menahano ea batho ba bohlale” e ipakile ho ba “lefeela” joang?
26 Lilemong tsa morao tjena ba bang ba lekile ho lekanyetsa bokamoso ka litsela tse sekametseng “saenseng” haholoanyane. Ho bile ho na le lenaneo la thuto le bitsoang thuto ea bokamoso, le hlalosoang e le “thuto e sebetsanang le lintho tse ka ’nang tsa etsahala nakong e tlang e itšetlehileng ka litšekamelo tse teng hona joale.” Ka mohlala, morao koana ka 1972 sehlopha sa litsebi le bo-rakhoebo se tsejoang ka hore ke Club of Rome se ile sa bolela hore ka 1992 mehloli eohle ea lefatše ea khauta, mercury, zinki le oli e tla be e pshele. Ke ’nete hore lefatše le ’nile la tobana le mathata a tšabehang ho tloha ka 1972, empa polelo eo e ne e fosahetse ka ho feletseng. Lefatše le ntse le e-na le mehloli ea khauta, mercury, zinki le oli. Ka sebele, motho o iqetile matla a leka ho noha bokamoso, empa ha ho mohla likhakanyo tsa hae li tšepahalang. Ka sebele, “menahano ea batho ba bohlale ke lefeela”!—1 Bakorinthe 3:20.
Timetso e Tlang ea Babylona e Moholo
27. Babylona e Moholo e ile ea oa neng joalokaha Babylona e ile ea oa ka 539 B.C.E., hona ea oa joang?
27 Malumeli a kajeno a ’nile a ntšetsa pele lithuto tse ngata tsa Babylona ea boholo-holo. Kahoo, ke ka ho loketseng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o bitsoang Babylona e Moholo. (Tšenolo 17:5) Motsoebere oo oa malumeli a lichaba tse ngata o se o ntse o oele joalokaha Babylona ea boholo-holo e ile ea oa ka 539 B.C.E. (Tšenolo 14:8; 18:2) Ka 1919 masala a barab’abo Kreste a ile a tsoa botlamuoeng ba moea ’me a itokolla tšusumetsong ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana, e leng karolo e ka sehloohong ea Babylona e Moholo. Ho tloha nakong eo Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba felloa ke tšusumetso linaheng tse ngata tseo pele bo neng bo e-na le tšusumetso e matla ho tsona.
28. Babylona e Moholo e ithorisa ka eng, empa e letetsoe ke eng?
28 Leha ho le joalo, ho oa hoo e bile feela selelekela sa timetso ea ho qetela ea bolumeli ba bohata. Ho thahasellisang ke hore boprofeta bo ho Tšenolo ba timetso ea Babylona e Moholo bo re hopotsa mantsoe a boprofeta a tlalehiloeng ho Esaia 47:8, 9. Joaloka Babylona ea boholo-holo, Babylona e Moholo ea kajeno e re: “Ke lutse ke le mofumahali, ’me ha ke mohlolohali, ’me le ka mohla nke ke ka bona ho siama.” Empa ‘likotlo tsa hae li tla tla ka letsatsi le le leng, lefu le ho siama le tlala, ’me o tla chesoa ka ho feletseng ka mollo, hobane Jehova Molimo, ea mo ahlotseng, o matla.’ Kahoo mantsoe a boprofeta a tlalehiloeng ho Esaia khaolo ea 47 a lutse e le temoso ho ba ntseng ba khomaretse bolumeli ba bohata. Hore ba tle ba pheme ho timetsoa hammoho le bona, a ba ele hloko taelo ena e bululetsoeng: “Tsoang ho eena”!—Tšenolo 18:4, 7, 8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo qaqileng mabapi le ntšetso-pele ea lithuto tsa motheo tsa bolumeli, bona buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Ka Seheberu “morali oa Babylona oa moroetsana” ke maele a bolelang Babylona kapa baahi ba Babylona. Ke “moroetsana” hobane ha e e-s’o tlatlapuoe ke mohlōli ho tloha ha e e-ba ’muso oa lefatše.
c Litsebi li ’nile tsa hlalosa polelo ea Seheberu e fetoletsoeng e le “nke ke ka kopana le motho leha e le ofe ka mosa” e le “polelo e thata ka ho fetisisa” ho fetoleloa. Phetolelo ea Lefatše le Lecha e kenyelletsa lentsoe “ka mosa” e le ho fetisa maikutlo a hore ha ho ba tsoang ka ntle ba tlang ho lumelloa ho namolela Babylona. Phetolelo ea Mokhatlo oa Lingoliloeng tsa Sejuda e fetolela polelo ena e le: “Ha . . . ke na ho lumella motho le ea mong ho kena lipakeng.”
d Buka e bitsoang Nabonidus and Belshazzar, ea Raymond Philip Dougherty, e bolela hore le hoja Tlaleho ea Nabonidus e bolela hore bahlaseli ba Babylona ba ile ba kena “ba sa loane,” rahistori oa Mogerike Xenophon o bontša hore e ka ’na eaba ho bile le tšollo e khōlō ea mali.
e Ba bang ba fetolela polelo ea Seheberu e fetoletsoeng e le “barapeli ba maholimo” e le “ba arolang maholimo.” Sena se ne se tla bolela tloaelo ea ho arola maholimo ka litsiketsi e le hore ho etsoe litšoantšo tsa linaleli bakeng sa ho noha litaba tsa bophelo ba motho.
[Litšoantšo tse leqepheng la 111]
Babylona e phelelang menyaka e tla theoleloa fatše lerōleng
[Setšoantšo se leqepheng la 114]
Linohe tsa Babylona tsa linaleli li tla sitoa ho bolela ho oa ha eona esale pele
[Setšoantšo se leqepheng la 116]
K’halendara ea Babylona ea bonohe ba linaleli, lilemong tsa sekete sa pele B.C.E.
[Litšoantšo tse leqepheng la 119]
Haufinyane Babylona ea kajeno ha e sa tla hlola e e-ba teng