Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Rorisang Jah Bakeng sa Likahlolo Tsa Hae!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 1. Ke mantsoe afe ao Johanne a a utloang a kang a “lentsoe le phahameng la bongata bo boholo leholimong”?

      BABYLONA E MOHOLO ha e sa le eo! Ruri tsena ke litaba tse thabisang. Hase feela Johanne a utloang mehoo ea thoriso e etsoang ka thabo leholimong! “Ka mor’a lintho tsena ka utloa seo e neng eka ke lentsoe le phahameng la bongata bo boholo leholimong. Sa re: ‘Hallelujah!a Poloko le khanya le matla ke a Molimo oa rōna, hobane likahlolo tsa hae ke ’nete ’me li lokile. Etsoe o phethahalitse kahlolo ea seotsoa se seholo se ileng sa bolisa lefatše ka bohlola ba sona, ’me o phetelelitse mali a makhoba a hae letsohong la sona.’ Hang-hang sa re ka lekhetlo la bobeli: ‘Hallelujah!b Mosi o tsoang ho sona o tsoela pele o nyoloha ka ho sa feleng le kamehla.’”—Tšenolo 19:1-3.

  • Rorisang Jah Bakeng sa Likahlolo Tsa Hae!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 3. Ke hobane’ng ha seotsoa se seholo se hlile se loketsoe ke kahlolo?

      3 Ke hobane’ng ha seotsoa se seholo se hlile se loketsoe ke kahlolo? Ho latela molao oo Jehova a ileng a o fa Noe—’me ka eena oa fetisetsoa ho batho bohle—haeba motho a tšolla mali ka boomo o lokeloa ke kahlolo ea lefu. Hona ho ile ha boela ha boleloa Molaong oa Molimo o eang ho Iseraele. (Genese 9:6; Numere 35:20, 21) Ho feta moo, tlas’a Molao oo oa Moshe haeba motho a ne a etsa bofebe ba nama kapa ba moea o ne a lokeloa ke lefu. (Levitike 20:10; Deuteronoma 13:1-5) Ka lilemo tse likete, Babylona e Moholo e bile molato oa mali, ’me ke sehlola se seholo. Ka mohlala, leano la Kereke ea Roma e K’hatholike la ho thibela baprista hore ba nyale le feletse ka hore ba bangata ba bona ba etse boitšoaro bo bobe ka ho fetisisa, ’me kajeno ba bangata ba bona ba tšoeroe ke AIDS. (1 Bakorinthe 6:9, 10; 1 Timothea 4:1-3) Empa libe tsa eona tse khōlō, ‘tse khobokellaneng ho ea fihla leholimong,’ ke liketso tsa eona tse tšosang tsa bohlola ba moea—e leng ba ho ruta mashano le ho ikopanya le bo-ralipolotiki ba bolileng. (Tšenolo 18:5) Kaha qetellong kahlolo ea eona e se e fihlile, joale letšoele la leholimo le re Hallelujah lekhetlo la bobeli.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela