Khaolo 38
Rorisang Jah Bakeng sa Likahlolo Tsa Hae!
1. Ke mantsoe afe ao Johanne a a utloang a kang a “lentsoe le phahameng la bongata bo boholo leholimong”?
BABYLONA E MOHOLO ha e sa le eo! Ruri tsena ke litaba tse thabisang. Hase feela Johanne a utloang mehoo ea thoriso e etsoang ka thabo leholimong! “Ka mor’a lintho tsena ka utloa seo e neng eka ke lentsoe le phahameng la bongata bo boholo leholimong. Sa re: ‘Hallelujah!a Poloko le khanya le matla ke a Molimo oa rōna, hobane likahlolo tsa hae ke ’nete ’me li lokile. Etsoe o phethahalitse kahlolo ea seotsoa se seholo se ileng sa bolisa lefatše ka bohlola ba sona, ’me o phetelelitse mali a makhoba a hae letsohong la sona.’ Hang-hang sa re ka lekhetlo la bobeli: ‘Hallelujah!b Mosi o tsoang ho sona o tsoela pele o nyoloha ka ho sa feleng le kamehla.’”—Tšenolo 19:1-3.
2. (a) Lentsoe “Hallelujah” le bolela’ng, ’me ho le utloa ha Johanne habeli moo ho bontša’ng? (b) Ke mang ea tlotlisoang ka lebaka la ho timetsa Babylona e Moholo? Hlalosa.
2 Hallelujah ka sebele! Lentsoe lena le bolela “Rorisang Jah,” ’me “Jah” ke khutsufatso ea lebitso la Molimo, Jehova. Mona re hopotsoa khothatso ea mopesaleme ha a ne a re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phefumolohang—e ke e rorise Jah. Rorisang Jah!” (Pesaleme ea 150:6) Taba ea hore Johanne o utloa sehlopha se binang se thabileng sa leholimo se re “Hallelujah!” ka makhetlo a mabeli mona ho Tšenolo, e bontša hore ho senoloa ha ’nete e tsoang ho Molimo ho tsoela pele. Molimo oa Mangolo a Segerike a Bakreste e ntse e le eena Molimo oa Mangolo a pejana a Seheberu, ’me lebitso la hae ke Jehova. Molimo ea ileng a etsa hore Babylona ea boholo-holo e oe hona joale o ahlotse Babylona e Moholo ebile o e timelitse. Isang khanya eohle ho eena bakeng sa ketso eo e khabane! Matla a entseng hore e oe ke a hae, hase a lichaba tseo a ileng a li sebelisa ho e etsa lesupi. Re tlameha ho bolela hore poloko e tsoa ho Jehova feela.—Esaia 12:2; Tšenolo 4:11; 7:10, 12.
3. Ke hobane’ng ha seotsoa se seholo se hlile se loketsoe ke kahlolo?
3 Ke hobane’ng ha seotsoa se seholo se hlile se loketsoe ke kahlolo? Ho latela molao oo Jehova a ileng a o fa Noe—’me ka eena oa fetisetsoa ho batho bohle—haeba motho a tšolla mali ka boomo o lokeloa ke kahlolo ea lefu. Hona ho ile ha boela ha boleloa Molaong oa Molimo o eang ho Iseraele. (Genese 9:6; Numere 35:20, 21) Ho feta moo, tlas’a Molao oo oa Moshe haeba motho a ne a etsa bofebe ba nama kapa ba moea o ne a lokeloa ke lefu. (Levitike 20:10; Deuteronoma 13:1-5) Ka lilemo tse likete, Babylona e Moholo e bile molato oa mali, ’me ke sehlola se seholo. Ka mohlala, leano la Kereke ea Roma e K’hatholike la ho thibela baprista hore ba nyale le feletse ka hore ba bangata ba bona ba etse boitšoaro bo bobe ka ho fetisisa, ’me kajeno ba bangata ba bona ba tšoeroe ke AIDS. (1 Bakorinthe 6:9, 10; 1 Timothea 4:1-3) Empa libe tsa eona tse khōlō, ‘tse khobokellaneng ho ea fihla leholimong,’ ke liketso tsa eona tse tšosang tsa bohlola ba moea—e leng ba ho ruta mashano le ho ikopanya le bo-ralipolotiki ba bolileng. (Tšenolo 18:5) Kaha qetellong kahlolo ea eona e se e fihlile, joale letšoele la leholimo le re Hallelujah lekhetlo la bobeli.
4. Taba ea hore mosi o tsoang Babylona e Moholo “o tsoela pele o nyoloha ka ho sa feleng le kamehla” e tšoantšetsa eng?
4 Babylona e Moholo e chesitsoe joaloka motse o hapiloeng, ’me mosi o tsoang ho eona “o tsoela pele o nyoloha ka ho sa feleng le kamehla.” Ha motse oa sebele o chesoa ke mabotho a o hapileng, mosi o tsoela pele ho kubella hafeela molora o ntse o chesa. Mang le mang ea lekang ho o tsosolosa ha mosi o ntse o foqoha o tla chesoa ke lithako tse ntseng li chesa. Kaha mosi oa Babylona e Moholo o tla nyoloha “ka ho sa feleng le kamehla” e le pontšo ea hore kahlolo ea eona ke ea ho qetela, ha ho motho ea tla khona ho tsosolosa motse oo o khopo. Bolumeli ba bohata bo tla fela ka ho sa feleng. Ka sebele re re Hallelujah!—Bapisa le Esaia 34:5, 9, 10.
5. (a) Baholo ba 24 le libōpuoa tse phelang tse ’nè ba etsa’ng hona ba re’ng? (b) Ke hobane’ng ha pina ee e reng Hallelujah e le monate ho feta lipina tse reng Hallelujah tse binoang likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana?
5 Ponong ea pejana, Johanne o ile a bona terone e pota-potiloe ke libōpuoa tse phelang tse ’nè, hammoho le baholo ba 24 ba tšoantšetsang majalefa a ’Muso ha a le boemong ba ’ona bo khanyang leholimong. (Tšenolo 4:8-11) Joale o boetse o bona ba hoeletsa ka mantsoe a phahameng ba re Hallelujah ha Babylona e Moholo e timelitsoe: “Baholo ba mashome a mabeli a metso e mene le libōpuoa tse phelang tse ’nè ba itihela fatše ’me ba rapela Molimo ea lutseng teroneng, ba re: ‘Amen! Hallelujah!’”c (Tšenolo 19:4) Joale, pina ena e khōlō ea Hallelujah e tlatselletsa ‘pina e ncha’ e rorisang Konyana. (Tšenolo 5:8, 9) Hona joale ba bina pina e monate ea tlhōlo, ba isa khanya eohle ho ’Musi Morena Jehova ka lebaka la tlhōlo ea hae ea makhaola-khang holim’a seotsoa se seholo, Babylona e Moholo. Lipina tsena tse reng Hallelujah li monate ho feta lipina leha e le life tse reng Hallelujah tse binoang likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana, moo Jehova, kapa Jah, a ’nileng a hlompholloa le ho nyelisoa. Joale ’mino o joalo oa boikaketsi o nyefolang lebitso la Jehova o khutsisitsoe ka ho sa feleng!
6. Ho utloahala “lentsoe” la mang, le khothalletsa eng, hona ke bo-mang ba kopanelang ho bineng?
6 Ke ka 1918 ha Jehova a qala ho putsa ‘ba tšabang lebitso la hae, ba banyenyane le ba baholo’—’me ba pele ho bana e bile Bakreste ba tlotsitsoeng ba shoeleng ba tšepahala, bao a ileng a ba tsosa a ba a ba beha maemong a baholo ba 24 leholimong. (Tšenolo 11:18) Ba bang ba ikopanya le bona ha ba bina lipina tse reng Hallelujah, hobane Johanne o re: “Hape, lentsoe la tsoa teroneng la re: ‘Rorisang Molimo oa rōna, lōna kaofela makhoba a hae, a mo tšabang, a manyenyane le a maholo.’” (Tšenolo 19:5) Lena ke “lentsoe” la ’Muelli oa Jehova, Mora oa hae, Jesu Kreste, ea emang “har’a terone.” (Tšenolo 5:6) “Lōna kaofela makhoba a hae,” eseng leholimong feela empa le hona mona lefatšeng, kopanelang ho bineng le eteletsoe pele ke sehlopha se tlotsitsoeng sa Johanne lefatšeng. Baa le bona ba thabile hakaakang ha ba mamela taelo e reng: “Rorisang Molimo oa rōna”!
7. Ka mor’a hore Babylona e Moholo e timetsoe, ke bo-mang ba tla rorisa Jehova?
7 E, ba bongata bo boholo le bona ba balelloa har’a makhoba ana. Ho tloha ka 1935 ba ’nile ba tsoa Babylona e Moholo ’me ba bone ha tšepiso ea Molimo e phethahala, e reng: “O tla hlohonolofatsa ba tšabang Jehova, ba banyenyane hammoho le ba baholo.” (Pesaleme ea 115:13) Ha Babylona e kang seotsoa e timetsoa, ba limilione ba bona ba tla kopanela ‘ho roriseng Molimo oa rōna’—hammoho le sehlopha sa Johanne le lebotho lohle la leholimo. Hamorao, ho sa tsotellehe hore na pele ba tsositsoeng lefatšeng e ne e le batho ba hlaheletseng kapa che, ha ho pelaelo hore ba tla bina lipina tse reng Hallelujah tse tsoelang pele ha ba ithuta hore Babylona e Moholo e ke ke ea hlola e e-ba teng. (Tšenolo 20:12, 15) Thoriso eohle e lebisoa ho Jehova ka lebaka la ho hlōla ha hae seotsoa sa khale!
8. Lipina tsa thoriso tseo Johanne a li utloileng leholimong li lokela ho re tsosa molota hore re etse’ng hona joale, pele Babylona e Moholo e timetsoa?
8 Hoo hohle ho re tsosa molota hakaakang hore re kopanele ka botlalo mosebetsing oa Molimo kajeno! E se eka bahlanka bohle ba Jah ba ka inehela ka pelo eohle le ka moea oohle mosebetsing oa ho phatlalatsa likahlolo tsa Molimo, hammoho le tšepo e khōlō ea ’Muso, hona joale, pele Babylona e Moholo e theoloa setulong e bile e timetsoa.—Esaia 61:1-3; 1 Bakorinthe 15:58.
‘Hallelujah—Jehova ke Morena!’
9. Ke hobane’ng ha molumo oa Hallelujah ea ho qetela o le matla o bile o le moholo hakaale?
9 Ho na le mabaka a eketsehileng a ho thaba, joalokaha Johanne a tsoela pele ho re bolella hore: “Ka utloa seo e neng eka ke lentsoe la bongata bo boholo le se kang molumo oa metsi a mangata le se kang molumo oa lialuma tse matla. Sa re: ‘Hallelujah,d hobane Jehova Molimo oa rōna, ea Matla ’Ohle, o qalile ho busa e le morena.’” (Tšenolo 19:6) Hallelujah ena ea ho qetela ke eona e etsang hore phatlalatso ena e be le likarolo tse ’nè, kapa e be e lekanang hantle. Ke molumo o matla oa leholimo, o monate ho feta oa sehlopha leha e le sefe sa batho sa ’mino, o khahlehang ho feta phororo leha e le efe e teng lefatšeng, le o tšabehang ho feta sefefo leha e le sefe se ka bang teng lefatšeng. Mantsoe a limiriade a leholimong a ketekela ’nete ea hore “Jehova Molimo oa rōna, ea Matla ’Ohle, o qalile ho busa e le morena.”
10. Ke ka kutloisiso efe ho ka boleloang hore Jehova o qalile ho busa e le morena ka mor’a hore Babylona e Moholo e ripitloe?
10 Empa, Jehova o qalile ho busa joang? Ho se ho fetile lilemo tse likete esale mopesaleme a ne a re: “Molimo ke Morena oa ka ho tloha khale.” (Pesaleme ea 74:12) Le ka nako eo e ne e ntse e le khale borena ba Jehova bo le teng, joale ke joang pina ea bokahohleng e ka bolelang hore “Jehova . . . o qalile ho busa e le morena”? Ke ka kutloisiso ea hore ha Babylona e Moholo e timetsoa, ho ke ke ha hlola ho e-ba le moikhohomosi eo ea qothisanang lehlokoa le Jehova ea sitisang batho ho mo mamela e le ’Musi oa Bokahohleng. Bolumeli ba bohata bo ke ke ba hlola bo susumelletsa babusi ba lefatše hore ba mo hanyetse. Ha Babylona ea boholo-holo e ne e felloa ke matla a ho busa lefatše, Sione e ile ea utloa phatlalatso ena ea tlhōlo: “Molimo oa hao ke morena!” (Esaia 52:7) Ka mor’a hore ’Muso o tsoaloe ka 1914, baholo ba 24 ba ile ba phatlalatsa mantsoe a reng: “Rea u leboha, Jehova Molimo . . . hobane u nkile matla a hao a maholo ’me u qalile ho busa u le morena.” (Tšenolo 11:17) Joale, ka mor’a hore Babylona e Moholo e ripitloe, ho boetse ho utloahala mohoo o reng: “Jehova . . . o qalile ho busa e le morena.” Ha ho na molimo ea entsoeng ke batho ea salang a loantša bobusi ba Molimo oa ’nete, Jehova!
Lenyalo la Konyana le Haufi!
11, 12. (a) Jerusalema ea boholo-holo e ile ea bitsa Babylona ea boholo-holo eng, ’me hoo ho ile ha behela Jerusalema e Mocha le Babylona e Moholo mohlala ofe? (b) Matšoele a leholimong a bina pina efe ebile a phatlalatsa eng ha Babylona e Moholo e hlōtsoe?
11 “Uena mosali eo e leng sera sa ka”! Ke kamoo Jerusalema, e leng sebaka seo tempele ea Jehova ea borapeli e neng e le ho sona, e ileng ea bitsa Babylona e rapelang litšoantšo kateng. (Mikea 7:8) Ka ho tšoanang, “motse o halalelang, Jerusalema e Mocha,” o entsoeng ka monyaluoa oa litho tse 144 000, o na le mabaka ’ohle a ho bitsa Babylona e Moholo sera sa oona. (Tšenolo 21:2) Empa seotsoa seo se seholo se qetella se oetsoe ke tsietsi, tlokotsi le tšenyeho. Mekhoa ea sona ea ho sebelisana le meea le linohe tsa linaleli e hlōlehile ho se pholosa. (Bapisa le Esaia 47:1, 11-13.) Ka sebele, ke tlhōlo e khōlō bakeng sa borapeli ba ’nete!
12 Kaha seotsoa se nyonyehang, e leng Babylona e Moholo, se ke ke sa hlola se e-ba teng, joale ho ka eloa hloko monyaluoa oa Konyana ea hloekileng joaloka moroetsana! Kahoo, matšoele a leholimong a bina ka thabo a rorisa Jehova a re: “A re thabeng ’me re nyakalle, ’me re mo tlotliseng, hobane lenyalo la Konyana le fihlile ’me mosali oa eona o itokisitse. E, o nehiloe hore a apare line ea boleng bo botle, e khanyang, e hloekileng, kaha line ea boleng bo botle e emela liketso tse lokileng tsa bahalaleli.”—Tšenolo 19:7, 8.
13. Ho ’nile ha lokisetsoa lenyalo la Konyana ka tsela efe ho theosa le makholo a lilemo?
13 Ho theosa le makholo a lilemo, Jesu o entse litokisetso tse lerato tsa lenyalo lena la leholimo. (Matheu 28:20; 2 Bakorinthe 11:2) O ’nile a hloekisa ba 144 000 ba Iseraele ea moea e le hore “a ka hlahisa phutheho ho eena ka botle ba eona bo khanyang, e se na letheba kapa masoebe kapa leha e le efe ea lintho tse joalo, empa hore e be e halalelang le e se nang sekoli.” (Baefese 5:25-27) Mokreste e mong le e mong ea tlotsitsoeng ea lebeletseng “moputso oa pitso ea holimo,” o ile a tlameha ho hlobola botho ba khale le mekhoa ea bona, a apara botho bo bocha ba Bokreste, le ho etsa liketso tse lokileng ‘ka moea oohle joalokaha eka o sebeletsa Jehova.’—Bafilipi 3:8, 13, 14; Bakolose 3:9, 10, 23.
14. Satane o lekile ho silafatsa ba lebeletseng ho ba litho tsa mosali oa Konyana joang?
14 Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho ea pele, Satane o ile a sebelisa Babylona e Moholo ho leka ho silafatsa ba lebeletseng ho ba litho tsa mosali oa Konyana. Hoo e ka bang qetellong ea lekholo la pele la lilemo, o ne a se a jetse peō ea bolumeli ba Babylona ka phuthehong. (1 Bakorinthe 15:12; 2 Timothea 2:18; Tšenolo 2:6, 14, 20) Moapostola Pauluse o hlalosa ba neng ba senya tumelo ka mantsoe ana: “Etsoe banna ba joalo ke baapostola ba bohata, basebetsi ba thetsang, ba iphetolang baapostola ba Kreste. Ha ho makatse, etsoe Satane o ntse a iphetola lengeloi la leseli.” (2 Bakorinthe 11:13, 14) Ka makholo a lilemo a latelang, joaloka likarolo tse ling kaofela tsa Babylona e Moholo, Bokreste-’mōtoana bo koenehileng bo ile ba ikapesa liaparo tse bontšang leruo le botumo, tsa “bopherese le sekareleta, . . . khauta le lejoe la bohlokoa le liperela.” (Tšenolo 17:4) Baruti ba bona le bapapa ba bona ba ile ba etsa setsoalle le babusi ba nyoretsoeng mali, ba kang Constantine le Charlemagne. Ha ho mohla bo kileng ba apara “liketso tse lokileng tsa bahalaleli.” Joaloka monyaluoa oa bohata, ruri e ne e le mosebetsi o tsoileng matsoho oa Satane oa ho thetsa. Qetellong, a ke ke a hlola a e-ba teng ka ho sa feleng!
Mosali oa Konyana o Itokisitse
15. Ho tiisoa ho etsahala joang, ’me ho hlokahala hore Mokreste ea tlotsitsoeng a etse eng?
15 Ka hona, hona joale ka mor’a lilemo tse ka bang 2 000, ba 144 000 kaofela ba sehlopha sa monyaluoa ba se ba itokisitse. Empa ke nakong efe ho ka thoeng ‘mosali oa Konyana o se a itokisitse’? Haesale ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho ea pele, butle-butle batlotsuoa ba lumelang ‘ba ’nile ba tiisoa ka moea o halalelang o tšepisitsoeng,’ ka tebello ea ho tla ha “letsatsi la ho lokolloa ka thekollo.” Joalokaha moapostola Pauluse a boletse, Molimo “o boetse o behile tiiso ea hae holim’a rōna ’me o re file pontšo ea se tlang ho tla, ke hore, moea, ka lipelong tsa rōna.” (Baefese 1:13; 4:30; 2 Bakorinthe 1:22) Mokreste e mong le e mong ea tlotsitsoeng ‘o bitsitsoe ebile o khethiloe,’ hape o ipakile a ‘tšepahala.’—Tšenolo 17:14.
16. (a) Ho tiisoa ha moapostola Pauluse ho phethiloe neng, hona re tseba joang? (b) Mosali oa Konyana o tla be a ‘itokisitse’ neng ka ho feletseng?
16 Ka mor’a hore a qete lilemo tse mashome a ntse a lekoa, Pauluse o ne a ka re: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo. Ho tloha nakong ena ho ea pele ke boloketsoe moqhaka oa ho loka, oo Morena, moahloli ea lokileng, a tla ’neha oona e le moputso ka letsatsi leo, empa leha ho le joalo eseng ’na feela, empa le bohle ba ratileng ponahalo ea hae.” (2 Timothea 4:7, 8) Ho bonahala hore ho tiisoa ha moapostola enoa ho ne ho se ho phethiloe, le hoja e ne e ntse e le motho oa nama ’me a ne a tla tobana le ho shoela tumelo. Ka ho tšoanang, e tlameha ebe nako ea tla eo ka eona masala ’ohle a lefatšeng a ba 144 000 a tla beng a tiisitsoe ka bomong e le a Jehova. (2 Timothea 2:19) Hona ho tla etsahala nakong eo ka eona mosali oa Konyana a tla be a itokisitse ka ho feletseng—ha palo e khōlō ea ba 144 000 e tla be e se e amohetse moputso oa eona oa leholimo ’me ba ntseng ba le lefatšeng qetellong ba se ba amohetsoe ba bile ba tiisitsoe e le ba tšepahalang.
17. Lenyalo la Konyana le ka qala neng?
17 Ha lintho li le boemong bona kemisong ea Jehova ea nako, ha ho tiisoa ha ba 144 000 ho phethiloe, mangeloi a lokolla meea e mene ea matšoenyeho a maholo. (Tšenolo 7:1-3) Pele, ho phethahatsoa kahlolo holim’a Babylona e Moholo e kang seotsoa. Ka mor’a moo, ka potlako Kreste ea hlōlang o fetela Armagedone ho ea timetsa karolo eohle e setseng ea mokhatlo oa Satane lefatšeng, ’me qetellong o koalla Satane le bademona ba hae ka mohohlong. (Tšenolo 19:11–20:3) Haeba ho tla be ho ntse ho e-na le batlotsuoa ba phelang lefatšeng, ha ho pelaelo hore ba tla kena moputsong oa bona oa leholimo hang ha Kreste a qeta ho phetha tlhōlo ea hae ’me ba tla kopana le litho tsa habo bona tsa sehlopha sa monyaluoa. Joale, ka nako ea Molimo e loketseng, lenyalo la Konyana le ka qala!
18. Pesaleme ea 45 e tiisa ho latellana ha liketsahalo tse mabapi le lenyalo la Konyana joang?
18 Tlaleho ea boprofeta e ho Pesaleme ea 45 e hlalosa kamoo liketsahalo li tla latellana kateng. Pele Morena ea behiloeng teroneng o palama ho ea hlōla lira tsa hae. (Litemana 1-7) Joale lenyalo le tsoela pele, monyaluoa oa leholimo o hlokomeloa ke metsoalle ea hae ea baroetsana e lefatšeng, e leng bongata bo boholo. (Litemana 8-15) Ka mor’a moo lenyalo le beha litholoana, ha batho ba tsositsoeng ba etsoa hore e be ba phethahetseng tlas’a bolebeli ba “likhosana lefatšeng lohle.” (Litemana 16, 17) Lenyalo la Konyana le tlisa litlhohonolofatso tse khanyang hakaakang!
Ho Thabile ba Memiloeng
19. Ntho ea bone e thabisang ho tse supileng tse boleloang ho Tšenolo ke efe, hona ke bo-mang ba kopanelang thabong ee e khethehileng?
19 Joale Johanne o tlaleha ntho ea bone e thabisang ho tse supileng tse boleloang ho Tšenolo: “La [lengeloi le neng le ntse le senolela Johanne lintho tsena] mpolella: ‘Ngola: Ho thaba ba memetsoeng lijong tsa shoalane tsa lenyalo la Konyana.’ Hape, lea mpolella: ‘Tsena ke lipolelo tsa ’nete tsa Molimo.’” (Tšenolo 19:9)e Ba memetsoeng “lijong tsa shoalane tsa lenyalo la Konyana” ke litho tsa sehlopha sa monyaluoa. (Bapisa le Matheu 22:1-14.) Bohle ba sehlopha sa monyaluoa se tlotsitsoeng ba kopanela thabong ea hore ebe ba fumane memo ena. Boholo ba bamemuoa bo se bo ile leholimong, moo lijo tsa shoalane tsa lenyalo li leng hona teng. Ba ntseng ba le lefatšeng le bona ba thabetse hore ebe ba memiloe. Ba boloketsoe sebaka lijong tseo tsa shoalane tsa lenyalo. (Johanne 14:1-3; 1 Petrose 1:3-9) Ha ba tsosetsoa ho ea leholimong, joale sehlopha sohle se kopaneng sa monyaluoa se tla tsoela pele ho kopanela le Konyana lenyalong leo le thabisang haholo.
20. (a) Mantsoe aa a bolela’ng: “Tsena ke lipolelo tsa ’nete tsa Molimo”? (b) Mantsoe a lengeloi a ile a ama Johanne joang, hona lengeloi le ile la re’ng?
20 Lengeloi le phaella ka ho re “tsena ke lipolelo tsa ’nete tsa Molimo.” Lentsoe “’nete” ke phetolelo ea a·le·thi·nosʹ ea Segerike ’me le bolela “ea sebele” kapa “e ka tšeptjoang.” Kaha lipolelo tsena li hlile li tsoa ho Jehova, lia tšepahala. (Bapisa le 1 Johanne 4:1-3; Tšenolo 21:5; 22:6.) Joaloka ea memetsoeng moketeng oo oa lenyalo, e tlameha ebe Johanne o ile a thaba haholo ha a utloa sena ’me a nahana ka litlhohonolofatso tse tla fumanoa ke sehlopha sa monyaluoa. Ha e le hantle, o ile a ameha maikutlo ka ho teba hoo lengeloi le ileng la lokela ho mo eletsa, joalokaha Johanne a bolela: “Eaba ke itihela fatše ka pel’a maoto a lona ho le rapela. Empa lea mpolella: ‘Hlokomela! U se ke ua etsa joalo! Ke mpa feela ke le lekhoba-’moho le uena le barab’eno ba nang le mosebetsi oa ho pakela Jesu. Rapela Molimo.’”—Tšenolo 19:10a.
21. (a) Tšenolo e senola eng ka mangeloi? (b) Bakreste ba lokela ho ba le boikutlo bofe ka mangeloi?
21 Lengolong lohle la Tšenolo ho fanoa ka bopaki bo tsotehang ba hore mangeloi aa tšepahala a bile a mafolofolo. Ke karolo ea mocha o fetisang ’nete e senotsoeng. (Tšenolo 1:1) A sebelisana le batho ho bolela litaba tse molemo le ho tšolla likotlo tsa tšoantšetso. (Tšenolo 14:6, 7; 16:1.) A ile a loana a le lehlakoreng la Jesu a loanela ho ntša Satane le mangeloi a hae leholimong, ’me a tla boetse a loana a le lehlakoreng la hae ka Armagedone. (Tšenolo 12:7; 19:11-14) Ka sebele, a khona ho kena ka pel’a Jehova ka boeena. (Matheu 18:10; Tšenolo 15:6) Leha ho le joalo, e ntse e le makhoba a Molimo a ikokobelitseng. Borapeling bo hloekileng, ha ho na sebaka sa borapeli ba mangeloi leha e le ho lebisa borapeli ho Molimo ka “mohalaleli” ea itseng kapa lengeloi. (Bakolose 2:18) Bakreste ba rapela Jehova feela, ba isa lithapeli tsa bona ho eena ka lebitso la Jesu.—Johanne 14:12, 13.
Karolo eo Jesu a e Phethang Boprofeteng
22. Lengeloi le re’ng ho Johanne, hona mantsoe ao a bolela’ng?
22 Joale lengeloi le re: “Ho paka Jesu ke hona ho bululelang ho profeta.” (Tšenolo 19:10b) Joang? Hona ho bolela hore boprofeta bohle bo bululetsoeng bo hlahile ka lebaka la Jesu le karolo eo a e phethang mererong ea Jehova. Boprofeta ba pele ka Bibeleng bo ile ba tšepisa hore ho ne ho tla tla peō. (Genese 3:15) Jesu e ile ea e-ba eona Peō eo. Lintho tse ileng tsa senoloa ka mor’a moo li ile tsa haha mohaho o moholo oa ’nete ea boprofeta holim’a tšepiso eo ea motheo. Moapostola Petrose o ile a bolella Molichaba ea lumetseng Korneliase hore: “Baprofeta bohle baa mo paka [Jesu].” (Liketso 10:43) Lilemo tse ka bang 20 hamorao, moapostola Pauluse o ile a re: “Ho sa tsotellehe hore na litšepiso tsa Molimo li ngata hakae, li fetohile E, ka eena [Jesu].” (2 Bakorinthe 1:20) Ka mor’a lilemo tse ling tse 43, Johanne ka boeena o re hopotsa sena: “’Nete [e ile] ea e-ba teng ka Jesu Kreste.”—Johanne 1:17.
23. Ke hobane’ng ha boemo bo phahameng le bolaoli ba Jesu li sa fokotse borapeli boo re bo nehang Jehova?
23 Na ebe ka tsela leha e le efe hoo ho fokotsa borapeli boo re bo nehang Jehova? Che. Hopola keletso e lemosang ea lengeloi: “Rapela Molimo.” Ha ho mohla Jesu a kileng a leka ho tsekisana setulo le Jehova. (Bafilipi 2:6) Ke ’nete hore mangeloi ’ohle a boleletsoe hore “a inamele [Jesu],” le hore pōpo eohle e tlameha ho hlokomela boemo ba hae bo phahameng e le hore “lengole le leng le le leng . . . le ka khumama ka lebitso la Jesu.” Empa hlokomela hore hona ho etsoa “thorisong ea Molimo Ntate” ebile ho etsoa ka taelo ea hae. (Baheberu 1:6; Bafilipi 2:9-11) Jehova o ile a fa Jesu bolaoli ba hae bo phahameng, ’me ka ho ela bolaoli boo hloko, re tlotlisa Molimo. Haeba re hana ho ikokobeletsa puso ea Jesu, ho tšoana le ha re hana Jehova Molimo ka boeena.—Pesaleme ea 2:11, 12.
24. Re nahana ka liketsahalo life tse peli tse hlollang, ’me ke mantsoe afe ao re lokelang ho a pheta?
24 Kahoo, re le ntsoe-leng a re pheteng mantsoe a qalang a Pesaleme ea 146 ho ea ho 150 a reng: “Rorisang Jah!” E se eka pina e reng Hallelujah e ka luma ha re ntse re lebeletse ha Jehova a hlōla ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata oa Babylona! ’Me e se eka thabo e ka khaphatseha ha lenyalo la Konyana le ntse le atamela!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
b NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
c NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
d NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
e Bona le Tšenolo 1:3; 14:13; 16:15.
[Lebokose le leqepheng la 273]
“Lengolo le Eang Sodoma le Gomora”
Tlas’a sehlooho sena se seholo, Daily Telegraph ea London ea la 12 November, 1987, e ile ea tlaleha ka tšisinyo e ileng ea etsoa Sebokeng se Khethehileng sa Kereke ea Chache. Tšisinyo ena e ne e le ea hore ho lelekoe “Bakreste” ba basodoma kerekeng. Mongoli oa koranta Godfrey Barker o ile a re: “Maobane Moarekabishopo oa Canterbury o ile a bolela maikutlo a hae ka masoabi a re: ‘Haeba Mohalaleli Pauluse a ne a ka ngola lengolo le eang Kerekeng ea Chache, re ka ipotsa hore na o ne a tla e ngolla lengolo la mofuta ofe.’” Monghali Barker o ile a re: “Karabo ke hore e ne e tla ba lengolo le eang Sodoma le Gomora,” ’me a eketsa ka ho re: “Dr Runcie [moarekabishopo] o nahana hore le ne le tla baleha joaloka Baroma, Khaolo ea 1.”
Mongoli enoa o ile a qotsa mantsoe a Pauluse ho Baroma 1:26-32, ao Bibeleng ea Sesotho a reng: “Molimo o ba neeletse litakatsong tse lihlong. . . . Banna ba etsa manyala le banna ba bang . . . ’me leha ba tsebile kahlolo ea Molimo, e reng ba etsang tse joalo ba tšoanetse ho shoa, ho li etsa ba li etsa, ba bile ba emela ba li etsang le hona.” O ile a phetha ka ho re: “Mohalaleli Pauluse o ne a mpa a amehile ka litho tsa kereke. Bothata ba Dr Runcie ke batho ba lifalaneng.”
Ke hobane’ng ha moarekabishopo a e-na le bothata bo joalo? Lihlooho tse khōlō ho Daily Mail ea London ea la 22 October, 1987, li ne li itse: “‘Moruti a le mong ho ba bararo ke mosodoma’ . . . Letšolo la ho leleka basodoma ‘le ka etsa hore Kereke ea Chache e koaloe.’” Litlaleho li ile tsa qotsa mantsoe a “reverente” eo e leng mongoli-kakaretso oa Mokhatlo oa Bokreste oa Basodoma ba Banna le ba Basali ha a re: “Haeba tšisinyo ena e ka amoheloa, e tla harasoanya Kereke, ’me Moarekabishopo oa Canterbury o tseba taba ena hantle. Ha re fana ka palo e akaretsang, re lumela hore ba pakeng tsa karolo ea 30 le ea 40 lekholong ea baruti ba Kereke ea Chache ke basodoma. ’Me ke bona batho ba mafolofolo ka ho fetisisa ba tlatsetsang tšebeletsong ea Kereke.” Ha ho pelaelo hore lipalo tse ntseng li fokotseha tsa ba eang kerekeng ke karolo ea pontšo ea hore batho ba tenehile ka lebaka la ho hōla hona ho potlakileng ha tšebeletso ea basodoma.
Seboka sa kereke se ile sa fihlela qeto efe? Boholo ba litho tse 388 (karolo ea 95 lekholong ea baruti) e ile ea emela tšisinyo e bobebe ho feta moo. Mabapi le sena, The Economist ea la 14 November, 1987, e ile ea tlaleha hore: “Kereke ea Chache e hanana le mekhoa ea bosodoma, empa eseng hakaalo. Kaha seboka se akaretsang, e leng lekhotla le etsang melao la Kereke, se ne se nahanela baruti ba basodoma, bekeng ena se ile sa etsa qeto ea hore liketso tsa bosodoma, ho fapana le bohlola le bofebe, hase sebe: e mpa feela e le hore ‘ha li khone ho finyella khopolong e phethahetseng’ ea hore ‘ho kopanela liphate ke ketso ea boitlamo bo feletseng e lokelang ho etsoa kamanong e tiileng ea lenyalo.’” Ha e bapisa pono ea Moarekabishopo oa Canterbury le mantsoe a sa hlatheng koana le koana a moapostola Pauluse ho Baroma 1:26, 27, The Economist e ile ea ngola mantsoe a qotsitsoeng a Pauluse ka holim’a sehlooho se reng “Mohalaleli Pauluse o ne a tseba seo a se nahanang.”
Jesu Kreste le eena o ne a tseba seo a se nahanang ’me o ile a se bolela ka mantsoe a hlakileng. O ile a re ho ne ho tla “mamelleha haholo bakeng sa naha ea Sodoma ka Letsatsi la Kahlolo” ho feta bakeng sa balumeli ba neng ba nyelisa molaetsa oa hae. (Matheu 11:23, 24) Mona Jesu o ne a sebelisa mokhabo-puo oa pheteletso ho bontša hore baeta-pele bao ba bolumeli ba neng ba hana Mora oa Molimo le thuto ea hae ba ne ba nyatseha le ho feta baahi ba Sodoma. Juda 7 e bolela hore baahi bao ba Sodoma ba ile ba oela “kotlong ea boahloli ea mollo o sa feleng,” e leng ho bolelang timetso ea ka ho sa feleng. (Matheu 25:41, 46) Kahlolo ea bao ho thoeng ke baeta-pele ba Bokreste bao ka bofofu ba etellang pele mehlape ea bona e foufalitsoeng, ho e tlosa melao-motheong e phahameng ea boitšoaro ea ’Muso oa Molimo ho e isa litseleng tsa ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe le tsa boitšoaro bo hlephileng tsa lefatše lee, e tla ba matla hakaakang! (Matheu 15:14) Tabeng ea bolumeli ba bohata, e leng Babylona e Moholo, lentsoe le tsoang leholimong le hoeletsa ka potlako le re: “Tsoang ho eena, sechaba sa ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae.”—Tšenolo 18:2, 4.
[Litšoantšo tse leqepheng la 275]
Leholimong ho utloahala molumo o moholo oa lipina tse ’nè tse reng Hallelujah, tse rorisang Jah ka tlhōlo ea hae ea ho qetela holim’a Babylona e Moholo