Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Silakanya Hlooho ea Noha
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 3. Johanne o re ho tla etsahala joang ka Satane?

      3 Ebe joale ho tla etsahala’ng ka Satane le bademona ba hae? Johanne o re: “Ka bona lengeloi le theoha leholimong le e-na le senotlolo sa mohohlo le ketane e khōlō letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea pele, eo e leng Diabolose le Satane, ’me la e tlama ka lilemo tse sekete. La e lihela ka mohohlong ’me la o koala le ho o tiisa holim’a eona, e le hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba ho fihlela lilemo tseo tse sekete li felile. Ka mor’a lintho tsena e tla lokolloa ka nakoana.”—Tšenolo 20:1-3.

  • Ho Silakanya Hlooho ea Noha
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 5. Lengeloi la sekoti le etsa’ng ka Satane Diabolose, hona hobane’ng?

      5 Ha drakone e khōlō e ’mala oa mollo e ne e liheloa fatše ha e ntšoa leholimong, ho ile ha thoe ke “noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Tšenolo 12:3, 9) Joale, ha e se e tšoaroa ebile e koalloa ka mohohlong, e hlalosoa hape ka botlalo e le “drakone, noha ea pele, eo e leng Diabolose le Satane.” Enoa ea tummeng hampe e le moharoli, mothetsi, moetselletsi le mohanyetsi, o tlangoa ka ketane ’me o liheloa “ka mohohlong,” o koaloang le ho tiisoa ka thata, ‘e le hore a tle a se ke a hlola a khelosa lichaba.’ Satane o kenngoa ka mohohlong ka lilemo tse sekete, e leng nakong eo ka eona a ke keng a hlola a susumetsa batho joalokaha le motšoaruoa ea koaletsoeng teronkong e ka tlas’a mohaho a ke ke a khona ho susumetsa batho. Lengeloi la mohohlo le tlosa Satane ka ho feletseng hore ho se ke ha e-ba le moo a kopanang teng le ’Muso o lokileng. Batho ba tla imoloha hakaakang!

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela