Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Hlophisa Hona Joale Bakeng sa Lilemo Tse Sekete Tse Tlang
    Molula-Qhooa—1989 | September 1
    • 5. Satane le bademona ba tla ba boemong bofe nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste?

      5 Mantsoe “lilemo tse sekete” a ho Tšenolo 20:4 hase tšoantšetso empa a bolela lilemo tse sekete tsa leeto la lefatše ha le pota letsatsi. Nakong eo ea Lilemo tse Sekete, Satane Diabolose le makhotla a hae a bademona o tla be a le ka sekoting, hobane pelenyana feela a bolela ka Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste, moapostola Johanne o itse: “Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le tšoere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea khale, e leng Diabolose le Satane, ’me la e holehela lilemo tse sekete. La e akhela sekoting, la e koalla teng, ’me la tiisa holim’a sona, hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba, lilemo tse sekete li e-so ho phethehe, ka mora’ tseo, e ka khona e lokolleloe motsotso o se mokae.”—Tšenolo 20:1-3.

  • Ho Hlophisa Hona Joale Bakeng sa Lilemo Tse Sekete Tse Tlang
    Molula-Qhooa—1989 | September 1
    • 7. Bibele e bontša eng ka nako le sebopeho tsa Puso ea Millennium ea Jesu Kreste?

      7 Leha ho le joalo, ho latela Mangolo, Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste ea sebele ke hona e tla tla. Phethahatso ea hona joale ea boprofeta ba Bibele e bontša hore e haufi haholo. Nakong ea Lilemo tse Sekete tsa sebele, Satane le bademona ba hae ba tla hle ba koalloe ka sekoting, ’me Jesu Kreste le majalefa hammoho le eena a 144 000 ba tla busa holim’a batho bohle ba sa khathatsoe ke letho le tsoang mokhatlong oa Diabolose. Ho phethahatsa selekane sa Jehova le “motsoalle” oa hae Abrahama, tlhohonolofatso ea ka ho sa feleng ea batho bohle ba lopolotsoeng e tla qala ka “bongata bo boholo ba batho,” ba tla pholoha “mahlomola” ao ho seng a tla ke a tšoane le oona ao tsamaiso ena e khopo e tla fela ka ’ona. E tla fetela ho batho ba shoeleng ba libillione ba lopolotsoeng ka “mali a Konyana,” Jesu Kreste. (Jakobo 2:21-23; Tšenolo 7:1-17; Genese 12:3; 22:15-18; Mattheu 24:21, 22) Ntlheng ena, bana ba tla tsosoa borokong ba bona ba lefu mabitleng a khopotso hore ba tle bophelong lefatšeng.—Johanne 5:28, 29.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela