Khaolo 40
Ho Silakanya Hlooho ea Noha
Pono 14—Tšenolo 20:1-10
Moko-taba: Ho koalloa ha Satane ka mohohlong, Puso ea Lilemo Tse Sekete, teko ea ho qetela ea batho, le ho timetsoa ha Satane
Nako ea phethahatso: Ho tloha qetellong ea matšoenyeho a maholo ho ea timetsong ea Satane
1. Boprofeta ba pele ba Bibele bo ile ba tsoela pele ho phethahala joang?
NA U hopola boprofeta ba pele ba Bibele? Bo ile ba boleloa ke Jehova Molimo ha a ne a re ho Noha: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.” (Genese 3:15) Hona joale phethahatso ea boprofeta boo e fihla tlhōrōng! Re ithutile kamoo Satane a ’nileng a loantša mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo o kang mosali. (Tšenolo 12:1, 9) Peō ea lefatšeng ea Noha, ka bolumeli ba eona, lipolotiki, le khoebo e khōlō, ka sehlōhō e hlorisitse peō ea mosali, e leng Jesu Kreste le balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba 144 000, mona lefatšeng. (Johanne 8:37, 44; Bagalata 3:16, 29) Satane o ile a bakela Jesu lefu le bohloko. Empa le ile la tšoana le leqeba le seretheng, hobane Molimo o ile a tsosa Mora oa hae ea tšepahalang ka letsatsi la boraro.—Liketso 10:38-40.
2. Noha e khojoa joang, ’me ho etsahala joang ka peō ea lefatšeng ea Noha?
2 Ho thoe’ng ka Noha le peō ea eona? Hoo e ka bang ka 56 C.E. moapostola Pauluse o ile a ngola lengolo le lelelele le eang ho Bakreste ba Roma. Ha a le phetha, o ile a ba khothatsa ka ho re: “Molimo ea fanang ka khotso o tla silakanya Satane ka tlas’a maoto a lōna haufinyane.” (Baroma 16:20) Hona e ke ke ea e-ba ho setla ka holimo feela. Satane o tla silakanngoa! Mona Pauluse o ile a sebelisa lentsoe la Segerike syn·triʹbo, le bolelang ho tlantla ntho hore e be reberebe, ho hatakela, ho felisa ka ho feletseng ka ho silakanya. Ha e le batho bao e leng peō ea Noha, ba lokela ho otloa habohloko ka letsatsi la Morena le tla fihla tlhōrōng ka matšoenyeho a maholo ha Babylona e Moholo le litsamaiso tsa lipolotiki tsa lefatše, hammoho le batho ba li tšehetsang ka lichelete le ka sesole ba silakanngoa ka ho feletseng. (Tšenolo, khaolo ea 18 le 19) Ka tsela ena, Jehova o etsa hore bora bo pakeng tsa peō tsena tse peli bo fihle tlhōrōng. Peō ea mosali oa Molimo e hlōla peō ea lefatšeng ea Noha, ’me peō eo e ke ke ea hlola e e-ba teng!
Satane o Koalloa ka Mohohlong
3. Johanne o re ho tla etsahala joang ka Satane?
3 Ebe joale ho tla etsahala’ng ka Satane le bademona ba hae? Johanne o re: “Ka bona lengeloi le theoha leholimong le e-na le senotlolo sa mohohlo le ketane e khōlō letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea pele, eo e leng Diabolose le Satane, ’me la e tlama ka lilemo tse sekete. La e lihela ka mohohlong ’me la o koala le ho o tiisa holim’a eona, e le hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba ho fihlela lilemo tseo tse sekete li felile. Ka mor’a lintho tsena e tla lokolloa ka nakoana.”—Tšenolo 20:1-3.
4. Lengeloi le nang le senotlolo sa mohohlo ke mang, ’me re tseba joang?
4 Lengeloi lee ke mang? E tlameha ebe le na le matla a maholo ha e le moo le khona ho koalla sera se seholo sa Jehova. Le na le “senotlolo sa mohohlo le ketane e khōlō.” Na hoo ha ho re hopotse pono ea pejana? E, morena ea okametseng litsie o bitsoa “lengeloi la mohohlo”! (Tšenolo 9:11) Kahoo, mona re boetse re bona ea ka Sehloohong ea Tlosang Qoso ho Jehova, e leng Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng, a kene khabong. Lengeloi lena le ka sehloohong le ileng la ntša Satane leholimong, la ahlola Babylona e Moholo, la ba la felisa “marena a lefatše le mabotho a ’ona” ka Armagedone, ka sebele le ne le ke ke la emella thōko eaba le tlohella hore lengeloi le ka tlaasana ho lona e be lona le etsang mosebetsi o tsoileng matsoho oa ho koalla Satane ka mohohlong!—Tšenolo 12:7-9; 18:1, 2; 19:11-21.
5. Lengeloi la sekoti le etsa’ng ka Satane Diabolose, hona hobane’ng?
5 Ha drakone e khōlō e ’mala oa mollo e ne e liheloa fatše ha e ntšoa leholimong, ho ile ha thoe ke “noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Tšenolo 12:3, 9) Joale, ha e se e tšoaroa ebile e koalloa ka mohohlong, e hlalosoa hape ka botlalo e le “drakone, noha ea pele, eo e leng Diabolose le Satane.” Enoa ea tummeng hampe e le moharoli, mothetsi, moetselletsi le mohanyetsi, o tlangoa ka ketane ’me o liheloa “ka mohohlong,” o koaloang le ho tiisoa ka thata, ‘e le hore a tle a se ke a hlola a khelosa lichaba.’ Satane o kenngoa ka mohohlong ka lilemo tse sekete, e leng nakong eo ka eona a ke keng a hlola a susumetsa batho joalokaha le motšoaruoa ea koaletsoeng teronkong e ka tlas’a mohaho a ke ke a khona ho susumetsa batho. Lengeloi la mohohlo le tlosa Satane ka ho feletseng hore ho se ke ha e-ba le moo a kopanang teng le ’Muso o lokileng. Batho ba tla imoloha hakaakang!
6. (a) Ke bopaki bofe bo bontšang hore bademona le bona ba tla ea ka mohohlong? (b) Ke eng joale e ka qalang, hona hobane’ng?
6 Ho etsahala joang ka bademona? Le bona ‘ba boloketsoe kahlolo.’ (2 Petrose 2:4) Satane o bitsoa “Beelzebube ’musi oa bademona.” (Luka 11:15, 18; Matheu 10:25) Ka lebaka la hore ba sebelisane le Satane ka nako e telele, na le bona ha baa lokela hore ba fuoe kahlolo e tšoanang? Ke khale bademona ba tšaba mohohlo; ka lekhetlo le leng ha Jesu a ba hanyetsa, ba ile ba ‘’na ba mo kōpa ka tieo hore a se ke a ba laela hore ba tlohe ba ee ka mohohlong.’ (Luka 8:31) Empa ha Satane a koalloa ka mohohlong, ka sebele mangeloi a hae a tla liheloa ka mohohlong hammoho le eena. (Bapisa le Esaia 24:21, 22.) Ka mor’a hore Satane le bademona ba hae ba koalloe ka mohohlong, Puso ea Lilemo Tse Sekete ea Jesu Kreste e ka qala.
7. (a) Satane le bademona ba hae ba tla ba boemong bofe ha ba ntse ba le ka mohohlong, hona re tseba joang? (b) Na Hadese le mohohlo ke ntho e tšoanang? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
7 Na Satane le bademona ba hae ba tla ’ne ba sebetse ha ba le ka mohohlong? Hopola sebata se ’mala o sekareleta, se lihlooho li supileng ‘se neng se le teng, empa se le sieo, leha ho le joalo se le haufi le ho nyoloha ka mohohlong.’ (Tšenolo 17:8) Ha se ntse se le ka mohohlong, ‘se ne se le sieo.’ Se ne se sa sebetse, se sa etse letho, ho tšoana le ha se shoele. Ka ho tšoanang, ha moapostola Pauluse a bua ka Jesu, o ile a re: “‘Ke mang ea tla theohela ka mohohlong?’ ke hore, ho nyolla Kreste bafung.” (Baroma 10:7) Ha Jesu a ntse a le ka mohohlong oo, o ne a shoele.a Kahoo, hoa utloahala ho etsa qeto ea hore Satane le bademona ba hae ba tla ba boemong ba ho se sebetse bo kang ba lefu ka lilemo tse sekete ha ba koaletsoe ka mohohlong. Tsee ke litaba tse molemo hakaakang ho ba ratang ho loka!
Baahloli ka Lilemo Tse Sekete
8, 9. Joale Johanne o re bolella eng ka ba lutseng literoneng, ’me ke bo-mang?
8 Ka mor’a lilemo tse sekete, Satane o lokolloa ka mohohlong ka nako e khutšoanyane. Hobane’ng? Pele Johanne a araba, o re hlokomelisa se etsahetseng ha nako eo e qala. Rea bala: “Ka bona literone, ’me ho ne ho e-na le ba ileng ba lula holim’a tsona, eaba ba fuoa matla a ho ahlola.” (Tšenolo 20:4a) Ke bo-mang baa ba lutseng literoneng ba busang maholimong le Jesu ea tlotlisitsoeng?
9 Ke “bahalaleli” bao Daniele a ba hlalositseng e le ba busang ’Musong le Ea “joaloka mor’a motho.” (Daniele 7:13, 14, 18) Ke ntho e le ’ngoe le baholo ba 24 ba lutseng literoneng tsa leholimo moo Jehova a leng hona teng. (Tšenolo 4:4) Ba akarelletsa baapostola ba 12, bao Jesu a ileng a ba tšepisa hore: “Pōpong e entsoeng bocha, ha Mor’a motho a lula teroneng ea hae e khanyang, lōna ba ntatetseng le lōna le tla lula literoneng tse leshome le metso e ’meli, le ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.” (Matheu 19:28) Ba akarelletsa le Pauluse, hammoho le Bakreste ba Korinthe ba ileng ba lula ba tšepahala. (1 Bakorinthe 4:8; 6:2, 3) Hape ba ne ba tla akarelletsa le litho tsa phutheho ea Laodisia tse ileng tsa hlōla.—Tšenolo 3:21.
10. (a) Joale Johanne o hlalosa marena a 144 000 joang? (b) Ho latela seo Johanne a re boleletseng sona pejana, marena a 144 000 a akarelletsa bo-mang?
10 Literone—tse 144 000—li lokiselitsoe bahlōli bana ba tlotsitsoeng ba ‘rekiloeng har’a moloko oa batho joaloka litholoana tsa pele ho Molimo le ho Konyana.’ (Tšenolo 14:1, 4) “E,” Johanne o tsoela pele, “ka bona meea ea ba bolailoeng ka selepe ka lebaka la bopaki boo ba ileng ba pakela Jesu ka bona le ka lebaka la ho bua ka Molimo, le ba neng ba sa rapela sebata kapa setšoantšo sa sona le ba neng ba sa amohela letšoao liphatleng tsa bona le matsohong a bona.” (Tšenolo 20:4b) Har’a marena ao, ke Bakreste ba tlotsitsoeng ba shoetseng tumelo bao pejana ha ho buloa tiiso ea bohlano, ba ileng ba botsa Jehova hore na o tla ema halelele hakae pele a pheteletsa mali a bona. Ka nako eo, ba ile ba fuoa seaparo se selelele sa ka holimo se sesoeu ’me ba bolelloa hore ba lete ka nakoana e eketsehileng. Empa joale ba se ba phetelelitsoe ka hore ho ripitloe Babylona e Moholo, ka hore Morena oa marena le Khosi ea likhosi a timetse lichaba, le ka hore Satane a koalloe ka mohohlong.—Tšenolo 6:9-11; 17:16; 19:15, 16.
11. (a) Re lokela ho utloisisa poleloana e reng ba ‘bolailoe ka selepe’ joang? (b) Ke hobane’ng ha ho ka thoe bohle ba 144 000 ba shoele lefu la sehlabelo?
11 Na baahloli baa bohle ba 144 000 ba marena ba hlile ba ‘bolailoe ka selepe’? Ho ka etsahala hore ebe ke ba seng bakae feela ho bona ba hlileng ba bolailoeng ka selepe. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore polelo ena e reretsoe ho akarelletsa Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba mamellang ho shoela tumelo ka tsela leha e le efe.b (Matheu 10:22, 28) Ka sebele, Satane o ne a ka rata ho ba bolaea kaofela ka selepe, empa, ha e le hantle, hase bara bohle babo Jesu ba tlotsitsoeng ba shoang e le bashoela-tumelo. Ba bangata ba bona ba bolaoa ke ho kula kapa botsofali. Leha ho le joalo, le bona ba oela sehlopheng seo joale Johanne a se bonang. Ka kutloisiso e itseng, lefu la bona kaofela ke la sehlabelo. (Baroma 6:3-5) Ho phaella moo, ha ho le ea mong ho bona eo e neng e le karolo ea lefatše. Kahoo, kaofela ha bona ba ile ba hlouoa ke lefatše ’me ha e le hantle, ba joaloka ba shoeleng mahlong a lona. (Johanne 15:19; 1 Bakorinthe 4:13) Ha ho le ea mong ho bona ea ileng a rapela sebata kapa setšoantšo sa sona, ’me ha ba e-shoa, ha ho le ea mong ho bona ea neng a e-na le letšoao la sebata. Kaofela ha bona ba shoele e le bahlōli.—1 Johanne 5:4; Tšenolo 2:7; 3:12; 12:11.
12. Johanne o tlaleha’ng ka marena a 144 000, ’me a phela neng?
12 Joale bahlōli bana ba boetse baa phela! Johanne o tlaleha tjena: “Ba phela eaba ba busa e le marena le Kreste ka lilemo tse sekete.” (Tšenolo 20:4c) Na hoo ho bolela hore baahloli baa ha ba tsosoe ho fihlela ka mor’a hore lichaba li timetsoe ’me Satane le bademona ba hae ba koalloe ka mohohlong? Che. Boholo ba bona ba se ba ntse ba phela, kaha ba ile ba palama le Jesu ha a hlasela lichaba ka Armagedone. (Tšenolo 2:26, 27; 19:14) Ka sebele, Pauluse o ile a bontša hore tsoho ea bona e qala hang-hang ka mor’a ho qaleha ha nako ea ho ba teng ha Jesu ka 1914 le hore ba bang ba tsosoa pele ho ba bang. (1 Bakorinthe 15:51-54; 1 Bathesalonika 4:15-17) Kahoo, ho phela ha bona ho etsahala ka nako e telele ha ka bomong ba amohela mpho ea bophelo ba ho se shoe maholimong.—2 Bathesalonika 1:7; 2 Petrose 3:11-14.
13. (a) Re lokela ho nka lilemo tse sekete tseo ba 144 000 ba busang ka tsona joang, hona hobane’ng? (b) Papias oa Hierapolis o ne a nka lilemo tseo tse sekete joang? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
13 Ba tla busa ba be ba ahlole ka lilemo tse sekete. Na tsee ke lilemo tse sekete tsa sebele, kapa re lokela ho nka hore li tšoantšetsa nako e telele e sa hlalosoang? “Likete” li ka ’na tsa bolela palo e khōlō, e sa lekanyetsoang, joaloka ho 1 Samuele 21:11. Empa mona “sekete” ke palo ea sebele, kaha ho Tšenolo 20:5-7 e boleloa ka makhetlo a mararo e le “lilemo tseo tse sekete.” Pauluse o ile a bitsa nako ena ea kahlolo “letsatsi” ha a re: “[Molimo] o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” (Liketso 17:31) Kaha Petrose o re bolella hore letsatsi le le leng ho Jehova le joaloka lilemo tse sekete, ho loketse hore Letsatsi lena la Kahlolo e be lilemo tsa sebele tse sekete.c—2 Petrose 3:8.
Bafu ba Bang Kaofela
14. (a) Johanne o kenyelletsa polelo efe e buang ka “bafu ba bang kaofela”? (b) Mantsoe a moapostola Pauluse a chabisa leseli joang poleloaneng e reng “ba phela”?
14 Leha ho le joalo, marena aa a tla ahlola bo-mang haeba joalokaha moapostola Johanne a hlalosa, “(bafu ba bang kaofela ha baa ka ba phela ho fihlela lilemo tseo tse sekete li felile)”? (Tšenolo 20:5a) Le mona, lentsoe “phela” le lokela ho utloisisoa ho latela moelelo. Lentsoe lena le ka bolela lintho tse sa tšoaneng maemong a sa tšoaneng. Ka mohlala, Pauluse o ile a re ka Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng: “Ke lōna bao Molimo a ileng a ba phelisa le hoja le ne le shoele litšitong le libeng tsa lōna.” (Baefese 2:1) E, le lekholong la pele la lilemo Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba ile ba ‘phelisoa,’ ha boleloa hore ba lokile motheong oa tumelo ea bona sehlabelong sa Jesu.—Baroma 3:23, 24.
15. (a) Lipaki tsa Jehova tsa pele ho Bokreste li ne li le boemong bofe ho Molimo? (b) Linku tse ling li “phela” ka kutloisiso efe, ’me li tla rua lefatše ka kutloisiso e feletseng neng?
15 Ka ho tšoanang, ho ile ha boleloa hore lipaki tsa Jehova tsa pele ho Bokreste li ne li lokile mabapi le ho ba metsoalle ea Molimo; ’me ho ile ha thoe Abrahama, Isaka, le Jakobo e ne e le “ba phelang” le hoja ba ne ba shoele ’meleng. (Matheu 22:31, 32; Jakobo 2:21, 23) Leha ho le joalo, bona le ba bang bohle ba tsosoang, hammoho le bongata bo boholo ba linku tse ling tse tšepahalang bo pholohang Armagedone le bana leha e le bafe bao ba ka ’nang ba e-ba le bona lefatšeng le lecha, ke hona ba tla etsoa batho ba phethahetseng. Sena se tla etsoa ke Kreste le marena le baprista hammoho le eena nakong ea Letsatsi la Kahlolo la lilemo tse sekete, motheong oa sehlabelo sa Jesu sa thekollo. Qetellong ea Letsatsi leo, “bafu ba bang kaofela” ba tla be ba se ba ‘phela’ ka kutloisiso ea hore e tla be e le batho ba phethahetseng. Joalokaha re tla bona, joale ba tlameha ho feta tekong ea ho qetela, empa ba tla tobana le teko eo e le batho ba phethahetseng. Ha ba hlōla teko eo, Molimo o tla bolela hore ba tšoaneloa ke ho phela ka ho sa feleng, e le ba lokileng ka kutloisiso e feletseng. Tšepiso ena e tla phethahala ka ho feletseng ho bona: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Batho ba mamelang ba letetsoe ke bokamoso bo thabisang hakaakang!
Tsoho ea Pele
16. Johanne o hlalosa tsoho e fumanoang ke ba busang e le marena le Kreste joang, hona hobane’ng?
16 Joale ha a khutlela ho ba ileng “ba phela eaba ba busa e le marena le Kreste,” Johanne oa ngola: “Ena ke tsoho ea pele.” (Tšenolo 20:5b) Ke ea pele joang? Ke “tsoho ea pele” tabeng ea nako, hobane ba e fumanang ke “litholoana tsa pele ho Molimo le ho Konyana.” (Tšenolo 14:4) Hape ke ea pele ka bohlokoa, kaha ba kopanelang ho eona ba fetoha babusi-’moho le Jesu ’Musong oa hae oa leholimo ’me ba ahlola batho ba bang kaofela. Qetellong, ke ea pele ea mofuta oa eona. Ntle ho Jesu Kreste ka boeena, ba tsositsoeng tsohong ea pele ke bona feela libōpuoa tseo ka Bibeleng ho thoeng li amohela ho se shoe.—1 Bakorinthe 15:53; 1 Timothea 6:16.
17. (a) Johanne o hlalosa tlhohonolofatso eo Bakreste ba tlotsitsoeng ba e lebeletseng joang? (b) “Lefu la bobeli” ke eng, hona ke hobane’ng ha le ‘se na matla’ holim’a bahlōli ba 144 000?
17 Batlotsuoa baa ba lebeletse tlhohonolofatso e kaakang! Joalokaha Johanne a bolela: “Ho thaba ’me ho halalela mang kapa mang ea nang le kabelo tsohong ea pele; lefu la bobeli ha le na matla holim’a bona.” (Tšenolo 20:6a) Joalokaha Jesu a ile a tšepisa Bakreste ba Smyrna, bahlōli bana ba kopanelang “tsohong ea pele” ba ke ke ba ntšoa kotsi ke “lefu la bobeli,” le bolelang pheliso e feletseng, timetso eo ho eona ho se nang tšepo ea tsoho. (Tšenolo 2:11; 20:14) Lefu la bobeli “ha le na matla” holim’a bahlōli ba joalo, hobane ba tla be ba apere ho se bole le ho se shoe.—1 Bakorinthe 15:53.
18. Joale Johanne o re’ng ka babusi ba bacha ba lefatše, ’me ba tla finyella eng?
18 Boemo boo bo fapane hakaakang le ba marena a lefatše nakong ea ha Satane e ntse e le eena ea laolang! Marena ana a busitse ka lilemo tse 50 kapa 60 feela, ha ho thoe li ngata, ’me boholo ba ’ona a busitse ka lilengoana tse seng kae feela. A mangata a ’ona a hateletse batho. Ntle ho moo, lichaba li ne li ka rua molemo o sa feleng joang tlas’a babusi ba fetohang joalo-joalo ba etsang melao e lulang e ntse e fetoha joalo-joalo? Ho fapana le bona, ha Johanne a bua ka babusi ba bacha ba lefatše o re: “Empa e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena e le marena ka lilemo tseo tse sekete.” (Tšenolo 20:6b) Ba e-na le Jesu, ba tla bōpa puso e le ’ngoe feela ka lilemo tse sekete. Tšebeletso ea bona ea boprista, ha ho sebelisoa molemo oa sehlabelo se phethahetseng sa Jesu e le motho, e tla etsa hore batho ba mamelang e be ba phethahetseng moeeng, boitšoarong le ’meleng. Tšebeletso ea bona ea borena e tla fella ka ho haha mokhatlo oa lefatše lohle oa batho o bonahatsang ho loka ha Jehova le khalalelo ea hae. E le baahloli ka lilemo tse sekete, ka lerato bona hammoho le Jesu ba tla tataisa batho ba ananelang ho ba isa pakaneng ea bophelo bo sa feleng.—Johanne 3:16.
Teko ea ho Qetela
19. Boemo ba lefatše le boemo ba batho e tla be e le bofe qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, ’me joale Jesu o etsa’ng?
19 Qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, lefatše lohle le tla be le tšoana le Edene ea tšimolohong. E tla ba paradeise ea ’nete. Batho ba phethahetseng ba ke ke ba hlola ba hloka moprista ea phahameng ea tla ba buella ka pel’a Molimo, kaha lintho tsohle tse bakiloeng ke sebe sa Adama li tla be li tlositsoe ’me sera sa ho qetela, e leng lefu, se entsoe lefeela. ’Muso oa Kreste o tla be o finyeletse morero oa Molimo oa ho bōpa lefatše le le leng le nang le puso e le ’ngoe. Ntlheng ena, Jesu o “nehelana ka ’muso ho Molimo le Ntat’ae.”—1 Bakorinthe 15:22-26; Baroma 15:12.
20. Johanne o re bolella hore ho tla etsahala eng ha e le nako ea teko ea ho qetela?
20 Joale ke nako ea teko ea ho qetela. Na lefatše leo le entsoeng ka batho ba phethahetseng le tla ema le tiile botšepehing ba lona, ho fapana le batho ba pele ba Edene? Johanne o re bolella se etsahalang: “Joale hang ha lilemo tseo tse sekete li felile, Satane o tla lokolloa hore a tsoe chankaneng ea hae, ’me o tla tsoa ho ea khelosa lichaba tseo likhutlong tse ’nè tsa lefatše, Gogo le Magogo, ho li bokella bakeng sa ntoa. Palo ea tsona e kaalo ka lehlabathe la leoatle. Tsa tsoela lefatšeng ka bophara le ho pota-pota liahelo tsa bahalaleli le motse o ratoang.”—Tšenolo 20:7-9a.
21. Satane o etsa eng boitekong ba hae ba ho qetela, ’me ke hobane’ng ha re sa lokela ho makatsoa ke hore ebe ba bang ba tla latela Satane le ka mor’a Puso ea Lilemo Tse Sekete?
21 Boiteko ba ho qetela ba Satane bo tla fella ka eng? O thetsa ‘lichaba tse likhutlong tse ’nè tsa lefatše, Gogo le Magogo,’ ’me o li isa ‘ntoeng.’ Ebe ke bafe ba ka ’nang ba ema le Satane ka mor’a lilemo tse sekete tsa puso ea Molimo e thabisang le e molemo? U se ke ua lebala hore Satane o ile a atleha ho khelosa Adama le Eva ba phethahetseng ha ba ntse ba thabela bophelo Paradeiseng ea Edene. ’Me o ile a atleha ho khelosa mangeloi a leholimo a neng a bone liphello tse mpe tsa bofetoheli ba tšimolohong. (2 Petrose 2:4; Juda 6) Kahoo, ha rea lokela ho makala hore ebe batho ba bang ba phethahetseng ba tla ekoa hore ba latele Satane le ka mor’a lilemo tse sekete tse thabisang tsa ho busoa ke ’Muso oa Molimo.
22. (a) Poleloana e reng ‘lichaba tse likhutlong tse ’nè tsa lefatše’ e bontša’ng? (b) Ke hobane’ng ha bafetoheli baa ba bitsoa “Gogo le Magogo”?
22 Bibele e bitsa bafetoheli bana ‘lichaba tse likhutlong tse ’nè tsa lefatše.’ Hona ha ho bolele hore batho ba tla be ba arotsoe hape e le lichaba tse sa lumellaneng. Ho mpa ho bontša hore bana ba tla ikarola ho batho ba Jehova ba lokileng le ba tšepahalang ’me ba bontše moea o mobe o tšoanang le oo lichaba li o bontšang kajeno. Ba tla “nahana morero o mobe,” joaloka Gogo oa Magogo ea boleloang boprofeteng ba Ezekiele, ka sepheo sa ho felisa puso ea Molimo lefatšeng. (Ezekiele 38:3, 10-12) Ke ka lebaka leo ba bitsoang “Gogo le Magogo.”
23. Taba ea hore palo ea bafetoheli e “kaalo ka lehlabathe la leoatle” e bontša’ng?
23 Palo ea ba ikopanyang le Satane bofetoheling ba hae e tla ba “kaalo ka lehlabathe la leoatle.” Ee ke palo e kae? Hase palo e boletsoeng esale pele. (Bapisa le Joshua 11:4; Baahloli 7:12.) Palo ea ho qetela ea bafetoheli e tla itšetleha ka hore na motho ka mong o etsa joang ha a tobane le maqiti a thetsang a Satane. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore palo eo e tla ba khōlō, kaha ba tla ikutloa ba le matla ka ho lekaneng hore ba ka hlōla “liahelo tsa bahalaleli le motse o ratoang.”
24. (a) “Motse o ratoang” ke eng, hona o ka pota-potoa joang? (b) “Liahelo tsa bahalaleli” li tšoantšetsa’ng?
24 E tlameha ebe “motse o ratoang” ke motse oo Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng a buang ka oona ha a bua le balateli ba hae ho Tšenolo 3:12 oo a o bitsang “motse oa Molimo oa ka, Jerusalema e mocha ea theohang a tsoa leholimong ho Molimo oa ka.” Kaha ona ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo, mabotho aa a lefatšeng a ka o ‘pota-pota’ joang? Ke ka kutloisiso ea hore a pota-pota “liahelo tsa bahalaleli.” Liahelo li ka ntle ho motse; ka lebaka leo, e tlameha ebe “liahelo tsa bahalaleli” li tšoantšetsa batho ba lefatšeng ka ntle ho sebaka seo Jerusalema e Mocha e leng ho sona leholimong, ba tšehetsang ka botšepehi tokisetso ea Jehova ea puso. Ha bafetoheli ba tlas’a Satane ba hlasela bao ba tšepahalang, Morena Jesu o nka hore ba hlasela eena. (Matheu 25:40, 45) “Lichaba tseo” li tla leka ho felisa sohle seo Jerusalema e Mocha oa leholimo a se finyeletseng ka ho etsa lefatše paradeise. Kahoo, ha li hlasela “liahelo tsa bahalaleli,” li hlasela le “motse o ratoang.”
Letša la Mollo le Sebabole
25. Johanne o hlalosa se tla etsahala ha bafetoheli ba hlasela ‘liahelo tsa bahalaleli’ joang, ’me hoo ho tla bolela eng ho Satane?
25 Na boiteko boo ba ho qetela ba Satane bo tla atleha? Ka sebele bo ke ke—joalokaha tlhaselo eo Gogo oa Magogo a tla tloha a e etsa ho Iseraele ea moea mehleng ea rōna e ke ke ea atleha! (Ezekiele 38:18-23) Johanne o hlalosa ka ho hlaka se tla etsahala: “Empa mollo oa theoha leholimong ’me oa li chesa. Diabolose ea neng a li khelosa a liheloa ka letšeng la mollo le sebabole, moo sebata le moprofeta oa bohata ba neng ba se ba le hona teng.” (Tšenolo 20:9b-10a) Ho e-na le hore a koalloe ka mohohlong feela, lekhetlong lena Satane, noha ea pele, o tla hle a silakanngoe hore a se be teng, a pshatlakanngoe, a felisoe ka ho feletseng joalokaha eka ke ka mollo.
26. Ke hobane’ng ha ‘letša la mollo le sebabole’ e ke ke ea e-ba sebaka sa sebele sa tlhokofatso?
26 Re se re hlokometse hore ‘letša la mollo le sebabole’ e ke ke ea e-ba sebaka sa sebele sa tlhokofatso. (Tšenolo 19:20) Haeba Satane a ne a ka hlokofatsoa moo ka ho sa feleng, Jehova o ne a tla lokela ho etsa hore a lule a phela. Empa bophelo ke mpho, hase kotlo. Lefu ke eona kotlo bakeng sa sebe, ’me ho ea ka Bibele, libōpuoa tse shoeleng ha li utloe bohloko. (Baroma 6:23; Moeklesia 9:5, 10) Ho feta moo, hamorao re bala hore lefu ka bolona, hammoho le Hadese, le liheloa hona letšeng lena la mollo le sebabole. Ka sebele, lefu le Hadese li ke ke tsa utloa bohloko!—Tšenolo 20:14.
27. Se etsahaletseng Sodoma le Gomora se re thusa joang ho utloisisa poleloana e reng letša la mollo le sebabole?
27 Sena sohle se etsa hore re kholisehe hore letša la mollo le sebabole ke la tšoantšetso. Ho feta moo, ha ho buuoa ka mollo le sebabole hoo ho re hopotsa se ileng sa hlahela Sodoma le Gomora tsa boholo-holo, tse ileng tsa felisoa ke Molimo ka lebaka la bokhopo ba tsona bo feteletseng. Ha nako ea tsona e fihla, “Jehova [o ile] a nesa sebabole le mollo o tsoang ho Jehova, maholimong, holim’a Sodoma le holim’a Gomora.” (Genese 19:24) Se ileng sa hlahela metse eo e ’meli se bitsoa ‘kotlo ea boahloli ea mollo o sa feleng.’ (Juda 7) Leha ho le joalo, metse eo e ’meli ha ea ka ea hlokofatsoa ka ho sa feleng. Ho e-na le hoo, e ile ea felisoa ka ho feletseng, ea ripitloa ka ho sa feleng hammoho le baahi ba eona ba boitšoaro bo hlephileng. Metse eo ha e sa le eo kajeno, ’me ha ho ea ka bolelang ka tieo hore na ha e le hantle e ne e le hokae.
28. Letša la mollo le sebabole ke eng, ’me le fapane joang le lefu, Hadese le mohohlo?
28 Tumellanong le sena, Bibele ka boeona e hlalosa se boleloang ke letša la mollo le sebabole, e re: “Sena se bolela lefu la bobeli, letša la mollo.” (Tšenolo 20:14) Ho hlakile hore ke ntho e le ’ngoe le Gehenna eo Jesu a buileng ka eona, ke sebaka seo ba khopo ba leng ho sona ha ba timelitsoe, ba sa hlokofatsoe ka ho sa feleng. (Matheu 10:28) Ke timetso e feletseng, e phethahetseng eo ho eona ho se nang tšepo ea tsoho. Kahoo, le hoja ho e-na le linotlolo tsa lefu, Hadese, le mohohlo, ha ho buuoe letho ka senotlolo sa ho bula letša la mollo le sebabole. (Tšenolo 1:18; 20:1) Le ka mohla le ke ke la lokolla batšoaruoa ba lona.—Bapisa le Mareka 9:43-47.
Ba Hlokofatsoa Bosiu le Motšehare ka ho sa Feleng
29, 30. Johanne o re’ng ka Diabolose hammoho le sebata le moprofeta oa bohata, ’me see se lokela ho utloisisoa joang?
29 Ha a bua ka Diabolose hammoho le sebata le moprofeta oa bohata, joale Johanne o re bolella sena: “’Me ba tla hlokofatsoa bosiu le motšehare ka ho sa feleng le kamehla.” (Tšenolo 20:10b) Ebe hoo ho bolela’ng? Joalokaha ho se ho boletsoe, ha ho utloahale ho bolela hore lintho tsa tšoantšetso tse kang sebata le moprofeta oa bohata, hammoho le lefu le Hadese, li ka hlokofatsoa ka tsela ea sebele. Kahoo, ha re na lebaka la ho lumela hore Satane o tla hlokofatsoa ka ho sa feleng. O tla felisoa ka ho feletseng.
30 Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona bakeng sa “ho hlokofatsa,” ba·sa·niʹzo, haholo-holo le bolela “ho leka (litšepe) ka ho sebelisa lejoe leo e leng mohlala.” Tlhaloso ea bobeli ke “ho botsisisa ka ho sebelisa tlhokofatso.” (The New Thayer’s Greek-English Lexicon of the New Testament) Tabeng eo ho buuoang ka eona, ho sebelisoa ha lentsoe lena la Segerike ho bontša hore se etsahallang Satane se tla sebetsa ka ho sa feleng e le mohlala o tla sebelisoa tsekong ea hore na puso ea Jehova e nepahetse le hore na e lokile. Tseko eo ea puso ea bokahohle e tla be e rarolotsoe ka ho feletseng. Ha ho mohla ho tla hlokahala hore ho phephetsa bobusi ba Jehova ho lekoe ka nako e telele e le hore ho pakoe hore ho fosahetse.—Bapisa le Pesaleme ea 92:1, 15.
31. Mantsoe a mabeli a Segerike a amanang le le bolelang “ho hlokofatsa” a re thusa joang ho utloisisa kotlo eo Satane Diabolose a e fuoang?
31 Ho phaella moo, lentsoe le amanang le leo, e leng ba·sa·ni·stesʹ, “mohlokofatsi,” le sebelisitsoe ka Bibeleng ho bolela “molebeli oa teronko.” (Matheu 18:34, Kingdom Interlinear) Tumellanong le sena, Satane o tla kenngoa litlamong ka ho sa feleng letšeng la mollo; a ke ke a lokolloa le ka mohla. Qetellong, ho Septuagint ea Segerike eo Johanne a neng a e tseba hantle, lentsoe le amanang le leo, e leng baʹsa·nos le sebelisoa ha ho buuoa ka ho tlotlolloa ho isang lefung. (Ezekiele 32:24, 30) Hona ho re thusa ho bona hore kotlo eo Satane a e fumanang ke lefu le tlotlollang, la ka ho sa feleng letšeng la mollo le sebabole. Mesebetsi ea hae e shoa le eena.—1 Johanne 3:8.
32. Bademona ba tla fuoa kotlo efe, ’me re tseba joang?
32 Hape, ha ho boleloe letho ka bademona temaneng ena. Na ba tla lokolloa le Satane qetellong ea lilemo tse sekete ba ntoo boela ba fuoa kotlo ea lefu la ka ho sa feleng le eena? Bopaki bo bontša hore ho tla ba joalo. Papisong ea linku le lipōli, Jesu o ile a re lipōli li ne li tla ea “mollong o sa feleng o lokiselitsoeng Diabolose le mangeloi a hae.” (Matheu 25:41) E tlameha ebe polelo e reng ‘mollo o sa feleng’ e bolela letša la mollo le sebabole leo Satane a tla liheloa ho lona. Mangeloi a Diabolose a ile a lelekoa le eena leholimong. Kamoo ho bonahalang kateng, a ile a koalloa le eena ka mohohlong mathoasong a Puso ea Lilemo Tse Sekete. Kahoo, hoa utloahala hore a tla timetsoa le eena ka letšeng la mollo le sebabole.—Matheu 8:29.
33. Ke ntlha efe ea ho qetela e boletsoeng ho Genese 3:15 e tla phethahatsoa, ’me joale moea oa Jehova o hlokomelisa Johanne taba efe?
33 Ka tsela ena, ntlha ea ho qetela ea boprofeta bo tlalehiloeng ho Genese 3:15 ea phethahala. Ha Satane a liheloa ka letšeng la mollo, o tla shoa joaloka noha e silakantsoeng hlooho ka serethe sa tšepe. Eena le bademona ba hae ba tla be ba ile ka ho sa feleng. Ha ho sa na moo ho buuoang ka bona hape bukeng ea Tšenolo. Joale, ha bana ba se ba felisitsoe ho ea ka se profetiloeng, moea oa Jehova o hlokomelisa ka taba eo ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba e thahasellang haholo: Puso ea leholimo ea “Morena oa marena” le ‘ba bitsitsoeng le ba khethiloeng le ba tšepahalang ba nang le eena’ e tla etsetsa batho eng? (Tšenolo 17:14) Ho arabela potso eo, Johanne o boetse o re khutlisetsa mathoasong a Puso ea Lilemo Tse Sekete.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mangolo a mang a bolela hore Jesu o ne a le Hadese ha a ntse a shoele. (Liketso 2:31) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho nahana hore kamehla Hadese le mohohlo ke ntho e tšoanang. Le hoja sebata le Satane ba ea ka mohohlong, batho ke bona feela bao ho thoeng ba ea Hadese, moo ba robetseng lefung ho fihlela ba tsosoa.—Jobo 14:13; Tšenolo 20:13.
b Ho bonahala ka tloaelo selepe (peʹle·kus, ka Segerike) se ne se sebelisetsoa ho bolaea Roma, le hoja mehleng ea Johanne ho ne ho se ho sebelisoa sabole haholo. (Liketso 12:2) Ka lebaka leo, lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona, pe·pe·le·kis·meʹnon (‘bolailoe ka selepe’), le mpa le bolela feela “bolailoe.”
c Hoa thahasellisa hore rahistori oa lekholong la bone la lilemo Eusebius o tlaleha hore Papias oa Hierapolis, eo ho lumeloang hore o ile a ithuta Bibele ho barutuoa ba Johanne, eo e leng mongoli oa Tšenolo, o ne a lumela Pusong ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete tsa sebele (le hoja Eusebius a ne a sa lumellane le eena ho hang).—The History of the Church, Eusebius, III, 39.
[Setšoantšo se leqepheng la 293]
Leoatle le Shoeleng. Moo e ka ’nang eaba Sodoma le Gomora li ne li le hona teng
[Litšoantšo tse leqepheng la 294]
“Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe”