Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Letsatsi la Molimo la Kahlolo—Phello ea Lona e Thabisang!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 7, 8. (a) Ho buloa moqolo ofe, ’me ka mor’a moo ho etsahala’ng? (b) Ke bo-mang ba ke keng ba tsosoa?

      7 Johanne o phaella ka ho re: “Empa moqolo o mong oa buloa; ke moqolo oa bophelo. Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona. Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona, eaba ba ahloloa ka bomong ho ea ka liketso tsa bona.” (Tšenolo 20:12b, 13) Ka sebele ke pono e hlollang! ‘Leoatle, lefu le Hadese,’ e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e phetha karolo e itseng, empa hlokomela hore mantsoe ana ha a bolele lintho tse arohaneng tse sa amaneng.a Ha Jonase a le ka mpeng ea tlhapi, ka tsela eo a le bolibeng ba leoatle, o ile a re o Sheole, kapa Hadese. (Jonase 2:2) Haeba motho a shoele ka lebaka la sebe sa Adama, le eena e ka ’na eaba o Hadese. Mantsoe ana a boprofeta a fana ka tiiso e matla ea hore ha ho ea tla tlōlisoa mahlo holimo.

  • Letsatsi la Molimo la Kahlolo—Phello ea Lona e Thabisang!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • a Ba tla tsosoa leoatleng ba ke ke ba akarelletsa baahi ba lefatše ba bolileng ba ileng ba timela Moroallong oa mehleng ea Noe; timetso eo e ne e le ea ho qetela, joalokaha ho tla ba joalo ha ho phethahatsoa kahlolo ea Jehova nakong ea matšoenyeho a maholo.—Matheu 25:41, 46; 2 Petrose 3:5-7.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela