Khaolo 41
Letsatsi la Molimo la Kahlolo—Phello ea Lona e Thabisang!
Pono 15—Tšenolo 20:11–21:8
Moko-taba: Tsoho e akaretsang, Letsatsi la Kahlolo le litlhohonolofatso tsa maholimo a macha le lefatše le lecha
Nako ea phethahatso: Puso ea Lilemo Tse Sekete
1. (a) Batho ba ile ba lahleheloa ke eng ha Adama le Eva ba etsa sebe? (b) Ke morero ofe oa Molimo o sa kang oa fetoha, hona re tseba joang?
JOALOKA batho, re bōpetsoe ho phela ka ho sa feleng. Hoja Adama le Eva ba ne ba ile ba mamela litaelo tsa Molimo, ba ka be ba sa ka ba shoa. (Genese 1:28; 2:8, 16, 17; Moeklesia 3:10, 11) Empa eitse ha ba etsa sebe, ba lahleheloa ke ho phethahala le bophelo tseo bona ka bobona le bana ba bona ba neng ba tla li thabela, eaba lefu le qala ho busa batho e le sera se sa khathaleng. (Baroma 5:12, 14; 1 Bakorinthe 15:26) Leha ho le joalo, morero oa Molimo oa hore ho be le batho ba phethahetseng ba phelang ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise ha oa ka oa fetoha. Ka lebaka la lerato la hae le leholo ho batho, o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng, e leng Jesu, ea ileng a fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le motho hore e be thekollo ea “ba bangata” har’a litloholo tsa Adama. (Matheu 20:28; Johanne 3:16) Joale Jesu a ka sebelisa molemo oa sehlabelo sa hae se entsoeng ka molao ho tsosolosetsa batho ba lumelang bophelong bo phethahetseng lefatšeng la paradeise. (1 Petrose 3:18; 1 Johanne 2:2) Leo ke lebaka le leholo hakaakang la hore batho ba ‘thabe ’me ba nyakalle’!—Esaia 25:8, 9.
2. Ho Tšenolo 20:11 Johanne o tlaleha eng, ’me “terone e khōlō e tšoeu” ke eng?
2 Ha Satane a holehiloe mohohlong, Puso ea Jesu e khanyang ea Lilemo Tse Sekete ea qala. Joale ke “letsatsi” leo Molimo a rerileng “ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng.” (Liketso 17:31; 2 Petrose 3:8) Johanne o re: “Ka bona terone e khōlō e tšoeu le ea neng a lutse ho eona. Lefatše le leholimo tsa baleha ka pel’a hae, ’me ha lia ka tsa fumaneloa sebaka.” (Tšenolo 20:11) “Terone e khōlō e tšoeu” ee ke eng? E ke ke ea e-ba ho hong haese setulo sa kahlolo sa “Molimo Moahloli oa bohle.” (Baheberu 12:23) Joale o tla ahlola batho mabapi le hore na ke bo-mang ba tla rua molemo sehlabelong sa thekollo sa Jesu.—Mareka 10:45.
3. (a) Taba ea hore ebe ho thoe terone ea Molimo e “khōlō” ebile e “tšoeu” e bontša’ng? (b) Ke bo-mang ba tla ahlola ka Letsatsi la Kahlolo, ’me ba tla ahlola ba itšetlehile ka eng?
3 Terone ea Molimo e “khōlō,” e leng ho hatisang boholo ba Jehova e le ’Musi Morena, ’me e “tšoeu,” e leng ho re hlokomelisang ka ho loka ha hae ho se nang sekoli. Ke eena Moahloli oa ho qetela oa batho. (Pesaleme ea 19:7-11; Esaia 33:22; 51:5, 8) Leha ho le joalo, o nehile Jesu Kreste mosebetsi ona oa ho ahlola: “Ho hang ha ho eo Ntate a mo ahlolang, empa o file Mora ho ahlola hohle.” (Johanne 5:22) Jesu o na le metsoalle ea hae e 144 000, e ‘filoeng matla a ho ahlola . . . ka lilemo tse sekete.’ (Tšenolo 20:4) Leha ho le joalo, melao ea Jehova ke eona e etsang qeto ea hore na ho tla etsahala eng ka e mong le e mong ka Letsatsi la Kahlolo.
4. Ho boleloa’ng ha ho thoe ‘lefatše le leholimo li ile tsa baleha’?
4 Ke ka tsela efe ‘lefatše le leholimo li ileng tsa baleha’? Lena ke lona leholimo le ileng la tloha joaloka moqolo ha ho buloa tiiso ea botšelela—e leng mebuso e busang ea batho e ‘boloketsoeng mollo e ntseng e bolokiloe ho fihlela letsatsing la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.’ (Tšenolo 6:14; 2 Petrose 3:7) Lefatše ke tsamaiso ea lintho e hlophisitsoeng e tlas’a puso ena. (Tšenolo 8:7) Ho timetsoa ha sebata le marena a lefatše le mabotho a ’ona, hammoho le ba amohetseng letšoao la sebata le ba rapelang setšoantšo sa sona, ho tšoaea ho baleha ha leholimo lena le lefatše lena. (Tšenolo 19:19-21) Ka mor’a hore ho phethahatsoe kahlolo holim’a lefatše la Satane le leholimo la hae, Moahloli e Moholo o laela hore ho be le Letsatsi le leng la Kahlolo.
Letsatsi la Kahlolo la Lilemo Tse Sekete
5. Ka mor’a hore lefatše la khale le leholimo la khale li balehe, ke bo-mang ba setseng ba lokelang ho ahloloa?
5 Ke bo-mang ba setseng ba lokelang ho ahloloa ka mor’a hore lefatše la khale le leholimo la khale li balehe? Hase masala a tlotsitsoeng a ba 144 000, hobane bana ba se ba ahlotsoe ba bile ba tiisitsoe. Haeba ho e-na le batlotsuoa leha e le bafe ba ntseng ba phela lefatšeng ka mor’a Armagedone, ba tlameha ho shoa kapele ka mor’a moo ’me ba amohele moputso oa bona oa leholimo ka tsoho. (1 Petrose 4:17; Tšenolo 7:2-4) Leha ho le joalo, ba limilione ba bongata bo boholo bao joale ba tsoileng matšoenyehong a maholo ba ema pontšeng ka “pel’a terone.” Bana ba se ba nkiloe e le ba lokileng hoo ba ka pholohang ka lebaka la tumelo ea bona maling a tšolotsoeng a Jesu, empa ba tlameha ho tsoela pele ho ahloloa ka lilemo tse sekete ha Jesu a ntse a ba tataisetsa “lilibeng tsa metsi a bophelo.” Joale, ha ba se ba tsosoloselitsoe phethehong ea botho ’me ka morao ho moo ba lekiloe, ho tla boleloa hore ba lokile ka kutloisiso e feletseng. (Tšenolo 7:9, 10, 14, 17) Bana ba pholohang matšoenyeho a maholo le bana leha e le bafe ba tla tsoaloa ke batho ba bongata bo boholo nakong ea Lilemo Tse Sekete ka ho tšoanang ho tla hlokahala hore ba ahloloe nakong ea lilemo tse sekete.—Bapisa le Genese 1:28; 9:7; 1 Bakorinthe 7:14.
6. (a) Johanne o bona letšoele lefe, ’me mantsoe a reng “ba baholo le ba banyenyane” a bontša eng? (b) Ha ho pelaelo hore ba limilione tse se nang palo ba leng mohopolong oa Molimo ba tla tsosoa joang?
6 Leha ho le joalo, Johanne o bona letšoele le leholo ho feta bongata bo boholo bo pholohang. E tla ba batho ba likete tse limilione! “Ka bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme ka pel’a terone, ’me meqolo ea buloa.” (Tšenolo 20:12a) “Ba baholo le ba banyenyane” ba akarelletsa batho ba hlaheletseng hammoho le ba tlaasana ba phetseng lefatšeng lena le ba shoetseng ho lona nakong ea lilemo tse 6 000 tse fetileng. Kosepeleng eo moapostola Johanne a ileng a e ngola nakoana ka mor’a Tšenolo, Jesu o ile a bua tjena ka Ntate: “O mo [Jesu] file matla a ho ahlola, hobane ke Mor’a motho. Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” (Johanne 5:27-29) Ke morero o moholo hakaakang—ho etsolla lefu le mapato a batho ho theosa le histori eohle! Ha ho pelaelo hore bao ba limilione tse se nang palo ba mohopolong oa Molimo ba tla tsosoa butle-butle e le hore bongata bo boholo—bo fokolang haholo ha ho bapisoa—bo ka khona ho sebetsana le mathata a ka bakoang ke hore qalong ba tsositsoeng ba ka ’na ba batla ho latela mekhoa ea bona ea bophelo ea khale, e nang le mefokolo ea nama le maikutlo a nama.
Ho Tsosoa Bo-mang Ebile ho Ahloloa Bo-mang?
7, 8. (a) Ho buloa moqolo ofe, ’me ka mor’a moo ho etsahala’ng? (b) Ke bo-mang ba ke keng ba tsosoa?
7 Johanne o phaella ka ho re: “Empa moqolo o mong oa buloa; ke moqolo oa bophelo. Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona. Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona, eaba ba ahloloa ka bomong ho ea ka liketso tsa bona.” (Tšenolo 20:12b, 13) Ka sebele ke pono e hlollang! ‘Leoatle, lefu le Hadese,’ e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e phetha karolo e itseng, empa hlokomela hore mantsoe ana ha a bolele lintho tse arohaneng tse sa amaneng.a Ha Jonase a le ka mpeng ea tlhapi, ka tsela eo a le bolibeng ba leoatle, o ile a re o Sheole, kapa Hadese. (Jonase 2:2) Haeba motho a shoele ka lebaka la sebe sa Adama, le eena e ka ’na eaba o Hadese. Mantsoe ana a boprofeta a fana ka tiiso e matla ea hore ha ho ea tla tlōlisoa mahlo holimo.
8 Leha ho le joalo, ho na le ba itseng bao ho sa tsejoeng palo ea bona ba ke keng ba tsosoa. Ba bang ba bona e tla ba bangoli le Bafarisi ba sa kang ba baka ba ileng ba hana Jesu le baapostola, le “motho ea sa eeng ka molao” oa bolumeli, le Bakreste ba tlotsitsoeng “ba oeleng.” (2 Bathesalonika 2:3; Baheberu 6:4-6; Matheu 23:29-33) Jesu o ile a boela a bua ka batho ba kang lipōli bofelong ba lefatše ba eang “mollong o sa feleng o lokiselitsoeng Diabolose le mangeloi a hae,” e leng “phelisong e sa feleng.” (Matheu 25:41, 46) Bana ba ke ke ba tsoha!
9. Moapostola Pauluse o bontša joang hore ba bang ba tla bontšoa mohau o khethehileng tsohong, ’me baa ba akarelletsa bo-mang?
9 Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba tla bontšoa mohau o khethehileng tsohong. Moapostola Pauluse o ile a bontša sena ha a ne a re: “Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Mabapi le tsoho ea lefatšeng, “ba lokileng” ba tla akarelletsa banna le basali ba tšepahalang ba khale—Abrahama, Rahaba le ba bang ba bangata—bao ho ileng ha boleloa hore ba lokile ’me ba bitsoa metsoalle ea Molimo. (Jakobo 2:21, 23, 25) Hona sehlopheng seo ho tla ba le ba lokileng ba linku tse ling ba shoeleng ba tšepahala ho Jehova mehleng ea kajeno. Mohlomong, batho ba joalo ba ileng ba lula ba tšepahala kaofela ba tla tsosoa pele Pusong ea Jesu ea Lilemo Tse Sekete. (Jobo 14:13-15; 27:5; Daniele 12:13; Baheberu 11:35, 39, 40) Ha ho pelaelo hore ba bangata ho bana ba lokileng ba tsositsoeng ba tla fuoa litokelo tse khethehileng tsa ho hlokomela mosebetsi o moholo oa ho tsosolosa Paradeise.—Pesaleme ea 45:16; bapisa le Esaia 32:1, 16-18; 61:5; 65:21-23.
10. Ho ba tla tsosoa, “ba sa lokang” ke bo-mang?
10 Joale, “ba sa lokang” ba boletsoeng ho Liketso 24:15 ke bo-mang? Bana ba tla akarelletsa matšoele a maholo a batho ba ’nileng ba shoa ho theosa le histori, haholo-holo ba phetseng ‘linakong tsa ho hloka tsebo.’ (Liketso 17:30) Ka lebaka la sebaka seo ba tsoaletsoeng ho sona kapa nako eo ba phetseng ka eona, batho bana ha baa ka ba e-ba le monyetla oa ho ithuta ho etsa thato ea Jehova. Ho phaella moo, e ka ’na eaba ho ile ha e-ba le ba ileng ba utloa molaetsa oa poloko empa ba sa ka ba o amohela ka botlalo ka nako eo kapa ba shoeleng pele ba tsoela pele ho fihlela ba inehela ba bile ba kolobetsoa. Tsohong ba joalo ba tla lokela ho etsa liphetoho tse tsoelang pele monahanong oa bona le tseleng eo ba phelang ka eona e le hore ba tle ba rue molemo monyetleng ona oa ho fumana bophelo bo sa feleng.
Moqolo oa Bophelo
11. (a) “Moqolo oa bophelo” ke eng, ’me ke mabitso a bo-mang a tlalehiloeng moqolong oo? (b) Ke hobane’ng ha moqolo oa bophelo o tla buloa nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete?
11 Johanne o bua ka “moqolo oa bophelo.” Ena ke tlaleho ea ba tla amohela bophelo bo sa feleng bo tsoang ho Jehova. Mabitso a barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng, a bongata bo boholo le a batho ba tšepahalang ba khale, ba kang Moshe, a tlalehiloe moqolong ona. (Exoda 32:32, 33; Daniele 12:1; Tšenolo 3:5) Ho tla fihlela joale, ha ho le ea mong ho ba tsositsoeng ba “sa lokang” eo lebitso la hae le leng moqolong oa bophelo. Kahoo moqolo oa bophelo o tla buloa nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, e leng ho tla fana ka monyetla oa hore ho ngoloe mabitso a ba bang ba tla tšoaneleha. Bao mabitso a bona a sa ngoloeng moqolong ona, kapa bukeng ea bophelo, ba “liheloa ka letšeng la mollo.”—Tšenolo 20:15; bapisa le Baheberu 3:19.
12. Ke eng e tla rera hore na lebitso la motho lea ngoloa moqolong o butsoeng oa bophelo kapa che, ’me Moahloli ea khethiloeng ke Jehova o behile mohlala joang?
12 Joale, ke eng e tla rera hore na lebitso la motho lea ngoloa moqolong oo oa bophelo o butsoeng ka nako eo kapa che? Ntho e ka sehloohong e ntse e le eona eane ea mehleng ea Adama le Eva: ho mamela Jehova. Joalokaha moapostola Johanne a ile a ngolla Bakreste ba habo ba ratoang: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:4-7, 17) Tabeng ea ho mamela, Moahloli ea khethiloeng ke Jehova o behile mohlala: “Le hoja [Jesu] e ne e le Mora, o ile a ithuta ho mamela linthong tseo a ileng a utloisoa bohloko ke tsona; ’me ka mor’a hore a etsoe ea phethahetseng a fetoha ea ikarabellang bakeng sa poloko e sa feleng ho bohle ba mo mamelang.”—Baheberu 5:8, 9.
Ho Bula Meqolo e Meng
13. Ba tsositsoeng ba tlameha ho bontša ho mamela ha bona joang, ’me ba tlameha ho latela melao-motheo efe?
13 Baa ba tsositsoeng ba tlameha ho bontša ho mamela ha bona joang? Jesu ka boeena o ile a bua ka litaelo tse peli tse khōlō, a re: “Ea pele ke ena, ‘Utloa, Uena Iseraele, Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong, ’me u rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.’ Ea bobeli ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’” (Mareka 12:29-31) Hape ho na le melao-motheo e behiloeng ke Jehova eo ba tlamehang ho e latela, e kang ho hana bosholu, leshano, ho bolaea le boitšoaro bo bobe.—1 Timothea 1:8-11; Tšenolo 21:8.
14. Meqolo e meng e buloang ke efe, ’me e tšetse eng?
14 Leha ho le joalo, Johanne o sa tsoa bua ka meqolo e meng e tla buloa nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. (Tšenolo 20:12) E tla be e le efe? Ka linako tse ling, Jehova o ’nile a fana ka litaelo tse khethehileng maemong a itseng. Ka mohlala, mehleng ea Moshe o ile a fana ka letoto la melao e qaqileng eo haeba Baiseraele ba ne ba e mamela ba neng ba tla phela. (Deuteronoma 4:40; 32:45-47) Lekholong la pele la lilemo, ho ile ha fanoa ka litaelo tse ncha ho thusa ba tšepahalang hore ba latele melao ea Jehova tlas’a tsamaiso ea lintho ea Bokreste. (Matheu 28:19, 20; Johanne 13:34; 15:9, 10) Joale Johanne o tlaleha hore bafu ba tla “ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.” Kamoo ho bonahalang kateng, ka nako eo ho buloa ha meqolo ena ho tla phatlalatsa ka ho qaqileng lintho tseo Jehova a li hlokang ho batho nakong ea lilemo tse sekete. Ka hore ba sebelise melao le litaelo tsa meqolo eo bophelong ba bona, batho ba mamelang ba tla khona ho lelefatsa matsatsi a bona, ba qetelle ba fumane bophelo bo sa feleng.
15. Ho tla hlokahala thuto ea mofuta ofe nakong ea tsoho, ’me mohlomong tsoho e tla etsahala joang?
15 Ho tla hlokahala hore ho rutoe batho ba bangata hakaakang thuto ea puso ea Molimo! Ka karolelano, ka 2005 Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li ne li khanna lithuto tsa Bibele tse 6 061 534 libakeng tse sa tšoaneng. Empa nakong ea tsoho, ha ho pelaelo hore ho tla khannoa lithuto tse limilione tse se nang palo, tse thehiloeng Bibeleng le meqolong e mecha! Ho tla hlokahala hore batho bohle ba Molimo e be mesuoe le hore ba ikitlaetse. Ha ba tsositsoeng ba ntse ba hōla tsebong, le bona ba tla kopanela lenaneong lena le leholo la ho ruta. Mohlomong tsoho e tla tsoela pele ka tsela e tla etsa hore ba phelang ba fumane thabo ea ho amohela le ho ruta bao e kileng ea e-ba litho tsa malapa a bona le metsoalle ea bona, bao le bona ba tla amohela ba bang ba be ba ba rute. (Bapisa le 1 Bakorinthe 15:19-28, 58.) Lipaki Tsa Jehova tse fetang limilione tse tšeletseng tse phatlalatsang ’nete ka mafolofolo kajeno li rala motheo o motle bakeng sa mesebetsi eo li tšepang hore li tla e fuoa nakong ea tsoho.—Esaia 50:4; 54:13.
16. (a) Ke mabitso a bo-mang a ke keng a ngoloa moqolong kapa bukeng ea bophelo? (b) Ke bo-mang bao tsoho ea bona e tla ba ea “bophelo”?
16 Mabapi le tsoho ea lefatšeng, Jesu o ile a re ‘ba entseng lintho tse molemo ba ea tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe ba ea tsohong ea kahlolo.’ Mona ho bapisoa “bophelo” le “kahlolo,” ho bontšoa hore ba tsositsoeng “ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe” ka mor’a hore ba rutoe litaba tse hlahang Mangolong a halalelang le meqolong, ba tla ahloloa e le ba sa tšoaneloeng ke bophelo. Mabitso a bona a ke ke a ngoloa moqolong oo, kapa bukeng ea bophelo. (Johanne 5:29) Ho tla ba joalo le ho bafe kapa bafe bao pejana ba ileng ba tšepahala empa, bao ka mabaka a itseng, ba khelohang nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. Mabitso a ka hlakoloa. (Exoda 32:32, 33) Ka lehlakoreng le leng, bao ka boikokobetso ba latelang lintho tse ngotsoeng meqolong eo ba tla boloka mabitso a bona a ngotsoe tlalehong, moqolong oa bophelo, ’me ba tsoele pele ho phela. Ho bona, tsoho e tla be e le ea “bophelo.”
Ho Fela ha Lefu le Hadese
17. (a) Johanne o hlalosa bohato bofe bo hlollang? (b) Hadese e horuloa neng? (c) Lefu la Adama le tla “liheloa ka letšeng la mollo” neng?
17 Ka mor’a moo, Johanne o hlalosa ntho e ’ngoe e hlollang ruri! “Lefu le Hadese tsa liheloa ka letšeng la mollo. Sena se bolela lefu la bobeli, letša la mollo. Ho feta moo, mang kapa mang ea sa kang a fumanoa a ngotsoe bukeng ea bophelo a liheloa ka letšeng la mollo.” (Tšenolo 20:14, 15) Qetellong ea Letsatsi la Kahlolo la lilemo tse sekete, “lefu le Hadese” li tlosoa ka ho feletseng. Ke hobane’ng ha hoo ho ama lilemo tse sekete? Hadese, lebitla le tloaelehileng la batho bohle, lea horuloa ha oa ho qetela ea mohopolong oa Molimo a tsosoa. Empa hafeela batho bafe kapa bafe ba silafalitsoe ke sebe seo ba se futsitseng, lefu la Adama le ntse le le teng ho bona. Ho tla hlokahala hore bohle ba tsositsoeng lefatšeng, hammoho le bongata bo boholo bo pholohang Armagedone ba mamele se ngotsoeng meqolong eo ho fihlela molemo oa thekollo ea Jesu o sebelisitsoe ka botlalo ho tlosa ho kula, botsofali, le ho holofala ho hong ho futsitsoeng. Joale lefu la Adama, hammoho le Hadese, li “liheloa ka letšeng la mollo.” Li tla be li felile ka ho sa feleng!
18. (a) Moapostola Pauluse o hlalosa ho atleha ha puso ea Jesu e le Morena joang? (b) Jesu o etsa’ng ka lelapa la batho le phethahetseng? (c) Ke lintho life tse ling tse etsahalang qetellong ea lilemo tse sekete?
18 Kahoo, lenaneo leo moapostola Pauluse a le hlalosang lengolong la hae le eang ho Bakorinthe le tla phethoa: “[Jesu] o tla busa e le morena ho fihlela Molimo a behile lira tsohle tlas’a maoto a hae. E le sera sa ho qetela, lefu [la Adama] le tla etsoa lefeela.” Joale ebe ho etsahala eng? “Ha lintho tsohle li tla be li behiloe tlas’a hae, joale Mora le eena o tla ipeha tlas’a Ea ileng a beha lintho tsohle tlas’a hae.” Ka mantsoe a mang, Jesu o “nehelana ka ’muso ho Molimo le Ntat’ae.” (1 Bakorinthe 15:24-28) E, etlare ha Jesu a hlōtse lefu la Adama ka molemo oa sehlabelo sa hae sa thekollo, o tla nehelana ka lelapa le phethahetseng la batho ho Ntate oa hae, Jehova. Kamoo ho bonahalang kateng ke hona nakong ena, qetellong ea lilemo tse sekete, moo Satane a lokolloang ho ntoo ba le teko ea ho qetela e tla rera hore na ke mabitso a bo-mang a tla sala a tlalehiloe ka ho sa feleng moqolong oa bophelo. ‘Ikitlaetse ka matla’ e le hore lebitso la hao le ka ba har’a ’ona!—Luka 13:24; Tšenolo 20:5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ba tla tsosoa leoatleng ba ke ke ba akarelletsa baahi ba lefatše ba bolileng ba ileng ba timela Moroallong oa mehleng ea Noe; timetso eo e ne e le ea ho qetela, joalokaha ho tla ba joalo ha ho phethahatsoa kahlolo ea Jehova nakong ea matšoenyeho a maholo.—Matheu 25:41, 46; 2 Petrose 3:5-7.
[Setšoantšo se leqepheng la 298]
“Ba sa lokang” ba tsositsoeng ba mamelang litaba tse ngotsoeng meqolong e butsoeng nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete ba ka etsa hore le bona mabitso a bona a ngoloe moqolong oa bophelo