Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Tšoara Lebitso la Jesu ka Tieo
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 14. (a) Ho tloha mehleng ea pele, phutheho ea Bokreste e ne e tlameha ho tobana le bo-mang, ’me moapostola Pauluse o ile a ba hlalosa joang? (b) Ke mantsoe afe a Jesu ao mang kapa mang ea ka ’nang a rata ho latela sehlopha se ikarotseng a lokelang ho a ela hloko?

      14 Ho tloha mehleng ea pele, phutheho ea Bokreste e ’nile ea lokela ho tobana le bakoenehi ba ikhohomosang, bao ka lipuo tse qhekellang, tse thetsang “ba bakang likarohano le maemo a bakang ho khoptjoa khahlanong le thuto” e fanoang ka mocha oo Jehova a o sebelisang. (Baroma 16:17, 18) Moapostola Pauluse o ile a lemosa ka tšokelo ena hoo e ka bang mangolong ’ohle a hae.a Mehleng ea kajeno, ha Jesu a tsosoloselitse phutheho ea ’nete bohloeking le bonngoeng ba eona ba Bokreste, kotsi ea lihlopha tsa bokhelohi e ntse e le teng. Kahoo, mang kapa mang eo e ka ’nang eaba o rata ho latela sehlopha se ikarotseng, se ikentseng sehlopha sa bokhelohi, o lokela ho ela hloko mantsoe a latelang a Jesu: “Ka hona baka. Haeba u sa bake, ke tla ho uena kapele, ’me ke tla loana le bona ka sabole e telele ea molomo oa ka.”—Tšenolo 2:16.

  • Ho Tšoara Lebitso la Jesu ka Tieo
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 16. (a) Ke hobane’ng ha ba qeaqeang ka lebaka la tšusumetso ea bokoenehi ba lokela ho potlakela ho baka? (b) Ho tla etsahala joang ka ba hanang ho baka?

      16 Mang le mang ea qeaqeang ka lebaka la tšusumetso ea bokoenehi o lokela ho potlakela ho ela hloko mantsoe a Jesu a reng a bake! Mashano a phatlalatsoang ke bakoenehi a tlameha ho qheloa kaha ke chefo! A thehiloe mohonong le lehloeong, ho fapana le linnete tse lokileng, tse hloekileng le tse ratehang tseo Jesu a li fepang phutheho ea hae. (Luka 12:42; Bafilipi 1:15, 16; 4:8, 9) Ha e le ba hanang ho baka, ka sebele Morena Jesu o “loana le bona ka sabole e telele ea molomo oa [hae].” O hlokola batho ba hae e le hore a ka boloka bonngoe boo a ileng a bo rapella bosiung ba hae ba ho qetela a e-na le barutuoa ba hae lefatšeng. (Johanne 17:20-23, 26) Kaha bakoenehi ba hana keletso e lerato le thuso tse fanoang ke linaleli tse ka letsohong la hae le letona, Jesu oa ba ahlola ebile o ba otla ka “kotlo e matla ka ho fetisisa,” o ba lahlela “lefifing ka ntle.” Baa khaoloa, e le hore ba se ke ba ba joaloka tomoso har’a batho ba Molimo.—Matheu 24:48-51; 25:30; 1 Bakorinthe 5:6, 9, 13; Tšenolo 1:16.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela