Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bibele e re Tšepisa Bokamoso bo Thabisang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 2. Bibele e re tšepisa bokamoso bo joang?

      Bibele e re tšepisa hore haufinyane “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng ’me ho siama [masoabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Bala Tšenolo 21:4) Mathata ao hona joale a etsang hore batho ba ikutloe ba se na tšepo, a kang bofutsana, ho hloka toka, ho kula le lefu a tla fela haufinyane. Bibele e tšepisa hore batho ba tla thabela ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng mona lefatšeng.

  • Ke Hobane’ng ha re Hlaheloa ke Mathata?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 7. Molimo o tla felisa mathata ’ohle a hlahelang batho

      Bala Esaia 65:​17 le Tšenolo 21:​3, 4 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ke hobane’ng ha e le ntho e khothatsang ho tseba hore Jehova o tl’o felisa lintho tse bohloko tse hlahelang batho?

      Na u ne u tseba?

      Ha Satane a ne a bua leshano la pele, o ile a senya Jehova lebitso. O ile a etsa hore batho ba nahane hore Jehova ha a buse hantle ebile ha a na lerato. Haufinyane ha Jehova a felisa mathata a hlahelang batho, o tla halaletsa lebitso la hae. Ka mantsoe a mang, o tla bontša hore ke eena ea lokelang ho busa batho. Ho halaletsoa ha lebitso la Jehova ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa leholimong le lefatšeng.​—Matheu 6:​9, 10.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela