Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Tšoara Lebitso la Jesu ka Tieo
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • ‘Manna a Patiloeng le Lejoana le Chitja le Lesoeu’

      17. Bakreste ba tlotsitsoeng ba “hlōlang” ba tla fumana moputso ofe, ’me ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba Pergame ba hlōle eng?

      17 Bohle ba elang keletso ea Jesu hloko, e fanoeng ka tataiso ea moea o halalelang oa Jehova, ba tla fumana moputso o moholo. Mamela! “Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho: Ea hlōlang ke tla mo fa a mang a manna a patiloeng, ’me ke tla mo fa lejoana le chitja le lesoeu, ’me holim’a lejoana leo le chitja lebitso le lecha le ngotsoeng leo ho seng ea le tsebang haese ea le amohelang.” (Tšenolo 2:17) Kahoo, joaloka Bakreste ba Smyrna, Bakreste ba Pergame ba khothaletsoa ho ‘hlōla.’ Hore ba tle ba atlehe, ba leng Pergame, moo terone ea Satane e leng hona teng, ba tlameha ho qoba borapeli ba litšoantšo. Ba tlameha ho hlōla boitšoaro bo bobe, lihlopha tsa bokhelohi le bokoenehi bo amanang le Balake, Balame le sehlopha sa bokhelohi sa Nikolase. Ka ho etsa joalo, Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba tla memeloa hore ba e’o ja a mang a “manna a patiloeng.” Seo se bolela’ng?

      18, 19. (a) Manna ao Jehova a neng a a fa Baiseraele e ne e le eng? (b) Manna a neng a patiloe e ne e le eng? (c) Ho ja manna a patiloeng ho tšoantšetsa eng?

      18 Mehleng ea Moshe, Jehova o ile a fana ka manna bakeng sa ho fepa Baiseraele nakong ea leeto la bona lefeelleng. Manna ao a ne a sa patoa, hobane hoseng ho hong le ho hong—ntle le ka Sabatha—a ne a hlaha ka mohlolo, a tšoana le serame se letseng se kang makhekhebu a koahetseng lefatše. E ne e le tokisetso ea Molimo ea ho etsa hore Baiseraele ba lule ba ntse ba phela. E le ho ikhopotsa sena, Jehova o ile a laela Moshe hore a boloke bo bong ba “bohobe” bona ka nkhong ea khauta ka hare ho areka e halalelang ea selekane “melokong eohle ea [Baiseraele].”—Exoda 16:14, 15, 23, 26, 33; Baheberu 9:3, 4.

      19 Ke tšoantšetso e loketseng hakaakang! Manna ana a ne a patiloe ka Sehalalelisisong sa tabernakele, moo lebone la mohlolo le neng le tšoantšetsa boteng ba Jehova le neng le khantšitse holim’a sekoahelo sa Areka. (Exoda 26:34) Ho ne ho se na motho ea lumeletsoeng ho fetela ka sebakeng seo se halalelang e le hore a ka ja manna ao a patiloeng. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba hlōlang ba ne ba tla ja “manna a patiloeng.” Joaloka Kreste pele ho bona, ha baa “kena sebakeng se halalelang se entsoeng ka matsoho, seo e leng setšoantšo sa ntho ea sebele, empa [ba] kene leholimong.” (Baheberu 9:12, 24) Ha ba tsoha, ba apara ho se bole le ho se shoe—e leng tokisetso e babatsehang e tsoang ho Jehova, e tšoantšetsoang ke hore ba fuoa “manna a patiloeng” a sa boleng. Sehlopha seo se senyenyane sa bahlōli se fuoa tlotla e kaakang!—1 Bakorinthe 15:53-57.

      20, 21. (a) Ho fa Bakreste ba tlotsitsoeng lejoana le chitja le lesoeu ho tšoantšetsa eng? (b) Kaha ho na le majoana a chitja a masoeu a 144 000 feela, bongata bo boholo bo na le tšepo efe?

      20 Bana le bona ba amohela “lejoana le chitja le lesoeu.” Makhotleng a Roma, majoana ana a chitja a ne a sebelisetsoa ho phatlalatsa kahlolo.b Lejoana le chitja le lesoeu le ne le bolela ho hloka molato, ha lejoana le chitja le letšo le ne le bolela ho nyatsuoa, hangata ho ahloleloa lefu. Ha Jesu a fa Bakreste ba Pergame “lejoana le chitja le lesoeu” hoo ho ne ho tla bontša hore o phatlalatsa hore ha ba na molato, ha ba na sekoli ebile ba hloekile. Empa mantsoe a Jesu a ka ’na a e-ba le moelelo o mong hape. Mehleng ea Baroma, majoana ana a chitja a ne a boetse a sebelisoa joaloka litekete tsa ho kena liketsahalong tsa bohlokoa. Kahoo lejoana le chitja le lesoeu le ne le ka bolela ntho e ’ngoe e khethehileng haholo ho Mokreste ea tlotsitsoeng ea hlōlang—e leng ho amoheloa ha hae sebakeng se hlomphehang leholimong lenyalong la Konyana. Ho fanoa ka majoana a joalo a chitja a 144 000 feela.—Tšenolo 14:1; 19:7-9.

      21 Na hoo ho bolela hore u lahliloe kherehloa haeba u e mong oa bongata bo boholo ba barapeli bao e leng metsoalle ea bona? Le hanyenyane! Le hoja u sa fumane lejoana le chitja le lesoeu la ho amoheloa leholimong, haeba u mamella, u ka pholoha matšoenyeho a maholo ’me ua ba le karolo mosebetsing o thabisang oa ho tsosolosa Paradeise lefatšeng. Ba tla kopanela le uena ho sena ke ba tšepahalang ba tla tsosoa ba akarelletsang batho ba mehleng ea pele ho Bokreste le ba linku tse ling bao e ka ’nang eaba ba sa tsoa shoa. Qetellong, bafu ba bang bohle ba lopolotsoeng ba tla hauheloa ka hore ba tsohele bophelong lefatšeng la paradeise.—Pesaleme ea 45:16; Johanne 10:16; Tšenolo 7:9, 14.

      22, 23. Lebitso le ngotsoeng holim’a lejoana le chitja le fuoang Bakreste ba tlotsitsoeng le bolela’ng, ’me hoo ho lokela ho fana ka khothatso efe?

      22 Lebitso le lecha le ngotsoeng lejoaneng lee le chitja ke lefe? Lebitso le khetholla motho ebile le mo qolla ho ba bang. Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba amohela lejoana lena le chitja ka mor’a hore ba qete bophelo ba bona ba lefatšeng e le bahlōli. Joale, ka ho hlakileng lebitso leo le lejoaneng le chitja le amana le tlotla ea bona ea ho kopanngoa le Jesu leholimong—e leng boemo bo khethehileng ka ho fetisisa ba tšebeletso ea borena bo lokelang ho ananeloa ka botlalo le ho thabeloa feela ke ba ruang ’Muso oa leholimo. Kahoo, ke lebitso, kapa boemo ba mosebetsi, “leo ho seng ea le tsebang haese ea le amohelang.”—Bapisa le Tšenolo 3:12.

      23 Ke khothatso e kaakang ho sehlopha sa Johanne hore se utloe “seo moea o se bolellang liphutheho” se be se se sebelise! Hape hoo ho khothatsa metsoalle ea sona ea bongata bo boholo hakaakang hore e sebetse le sona ka botšepehi ha e sa ntse e ka thabela botsoalle ba sona moo lefatšeng le ho kopanela le sona ho tsebahatseng ’Muso oa Jehova!

  • Ho Tšoara Lebitso la Jesu ka Tieo
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • [Litšoantšo tse leqepheng la 45]

      Karolo e ’ngoe ea manna e ne e patiloe ka arekeng ea selekane. Ha batlotsuoa bao ba hlōlang ba fuoa manna a patiloeng a tšoantšetso hoo ho bolela hore ba amohela ho se shoe

      Lejoana le chitja le lesoeu ke la ba amohetsoeng lenyalong la Konyana

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela