Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tšenolo le Uena
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 3, 4. Lengeloi le tsoela pele ho bolella Johanne eng, ’me masala a tlotsitsoeng a mametse mantsoe a lona joang?

      3 Johanne o tsoela pele ho re: “Le boetse lea mpolella: ‘U se ke ua tiisa mantsoe a boprofeta ba moqolo ona, etsoe nako e behiloeng e haufi. Ea etsang ho sa lokang, a ’ne a etse ho sa lokang; ea litšila a ’ne a silafatsoe; empa ea lokileng a ’ne a etse ho lokileng, ’me ea halalelang a ’ne a halaletsoe.’”—Tšenolo 22:10, 11.

  • Tšenolo le Uena
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 5. (a) Ho thoe’ng haeba batho ba batla ho hlokomoloha litemoso le keletso tse hlahang ho Tšenolo? (b) Ba bonolo le ba lokileng ba lokela ho etsa’ng?

      5 Haeba batho ba batla ho hlokomoloha litemoso le keletso tse ho Tšenolo, a ba etse joalo! “Ea etsang ho sa lokang, a ’ne a etse ho sa lokang.” Haeba ke sona seo ba ikhethelang ho se etsa, ba qhafutsang litšileng tsa mehla ena ea ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe ba tla shoela litšileng tseo. Haufinyane, likahlolo tsa Jehova li tla phethahatsoa ka ho feletseng, ho qala ka ho timetsoa ha Babylona e Moholo. E se eka ka mafolofolo batho ba bonolo ba ka ela hloko mantsoe ana a moprofeta: “Le batle Jehova . . . Batlang ho loka, le batle bonolo. Mohlomong le ka patoa letsatsing la bohale ba Jehova.” (Sofonia 2:3) Ha e le ba seng ba ntse ba inehetse ho Jehova, “ea lokileng a ’ne a etse ho lokileng, ’me ea halalelang a ’ne a halaletsoe.” Batho ba bohlale baa tseba hore ha ho na molemo oa nakoana o tlisoang ke sebe o ka bapisoang le litlhohonolofatso tse sa feleng tse tla fumanoa ke ba phehellang ho loka le khalalelo. Bibele e re: “Le ’ne le inonye hore na le tumelong, le ’ne le leke seo le leng sona.” (2 Bakorinthe 13:5) Motheong oa tsela eo u e khethileng eo u bileng u tsoelang pele ka eona, u tla amohela moputso oa hao.—Pesaleme ea 19:9-11; 58:10, 11.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela