-
Ho Nyonya “Lintho Tse Tebileng Tsa Satane”Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
8. (a) Jesu o nyatsa “Jezebele” phatlalatsa ka eng Thyatire? (b) Mehleng ea rōna tšusumetso e fosahetseng ea bosali e bonahetse joang?
8 Jesu o tsoela pele ho re ho baholo ba Thyatire: “Ke ile ka mo fa nako ea ho baka, empa ha a rate ho baka bohloleng ba hae. Bona! Ke tla tloha ke mo lahlela betheng ea bokuli, ’me ba etsang bofebe le eena ke ba lahlele matšoenyehong a maholo, ntle leha ba baka liketsong tsa hae.” (Tšenolo 2:21, 22) Feela joalokaha ka ho totobetseng Jezebele oa pele a ne a laola Akabe a ba a hanyetsa Jehu eo Molimo a neng a mo khethile hore a phethahatse kahlolo ea hae, ka ho tšoanang e ka ’na eaba basali bana ba nang le tšusumetso ba leka ho laola banna le baholo. Ho bonahala eka baholo ba Thyatire ba lumella tšusumetso ena e ikhohomosang ea Jezebele. Mona Jesu o ba fa temoso e matla, hammoho le phutheho ea lefatše lohle ea batho ba Jehova kajeno. Mehleng ea kajeno, basali ba bang ba joalo ba tsitlellang maikutlo a bona ba susumelelitse banna ba bona hore e be bakoenehi ebile ba hlohlelelitse makhotla hore a nke khato khahlanong le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova.—Bapisa le Juda 5-8.
-
-
Ho Nyonya “Lintho Tse Tebileng Tsa Satane”Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
10. (a) Ke hobane’ng ha Jezebele le bana ba hae ba ahloloa? (b) Ba fetohang bana ba Jezebele ba boemong bofe bo kotsi, ’me ba lokela ho etsa joang?
10 Ha Jesu a bua ka “mosali eane Jezebele,” o tsoela pele ho re: “Ke tla bolaea bana ba hae ka lefu la seoa le bolaeang, e le hore liphutheho tsohle li tle li tsebe hore ke ’na ea phenyang liphio le lipelo, ’me ke tla le fa ka bomong ho ea ka liketso tsa lōna.” (Tšenolo 2:23) Jesu o ile a fa Jezebele le bana ba hae monyetla oa hore ba bake, empa ba phehella litsela tsa bona tsa boitšoaro bo bobe kahoo ba tlameha ho fumana kahlolo. Ho na le molaetsa o matla mona bakeng sa Bakreste kajeno. Ba etsisang Jezebele, ebang ke banna kapa basali, ’me ka tsela eo ba fetoha bana ba hae ka ho tlōla melao-motheo ea Bibele mabapi le bohlooho le litaba tsa boitšoaro, kapa ka ho ba ba lihlooho li thata hoo ba hlokomolohang taolo ea puso ea Molimo, ba boemong bo kotsi ba ho kula moeeng. Ke ’nete hore haeba ea joalo a bitsa baholo ka phuthehong hore ba mo rapelle, “thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa”—hafeela ka boikokobetso a etsa se lumellanang le lithapelo tseo. Empa ho se ke ha e-ba le ea nahanang hore a ka thetsa Molimo kapa Kreste ka ho leka ho pata boitšoaro bo bobe kapa ka ho etsa eka oa cheseha tšebeletsong.—Jakobo 5:14, 15.
11. Kajeno liphutheho li thusoa joang hore li falimehele ho itšunya-tšunya ha tšusumetso ea basali e sa lokang?
11 Hoa thabisa hore ebe boholo ba liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova kajeno bo falimehetse kotsi ena. Baholo ba seli ho bona maikutlo a khahlanong le puso ea Molimo hammoho le lintho tse fosahetseng. Ba leka ho thusa banna le basali ba tseleng e kotsi e le hore ba ka matlafala moeeng le hore ba khutlisetsoe tseleng pele e e-ba morao haholo. (Bagalata 5:16; 6:1) Ka lerato le ka tieo, balebeli bana ba Bakreste ba thibela boiteko bofe kapa bofe ba basali ba ho theha lihlotšoana tse buellang mekhatlo e tšoanang le ea tokoloho ea basali. Ho feta moo, nako le nako ho fanoa ka keletso e tlang ka nako e loketseng likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova.a
12. Kajeno sehlopha sa Johanne se bontša cheseho e kang ea Jehu ka tsela efe?
12 Leha ho le joalo, moo ho entsoeng boitšoaro bo bobe bo tebileng, haholo-holo moo mokhoa ona o fetohang tloaelo, baetsalibe ba sa bakeng ba tlameha ho khaoloa. Re hopola kamoo Jehu a neng a cheseha kateng ha a tlosa lintho tsohle tse amanang le tšusumetso ea Jezebele Iseraele. Ka ho tšoanang, sehlopha sa Johanne kajeno se nka bohato bo tiileng, se behela metsoalle ea sona ea “Bajonadabe” mohlala ’me se bontša hore se fapane hōle le baruti ba Bokreste-’mōtoana ba lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe.—2 Marena 9:22, 30-37; 10:12-17.
-