-
Ho Nyonya “Lintho Tse Tebileng Tsa Satane”Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
8. (a) Jesu o nyatsa “Jezebele” phatlalatsa ka eng Thyatire? (b) Mehleng ea rōna tšusumetso e fosahetseng ea bosali e bonahetse joang?
8 Jesu o tsoela pele ho re ho baholo ba Thyatire: “Ke ile ka mo fa nako ea ho baka, empa ha a rate ho baka bohloleng ba hae. Bona! Ke tla tloha ke mo lahlela betheng ea bokuli, ’me ba etsang bofebe le eena ke ba lahlele matšoenyehong a maholo, ntle leha ba baka liketsong tsa hae.” (Tšenolo 2:21, 22) Feela joalokaha ka ho totobetseng Jezebele oa pele a ne a laola Akabe a ba a hanyetsa Jehu eo Molimo a neng a mo khethile hore a phethahatse kahlolo ea hae, ka ho tšoanang e ka ’na eaba basali bana ba nang le tšusumetso ba leka ho laola banna le baholo. Ho bonahala eka baholo ba Thyatire ba lumella tšusumetso ena e ikhohomosang ea Jezebele. Mona Jesu o ba fa temoso e matla, hammoho le phutheho ea lefatše lohle ea batho ba Jehova kajeno. Mehleng ea kajeno, basali ba bang ba joalo ba tsitlellang maikutlo a bona ba susumelelitse banna ba bona hore e be bakoenehi ebile ba hlohlelelitse makhotla hore a nke khato khahlanong le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova.—Bapisa le Juda 5-8.
-
-
Ho Nyonya “Lintho Tse Tebileng Tsa Satane”Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
10. (a) Ke hobane’ng ha Jezebele le bana ba hae ba ahloloa? (b) Ba fetohang bana ba Jezebele ba boemong bofe bo kotsi, ’me ba lokela ho etsa joang?
10 Ha Jesu a bua ka “mosali eane Jezebele,” o tsoela pele ho re: “Ke tla bolaea bana ba hae ka lefu la seoa le bolaeang, e le hore liphutheho tsohle li tle li tsebe hore ke ’na ea phenyang liphio le lipelo, ’me ke tla le fa ka bomong ho ea ka liketso tsa lōna.” (Tšenolo 2:23) Jesu o ile a fa Jezebele le bana ba hae monyetla oa hore ba bake, empa ba phehella litsela tsa bona tsa boitšoaro bo bobe kahoo ba tlameha ho fumana kahlolo. Ho na le molaetsa o matla mona bakeng sa Bakreste kajeno. Ba etsisang Jezebele, ebang ke banna kapa basali, ’me ka tsela eo ba fetoha bana ba hae ka ho tlōla melao-motheo ea Bibele mabapi le bohlooho le litaba tsa boitšoaro, kapa ka ho ba ba lihlooho li thata hoo ba hlokomolohang taolo ea puso ea Molimo, ba boemong bo kotsi ba ho kula moeeng. Ke ’nete hore haeba ea joalo a bitsa baholo ka phuthehong hore ba mo rapelle, “thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa”—hafeela ka boikokobetso a etsa se lumellanang le lithapelo tseo. Empa ho se ke ha e-ba le ea nahanang hore a ka thetsa Molimo kapa Kreste ka ho leka ho pata boitšoaro bo bobe kapa ka ho etsa eka oa cheseha tšebeletsong.—Jakobo 5:14, 15.
-
-
Ho Nyonya “Lintho Tse Tebileng Tsa Satane”Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
13. Ho tla etsahala’ng ka ba inehellang tšusumetso e fosahetseng ea bosali?
13 E le Lenģosa la Jehova le Moahloli ea behiloeng ke eena, Mora oa Molimo o nka bohato ka nepo ka ho tsebahatsa Jezebele oa kajeno le ho mo lahlela betheng ea bokuli, hobane ka sebele ho kula ha hae ha moea ha ho fole. (Malakia 3:1, 5) Ba ineheletseng tšusumetso ena e fosahetseng ea bosali le bona ba tla ba le matšoenyeho a maholo—e leng masoabi a ho khaoloa, ba tlosoe phuthehong ea Bokreste joalokaha eka ba shoele. Ntle leha ba ka baka, ba fetoha, ’me ba boela ba amoheloa ka phuthehong, ba boetse ba tobane le ho bolaoa ke “lefu la seoa le bolaeang”—qetellong, matšoenyehong a maholo. Empa ba ka tsosolosoa haeba ba baka ka ho feletseng liketsong tsa bona tse fosahetseng.—Matheu 24:21, 22; 2 Bakorinthe 7:10.
-