Khaolo 39
Morena oa Mohlabani oa Hlōla ka Armagedone
Pono 13—Tšenolo 19:11-21
Moko-taba: Jesu o etella mabotho a leholimo pele ha a felisa tsamaiso ea lintho ea Satane
Nako ea phethahatso: Ka mor’a ho felisoa ha Babylona e Moholo
1. Armagedone ke eng, ’me ho etsahala eng pele ho eona?
ARMAGEDONE—ke lentsoe le tšajoang ke ba bangata! Empa ho ba ratang ho loka, le bolela letsatsi leo e leng khale le emetsoe leo ka lona Jehova a tla phethahatsa kahlolo ea ho qetela holim’a lichaba. Hase ntoa ea motho empa ke ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle’—letsatsi leo a iphetetsang ka lona ho babusi ba lefatše. (Tšenolo 16:14, 16; Ezekiele 25:17) Ha Babylona e Moholo e se e entsoe lesupi, matšoenyeho a maholo a tla be a se a qalile. Joale, se susumetsoa ke Satane, sebata se ’mala o sekareleta le linaka tsa sona tse leshome se tla futuhela batho ba Jehova. Kaha Diabolose o halefetse mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o kang mosali ho feta leha e le neng pele, o ikemiselitse ho sebelisa bao a ba qhekeletseng ho loantša masala a peō ea mosali ho fihlela ho khaoha moo ho khoehlang. (Tšenolo 12:17) Ona ke monyetla oa ho qetela oa Satane!
2. Gogo oa Magogo ke mang, ’me Jehova o mo tsamaisa joang hore a hlasele batho ba Hae?
2 Tlhaselo eo e mabifi ea Diabolose e hlalositsoe ka ho hlaka ho Ezekiele khaolo ea 38. Moo Satane ea theotsoeng boemong o bitsoa “Gogo oa naha ea Magogo.” Jehova o kenya lihakisi tsa tšoantšetso mehlahareng ea Gogo, o mo hulela ntoeng hammoho le lebotho la hae le leholo la sesole. O etsa see joang? Ka ho etsa hore Gogo a bone Lipaki tsa Hae e le batho ba se nang boitšireletso “ba bokeletsoeng ho tsoa lichabeng, ba bokellang leruo le thepa, ba lulang bohareng ba lefatše.” Bana ba bonoa ke bohle lefatšeng e le bona feela batho ba hanneng ho rapela sebata le setšoantšo sa sona. Matla a bona a moea le ho atleha ha bona moeeng ho halefisa Gogo. Kahoo Gogo le lebotho la hae le leholo la sesole, ho akarelletsa le sebata se tsoang leoatleng se nang le linaka tse leshome, ba futuha ka bongata ho tla ba bolaea. Leha ho le joalo, ho fapana le Babylona e Moholo, batho ba Molimo ba hloekileng ba sirelelitsoe ke Molimo!—Ezekiele 38:1, 4, 11, 12, 15; Tšenolo 13:1.
3. Jehova o felisa mabotho a sesole a Gogo joang?
3 Jehova o felisa Gogo le bongata bohle ba hae joang? Mamela! “‘Ke tla mo bitsetsa sabole sebakeng sohle sa ka se lithaba,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova. ‘Sabole ea e mong le e mong e tla ba khahlanong le mor’abo.’” Empa ntoeng ena ho ke ke ha sebelisoa libetsa tsa nyutlelie kapa libetsa tse tloaelehileng, hobane Jehova o re: “Ke tla kena kahlolong le eena, ka lefu la seoa le ka mali; le pula e tšolohang ea litloebelele le majoe a sefako, ’me ke tla nesa mollo le sebabole holim’a hae le holim’a lihlopha tsa hae le holim’a lichaba tse ngata tse tla beng li e-na le eena. Ka sebele ke tla itlotlisa ke ikhalaletse ’me ke itsebahatse ka pel’a mahlo a lichaba tse ngata; ’me li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.”—Ezekiele 38:21-23; 39:11; bapisa le Joshua 10:8-14; Baahloli 7:19-22; 2 Likronike 20:15, 22-24; Jobo 38:22, 23.
Ea Bitsoang “ea Tšepahalang le oa ’Nete”
4. Johanne o hlalosa Jesu Kreste ea apereng liaparo tsa ntoa joang?
4 Jehova o bitsa sabole. Ke mang ea tsokang sabole eo? Ha re khutlela ho Tšenolo, re fumana karabo ponong e ’ngoe eo le eona e leng e hlollang. Johanne o bona maholimo a buleha ka pel’a mahlo a hae a senola ntho e ’ngoe e hlileng e tšosang—Jesu Kreste ka seqo a apere liaparo tsa ntoa! Johanne o re bolella sena: “Ka bona leholimo le buleha, ’me, bonang! pere e tšoeu. Ea e palameng o bitsoa ea Tšepahalang le oa ’Nete, ’me o ahlola le ho loana ka ho loka. Mahlo a hae ke lelakabe la mollo, ’me o roetse mefapa-hlooho e mengata hloohong.”—Tšenolo 19:11, 12a.
5, 6. Ke eng se boleloang ke (a) “pere e tšoeu”? (b) lebitso “ea Tšepahalang le oa ’Nete”? (c) mahlo a kang “lelakabe la mollo”? (d) “mefapa-hlooho e mengata”?
5 Joaloka ponong ea pejana ea bapalami ba bane ba lipere, ‘pere ena e tšoeu’ ke tšoantšetso e loketseng ea ntoa e lokileng. (Tšenolo 6:2) ’Me ke mang har’a bara ba Molimo eo e ka bang ea lokileng ho feta Mohlabani eo ea matla? Kaha “o bitsoa ea Tšepahalang le oa ’Nete,” e tlameha ebe ke “paki e tšepahalang le ea ’nete,” Jesu Kreste. (Tšenolo 3:14) O loanela hore a tle a phethahatse likahlolo tse lokileng tsa Jehova. Kahoo, o nka bohato bona a le boemong ba hae e le Moahloli ea khethiloeng ke Jehova, e le “Molimo ea Matla.” (Esaia 9:6) Mahlo a hae a kenya tšabo, a tšoana le “lelakabe la mollo,” a talimile timetsong e tlang ea lira tsa hae e kang ea mollo.
6 Morena enoa oa Mohlabani o roetse mefapa-hlooho. Sebata seo Johanne a se boneng se e-tsoa leoatleng se ne se e-na le mefapa-hlooho e leshome, e tšoantšetsang puso ea sona ea nakoana lefatšeng. (Tšenolo 13:1) Leha ho le joalo, Jesu o na le “mefapa-hlooho e mengata.” Puso ea hae e khanyang ke eo ho seng e ka lekanngoang le eona, hobane ke “Morena oa ba busang e le marena le Khosi ea ba busang e le likhosi.”—1 Timothea 6:15.
7. Lebitso le ngotsoeng leo Jesu a nang le lona ke eng?
7 Tlhaloso ea Johanne e tsoela pele: “O na le lebitso le ngotsoeng leo ho seng ea le tsebang haese eena.” (Tšenolo 19:12b) Bibele e se e ntse e bitsa Mora oa Molimo ka mabitso a kang Jesu, Emanuele le Mikaele. Empa “lebitso” lena le sa boleloang ho bonahala le emela boemo le litokelo tseo Jesu a li thabelang letsatsing la Morena. (Bapisa le Tšenolo 2:17.) Ha Esaia a hlalosa seo Jesu a neng a tla ba sona ho tloha ka 1914, o re: “O tla rehoa lebitso la Moeletsi ea Hlollang, Molimo ea Matla, Ntate oa ka ho sa Feleng, Khosana ea Khotso.” (Esaia 9:6) Moapostola Pauluse o ile a amahanya lebitso la Jesu le litokelo tsa Hae tse phahameng haholo tsa tšebeletso ha a ne a ngola a re: “Molimo le eena o ile a mo [Jesu] phahamisetsa boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle, e le hore lengole le leng le le leng . . . le ka khumama ka lebitso la Jesu.”—Bafilipi 2:9, 10.
8. Ke hobane’ng ha e le Jesu feela ea ka tsebang lebitso le ngotsoeng, hona ke bo-mang bao a ba fang litokelo tse ling tsa hae tse phahameng?
8 Litokelo tsa Jesu ke tse ikhethang. Ka ntle ho Jehova ka boeena, ke Jesu feela ea ka utloisisang hore na ho bolela eng ho ba boemong bo phahameng hakaalo. (Bapisa le Matheu 11:27.) Kahoo, ho libōpuoa tsohle tsa Molimo, ke Jesu feela ea ka utloisisang lebitso lena ka botlalo. Leha ho le joalo, Jesu o akarelletsa monyaluoa oa hae ho tse ling tsa litokelo tsena. Kahoo, o etsa tšepiso ena: “Ea hlōlang . . . ke tla ngola holim’a hae . . . lebitso lane la ka le lecha.”—Tšenolo 3:12.
9. Ke eng se bontšoang ke (a) hore Jesu “o apere seaparo sa ka ntle se fafalitsoeng ka mali”? (b) hore Jesu o bitsoa “Lentsoe la Molimo”?
9 Johanne o tsoela pele o re: “’Me o apere seaparo sa ka ntle se fafalitsoeng ka mali, ’me lebitso leo a bitsoang ka lona ke Lentsoe la Molimo.” (Tšenolo 19:13) Ke “mali” a mang? E ka ’na eaba ke mali a bophelo a Jesu, a tšolotsoeng molemong oa batho. (Tšenolo 1:5) Empa, moelelong ona, ho ka etsahala hore ebe ho buuoa ka mali a lira tsa hae a ileng a tšoloha ha ho phethahatsoa likahlolo tsa Jehova ho tsona. Re hopotsoa pono ea pejana eo ho eona ho kotuloang morara oa lefatše ’me o hatakeloa ka sehatelong se seholo sa veine sa bohale ba Molimo ho fihlela mali ‘a phahama ho ea fihla litōmong tsa lipere’—e leng ho bontšang ho hlōloa ho hoholo ha lira tsa Molimo. (Tšenolo 14:18-20) Ka ho tšoanang, mali a fafalitsoeng seaparong sa Jesu sa ka ntle a tiisa hore tlhōlo ea hae ke ea makhaola-khang le e feletseng. (Bapisa le Esaia 63:1-6.) Joale, Johanne o boetse o re Jesu o bitsoa ka lebitso le leng. Lekhetlong lena ke lebitso le tsebahalang—la “Lentsoe la Molimo”—le khethollang Morena enoa oa Mohlabani e le ’Muelli ea ka Sehloohong oa Jehova le Moloaneli oa ’nete.—Johanne 1:1; Tšenolo 1:1.
Bahlabani-’moho le Jesu
10, 11. (a) Johanne o bontša joang hore Jesu ha a mong ntoeng ee? (b) Ke eng se bontšoang ke taba ea hore lipere li tšoeu ’me bapalami ba lipere ba apere “line ea boleng bo botle, e tšoeu, e hloekileng”? (c) Ke bo-mang ba etsang “mabotho” a leholimo?
10 Jesu ha a loane ntoa ena a le mong. Johanne o re: “Hape, mabotho a neng a le leholimong a ne a mo latela ka lipere tse tšoeu, ’me a ne a apere line ea boleng bo botle, e tšoeu, e hloekileng.” (Tšenolo 19:14) Taba ea hore ebe lipere li “tšoeu” e bontša ntoa e lokileng. “Line ea boleng bo botle” e loketse bapalami ba lipere ba Morena, ’me bosoeu ba eona bo phatsimang, bo hloekileng, bo bontša boemo bo hloekileng, ba ho loka ka pel’a Jehova. Joale, “mabotho” aa a etsoa ke bo-mang? Ha ho pelaelo hore a akarelletsa mangeloi a halalelang. E ne e le qalong ea letsatsi la Morena ha Mikaele le mangeloi a hae ba ntša Satane le bademona ba hae leholimong. (Tšenolo 12:7-9) Ho feta moo, “mangeloi ’ohle” a tla sebeletsa Jesu ha a lutse teroneng ea hae e khanyang nakong ea ha a ahlola lichaba le batho ba lefatše. (Matheu 25:31, 32) Ka sebele, ntoeng ena ea makhaola-khang, ha likahlolo tsa Molimo li phethahatsoa la ho qetela, Jesu o tla be a boetse a e-na le mangeloi a hae.
11 Ba bang le bona ba tla ameha. Ha Jesu a romela molaetsa oa hae phuthehong ea Thyatire, o ile a tšepisa tjena: “Ea hlōlang le ea bolokang liketso tsa ka ho fihlela bofelong ke tla mo fa matla holim’a lichaba, ’me o tla lisa batho ka molamu oa tšepe e le hore ba tle ba pshatloe likoto joaloka lijana tsa letsopa, joalokaha ke amohetse ho Ntate.” (Tšenolo 2:26, 27) Ntle ho pelaelo, ha nako eo e fihla, barab’abo Kreste ba seng ba ntse ba le leholimong ba tla ba le karolo mosebetsing oa ho lisa batho le lichaba ka molamu oo oa tšepe.
12. (a) Na bahlanka ba Molimo ba lefatšeng ba tla loana ka Armagedone? (b) Batho ba Jehova ba lefatšeng ba ameha joang ka Armagedone?
12 Joale, ho thoe’ng ka bahlanka ba Molimo ba moo lefatšeng? Sehlopha sa Johanne se ke ke sa loana ntoeng ea Armagedone; le metsoalle ea sona e tšepahalang, e leng batho ba tsoang lichabeng tsohle ba ’nileng ba phallela ntlong ea Jehova ea moea ea borapeli, ba ke ke ba loana. Batho bana ba nang le khotso ba se ba teile lisabole tsa bona hore e be mehoma. (Esaia 2:2-4) Empa leha ho le joalo, ba ameha haholo ntoeng ena! Joalokaha re hlokometse, batho ba Jehova bao ho bonahalang eka ha ba na boitšireletso ke bona ba hlaseloang ka mabifi ke Gogo le bongata bohle ba hae. Ena ke eona pontšo e hlokomelisang Morena oa Mohlabani ea behiloeng ke Jehova, ea tšehelitsoeng ke mabotho a leholimo, hore a qale ntoa e tla felisa lichaba tseo. (Ezekiele 39:6, 7, 11; bapisa le Daniele 11:44–12:1.) E le bashebelli, batho ba Molimo lefatšeng ba tla thahasella se etsahalang haholo. Armagedone e tla bolela ho pholoha ha bona, ’me ba tla phela ka ho sa feleng e le ba boneng ka mahlo ntoa e khōlō ea Jehova ea ho tlosa qoso.
13. Re tseba joang hore Lipaki Tsa Jehova ha li hanyetse puso eohle?
13 Na hoo ho bolela hore Lipaki Tsa Jehova li khahlanong le puso eohle? Le hanyenyane! Li mamela keletso ea moapostola Pauluse e reng: “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng.” Lia hlokomela hore hafeela tsamaiso ea hona joale e ntse e le teng, ‘balaoli bao ba phahameng’ ba lumeletsoe ke Molimo hore ba ’ne ba be teng ho etsa hore ho be le taolo e itseng lichabeng ka kakaretso. Kahoo, Lipaki Tsa Jehova li lefa makhetho, li mamela melao, li hlompha melao ea sephethephethe, li lumellana le lingoliso tsa molao, le tse ling. (Baroma 13:1, 6, 7) Ho feta moo, li latela melao-motheo ea Bibele ka ho bua ’nete le ho tšepahala; li bontša lerato la boahelani; li haha malapa a matla, a nang le boitšoaro bo botle; ’me li koetlisa bana ba tsona hore e be baahi ba behang mohlala. Ka tsela ena ha li felle feela ka ho lefa ‘Cesare lintho tsa Cesare empa [li] lefa Molimo lintho tsa Molimo.’ (Luka 20:25; 1 Petrose 2:13-17) Kaha Lentsoe la Molimo le bontša hore mebuso ea lefatše lena ke ea nakoana, hona joale Lipaki Tsa Jehova li itokisetsa ho phela bophelo bo monate haholoanyane, bophelo ba sebele, boo li tla tloha li bo thabela tlas’a puso ea ’Muso ea Kreste. (1 Timothea 6:17-19) Le hoja li ke ke tsa kenya letsoho ha ho felisoa mebuso ea lefatše lena, Lipaki li na le tšabo e nang le tlhompho hobane li utloile seo Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, Bibele e Halalelang, le se buang mabapi le kahlolo eo Jehova a leng haufi le ho e phethahatsa ka Armagedone.—Esaia 26:20, 21; Baheberu 12:28, 29.
Ho ea Ntoeng ea ho Qetela!
14. “Sabole e telele e bohale” e tsoang molomong oa Jesu e tšoantšetsa eng?
14 Ke mang ea fang Jesu matla a ho phetha tlhōlo ea hae? Johanne o re: “Molomong oa hae ho tsoa sabole e telele e bohale, e le hore a ka hlatha lichaba ka eona, ’me o tla li lisa ka molamu oa tšepe.” (Tšenolo 19:15a) ‘Sabole eo e telele e bohale’ e tšoantšetsa matla ao Jesu a a filoeng ke Molimo a ho ntša litaelo tsa ho timetsa bohle ba hanang ho tšehetsa ’Muso oa Molimo. (Tšenolo 1:16; 2:16) Tšoantšetso ena e hlakileng e lumellana le mantsoe a Esaia a reng: “[Jehova] a etsa hore molomo oa ka o be joaloka sabole e bohale. O mpatile moriting oa letsoho la hae. Butle-butle a nketsa lerumo le leolitsoeng.” (Esaia 49:2) Mona Esaia o ne a tšoantšetsa Jesu, ea phatlalatsang likahlolo tsa Molimo le ho li phethahatsa joalokaha eka ke ka lerumo le sa foseng.
15. Nakong ena, ke mang ea tla beng a se a pepesitsoe le ho ahloloa, e le ho tšoaea qaleho ea eng?
15 Nakong ena, Jesu o tla be a se a nkile bohato ho phethahatsa mantsoe a Pauluse a reng: “Joale, ka sebele, ea sa eeng ka molao o tla senoloa, eo Morena Jesu a tla mo felisa ka moea oa molomo oa hae ’me a mo etse lefeela ka ponahalo ea ho ba teng ha hae.” E, ho ba teng (pa·rou·siʹa, ka Segerike) ha Jesu ho bonahetse ho tloha ka 1914 ho ea pele ka ho pepesa le ho ahlola motho ea sa eeng ka molao, e leng baruti ba Bokreste-’mōtoana. Ho ba teng hona ho tla bonahala ka mokhoa o hlollang ha linaka tse leshome tsa sebata se ’mala o sekareleta li phethahatsa kahlolo eo ’me li harasoanya Bokreste-’mōtoana, hammoho le likarolo tsohle tse ling tsa Babylona e Moholo. (2 Bathesalonika 2:1-3, 8) Hoo e tla be e le ho qaleha ha matšoenyeho a maholo! Ka mor’a moo, Jesu o retelehela karolong e setseng ea mokhatlo oa Satane, tumellanong le boprofeta bo reng: “O tla otla lefatše ka thupa ea molomo oa hae; ’me a bolaee ea khopo ka moea oa molomo oa hae.”—Esaia 11:4.
16. Buka ea Lipesaleme le ea Jeremia li hlalosa mosebetsi oa Morena oa Mohlabani ea khethiloeng ke Jehova joang?
16 Morena oa mohlabani, joalokaha a khethiloe ke Jehova, o tla khetha ba tla pholoha le ba tla shoa. Ha Jehova a bua ka tsela ea boprofeta le Mora enoa oa Molimo, o re: ‘U tla ba [babusi ba lefatše] thumakanya ka lere la borena la tšepe, u tla ba pshatla joalokaha eka ke sejana sa sebōpi.’ Jeremia o bua le baeta-pele ba joalo ba bolileng ba mebuso le bahlanka ba bona o re: “Bokollang, lōna balisa, le hoeletse! Ipitikeng, lōna ba hlomphehang ba mohlape, kahobane matsatsi a hore le hlajoe ’me le hasanngoe a phethahetse, ’me le tla oa joaloka sejana se lakatsehang!” Ho sa tsotellehe hore na ho ne ho bonahala eka babusi bao ke ba bohlokoa hakae lefatšeng le khopo, lere la Morena la tšepe le tla ba otla hanngoe feela ’me le ba thumakanye joalokaha eka ho thumakanngoa sejana se setle. Ho tla ba joalokaha Davida a profetile mabapi le Morena Jesu: “Jehova o tla romela molamu oa matla a hao ho tsoa Sione, a re: ‘Qala ho busa har’a lira tsa hao.’ Jehova ka letsohong la hao le letona ka sebele o tla roba marena likoto letsatsing la bohale ba hae. O tla phethahatsa kahlolo har’a lichaba; o tla etsa hore ho tlale litopo.”—Pesaleme ea 2:9, 12; 83:17, 18; 110:1, 2, 5, 6; Jeremia 25:34.
17. (a) Johanne o hlalosa bohato ba ho timetsa ba Morena oa Mohlabani joang? (b) Bolela boprofeta bo bong bo bontšang kamoo letsatsi la bohale ba Molimo e tla ba la tlokotsi kateng ho lichaba.
17 Morena enoa oa Mohlabani ea matla o boetse o hlaha ketsahalong e latelang ea pono: “Hape o hatakela sehatelo sa veine sa bohale ba khalefo ea Molimo ea Matla ’Ohle.” (Tšenolo 19:15b) Ponong ea pejana, Johanne o ne a se a ile a bona ho hatakeloa ‘sehatelo sa veine sa bohale ba Molimo.’ (Tšenolo 14:18-20) Esaia o boetse o hlalosa sehatelo sa veine sa timetso, ’me baprofeta ba bang ba bolela kamoo letsatsi la bohale ba Molimo e tla ba la tlokotsi kateng ho lichaba tsohle.—Esaia 24:1-6; 63:1-4; Jeremia 25:30-33; Daniele 2:44; Sofonia 3:8; Zakaria 14:3, 12, 13; Tšenolo 6:15-17.
18. Moprofeta Joele o senola eng mabapi le ha Jehova a ahlola lichaba tsohle?
18 Moprofeta Joele o amahanya sehatelo sa veine le ho tla ha Jehova ho tla ‘ahlola lichaba tsohle tse pota-potileng.’ Ke Jehova ea ntšang taelo ena eo ntle ho pelaelo e eang ho Moahloli-’moho le Eena, Jesu, le mabotho a hae a leholimo: “Akhelang sekele, kaha lijalo li butsoitse. Tloong, theohang, kaha sehatelo sa veine se tletse. Likhakeletsi tsa lihatelo lia khaphatseha; kaha bobe ba bona bo bongata. Bongata, bongata bo khohlong ea qeto, kaha letsatsi la Jehova le haufi khohlong ea qeto. Ka sebele letsatsi le khoeli li tla fifala, ’me linaleli li tla honyetsa khanya ea tsona. Jehova o tla puruma a le Sione, ’me o tla ntša lentsoe la hae a le Jerusalema. Ka sebele leholimo le lefatše li tla reketla; empa Jehova e tla ba setšabelo ho batho ba hae, le qhobosheane ho bara ba Iseraele. Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna.”—Joele 3:12-17.
19. (a) Potso e botsitsoeng ho 1 Petrose 4:17 e tla arabeloa joang? (b) Ke lebitso lefe le ngotsoeng seaparong sa Jesu sa ka ntle, hona ke hobane’ng ha le tla ipaka le loketse?
19 Ka sebele leo e tla ba letsatsi la timetso ho lichaba le batho ba sa mameleng, empa e tla ba letsatsi la ho phomola ho bohle ba entseng Jehova le Morena oa hae oa Mohlabani setšabelo sa bona! (2 Bathesalonika 1:6-9) Kahlolo e qalileng ka ntlo ea Molimo ka 1918 e tla be e fihlile tlhōrōng, e le ho araba potso e ho 1 Petrose 4:17, e reng: “Bofelo ba ba sa mameleng litaba tse molemo tsa Molimo e tla ba bofe?” Mohlōli ea khanyang o tla be a hataketse sehatelo sa veine ho fihlela qetellong, a bontša hore ke Ea phahameng eo Johanne a reng ka eena: “Seaparong sa hae sa ka ntle, esita le seropeng sa hae, o na le lebitso le ngotsoeng, Morena oa marena le Khosi ea likhosi.” (Tšenolo 19:16) O bontšitse hore matla a hae a feta hōle matla a ’musi leha e le ofe oa lefatše, morena leha e le ofe kapa khosi leha e le efe ea motho. O seriti ebile o khanya ka tsela e ke keng ea lekanngoa. O palame “molemong oa ’nete le boikokobetso le ho loka” ’me o hlōtse ka ho sa feleng! (Pesaleme ea 45:4) Liaparong tsa hae tse fafalitsoeng ka mali ho ngotsoe lebitso leo a le filoeng ke ’Musi Morena Jehova, eo a Tlosang Qoso ho eena!
Lijo Tse Khōlō Tsa Shoalane Tsa Molimo
20. Johanne o hlalosa “lijo tse khōlō tsa shoalane tsa Molimo” joang, ’me see se re hopotsa boprofeta bofe bo fanoeng pejana empa e le bo tšoanang?
20 Ponong ea Ezekiele, ka mor’a hore bongata ba Gogo bo timetsoe, linonyana le liphoofolo tse hlaha li memeloa moketeng! Li hleka naha ka ho ja litopo tsa lira tsa Jehova. (Ezekiele 39:11, 17-20) Mantsoe a Johanne a latelang a re hopotsa boprofeta boo ba pejana ka mokhoa o hlakileng: “Ka boela ka bona lengeloi le eme letsatsing, ’me la hoeletsa ka lentsoe le phahameng la re ho linonyana kaofela tse fofang sebakeng: ‘Tloong mona, le bokane lijong tse khōlō tsa shoalane tsa Molimo, e le hore le ka ja linama tsa marena le linama tsa balaoli ba sesole le linama tsa banna ba matla le linama tsa lipere le tsa ba li palameng, le linama tsa bohle, tsa batho ba lokolohileng hammoho le tsa makhoba le tsa ba banyenyane le ba baholo.’”—Tšenolo 19:17, 18.
21. Ke eng se bontšoang ke (a) hore lengeloi “le eme letsatsing”? (b) taba ea hore bafu ba tlohetsoe ba rapaletse fatše? (c) lethathamo la bao litopo tsa bona li tla tloheloa li rapaletse fatše? (d) polelo e reng ‘lijo tse khōlō tsa shoalane tsa Molimo’?
21 Lengeloi “le eme letsatsing,” boemong ba ho laela moo le ka bonoang ke linonyana. Le li memela hore li itokisetse ho hlahlabetsa linama tsa ba tla bolaoa haufinyane ke Morena oa Mohlabani le mabotho a hae a leholimo. Taba ea hore ba shoeleng ba tla tloheloa ba rapaletse fatše e bontša hore ba tla shoa ba hlabisitsoe lihlong phatlalatsa. Joaloka Jezebele oa khale, ba ke ke ba patoa ka mokhoa o hlomphehang. (2 Marena 9:36, 37) Lethathamo la bao litopo tsa bona li tla tloheloa li rapaletse moo le bontša kamoo timetso eo e tla pharalla kateng: ho tla ba le marena, balaoli ba sesole, banna ba matla, batho ba lokolohileng le makhoba. Ha ho khethoe. Moneketsela o mong le o mong oa lefatše le fetohetseng Jehova o tla felisoa. Ka mor’a sena, ho ke ke ha hlola ho e-ba le leoatle le se nang botsitso la batho ba ferekaneng. (Tšenolo 21:1) Tsena ke ‘lijo tse khōlō tsa shoalane tsa Molimo,’ hobane ke Jehova ea memang linonyana hore li li je.
22. Johanne o akaretsa se tla etsahala ntoeng ea ho qetela joang?
22 Johanne o akaretsa se tla etsahala ntoeng ena ea ho qetela: “Ka bona sebata le marena a lefatše le mabotho a ’ona a bokane ho loantša ea palameng pere le lebotho la hae. Sebata sa tšoaroa, ’me hammoho le sona ha tšoaroa moprofeta oa bohata ea ileng a etsa ka pel’a sona lipontšo tseo ka tsona a ileng a khelosa ba ileng ba amohela letšoao la sebata le ba fanang ka borapeli ho setšoantšo sa sona. Ba sa ntse ba phela, ba liheloa ka letšeng la mollo le tukang sebabole. Empa ba bang kaofela ba bolaoa ka sabole e telele ea ea palameng pere, e leng sabole e neng e tsoa molomong oa hae. Linonyana kaofela tsa khora linama tsa bona.”—Tšenolo 19:19-21.
23. (a) Ke ka kutloisiso efe “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo [ea] matla ’ohle” e loaneloang “Armagedone”? (b) “Marena a lefatše” a hlōlehile ho ela temoso efe hloko, hona ka phello efe?
23 Ka mor’a ho tšolloa ha sekotlolo sa botšelela sa bohale ba Jehova, Johanne o ile a tlaleha hore “marena a lefatše le a linaha tsohle tseo ho ahiloeng ho tsona” a ile a bokelloa ke mashano a bodemona ho ea ‘ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo [ea] matla ’ohle.’ Ntoa ena e loaneloa Armagedone—eo e seng sebaka sa sebele, empa e le boemo ba lefatše ka kakaretso boo ho bona ho hlokahalang hore ho phethahatsoe kahlolo ea Jehova. (Tšenolo 16:12, 14, 16, Bibele ea Sesotho) Joale Johanne o bona se etsahalang ntoeng. O bona “marena a lefatše le mabotho a ’ona” kaofela a futuhetse Molimo. Ka manganga a hanne ho ikokobeletsa Morena oa Jehova. O ile a a fa temoso e molemo molaetseng o bululetsoeng o reng: “Akang mora, hore [Jehova a] tle a se ke a tuka ke bohale le tle le se ke la timela tseleng.” Kaha a hanne ho ikokobeletsa puso ea Kreste, a tlameha ho shoa.—Pesaleme ea 2:12.
24. (a) Ke kahlolo efe e phethahatsoang holim’a sebata le moprofeta oa bohata, ’me ke ka kutloisiso efe ‘ba sa ntseng ba phela’? (b) Ke hobane’ng ha e tlameha ebe “letša la mollo” ke la tšoantšetso?
24 Sebata se lihlooho li supileng, se linaka li leshome se tsoang leoatleng, se emelang mokhatlo oa lipolotiki oa Satane, se liheloa moo se tla lebaloa, hammoho le moprofeta oa bohata, e leng ’muso oa lefatše oa bosupa. (Tšenolo 13:1, 11-13; 16:13) Ha “ba sa ntse ba phela,” kapa ba sa ntse ba hanyetsa batho ba Molimo lefatšeng ba kopane, ba liheloa ka “letšeng la mollo.” Na ebe lee ke letša la sebele la mollo? Che, hobane le sebata le moprofeta oa bohata hase liphoofolo tsa sebele. Ho e-na le hoo, le tšoantšetsa timetso e feletseng, ea ho qetela, ea ka ho sa feleng. Mona ke hona moo hamorao lefu le Hadese hammoho le Diabolose ka boeena ba tla liheloa teng. (Tšenolo 20:10, 14) Ka sebele hase sebaka se chesang seo ho sona ho hlokofatsoang ba khopo ka ho sa feleng, kaha khopolo ea sebaka se joalo ka boeona e manyala ho Jehova.—Jeremia 19:5; 32:35; 1 Johanne 4:8, 16.
25. (a) Ke bo-mang ba ileng “ba bolaoa ka sabole e telele ea ea palameng pere”? (b) Na re lokela ho lebella hore leha e le bafe ba ileng “ba bolaoa” ba tla tsosoa?
25 Ba bang bohle bao e neng e se karolo ea puso ka ho toba empa leha ho le joalo e le karolo e ke keng ea lokisoa ea lefatše lena le bolileng la batho, ka ho tšoanang “ba bolaoa ka sabole e telele ea ea palameng pere.” Jesu o tla bolela hore ba loketsoe ke lefu. Kaha tabeng ea bona ha ho boleloe letho ka letša la mollo, na re ka lebella hore ba tla tsoha? Ha ho moo re bolelloang hore ba bolailoeng ke Moahloli ea behiloeng ke Jehova ka nako eo ba tla tsosoa. Joalokaha Jesu ka boeena a boletse, bohle bao e seng “linku” ba ea “mollong o sa feleng o lokiselitsoeng Diabolose le mangeloi a hae,” ke hore, “phelisong e sa feleng.” (Matheu 25:33, 41, 46) Ena ke eona tlhōrō ea ‘letsatsi la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.’—2 Petrose 3:7; Nahume 1:2, 7-9; Malakia 4:1.
26. Bolela ka bokhutšoanyane hore na Armagedone e tla fella ka eng.
26 Ka tsela ena, likarolo tsohle tsa mokhatlo oa Satane o lefatšeng lia fela. “Leholimo la pele” la puso ea lipolotiki le fetile. “Lefatše,” e leng tsamaiso e bonahalang e tsitsitse eo Satane a e hahileng ka makholo a lilemo, joale le felisitsoe ka ho feletseng. “Leoatle,” e leng letšoele la batho ba khopo ba hanyetsang Jehova, ha le sa le eo. (Tšenolo 21:1; 2 Petrose 3:10) Ebe joale Jehova o tla etsa’ng ka Satane? Johanne o tsoela pele ho re bolella.