Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na Lebitso la Hao le Teng Bukeng ea Bophelo?
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 3. (a) Ke hobane’ng ha “lengeloi la phutheho e Sarda” le ne le lokela ho hlokomela ka ho khetheha ’nete ea hore Jesu o na le “linaleli tse supileng”? (b) Jesu o fa phutheho e Sarda keletso efe e matla?

      3 Jesu o boetse o hopotsa “lengeloi la phutheho e Sarda” hore ke Eena ea nang le “linaleli tse supileng.” O tšoere baholo bao ba phutheho ka letsohong la hae le letona, ’me o na le matla a ho ba tataisa mosebetsing oa bona oa bolisa. Ba lokela ho beha lipelo tsa bona ‘ho tsebeng ponahalo ea mohlape ka hohle-hohle.’ (Liproverbia 27:23) Kahoo, ho ne ho ka ba molemo hore ba mamele ka hloko mantsoe a latelang a Jesu, a reng: “Lebela, ’me u matlafatse lintho tse setseng tse neng li se li tla shoa, kaha ha kea fumana liketso tsa hao li entsoe ka botlalo ka pel’a Molimo oa ka. Ka hona, u tsoele pele ho hopola kamoo u amohetseng le kamoo u ileng ua utloa, ’me u tsoele pele ho ho boloka, ’me u bake. Ka sebele ntle le hore u tsohe, ke tla tla joaloka lesholu, ’me ho hang u ke ke ua tseba hore na ke tla tla ho uena ka hora efe.”—Tšenolo 3:2, 3.

      4. Mantsoe a Petrose a ne a tla thusa phutheho e Sarda joang hore e “matlafatse lintho tse setseng”?

      4 Ho hlokahala hore baholo ba Sarda ba hopole thabo eo ba neng ba e-na le eona pele ha ba ithuta ’nete le mahlohonolo ao ba ileng ba a amohela ka nako eo. Empa hona joale ba shoele mesebetsing ea moea. Lebone la bona la phutheho lea panya-panya ka lebaka la ho haelloa ke mesebetsi ea tumelo. Lilemo pele ho moo, moapostola Petrose o ile a ngolla liphutheho tse Asia (mohlomong ho akarelletsa le Sarda) hore li ananele litaba tse molemo tse khanyang tseo Bakreste ba neng ba li amohetse le tse neng li boletsoe “ka moea o halalelang o rometsoeng o tsoa leholimong”—joalokaha o emeloa ke meea e supileng e ponong ea Johanne. Petrose o ile a boela a hopotsa Bakreste bao ba Asia hore ke ‘morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng, e le hore ba ka bolela hohle makhabane a hlomphehang a ea ba bitsitseng ho ba ntša lefifing ho ba kenya leseling la hae le hlollang.’ (1 Petrose 1:12, 25; 2:9) Ho thuisa ka linnete tse joalo tsa moea ho tla thusa phutheho e Sarda hore e bake ’me e “matlafatse lintho tse setseng.”—Bapisa le 2 Petrose 3:9.

      5. (a) Ho etsahetse’ng ka kananelo ea Bakreste ba Sarda? (b) Ho tla etsahala’ng haeba Bakreste ba Sarda ba sa amohele keletso ea Jesu?

      5 Hona joale kananelo ea bona le lerato leo ba ratang ’nete ka lona li tšoana le mollo o seng o batla o timme. Ke mashala a seng makae feela a ntseng a hlenne. Jesu o ba khothalletsa hore ba butsoele tlhase eo, ba fehle mollo oo, ba bake libeng tseo ba li entseng ka lebaka la ho se tsotelle, ’me e boele e be phutheho e phelang moeeng hape. (Bapisa le 2 Timothea 1:6, 7.) Ho seng joalo, ha Jesu a tla ka tšohanyetso—“joaloka lesholu”—ho tla phethahatsa kahlolo, phutheho e Sarda e tla be e sa itokisa.—Matheu 24:43, 44.

  • Na Lebitso la Hao le Teng Bukeng ea Bophelo?
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 7. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore Bakreste ba lule ba falimehe kajeno?

      7 Taba ea hore ho hlokahala hore Bakreste ba be hlokolosi ha ea fella qalong ea letsatsi la Morena. Boprofeteng ba hae bo boholo bo mabapi le ‘pontšo ea ha lintho tsena tsohle li reretsoe ho phetheha,’ Jesu o ile a fana ka temoso e matla, a re: “Malebana le letsatsi leo kapa hora eo ha ho ea tsebang . . . Lulang le talimile, le lule le falimehile, kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla ba neng. Empa seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle, Le lule le lebetse.” (Mareka 13:4, 32, 33, 37) E, ho tla fihlela horeng ena, ho hlokahala hore e mong le e mong oa rōna, ebang ke oa batlotsuoa kapa oa bongata bo boholo, a lule a falimehile ’me a loantše boroko ba moea. Ha letsatsi la Jehova le fihla “joaloka lesholu bosiu,” e se eka re ka fumanoa re falimehile ka ho feletseng e le hore re ka fumana kahlolo e ntle.—1 Bathesalonika 5:2, 3; Luka 21:34-36; Tšenolo 7:9.

      8. Sehlopha sa Johanne sa kajeno se susumelelitse batho ba Molimo hore ba lule ba phela moeeng joang?

      8 Kajeno sehlopha sa Johanne se falimehetse taba ea hore ho hlokahala hore se susumelletse batho ba Molimo hore ba lule ba phela moeeng. Ho finyella sena, ho lokisetsoa liboka tse khethehileng lefatšeng lohle ka makhetlo a ’maloa selemo le selemo. Selemong se seng sa haufinyane tjena, ba bileng teng likopanong tsa setereke tse 2 981 kaofela ba bile 10 953 744, ’me balumeli ba bacha ba 122 701 ba ile ba kolobetsoa. Ka lilemo tse fetang lekholo, sehlopha sa Johanne se ile sa sebelisa makasine ea Molula-Qhooa ho tsebahatsa lebitso la Jehova le morero oa hae. Ka lebaka la mahloriso a sehlōhō nakong ea lintoa tse peli tsa lefatše, Molula-Qhooa o ile oa thusa Lipaki Tsa Jehova hore li boele li chesehe ka ho hatisa lihlooho tse kang se reng “Ho Lehlohonolo ba sa Tšabeng” (1919), “Pitso ea ho Nka Bohato” (1925) le se reng “Ho Hlōla Tlhoriso” (1942).

      9. (a) Bakreste bohle ba lokela ho ipotsa eng? (b) Molula-Qhooa o fane ka khothatso efe?

      9 Joaloka Sarda, le kajeno liphuthehong e ntse e le habohlokoa hore Bakreste bohle ba tsoele pele ho itlhahloba. Kaofela re lokela hore re ’ne re ipotse: Na ‘liketso tsa rōna li entsoe ka botlalo’ ka pel’a Molimo oa rōna? Re sa ahlole ba bang, na rōna ka borōna re hlaolela moea oa boitelo ’me re loanela ho sebeletsa Molimo ka moea oohle? Tabeng ena, makasine ea Molula-Qhooa e fane ka khothatso ka ho tšohla lihlooho tse kang tsena, “Le ’Ne le Leke Seo le Leng Sona” le “Ho se Hlole re Iphelela.”a Kaha re na le thuso e joalo ea Mangolo, a re ke re iphenya-phenyeng ka borōna ha re ntse re leka ho tsamaea ka boikokobetso le ka ho rapela ka botšepehi ka pel’a Jehova.—Pesaleme ea 26:1-3; 139:23, 24.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela