Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na Lebitso la Hao le Teng Bukeng ea Bophelo?
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 10. Ke tšobotsi efe e khothatsang eo Jesu a ileng a e hlokomela phuthehong e Sarda, ’me seo se lokela ho re ama joang?

      10 Mantsoe a Jesu a latelang a eang phuthehong ea Sarda a khothatsa haholo. O re: “Leha ho le joalo, u na le mabitso a seng makae Sarda a sa kang a silafatsa liaparo tsa ’ona tsa ka ntle, ’me a tla tsamaea le ’na a apere tse tšoeu, hobane aa tšoaneleha. Kahoo ea hlōlang o tla apesoa liaparo tsa ka ntle tse tšoeu; ho hang nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ea bophelo, empa ke tla bolela hore ke ela lebitso la hae hloko ka pel’a Ntate le ka pel’a mangeloi a hae.” (Tšenolo 3:4, 5) Na mantsoe aa ha a re tsose molota le ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho tšepahala? Ka lebaka la ho se tsotelle ha sehlopha sa baholo, phutheho kaofela e ka ’na ea robala boroko bo tebileng ba moea. Empa, batho ba bang hona ka moo ba ka ’na ba ikitlaetsa ka sebete hore boitsebahatso ba bona ba Bokreste bo lule bo hloekile bo bile bo se na letheba, kahoo ba tsoela pele ho ba le lebitso le letle ho Jehova.—Liproverbia 22:1.

  • Na Lebitso la Hao le Teng Bukeng ea Bophelo?
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 13. Bakreste ba tlotsitsoeng ba sa ‘silafatseng liaparo tsa bona tsa ka ntle’ ba tla fumana mahlohonolo afe?

      13 Ba Sarda ba tšepahalang ho isa bofelong ba sa silafatseng boitsebahatso ba bona ba Bokreste ba amohela ho phethahala ha tšepo e babatsehang. Ka mor’a ho hlongoa ha ’Muso oa Bomesia oa Jesu ka 1914, ba tsosetsoa bophelong ba moea e le bahlōli ’me ba apesoa liaparo tsa ka ntle tse tšoeu tse tšoantšetsang ho loka ha bona ho se nang sekoli, ho sa silafatsoang. Kaha ba tsamaile tseleng e patisaneng e isang bophelong, ba tla fumana moputso o sa feleng.—Matheu 7:14; bona le Tšenolo 6:9-11.

      Ka ho sa Feleng Bukeng ea Bophelo!

      14. ‘Buka ea bophelo’ ke eng, ’me ke mabitso a bo-mang a tlalehiloeng ho eona?

      14 ‘Buka ea bophelo’ ke eng, hona ke mabitso a bo-mang a tla bolokoa ho eona? Buka, kapa moqolo, ea bophelo e bolela tlaleho ea bahlanka ba Jehova ba tla amohela mpho ea bophelo bo sa feleng. (Malakia 3:16) Mona ho Tšenolo ho buuoa ka ho toba ka mabitso a Bakreste ba tlotsitsoeng. Empa mabitso a ba tla fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng le ’ona a tlalehiloe ho eona. Ho feta moo, mabitso a ka ‘hlakoloa’ bukeng eo. (Exoda 32:32, 33) Leha ho le joalo, ba sehlopha sa Johanne bao mabitso a bona a lulang bukeng ea bophelo ho fihlela lefung la bona ba amohela bophelo ba ho se shoe leholimong. (Tšenolo 2:10) Ana ke mabitso ao ka ho khetheha Jesu a bolelang hore o a ela hloko ka pel’a Ntate oa hae le ka pel’a mangeloi a Hae. Moputso oo ke o babatsehang hakaakang!

      15. Litho tsa bongata bo boholo li tla etsa joang hore mabitso a tsona a se ke a hlakoloa bukeng ea bophelo?

      15 Bongata bo boholo, boo mabitso a bona le ’ona a ngotsoeng bukeng ea bophelo, bo tla pholoha matšoenyeho a maholo. Ka ho bontša tumelo nakong ea Puso ea Jesu ea Lilemo Tse Sekete le nakong ea teko ea makhaola-khang e tla latela, bana ba tla putsoa ka bophelo bo sa feleng Paradeiseng lefatšeng. (Daniele 12:1; Tšenolo 7:9, 14; 20:15; 21:4) Joale mabitso a bona a ke ke a hlakoloa bukeng ea bophelo. Kaha u tseba se hlahisitsoeng mona ka moea o halalelang, na ka cheseho ha u etse se boleloang ke mantsoe a Jesu a khothatso a pheta-phetoang, a reng: “Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho”?—Tšenolo 3:6.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela