Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “U ’ne U Tšoare ka Tieo Seo U Nang le Sona”
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 17 Ka 1918 sehlopha sa Johanne sa Bakreste ba tlotsitsoeng—joaloka phutheho eo e tšepahalang e Filadelfia—se ile sa lokela ho tobana le khanyetso e tsoang “synagogeng ea Satane” ea kajeno. Baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana, ba neng ba ipolela hore ke Bajuda ba moea, ka bolotsana ba ile ba sebelisa babusi ho hatella Bakreste ba ’nete. Leha ho le joalo, Bakreste bana ba ile ba leka ka thata ho ‘boloka lentsoe le mabapi le mamello ea Jesu’; kahoo, ka thuso ea moea, e leng “matla a manyenyane” a hlollang, ba ile ba pholoha ’me ba tsosoa molota hore ba kene ka monyako oo hona joale o ba bulehetseng. Ka tsela efe?

      “Monyako o Bulehileng”

      18. Jesu o ile a khetha eng ka 1919, ’me bao a ba khethileng ba ile ba tšoana le mohlanka ea tšepahalang oa Ezekiase joang?

      18 Ka 1919 Jesu o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ’me a hlokomela hore sehlopha se senyenyane sa Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng e ne e le “lekhoba [la hae] le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) Bana ba ile ba fumana tlotla e tšoanang le e ileng ea fumanoa ke mohlanka ea tšepahalang Eliakime nakong ea Morena Ezekiase.d Jehova o ile a bua sena mabapi le Eliakime: “Ke tla beha senotlolo sa ntlo ea Davida lehetleng la hae, o tla bula ’me ho se ke ha e-ba le ea koalang, o tla koala ’me ho se ke ha e-ba le ea bulang.” Eliakime o ile a jara boikarabelo bo boima lebitsong la Ezekiase, eo e neng e le mora ea tsoang lesikeng la borena la Davida. Ka ho tšoanang kajeno, “senotlolo sa ntlo ea Davida” se behiloe lehetleng la sehlopha sa Johanne se tlotsitsoeng ka kutloisiso ea hore se filoe boikarabelo ba ho hlokomela lintho tse amanang le ’Muso oa Bomesia tse lefatšeng. Jehova o matlafalitse bahlanka ba hae hore ba jare tlotla ena eo ba e filoeng, ka ho eketsa matla a bona a manyenyane hore e be matla a maholohali a lekaneng hore ba fane ka bopaki bo boholohali lefatšeng ka bophara.—Esaia 22:20, 22; 40:29.

      19. Sehlopha sa Johanne se ile sa jara boikarabelo boo Jesu a se fileng bona ka 1919 joang, hona e le ka phello efe?

      19 Ho tloha ka 1919 ho ea pele, masala a tlotsitsoeng, a latelang mohlala oa Jesu, a ile a ikakhela ka setotsoana phutuhong e matla ea ho phatlalatsa hohle litaba tse molemo tsa ’Muso. (Matheu 4:17; Baroma 10:18) Ka lebaka leo, ba bang ba synagoge ea Satane ea kajeno, e leng Bokreste-’mōtoana, ba ile ba tla ho masala ana a tlotsitsoeng, ba bakile ’me ba ‘inama,’ ba ela hloko matla a lekhoba leo. Le bona ba ile ba tla sebeletsa Jehova ba ikopantse hammoho le ba hōlileng ba sehlopha sa Johanne. Sena se ile sa tsoela pele ho fihlela ha palo e feletseng ea barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng e bokeletsoe. Ka mor’a sena, ‘bongata bo boholo . . . bo tsoang lichabeng tsohle’ bo tlile ho tla ‘inamela’ lekhoba le tlotsitsoeng. (Tšenolo 7:3, 4, 9) Ba kopane hammoho, lekhoba le bongata bona bo boholo ba sebeletsa e le mohlape o le mong oa Lipaki Tsa Jehova.

  • “U ’ne U Tšoare ka Tieo Seo U Nang le Sona”
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 25. Kajeno Mokreste e mong le e mong a ka sebelisa molao-motheo oa keletso eo Jesu a e fileng phutheho ea Filadelfia joang?

      25 E tlameha ebe molaetsa oo o ile oa khothatsa Bakreste bao ba tšepahalang ba Filadelfia hakaakang! ’Me ka sebele o ruta sehlopha sa Johanne thuto e matla hona joale, letsatsing la Morena. Empa melao-motheo ea oona ke ea bohlokoa ho Mokreste e mong le e mong, ebang ke oa batlotsuoa kapa oa linku tse ling. (Johanne 10:16) E mong le e mong oa rōna o lokela hore a ’ne a tsoele pele ho hlahisa litholoana tsa ’Muso joaloka Bakreste bao ba Filadelfia. Bonyane kaofela ha rōna re na le matla a manyenyane. Kaofela re ka etsa ho hong tšebeletsong ea Jehova. A re sebeliseng matla ana! A re falimeheleng ho kena ka monyako ofe kapa ofe o re bulehelang mabapi le litokelo tse eketsehileng tsa ’Muso. Re ka ba ’ra rapela Jehova hore a bule monyako o joalo. (Bakolose 4:2, 3) Ha re ntse re latela mohlala oa Jesu oa ho mamella re bile re ipaka re e-na le ’nete lebitsong la hae, re tla bontša hore le rōna re na le tsebe ea ho utloa seo moea o halalelang oa Molimo o se bolellang liphutheho.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela