Khaolo 14
Khanya e Tsotehang ea Terone ea Leholimo ea Jehova
Pono 2—Tšenolo 4:1–5:14
Moko-taba: Liketsahalo tse hlollang ka pel’a terone ea Molimo ea kahlolo
Nako ea phethahatso: Pono ena e bontša liketsahalo tse etsahalang ho tloha ka 1914 ho fihlela qetellong ea Lilemo Tse Sekete le ha li se li fetile, ha libōpuoa tsohle tse leholimong le tse lefatšeng li tla be li rorisa Jehova.—Tšenolo 5:13
1. Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha haholo ka lipono tseo Johanne a re bolellang tsona?
JOHANNE o qala ho re bolella lipono tse ling tse susumetsang maikutlo. Ka pululelo o ntse a le letsatsing la Morena. Kahoo, seo a se hlalosang se na le moelelo o tebileng ho rōna ba hlileng ba phelang letsatsing leo. Ka lipono tsena, Jehova o tlosa lesira le etsang hore lintho tsa sebele tse leholimong li se ke tsa bonahala ’me o re bontša seo a se bonang mabapi le likahlolo tsa hae tse tla phethahatsoa holim’a lefatše. Ho feta moo, ebang re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa ea ho phela lefatšeng, lintho tsena tse senotsoeng li re thusa ho bona hore na re kenella joang morerong oa Jehova. Kahoo, kaofela ha rōna re lokela ho tsoela pele re amehile haholo ka polelo ea Johanne e reng: “Ho thaba ea ballang holimo le ba utloang mantsoe a boprofeta bona, le ba bolokang lintho tse ngotsoeng ho bona.”—Tšenolo 1:3.
2. Joale ho etsahala’ng ka Johanne?
2 Seo joale Johanne a se bonang se feta hōle ntho leha e le efe eo motho a ka e bonang videong kajeno! O re ha a ngola: “Ka mor’a lintho tsena ka talima, ’me, bonang! monyako o bulehileng leholimong, ’me lentsoe la pele leo ke ileng ka le utloa le ne le le joaloka la terompeta, le bua le ’na, le re: ‘Nyolohela mona, ’me ke tla u bontša lintho tse tla etsahala.’” (Tšenolo 4:1) Ponong Johanne o phunyelletsa maholimo a sa bonahaleng moo Jehova a leng teng, ka holimo-limo ho sepakapaka sa sebele se ’nileng sa fuputsoa ke batho ba fofelang sebakeng, le ka holimo-limo ho lihlopha tsa linaleli tse teng bokahohleng bo bonahalang. Joalokaha eka o kena ka monyako o butsoeng, Johanne o memeloa hore a fepe mahlo ka pono e hlollang ea maholimo a phahameng ka ho fetisisa a moea moo Jehova ka boeena a lutseng teroneng. (Pesaleme ea 11:4; Esaia 66:1) Ke tlotla e kaakang!
3. Lentsoe “le joaloka la terompeta” le re hopotsa eng, ’me ntle ho pelaelo Mong’a lona ke mang?
3 Bibele ha e bolele hore na ‘lentsoe lena la pele’ ke la mang. Joaloka lentsoe la Jesu le matla le utloiloeng pejana, le na le molumo o laelang o kang oa terompeta. (Tšenolo 1:10, 11) O re hopotsa molumo o phunyeletsang oa terompeta o neng o bontša boteng ba Jehova Thabeng ea Sinai. (Exoda 19:18-20) Ha ho pelaelo hore Jehova ke eena Mong’a litaelo tsena ea phahameng. (Tšenolo 1:1) O butse monyako e le hore Johanne, ponong, a ka kena sebakeng se halalelang ka ho fetisisa bobusing bohle bo boholo ba Jehova.
Boteng bo Khanyang ba Jehova
4. (a) Pono ea Johanne e bolela eng ho Bakreste ba tlotsitsoeng? (b) Pono ee e bolela eng ho bao tšepo ea bona e leng ho phela ka ho sa feleng lefatšeng?
4 Johanne o bona eng? Mamela joale ha a re bolella phihlelo ea hae e hlollang: “Ka mor’a lintho tsena kapele-pele ka ba matleng a moea: bonang! terone e ne e le boemong ba eona leholimong, ’me ho na le ea lutseng teroneng.” (Tšenolo 4:2) Ka ho panya ha leihlo, matla a sebetsang a Molimo a isa Johanne ka tsela ea moea teroneng ea Jehova ka ho toba. E bile ho hlollang hakaakang ho Johanne! Mona o senoleloa esale pele pono e hlollang haholo ea maholimo moo eena le Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba boloketsoeng ‘lefa le ke keng la bola le le sa silafalang le le sa senyeheng.’ (1 Petrose 1:3-5; Bafilipi 3:20) Bakeng sa bao tšepo ea bona e leng ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, pono ea Johanne e boetse e na le se tebileng seo e se bolelang. E ba thusa ho utloisisa khanya ea boteng ba Jehova le ea sebōpeho sa puso ea leholimo se sebelisoang ke Jehova ho ahlola lichaba le ho busa batho lefatšeng ka mor’a moo. Ruri Jehova ke Molimo ea hlophisang lintho ka mokhoa o hlollang ka ho fetisisa!
5. Ke ntho efe ea sebele eo Johanne a e bonang e neng e tšoantšetsoa ke sekoahelo sa areka ea selekane?
5 Boholo ba seo Johanne a se bonang leholimong bo tšoana le likarolo tse itseng tsa tabernakele e neng e le lefeelleng. Tabernakele ena e ile ea hahuoa lilemong tse ka bang 1 600 tse fetileng e le sehalalelo sa borapeli ba ’nete bakeng sa Baiseraele. Ka Sehalalelisisong sa tabernakele eo ho ne ho e-na le areka ea selekane, ’me Jehova ka boeena o ne a bua a le holim’a sekoahelo se thata sa khauta sa Areka eo. (Exoda 25:17-22; Baheberu 9:5) Kahoo, sekoahelo sa Areka se ne se tšoantšetsa terone ea Jehova. Joale Johanne o bona ntho ea sebele e neng e tšoantšetsoa ke sona: ’Musi Morena Jehova ka boeena o lutse ka har’a khanya e khōlō e tsotehang teroneng ea hae e phahameng leholimong!
6. Johanne o re fa maikutlo afe mabapi le Jehova, ’me ke hobane’ng ha hoo ho loketse?
6 Ho fapana le baprofeta ba pejana ba ileng ba bontšoa lipono tsa terone ea Jehova, Johanne ha a hlalose ka mokhoa o qaqileng Ea Halalelang ea lutseng ho eona. (Ezekiele 1:26, 27; Daniele 7:9, 10) Empa Johanne o re fa maikutlo a hae mabapi le Ea lutseng teroneng ka mantsoe ana: “Ea lutseng, ka ponahalo, o joaloka lejoe la jaspere le lejoe la bohlokoa le ’mala o mofubelu, ’me ho pota-pota terone ho na le mookoli o joaloka emeralde ka ponahalo.” (Tšenolo 4:3) Ke khanya e tsotehang hakaakang eo ho seng e ka bapisoang le eona! Johanne o lemoha khutso, botle bo phatsimang bo kang ba lehakoe le khanyang le le benyang. Hoo ho lumellana hantle hakaakang le mantsoe a morutuoa Jakobo ha a hlalosa hore Jehova ke “Ntate oa maseli a leholimo”! (Jakobo 1:17) Hang hoba a ngole Tšenolo, Johanne ka boeena o ile a re: “Molimo ke leseli ’me ha ho na lefifi ho hang bonngoeng le eena.” (1 Johanne 1:5) Ka sebele Jehova ke Motho ea khanyang ka mokhoa o phahameng hakaakang!
7. Re ka ithuta eng tabeng ea hore ebe ho na le mookoli o pota-potileng terone ea Jehova?
7 Hlokomela hore Johanne o bona terone e pota-potiloe ke mookoli, o ’mala o botala ba emeralde. Lentsoe la Segerike leo mona le fetoletsoeng e le mookoli (irʹis) le fana ka mohopolo oa ntho e chitja ka ho feletseng. Mookoli o boletsoe ka lekhetlo la pele ka Bibeleng ha ho buuoa ka mehla ea Noe. Hoba metsi a Moroallo a kokobele, Jehova o ile a etsa hore mookoli o bonahale marung, ’me o ile a hlalosa hore na o tšoantšetsa eng ha a re: “Ke fana ka mookoli oa ka marung, ’me e tla ba pontšo ea selekane pakeng tsa ka le lefatše. Ka sebele ke tla hopola selekane sa ka se pakeng tsa ka le lōna le moea o mong le o mong o phelang nameng eohle; ’me metsi ha a sa tla hlola a fetoha moroallo ho felisa nama eohle.” (Genese 9:13, 15) Joale, pono ee ea leholimong e ne e tla hopotsa Johanne eng? Mookoli oo a o boneng e tlameha ebe o ile oa mo hopotsa hore ho hlokahala kamano ea khotso le Jehova, e kang eo sehlopha sa Johanne se e thabelang kajeno. O ne o tla boela o mo kholise ka khutso le khotso tse teng moo Jehova a leng teng, e leng khutso e tlang ho namela ho batho bohle ba mamelang nakong ea ha Jehova a ala tente ea hae holim’a batho ba phelang lefatšeng le lecha.—Pesaleme ea 119:165; Bafilipi 4:7; Tšenolo 21:1-4.
Ho Khetholla Baholo ba 24
8. Johanne o bona bo-mang ho pota-pota terone, ’me ba emela bo-mang?
8 Johanne o ne a tseba hore baprista ba ne ba khethetsoe ho sebeletsa tabernakeleng ea boholo-holo. Kahoo e ka ’na eaba o ile a makatsoa ke ha a bona seo joale a se hlalosang: “Ho pota-pota terone ho na le literone tse mashome a mabeli a metso e mene, ’me literoneng tsena ka bona ho lutse baholo ba mashome a mabeli a metso e mene ba apere liaparo tsa ka ntle tse tšoeu, ’me ba roetse meqhaka ea khauta lihloohong tsa bona.” (Tšenolo 4:4) E, ho e-na le baprista, ho na le baholo ba 24, ba lutseng literoneng ’me ba roetse meqhaka joaloka marena. Baholo baa ke bo-mang? Ke batlotsuoa ba phutheho ea Bokreste, ba tsositsoeng le ba lutseng boemong boo Jehova a ba tšepisitseng bona leholimong. Re tseba see joang?
9, 10. Re tseba joang hore baholo ba 24 ba emela phutheho ea Bokreste e tlotsitsoeng boemong ba eona bo khanyang ba leholimo?
9 Pele ho tsohle, ba roetse meqhaka. Bibele e re Bakreste ba tlotsitsoeng ba fumana ‘moqhaka o ke keng oa bola’ le bophelo bo sa feleng—ba ho se shoe. (1 Bakorinthe 9:25; 15:53, 54) Empa kaha baholo bana ba 24 ba lutse literoneng, meqhaka ea khauta mona e emela matla a borena. (Bapisa le Tšenolo 6:2; 14:14.) Hona ho tšehetsa qeto ea hore baholo ba 24 ba emela balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng ba hatang moo a hatileng teng ha ba le boemong ba bona leholimong, hobane Jesu o ile a etsa selekane le bona hore ba lule literoneng ’Musong oa hae. (Luka 22:28-30) Ke Jesu le baholo bana ba 24 feela—eseng mangeloi—bao ho hlalosoang hore ba busa leholimong moo Jehova a leng teng.
10 Hona ho lumellana le tšepiso eo Jesu a ileng a e etsetsa phutheho ea Laodisia ha a re: “Ea hlōlang ke tla mo neha ho lula le ’na teroneng ea ka.” (Tšenolo 3:21) Empa kabelo ea leholimong ea baholo ba 24 ha ea lekanyetsoa pusong ea ’muso feela. Ha Johanne a kenyelletsa buka ea Tšenolo, o ile a re ka Jesu: ‘O entse hore re be ’muso, baprista ho Molimo le Ntat’ae.’ (Tšenolo 1:5, 6) Bana ke marena ebile ke baprista. “E tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena e le marena ka lilemo tseo tse sekete.”—Tšenolo 20:6.
11. Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe baholo baa ba 24, ’me palo ee e bolela eng?
11 Palo ea 24 e bolela eng ha e le moo Johanne a bona baholo ba 24 ba pota-potile terone? Ka litsela tse ngata, bana ba ne ba tšoantšetsoa ke baprista ba tšepahalang ba Iseraele ea boholo-holo. Ha moapostola Petrose a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng, o ile a re: “Le ‘morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng.’” (1 Petrose 2:9) Se thahasellisang ke hore baprista bao ba Bajuda ba boholo-holo ba ile ba aroloa lihlopha tse 24. Sehlopha se seng le se seng se ile sa abeloa libeke tsa sona tsa ho sebeletsa ka pel’a Jehova har’a selemo, e le hore tšebeletso e halalelang e ka etsoa e sa khaotse. (1 Likronike 24:5-19) Kahoo, ho loketse hore ebe ho na le baholo ba 24 ba hlalositsoeng ponong ea Johanne ea baprista ba leholimong hobane baprista bana ba sebeletsa Jehova ka linako tsohle, ba sa khaotse. Ha lihlopha tsena li feletse, li tla ba 24, se seng le se seng se e-na le bahlōli ba 6 000, hobane Tšenolo 14:1-4 e re bolella hore ba 144 000 (24 x 6 000) ba “rekiloe har’a moloko oa batho” hore ba e’o ema Thabeng ea leholimo ea Sione le Konyana, Jesu Kreste. Kaha palo ea 12 e bolela tlhophiso eo Molimo a e behileng ka tsela e leka-lekaneng, 24 e mena tokisetso eo habeli—kapa ea e matlafatsa.
Mahalima, Mantsoe le Lialuma
12. Joale Johanne o bona eng ebile o utloa eng, ’me “mahalima le mantsoe le lialuma” li mo hopotsa eng?
12 Joale Johanne o bona eng ebile o utloa eng? “Teroneng ho tsoa mahalima le mantsoe le lialuma.” (Tšenolo 4:5a) Hoo ho mo hopotsa lipontšo tse ling tse hlollang hakaakang tsa matla a Jehova a hlahang leholimong! Ka mohlala, ha Jehova ‘a theohela’ Thabeng ea Sinai, Moshe o ile a tlaleha hore: “Ka letsatsi la boraro ha e e-ba hoseng lialuma le mahalima tsa qala ho ba teng, le leru le leholo holim’a thaba le molumo o moholo haholo oa lenaka. . . . Ha molumo oa lenaka o ntse o e-ba matla haholo, Moshe a qala ho bua, ’me Molimo oa ’nete a qala ho mo araba ka lentsoe.”—Exoda 19:16-19.
13. Mahalima a tsoang teroneng ea Jehova a tšoantšetsa eng?
13 Letsatsing la Morena, Jehova o bontša matla a hae le boteng ba hae ka tsela e phahameng. Che, eseng ka lehalima la sebele, hobane Johanne o bona lipontšo. Joale, mahalima a emela eng? Ke ’nete hore mahlaseli a lehalima a ka khantša, empa a ka boela a bolaea. Kahoo, mahalima ana a hlahang teroneng ea Jehova a tšoantšetsa hantle mahlaseli a behang leseling ao a ’nileng a a fa batho ba hae, haholo-holo melaetsa ea hae e tukang ea kahlolo.—Bapisa le Pesaleme ea 18:14; 144:5, 6; Matheu 4:14-17; 24:27.
14. Mantsoe a utloahetse joang kajeno?
14 Ho thoe’ng ka mantsoe? Ha Jehova a theohela Thabeng ea Sinai, lentsoe le ile la bua le Moshe. (Exoda 19:19) Mantsoe a tsoang leholimong a ile a ntša litaelo le liphatlalatso tse ngata bukeng ea Tšenolo. (Tšenolo 4:1; 10:4, 8; 11:12; 12:10; 14:13; 16:1, 17; 18:4; 19:5; 21:3) Le kajeno Jehova o ntšitse litaelo le liphatlalatso tse eang ho batho ba hae, a khantša kutloisiso ea bona mabapi le boprofeta le melao-motheo ea Bibele. Hangata ho ’nile ha fanoa ka boitsebiso bo fanang ka leseli likopanong tsa machaba, ’me linnete tse joalo tsa Bibele li ’nile tsa phatlalatsoa lefatšeng ka bophara. Moapostola Pauluse o ile a bua tjena ka baboleli ba tšepahalang ba litaba tse molemo: “Ha e le hantle, ‘molumo oa bona o ile oa kena lefatšeng lohle, le lipolelo tsa bona ho isa lipheletsong tsa lefatše leo ho ahiloeng ho lona.’”—Baroma 10:18.
15. Ke lialuma life tse tsoileng teroneng karolong ee ea letsatsi la Morena?
15 Ka tloaelo, ka mor’a lehalima ho ba le sealuma. Davida o ile a re sealuma sa sebele ke “lentsoe la Jehova.” (Pesaleme ea 29:3, 4) Ha Jehova a loanela Davida ho lira tsa hae, ho ile ha thoe sealuma se tsoa ho Eena. (2 Samuele 22:14; Pesaleme ea 18:13) Elihu o ile a bolella Jobo hore lentsoe la Jehova le luma joaloka sealuma, ha A etsa “lintho tse khōlō tseo re ke keng ra li tseba.” (Jobo 37:4, 5) Karolong ena ea letsatsi la Morena, Jehova ‘o lumme,’ ha a lemosa ka liketso tse khōlō tseo a tla li etsa khahlanong le lira tsa hae. Melumo ena ea tšoantšetso ea sealuma e pheta-phetiloe lefatšeng lohle. U thabile haeba u etse hloko liphatlalatso tsena tse kang sealuma ’me u sebelisa leleme la hao ka bohlale ho ekelletsa molumong oa tsona!—Esaia 50:4, 5; 61:1, 2.
Mabone a Mollo le Leoatle le Kang Khalase
16. “Mabone a supileng a mollo” a bolela eng?
16 Joale Johanne o bona eng? O bona sena: “’Me ho na le mabone a supileng a mollo a tukang ka pel’a terone, ’me a bolela meea e supileng ea Molimo. Ka pel’a terone ho na le ho joaloka leoatle le kang khalase le joaloka kristale.” (Tšenolo 4:5b, 6a) Johanne ka boeena o re bolella se emeloang ke mabone ana a supileng: “A bolela meea e supileng ea Molimo.” Palo ea supa e tšoantšetsa ntho e feletseng ea bomolimo; kahoo, e tlameha ebe mabone a supileng a emela hore matla a behang leseling a moea o halalelang ke a sa haelloeng ke letho. Sehlopha sa Johanne sa kajeno se leboha hakaakang hore ebe se tšepetsoe ho fana ka leseli lee, hammoho le boikarabelo ba ho le fetisetsa ho batho ba lapileng moeeng ba lefatšeng! Re thaba hakaakang hore ebe selemo le selemo limakasine tse fetang tse makholo a limilione tsa Molula-Qhooa li tsoela pele ho khantša leseli lee ka lipuo tse ka bang 150!—Pesaleme ea 43:3.
17. “Leoatle le kang khalase le joaloka kristale” le tšoantšetsa eng?
17 Johanne o boetse o bona “leoatle le kang khalase le joaloka kristale.” Hoo ho ne ho tla tšoantšetsa eng mabapi le ba memetsoeng lekhotleng la Jehova la leholimo? Pauluse o ile a bua ka tsela eo Jesu a halalelitseng phutheho ka eona, “a e hloekisa ka ho e hlatsoa ka metsi ka lentsoe.” (Baefese 5:26) Pele Jesu a e-shoa, o ile a bolella barutuoa ba hae hore: “Le se le hloekile ka lebaka la lentsoe leo ke le boleletseng lona.” (Johanne 15:3) Kahoo, leoatle lena le kang khalase le joaloka kristale e tlameha ebe le emela Lentsoe la Molimo le tlalehiloeng le hloekisang. Baprista ba marena ba kenang moo Jehova a leng teng e tlameha ebe ba hloekisitsoe ka ho feletseng ka Lentsoe la hae.
Bonang—“Libōpuoa Tse Phelang Tse ’Nè”!
18. Johanne o bona eng har’a terone le ho pota terone?
18 Joale Johanne o bona tšobotsi e ’ngoe. O ngola tjena: “Har’a terone le ho pota terone ho na le libōpuoa tse phelang tse ’nè tse tletseng mahlo ka pele le ka morao.”—Tšenolo 4:6b.
19. Libōpuoa tse phelang tse ’nè li tšoantšetsa eng, hona re tseba see joang?
19 Libōpuoa tsee li tšoantšetsa eng? Pono e tlalehiloeng ke moprofeta e mong, e leng Ezekiele, e re thusa ho fumana karabo. Ezekiele o ile a bona Jehova a lutse teroneng ea koloi ea leholimo, e neng e e-na le libōpuoa tse phelang tse nang le litšobotsi tse tšoanang le tse hlalositsoeng ke Johanne. (Ezekiele 1:5-11, 22-28) Hamorao, Ezekiele o ile a boela a bona terone eo ea koloi hammoho le libōpuoa tse phelang. Leha ho le joalo, lekhetlong lena o ile a re libōpuoa tse phelang e ne e le likerubime. (Ezekiele 10:9-15) Libōpuoa tse phelang tse ’nè tseo Johanne a li bonang e tlameha ebe li emela likerubime tse ngata tsa Molimo—e leng libōpuoa tsa boemo bo phahameng mokhatlong oa Hae o hlophisitsoeng oa moea. Johanne o ne a ke ke a ho nka e ho sa tloaelehang ho bona likerubime li le haufi-ufi le Jehova joalo, kaha tokisetsong ea boholo-holo ea tabernakele, likerubime tse peli tsa khauta li ne li le holim’a sekoahelo sa areka ea selekane, e neng e emela terone ea Jehova. Pakeng tsa likerubime tsena, lentsoe la Jehova le ne le ntša litaelo tse eang ho sechaba.—Exoda 25:22; Pesaleme ea 80:1.
20. Ke ka tsela efe ho ka thoeng libōpuoa tse phelang tse ’nè li “har’a terone le ho pota terone”?
20 Libōpuoa tsena tse phelang tse ’nè li “har’a terone le ho pota terone.” Hantle-ntle hoo ho bolela eng? Ho ka bolela hore li pota-potile terone ka tsela eo se le seng se emeng bohareng ba lehlakore ka leng. Kahoo, bafetoleli ba Today’s English Version ba ngotse polelo ea qalong ea Segerike ka tsela ena: “li pota-potile terone li le ka lehlakoreng le leng le le leng la eona.” Ka lehlakoreng le leng, polelo eo e ka bolela hore libōpuoa tse phelang tse ’nè li boemong bo bohareng leholimong moo terone e leng teng. Mohlomong ke ka lebaka leo The Jerusalem Bible e fetolelang poleloana eo tjena: “li le bohareng, li khobokane ho pota-pota terone ka boeona.” Ntho ea bohlokoa ke hore likerubime li haufi-ufi le terone ea Jehova, ha ho bapisoa le likerubime tseo Ezekiele a ileng a li bona hukung e ’ngoe le e ’ngoe ea koloi ea Jehova ea mokhatlo o hlophisitsoeng. (Ezekiele 1:15-22) Lintho tsena kaofela li lumellana le mantsoe a Pesaleme ea 99:1 a reng: “Jehova ke morena. . . . O lutse holim’a likerubime.”
21, 22. (a) Johanne o hlalosa libōpuoa tse phelang tse ’nè joang? (b) Ponahalo ea sebōpuoa se seng le se seng ho libōpuoa tse phelang tse ’nè e emela eng?
21 Johanne o tsoela pele ho re: “Sebōpuoa se phelang sa pele se joaloka tau, ’me sebōpuoa se phelang sa bobeli se joaloka pohoana, ’me sebōpuoa se phelang sa boraro se na le sefahleho se joaloka sa motho, ’me sebōpuoa se phelang sa bone se joaloka ntsu e fofang.” (Tšenolo 4:7) Ke hobane’ng ha libōpuoa tsee tse phelang tse ’nè li shebahala li fapane hakaale, se seng ha se bapisoa le se seng? Libōpuoa tsena tse phelang tse ikhethileng ho bonahala li totobatsa litšobotsi tse khethehileng tsa Molimo. Sebōpuoa sa pele, ke tau. Ka Bibeleng tau e tšoantšetsa sebete, haholo-holo ha ho phehelloa toka le ho loka. (2 Samuele 17:10; Liproverbia 28:1) Kahoo, ka nepo tau e emela tšobotsi ea Molimo ea ho bontša toka ka sebete. (Deuteronoma 32:4; Pesaleme ea 89:14) Sebōpuoa se phelang sa bobeli se tšoana le pohoana. Poho e u hopotsa tšobotsi efe? Baiseraele ba ne ba nka poho e le letlotlo la bohlokoa ka lebaka la matla a eona. (Liproverbia 14:4; bona le Jobo 39:9-11.) Kahoo, pohoana e emela matla, matla a maholo a fanoang ke Jehova.—Pesaleme ea 62:11; Esaia 40:26.
22 Sebōpuoa se phelang sa boraro se na le sefahleho se kang sa motho. Sena e tlameha ebe se emela lerato le kang la Molimo, kaha lefatšeng motho ke eena feela ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo, a e-na le tšobotsi eo e phahameng ea lerato. (Genese 1:26-28; Matheu 22:36-40; 1 Johanne 4:8, 16) Ntle ho pelaelo, likerubime li bontša tšobotsi ena ha li sebeletsa ho pota terone ea Jehova. Joale ho thoe’ng ka sebōpuoa se phelang sa bone? Sona se tšoana le ntsu e fofang. Jehova ka boeena o bua ka pono e khōlō eo ntsu e nang le eona: “Mahlo a eona a talima hōle.” (Jobo 39:29) Kahoo, ka nepo ntsu e tšoantšetsa bohlale bo bonang hōle. Jehova ke Mohloli oa bohlale. Likerubime tsa hae li sebelisa bohlale ba bomolimo ha li phetha litaelo tsa hae.—Liproverbia 2:6; Jakobo 3:17.
Ho Phatlalatsoa Lithoriso Tsa Jehova
23. Taba ea hore libōpuoa tse phelang tse ’nè li “tletse mahlo” e tšoantšetsa eng, ’me ke eng se hatisoang ke hore li na le lipara tse tharo tsa mapheo?
23 Johanne o tsoela pele ka tlhaloso ea hae: “Ha e le libōpuoa tse phelang tse ’nè, se seng le se seng sa tsona se na le mapheo a tšeletseng; ho li pota-pota le ka tlaase li tletse mahlo. Bosiu le motšehare ha li phomole ha li ntse li re: ‘Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, ea neng a le teng le ea teng le ea tlang.’” (Tšenolo 4:8) Ho tlala mahlo hona ho fana ka maikutlo a pono e feletseng le e bonang hōle. Libōpuoa tse phelang tse ’nè li e sebelisa li sa khaotse, kaha ha ho hlokahale hore li robale. Li etsisa Eo ho ngoliloeng tjena ka eena: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) Kaha li na le mahlo a mangata hakaalo, likerubime li ka bona hohle. Ha ho letho le li sirelang. Kahoo li hlomeletsoe hantle bakeng sa ho sebeletsa Molimo mosebetsing oa hae oa ho ahlola. Ho boleloa tjena mabapi le eena: “Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng, a lula a talimile ba babe le ba molemo.” (Liproverbia 15:3) Kaha li na le lipara tse tharo tsa mapheo—’me ka Bibeleng palo tharo e sebelisoa ho hatisa—likerubime li ka tsamaea ka lebelo le kang la lehalima ha li phatlalatsa likahlolo tsa Jehova le ha li li phethahatsa.
24. Likerubime li rorisa Jehova joang, ’me see se bolela eng?
24 Mamela! Pina ea thoriso eo likerubime li e binelang Jehova ke pina e monate e susumetsang maikutlo, e reng: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, ea neng a le teng le ea teng le ea tlang.” Hape, boraro bo bontša matla. Likerubime li tiisa khalalelo ea Jehova Molimo ka matla. Ke Mohloli oa khalalelo ebile ke eena ea phahameng ka ho fetisisa Eo ho ka Lekanngoang khalalelo ka eena. Hape ke “Morena oa bosafeleng,” kamehla ke “Alfa le Omega, oa pele le oa ho qetela, qalo le qetello.” (1 Timothea 1:17; Tšenolo 22:13) Likerubime ha li phomole ha li phatlalatsa ka pel’a pōpo eohle litšobotsi tsa Jehova tseo ho seng tse ka lekanngoang le tsona.
25. Libōpuoa tse phelang le baholo ba 24 ba kopane joang ho rorisa Jehova?
25 Leholimo la maholimo le tletse molumo oa lithoriso tsa Jehova! Tlhaloso ea Johanne e tsoela pele e re: “Neng kapa neng ha libōpuoa tse phelang li fana ka thoriso le tlhompho le liteboho ho Ea lutseng teroneng, Ea phelang ka ho sa feleng le kamehla, baholo ba mashome a mabeli a metso e mene ba itihela fatše ka pel’a Ea lutseng teroneng ’me ba rapela Ea phelang ka ho sa feleng le kamehla, ’me ba lahlela meqhaka ea bona ka pel’a terone, ba re: ‘Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.’” (Tšenolo 4:9-11) Mangolong ’ohle, ena ke e ’ngoe ea liphatlalatso tse khōlōhali tsa tlhompho e isoang ho Jehova, Molimo oa rōna le ’Musi Morena oa rōna!
26. Ke hobane’ng ha baholo ba 24 ba lahlela meqhaka ea bona ka pel’a Jehova?
26 Baholo ba 24 ba na le boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Jesu a ileng a bo bontša, ba bile ba lahlela meqhaka ea bona ka pel’a Jehova. Ha ba nahane le hanyenyane feela ho iphahamisa moo Molimo a leng teng. Ka boikokobetso baa hlokomela hore morero feela oa borena ba bona ke ho tlisa tlotla le khanya ho eena, feela joalokaha Jesu a etsa kamehla. (Bafilipi 2:5, 6, 9-11) Ka ho ipeha tlaase, baa lumela hore boemo ba bona bo tlaasana ’me ba bolela hore bobusi ba bona bo itšetlehile ka bobusi ba Jehova. Kahoo, ba lumellana ka pelo eohle le likerubime le pōpo eohle e tšepahalang mabapi le ho rorisa le ho tlotlisa Molimo ea bōpileng lintho tsohle.—Pesaleme ea 150:1-6.
27, 28. (a) Tlhaloso ea Johanne ea pono ee e lokela ho re ama joang? (b) Ke lipotso life tse hlahang mabapi le se latelang seo Johanne a se bonang le seo a se utloang?
27 Ke mang ea ke keng a ameha maikutlo ha a bala tlaleho ea Johanne ea pono ee? Ke pono e khanyang ka mokhoa o tsotehang le e botle bo tsotehang hakaakang! Empa e tlameha ebe ho bona ketsahalo eo ka ho toba ho joang? Boholo ba Jehova bo tlameha ho susumelletsa e mong le e mong ea nang le pelo e tletseng kananelo hore a ikopanye le libōpuoa tse phelang tse ’nè le baholo ba 24 ho Mo rorisa, ka thapelo le ka ho bolela lebitso la Hae phatlalatsa. Enoa ke Molimo eo Bakreste ba filoeng tlotla ea ho ba lipaki tsa hae kajeno. (Esaia 43:10) Hopola hore pono ea Johanne e sebetsa letsatsing la Morena, leo re phelang ho lona kajeno. “Meea e supileng” e teng kamehla ho re tataisa le ho re matlafatsa. (Bagalata 5:16-18) Lentsoe la Molimo lea fumaneha kajeno ho re thusa hore re halalele ha re sebeletsa Molimo ea halalelang. (1 Petrose 1:14-16) Ka sebele, re thabile hore ebe re balla holimo mantsoe a boprofeta bona. (Tšenolo 1:3) A re susumetsa hakaakang hore re tšepahale ho Jehova le hore re se ke ra lumella lefatše hore le re sitise ho bina lithoriso tsa hae ka mafolofolo!—1 Johanne 2:15-17.
28 Ho tla fihlela joale, Johanne o hlalositse seo a se bonang ha a memeloa hore a atamele monyako o butsoeng leholimong. Ka tsela e ikhethang ka ho fetisisa, o tlaleha hore Jehova, ka khanya eohle e tsotehang ea boholo ba Hae le seriti sa Hae, o lutse teroneng ea Hae ea leholimo. O pota-potiloe ke mokhatlo o hlophisitsoeng o moholo haholo ho feta eohle—o phatsimang ka khanya ea oona le botšepehi ba oona. Lekhotla la Molimo le kopane. (Daniele 7:9, 10, 18) Ho lokisetsoa ntho e ’ngoe e sa tloaelehang e tla etsahala. Ke eng, hona e re ama joang kajeno? A re shebelleng ha pono e senoleha!
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 75]
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 78]