-
“Ke Mang ea Tšoanelehang ho Bula Moqolo?”Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
Lipina Tsa Thoriso
14. (a) Libōpuoa tse phelang tse ’nè le baholo ba 24 ba etsa’ng ha Jesu a nka moqolo? (b) Boitsebiso boo Johanne a bo fumanang mabapi le baholo ba 24 bo tiisa joang hore na ke bo-mang le hore na boemo ba bona ke bofe?
14 Ba bang ba ka pel’a terone ea Jehova ba etsa joang? “Ha e nka moqolo, libōpuoa tse phelang tse ’nè le baholo ba mashome a mabeli a metso e mene ba itihela fatše ka pel’a Konyana, e mong le e mong a e-na le harepa le likotlolo tsa khauta tse neng li tletse libano, ’me libano li bolela lithapelo tsa bahalaleli.” (Tšenolo 5:8) Joaloka libōpuoa tse phelang tse ’nè, e leng likerubime tse ka pel’a terone ea Molimo, le baholo ba 24 ba inama ka pel’a Jesu ho bontša hore ba ela matla a hae hloko. Empa baholo bana ke bona feela ba tšoereng liharepa le likotlolo tsa libano. ’Me joale ke bona feela ba binang pina e ncha. (Tšenolo 5:9) Kahoo ba emela ba 144 000 ba “Iseraele ea Molimo” e halalelang, bao le bona ba nkileng liharepa ’me ba bina pina e ncha. (Bagalata 6:16; Bakolose 1:12; Tšenolo 7:3-8; 14:1-4) Ho feta moo, baholo ba 24 ba bontšoa ba phetha mosebetsi oa boprista leholimong, o tšoantšetsoang ke oa baprista Iseraeleng ea boholo-holo, ba neng ba chesetsa Jehova libano tabernakeleng—e leng mosebetsi o ileng oa fela lefatšeng ha Molimo a felisa Molao oa Moshe, a o khokhothela thupeng ea Jesu ea tlhokofatso. (Bakolose 2:14) Re fihlela qeto efe ka see sohle? Hore mona bahlōli ba tlotsitsoeng ba bonoa kabelong ea bona ea ho qetela e le ‘baprista ba Molimo le ba Kreste, ba busa le eena e le marena ka lilemo tse sekete.’—Tšenolo 20:6.
15. (a) Iseraeleng, ke mang feela ea neng a fuoe tlotla ea ho kena ka Sehalalelisisong sa tabernakele? (b) Ke hobane’ng ha taba ea hore moprista ea phahameng a chese libano pele a kena ka Sehalalelisisong e ne e ka bolela bophelo kapa lefu ho eena?
15 Iseraeleng ea boholo-holo, ke moprista ea phahameng feela ea neng a kena ka Sehalalelisisong ka pel’a sebaka se tšoantšetsang boteng ba Jehova. Ho eena, ho nka libano e ne e le taba ea bophelo kapa lefu. Molao oa Jehova o ne o re: “[Arone] a nke pane ea mollo e tletseng mashala a tukang a mollo a tsoang aletareng ka pel’a Jehova, ’me liatla tsa hae ka bobeli li tlale libano tse tšesaane tse nkhang hamonate, ’me a li tlise ka har’a lesira. A boele a tšele libano holim’a mollo ka pel’a Jehova, ’me leru la libano le koahele sekoahelo sa Areka, se holim’a Bopaki, hore a se ke a shoa.” (Levitike 16:12, 13) Moprista ea phahameng o ne a ke ke a atleha ho kena ka Sehalalelisisong ntle leha a chesitse libano.
16. (a) Tsamaisong ea Bokreste ea lintho, ke bo-mang ba kenang ka Sehalalelisisong se neng se tšoantšetsoa ke sa pele? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba lokela ho ‘chesa libano’?
16 Tsamaisong ea Bokreste ea lintho, ka Sehalalelisisong se neng se tšoantšetsoa ke sa pele, e leng sebaka seo Jehova a leng ho sona leholimong, ha ho qetelle ho kene feela Moprista ea Phahameng ea neng a tšoantšetsoa, e leng Jesu Kreste, empa ho qetella ho kene e mong le e mong oa baprista ba tlaasana ba 144 000. (Baheberu 10:19-23) Baprista bana, joalokaha mona ba emeloa ke baholo ba 24, ba ke ke ba kena ka Sehalalelisisong ntle leha ba ‘chesa libano,’ ke hore, ba etsa lithapelo le lithapeli ho Jehova ba sa phetse.—Baheberu 5:7; Juda 20, 21; bapisa le Pesaleme ea 141:2.
-