Khaolo 15
“Ke Mang ea Tšoanelehang ho Bula Moqolo?”
1. Joale ho etsahala eng ponong ea Johanne?
E PHAHAME! EA HLOLLA! Ena ke pono e susumetsang ea terone ea Jehova har’a mabone a mollo, likerubime, baholo ba 24 le leoatle le kang khalase. Empa Johanne, u boetse u bona eng? Johanne o tsepamisa mahlo bohareng ba pono ena ea leholimo, ’me o re bolella sena: “Ka letsohong le letona la Ea lutseng teroneng ka bona moqolo o ngotsoeng ka hare le ka ntle, o tiisitsoeng ka thata ka litiiso tse supileng. Ka bona lengeloi le matla le phatlalatsa ka lentsoe le phahameng: ‘Ke mang ea tšoanelehang ho bula moqolo le ho lokolla litiiso tsa oona?’ Empa leha e le leholimong kapa lefatšeng kapa ka tlaase ho lefatše ho ne ho se le ea mong ea khonang ho bula moqolo kapa ho sheba ka hare ho oona. Ka lla haholo ka lebaka la hore ho ne ho se ea fumanoeng a tšoaneleha ho bula moqolo kapa ho sheba ka hare ho oona.”—Tšenolo 5:1-4.
2, 3. (a) Ke hobane’ng ha Johanne a labalabela hore ho fumanoe motho ea tla bula moqolo, empa na ho bonahala see se tla etsahala? (b) Batho ba Molimo ba tlotsitsoeng ba ’nile ba letela eng ka tabatabelo e khōlō mehleng ea rōna?
2 Jehova ka boeena, ’Musi Morena oa pōpo eohle, ke eena ea tšoereng moqolo oo. E tlameha ebe o tletse boitsebiso ba bohlokoa, hobane o ngotsoe ka ntle le ka hare. Le rōna re thahasella ho tseba haholoanyane ka moqolo ona. O tšoere eng? Re hopola ha Jehova a mema Johanne a re: “Nyolohela mona, ’me ke tla u bontša lintho tse tla etsahala.” (Tšenolo 4:1) Ka tjantjello e khōlō re lebeletse ho tseba lintho tseo. Empa jo! moqolo o koetsoe ka thata, o tiisitsoe ka litiiso tse supileng.
3 Na lengeloi le matla le tla fumana ea tšoanelehang ho bula moqolo oo? Ho latela Kingdom Interlinear, moqolo oo o “holim’a letsoho le letona” la Jehova. Hona ho fana ka maikutlo a hore o seatleng sa hae se bulehileng. Empa ho bonahala ho se ea tšoanelehang leholimong kapa lefatšeng ho amohela le ho bula moqolo oo. Le ka tlaase ho lefatše, har’a bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba shoeleng, ha ho ea tšoaneloang ke tlotla ena e phahameng. Hase feela Johanne a bonahalang a hloname! Mohlomong joale a ke ke a tseba “lintho tse tla etsahala.” Le mehleng ea rōna, batho ba Molimo ba tlotsitsoeng ba ’nile ba leta ka tabatabelo e khōlō ba emetse hore Jehova a romele leseli la hae le ’nete ea hae mabapi le Tšenolo. Hona o ne a tla ho etsa butle-butle ka nako e behiloeng ea hore boprofeta bo phethahale, e le hore a ka lebisa batho ba hae tseleng ea ‘poloko e khōlō.’—Pesaleme ea 43:3, 5.
Ea Tšoanelehang
4. (a) Ke mang eo ho fumanoang hore oa tšoaneleha ho bula moqolo le litiiso tsa oona? (b) Sehlopha sa Johanne le metsoalle ea sona ba kopanela moputsong ofe le tlotleng efe hona joale?
4 E, ho hlile ho na le ea ka bulang moqolo oo! Johanne o re: “Empa e mong oa baholo o re ho ’na: ‘Khaotsa ho lla. Bona! Tau ea moloko oa Juda, motso oa Davida, e hlōtse e le hore e bule moqolo le litiiso tsa oona tse supileng.’” (Tšenolo 5:5) Kahoo, Johanne, hlakola meokho eo! Kajeno sehlopha sa Johanne le metsoalle ea sona e tšepahalang le bona ba ’nile ba mamella liteko tse tšabehang ka mashome a lilemo ha ba letetse ka mamello hore ba behoe leseling. Joale re na le moputso o re tšelisang hakaakang oa ho utloisisa pono eo, ’me ke tlotla e kaakang ho kopanela phethahatsong ea eona ka ho phatlalatsa molaetsa oa eona ho ba bang!
5. (a) Ho ile ha boleloa boprofeta bofe mabapi le Juda, ’me litloholo tsa Juda li ile tsa busa hokae? (b) Shilo ke mang?
5 E, “Tau ea moloko oa Juda”! Johanne o tseba boprofeta boo Jakobo, moholo-holo oa moloko oa Bajuda, a ileng a bo bolela mabapi le mora oa hae oa bone, Juda, ha a re: “Juda ke lelinyane la tau. Mora oa ka, ka sebele u tla nyoloha phofung. O iname, o ikotlolotse joaloka tau, ke mang ea ka itetang sefuba ho mo tsosa? Lere la borena le ke ke la sutha ho Juda, leha e le lere la molaoli pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo a tla; ’me lichaba li tla mo mamela.” (Genese 49:9, 10) Lesika la borena la sechaba sa Molimo le ne le hlaha ho Juda. Ho qala ka Davida, marena ’ohle a busitseng Jerusalema ho fihlela Bababylona ba timetsa motse oo e ne e le litloholo tsa Juda. Empa ha ho le ea mong ho ’ona eo e neng e le Shilo ea profetiloeng ke Jakobo. Shilo e bolela “Eo [Tokelo] e Leng ea Hae.” Boprofeteng, lebitso lena le ne le supa Jesu, eo hona joale ’Muso oa Davida e leng oa hae ka ho sa feleng.—Ezekiele 21:25-27; Luka 1:32, 33; Tšenolo 19:16.
6. Jesu e ne e le “lekala” la Jese hape e le ‘motso oa Davida’ ka tsela efe?
6 Ka potlako Johanne o hlokomela eo e leng “motso oa Davida.” Boprofeta bo bitsa Mesia ea tšepisitsoeng “lekala kutung ea Jese [ntate oa Morena Davida] . . . lehlōmela” le “motso oa Jese o tla ema e le pontšo bakeng sa lichaba.” (Esaia 11:1, 10) Jesu e ne e le lekala la Jese, kaha o hlahile lesikeng la borena la Davida, mora oa Jese. Ho feta moo, e le motso oa Jese, ke Eena ea ileng a etsa hore lesika la borena la Davida le boele le hlōmele, a le phelisa le ho le hlokomela ka ho sa feleng.—2 Samuele 7:16.
7. Ke eng e etsang hore Jesu e be eena ea tšoanelehang ho nka moqolo letsohong la Ea lutseng teroneng?
7 Jesu ke eena eo ka ho khetheha a ileng a sebeletsa Jehova ka botšepehi le tlas’a liteko tse sehlōhō, e le motho ea phethahetseng. O ile a fana ka karabo e feletseng phephetsong ea Satane. (Liproverbia 27:11) Kahoo, o ne a ka bua ka tsela eo a buileng ka eona bosiung ba pele ho lefu la hae la sehlabelo, a re, “Ke hlōtse lefatše.” (Johanne 16:33) Ke ka lebaka leo Jehova a ileng a fa Jesu ea tsositsoeng “matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” Ho bahlanka bohle ba Molimo ke eena a le mong ea tšoanelehang ho amohela moqolo, e le hore a tsebahatse molaetsa oa oona oa bohlokoa.—Matheu 28:18.
8. (a) Mabapi le ’Muso, ke eng e bontšang hore Jesu oa tšoaneleha? (b) Ke hobane’ng ha ho loketse hore e mong oa baholo ba 24 a senolele Johanne hore na ke mang ea tšoanelehang ho bula moqolo?
8 Ka sebele ho loketse hore Jesu a bule moqolo. Ho tloha ka 1914 o behiloe teroneng e le Morena oa ’Muso oa Molimo oa Bomesia, ’me moqolo oo o senola lintho tse ngata ka ’Muso oo le seo o tla se etsa. Ka botšepehi Jesu o ile a pakela ’nete ea ’Muso ha a le mona lefatšeng. (Johanne 18:36, 37) O ile a ruta balateli ba hae hore ba rapelle hore ’Muso oo o tle. (Matheu 6:9, 10) O ile a qala mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso qalong ea mehla ea Bokreste a ba a profeta hore mosebetsi oo oa ho bolela o ne o tla fihla tlhōrōng nakong ea bofelo. (Matheu 4:23; Mareka 13:10) Ka ho tšoanang, ho loketse hore e mong oa baholo ba 24 a senolele Johanne hore Jesu ke eena ea tla bula litiiso. Hobane’ng? Hobane baholo bana ba lutse literoneng ’me ba roetse meqhaka, kaha ke majalefa le Kreste ’Musong oa hae.—Baroma 8:17; Tšenolo 4:4.
‘Konyana e Neng e Hlabiloe’
9. Ho e-na le ho bona tau, Johanne o bona ho eme eng “har’a terone,” ’me o ile a e hlalosa joang?
9 Johanne o talima ‘Tau ena ea moloko oa Juda.’ Empa joale o bona ntho e makatsang hakaakang! Ho hlaha setšoantšo sa ntho e fapaneng ka ho feletseng: “Har’a terone le libōpuoa tse phelang tse ’nè le har’a baholo ka bona ho eme konyana e le joalokaha eka e ne e hlabiloe, e e-na le linaka tse supileng le mahlo a supileng, e leng mahlo a bolelang meea e supileng ea Molimo e rometsoeng lefatšeng lohle.”—Tšenolo 5:6.
10. “Konyana” eo Johanne a ileng a e bona ke mang, hona ke hobane’ng ha ho loketse hore a bitsoe konyana?
10 Bohareng hantle, pel’a terone, ka hare ho masakana a entsoeng ke libōpuoa tse phelang tse ’nè le baholo ba 24, ho na le konyana! Ntle ho pelaelo, kapele-pele Johanne o amahanya konyana ena le “tau ea moloko oa Juda” le ‘motso oa Davida.’ Oa tseba hore, lilemong tse fetang 60 pejana ho moo, Johanne Mokolobetsi o ile a tsebisa Bajuda ba shebeletseng hore Jesu ke “Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.” (Johanne 1:29) Nakong ea bophelo bohle ba hae lefatšeng, Jesu o ile a lula a sa silafatsoa ke lefatše—joaloka konyana e se nang letheba—e le hore a ka fana ka bophelo ba hae bo se nang molato e le sehlabelo bakeng sa batho.—1 Bakorinthe 5:7; Baheberu 7:26.
11. Ke hobane’ng ha ho tšoantša Jesu ea tlotlisitsoeng le ‘konyana e joalokaha eka e ne e hlabiloe,’ ho sa mo tlose seriti?
11 Na ho tšoantša Jesu ea tlotlisitsoeng le ‘konyana e joalokaha eka e ne e hlabiloe,’ hoa mo nyenyefatsa kapa ho mo tlosa seriti ka tsela e itseng? Le hanyenyane! Satane o ile a hlōloa haholo ’me Jehova Molimo a hlōla haholo ha Jesu a lula a tšepahala ho isa lefung. Ho tšoantša Jesu ka tsela ena ho bontša ka ho hlaka hore o hlōtse lefatše la Satane ’me ho re hopotsa lerato le tebileng leo Jehova le Jesu ba ratang batho ka lona. (Johanne 3:16; 15:13; bapisa le Bakolose 2:15.) Kahoo, sena se bontša hore Jesu ke Peō e tšepisitsoeng, ke eena ea tšoanelehang ka ho ikhethang ho bula moqolo oo.—Genese 3:15.
12. Linaka tse supileng tsa Konyana li tšoantšetsa eng?
12 Ke eng hape e eketsang kutloisiso ea rōna ka “konyana” ee? E na le linaka tse supileng. Ka Bibeleng, hangata linaka li tšoantšetsa matla kapa bolaoli, ’me palo ea supa e bolela ho fella. (Bapisa le 1 Samuele 2:1, 10; Pesaleme ea 112:9; 148:14.) Kahoo, linaka tse supileng tsa Konyana li bontša hore matla ao Jehova a a fileng Jesu ke a feletseng. O “ka holimo haholo ho ’muso le bolaoli le matla le borena bo bong le bo bong le lebitso le leng le le leng le bitsoang, eseng feela tsamaisong ena ea lintho, empa hape le ho e tlang ho tla.” (Baefese 1:20-23; 1 Petrose 3:22) Jesu o ile a sebelisa matla, e leng matla a ho busa, haholo-holo ho tloha ka 1914 ha Jehova a mo beha teroneng e le Morena oa leholimo.—Pesaleme ea 2:6.
13. (a) Mahlo a supileng a Konyana a tšoantšetsa eng? (b) Konyana e tsoela pele ho etsa’ng?
13 Ho feta moo, Jesu o tletse moea o halalelang, joalokaha ho tšoantšetsoa ke mahlo a supileng a Konyana, “a bolelang meea e supileng ea Molimo.” Jesu ke mocha oo ka oona matla a sebetsang a Jehova a phallelang ho bahlanka ba Hae ba lefatšeng ka botlalo. (Tite 3:6) Ka ho totobetseng, ke ka oona moea ona a bonang se etsahalang mona lefatšeng a le leholimong. Joaloka Ntate oa hae, Jesu o na le temoho e phethahetseng. Ha ho letho le patehileng mahlong a hae. (Bapisa le Pesaleme ea 11:4; Zakaria 4:10.) Ka ho hlakileng, Mora enoa—ke eena motho ea ileng a lula a tšepahala a ba a hlōla lefatše; ke Tau ea moloko oa Juda; motso oa Davida; ke eena ea faneng ka bophelo ba hae bakeng sa batho; ea nang le matla a feletseng a bolaoli, ea tletseng moea o halalelang, le ea nang le temoho e phethahetseng e tsoang ho Jehova Molimo—e, enoa ke eena ea tšoanelehang ka ho khethehileng hore a nke moqolo letsohong la Jehova. Na oa tsilatsila ho amohela thōmo ee ea tšebeletso mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova o phahameng? Che! Ho e-na le hoo, “ea tloha ’me hang-hang ea o [moqolo] nka letsohong le letona la Ea lutseng teroneng.” (Tšenolo 5:7) Ke mohlala o motle hakaakang oa ho etsa se lebeletsoeng ka boithatelo!
Lipina Tsa Thoriso
14. (a) Libōpuoa tse phelang tse ’nè le baholo ba 24 ba etsa’ng ha Jesu a nka moqolo? (b) Boitsebiso boo Johanne a bo fumanang mabapi le baholo ba 24 bo tiisa joang hore na ke bo-mang le hore na boemo ba bona ke bofe?
14 Ba bang ba ka pel’a terone ea Jehova ba etsa joang? “Ha e nka moqolo, libōpuoa tse phelang tse ’nè le baholo ba mashome a mabeli a metso e mene ba itihela fatše ka pel’a Konyana, e mong le e mong a e-na le harepa le likotlolo tsa khauta tse neng li tletse libano, ’me libano li bolela lithapelo tsa bahalaleli.” (Tšenolo 5:8) Joaloka libōpuoa tse phelang tse ’nè, e leng likerubime tse ka pel’a terone ea Molimo, le baholo ba 24 ba inama ka pel’a Jesu ho bontša hore ba ela matla a hae hloko. Empa baholo bana ke bona feela ba tšoereng liharepa le likotlolo tsa libano. ’Me joale ke bona feela ba binang pina e ncha. (Tšenolo 5:9) Kahoo ba emela ba 144 000 ba “Iseraele ea Molimo” e halalelang, bao le bona ba nkileng liharepa ’me ba bina pina e ncha. (Bagalata 6:16; Bakolose 1:12; Tšenolo 7:3-8; 14:1-4) Ho feta moo, baholo ba 24 ba bontšoa ba phetha mosebetsi oa boprista leholimong, o tšoantšetsoang ke oa baprista Iseraeleng ea boholo-holo, ba neng ba chesetsa Jehova libano tabernakeleng—e leng mosebetsi o ileng oa fela lefatšeng ha Molimo a felisa Molao oa Moshe, a o khokhothela thupeng ea Jesu ea tlhokofatso. (Bakolose 2:14) Re fihlela qeto efe ka see sohle? Hore mona bahlōli ba tlotsitsoeng ba bonoa kabelong ea bona ea ho qetela e le ‘baprista ba Molimo le ba Kreste, ba busa le eena e le marena ka lilemo tse sekete.’—Tšenolo 20:6.
15. (a) Iseraeleng, ke mang feela ea neng a fuoe tlotla ea ho kena ka Sehalalelisisong sa tabernakele? (b) Ke hobane’ng ha taba ea hore moprista ea phahameng a chese libano pele a kena ka Sehalalelisisong e ne e ka bolela bophelo kapa lefu ho eena?
15 Iseraeleng ea boholo-holo, ke moprista ea phahameng feela ea neng a kena ka Sehalalelisisong ka pel’a sebaka se tšoantšetsang boteng ba Jehova. Ho eena, ho nka libano e ne e le taba ea bophelo kapa lefu. Molao oa Jehova o ne o re: “[Arone] a nke pane ea mollo e tletseng mashala a tukang a mollo a tsoang aletareng ka pel’a Jehova, ’me liatla tsa hae ka bobeli li tlale libano tse tšesaane tse nkhang hamonate, ’me a li tlise ka har’a lesira. A boele a tšele libano holim’a mollo ka pel’a Jehova, ’me leru la libano le koahele sekoahelo sa Areka, se holim’a Bopaki, hore a se ke a shoa.” (Levitike 16:12, 13) Moprista ea phahameng o ne a ke ke a atleha ho kena ka Sehalalelisisong ntle leha a chesitse libano.
16. (a) Tsamaisong ea Bokreste ea lintho, ke bo-mang ba kenang ka Sehalalelisisong se neng se tšoantšetsoa ke sa pele? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba lokela ho ‘chesa libano’?
16 Tsamaisong ea Bokreste ea lintho, ka Sehalalelisisong se neng se tšoantšetsoa ke sa pele, e leng sebaka seo Jehova a leng ho sona leholimong, ha ho qetelle ho kene feela Moprista ea Phahameng ea neng a tšoantšetsoa, e leng Jesu Kreste, empa ho qetella ho kene e mong le e mong oa baprista ba tlaasana ba 144 000. (Baheberu 10:19-23) Baprista bana, joalokaha mona ba emeloa ke baholo ba 24, ba ke ke ba kena ka Sehalalelisisong ntle leha ba ‘chesa libano,’ ke hore, ba etsa lithapelo le lithapeli ho Jehova ba sa phetse.—Baheberu 5:7; Juda 20, 21; bapisa le Pesaleme ea 141:2.
Pina e Ncha
17. (a) Baholo ba 24 ba bina pina efe e ncha? (b) Hangata polelo “pina e ncha” e sebelisoa joang ka Bibeleng?
17 Joale ho utloahala pina e monate. Ke pina eo Konyana e e bineloang ke metsoalle ea eona ea baprista, e leng baholo ba 24: “Ba bina pina e ncha, ba re: ‘Ua tšoaneleha ho nka moqolo le ho bula litiiso tsa oona, hobane u ile ua hlajoa ’me ka mali a hao ua rekela Molimo batho molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng.’” (Tšenolo 5:9) Polelo “pina e ncha” e hlaha ka makhetlo a ’maloa ka Bibeleng ’me hangata e bolela ho rorisa Jehova ka lebaka la ketso e ’ngoe e matla ea topollo. (Pesaleme ea 96:1; 98:1; 144:9) Kahoo, pina ena e ncha hobane joale sebini se ka phatlalatsa mesebetsi e eketsehileng e babatsehang ea Jehova le ho bontša kananelo e nchafalitsoeng bakeng sa lebitso la Hae le khanyang.
18. Baholo ba 24 ba rorisa Jesu ka eng pineng ea bona e ncha?
18 Leha ho le joalo, mona, baholo ba 24 ba bina pina e ncha ka pel’a Jesu eseng ka pel’a Jehova. Empa molao-motheo o ntse o tšoana. Ba rorisa Jesu ka lebaka la lintho tse ncha tseo eena, e le Mora oa Molimo, a li entseng molemong oa bona. Ka mali a hae, o ile a buella selekane se secha, kahoo a etsa hore ho hlahe sechaba se secha seo e leng thepa e khethehileng ea Jehova. (Baroma 2:28, 29; 1 Bakorinthe 11:25; Baheberu 7:18-25) Litho tsa sechaba sena se secha sa moea li tsoa lichabeng tse ngata tsa lefatše, empa Jesu o ile a li kopanya phuthehong e le ’ngoe e le sechaba se le seng.—Esaia 26:2; 1 Petrose 2:9, 10.
19. (a) Baiseraele ba tlhaho ba ile ba hlōleha ho fumana tlhohonolofatso efe ka lebaka la ho se tšepahale ha bona? (b) Ke tlhohonolofatso efe eo sechaba se secha sa Jehova se e thabelang?
19 Ha Jehova a etsa Baiseraele sechaba mehleng ea Moshe, o ile a etsa selekane le bona ’me a ba tšepisa hore haeba ba ne ba ka lula ba tšepahala selekaneng seo, e ne e tla ba ’muso oa baprista ho eena. (Exoda 19:5, 6) Baiseraele ha baa ka ba tšepahala ’me tšepiso eo ha ea ka ea phethahala ho bona. Ka lehlakoreng le leng, sechaba se secha, se thehiloeng ka lebaka la selekane se secha seo ’muelli oa sona e leng Jesu, se lutse se tšepahetse. Kahoo litho tsa sona li fumana monyetla oa ho busa holim’a lefatše e le marena hape li sebeletsa e le baprista, li thusa batho ba lipelo li lokileng hore ba boelanngoe le Jehova. (Bakolose 1:20) Ho joalokaha pina e ncha e bontša: “’Me ua ba etsa hore e be ’muso le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa e le marena holim’a lefatše.” (Tšenolo 5:10) Baholo bao ba 24 ba thabile hakaakang hore ebe ba binela Jesu ea tlotlisitsoeng pina ee e ncha ea thoriso!
Pina ea Sehlopha sa Leholimo
20. Ke pina efe ea thoriso eo joale e bineloang Konyana?
20 Ba bang lekhotleng le leholo la leholimo la mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ba etsa joang ha ba utloa pina ee e ncha? Johanne oa hlolloa ha a bona ba e lumela ho tloha botebong ba pelo: “Ka talima, ’me ka utloa lentsoe la mangeloi a mangata ho pota terone le libōpuoa tse phelang le baholo, ’me palo ea ’ona e ne e le limiriade tsa limiriade le likete tsa likete, a re ka lentsoe le phahameng: ‘Konyana e ileng ea hlajoa e tšoaneleha ho amohela bonatla le maruo le bohlale le matla le tlhompho le khanya le poko.’” (Tšenolo 5:11, 12) Ke pina e khahlehang hakaakang ea thoriso!
21. Na ho rorisa Konyana ho theola ho hong bobusing ba Jehova kapa boemong ba hae? Hlalosa.
21 Na joale hoo ho bolela hore Jesu o nketse Jehova Molimo sebaka le hore pōpo eohle e se e rorisa eena eseng Ntate oa hae? Le hanyenyane! Ho e-na le hoo, pina ena ea thoriso e lumellana le seo moapostola Pauluse a se ngotseng ha a re: “Molimo le eena o ile a mo [Jesu] phahamisetsa boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle, e le hore lengole le leng le le leng la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu le ka khumama ka lebitso la Jesu, ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate.” (Bafilipi 2:9-11) Mona Jesu o tlotlisoa ka lebaka la karolo eo a ileng a e phetha tabeng ea ho lokisa tseko ea bohlokoa ka pel’a pōpo eohle—e leng tseko ea ho tlosa qoso bobusing bo loketseng ba Jehova. Ka sebele, hona ho tliselitse Ntate oa hae khanya e khōlō hakaakang!
Pina e Ntseng e Phahama
22. Mantsoe a tsoang sebakeng sa lefatšeng a lumela pina efe?
22 Ponong e hlalositsoeng ke Johanne, makhotla a leholimo a binela Jesu lipina tse monate tsa thoriso ka ho ela hloko botšepehi ba hae le matla a hae a leholimo. Pina ena e lumeloa ke mantsoe a hlahang sebakeng sa lefatšeng kaha bana le bona ba kopanela ho roriseng Ntate le Mora. Feela joalokaha batsoali ba ka rorisoa haholo ka lebaka la lintho tse finyeletsoeng ke mora oa bona, le botšepehi ba Jesu bo etsa hore pōpo eohle e ‘rorise Molimo Ntate.’ Kahoo, Johanne o tsoela pele ho tlaleha tjena: “Ka utloa sebōpuoa se seng le se seng se leholimong le lefatšeng le ka tlaase ho lefatše le leoatleng, le lintho tsohle tse ho tsona, se re: ‘Ho Ea lutseng teroneng le ho Konyana e be poko le tlhompho le khanya le bonatla ka ho sa feleng le kamehla.’”—Tšenolo 5:13.
23, 24. (a) Ke eng se bontšang hore na pina e ne e tla qala neng leholimong, ’me e qale neng lefatšeng? (b) Ha lilemo li ntse li feta molumo oa pina eo o phahama joang?
23 Pina ee e babatsehang haholo e qalile ho binoa neng? E qalile mathoasong a letsatsi la Morena. Ka mor’a hore Satane le bademona ba hae ba lelekoe maholimong, “sebōpuoa se seng le se seng se leholimong” se ne se ka kopanela pineng ena ea thoriso. ’Me, joalokaha tlaleho e bontša, ho tloha ka 1919 matšoele a ntseng a eketseha lefatšeng a ile a kopanya mantsoe a ’ona ho roriseng Jehova, a eketseha ho tloha ho ba likete tse fokolang ho ea ho ba fetang limilione tse tšeletseng ka 2005.a Ka mor’a hore tsamaiso ea Satane ea lefatšeng e timetsoe, “sebōpuoa se seng le se seng se . . . lefatšeng” se tla bina lithoriso tsa Jehova le tsa Mora oa hae. Ka nako ea Jehova e loketseng, tsoho ea bafu ba limilione tse se nang palo e tla qala, ebe joale “sebōpuoa se seng le se seng se . . . ka tlaase ho lefatše” se leng mohopolong oa Molimo se ba le monyetla oa ho kopanela ho bineng pina eo.
24 Le hona joale, batho ba limilione ba tlohang ‘pheletsong ea lefatše, leoatleng, le lihlekehlekeng,’ ba se ba ntse ba bina pina e ncha ba ikopantse le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng oa lefatšeng ka bophara. (Esaia 42:10; Pesaleme ea 150:1-6) Thoriso ena e thabisang e tla fihla tlhōrōng qetellong ea Lilemo Tse Sekete, ha batho ba se ba phahamisitsoe hore e be ba phethahetseng. Ka mor’a moo, noha eane ea khale, mothetsi e moholo, Satane ka boeena, e tla timetsoa ho phethahatsa Genese 3:15 ka ho feletseng, ’me tlhōrōng ea tlhōlo, pōpo eohle e phelang, libōpuoa tsa moea le tsa nama, e tla bina e kopane e re: “Ho ea lutseng teroneng le ho Konyana e be poko le tlhompho le khanya le bonatla ka ho sa feleng le kamehla.” Ho ke ke ha e-ba le lentsoe le tlailang bokahohleng kaofela.
25. (a) Ho bala tlaleho ea Johanne ea pina ea bokahohle ho re susumelletsa hore re etse’ng? (b) Libōpuoa tse phelang tse ’nè le baholo ba 24 ba re behela mohlala ofe o motle ha pono e felella?
25 Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang! Ka sebele, seo Johanne a se hlalosang mona se etsa hore lipelo tsa rōna li tlale thabo ’me se re susumelletsa hore re ikopanye le makhotla a leholimong ha a binela Jehova Molimo le Jesu Kreste lithoriso tse tlohang botebong ba pelo. Na ha rea ikemisetsa haholoanyane ho feta leha e le neng pele ho mamella mesebetsing e lokileng? Haeba re etsa joalo, re ka lebella hore ka thuso ea Jehova, re tla ba teng re le batho ka bomong tlhōrōng e thabisang, re eketse mantsoe a rōna sehlopheng seo se binang pina ea bokahohle ea thoriso. Ka sebele, libōpuoa tse phelang tse ’nè, e leng likerubime, hammoho le Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsositsoeng ba lumellana ka botlalo, hobane pono eo e fella ka mantsoe ana: “Libōpuoa tse phelang tse ’nè tsa qala ho re: ‘Amen!’ ’me baholo ba itihela fatše ba rapela.”—Tšenolo 5:14.
26. Re lokela ho bontša tumelo ho eng, ’me Konyana e itokisetsa ho etsa eng?
26 ’Mali ea ratehang, e se eka u ka bontša tumelo sehlabelong sa Konyana—‘ea tšoanelehang’—’me ua hlohonolofatsoa ha ka boikokobetso u etsa boiteko ba ho rapela le ho sebeletsa Jehova—“Ea lutseng teroneng.” Lumella sehlopha sa Johanne hore se u thuse kajeno ha se fana ka “tekanyo . . . ea lijo [tsa moea] ka nako e tšoanetseng.” (Luka 12:42) Empa bona! Konyana e itokisetsa ho bula litiiso tse supileng. Ebe joale re tla senoleloa lintho life tse thabisang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona chate e leqepheng la 64.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 86]