Khaolo 4
Jesu o Tla ka Khothatso
1. Joale Johanne o ngolla bo-mang, hona ke bo-mang kajeno ba lokelang ho fumana molaetsa oa hae e le o hapang maikutlo?
SE LATELANG mona se lokela ho hapa maikutlo a e mong le e mong ea kopanelang le liphutheho tsa batho ba Molimo kajeno. Mona ho latela lethathamo la melaetsa. E sebetsa ka ho khethehileng ha “nako e behiloeng” e atamela. (Tšenolo 1:3) Ho molemong oa rōna oa ka ho sa feleng hore re ele hloko liphatlalatso tseo. Tlaleho eo e baleha tjena: “Johanne ho liphutheho tse supileng tse seterekeng sa Asia: E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho ‘Ea teng le ea neng a le teng le ea tlang,’ le e tsoang ho meea e supileng e ka pel’a terone ea hae, le e tsoang ho Jesu Kreste.”—Tšenolo 1:4, 5a.
2. (a) Palo ea ‘supa’ e bontša’ng? (b) Nakong ea letsatsi la Morena, ke bo-mang bao melaetsa e eang ho “liphutheho tse supileng” e sebetsang ho bona?
2 Mona Johanne o bua le “liphutheho tse supileng,” ’me re li bolelloa ka mabitso hamorao boprofeteng bona. Palo eo, ea ‘supa,’ e phetoa hangata ho Tšenolo. E bontša ho fella, haholo-holo mabapi le lintho tsa Molimo le phutheho ea hae e tlotsitsoeng. Kaha palo ea liphutheho tsa batho ba Molimo lefatšeng ka bophara e hōlile ’me e se e le tse mashome a likete nakong ea letsatsi la Morena, re ka tiisa hore se builoeng ho “liphutheho tse supileng” tsa batlotsuoa se boetse sea sebetsa le ho batho bohle ba Molimo kajeno. (Tšenolo 1:10) E, Johanne o na le molaetsa oa bohlokoa bakeng sa liphutheho tsohle tsa Lipaki Tsa Jehova le bohle ba kopanelang le tsona, hohle holim’a lefatše lena.
3. (a) Tumelisong ea Johanne, “mosa o sa tšoanelang le khotso” li hlaha hokae? (b) Ke polelo efe ea moapostola Pauluse e tšoanang le tumeliso ea Johanne?
3 “Mosa o sa tšoanelang le khotso”—tsee ke lintho tse lakatsehang hakaakang, haholo-holo ha re ananela mohloli oa tsona! ‘Eo’ li hlahang ho eena ke ’Musi Morena Jehova ka boeena, “Morena oa bosafeleng,” ea phelang “ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (1 Timothea 1:17; Pesaleme ea 90:2) Mona ho boetse ho ameha “meea e supileng,” e leng poleloana e bolelang tšebetso e tletseng ea matla a sebetsang a Molimo kapa moea o halalelang, ha o fana ka kutloisiso le tlhohonolofatso ho bohle ba elang hloko boprofeta bona. E mong ea phethang karolo e khōlō ke “Jesu Kreste,” eo hamorao Johanne a ileng a ngola tjena ka eena: “O ne a tletse mosa o sa tšoanelang le ’nete.” (Johanne 1:14) Kahoo, tumeliso ea Johanne e na le lintlha tse tšoanang le tseo moapostola Pauluse a li boletseng ha a phetha lengolo la hae la bobeli le eang phuthehong ea Korinthe: “Mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste le lerato la Molimo le ho ba le karolo moeeng o halalelang li be le lōna bohle.” (2 Bakorinthe 13:14) E se eka mantsoe ao a ka boela a sebetsa ho e mong le e mong oa rōna ea ratang ’nete kajeno!—Pesaleme ea 119:97.
“Paki e Tšepahalang”
4. Johanne o tsoela pele ho hlalosa Jesu Kreste joang, hona ke hobane’ng ha mantsoe aa a mo hlalosang a nepahetse hakaale?
4 Ka mor’a Jehova, Jesu ke eena motho ea khanyang haholo bokahohleng, joalokaha Johanne a hlokomela seo, ha a mo hlalosa e le “‘Paki e Tšepahalang,’ ‘Letsibolo ho tsoa bafung,’ le ‘’Musi oa marena a lefatše.’” (Tšenolo 1:5b) Joaloka khoeli maholimong, o behiloe ka tieo e le Paki e khōlōhali ea Bomolimo ba Jehova. (Pesaleme ea 89:37) Hoba a boloke botšepehi ho fihlela a e-shoa lefu la sehlabelo, e ile ea e-ba eena oa pele molokong oa batho ea ileng a tsosetsoa bophelong ba moea ba ho se shoe. (Bakolose 1:18) Kaha hona joale o moo Jehova a leng teng, o phahamiselitsoe ka holim’a marena ’ohle a lefatše, ’me o nehiloe “matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” (Matheu 28:18; Pesaleme ea 89:27; 1 Timothea 6:15) Ka 1914 o ile a hlomamisoa e le Morena hore a buse har’a lichaba tsa lefatše.—Pesaleme ea 2:6-9.
5. (a) Johanne o tsoela pele ho bontša kamoo a ananelang Morena Jesu Kreste kateng joang? (b) Ke bo-mang ba fumanang molemo mphong ea Jesu ea bophelo ba hae ba botho bo phethahetseng, ’me Bakreste ba tlotsitsoeng ba kopanetse tlhohonolofatsong e khethehileng joang?
5 Johanne o tsoela pele ho bontša kamoo a ananelang Morena Jesu Kreste kateng ka mantsoe ana a monate: “Ho ea re ratang le ea ileng a re lokolla libeng tsa rōna ka mali a hae—’me a etsa hore re be ’muso, baprista ho Molimo le Ntat’ae—e, ho eena e be khanya le bonatla ka ho sa feleng. Amen.” (Tšenolo 1:5c, 6) Jesu o ile a tela bophelo ba hae e le motho ea phethahetseng e le hore lefatše la batho ba bontšang tumelo ho eena le ka tsosolosetsoa bophelong bo phethahetseng. Le uena ’mali ea ratehang, u ka kopanyelletsoa ho sena! (Johanne 3:16) Empa lefu la Jesu la sehlabelo le butse tsela ea hore ba fetohang Bakreste ba tlotsitsoeng joaloka Johanne ba fumane tlhohonolofatso e khethehileng. Bana ba boletsoe ba lokile motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu. Ka ho tela tebello eohle ea ho thabela bophelo lefatšeng, joalokaha Jesu a entse, ba mohlatsoana ba tsoetsoe ka moea oa Molimo, ba e-na le tebello ea ho tsosetsoa ho ea sebeletsa e le marena le baprista hammoho le Jesu Kreste ’Musong oa hae. (Luka 12:32; Baroma 8:18; 1 Petrose 2:5; Tšenolo 20:6) Ke tlotla e khōlō hakaakang! Hase feela Johanne a ileng a bolela ka tieo hakaalo hore khanya le bonatla ke tsa Jesu!
“O Tla ka Maru”
6. (a) Johanne o phatlalatsa eng ka ‘ho tla ha Jesu ka maru,’ ’me e ka ’na eaba Johanne o ile a hopola boprofeta bofe ba Jesu? (b) Jesu “o tla” joang, hona ke bo-mang ba tla utloa masoabi a maholo lefatšeng?
6 Karolong e latelang, Johanne o phatlalatsa ka thabo o re: “Bonang! O tla ka maru, ’me leihlo le leng le le leng le tla mo bona, le ba mo hlabileng; ’me meloko eohle ea lefatše e tla ikotla ka ho sareloa ka lebaka la hae. E, Amen.” (Tšenolo 1:7) Ha ho pelaelo hore mona Johanne o ile a hopola boprofeta ba pejana ba Jesu mabapi le ho fela ha tsamaiso ea lintho. Moo Jesu o ile a re: “Joale pontšo ea Mor’a motho e tla bonahala leholimong, joale meloko eohle ea lefatše e tla ikotla ka lebaka la ho lla, ’me e tla bona Mor’a motho a tla ka maru a leholimo ka matla le khanya e khōlō.” (Matheu 24:3, 30) Kahoo, Jesu o “tla” ka ho tsepamisa maikutlo bohatong ba ho phethahatsa likahlolo tsa Jehova holim’a lichaba. Hona ho tla tlisa liphetoho tse khōlō lefatšeng, ’me kaha “meloko eohle ea lefatše” e hlokomolohile ’nete ea hore Jesu ke morena, ka sebele e tla utloa “bohale ba khalefo ea Molimo ea Matla ’Ohle.”—Tšenolo 19:11-21; Pesaleme ea 2:2, 3, 8, 9.
7. “Leihlo le leng le le leng,” ho akarelletsa mahlo a ba sa mameleng, le tla “bona” Jesu joang?
7 Bosiung ba ho qetela ba Jesu a e-na le barutuoa ba hae, o ile a re ho bona: “E tla ba nakoana e seng kae ’me lefatše ha le sa tla hlola le mpona.” (Johanne 14:19) Joale, “leihlo le leng le le leng le tla mo bona” joang? Ha rea lokela ho lebella hore lira tsa Jesu li ne li tla mo bona ka mahlo a nama, hobane ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, moapostola Pauluse o ile a re hona joale Jesu o ‘lula leseling le sa atameleheng,’ ’me ha ho “le ea mong oa batho ea mo boneng kapa ea ka mo bonang.” (1 Timothea 6:16) Ka ho totobetseng, Johanne o ne a bolela ho “bona” ka kutloisiso ea “ho lemoha,” feela joalokaha re ka bona, kapa ra lemoha, litšobotsi tsa Molimo tse sa bonahaleng ka pōpo ea hae. (Baroma 1:20) Jesu “o tla ka maru” ka hore o tla be a sa bonahale mahlong a nama joalokaha letsatsi le sa bonahale ha maru a thibile. Esita leha letsatsi le koahetsoe ke maru motšehare, rea tseba hore le teng ka lebaka la khanya ea motšehare e re pota-potileng. Ka ho tšoanang, le hoja Morena Jesu a sa bonahale, o tla senoloa joaloka ‘mollo o tukang, ha a tlisa phetetso holim’a ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le eena.’ Bana le bona ba tla qobelloa ‘ho mo bona.’—2 Bathesalonika 1:6-8; 2:8.
8. (a) “Ba mo hlabileng” ka 33 C.E. e ne e le bo-mang, hona ba joalo ke bo-mang kajeno? (b) Kaha Jesu ha a sa le eo moo lefatšeng, batho ba ka ‘mo hlaba’ joang?
8 Jesu o tla boela a ‘bonoe’ ke “ba mo hlabileng.” E ka ’na eaba baa ke bo-mang? Ha Jesu a ne a bolaoa ka 33 C.E., masole a Roma a hlile a mo hlaba. Bajuda le bona ba ne ba le molato polaong eo, hobane ka Pentekonta Petrose o ile a re ho ba bang ba bona: “Molimo o mo entse Morena le Kreste, Jesu enoa eo le ileng la mo khokhothela thupeng.” (Liketso 2:5-11, 36; bapisa le Zakaria 12:10; Johanne 19:37.) Hona joale e se e le lilemo tse ka bang 2 000 Baroma le Bajuda bao ba shoele. Kahoo, e tlameha ebe ‘ba mo hlabang’ kajeno ba emela lichaba le batho ba bontšang lehloeo le tšoanang le le ileng la bontšoa ha Jesu a khokhotheloa. Jesu ha a sa le eo mona lefatšeng. Empa ha bahanyetsi ba hlorisa Lipaki Tsa Jehova tse pakelang Jesu, ebang ba li hlorisa ka ho toba kapa ba lumellana le tšoaro e joalo ka ho se nke bohato ba letho, ho tšoana feela leha bahanyetsi ba joalo ba ‘hlaba’ Jesu ka boeena.—Matheu 25:33, 41-46.
“Alfa le Omega”
9. (a) Joale ke mang ea buang, hona o bua ka makhetlo a makae ho Tšenolo? (b) Ha Jehova a ipitsa “Alfa le Omega” le “Ea Matla ’Ohle,” hoo ho bolela eng?
9 Joale, mehlolo ea mehlolo! ’Musi Morena Jehova ka boeena oa bua. See ke selelekela se loketseng hakaakang sa lipono tse tla tloha li senoleha, kaha ke eena Morupeli oa rōna e Moholo le Mohloli oa ho qetela oa Tšenolo! (Esaia 30:20) Molimo oa rōna o re: “Ke ’na Alfa le Omega, . . . Ea teng le ea neng a le teng le ea tlang, Ea Matla ’Ohle.” (Tšenolo 1:8) Lena ke lekhetlo la pele makhetlong a mararo a boletsoeng bukeng ea Tšenolo ao ka ’ona Jehova ka boeena a buang a le leholimong. (Bona le Tšenolo 21:5-8; 22:12-15.) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tla hlokomela ka potlako hore alfa le omega ke tlhaku ea pele le ea ho qetela ea alfabeta ea Segerike. Ha Jehova a ipitsa ka litlhaku tseo tse peli o ne a hatisa hore pele ho eena ho ne ho se Molimo ea matla ’ohle, ’me ho ke ke ha hlola ho e-ba le e mong ka mor’a hae. O tla felisa tseko ea Bomolimo ka katleho ka ho sa feleng. O tla hlakoloa qoso ka ho sa feleng e le eena feela Molimo ea matla ’ohle, ’Musi ea Phahametseng pōpo eohle ea hae.—Bapisa le Esaia 46:10; 55:10, 11.
10. (a) Polelong e latelang Johanne o itlhalosa joang, hona o ne a le litlamong hokae? (b) E tlameha ebe ke bo-mang ba ileng ba kenya letsoho hore moqolo o ngotsoeng ke Johanne o fetisetsoe liphuthehong? (c) Hangata lijo tsa moea li fumaneha joang kajeno?
10 A kholisehile hore Jehova o tla tsamaisa tsela eo litaba li tla fella ka eona, Johanne o re ho makhoba-’moho le eena: “’Na Johanne, mor’abo lōna le ea kopanelang le lōna matšoenyehong le ’musong le mamellong hammoho le Jesu, ke ile ka ba sehlekehlekeng se bitsoang Patmose ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.” (Tšenolo 1:9) E le motšoaruoa Patmose ka lebaka la litaba tse molemo, ea ileng a mamella matšoenyeho le barab’abo, a tšepile ka tieo ho kopanela ’Musong o tlang, joale Johanne ea tsofetseng o bona pono ea pele liponong tsa Tšenolo. Ha ho pelaelo hore lipono tsena li ile tsa mo khothatsa haholo, joalokaha kajeno sehlopha sa Johanne se susumetseha ha se bona phethahatso ea tsona. Ha re tsebe hore na Johanne o ile a fetisetsa moqolo oa Tšenolo ho liphutheho joang, kaha o ne a le litlamong ka nako eo. (Tšenolo 1:11; 22:18, 19) E tlameha ebe mangeloi a Jehova a ile a kenya letsoho ho phetha sena, feela joalokaha hangata a ’nile a sireletsa Lipaki Tsa Jehova tse tšepahalang tse sebeletsang tlas’a lithibelo kajeno, hoo li ileng tsa khona ho fetisetsa lijo tsa moea tse tlang ka nako e loketseng ho barab’abo tsona ba lapetseng ’nete.—Pesaleme ea 34:6, 7.
11. Ke tlotla efe e tšoanang le eo Johanne a neng a e ananela eo sehlopha sa Johanne se e nkang e le ea bohlokoa haholo kajeno?
11 E tlameha ebe Johanne o ne a ananela tokelo ea hae ka botebo hakaakang ea hore a sebelisoe ke Jehova e le mocha oa Hae oa ho buisana le liphutheho! Ka ho tšoanang, kajeno sehlopha sa Johanne se nka tlotla ea sona ea ho lokisetsa ba ntlo ea Molimo ‘lijo ka nako e tšoanetseng’ e le ea bohlokoahali haholo. (Matheu 24:45) E se eka u ka ba e mong oa ba matlafatsoang ke tokisetso ena ea moea e le hore u ka finyella pakane e khanyang ea bophelo bo sa feleng!—Liproverbia 3:13-18; Johanne 17:3.
[Lebokose le leqepheng la 21]
Ho Fumana Lijo Tsa Moea Linakong Tse Thata
Matsatsing ana a ho qetela, ha Lipaki Tsa Jehova li sotliloe ke mahloriso le mathata a maholo, taba ea bohlokoa haholo e ne e le hore li amohele lijo tsa moea e le hore li ka lula li le matla tumelong. Mabakeng a mangata, ho ile ha lokisetsoa lijo tse lekaneng, hangata ka lebaka la lipontšo tse tsotehang tsa matla a Jehova.
Ka mohlala, Jeremane tlas’a Hitler, Lipaki li ile tsa hatisa Molula-Qhooa ka mochine o hatisang likopi tse ngata ’me tsa aba makasine ena, e neng e thibetsoe ka molao ke babusi ba sehlōhō ba Nazi. Hamburg, Gestapo e ile ea futuhela ntlo e ’ngoe moo mochine ona o neng o le teng. Ntlo eo e ne e le nyenyane, ’me ho ne ho se moo ho ka patoang ntho leha e le efe e sireletsehile. Mochine o thaepang o ne o siiloe ka k’haboteng, ’me mochine o moholo o hatisang likopi tse ngata o ne o bolokiloe ka lebokoseng le tšelang litapole kamoreng e ka tlaase. Ho feta moo, ka mor’a lebokose leo ho ne ho e-na le sutuk’heise e tletseng limakasine! Ho ne ho bonahala ho se mokhoa oa ho qoba hore li fumanoe. Empa ho ile ha etsahala’ng? Ofisiri e ileng ea bula k’habote eo e ile ea e bula ka tsela eo e sa kang ea bona mochine o thaepang. Ha e le kamore e ka tlaase, mong’a ntlo o tlaleha tjena ka eona: “Liofisiri tse tharo li ile tsa ema bohareng ba kamore, hona moo lebokose le neng le eme teng ’me sutuk’heise e tletseng Melula-Qhooa e le ka mor’a lona. Empa ho bonahala ho ne ho se le e ’ngoe ea tsona e e hlokomelang; ho ne ho le joalokaha eka li ne li otliloe ka bofofu.” Ka thuso ea tataiso eo e hlollang ea Molimo, mong’a ntlo o ile a ’na a tsoela pele ho fana ka lijo tsa moea linakong tse thata le tse kotsi.
Ka bo-1960, ho ne ho e-na le ntoa ea lehae pakeng tsa Nigeria le setereke se ikarotseng sa Biafra. Kaha Biafra e ne e lika-likelitsoe ka ho feletseng ke naha ea Nigeria, mocha feela oo ka oona e neng e ka kopana le linaha tse ling tsa lefatše e ne e le lebala le lenyenyane la lifofane. Hona ho ne ho bolela hore Lipaki tse Biafra li ne li le kotsing ea ho se fumane lijo tsa tsona tsa moea. Joale, mathoasong a 1968, babusi ba Biafra ba ile ba abela e mong oa basebeletsi ba bona hore a e’o etsa mosebetsi oa bohlokoa Europe ’me e mong a abeloa ho sebetsa lebaleng le lenyenyane la lifofane la Biafra. Ho ile ha etsahala hore ebe batho bana ka bobeli e ne e le Lipaki Tsa Jehova, ’me joale ba ne ba le ka mahlakoreng ka bobeli a mocha ona oo e neng e le oona feela o kopanyang Biafra le linaha tse ling tsa lefatše. Ka bobeli ba ile ba hlokomela hore e tlameha ebe tokisetso ena ke e tsoang ho Jehova. Kahoo, ba ile ba ithaopela ho etsa mosebetsi ona o kotsi oa ho fetisetsa lijo tsa moea Biafra. ’Me ba ile ba khona ho etsa sena nakong eohle ea ntoa. E mong oa bona o ile a re: “Tokisetso ena e ne e se tokisetso e reriloeng feela ke batho.”
[Chate e leqepheng la 19]
Lipalo Tsa Tšoantšetso ho Tšenolo
Palo Seo e se Bolelang ka Tsela ea Tšoantšetso
2 E bontša bopaki bo tiisang taba.(Tšenolo 11:3, 4; bapisa
le Deuteronoma 17:6.)
3 E bontša khatiso. E boetse e bontša ho etsa ntho ka
matla. (Tšenolo 4:8; 8:13; 16:13, 19)
4 E bontša ho akaretsa tsohle kapa ntho e lekanang ka
mahlakore a mane, ha e aroloa. (Tšenolo 4:6; 7:1, 2; 9:14;
6 E bontša ho se phethahale, ntho e sa tloaelehang, e
khōlōhali. (Tšenolo 13:18; bapisa le 2 Samuele 21:20.)
7 E bontša ntho eo Molimo a entseng qeto ea hore ke e
feletseng mabapi le merero ea Jehova kapa ea Satane.
10 E bontša ntho kaofela kapa e feletseng ka tsela ea sebele,
mabapi le lintho tsa lefatšeng. (Tšenolo 2:10; 12:3;
12 E bontša tlhophiso e hlomiloeng ke Molimo ebang ke
maholimong kapa lefatšeng. (Tšenolo 7:5-8; 12:1;
24 E bontša tokisetso ea tlhophiso eaJehova ea lintho e
entsoeng ka bongata (e mennoeng habeli). (Tšenolo 4:4)
Lipalo tse ling tse boletsoeng ho Tšenolo li lokela ho utloisisoa e le palo tsa sebele. Hangata, moelelo oa taba o thusa ho fumana sena. (Bona Tšenolo 7:4, 9; 11:2, 3; 12:6, 14; 17:3, 9-11; 20:3-5.)