Na U Tla Ela Temoso ea Molimo Hloko?
HANGATA batho ba hlokomoloha litemoso tse pholosang bophelo. Bongata ba baahi ba Pompeii ba ile ba khetha ho hlokomoloha melumo e mabifi ea Thaba ea Vesuvius. Ka tsela e tšoanang, batho ba bangata kajeno ba hlokomoloha litemoso tsa ho tla ha timetso ea lefatše lohle. Empa ho ba ikemiselitseng ho tobana le linnete, temoso ena ke ea sebele joaloka ho benya ha lehalima le mollo o ileng oa hlaha Thabeng ea Vesuvius morao koana lekholong la pele la lilemo. Lintoa tse peli tsa lefatše, likhohlano tse nyenyane tse makholo tsa batho ba hlometseng, litlala, litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, mafu a akaretsang, leqhubu la tlōlo ea molao le pefo ka mor’a le leng, le letšolo la lefatše lohle la boboleli kaofela ha li kopana li etsa temoso e khōlō ea hore moloko oa batho o atamela koluoa e mabifi ka potlako.
Bibele e bonela pele ketsahalo e sa thabiseng: “Mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.” (Mattheu 24:21) Joalokaha ho ile ha etsahala koluoeng ea Pompeii, ho na le ba tla pholoha—“bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle,” bo tla pholoha, hoo ho bolela hore bo tla ‘tsoa mahlomoleng a maholo.’—Tšenolo 7:9, 14.
Potso ke ena, Timetso ee e tla tla neng? Ho na le lebaka le matla la ho lumela hore mahlomola ana a haufi. E le hore barutuoa ba Jesu ba ka fumana hore na liketsahalo tsena li tla etsahala neng, ba ile ba botsa: “Pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” (Mattheu 24:3, NW) Hlokomela karabo eo Jesu Kreste a ileng a fana ka eona.
Ntoa—Tšobotsi e Hlaheletseng ea Pontšo e Likarolo li Ngata
Jesu ha a ka a bolela esale pele ketsahalo e le ’ngoe feela e hlahelletseng. Ho e-na le hoo, o ile a bua ka lethathamo la liketsahalo tseo ha li nkoa kaofela, li neng li ka etsa temoso ea bomolimo—pontšo e nang le likarolo tse ngata ea ho fela ha tsamaiso ea lintho. Ketsahalo ea pele e ileng ea boleloa esale pele e hlalositsoe ho Mattheu 24:7: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla ’muso o mong o loantše ’muso o mong.” Boprofeteng bo tšoanang le bona ho Tšenolo 6:4, Bibele e boletse esale pele hore ‘khotso e tla fela lefatšeng.’ Sena se ne se bolela ntoa eo ho seng e kileng ea lekana le eona.
Histori e re bolella hore boprofeta bona ba ntoa ea lefatše lohle bo phethahetse ho tloha ka 1914. Buka American Adventures ha e bua ka lilemo tsa pele ho 1914 e re: “Maamerika a mangata a ile a kena lekholong le lecha la lilemo a tletse tšepo. Tsena e ne e le ‘lilemo tse molemo’ ’me li ile tsa fella leshomeng la bobeli la lekholo leo. . . . Joale, ka July 28, 1914, boikutlo bona bo ile ba sisinngoa ke lentsoe le le leng: ntoa.” Kahoo Ntoa ea I ea Lefatše e ileng ea ba teng ho tloha ka 1914 ho isa ho 1918 ea qala, ’me ba bang ba ile ba e reha lebitso la “ntoa e tla felisa lintoa tsohle.” Linaha tse 28 li ile tsa ameha ho eona. ’Me haeba u akareletsa linaha tse neng li itšetlehile ka tsona, linaha tse neng li loana li ne li emela hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea baahi ba lefatše ka nako eo.
Hape Ntoeng ea I ea Lefatše ho ne ho sebelisoa libetsa tsa ntoa tse ncha tse bolaeang ka mokhoa o feteletseng, tse kang lithunya tsa merathatha, gase e chefu, libetsa tse ntšang mokeli-keli o chesang, litanka, lifofane le likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi. Masole a ka bang limillione tse leshome a ile a bolaoa—a fetang masole ’ohle a neng a loana lintoeng tsohle tse khōlō tse kileng tsa loanoa lilemong tse 100 tse etellang tseo pele! Masole a ka bang limillione tse 21 ea e-ba mahlatsipa. Ruri, e ne e le ntoa ea lefatše, e tšoaeang 1914 joaloka qaleho ea ‘mehla ea qetello.’ (2 Timothea 3:1) Leha ho le joalo, ntoa e ne e le karolo e le ’ngoe feela ea pontšo ea Jesu.
Likarolo tse Ling tsa Pontšo
Jesu o ile a phaella: “Litlala li tla ba teng, le mafu a akaretsang, le litšisinyeho tsa lefatše ka nģa tse ngata. Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ea bohloko bo hlabang ba tsieleho.” (Mattheu 24:7, 8, NW) Luka 21:11 e kenya “mafu a akaretsang” lethathamong leo. Pele Ntoa ea I ea Lefatše e fela, seoa sa mokakallane oa Spain se ile sa qala ho ata kapele holim’a lefatše. Qetellong, se ile sa bolaea batho ba ka holimo ho limillione tse 20, e leng ba fetang ba ileng ba shoela ntoeng.
Nakong ea ntoa le ka morao ho eona, ba bang ba limillione ba ile ba bolaoa ke tlala. Litšisinyeho tsa lefatše le tsona li ile tsa bolaea batho ba bangata. Ka 1915 ba ka holimo ho 30 000 ba ile ba bolaoa Italy; ka 1920 ba ka bang 200 000 ba ile ba timela Chaena; ka 1923 ba ka bang 143 000 ba ile ba shoa Japane. Ho ntse ho le joalo, kamoo Jesu a bontšitseng ka teng, tsena tsohle e bile qalo feela ea bohloko bo hlabang ba tsieleho. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa “bohloko bo hlabang” e le “ho kenella ha bohloko bo choachoaselang ka nako e khutšoanyane.” Lefatše lena haesale le tloha tlhaselong e ’ngoe ea bohloko ho ea ho e ’ngoe ka tekanyo e eketsehang le boo makhetlo ao bo etsahalang ka ’ona a eketsehang ho tloha ka 1914. Ka mohlala, lilemo tse 21 feela ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše ho ile ha qhoma ntoa ea bobeli ea lefatše, e ileng ea bolaea batho ba limillione tse 50 ’me ea kenya moloko oa batho mehleng ea nuclear.
Lilemong tsa morao tjena ho hongata ho ile ha boleloa ka sesosa se seng sa mahlomola: ho senya ha motho tikoloho. Le hoja Jesu a sa ka a bolela sena ka ho toba boprofeteng ba hae, Tšenolo 11:18 e bontša hore pele ho timetso e tlang, motho o tla be a ‘senya lefatše.’ Bopaki ba hore tšenyo ena e ntse e etsahala bo bongata. Setsebi sa tikoloho Norman Myers eo mantsoe a hae a qotsitsoeng bukeng State of the World 1988, o fana ka molaetsa ona o tšosang: “Ha ho moloko leha e le ofe oa nako e fetileng o kileng oa tobana le tebello ea ho felisoa ka bongata nakong ea bophelo ba ’ona. Ha ho moloko nakong e tlang o tla ke o tobane le phephetso e tšoanang le eo: haeba moloko ona oa hona joale o hlōleha ho sebetsana le mosebetsi ona, tšenyo e tla be e se e entsoe ’me ha ho sa tla ba le ‘monyetla o mong.’”
Hlokomela tlaleho e tokollong ea February 17, 1992, ea makasine oa Newsweek tabeng ea ho senyeha ha ozone sebakeng. Alexandra Allen setsebi se khethehileng sa ozone sa mokhatlo oa Greenpeace e leng mokhatlo oa machaba oa tikoloho, se ile sa qotsoa e le se lemosang ka ho fela ha ozone se re “hona joale ke tšokelo bokamosong ba lintho tsohle tse phelang lefatšeng.”—Bona lebokose le leqepheng lena bakeng sa bopaki bo eketsehileng ba tšenyo ea tikoloho ea lefatše.
Sebaka ha se lumelle puisano e nang le makolopetso a likarolo tsohle tsa boprofeta ba Jesu. (Bona chate e leqepheng 5 bakeng sa kakaretso ea likarolo tse ling tsa boprofeta.) Leha ho le joalo, karolo e ’ngoe e ke keng ea hlokomolohuoa e hlalositsoe ho Mattheu 24:14: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” Ha ho pelaelo tabeng ea hore na ke mang ea etsang mosebetsi ona oa ho bolela lefatšeng lohle. Lipaki tsa Jehova linaheng tse 229 li ile tsa sebelisa lihora tse ka holimo ho limillione tse sekete mosebetsing ona selemong sa 1992 feela. Mosebetsi oa tsona ke karolo e ’ngoe ea bopaki bo bonahalang ba hore re phela mehleng ea qetello.
U se ke Ua Thetsoa!
Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba pheha khang ea hore litaba tsohle tse buang ka ‘mehla ea qetello’ ke feela tšekamelo ea ho sheba litaba ka lehlakoreng le lerotho la tsona. Baa botsa: ‘Ho thoe’ng ka ho oa ha Bokomonisi ho sa tsoa etsahala Europe Bochabela? Kapa boiteko ba mebuso e meholo ba ho tlisa khotso? Na bona hase bopaki ba hore lintho li ba molemonyana?’ Che. Hlokomela hore Jesu ha a ka ba a bolela hore lefatše lohle le tla lula le ntse le aparetsoe ke lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, le litlala mehleng ea qetello. E le hore litaba tse molemo li ka boleloa lefatšeng lohle, ho ne ho tlameha hore ho be le linako tsa khutso e lekanyelitsoeng bonyane.
Hape, hopola hore Jesu o ile a bapisa mehla ea qetello le matsatsi a etellang Moroallo oa mehleng ea Noe pele. Ka nako eo batho ba ne ba tšoarehile mesebetsing e kang ho ja, ho noa, le ho kena lenyalong—mesebetsi e tloaelehileng ea bophelo. (Mattheu 24:37-39) Sena se ne se tla bontša hore le hoja boemo bo leng teng mehleng ea qetello bo ne bo tla ba bohloko, lintho li ne li ke ke tsa senyeha ho isa bohōleng boo lipakane tse tloaelehileng tsa bophelo li neng li ke ke tsa khoneha. Joaloka mehleng ea Noe, batho ba bangata ba tšoarehile haholo ka mesebetsi ea letsatsi le letsatsi hoo ba sa lemoheng ho befa ha linako.
Kahoo, ho ne ho tla ba kotsi ho khutlela boikutlong bo bontšang ho hloka thahasello ka baka la liphetoho tsa lipolotiki tse bonahalang li le molemo. (Bapisa le 1 Ba-Thessalonika 5:3.) Bopaki ba hore hona joale boprofeta ba Jesu boa phethahala boa phaellana—e leng temoso ea hore timetso e haufi!
Nako e Khanyang ea ka Mor’a Timetso
Timetso ea Pompeii e ile ea tlisa lefu le ho sareloa. Leha ho le joalo, bofelo ba tsamaiso ea lintho ea hona joale bo tla bula tsela bakeng sa bophelo bo sa feleng lefatšeng le letle la paradeise. (Tšenolo 21:3, 4) Lipuso tsa batho tse arolang ha li sa tla hlola li senya lefatše ka lintoa. Batho ha ba sa tla hlola ba tšosoa ke tšokelo ea timetso ea nuclear. Lifektheri tse lahlelang lik’hemik’hale tikolohong li tla fela.—Daniele 2:44.
Ka nako eo motho e mong le e mong ea phelang e tla ba morati oa ho loka le motsoalle oa ’nete, ea ikokobeletsang puso ea ’Muso ka ho feletseng. (Pesaleme ea 37:10, 11) Lipetlele, litsi tsa tokisetso ea mapato le litša tsa mabitla e tla ba lintho tsa nako e fetileng. Tlhalo, karohano ea banna le basali, ho tepella maikutlo le tlhekefetso ea bana ha li sa tla hlola li ba teng.—Esaia 25:8; 65:17.
Na u batla ho pholoha mehla ea qetello ’me u phelele ho bona lefatše le lecha le khanyang la Molimo? Joale u ‘falimehe, . . . hobane ha u tsebe hore na nako e behiloeng ke efe.’ (Mareka 13:33, NW) Leha ho le joalo, liketsahalo tsa lefatše li etsa hore ho totobale hore nako e behiloeng e haufi—e haufi ka tsela e kotsi ho ba bangata. Ha ho nako eo re lokelang ho e senya. Kahoo nka bohato bo pholosang bophelo, ’me u batle ba elang pontšo ea lefatše lohle ea mehla ea qetello hloko. Bana ba bonahala habonolo, hobane ke bona feela ba utloang taelo ea Jesu ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle. E se eka u ka nka bohato hammoho le bona ba ho ipapisa le Morena, Kreste Jesu, eo ka eena ho thoeng: “Lichaba li tla tšepa lebitso la hae.”—Mattheu 12:18, 21.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Likarolo tse 24 tsa pontšo
1. Ntoa eo pele ho neng ho s’o be le e tšoanang le eona—Mattheu 24:6, 7; Tšenolo 6:4
2. Litšisinyeho tsa lefatše—Mattheu 24:7; Mareka 13:8
3. Likhaello tsa lijo—Mattheu 24:7, NW; Mareka 13:8
4. Mafu a akaretsang—Luka 21:11; Tšenolo 6:8
5. Tlōlo ea molao e ntseng e ata—Mattheu 24:12
6. Ho senngoa ha lefatše—Tšenolo 11:18
7. Ho tapa ha lerato—Mattheu 24:12
8. Liketsahalo tse tšosang—Luka 21:11
9. Lerato le feteletseng la chelete—2 Timothea 3:2
10. Ho se utloe batsoali—2 Timothea 3:2
11. Ho rata menate ea nama ho feta Molimo—2 Timothea 3:4
12. Boithati boa busa—2 Timothea 3:2
13. Ho se be le lerato la tlhaho ho akaretsang—2 Timothea 3:3
14. Batho ba sa bulehelang mofuta oa tumellano leha e le ofe—2 Timothea 3:3, NW
15. Ho se be le boitšoaro maemong ’ohle a sechaba—2 Timothea 3:3
16. Ho se rate molemo ho akaretsang—2 Timothea 3:3
17. Ba bangata bao ka boikaketsi ba bolelang hore ke Bakreste—2 Timothea 3:5
18. Ba bang ba ja le ho noa ka ho tlōlisa—Luka 21:34
19. Basomi ba hana pontšo—2 Petrose 3:3, 4
20. Baprofeta ba bangata ba bohata ba mafolo-folo—Mattheu 24:5, 11; Mareka 13:6
21. Ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o seng o hlonngoe—Mattheu 24:14, NW; Mareka 13:10, NW
22. Ho hlorisoa ha Bakreste ba ’nete—Mattheu 24:9; Luka 21:12
23. Khoeletso ea khotso le tšireletseho eo e leng tlhōrō ea mehla ea qetello—1 Ba-Thessalonika 5:3
24. Batho ha ba ele kotsi hloko—Mattheu 24:39
[Lebokose le leqepheng la 6]
Mathata a Tikoloho—Pontšo ea Linako
◻ Libakeng tseo ho tsona ho lulang batho ba bangata tsa Karolo ea Lefatše e ka Leboea lera le sireletsang la ozone le ba lesesaane ka lebelo le menang habeli leo bo-rasaense ba neng ba le lekanyetsa lilemong tse seng kae feela tse fetileng.
◻ Tekanyo e nyenyane ka ho fetisisa ea mefuta e 140 ea limela le liphoofolo e fela letsatsi le leng le le leng.
◻ Litekanyo tsa carbon dioxide e hohelang mocheso li phahametse tsa pele ho tsoelo-pele ea li-indasteri ka karolo ea 26 lekholong, ’me li ntse li tsoela pele ho phahama.
◻ Ka 1990 ho ne ho chesa haholoanyane lefatšeng ho feta selemong leha e le sefe ho tloha nakong eo ho ileng ha bolokoa tlaleho, e leng bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo; lilemo tse tšeletseng ho tse supileng tseo ho tsona ho neng ho chesa haholo ho latela tlaleho ena e bile ho tloha ka 1980.
◻ Meru e fela ka lebelo la lihekthere tse 17 000 000 ka selemo, e leng sebaka se boholo ba halofo ea Finland.
◻ Baahi ba lefatše ba eketseha ka limillione tse 92 ka selemo—hoo e ka bang ho eketseha ha batho ba bang ba lekanang le ba Mexico ka selemo; kakaretsong ena, ba limillione tse 88 ba eketseha linaheng tse futsanehileng.
◻ Batho ba ka bang limillione tse likete tse 1,2 ha ba na metsi a ho noa a hloekileng.
Ho latela buka State of the World 1992, ea Mokhatlo oa Worldwatch, maqephe 3, 4, W. W. Norton & Company, New York, London.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ka mor’a timetso ho tla tla lefatše la Molimo le lecha le khanyang