E-bang Babali ba Thabileng ba Buka ea Tšenolo
“Ho thaba ea ballang holimo le ba utloang mantsoe a boprofeta bona, le ba bolokang lintho tse ngotsoeng ho bona.”—TŠENOLO 1:3.
1. Moapostola Johanne o ile a iphumana a le maemong afe ha a ne a ngola Tšenolo, ’me lipono tsee li ne li ngoloa ka morero ofe?
“’NA JOHANNE . . . ke ile ka ba sehlekehlekeng se bitsoang Patmose ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.” (Tšenolo 1:9) Moapostola Johanne o ne a ngola buka ea Apocalypse, kapa Tšenolo a le maemong a joalo. Ho nahanoa hore o ne a le botlamuoeng Patmose nakong ea puso ea Moemphera oa Moroma Domitian (81-96 C.E.), ea ileng a qobella borapeli ba baemphera ’me ea e-ba mohlorisi oa Bakreste. Ha Johanne a ntse a le Patmose, o ile a amohela letoto la lipono tseo a ileng a li ngola. Ha aa ka a li ngolla hore a tšose Bakreste ba pele, empa o ile a li ngolla ho ba matlafatsa, ho ba tšelisa le ho ba khothatsa ka lebaka la liteko tseo ba neng ba le ho tsona le tse neng li larile ka pele.—Liketso 28:22; Tšenolo 1:4; 2:3, 9, 10, 13.
2. Ke hobane’ng ha Bakreste ba phelang kajeno ba thahasella boemo boo Johanne le Bakreste-’moho le eena ba ileng ba iphumana ba le ho bona?
2 Maemo ao buka ena ea Bibele e ngotsoeng ho ’ona ke a bohlokoa haholo ho Bakreste ba phelang kajeno. Johanne o ne a hlorisoa hobane e ne e le paki ea Jehova le ea Mora oa Hae, Kreste Jesu. Eena le Bakreste-’moho le eena ba ne ba phela tikolohong e tletseng bora hobane, le hoja ba ne ba leka ka matla ho ba baahi ba molemo, ba ne ba ke ke ba rapela moemphera. (Luka 4:8) Linaheng tse ling, Bakreste ba ’nete kajeno ba iphumana ba le boemong bo tšoanang, moo Naha e inkelang matla a ho bolela hore na ke eng se “nepahetseng bolumeling.” Ka lebaka leo, mantsoe a fumanoang kenyelletsong ea buka ea Tšenolo a tšelisa hakaakang: “Ho thaba ea ballang holimo le ba utloang mantsoe a boprofeta bona, le ba bolokang lintho tse ngotsoeng ho bona; etsoe nako e behiloeng e haufi.” (Tšenolo 1:3) E, babali ba Tšenolo ba hlokolosi le ba utloang ba ka fumana thabo ea ’nete le litlhohonolofatso tse ngata.
3. Mohloli oa Tšenolo e ileng ea etsetsoa Johanne ke mang?
3 Ke mang eo e leng Mohloli o ka sehloohong oa Tšenolo, ’me ke mocha ofe o sebelisoang ho e fetisa? Temana e qalang ea re bolella: “Tšenolo ka Jesu Kreste, eo Molimo a ileng a mo fa eona, ho bontša makhoba a hae lintho tseo ka sebele li tla etsahala haufinyane. ’Me o ile a roma lengeloi la hae ’me a e hlahisa ka lipontšo ka lona ho lekhoba la hae Johanne.” (Tšenolo 1:1) Habonolo feela, Mohloli oa sebele oa Tšenolo ke Jehova Molimo, ea faneng ka eona ho Jesu, ’me Jesu eena a e bolella Johanne ka lengeloi. Patlisiso e tsoelang pele e senola hore Jesu o ile a boela a sebelisa moea o halalelang ho fetisetsa melaetsa liphuthehong le ho fa Johanne lipono.—Tšenolo 2:7, 11, 17, 29; 3:6, 13, 22; 4:2; 17:3; 21:10; bapisa le Liketso 2:33.
4. Jehova o sa ntse a sebelisa mekhoa efe kajeno ho etella pele batho ba hae lefatšeng?
4 Jehova o sa ntse a sebelisa Mora oa hae, “hlooho ea phutheho,” ho ruta bahlanka ba hae ba lefatšeng. (Baefese 5:23; Esaia 54:13; Johanne 6:45) Jehova o boetse o sebelisa moea oa hae ho rupela batho ba hae. (Johanne 15:26; 1 Bakorinthe 2:10) ’Me hantle feela joalokaha Jesu a ile a sebelisa “lekhoba la hae Johanne,” ho fetisetsa lijo tsa moea tse matlafatsang liphuthehong tsa lekholo la pele la lilemo, ka ho tšoanang kajeno o sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene,” le entsoeng ka ‘barab’abo’ ba lefatšeng, ho fa bahlanka ba hae le metsoalle ea bona “lijo tsa [moea] ka nako e tšoanetseng.” (Matheu 24:45-47; 25:40) Ho thaba ba hlokomelang Mohloli oa ‘limpho tse molemo’ tseo re li amohelang e le lijo tsa moea le ba hlokomelang mocha oo A o sebelisang.—Jakobo 1:17.
Liphutheho Tseo Kreste a li Tsamaisang
5. (a) Liphutheho tsa Bokreste le balebeli ba tsona li tšoantšoa le eng? (b) Ho sa tsotellehe ho se phethahale ha botho, ke’ng se tla tlatsetsa thabong ea rōna?
5 Likhaolong tse qalang tsa Tšenolo, liphutheho tsa Bokreste li tšoantšoa le liluloana tsa mabone. Balebeli ba tsona ba tšoantšoa le mangeloi (manģosa) le linaleli. (Tšenolo 1:20)a Ha a itlhalosa, Kreste o ile a bolella Johanne hore a ngole: “Tsena ke lintho tseo a li bolelang ea tšoereng linaleli tse supileng ka letsohong la hae le letona, ea tsamaeang har’a liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng.” (Tšenolo 2:1) Melaetsa e supileng e rometsoeng ho liphutheho tse supileng tsa Asia e bontša hore lekholong la pele la lilemo C.E., liphutheho le baholo ba tsona li ne li e-na le litšobotsi tseo li leng matla ho tsona le tseo li fokolang ho tsona. Hoa tšoana le kajeno. Ka lebaka leo, re tla thaba haholoanyane haeba ho se mohla re hlokomolohang ’nete ea hore Kreste, Hlooho ea rōna, o ka har’a liphutheho. O tseba hantle hore na ho etsahala eng. Ka tšoantšetso, balebeli ba “ka letsohong la hae le letona,” ke hore, tlas’a taolo le tataiso ea hae ’me ba ikarabella ho eena bakeng sa tsela eo ba alosang liphutheho ka eona.—Liketso 20:28; Baheberu 13:17.
6. Ke’ng se bontšang hore balebeli hase bona feela ba ikarabellang ho Kreste?
6 Leha ho le joalo, e ne e tla ba rea ithetsa haeba re ne re ka nahana hore ke balebeli feela ba ikarabellang ho Kreste bakeng sa liketso tsa bona. Ho o mong oa melaetsa ea hae, Kreste o itse: “Liphutheho tsohle li tle li tsebe hore ke ’na ea phenyang liphio le lipelo, ’me ka sebele ke tla le fa ka bomong ho ea ka liketso tsa lōna.” (Tšenolo 2:23) Sena ke temoso ebile ke khothatso—temoso ea hore Kreste o tseba sepheo sa rōna se patehileng, ke khothatso hobane se re kholisa hore Kreste o hlokomela boiteko ba rōna ’me o tla re hlohonolofatsa haeba re etsa seo re ka se khonang.—Mareka 14:6-9; Luka 21:3, 4.
7. Bakreste ba Filadelfia ba ne ‘ba bolokile lentsoe le mabapi le mamello ea Jesu’ joang?
7 Molaetseng oa Kreste o eang phuthehong e motseng oa Lydia e Filadelfia ha ho na khalemelo, empa o tšepisa seo re lokelang ho se thahasella haholo. “Kahobane u ile ua boloka lentsoe le mabapi le mamello ea ka, le ’na ka sebele ke tla u phemisa hora ea teko, e tla tlela lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona, ho beha teko holim’a ba lulang lefatšeng.” (Tšenolo 3:10) Polelo ea Segerike e fetoletsoeng e le ho “boloka lentsoe le mabapi le mamello ea ka” e ka boela ea bolela ho “boloka seo ke se buileng mabapi le mamello.” Temana ea 8 e bontša hore hase feela hore Bakreste ba Filadelfia ba ne ba ile ba mamela litaelo tsa Kreste empa ba ne ba latetse keletso ea hae ea hore ba mamelle ka botšepehi.—Matheu 10:22; Luka 21:19.
8. (a) Jesu o ile a etsa tšepiso efe ho Bakreste ba Filadelfia? (b) Kajeno ke bo-mang ba angoang ke “hora ea teko”?
8 Jesu o ile a eketsa ka hore o tla ba phemisa “hora ea teko.” Ha re tsebe hore na seo se ne se hlile se bolela eng ho Bakreste bao ba nakong eo. Le hoja mahloriso a ile a re khoe! ka nakoana ka mor’a lefu la Domitian ka 96 C.E., leqhubu le lecha la mahloriso le ile la qala tlas’a Trajan (98-117 C.E.), leo ho seng pelaelo ea hore le ile la tlisa liteko tse eketsehileng. Empa “hora [ea bohlokoa] ea teko” e fihla “letsatsing la Morena” “nakong ea bofelo,” eo re leng ho eona hona joale. (Tšenolo 1:10; Daniele 12:4) Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba ile ba feta nakong e khethehileng ea teko, nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše le kapele ka mor’a eona. Empa, “hora ea teko” e ntse e tsoela pele. E ama “lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona,” ho akarelletsa le ba limilione bao e leng karolo ea bongata bo boholo, ba nang le tšepo ea ho pholoha matšoenyeho a maholo. (Tšenolo 3:10; 7:9, 14) Re tla thaba haeba re ‘boloka seo Jesu a se buileng mabapi le mamello,’ e leng hore: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.”—Matheu 24:13.
Ho Ikokobelletsa Bobusi ba Jehova ka Thabo
9, 10. (a) Pono ea terone ea Jehova e lokela ho re ama ka litsela life? (b) Ho bala ha rōna Tšenolo ho ka tlatsetsa joang thabong ea rōna?
9 Pono ena ea terone ea Jehova le ea lekhotla la hae la leholimo e fanoang khaolong ea 4 le ea 5 ea Tšenolo e lokela ho re tlatsa tšabo e nang le tlhompho. Re lokela ho khahloa ke lipolelo tsa thoriso e tlohang pelong tse etsoang ke libōpuoa tse matla tsa leholimo ha ka thabo li ikokobelletsa bobusi ba Jehova bo lokileng. (Tšenolo 4:8-11) Mantsoe a rōna a lokela ho utluoa har’a ba re’ng: “Ho Ea lutseng teroneng le ho Konyana e be poko le tlhompho le khanya le bonatla ka ho sa feleng le ka mehla.”—Tšenolo 5:13.
10 Kamoo ho leng kateng, sena se bolela hore re thabele ho ikokobelletsa thato ea Jehova linthong tsohle. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Eng kapa eng eo le e etsang lentsoeng kapa mosebetsing, le etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lebitso la Morena Jesu, le leboha Molimo Ntate ka eena.” (Bakolose 3:17) Ho bala ha rōna Tšenolo ho tla re thabisa e le kannete haeba likelellong le lipelong tsa rōna re hlokomela bobusi ba Jehova ’me re nahanela thato ea hae karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna.
11, 12. (a) Tsamaiso ea Satane ea lefatšeng e tla sisinngoa le ho timetsoa joang? (b) Ho latela Tšenolo khaolo ea 7, ke bo-mang ba tla ‘khona ho ema’ ka nako eo?
11 Ho ikokobelletsa bobusi ba Jehova ka thabo ho tlisetsa motho ka mong le bohle thabo. Haufinyane tšisinyeho ea lefatše e khōlō ea tšoantšetso e tla sisinya tsamaiso ea lefatše la Satane ho ea fihla metheong ea eona ’me e e timetse. Ha ho sa tla ba le setšabelo bakeng sa batho ba hanang ho ikokobelletsa puso ea Kreste ea ’Muso oa leholimo, e emelang bobusi ba Molimo bo loketseng. Boprofeta bona bo re: “Marena a lefatše le ba leng boemong bo ka sehloohong le balaoli ba sesole le ba ruileng le ba matla le lekhoba le leng le le leng le motho e mong le e mong ea lokolohileng ba ipata mahaheng le mafikeng a lithaba. ’Me ba ntse ba re ho lithaba le ho mafika: ‘Re oeleng holimo ’me le re pate sefahlehong sa Ea lutseng teroneng le khalefong ea Konyana, hobane letsatsi le leholo la khalefo ea bona le tlile, ’me ke mang ea khonang ho ema?’”—Tšenolo 6:12, 15-17.
12 Mabapi le potso eo, khaolong e latelang, moapostola Johanne o hlalosa bao e leng karolo ea bongata bo boholo, bo tsoang matšoenyehong a maholo, e le ba ‘emeng ka pel’a terone le ka pel’a Konyana.’ (Tšenolo 7:9, 14, 15) Ho ema ha bona ka pel’a terone ea Molimo ho bontša hore ba hlokomela terone eo ’me ba ikokobelletsa bobusi ba Jehova ka ho feletseng. Ka lebaka leo, baa amoheleha.
13. (a) Bongata ba baahi ba lefatše bo rapela eng, ’me ke eng e tšoantšetsoang ke letšoao le liphatleng tsa bona kapa matsohong a bona? (b) Ka hona, ke hobane’ng ha ho tla hlokahala mamello?
13 Ka lehlakoreng le leng, khaolo ea 13 e bontša karolo e ’ngoe ea baahi ba lefatše e le e rapelang tsamaiso ea Satane ea lipolotiki, e tšoantšetsoang ke sebata. Ba fumana letšoao “liphatleng” tsa bona kapa “matsohong” a bona, e leng se bontšang ho tšehetsa ha bona tsamaiso eo ka kelello le ka matla a bona. (Tšenolo 13:1-8, 16, 17) Joale, khaolo ea 14 ea eketsa: “Haeba leha e le mang a rapela sebata le setšoantšo sa sona, ’me a amohela letšoao phatleng ea hae kapa letsohong la hae, o tla boela a noe veine ea bohale ba Molimo e tšolleloang ka har’a senoelo sa khalefo ea hae e sa hlapolloa . . . Mona ke moo ho amehang mamello bakeng sa bahalaleli, ba bolokang litaelo tsa Molimo le tumelo ho Jesu.” (Tšenolo 14:9, 10, 12) Ha nako e ntse e feta, potso e tla ’ne e be: U tšehetsa mang? Jehova le bobusi ba hae kapa tsamaiso ea lipolotiki ea batho ba sa tšabeng Molimo e tšoantšetsoang ke sebata? Ho tla thaba ba qobang ho amohela letšoao la sebata le ba mamellang ka botšepehi ho ikokobeletseng bobusi ba Jehova.
14, 15. Ke molaetsa ofe o kenellang tlhalosong ea Tšenolo ea Armagedone, ’me o re bolella eng?
14 Babusi ba “lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” ba tseleng ea ntoa, ba lebile ho loantšeng Jehova mabapi le tseko ea bobusi. Makhaola-khang e tla ba Armagedone, ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.’ (Tšenolo 16:14, 16) Tlhaloso e thahasellisang e hlaha hantle bohareng ba tlhaloso ena ea ho bokelleloa ha babusi ba lefatše ho ea loana le Jehova. Jesu ka boeena o kenella ponong o re: “Bonang! Ke tla joaloka lesholu. Ho thaba ea lulang a falimehile ’me a boloka liaparo tsa hae tsa ka ntle, e le hore a se ke a tsamaea a hlobotse ’me batho ba talima lihlong tsa hae.” (Tšenolo 16:15) E ka ’na eaba sena se bua ka tsela e sa tobang ka balebeli ba tempele ba Balevi ba neng ba hlobolisoa liaparo tsa bona ’me ba hlabisoa lihlong phatlalatsa haeba ba ne ba fumanoa ba robetse nakong eo ba leng mosebetsing oa ho lebela.
15 Molaetsa ona o hlakile: Haeba re batla ho pholoha Armagedone, re lokela ho lula re falimehile moeeng ’me re bolokile liaparo tsa tšoantšetso tse re khethollang re le Lipaki tsa Jehova Molimo tse tšepahalang. Re tla thaba haeba re qoba ho otsela moeeng ho sa tloaelehang ’me re tsoela pele re sa khaotse, re kopanela ka cheseho ho jaleng “litaba tse molemo tse sa feleng” tsa ’Muso oa Molimo o hlonngoeng.—Tšenolo 14:6.
‘Ho Thaba Mang Kapa Mang ea Bolokang Mantsoe Ana’
16. Ke hobane’ng ha likhaolo tse qetellang tsa Tšenolo li thabisa ka ho khethehileng?
16 Babali ba thabileng ba buka ea Tšenolo ba ka hlasimoloha ke thabo ha ba ntse ba bala likhaolo tse qetellang tse hlalosang tšepo ea rōna e khanyang—leholimo le lecha le lefatše le lecha, ke hore, puso ea ho loka ea ’Muso oa leholimo e busang mokhatlo o mocha oa batho ba hloekileng, tsohle e le thorisong ea “Jehova Molimo ea Matla ’Ohle.” (Tšenolo 21:22) Ha letoto le hlollang la lipono le fela, lenģosa la lengeloi le ile la re ho Johanne: “Mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete; e, Jehova Molimo oa lipolelo tse bululetsoeng tsa baprofeta o ile a romela lengeloi la hae ho bontša makhoba a hae lintho tseo ka sebele li tla etsahala haufinyane. ’Me, bona! ke tla kapele. Ho thaba mang kapa mang ea bolokang mantsoe a boprofeta ba moqolo ona.”—Tšenolo 22:6, 7.
17. (a) Tšenolo 22:6 e re kholisa ka eng? (b) Re lokela ho falimehela ho qoba eng?
17 Babali ba thabileng ba Tšenolo ba tla hopola hore mantsoe a tšoanang le ana a hlaha qalong ea “moqolo” ona. (Tšenolo 1:1, 3) Mantsoe ana a re kholisa hore “lintho” tsohle tse profetiloeng bukeng ena ea ho qetela ea Bibele li tla “etsahala haufinyane.” Re phela hare-hare nakong ea bofelo hoo liketsahalo tse amehang tse boletsoeng esale pele ho Tšenolo li lokelang hore ka sebele li etsahale haufinyane, ’me li latellana haufi-ufi. Ka lebaka leo, seo ho bonahalang eka ke botsitso tsamaisong ea Satane ha hoa lokela ho re koeetsa hore re robale. ’Mali ea falimehileng o tla hopola litemoso tse fanoeng melaetseng e rometsoeng liphuthehong tse supileng tsa Asia ’me o tla qoba maraba a lintho tse bonahalang, borapeli ba litšoantšo, boitšoaro bo bobe, ho ba foofo le lihlotšoana tsa bokoenehi.
18, 19. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a sa ntse a lokela ho tla, ’me re kopanela tšepong efe e boletsoeng ke Johanne? (b) Jehova o sa ntse a tla “tla” ka morero ofe?
18 Bukeng ea Tšenolo, Jesu o phatlalatsa sena ka makhetlo a ’maloa: “Ke tla kapele.” (Tšenolo 2:16; 3:11; 22:7, 20a) O sa ntse a lokela ho tla ahlola Babylona e Moholo, tsamaiso ea lipolotiki ea Satane le batho bohle ba hanang ho inehela bobusing ba Jehova, boo hona joale bo emeloang ke ’Muso oa Mesia. Re kopanya mantsoe a rōna le la moapostola Johanne, ea ileng hooa, a re: “Amen! Tloo, Morena Jesu.”—Tšenolo 22:20b.
19 Jehova ka boeena o re: “Bona! Ke tla kapele, ’me moputso oo ke nehelanang ka oona o ho ’na, ho fa e mong le e mong kamoo mosebetsi oa hae o leng kateng.” (Tšenolo 22:12) Ha re ntse re letetse moputso o khanyang oa bophelo bo sa feleng re le karolo ea “leholimo le lecha” kapa “lefatše le lecha” le tšepisitsoeng, e se eka ka cheseho re ka kenella ho fetisetseng memo ena ho batho bohle ba lipelo li tšepahalang: “‘Tloo!’ ’Me mang kapa mang ea nyoriloeng a a tle; mang kapa mang ea lakatsang a a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšenolo 22:17) E se eka le bona e ka ba babali ba thabileng ba buka ea Tšenolo e bululetsoeng le e hlasimollang!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, leqepheng la 28-9, 136 (mongolong o botlaaseng ba leqephe).
Lintlha Tsa Tlhahlobo
◻ Jehova o ile a sebelisa mocha ofe ho fetisa Tšenolo, ’me re ka ithuta eng ho see?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho thabela ho bala melaetsa e rometsoeng liphuthehong tse supileng tsa Asia?
◻ Re ka bolokoa re sireletsehile joang ‘horeng ea teko’?
◻ Re tla ba le thabo efe haeba re boloka mantsoe a moqolo o nang le litaba tsa Tšenolo?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ho thaba ba hlokomelang Mohloli oa litaba tse nyakallisang
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho thaba ea lulang a falimehile