Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Litšisinyeho Tsa Lefatše Letsatsing la Morena
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 26. Batho ba hanyetsang bobusi ba Molimo ba tla etsa joang ha ba tšohile, ’me ba tla bua mantsoe afe a bontšang hore ba tšohile?

      26 Mantsoe a Johanne a tsoela pele ho re: “Marena a lefatše le ba boemong bo ka sehloohong le balaoli ba sesole le ba ruileng le ba matla le lekhoba le leng le le leng le motho e mong le e mong ea lokolohileng ba ipata mahaheng le mafikeng a lithaba. Ba ntse ba re ho lithaba le ho mafika: ‘Re oeleng holimo ’me le re pate sefahlehong sa Ea lutseng teroneng le khalefong ea Konyana, hobane letsatsi le leholo la khalefo ea bona le tlile, ’me ke mang ea ka khonang ho ema?’”—Tšenolo 6:15-17.

  • Litšisinyeho Tsa Lefatše Letsatsing la Morena
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 30. (a) Potso ee e reng: “Ke mang ea ka khonang ho ema?” e fana ka maikutlo afe?”(b) Na ho tla ba le ba khonang ho ema nakong ea kahlolo ea Jehova?

      30 E, ba hanneng ho ela hloko bobusi ba Mopalami ea hlōlang oa pere e tšoeu ba tla qobelloa ho lumela phoso ea bona. Batho bao ka boithatelo e ’nileng ea e-ba karolo ea peō ea noha ba tla be ba tobane le timetso ha lefatše la Satane le feta. (Genese 3:15; 1 Johanne 2:17) Boemo ba lefatše ka nako eo bo tla ba ka tsela e tla etsa hore ba bangata, ha e le hantle, ba botse: “Ke mang ea ka khonang ho ema?” Ho bonahala ba tla nka hore ha ho le ea mong ea ka emang e le ea amohelehang ka pel’a Jehova ka letsatsi leo la kahlolo ea hae. Empa ba tla be ba fositse, joalokaha buka ea Tšenolo e tsoela pele ho bontša.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela