Khaolo 20
Letšoele la Bongata bo Boholo
1. Hoba a hlalose ho tiisoa ha ba 144 000, Johanne o bona sehlopha sefe se seng?
HOBA a hlalose ho tiisoa ha ba 144 000, Johanne o tsoela pele ho tlaleha tšenolo e ’ngoe e hlollang ka ho fetisisa Mangolong ’ohle. E tlameha ebe pelo ea hae e ile ea tlōla ke thabo ha a e tlaleha, a re: “Ka mor’a lintho tsena ka talima, ’me, bonang! bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle, bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana, bo apere liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu; ’me ho ne ho e-na le makala a palema matsohong a bona.” (Tšenolo 7:9) E, ho tšoaroa ha meea e mene ho fana ka sebaka sa hore sehlopha se seng ntle ho litho tse 144 000 tsa Iseraele ea moea se pholohe: e leng bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle, le lipuong tse ngata.a—Tšenolo 7:1.
2. Bahlalosi ba lefatše ba hlalositse bongata bo boholo joang, ’me le Liithuti Tsa Bibele li ne li talima sehlopha see joang nakong e fetileng?
2 Bahlalosi ba lefatše ba hlalositse bongata bona bo boholo e le batho bao e seng Bajuda ba nama ba sokolohetseng Bokresteng kapa e le Bakreste ba bashoela-tumelo ba eang leholimong. Le Liithuti Tsa Bibele nakong e fetileng li ne li ba nka e le sehlopha sa bobeli se eang leholimong, joalokaha ka 1886 Volume I ea Studies in the Scriptures, The Divine Plan of the Ages e ile ea re: “Ba lahleheloa ke moputso oa terone le oa sebōpeho sa bomolimo, empa ba tla qetella ba tsoetsoe e le libōpuoa tsa moea tse ka tlaasana ho sebōpeho sa bomolimo. Le hoja kannete bana ba halalelitsoe, ba hlōloa ke moea oa lefatše hoo ba hlōlehang ho nyehela bophelo ba bona e le sehlabelo.” ’Me morao hoo e ka bang ka 1930, ho ile ha hlalosoa mohopolo ona Bukeng ea Pele ea Light: “Ba etsang bongata bona bo boholo ba hlōlehile ho amohela memo ea ho ba lipaki tse chesehang tsa Morena.” Ba ne ba hlalosoa e le sehlopha se inkang se lokile se tsebang ’nete empa se se mafolofolo ho e bolela. Ba ne ba lokela ho ea leholimong e le sehlopha se ka tlaasana se ke keng sa busa le Kreste.
3. (a) Ke tšepo efe e ileng ea nehoa ba lipelo li lokileng bao hamorao ba ileng ba fetoha ba chesehang mosebetsing oa ho bolela? (b) Ka 1923 Molula-Qhooa o ile oa hlalosa papiso ea linku le lipōli joang?
3 Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le ba bang ba neng ba kopanela le Bakreste ba tlotsitsoeng bao hamorao ba ileng ba cheseha haholo mosebetsing oa ho bolela. Ba ne ba se na takatso ea ho ea leholimong. Ka sebele, ba ne ba e-na le tšepo e tšoanang le e boletsoeng sehloohong sa puo ea phatlalatsa se ileng sa tšohloa ke batho ba Jehova ho tloha ka 1918 ho fihlela ka 1922. Qalong se ne se re “Lefatše le Felile—Limilione Tse Phelang Hona Joale li ke ke Tsa Hlola li E-shoa.”b Kapele ka mor’a moo, makasine ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa October 15, 1923, e ile ea hlalosa papiso ea Jesu ea linku le lipōli (Matheu 25:31-46), ea re: “Linku li emela batho bohle ba lichaba, ba sa tsoaloang ka moea empa ba sekametse ho lokeng, bao kelellong ba lumelang hore Jesu Kreste ke Morena le ba lebeletseng hore ho tla ba le nako e molemo tlas’a puso ea hae.”
4. Leseli le ile la khanya ka ho eketsehileng joang mabapi le sehlopha sa lefatšeng ka 1931? ka 1932? le ka 1934?
4 Lilemo tse ’maloa hamorao, ka 1931, Buka ea Pele ea Vindication e ile ea tšohla Ezekiele khaolo ea 9, e bolela hore batho ba tšoailoeng liphatleng ba tšoaetsoeng hore ba pholohe bofelo ba lefatše e ne e le tsona linku tse papisong eo re e boletseng. Buka ea Boraro ea Vindication, e lokolotsoeng ka 1932, e ile ea hlalosa boikutlo bo lokileng ba pelo ba monna eo e neng e se Moiseraele, e leng Jonadabe, ea ileng a palama koloi ea Morena Jehu ea tlotsitsoeng oa Iseraele ’me a tsamaea le eena ho ea bona cheseho ea Jehu ha a bolaea balumeli ba bohata. (2 Marena 10:15-17) Buka eo e ile ea re: “Jonadabe o ne a emela kapa a tšoantšetsa sehlopha sa batho seo hona joale se leng lefatšeng nakong eo ka eona mosebetsi oa Jehu [oa ho bolela likahlolo tsa Jehova] o tsoelang pele, ba bontšang moea oa boithatelo, ba leng khahlanong le mokhatlo oa Satane, ba emelang ho loka, ’me e le bao Morena a tla ba boloka nakong ea Armagedone, a ba pholose khathatsong eo, ’me a ba fe bophelo bo sa feleng lefatšeng. Bana ba etsa sehlopha sa ‘linku.’” Ka 1934 Molula-Qhooa o ile oa hlakisa hore Bakreste bana ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba lokela ho inehela ho Jehova ’me ba kolobetsoe. Leseli mabapi le sehlopha sena sa lefatšeng le ne le ntse le khanya ka ho eketsehileng.—Liproverbia 4:18.
5. (a) Bongata bo boholo bo ile ba tsebahatsoa joang ka 1935? (b) Ka 1935, ha J. F. Rutherford a kōpa ba teng kopanong ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng hore ba eme, ho ile ha etsahala eng?
5 Joale Tšenolo 7:9-17 e ne e le haufi le ho utloisisoa ka ho hlakileng haholo! (Pesaleme ea 97:11) Khafetsa makasine ea Molula-Qhooa e ne e ’nile ea bolela hore e tšepa hore kopano e neng e lokiselitsoe hore e tšoaroe ka la 30 May ho ea ho la 3 June, 1935, Washington, D.C., U.S.A., e ne e tla ba “matšeliso a sebele ’me e be molemo” ho ba neng ba tšoantšetsoa ke Jonadabe. Ho ile ha fela ha e-ba joalo! Puong e susumetsang e reng “Letšoele le Leholo la Batho,” e ileng ea nehelanoa ho batho ba neng ba le kopanong ba ka bang 20 000, J. F. Rutherford, eo ka nako eo a neng a eteletse pele mosebetsing oa boboleli lefatšeng ka bophara, o ile a fana ka bopaki ba Mangolo ba hore linku tse ling tsa kajeno ke ntho e le ’ngoe le bongata bo boholo bo boleloang ho Tšenolo 7:9. Ha se fihla tlhōrōng ea puo ena, sebui se ile sa re: “Ka kōpo na bohle ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng ba ka ema?” Ha karolo e khōlō ea bamameli e ema, sebui se ile sa phatlalatsa tjena: “Bonang! Letšoele le leholo!” Ho ile ha thōla ha re tu! eaba ka mor’a moo ho latela litlatse tse khōlō. Sehlopha sa Johanne se ile sa thaba hakaakang—hammoho le sehlopha sa Jonadabe! Letsatsing le hlahlamang, ho ile ha kolobetsoa Lipaki tse ncha tse 840, boholo ba bana ba ipolela hore ke ba bongata bo boholo.
Ho Tiisa ho Tsebahala ha Bongata bo Boholo
6. (a) Ke hobane’ng ha re ka utloisisa ka ho hlakileng hore bongata bo boholo ke sehlopha sa kajeno sa Bakreste ba inehetseng ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng? (b) Liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu tsa bongata bo boholo li tšoantšetsa eng?
6 Re ka bolela ka tieo joang hore bongata bo boholo ke sehlopha see sa kajeno sa Bakreste ba inehetseng ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Molimo? Pejana, ponong Johanne o ne a ile a bona sehlopha sa leholimo ‘se reketsoeng Molimo se tsoa molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng.’ (Tšenolo 5:9, 10) Le bongata bo boholo bo hlaha mona empa bona bo tla fumana moputso o fapaneng. Ho fapana le Iseraele ea Molimo, palo ea bona ha ea boleloa esale pele. Ha ho motho ea ka bolelang esale pele hore na ho tla ba le ba bakae. Ba soeufalitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo maling a Konyana, ho tšoantšetsang hore Jehova o ba nka ba lokile ka lebaka la tumelo ea bona sehlabelong sa Jesu. (Tšenolo 7:14) Ba tsoka makala a palema, ba thoholetsa Mesia e le Morena oa bona.
7, 8. (a) Ha ho pelaelo hore ho tsoka makala a palema ho ile ha hopotsa moapostola Johanne liketsahalo life? (b) Taba ea hore ba bongata bo boholo ba tsoka makala a palema e bolela’ng?
7 Ha Johanne a ntse a talimile ponong ena, e tlameha ebe mehopolo ea hae e mo khutlisetsa morao lilemong tse fetang 60 bekeng ea ho qetela ea Jesu lefatšeng. Ka la 9 Nisane, 33 C.E., ha bongata bo ntse bo bokana ho tla amohela Jesu Jerusalema, bo ile “ba nka makala a lifate tsa palema ’me ba tsoa ho ea kopana le eena. Ba qala ho hooa: ‘Rea u rapela, pholosa! Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova, morena oa Iseraele!’” (Johanne 12:12, 13) Ka tsela e tšoanang, ho tsoka makala a palema le ho hooa ha bongata bo boholo ho bontša thabo ea bona e sa thijoeng ha bo amohela Jesu e le Morena ea khethiloeng ke Jehova.
8 Ha ho pelaelo hore makala a palema le mehoo ea thabo li ile tsa boela tsa hopotsa Johanne ka Mokete oa Maphephe oa Iseraeleng ea boholo-holo. Mabapi le mokete ona Jehova o ne a laetse, a itse: “Ka letsatsi la pele le inkele litholoana tsa lifate tse ntle haholo, makhasi a lifate tsa palema le makala a lifate tse nang le makala le lipopoliri tsa liphula tsa melapo e phoroselang, ’me le thabe ka pel’a Jehova Molimo oa lōna ka matsatsi a supileng.” Makala a palema e ne e le pontšo ea ho thaba. Maphephe a nakoana e ne e le khopotso ea hore Jehova o ne a pholositse batho ba hae Egepeta, hore ba tl’o lula litenteng lefeelleng. “Mojaki le moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali” ba ne ba kopanela moketeng ona. Iseraele eohle e ne e lokela ho ‘thaba feela.’—Levitike 23:40; Deuteronoma 16:13-15.
9. Bongata bo boholo bo kopanela mohoong ofe oa thabo?
9 Kahoo, ke ho loketseng hore le hoja bongata bo boholo e se karolo ea Iseraele ea moea, bo tsoka makala a palema, kaha ka thabo le ka teboho bo bolela hore tlhōlo le poloko li tsoa ho Molimo le ho Konyana, joalokaha Johanne a bolela mona: “Bo ntse bo hoeletsa ka lentsoe le phahameng, bo re: ‘Poloko ea rōna e tsoa ho Molimo oa rōna, ea lutseng teroneng, le Konyana.’” (Tšenolo 7:10) Le hoja bongata bo boholo bo arotsoe ka lihlopha tsa merabe eohle, bo hooa bo kopane ka “lentsoe le phahameng.” Bo ka etsa see joang, ho sa tsotellehe hore bo tsoa lichabeng le lipuong tse fapaneng?
10. Bongata bo boholo bo ka hooa bo kopane joang ka “lentsoe le phahameng” ho sa tsotellehe hore bo hlaha lichabeng le lipuong tse fapaneng?
10 Bongata bona bo boholo ke karolo ea mokhatlo o le mong feela o hlophisitsoeng oa machaba oo kannete o nang le bonngoe lefatšeng kajeno. Ha bo na melao e fapaneng bakeng sa linaha tse fapaneng empa bo tšoareletse melao-motheong e nepahetseng ea Bibele hohle moo bo phelang teng. Ha bo itšunya-tšunye mekhatlong ea bochaba, ea phetohelo empa kannete bo ‘teile lisabole tsa bona hore e be mehoma.’ (Esaia 2:4) Ha boa aroloa ka lihlotšoana tsa bokhelohi kapa likereke hoo bo hoeletsang melaetsa e ferekaneng kapa e hanyetsanang joalokaha malumeli a Bokreste-’mōtoana a etsa joalo; hape ha bo tlohelle sehlopha sa baruti ba litsebi hore e be sona se bo etsetsang thoriso. Ha bo hooa ha bo re poloko ea bona e tsoa ho moea o halalelang, hobane hase bahlanka ba molimo oa boraro-bo-bong. Libakeng tse ka bang 200 lefatšeng lohle, boa lumellana ha bo ipiletsa lebitsong la Jehova ha bo ntse bo bua puo e le ’ngoe e hloekileng ea ’nete. (Sofonia 3:9) Ka nepo, bo lumela phatlalatsa hore poloko ea bona e tsoa ho Jehova, Molimo oa poloko, ka Jesu Kreste, Moemeli oa Hae ea ka Sehloohong oa poloko.—Pesaleme ea 3:8; Baheberu 2:10.
11. Theknoloji ea kajeno e thusitse bongata bo boholo joang ho hōlisa lentsoe la bona hore e be le phahameng haholoanyane?
11 Theknoloji ea kajeno e thusitse hore lentsoe le phahameng la bongata bo boholo bo kopaneng le utloahale haholoanyane. Ha ho na sehlopha se seng sa bolumeli lefatšeng seo ho hlokahalang hore se phatlalatse lingoliloeng tse thusang batho ho ithuta Bibele ka lipuo tse fetang 400, kaha ha ho na sehlopha se seng se thahasellang ho finyella batho bohle lefatšeng ka molaetsa o le mong o kopaneng. Tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang se tlotsitsoeng sa Lipaki Tsa Jehova, thuso e ’ngoe e bile ho qaptjoa ha Tsamaiso ea ho Seta Litlhaku Tsa Lipuo Tse Ngata ka Thuso ea K’homphieutha (MEPS). Ha ho ne ho hatisoa buka ena, ho ne ho sebelisoa mefuta e sa tšoaneng ea MEPS libakeng tse fetang 125 lefatšeng lohle, e leng se entseng hore koranta ea Molula-Qhooa e tsoang habeli ka khoeli, e khone ho hatisoa ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse fetang 130. Batho ba Jehova ba boetse ba hatisa libuka tse kang eona ena ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse ’maloa. Kahoo, Lipaki Tsa Jehova, tseo karolo e khōlō ea tsona e leng ba bongata bo boholo, selemo le selemo li khona ho aba lingoliloeng tse limilione tse makholo ka lipuo tsohle tse tsejoang haholo, ho nolofalletsa matšoele a eketsehileng a tsoang melokong eohle le lipuong tsohle ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho tlatsetsa ka mantsoe a ’ona lentsoeng le phahameng la bongata bo boholo.—Esaia 42:10, 12.
Leholimong Kapa Lefatšeng?
12, 13. Bongata bo boholo “bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana” ka tsela efe?
12 Re tseba joang hore ‘ho ema ka pel’a terone’ ha ho bolele hore bongata bo boholo bo leholimong? Ho na le bopaki bo bongata bo hlakileng ntlheng ena. Ka mohlala, lentsoe la Segerike leo mona le fetoletsoeng e le “ka pel’a” (e·noʹpi·on) ha e le hantle le bolela “mahlong [a]” ’me le sebelisoa ka makhetlo a ’maloa ha ho buuoa ka batho ba leng lefatšeng ba “ka pel’a” kapa “mahlong a” Jehova. (1 Timothea 5:21; 2 Timothea 2:14; Baroma 14:22; Bagalata 1:20) Ka lekhetlo le leng ha Baiseraele ba ne ba le lefeelleng, Moshe o ile a re ho Arone: “E-re ho phutheho eohle ea bara ba Iseraele, ‘Atamelang ka pel’a Jehova, hobane o utloile ho korotla ha lōna.’” (Exoda 16:9) Baiseraele ba ne ba sa tlameha ho isoa leholimong e le hore ba ka ema ka pel’a Jehova ketsahalong eo. (Bapisa le Levitike 24:8.) Ho e-na le hoo, hona moo lefeelleng ba ile ba ema moo Jehova a ba bonang, ’me o ne a tsepamisitse mohopolo ho bona.
13 Ho phaella moo, rea bala: “Ha Mor’a motho a fihla ka khanya ea hae . . . lichaba tsohle li tla bokelloa ka pel’a hae.” Moloko oohle oa motho o tla be o se leholimong ha boprofeta bona bo phethahala. Ka sebele, ‘ba eang phelisong e sa feleng’ ba tla be ba se leholimong. (Matheu 25:31-33, 41, 46) Ho e-na le hoo, moloko oa batho o ema lefatšeng moo Jesu a o bonang, ’me o tsepamisa maikutlo ho oona ha a o ahlola. Ka ho tšoanang, bongata bo boholo bo “ka pel’a terone le ka pel’a Konyana” ka kutloisiso ea hore bo eme moo bo bonoang ke Jehova le Morena eo a mo khethileng, Kreste Jesu, bao bo amohelang kahlolo e molemo ho bona.
14. (a) Ke bo-mang ba hlalosoang e le ba ‘pota-potileng terone’ hape ba “eme Thabeng ea Sione [ea leholimo]”? (b) Le hoja bongata bo boholo bo sebeletsa Molimo “ka tempeleng ea hae,” ke hobane’ng ha hoo ho sa bo etse sehlopha sa baprista?
14 Baholo ba 24 le sehlopha sa batlotsuoa ba 144 000 ba hlalosoa ka hore ba ‘pota-potile terone’ ea Jehova hape ba “Thabeng ea Sione [ea leholimo].” (Tšenolo 4:4; 14:1) Bongata bo boholo hase sehlopha sa baprista ’me ha bo fumane boemo boo bo phahameng. Ke ’nete hore hamorao ho Tšenolo 7:15 bo hlalosoa bo sebeletsa Molimo “ka tempeleng ea hae.” Empa tempele ena hase kamore e ka hare ea sehalalelo, e leng Sehalalelisiso. Ho e-na le hoo, ke lebala la lefatšeng la tempele ea Molimo ea moea. Lentsoe la Segerike na·osʹ, leo mona le fetoletsoeng e le ‘tempele,’ hangata le fetisa kutloisiso e batsi ea mohaho oohle o hahetsoeng borapeli ba Jehova. Kajeno, ona ke mohaho oa moea o akarelletsang leholimo le lefatše.—Bapisa le Matheu 26:61; 27:5, 39, 40; Mareka 15:29, 30; Johanne 2:19-21, NW, botlaaseng ba leqephe.
Mohoo oa Thoriso Bokahohleng
15, 16. (a) Ho etsahala’ng leholimong ha bongata bo boholo bo hlaha? (b) Libōpuoa tsa moea tsa Jehova li etsa eng nako le nako ha ho senoloa morero oa hae? (c) Rōna ba lefatšeng re ka kopanela joang pineng ea thoriso?
15 Bongata bo boholo bo rorisa Jehova, empa ba bang le bona ba bina lithoriso tsa hae. Johanne o tlaleha sena: “Mangeloi kaofela a ne a eme a potile terone le baholo le libōpuoa tse phelang tse ’nè, eaba a itihela fatše ka lifahleho ka pel’a terone ’me a rapela Molimo, a re: ‘Amen! Poko le khanya le bohlale le liteboho le tlhompho le bonatla le matla li be ho Molimo oa rōna ka ho sa feleng le kamehla. Amen.’”—Tšenolo 7:11, 12.
16 Ha Jehova a bōpa lefatše, mangeloi a hae a halalelang kaofela a ile a “hoeletsa ka thabo hammoho, bara bohle ba Molimo ba qala ho hlaba litlatse.” (Jobo 38:7) E tlameha ebe tšenolo e ’ngoe le e ’ngoe e ncha ea morero oa Jehova e ile ea etsa hore mangeloi a hlabe litlatse tse tšoanang tsa thoriso. Ha baholo ba 24—e leng ba 144 000 khanyeng ea bona ea leholimo—ba hooa ka mantsoe a phahameng ba ela hloko boemo ba Konyana, libōpuoa tse ling kaofela tsa Molimo tse leholimong li kenella ka ho rorisa Jesu le Jehova Molimo. (Tšenolo 5:9-14) Libōpuoa tsena li se li thabetse haholo ho bona ho phethahala ha morero oa Jehova ka ho tsosetsa batlotsuoa ba tšepahalang sebakeng se khanyang sa moea. Joale, libōpuoa tsohle tse tšepahalang tsa Jehova tsa leholimo li hooa ka thabo ha bongata bo boholo bo hlaha. Ho bahlanka bohle ba Jehova, ruri letsatsi la Morena ke nako e thabisang haholo. (Tšenolo 1:10) Mona lefatšeng, re fuoe tlotla e kaakang ka ho kopanela pineng ea thoriso ka hore re pakele ’Muso oa Jehova!
Bongata bo Boholo Boa Hlaha
17. (a) E mong oa baholo ba 24 o botsa potso efe, ’me taba ea hore ebe moholo eo o ne a ka fumana karabo e bontša eng? (b) Potso ea moholo eo e ile ea arabeloa neng?
17 Ho tloha mehleng ea moapostola Johanne ho tla fihlela letsatsing la Morena, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba qakoa ke taba ea hore na bongata bo boholo ke bo-mang. Joale, ke ho loketseng hore ebe e mong oa baholo ba 24, ea emelang batlotsuoa ba seng ba le leholimong, o etsa hore Johanne a nahane ka ho botsa potso ea bohlokoa. “Ha e mong oa baholo a arabela a re ho ’na: ‘Bana ba apereng liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu, ke bo-mang ’me ba tsoa hokae?’ Kahoo hang-hang ka re ho eena: ‘Moren’a ka, ke uena ea tsebang.’” (Tšenolo 7:13, 14a) E, moholo eo o ne a ka fumana karabo ’me a e fa Johanne. Hona ho bontša hore e ka ’na eaba ba tsositsoeng ba sehlopha sa baholo ba 24 ba na le seabo ho tsebahatseng linnete tsa bomolimo kajeno. Ba sehlopha sa Johanne ba lefatšeng ba ile ba ithuta hore na bongata bo boholo ke bo-mang ka ho shebisisa seo Jehova a neng a se etsa har’a bona. Hang-hang ba ile ba ananela ho khanya ha leseli la bomolimo le ileng la chabela sebaka sa puso ea Molimo ka 1935, ka nako e loketseng ea Jehova.
18, 19. (a) Ke tšepo efe e ileng ea hatisoa ke sehlopha sa Johanne lilemong tsa bo-1920 le bo-1930, empa ke bo-mang ba ileng ba amohela molaetsa oo ka bongata? (b) Ho tsebahala ha bongata bo boholo ka 1935 ho ile ha bontša eng mabapi le ba 144 000? (c) Lipalo tsa Sehopotso li senola eng?
18 Nakong ea lilemo tsa bo-1920 le mathoasong a bo-1930, sehlopha sa Johanne se ne se buella haholo tšepo ea ho phela leholimong libukeng le mosebetsing oa ho bolela. Kamoo ho bonahalang kateng, palo e feletseng ea ba 144 000 e ne e e-s’o phethoe. Empa ba ntseng ba eketseha ka palo ba ileng ba mamela molaetsa le ba ileng ba bontša cheseho mosebetsing oa bopaki ba ne ba bolela hore ba thahasella ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise. Ba ne ba se na takatso ea ho ea leholimong. Eo e ne e se pitso ea bona. E ne e se karolo ea mohlatsoana empa ho e-na le hoo e ne e le karolo ea linku tse ling. (Luka 12:32; Johanne 10:16) Ho tsebahatsoa ha bona ka 1935 e le bongata bo boholo ba linku tse ling e ne e le pontšo ea hore ho khethoa ha ba 144 000 ho ne ho batla ho phethiloe joale.
19 Na lipalo li tšehetsa qeto ee? E, lia e tšehetsa. Ka 1938 Lipaki Tsa Jehova tse 59 047 li ne li kopanela mosebetsing oa boboleli lefatšeng ka bophara. Ho tsona, ba 36 732 ba ne ba ja litšoantšetso Sehopotsong sa selemo le selemo sa lefu la Jesu, kahoo ba bontša hore ba na le pitso ea ho phela leholimong. Joale lilemong tse ileng tsa latela, palo ea bana ba jang e ’nile ea theoha hanyane ka hanyane, haholo-holo hobane Lipaki tse tšepahalang tsa Jehova li ile tsa qeta bophelo ba tsona lefatšeng ha li shoa. Ka 2005 ke ba 8 524 feela ba ileng ba ja litšoantšetso tsa Sehopotso—e leng karolo ea 0,05 feela lekholong ea ba 16 390 116 ba bileng teng ketsahalong eo lefatšeng lohle.
20. (a) Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ba bang ba ile ba utloa J. F. Rutherford a re’ng ka bongata bo boholo? (b) Ke linnete life joale tse bontšang hore bongata bo boholo ehlile bo boholo?
20 Ha ntoa ea bobeli ea lefatše e qhoma, Satane o ile a etsa boiteko bo matla ba ho thibela ho bokelloa ha bongata bo boholo. Mosebetsi oa Jehova o ile oa thibeloa linaheng tse ngata. Matsatsing ao a thata, le pejana ho lefu la hae ka January 1942, ba bang ba ile ba utloa J. F. Rutherford a re: “Joale . . . ho bonahala eka letšoele le leholo le ke ke la e-ba leholo hakaalo.” Empa tlhohonolofatso ea Molimo e ile ea etsa se fapaneng! Ka 1946 palo ea Lipaki tse sebeletsang lefatšeng ka bophara e ile ea eketseha ho ba 176 456—boholo ba bona e le ba bongata bo boholo. Ka 2005 ho ne ho e-na le Lipaki tse 6 390 022 tse neng li sebeletsa Jehova ka botšepehi linaheng tse fapaneng tse 235—ruri boo e ne e le BONGATA BO BOHOLO! Palo eo e ntse e eketseha.
21. (a) Ho bokelloa ha batho ba Molimo ka letsatsi la Morena ho ile ha lumellana le pono ea Johanne ka botlalo joang? (b) Boprofeta bo bong ba bohlokoa bo ile ba qala ho phethahala joang?
21 Kahoo ho bokelloa ha batho ba Molimo nakong ea letsatsi la Morena ho ile ha lumellana ka ho feletseng le pono ea Johanne: pele e bile mosebetsi oa ho bokella masala a ba 144 000; ’me ha latela ho bokelloa ha bongata bo boholo. Joalokaha Esaia a profetile, hona joale “karolong e qetellang ea matsatsi,” batho ba lichaba tsohle ba phallela borapeling bo hloekileng ba Jehova. Ruri ka kananelo re thabela hore Jehova o bōpa “maholimo a macha le lefatše le lecha.” (Esaia 2:2-4; 65:17, 18) Molimo o bokellela “lintho tsohle hape ho Kreste, lintho tse maholimong le lintho tse lefatšeng.” (Baefese 1:10) Majalefa a tlotsitsoeng a ’Muso oa leholimo—a khethiloeng ka makholo a lilemo ho tloha mehleng ea Jesu—ke “lintho tse maholimong.” Joale, bongata bo boholo ba linku tse ling bo hlaha e le ba pele ho “lintho tse lefatšeng.” Ho sebetsa ha hao ka tsela e lumellanang le tokisetso ena ho ka u tlisetsa thabo ea ka ho sa feleng.
Mahlohonolo a Bongata bo Boholo
22. Johanne o amohela boitsebiso bofe bo tsoelang pele mabapi le bongata bo boholo?
22 Ka mocha oa bomolimo, Johanne o amohela boitsebiso bo tsoelang pele ka bongata bona bo boholo: “[Moholo eo] a re ho ’na: ‘Bana ke ba tsoang matšoenyehong a maholo, ’me ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana. Ke ka lebaka leo ba leng ka pel’a terone ea Molimo; ’me ba mo etsetsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare ka tempeleng ea hae; ’me Ea lutseng teroneng o tla ala tente ea hae holim’a bona.’”—Tšenolo 7:14b, 15.
23. Matšoenyeho a maholo ao bongata bo boholo bo ‘tsoang’ ho ’ona ke eng?
23 Pejana, Jesu o ne a itse ho ba teng ha hae ka khanya ea ’Muso ho ne ho tla fihla tlhōrōng ‘matšoenyehong a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.’ (Matheu 24:21, 22) Ho phethahatsa boprofeta boo, mangeloi a tla lokolla meea e mene ea lefatše hore e ripitle tsamaiso ea lefatše ea Satane. Babylona e Moholo, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e tla timetsoa pele. Joale, tlhōrōng ea matšoenyeho ao, Jesu o tla pholosa masala a ba 144 000 a lefatšeng, hammoho le letšoele la bongata bo boholo.—Tšenolo 7:1; 18:2.
24. Batho ka bomong ba bongata bo boholo ba etsa joang hore ba tšoanelehele ho pholoha?
24 Batho ka bomong ba bongata bo boholo ba etsa joang hore ba tšoanelehele ho pholoha? Moholo o bolella Johanne hore “ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.” Ka mantsoe a mang, ba bontšitse tumelo ho Jesu e le Morekolli oa bona, ba inehetse ho Jehova, ba bontšitse boinehelo ba bona ka ho kolobetsoa metsing, ’me ba na le “letsoalo le letle” ka boitšoaro ba bona bo botle. (1 Petrose 3:16, 21; Matheu 20:28) Kahoo, ba hloekile ’me ba lokile mahlong a Jehova. Ba ipoloka ‘ba se na letheba lefatšeng.’—Jakobo 1:27.
25. (a) Bongata bo boholo bo etsetsa Jehova ‘tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare ka tempeleng ea hae’ joang? (b) Jehova o ‘ala tente ea hae’ holim’a bongata bo boholo joang?
25 Ho feta moo, ba fetohile Lipaki tse chesehang tsa Jehova—‘ba mo etsetsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare ka tempeleng ea hae.’ Na u e mong oa bongata boo bo boholo bo inehetseng? Haeba ho joalo, ke tlotla ho uena ho sebeletsa Jehova u sa khaotse lebaleng la tempele ea hae e khōlō ea moea le lefatšeng. Kajeno, tlas’a tataiso ea batlotsuoa, bongata bo boholo bo etsa karolo e khōlōhali ea mosebetsi oa bopaki. Ho sa tsotellehe boikarabelo ba mosebetsi oa boipheliso, ba makholo a likete ba bona ba butse monyetla oa tšebeletso ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho. Empa ho sa tsotellehe hore na u sehlopheng seo kapa che, joalokaha u le setho se inehetseng sa bongata bo boholo, u ka thabela hore ebe ka lebaka la tumelo ea hao le mesebetsi ea hao ho ka boleloa hore u lokile u le motsoalle oa Molimo ua ba ua amoheloa u le moeti tenteng ea hae. (Pesaleme ea 15:1-5; Jakobo 2:21-26) Kahoo Jehova o ‘ala tente ea hae’ holim’a ba mo ratang, ’me joaloka motho ea amohelang baeti hantle, oa ba sireletsa.—Liproverbia 18:10.
26. Bongata bo boholo bo tla thabela mahlohonolo afe hape?
26 Moholo eo o tsoela pele ho re: “Ba ke ke ba hlola ba lapa kapa ba nyoroa, kapa ba bataoloa ke letsatsi kapa mocheso leha e le ofe o tlabolang, hobane Konyana, e leng har’a terone, e tla ba lisa, ’me e tla ba tataisetsa lilibeng tsa metsi a bophelo. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” (Tšenolo 7:16, 17) E, ruri Jehova o rata ho amohela baeti! Empa ha e le hantle mantsoe aa a hlile a bolela’ng?
27. (a) Esaia o ile a bua mantsoe a tšoanang le a moholo joang ha a profeta? (b) Ke eng e bontšang hore boprofeta ba Esaia bo qalile ho phethahala phuthehong ea Bokreste mehleng ea Pauluse?
27 A re hlahlobeng boprofeta bo ngotsoeng ka mantsoe a tšoanang: “Sena ke seo Jehova a se boletseng: ‘Ke u arabetse ka nako ea kamohelo, ’me ke u thusitse ka letsatsi la poloko . . . Ba ke ke ba lapa, kapa ba nyoroa, kapa ba otloa ke mocheso o bataolang kapa letsatsi. Etsoe Ea ba hauhelang o tla ba etella pele, ’me o tla ba isa lilibeng tsa metsi.’” (Esaia 49:8, 10; bona le Pesaleme ea 121:5, 6.) Moapostola Pauluse o ile a qotsa karolo ea boprofeta bona ’me a bontša hore e bolela “letsatsi la poloko” le qalileng ka Pentekonta ea 33 C.E. O ile a ngola mantsoe a reng: “Kaha [Jehova] o re: ‘Ke u utloile ka nako e amohelehang, ’me ka u thusa ka letsatsi la poloko.’ Bonang! Joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng. Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.”—2 Bakorinthe 6:2.
28, 29. (a) Mantsoe a Esaia a ile a phethahatsoa joang lekholong la pele la lilemo? (b) Mantsoe a Tšenolo 7:16 a phethahetse joang mabapi le bongata bo boholo? (c) Ha bongata bo boholo bo isoa “lilibeng tsa metsi a bophelo,” hoo ho tla fella ka eng? (d) Ke hobane’ng ha bongata bo boholo bo tla ba le monyetla o ikhethang har’a batho?
28 Tšepiso ea hore ba ke ke ba lapa kapa ba nyoroa kapa ba bataoloa ke mocheso e ile ea phethahala joang nakong e fetileng? Ka sebele, lekholong la pele la lilemo Bakreste ba ile ba utloisoa bohloko ke tlala ea sebele le lenyora ka linako tse ling. (2 Bakorinthe 11:23-27) Leha ho le joalo, moeeng ba ne ba e-na le ho hongata. Ba ne ba hlokometsoe ka ho enneng hoo ba sa kang ba lapa kapa ho nyoreloa lintho tsa moea. Ho feta moo, Jehova ha aa ka a etsa hore lebatama la khalefo ea hae le ba tukele ha a timetsa tsamaiso ea lintho ea Sejuda ka 70 C.E. Mantsoe a Tšenolo 7:16 a phethahala ka tsela e tšoanang ea moea ho bongata bo boholo kajeno. Bo kopane le Bakreste ba tlotsitsoeng, ba thabela litokisetso tsa moea tse ngata-ngata.—Esaia 65:13; Nahume 1:6, 7.
29 Haeba u e mong oa bongata boo bo boholo, boemo bo botle ba pelo ea hao bo tla etsa hore u ‘hoeletse ka thabo,’ ho sa tsotellehe hore na u lokela ho mamella ho hloka kapa likhatello lilemong tsa ho qetela tsa tsamaiso ea Satane. (Esaia 65:14) Ka kutloisiso eo, le hona joale Jehova a ka ‘hlakola meokho eohle mahlong a hao.’ “Letsatsi” le bataolang la Molimo la kahlolo e boima ha le sa u tšosa, ’me ha ho lokolloa meea e mene ea timetso, u ka pholosoa ‘mochesong o tlabolang’ oa khalefo ea Jehova. Ka mor’a hore timetso eo e fete, Konyana e tla u tataisa hore u rue molemo ka botlalo “lilibeng tsa metsi a bophelo” tse hlasimollang, tse emelang litokisetso tsohle tseo Jehova a li etsang hore u fumane bophelo bo sa feleng. Tumelo ea hao maling a Konyana e tla pakoa e le ea ’nete hobane butle-butle u tla etsoa motho ea phethahetseng. Lōna ba bongata bo boholo le tla ba le monyetla o ikhethang har’a batho oa ho ba ba “limilione” bao ho sa kang ha hlokahala hore ba shoe! Meokho eohle e tla be e hlakotsoe mahlong a lōna ka ho feletseng.—Tšenolo 21:4.
Ho Tiisa Pitso
30. Ke tšepo efe e babatsehang eo re e fuoang ponong ea Johanne, hona ke bo-mang ba tla khona ho “ema”?
30 Mantsoe aa a re fa tšepo e babatsehang hakaakang! Jehova ka boeena o teroneng ea hae, ’me bahlanka bohle ba hae, ba leholimong le ba lefatšeng, ba kopane ho mo rorisa. Bahlanka ba hae ba lefatšeng ba ananela tlotla e hlollang ea ho kopanela mantsoeng ana a ntseng a eketseha a binang pina ea thoriso. Haufinyane, Jehova le Kreste Jesu ba tla phethahatsa kahlolo, ’me ho tla utloahala mohoo o reng: “Letsatsi le leholo la khalefo ea bona le tlile, ’me ke mang ea ka khonang ho ema?” (Tšenolo 6:17) Karabo? Ke batho ba fokolang feela, ba akarelletsang leha e le bafe ba tiisitsoeng ba 144 000 bao e ka ’nang eaba ba tla be ba ntse ba phela e le batho ba nama le bongata bo boholo ba linku tse ling bo tla “ema,” ke hore, bo pholohe le bona.—Jeremia 35:19; 1 Bakorinthe 16:13.
31. Ho phethahala ha pono ea Johanne ho lokela ho ama Bakreste joang, batlotsuoa hammoho le ba bongata bo boholo?
31 Ke ka lebaka leo Bakreste ba tlotsitsoeng ba sehlopha sa Johanne ba ikitlaetsang ka matla ho “phehella pakaneng bakeng sa moputso oa pitso ea holimo ea Molimo ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 3:14) Ba hlokomela ka botlalo hore liketsahalo tsa mehleng ena li hloka hore ba bontše mamello e khethehileng. (Tšenolo 13:10) Ka mor’a ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata, ba tšoarella tumelong, ba thabela hore ebe mabitso a bona “a ngotsoe maholimong.” (Luka 10:20; Tšenolo 3:5) Ba bongata bo boholo le bona baa tseba hore “ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Matheu 24:13) Le hoja bongata bo boholo e le sehlopha bo tšoaetsoe ho tsoa matšoenyehong a maholo, batho ka bomong bao e leng karolo ea bona ba tlameha ho ikitlaelletsa hore ba lule ba hloekile ba bile ba le mafolofolo.
32. Taba ea hore ke lihlopha tse peli feela tse tla “ema” ka letsatsi la khalefo ea Jehova e totobatsa boemo bofe bo potlakileng?
32 Ha ho na bopaki ba hore ba bang ntle ho ba lihlopha tsena tse peli ba tla “ema” ka letsatsi la khalefo ea Jehova. Seo se bolela eng ho ba limilione bao selemo le selemo ba bontšang tlhompho e itseng sehlabelong sa Jesu ka ho ba teng nakong ea Sehopotso sa lefu la hae empa ba e-s’o bontše tumelo sehlabelong sa Jesu hoo ba fetohang bahlanka ba inehetseng le ba kolobelitsoeng ba Jehova, ba mafolofolo tšebeletsong ea hae? Ho feta moo, ho thoe’ng ka ba kileng ba e-ba mafolofolo empa ba lumeletse lipelo tsa bona hore ‘li imeloe ke matšoenyeho a bophelo’? E se eka bohle ba joalo ba ka phaphama, ’me ba lula ba falimehile, e le hore ba ka “phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema ka pel’a Mor’a motho”—Jesu Kreste. Nako e khutšoanyane!—Luka 21:34-36.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona NW, mongolong o botlaaseng ba leqephe.
b Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa April 1, 1918, leqepheng la 98.
[Lebokose le leqepheng la 119]
Litlhaloso ke Tsa Molimo
Ka mashome a mangata a lilemo sehlopha sa Johanne se ’nile sa botsa hore na bongata bo boholo ke bo-mang empa se sa fumane tlhaloso e khotsofatsang. Hobane’ng? Re fumana karabo mantsoeng a Josefa ea tšepahalang, ha a ne a re: “Na litlhaloso hase tsa Molimo?” (Genese 40:8) Molimo o hlalosa phethahatso ea boprofeta ba hae joang hona neng? Hangata o etsa sena ha e se e le nako ea hore bo phethahale, kapa ha bo ntse bo phethahala e le hore molaetsa oa bona o ka lemohuoa ka ho hlaka ke bahlanka ba hae ba batlisisang. Ho fanoa ka kutloisiso ena molemong oa “ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.”—Baroma 15:4.
[Lebokose le leqepheng la 124]
Litho tsa bongata bo boholo
▪ li tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong ba mefuta eohle le lipuong tsohle
▪ li eme ka pel’a terone ea Jehova
▪ li hlatsoitse liaparo tsa tsona tse telele tsa ka holimo ’me li li soeufalitse maling a Konyana
▪ li re poloko e tsoa ho Jehova le Jesu
▪ li tsoa matšoenyehong a maholo
▪ li sebeletsa Jehova tempeleng ea hae motšehare le bosiu
▪ li amohela tšireletso e lerato ea Jehova le tlhokomelo ea hae e lerato
▪ li lisitsoe ke Jesu ’me o li tataisetsa lilibeng tsa metsi a bophelo
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 121]
[Setšoantšo se leqepheng la 127]
Poloko ea bongata bo boholo e tsoa ho Molimo le Konyana
[Setšoantšo se leqepheng la 128]
Konyana e tla isa bongata bo boholo lilibeng tsa metsi a bophelo