Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Likotlo Tsa Jehova Holim’a Bokreste-’mōtoana
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 28. Ho etsahala’ng ha lengeloi la boraro le letsa terompeta ea lona?

      28 “Lengeloi la boraro la letsa terompeta ea lona. Naleli e khōlō e tukang joaloka lebone ea oa leholimong, ’me ea oela holim’a karolo ea boraro ea linōka le holim’a liliba tsa metsi. Lebitso la naleli eo ke Lengana. Karolo ea boraro ea metsi ea fetoha lengana, ’me batho ba bangata ba shoa ke metsi ao, hobane a ne a entsoe hore a babe.” (Tšenolo 8:10, 11) Le ntlheng ena, likarolo tse ling tsa Bibele li re thusa ho bona kamoo lengolo lena le sebetsang kateng letsatsing la Morena.

  • Likotlo Tsa Jehova Holim’a Bokreste-’mōtoana
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 31. (a) Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba oele neng boemong ba “leholimo”? (b) Metsi ao baruti ba fanang ka ’ona a fetohile “lengana” joang, ’me litholoana e bile life ho ba bangata?

      31 Ha baruti ba Bokreste-’mōtoana ba koeneha Bokresteng ba ’nete, ba ile ba oa boemong bo phahameng ba “leholimo” bo hlalositsoeng ke Pauluse ho Baefese 2:6, 7. Ho e-na le ho fana ka metsi a hloekileng a ’nete, ba ile ba fana ka “lengana,” mashano a babang a tšoanang le lihele tsa mollo, pelekatori, Boraro-bo-bong le thuto ea hore qetello ea batho e reriloe esale pele; ho feta moo, ba ile ba isa lichaba ntoeng, ba hlōleha ho li haha hore e be bahlanka ba Molimo ba itšoereng hantle. Phello? Ba lumelang mashano ao ba ile ba jesoa chefo ea moea. Taba ea bona e ne e tšoana le ea Baiseraele ba sa tšepahaleng ba mehleng ea Jeremia, bao Jehova a ileng a re ho bona: “Bonang! ke ba jesa lengana, ’me ke tla ba fa metsi a chefo hore ba a noe. Etsoe bokoenehi bo ile naheng eohle bo tsoa ho baprofeta ba Jerusalema.”—Jeremia 9:15; 23:15.

  • Likotlo Tsa Jehova Holim’a Bokreste-’mōtoana
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 34, 35. (a) Ho etsahetse’ng ka matla a baruti le tšusumetso ea bona ho tloha ha lengeloi la boraro le qala ho letsa terompeta ea lona? (b) Ho tla etsahala’ng ka baruti ba Bokreste-’mōtoana?

      34 Ho tloha ha lengeloi la boraro le qala ho letsa terompeta ea lona, boemo ba baruti ba ho laola batho bo ’nile ba qepha ho fihlela ha kajeno e le ba fokolang haholo ba ntseng ba e-na le matla a kang a molimo ao ba ’nileng ba a thabela makholong a lilemo a fetileng. Ka lebaka la ho bolela ha Lipaki Tsa Jehova, batho ba bangata haholo ba ile ba hlokomela hore lithuto tse ngata tse rutoang ke baruti ke chefo ea moea—“lengana.” Ho feta moo, matla a baruti karolong e ka leboea ea Europe a batla a felile, ha linaheng tse ling, ’muso o nka mehato e tiileng ea ho fokotsa tšusumetso ea bona. Likarolong tsa K’hatholike tsa Europe le Linaheng Tsa Amerika, mahlabisa-lihlong a baruti litabeng tsa lichelete, lipolotiking le boitšoarong, a silafalitse botumo ba bona. Ho tloha joale ho ea pele, boemo ba bona bo tla mpefala feela, kaha haufinyane ba tla hlaheloa ke se tla hlahela balumeli ba bang bohle ba bohata.—Tšenolo 18:21; 19:2.

  • Likotlo Tsa Jehova Holim’a Bokreste-’mōtoana
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • [Chate e leqepheng la 139]

      Metsi a Bokreste-’Mōtoana a Senotsoeng e le Lengana 

      Litumelo le Maikutlo a

      Bokreste-’mōtoana Seo Bibele e Hlileng e se Buang

      Lebitso la Molimo hase la Jesu o ile a rapella hore

      bohlokoa: “Ho sebelisa lebitso lebitso la Molimo le halaletsoe.

      lefe kapa lefe bakeng sa Petrose o ile a re: “E mong le e

      Molimo a le mong feela . . . mong ea ipiletsang lebitsong la

      ho fosahetse ka ho feletseng Jehova o tla pholoha.”

      tumelong e akaretsang ea Kereke (Liketso 2:21; Joele 2:32;

      ea Bokreste.” (Selelekela sa Matheu 6:9; Exoda 6:3;

      Revised Standard Version) Tšenolo 4:11; 15:3; 19:6)

      Molimo ke Boraro-bo-bong: Bibele e bolela hore Jehova o

      “Ntate ke Molimo, Mora ke moholo ho Jesu le hore Molimo ke

      Molimo, le Moea o Halalelang hlooho ea Kreste.

      ke Molimo, empa leha ho le (Johanne 14:28; 20:17;

      joalo hase Melimo e meraro 1 Bakorinthe 11:3) Moea o

      empa ke Molimo a le mong.” halalelang ke matla a sebetsang

      (The Catholic Encyclopedia, a Molimo. (Matheu 3:11;

      khatiso ea 1912) Luka 1:41; Liketso 2:4)

      Moea oa motho ha o shoe: “Ha Motho ke moea. Lefung moea o

      motho a e-shoa moea oa hae le khaotsa ho nahana kapa ho utloa

      ’mele oa hae lia arohana. ’Mele ’me o khutlela lerōleng moo o

      oa hae . . . oa bola . . . Leha ntšitsoeng teng. (Genese 2:7;

      ho le joalo, moea oa motho ha o 3:19; Pesaleme ea 146:3, 4;

      shoe.” (What Happens After Moeklesia 3:19, 20; 9:5, 10;

      Death, buka ea Roma e Ezekiele 18:4, 20)

      K’hatholike)

      Ba khopo ba ahloloa liheleng Moputso oa sebe ke lefu, eseng

      ka mor’a lefu: “Ho latela ho phela tlhokofatsong.

      tumelo ea Bokreste ea neano, (Baroma 6:23) Bafu ba phomola

      lihele ke sebaka sa mahlomola liheleng (Hadese, Sheole) ba sa

      le bohloko bo sa feleng.” ikutloe, ba emetse tsoho.

      (The World Book Encyclopedia, (Pesaleme ea 89:48;

      khatiso ea 1987) Johanne 5:28, 29; 11:24, 25;

      Tšenolo 20:13, 14)

      “Tlotla Mediatrix [’muelli oa ’Muelli feela mahareng a Molimo

      mosali] ke eona eo Mè oa Rōna le batho ke Jesu. (Johanne 14:6;

      a bitsoang ka eona.” (New 1 Timothea 2:5; Baheberu 9:15;

      Catholic Encyclopedia, khatiso 12:24)

      ea 1967)

      Masea a lokela ho kolobetsoa: Kolobetso ke ea ba entsoeng

      “Ho tloha qalong feela Kereke e barutuoa ’me ba rutiloe ho

      ile ea sebelisa Sakramente ea mamela litaelo tsa Jesu. Hore

      Kolobetso ho masea. Tloaelo motho a tšoanelehele kolobetso,

      ena e ne e sa nkoe e le ea o tlameha ho utloisisa Lentsoe

      molao feela, empa ho ne ho la Molimo le ho bontša tumelo.

      boetse ho rutoa hore e (Matheu 28:19, 20; Luka 3:21-23;

      hlokahala ka hohle-hohle hore Liketso 8:35, 36)

      motho a bolokehe.” (New

      Catholic Encyclopedia, khatiso

      ea 1967)

      Likereke tse ngata li arotsoe Bakreste bohle ba lekholong la

      ka sehlopha sa batho ba pele la lilemo e ne e le

      tloaelehileng ba phutheho le basebeletsi ’me ba ne ba

      sehlopha sa baruti, se kopanela mosebetsing oa ho

      sebeletsang phutheho. Ka bolela litaba tse molemo.

      tloaelo baruti ba lefuoa (Liketso 2:17, 18;

      moputso hore ba phethe Baroma 10:10-13; 16:1) Bakreste

      tšebeletso ea bona ’me ba ba lokela ho ‘fana ntle ho

      phahamisetsoa ka holim’a tefo,’ eseng bakeng sa moputso.

      phutheho ka litlotla tse kang (Matheu 10:7, 8) Jesu o ile a

      “Reverente,” “Fatere,” kapa thibela ho sebelisa litlotla tsa

      “Mobabatsehi.” bolumeli ka hohle-hohle.

      (Matheu 6:2; 23:2-12;

      1 Petrose 5:1-3)

      Litšoantšo le lifapano lia Bakreste ba tlameha ho balehela

      sebelisoa borapeling: mofuta o mong le o mong oa

      “Setšoantšo . . . sa Kreste, borapeli ba litšoantšo, ho

      sa Moroetsana ’M’a Molimo le akarelletsa le ho rapela Molimo

      tsa bahalaleli ba bang, li ka mohalaleli kapa lengeloi.

      lokela . . . ho bolokoa ka (Exoda 20:4, 5;

      likerekeng ’me li fuoe tlhompho 1 Bakorinthe 10:14;

      e loketseng le tlotla.” 1 Johanne 5:21) Ha ba rapele

      (Phatlalatso ea Lekhotla la Molimo ka pono empa ba mo rapela

      Trent [1545-63]) ka moea le ka ’nete.

      (Johanne 4:23, 24;

      2 Bakorinthe 5:7)

      Litho tsa likereke li rutoa Jesu o ne a bolela ka ’Muso oa

      hore merero ea Molimo e tla Molimo, eseng tsamaiso e ’ngoe

      finyelloa ka lipolotiki. Mofu ea lipolotiki, e le eona tšepo

      Mok’hadinale Spellman o ile a bakeng sa batho. (Matheu 4:23;

      re: “Ho na le tsela e le ’ngoe 6:9, 10) O ile a hana ho

      feela e isang khotsong . . . , itšunya-tšunya lipolotiking.

      e leng tsela e phahameng ea (Johanne 6:14, 15) ’Muso oa hae

      puso ea sechaba ka sechaba.” e ne e se karolo ea lefatše

      Litaba li tlaleha ho lena; kahoo balateli ba hae ba

      itšunya-tšunya ha bolumeli ne ba sa lokela ho ba karolo ea

      lipolotiking tsa lefatše (le ho lefatše lena. (Johanne 18:36;

      fetohela mebuso) le ho tšehetsa 17:16) Jakobo o ile a

      ha bona Machaba a Kopaneng e le lemosa hore re se ke ra iketsa

      ’ona “tšepo ea ho qetela ea metsoalle ea lefatše.

      kutloano le khotso.” (Jakobo 4:4)

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela