Melaetsa ea Mangeloi Bakeng sa Mehla ea Rōna
“Molimo . . . o romile lengeloi la oona ’me o fane ka eona ka lipontšo.”—TŠENOLO 1:1, NW.
1. Ho na le kutloisiso efe e fosahetseng ka lebitso Apocalypse, ’me Tšenolo e senola eng ka bokamoso?
APOCALYPSE. Lebitso leo le ’nile la utluoa hangata hakaakang lekholong lee la bo20 la lilemo—empa la utloisisoa hampe ka ho soabisang hakaakang! Ka kutloisiso ea Bibele, ha le bolele ho ripitloa ha batho bohle ka koluoa ea nuclear. Ho fapana le hoo, lentsoe lena la Segerike le bolela “ho koaholla lesira.” Ka litšoantšo tsa boprofeta, buka ea Bibele Apocalypse, kapa Tšenolo, e koaholla lesira likhatelo-peleng tse fihlang tlhōrōng ka ho chaba ha mehla ea thabo ea ka ho sa feleng bakeng sa batho. Ka hona, moapostola oa Jesu Johanne o re tsebisa Tšenolo ka mantsoe ana: “Ho lehlohonolo ea balang, le ba utloang litaba tsa boprofeta bona, ba bolokang tse ngoliloeng teng; hobane nako ea tsona e se e le haufi.”—Tšenolo 1:3.
2, 3. Ke hobane’ng ha lefatše lee le sa thaba hakaale, ’me Jehova o rera ho etsa joang?
2 Kajeno lefatše ha lea thaba. Lebaka la ho se thabe ha lona ke le boletsoeng pineng e qapiloeng ke Moshe hoo e ka bang lilemong tse 3 460 tse fetileng: “Ba itšentse pel’a oona [Molimo]; ke bana ba litšila; ke mofuta o khelohileng, o nang le mano.” (Deuteronoma 32:5) Mantsoe ao a tšoanela hantle hakaakang moloko oa kajeno, oo litekanyetso tsa oona li sothiloeng le ho senngoa hakaale! Ka mohlala, selelekela sa World Military and Social Expenditures 1987-88 se bolela ka ho hlaka hore: “Bophelo ba lichaba tsohle bo sentsoe ke telekiso ea libetsa. United States le Soviet Union ha li kopane li senya hoo e ka bang [limillione tsa liranta tse 3 750] ka tšireletso ea sesole. Ho ntse ho le joalo lenaneng la masea a shoang, United States ke sechaba sa bo18 har’a lichaba tsohle, USSR ke sa bo46. Chelete eo linaha tse hōlang moruong li e senyang lihlomong e mena ka makhetlo a mane chelete eo li e sebelisang tlhokomelong ea bophelo ea batho ba tsona. Ho ntse ho le joalo, batho ba makholo a limillione ba phelang linaheng tseo ba lapile; karolo ea 20 lekholong ea bana ba tsona ba shoa pele ba fihla selemong sa bohlano.”
3 Mabaka a mang a ekeletsang tseleng ena ea tšenyo—ke ho hlepha ha boitšoaro le ho qhalana ha tokisetso ea lelapa, tlōlo ea molao le botšosi tse hlaselang lefatše, ho hloka lerato le bokhopo tsa moloko oa kajeno, Re ka thaba hakaakang hore e be Jehova o rera ho “senya ba senyang lefatše”! (Tšenolo 11:18) Ka lintlha tse qaqileng tse thabisang, buka ea Bibele ea Tšenolo, ka letoto la lipono tse 16, e hlalosa kamoo a tla finyella sena.
“Mangeloi” le “Lipontšo”
4. Mangeloi a kenella joang Tšenolong, ’me lipono li tšoantša lengeloi le hlahelletseng ka ho fetisisa joang?
4 Tšenolo e chabisa leseli boprofeteng ba pele ba Bibele, bo ho Genese 3:15, bo bontšang kamoo ho rarolloang bora bo pakeng tsa Satane le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o kang mosali, le bo pakeng tsa ‘lipeō’ tsa bona tse peli. E senola kahlōlo ea Jehova holim’a lira tsa hae le lira tsa ba mo ratang le ba tšehetsang bobusi ba hae. Tšenolo e neiloe Johanne “ka lipontšo” ke lengeloi. Mangeloi a mang, kapa manģosa, a kopanela ho tsebahatseng le ho hlahiseng lipontšo tseo. Lengeloi le hlahelletseng ka ho fetisisa le tsebahatsoa ho Tšenolo 1:5 e le “Jesu Kreste, paki e tšepehang, letsibolo la tsoho ea bafu, le Morena oa marena a lefatše!” “Lipontšo,” kapa lipono, li boetse li mo bontša e le “Tau,” e le “Konyana,” e le “Mikaele,” ’me ka makhetlo a ’maloa e le lengeloi le matla.—Tšenolo 5:5, 13; 9:1, 11; 10:1; 12:7; 18:1.
5. Ke eng e ikhethang ponong ea pele ea Tšenolo, hona e re ama joang?
5 Pono ea pele, e ho Tšenolo 1:10–3:22, e ikhetha ka melaetsa e susumetsang eo Jesu ea tlotlisitsoeng a e neang “mangeloi,” kapa balebeli, liphuthehong tse supileng tsa Asia tse tšoantšetsang phutheho ea lefatše lohle ea Lipaki tsa Jehova “letsatsing la Morena.” Kahoo melaetsa eo e ngoletsoe rōna kajeno! Re lokela ho ikitlaetsa hore re “utloe seo Moea o se bolellang likereke,” hobane litemoso tsena le likeletso tsena li etselitsoe ho re khothatsa, e le hore re ka tšepahala—ra amoheloa ka baka la mesebetsi ea rōna le ‘lerato la rōna, tšebeletso ea rōna, le tumelo ea rōna, le mamello ea rōna.’—Tšenolo 1:10; 2:7, 10, 19.
6. Re ka rua molemo joang molaetseng ka mong o rometsoeng liphuthehong tse supileng tsa Asia?
6 Joaloka phutheho ea Efese, re ka ’na ra sebetsa ka botšepehi ’me ra hloea mesebetsi ea bakoenehi ba entseng lihlotšoana tsa bokhelohi, empa haeba lerato la rōna le folile ka tsela leha e le efe, ka pako a re khutleleng leratong la rōna la pele, ka cheseho eohle ea lona e kang mollo! Joaloka Bakreste ba ruileng moeeng ba Smyrna, re sa tšabe letho a re ke re hahamalleng moputso, re ipake re ‘tiile ho isa lefung,’ haeba hoo ho hlokahala. Joaloka ba lekiloeng ke Satane Pergame, re lokela ho bakela borapeli ba litšoantšo, boitšoaro bo bobe, kapa ho etsa lihlotšoana tsa bokhelohi leha e le life tseo re li entseng nakong e fetileng. Batho ba Thyatire ba ile ba biletsoa ho itebela khahlanong le ho tšoasoa ke lintho tse tšoanang, haholo-holo litšusumetso tse kang tsa Jezebele. Le rōna re tlameha ho itebela! Batho leha e le bafe ba shoeleng moeeng, joaloka Bakreste ba Sarda, ba tlameha ho falimeha pele ba siuoa ke nako. Monyako o bulehileng oa tšebeletso o ka pele ho rōna, joalokaha o ne o le ka pele ho batho ba Filadelfia; e se eka re ka ba le matla a ho hlōla nakong ea teko, joalokaha ba ile ba hlōla! Haeba leha e le bafe ba rōna ba fetohile ba foofo joaloka batho ba Laodicea, re tlameha ho falimehela bofeela ba rōna ba moea ’me re bake. Jesu o ntse a kokota monyako. E se eka kaofela ha rōna re ka mo amohela ’me ra thabela sejo sa moea le eena se ntseng se tsoela pele liphuthehong tsa rōna tse 55 000 ho pota lefatše!—Tšenolo 1:11; 2:7, 10, 11, 17, 29; 3:6, 13, 22,
Terone ea Molimo, Buka, le Potso
7. Ho binoa lithoriso life ponong ea bobeli, ’me u arabela joang?
7 Ponong ea bobeli Johanne o bona terone ea leholimo e khanyang ea Jehova. Molimo oa rōna o hlollang o hlaha o le har’a khanya e ke keng ea lekanngoa, o teetsoe hare ke likerubime tse ’nè, makhotla a mangeloi, le bahlōli ba Bakreste ba tsositsoeng. Pina ea bona ea thoriso ke e susumetsang maikutlo hakaakang: “Morena, u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe”! Jehova o fana ka buka ho Ea nang le tšoanelo ea ho e phetla—Tau ea leloko la Juda, Konyana e bolailoeng e fetohang Molopolli oa rōna. Pōpo eohle e rorisa Jehova le Konyana.—Tšenolo 4:11; 5:2-5, 11-14.
8. Re bona eng ponong ea boraro ea Tšenolo, hona e amana joang le mehla ea rōna?
8 Joale re tla ponong ea boraro! Konyana e tsoela pele ho bula litiiso tse supileng tsa buka. Re bona eng? Pele, Jesu ea sa tsoa roesoa moqhaka a le maholimong o kaletse pere e tšoeu, e bontšang ntoa e lokileng. Ka mor’a moo, mokalli oa pere e khunong o kenya lefatše ntoeng e akaretsang. Joale ho hlaha pere e ntšo ea bofuma, ’me ka mor’a eona ho hlaha pere e tšehla ea lefu la seoa, eo mokalli oa eona a bitsoang Lefu! Ho latele Hades, e tlil’o ja batho ba limillione. Sena sohle se simoloha ka “qaleho ea litlokotsi” e hlasetseng batho ka 1914 ho ea ho 1918 eo batho ba baholo ba ntseng ba le teng ba moloko oo ba e hopolang ka ho hlaka. (Mattheu 24:3-8, TLP) Bakalli bao ba lipere ba sa ntsane ba kaletse! Hape ka ho buloa ha tiiso ea bohlano le ea botšelela, liketsahalo li tsoela pele ho leba ‘letsatsing le leholo la khalefo ea Jehova le ea Konyana.’ Joale ho botsoa potso: “Ho ka ema mang?”—Tšenolo 6:1-17.
Ba ‘ka Emang’
9. Ke tlhaloso efe e thabisang e etsoang ponong ea bone?
9 Pono ea bone ea koaholloa, e bontša hore na ke bo-mang ba tla pholoha letsatsi la khalefo ea Molimo, le lebaka leo ho tla ba joalo ka lona. Mangeloi a tšoere meea e mene ea timetso lefatšeng e le hore ho tiisoa ha Iseraele oa moea—ba 144 000—ho ka phethoa. “Ka mor’a tseo,” pono e atoloha ho fetoha letoto la liketsahalo tse hlollang: “Ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone [ea Molimo) le pel’a Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong a bona, ba ntse ba hoa ka mantsoe a phahamileng, ba re; Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.” (Tšenolo 7:1-10) Na u ipona u le setšoantšong see?
10. (a) Ho bapisa litlaleho tsa Sehopotso tsa 1935 le 1987 ho bontša eng mabapi le phethahatso ea pono ea bone? (b) Ke potso efe joale e amang e mong le e mong oa rōna, hona hobane’ng?
10 Ka 1935 lenane la batho bohle ba bileng teng moketeng oa Sehopotso sa lefu la Jesu lefatšeng lohle e ne e le 32 795. Ho bana, ba 27 006 ba ile ba kopanela ho ja litšoantšetso e le ba setseng lefatšeng ba sehlopha sa ba 144 000, bao tšepo ea bona e leng ea leholimo. Hamorao selemong sona seo, ho tsebahatsoa ha bongata bo boholo ba batho ha hlakisoa ka ho feletseng. Batho bana ba bonolo, ba lebelletseng bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise, le bona ba bontša tumelo maling a tšolotsoeng a Jesu; ba tla ho Jehova ka boinehelo, ba ikokobeletsa kolobetso, ’me ba sebeletsa Molimo ka cheseho ka tebello e thabisang ea ho pholoha “mahlomoleng a maholo.” Sehopotsong sa 1987, lenane la ba bileng teng e ne e le 8 965 221, empa ha ja ba 8 808 feela. Sena se bontša hore kajeno ba limillione ke ba bongata bo boholo ba batho kapa ke ba thahasellang ho fetoha karolo ea lenane leo. Na u tla ‘khona ho ema’ joaloka e mong oa baa ‘letsatsing le leholo la khalefo ea Jehova le ea Konyana’? Ho nka mehato e isang moo ho tla bolela pholoho ho uena.—Tšenolo 6:15-17; 7:14-17.
Ho Letsa Literompeta Tsa Likahlōlo Tsa Molimo
11. Ke likahlōlo life tse letsoang ka literompeta ponong ea bohlano, ’me li amana joang le mehla ea rōna?
11 Ho buloa tiiso ea bosupa! Pono ea bohlano ea Tšenolo e bonoa ka ho hlaka. Mangeloi a supileng a eme pel’a Molimo. A neoa literompeta tse supileng, ’me ka literompeta tsena a hoeletsa liphatlalatso tse ’nileng tsa amoheloa le ho phetoa-phetoa lefatšeng ka bophara ke batho ba Jehova ho tloha ka 1922. A mane a qalang a tsebisa ka likahlolo tse tlang holim’a “karolo ea boraro” ea batho, ka ho totobetseng ba phelang Bokreste-’mōtoaneng. “Literompeta” tsena li bontša hore karolo ea Bokreste-’mōtoana ea “lefatše” (tsamaiso ea lintho ea Satane e bonahalang eka e tla ba teng ka ho sa feleng) le ea “leoatle” (matšoele a batho a ferekaneng), ’moho le ‘linōka tsa eona le liliba tsa metsi’ (lithuto le lifilosofi tsa Bokreste-’mōtoana) le maseli a eona a fifetseng (baruti, ba hlokang khanya ea moea), kaofela li tla hlaseloa ke khalefo ea Molimo. Ka mor’a moo, holimo sebakeng ho hlaha “ntsu” e fofang, e tšoantšetsang lengeloi, e tsebahatsa hore melumo e meraro ea literompeta e sa ntsaneng e e-tla e tla bolela hore “ho malimabe, ho malimabe, ho malimabe ba ahileng lefatšeng.”—Tšenolo 8:1-13.
12. Ke mang ea bulang monyako oa sekoti, ’me lekhotla la “litsie” le lomme baruti joang mehleng ea kajeno?
12 Kahoo lengeloi la bohlano le letsa terompeta ea lona. Bonang! “Naleli”—Morena Jesu—e bula monyako oa sekoti se tletseng mosi, ’me ho tsoa lekhotla la litsie. Ka ho hlollang, sena se tšoantšetsa ha ka 1919 Jesu a lokolla lipaki tse tlotsitsoeng tsa Molimo boemong ba ho se etse letho. Ka matla a Molimo, lipaki tsena li senya makhulo a baruti, li pepesa lithuto tsa bona tsa bohata le boikaketsi ba bona “ka likhoeli tse hlano”—nako e tloaelehileng e pheloang ke tsie. Sena se tiisa hore moloko oa litsie tsa mehla ea kajeno “o ke ke oa feta” ho fihlela Jehova le Kreste ba phethile kahlōlo ea bona holim’a lichaba. Esita le hona joale, sehlopha sa litsie se se se sietse batho ba likete tsa limillione likhatiso tse theiloeng Bibeleng, tse nang le melaetsa ea kahlōlo e kang mollo e lomang joaloka mehatla ea liphepheng. Johanne o re: “Bomalimabe ba pele bo fetile. Bonang, kamorao ho mona bomalimabe bo sa tla tla habeli hape.”—Tšenolo 9:1-11; 9:12, TLP; Mattheu 24:34; 25:31-33.
13. (a) Ke bo-mang ba tšoantšetsoang ke mangeloi a mane a lokolloang mathōkong a Nōka ea Eufrate, ’me ba na le mosebetsi ofe? (b) Limiriade tsa banna ba kaletseng lipere ke bo-mang, ’me ke joang matla a bona a leng ‘melomong ea bona le mehatleng ea bona’?
13 Terompeta ea botšelela ea lla, e tsebisa ka “bomalimabe” ba bobeli. Ho lokolloa ha mangeloi a mane mathōkong a Nōka ea Eufrate, ka nepo ho tšoantšetsa ho lokolloa ha lipaki tse tlotsitsoeng tsa Molimo botlamuoeng ba Babylona ka 1919. A lokiselitsoe ho ‘bolaea karolo ea boraro ea batho,’ a tsebahatsa hore baruti ba Bokreste-’mōtoana ba se ba ntse ba shoele ho latela kamoo Jehova a bonang litaba kateng. Empa ho hlokahala thuso hore ho atolosoe mosebetsi ona oa bopaki, ’me Jehova o fana ka thuso ena ka ho hlahisa bongata bo boholo ba basebetsi-’moho, Lipaki tse tlotsitsoeng le bathusi bana li hatela pele hammoho e le lebotho le se nang palo la bakalli ba lipere, “limiriade tse peli tsa limiriade” (NW). Matla a tsona a “melomong ea tsona” kaha li bolela melaetsa ea kahlōlo ea Jehova malapeng a batho, ’me a “mehatleng ea tsona” kaha li siea libuka tsa Bibele tse phatlalatsang letsatsi la hae la liphetetso le atamelang ka potlako.—Tšenolo 9:13-21; Liketso 20:20, 21.
14. (a) “Lengeloi le leng le matla” le ponong ea botšelela ke mang, ’me o etsa’ng o bile o re’ng? (b) Ke eng e tšoantšetsoang ke tatso e “monate joale ka linotši” ea bukana empa e ‘baba ka maleng’?
14 Joale ho koaholloa pono ea botšelela. Re bona “lengeloi le leng le matla,” leo ka ho totobetseng e leng Morena Jesu a phetha mosebetsi o khethehileng. O tšoere bukana letsohong la hae. Ho utloahala mantsoe le lialuma, ’me lengeloi leo le hlapanya ka ’Mōpi oa rōna ea Hlollang: “Tieho ha e sa tla ba teng; empa mehleng ea lentsoe la lengeloi la bosupa, ha terompeta ea lona e tla lla, ke moo sephiri sa Molimo se tla phetheha.” Johanne o bolelloa hore a nke bukana ’me a e je. Molomong oa hae e “monate joale ka linotši,” feela joalokaha molaetsa oa ’Muso, ka mahlohonolo a oona a tšepisitsoeng a “leholimo le lecha le lefatše le lecha,” o le monate hakana ho sehlopha se tlotsitsoeng sa Johanne le metsoalle ea sona kajeno. Empa, ha ho bapisoa, ho thata hore ba bang ba amohele thōmo ea ho bolela letsatsi la liphetetso la Molimo “holim’a lichaba, le mefuta, le lipuo, le marena a mangata.” Empa, tiea matla! Ema u tiile tumelong ea hore Jehova o tla fana ka matla a hlokahalang ha u ntse u bolela letsatsi la hae la liphetetso.—Tšenolo 10:1-11; 21:1, 4; 1 Johanne 5:4; Esaia 40:29-31; 61:1, 2.
Terompeta ea Bosupa le Bomalimabe ba Boraro
15. (a) Ho etsahala joang ha ho tsebisoa ka bomalimabe ba boraro ’me lengeloi la bosupa le letsa terompeta ea lona? (b) Ke ka tsela efe phatlalatso ea ’Muso e leng bomalimabe?
15 Ka mor’a ho bolela esale pele boiteko ba sera ba ho ‘bolaea’ lipaki tsa Molimo ka 1918, le ka mor’a ho hlalosa kamoo “moea oa bophelo o tsoang ho Molimo” o li tsosolositseng ka mokhoa o tsotehang ka 1919 hore li fane ka bopaki lefatšeng ka bophara, Johanne oa ngola: “Bomalimabe ba bobeli bo fetile; empa bonang, bomalimabe ba boraro bo tla kapele” (TLP). Ka tsela efe? Tlaleho eo e tsoela pele: “Lengeloi la bosupa la letsa terompeta ea lona.” Kahoo bomalimabe ba boraro bo amahanngoa le ho letsoa ha terompeta eo ea ho qetela. Hape mamela! “Ha utloahala mantsoe a maholo a buang leholimong, a re: Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena [Jehova] oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa ka ho sa feleng.” Ona ke ’Muso oa Molimo o matsohong a Kreste Jesu, eo hammoho le majalefa ’moho le eena a 144 000 a tlisang sephiri se halalelang sa Molimo sephethong, ho tlotlisa bobusi ba ka ho sa feleng ba Jehova Molimo, Ea Matla ’Ohle. Na phatlalatso ee ea ’Muso ke bomalimabe? E, ho ba khopo! Hobane e bontša kamoo Molimo o tlang ho “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:1-19.
16. Ke litlhaloso life tse susumetsang tse etsoang ponong ea bosupa?
16 Pono ea bosupa joale e bonahala ka ho hlaka! Bona, ho hlaha mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo o utloang Molimo, “mosali” oa hae. Ke moimana ’me o bohlokong ba ho beleha ngoana eo e leng khale a letetsoe. Ka lekhetlo la pele—empa e se la ho qetela—ho Tšenolo, drakone e khubelu, “e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela,” ea hlaha, e itokiselitse ho harola ngoana ha a tsoaloa. “Hloeano mahareng a [noha] le mosali” e boletsoeng esale pele e tsoela pele ho leba boemong ba eona ba makhaola-khang! Mosali o beleha “mora, ngoana e motona,” eo hang-hang a nkeloang teroneng ea Molimo.—Tšenolo 12:1-6, 9; Genese 3:15; Daniele 2:44; 7:13, 14.
17. (a) Mikaele ke mang, ’me o ’nile a phelela lebitso la hae joang ho tloha ka 1914? (b) Bontša phapang pakeng tsa ‘bomalimabe bo tlang ka makhetlo a mararo’ le ‘bomalimabe bo oetseng ba lefatšeng’ bo ho Tšenolo 12:12.
17 Ona ke ’Muso o kang ngoana e motona, o hlomiloeng maholimong selemong se ikhethang historing sa 1914. Morena oa oona, Kreste Jesu, o boetse o bitsoa Mikaele, e bolelang “Ke Mang Ea Tšoanang Le Molimo?” O arabela potso eo a sa senye nako ka ho loantša Satane le ho lihela drakone eo ea khale le bademona ba eona lefatšeng. Ho tloha ka 1914, ho bile “malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” Kahoo bomalimabe bona, bo bonahalang boemong bo bohloko boo batho ba leng ho bona kajeno, ha boa lokela ho ferekanngoa le ‘bomalimabe bo tlang ka makhetlo a mararo’ boo Jehova a bo tlisetsang ba khopo ha a ba ahlōla.—Tšenolo 12:7-12.
18. (a) Satane Diabolose o lekile ho etsetsa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova bomalimabe bofe pele ho Ntoa ea II ea Lefatše le ha e ntse e tsoela pele? (b) Diabolose o sa ntsane a ikemiselitse ho etsa joang, ’me lipono tse setseng li tla senola eng?
18 Diabolose o lekile ho tlisetsa esita le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba lefatšeng bomalimabe. Pele ho Ntoa ea II ea Lefatše esita le ha e ntse e tsoela pele, o ile a tšolla moroallo oa mahloriso ka boiteko ba ho felisa mosebetsi oa “masala” a mokhatlo o hlophisitsoeng o kang mosali oa Molimo—ba sehlopha sa ba 144 000 ba neng ba ntse ba sebeletsa har’a batho. Jehova o ile a etsa hore lefatše, tsamaiso ea lintho ea Satane, le metse moroallo oo. Leha ho le joalo, Satane ea halefileng o ntse a ikemiselitse ho loantša Lipaki tsa Jehova. (Tšenolo 12:13-17) Phello ea ho qetela e tla ba efe? Ho sa ntsane ho e-tla lipono tse robong, ’me tsena li tla re bolella!—Habakuke 2:3.
LIPOTSO TSA TLHAHLOBO
◻ Jehova o ile a sebelisa mageloi joang mabapi le buka ea Tšenolo?
◻ Melaetsa ea Jesu e eang ho liphutheho tse supileng e lokela ho re ama joang?
◻ Phello ea ho letsoa ha literompeta tse supileng e bile efe?
◻ Ke eng e tšoantšetsoang ke lekhotla la litsie le bakalli ba lipere ba se nang palo?
◻ Ke hobane’ng ha ho tsoaloa ha ’Muso oa Molimo ho amahanngoa le “bomalimabe ba boraro”?
[Lebokose le leqepheng la 14]
LIKHAOLO LE LITEMANA TSA PONO KA ’NGOE:
◻ PONO EA 1 1:10–3:22
◻ PONO EA 2 4:1–5:14
◻ PONO EA 3 6:1-17
◻ PONO EA 4 7:1-17
◻ PONO EA 5 8:1–9:21
◻ PONO EA 6 10:1–11:19
◻ PONO EA 7 12:1-17
◻ PONO EA 8 13:1-18
◻ PONO EA 9 14:1-20
◻ PONO EA 10 15:1–16:21
◻ PONO EA 11 17:1-18
◻ PONO EA 12 18:1–19:10
◻ PONO EA 13 19:11-21
◻ PONO EA 14 20:1-10
◻ PONO EA 15 20:11–21:8
◻ PONO EA 16 21:9–22:5
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 15-18]
LIPONO TSE 16 TSA APOCALYPSE—LINTLHA TSE LING TSA SEHLOOHO
1 Jesu, a le har’a liluloana tsa mabone tse supileng tsa phutheho, o romela melaetsa e lerato ka linaleli tse supleng, balebeli ba tlotsitsoeng
2 Konyana e hlōtseng e amohela buka ea melaetsa ea kahlōlo ka pele ho terone ea leholimo ea Jehova
3 Kresete Jesu o palame ho leba moo a il’o hlōla, ha bakalli ba bang ba lipere ba hlokofatsa batho ’me letsatsi la Molimo la khalefo le ntse le atamela
4 Ha mangeloi a ntse a thibile mahlomola a maholo, ho bokelloa ha ba 144 000 le bongata bo boholo ba batho hoa phethoa
5 Mangeloi a letsa literompeta tsa melaetsa ea kahlōlo ’me Lipaki tsa Jehova li futuha joaloka litsie ho pepesa bolumeli ba bohata
6 Ha ho letsoa terompeta ea bosupa, “lipaki” tsa Molimo li tsosolosoa hore li tsebise ka ’Muso o tlang oa Jehova le Kreste oa hae
7 Ka mor’a ho tsoaloa ha ’Muso ka 1914, Kreste o lihela Satane le bademona ba hae lefatšeng
8 Ho hlaha libata tse peli, ’me sebata sa bobeli sa bopolotiki se fana ka phefumoloho ea bophelo ho setšoantšo sa sebata sa pele, mokhatlo oa Machaba a Kopaneng
9 Batho ba ‘tšabang Molimo le ba isang khanya ho oona’ ba kotuleloa bophelo ba sa feleng, ba bang ba kotuleloa timetso
10 Ho tšolloa ha linkho tse supileng tsa bohale ba Molimo ho fihla ka ho felisoa ha bohle ba susumetsoang ke “moea” o silafetseng oa Satane
11 Seotsoa se seholo, bolumeli ba bohata, se hlohlolloa holim’a “sebata” sa bopolotiki, seo joale se se harolang
12 Ka mor’a timetso ea Babylona e Moholo, ho qeteloa litokisetso tsa lenyalo la Konyana le monyaluoa oa eona, ba 144 000
13 Ka mor’a hore seotsoa se seholo se amohuoe matla, Jesu o etella pele makhotla a leholimo ho timetsa likarolo tse ling kaofela tsa tsamaiso ea lefatšeng ea Satane
14 Ho koalloa ha Satane sekoting ho bula tsela bakeng sa Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste le monyaluoa oa hae, ba 144 000
15 Tlas’a “leholimo le lecha” la Kreste Jesu le monyaluoa oa hae, mokhatlo oa batho oa “lefatše le lecha” o tla thabela mahlohonolo a ke keng a lekanngoa a tsoang ho Jehova
16 Litokisetso tsa Molimo tsa ho folisa le tsa bophelo bakeng sa batho li phalla li e-tsoa Jerusalema e Mocha ea khanyang