-
Sephiri se Halalelang sa Molimo—Tlhōrō ea Sona e Khanyang!Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
8. (a) Ho letsoa ha terompeta ea bosupa ho ama lichaba joang? (b) Lichaba li halefetse bo-mang?
8 Ka lehlakoreng le leng, ho letsoa ha terompeta ea bosupa ha ho thabise lichaba. Nako e fihlile ea hore li utloe khalefo ea Jehova. Joalokaha Johanne a pheta: “Empa lichaba tsa halefa, ’me khalefo ea hao ea tla, le nako e behiloeng bakeng sa hore bafu ba ahloloe, le ho fa makhoba a hao baprofeta moputso oa ’ona le bahalaleli le ba tšabang lebitso la hao, ba banyenyane le ba baholo, le ho felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Ho tloha ka 1914 ho ea pele lichaba tsa lefatše li ’nile tsa halefelana ka mabifi, tsa bontša khalefo khahlanong le ’Muso oa Molimo, haholo-holo khahlanong le lipaki tse peli tsa Jehova.—Tšenolo 11:3.
9. Lichaba li ’nile tsa senya lefatše joang, ’me Molimo o ikemiselitse ho etsa joang ka hona?
9 Ho theosa le histori lichaba li ’nile tsa senya lefatše ka lintoa tsa tsona tse sa khaotseng le ka tsamaiso ea tsona e mpe. Leha ho le joalo, ho tloha ka 1914, tšenyo ena e phahametse tekanyong e tšosang. Meharo le tšilafalo li bakile mahoatata a ntseng a eketseha le ho lahleheloa ke masimo a mangata. Pula e nang le acid le maru a nang le moea o chefo o siiloeng ke metsoako ea libomo tsa athomo li sentse libaka tse khōlō. Mehloli ea lijo e silafalitsoe. Moea oo re o phefumolohang le metsi ao re a noang li silafetse. Litšila tsa indasteri li sokela bophelo lefatšeng le maoatleng. Ka nako e ’ngoe, mebuso e meholo e ne e sokela ho felisa batho bohle ka ho feletseng ka thipitlo ea nyutlelie. Hoa thabisa hore ebe Jehova o tla “felisa ba senyang lefatše”; o tla phethahatsa kahlolo ho batho bao ba ikhohomosang, ba sa tšabeng Molimo ba ikarabellang ka boemo bo soabisang ba lefatše. (Deuteronoma 32:5, 6; Pesaleme ea 14:1-3) Ka hona, Jehova o lokisetsa bomalimabe ba boraro, ho tla ahlola bafosi bana.—Tšenolo 11:14.
Bomalimabe ho ba Senyang!
10. (a) Bomalimabe ba boraro ke eng? (b) Ke ka tsela efe bomalimabe ba boraro bo sa tliseng tlhokofatso feela?
10 Joale, bomalimabe ba boraro ke bona. Bo tla ka potlako! Ke tsela eo ka eona Jehova a tla felisa ba silafatsang ‘setuloana sa hae sa maoto,’ e leng lefatše lena le ratehang leo re phelang ho lona. (Esaia 66:1) Bo qalisoa ke ’Muso oa Bomesia—sephiri se halalelang sa Molimo. Lira tsa Molimo, haholo-holo baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana, li ’nile tsa hlokofatsoa ke bomalimabe ba pele le ba bobeli—bo bakiloeng haholo-holo ke kotlo ea litsie le mabotho a bapalami ba lipere; empa bomalimabe ba boraro, bo tsamaisoang ke ’Muso oa Jehova ka booona, ha bo tlise tlhokofatso feela. (Tšenolo 9:3-19) Bo baka leqeba le bolaeang ha bo tlosa batho ba senyang kaofela le babusi ba bona. Hona ho tla tla e le tlhōrō ea kahlolo ea Jehova ka Armagedone. Ho joalokaha Daniele a profetile: “Matsatsing a marena ao [babusi ba senyang lefatše] Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” Joaloka thaba e khōlō, ’Muso oa Molimo o tla busa holim’a lefatše le entsoeng le khanyang, o tlose qoso bobusing ba Jehova le ho tlisa thabo e sa feleng ho batho.—Daniele 2:35, 44; Esaia 11:9; 60:13.
11. (a) Ke letoto lefe la liketsahalo tse thabisang leo boprofeta bo le hlalosang? (b) Ke mosa ofe o sa tšoanelang o fumanehang, o fumanoa joang, hona ke bo-mang?
11 Bomalimabe ba boraro bo tsamaea le letoto la liketsahalo tse thabisang tse tla tsoela pele ho theosa le letsatsi la Morena. Ke nako ea hore ‘bafu ba ahloloe, le hore Molimo a fe makhoba a hae baprofeta moputso oa ’ona le bahalaleli le ba tšabang lebitso la hae.’ Hoo ho bolela tsoho ea bafu! Ho bahalaleli ba tlotsitsoeng ba neng ba se ba ntse ba robetse lefung, hona ho etsahala mathoasong a letsatsi la Morena. (1 Bathesalonika 4:15-17) Ka nako ea teng bahalaleli ba setseng ba kopana le bana ka ho tsoha bafung hang-hang. Ba bang le bona ba lokela ho putsoa, ba akarelletsang makhoba a Molimo, e leng baprofeta ba mehleng ea boholo-holo, le batho ba bang bohle ba tšabang lebitso la Jehova, ebang ke ba bongata bo boholo bo pholohang matšoenyeho a maholo kapa “bafu, ba baholo le ba banyenyane,” ba tsosoang nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Kaha Morena oa Bomesia oa Molimo o na le linotlolo tsa lefu le tsa Hadese, puso ea ’Muso oa hae e bula tsela ea hore a fane ka bophelo bo sa feleng ho bohle ba hahamallang tokisetso eo ea bohlokoa. (Tšenolo 1:18; 7:9, 14; 20:12, 13; Baroma 6:22; Johanne 5:28, 29) Ebang ke bophelo ba ho se shoe maholimong kapa bophelo bo sa feleng lefatšeng, mpho ena ea bophelo ke mosa o sa tšoanelang o tsoang ho Jehova, oo e mong le e mong ea o amohelang a lokelang ho o ananela ka ho sa feleng!—Baheberu 2:9.
-
-
Sephiri se Halalelang sa Molimo—Tlhōrō ea Sona e Khanyang!Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
[Lebokose le leqepheng la 175]
Ho Senya Lefatše
“Metsotsoana e meng le e meng e meraro karolo e lekanang le lebala la bolo ea maoto ea meru e lulang e le metala ea nyamela. . . . Ho lahleheloa ke meru e meholo ho senya limela tse likete le mefuta ea liphoofolo.”—Illustrated Atlas of the World (Rand McNally).
“Ka lilemo tse makholo a mabeli batho ba ahile sebakeng seo, [Matša a Maholo] le ’ona a fetohile sebaka se seholohali seo ho qhalloang litšila ho sona lefatšeng.”—The Globe and Mail (Canada).
Ka April 1986 ho phatloha le mollo setsing sa nyutlelie se Chernobyl, U.S.S.R., “e bile ketsahalo e hlaheletseng ka ho fetisisa ea nyutlelie . . . ho tloha ha ho qhomisoa libomo Hiroshima le Nagasaki,” e hlahisitseng “moea o chefo o tla lula o le teng ka nako e telele moeeng oa lefatše, mobung o ka holimo le metsing ho feta liteko tsohle tsa nyutlelie le libomo tsohle tse kileng tsa phatloha.”—JAMA; The New York Times.
Minamata, Japane, setsi sa metsoako ea lik’hemik’hale se ile sa ntšetsa k’hemik’hale ea methylmercury koung. Ho ja tlhapi le liphoofotsoana tsa leoatle tse nang le likhetla tse silafalitsoeng ke k’hemik’hale eo ho bakile lefu la Minamata (Minamata disease [MD]) “lefu la methapo ea kelello le sa foleng. . . . Ho tla fihlela kajeno [ka 1985], tlaleho ea molao e bontšitse hore batho ba 2578 Japane eohle ba na le MD.”—International Journal of Epidemiology.
[Lebokose le leqepheng la 176]
Liphatlalatso tse matla tse hlahang ho Tšenolo 11:15-19 ke selelekela sa lipono tse latelang. Tšenolo khaolo ea 12 e re khutlisetsa morao hanyenyane ha e hlalosa ka ho qaqileng liphatlalatso tse khōlō tse hlahang ho Tšenolo 11:15, 17. Khaolo ea 13 e fana ka lintlha tse potolohileng temana ea 11:18, kaha e hlalosa ho qaleha ha mokhatlo oa Satane oa lipolotiki o tlisitseng tšenyo lefatšeng le ho tsoela pele ha oona. Khaolo ea 14 le ea 15 li qaqisa haholoanyane likahlolo tsa ’Muso tse amanang le ho letsoa ha terompeta ea bosupa le bomalimabe ba boraro.
-